Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 3 Loetse 2014

1. Ho kenngwa tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e amohela ho bulwa semmuso ha Sepetlele sa Ngaka Harry Surtie ka Moporesidente Zuma Upington, ho la Kapa Leboya, ka la 2 Loetse 2014. Sena se tla matsatsi a mane kamora ho bulwa ha sepetlele se seng se setjha sa Letona la Bophelo bo Botle Ngaka Aaron Motsoaledi Natalspruit, ho la Gauteng. Tsena ke tse ding hara mekolokotwane e mengata lenaneong la mmuso la dikaho tsa motheo tsa naha le tla etsa hore ho ahuwe dipetlele tse 43 le ditliliniki tse 213 nakong ya dilemo tse hlano tse tlang ho imatahanya le ditlhoko tsa tsamaiso ya Inshorense ya Setjhaba ya Bophelo bo Botle.

1.2. Kabinete e thoholetsa ho tshwarwa le dikgapo tsa haufinyane tlasa Project ya Darling le ho tshwarwa ha lequlwana le belaelwang ka ho nka dilori ka dikgoka. Project ya Darling e bakile ho fumanwe ha ditaemane tse seng molaong le ho hapuwa ha thepa ya boleng ba R50 milione, matlo a15 le tjhelete ya kantle e etsang R43 milione.  

Moraorao kgweding ena sepolesa se tla lokolla dipalopalo tsa selemo ka seng tsa botlokotsebe. Dipalo tsena di itshetlehile hodima palo eo e leng yona ya dinyewe tse tlalehilweng Sepoleseng, mme di tla bontsha dikatleho le diphephetso.

Ho phatlalatswa ha dipalo tsena ho re dumella ho buisana ka dintlha tse nang le mooko mabapi le ka moo re ka matlafatsang bomphato le setjhaba mabapi le mawala a mmuso a pharaletseng a boitshunyako kgahlanong le botlokotsebe. Hore naha e atlehe twantsong ya botlokotsebe, Kabinete e kgothaletsa badudi ho bapala karolo ya bona ka ho tlaleha ditlolo tsa molao le ho tshehetsa diforamo tsa badudi tsa polokeho kaha ntwa kgahlanong le botlokotsebe e le mokutu wa badudi kaofela.

Mmuso o tshwela ka mathe ditlhaselo tse sehloho tseo re di boneng kgahlanong le ditho tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Aforika Borwa di le mosebetsing. Ka Sontaha sa la 7 Loetse 2014 mmuso o tla isa hlompho le ho tlotla bahlanka bana ba sepolesa ba lahlehetsweng ke bophelo ba le mosebetsing. Kabinete e mema setjhaba ho tlotla bahlanka bana ba hlokahetseng ha ba ne ba leka ho phethahatsa molao.

1.3. Kabinete e amohela tsebiso ya R2 bilione ya setsha sa kotulo ya dimela le tshwaso ya diphoofolo tse tsejwang tsa metsi sa Lebatoweng la Ntshetsopele ya Diindaseteri la Coega ho la Kapa Botjhabela le tla fana ka diheketare tse 80 bakeng sa kgwebo ya abalone ka 2020 le ho hlahisa mesebetsi ya moshwelella e ka bang 2 080. Porojeke ena ke karolo ya Operation Phakisa eo sepheo sa yona e leng ho bula bokgoni ba moruo ba mawatle a Aforika Borwa.  Porojeke e na le bokgoni ba ho nehela ho moruo ka tjhelete e ka etsang R177 bilione le ho hlahisa mesebetsi e ka fihlang ho milione ka 2033. Kabinete e kgothaletsa batsetedi ba bang bakeng sa ho etsa bomphato le Mmuso menyetleng e metjha ya kgolo ya moruo.

1.4. Kabinete e ananela boteng ba moifo wa ditsebi ho tsa kalafo wa maAforika Borwa ho Mebuso ya Aforika Bophirima ya Guinea, Sierra Leone, le Liberia o thusang twantshong ya ho ata ha kokwanahloko ya Ebola. Moifo ona wa ditsebi tse kwetlisitsweng haholo o hlometse ka laboratori e tsamayang mme esale o le moo bakeng sa dibeke tse pedi (2) tse fetileng o thusa ho fatisisa sesosa sa lefu lena ho phatlalla le Lebatowa leo. 

1.5. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Mokgahlelo 1A, wa porojeke e bitswang Phepelo ya Metsi ka Bongata ya Pongolapoort. Boiteko bona bo lekanyetswang ho ja R1,5 bilione bo tla thusa bakeng sa phepelo ya metsi le ho kenngweng ha marangrang le tsamaiso ya metsi ka bongata ho batho ba 134 864 hara malapa a 16 200. Porojeke e tla tlisa metsi ho badudi ba Masepala wa lehae wa Jozini, ho la KwaZulu-Natal.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollwa ha Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ya Metse ya Ditoropo bakeng sa tshekatsheko le bankakarolo ba bohlokwa le tshebedisano ka hara mmuso. Sena se tla hloka tumellano mabapi le lenanetsamaiso bakeng sa ho fetola metse ya ditoropo ka hara Aforika Borwa. Moralo o arabela kgoeletso ya Moporesidente Jacob Zuma bakeng sa Moralo wa Naha o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ya Metse ya Ditoropo ho sebetsana le lefa la mmuso wa kgethollo la mokgwa wa kaho ya dibaka le ho thusa bomasepala ho laola kgolo e potlakileng ya metse ya ditoropo. Pono ya Moralo ke ho kgothaletsa metsemeholo le ditoropo tse dulehang, tse kenyeletsang bohle le ho ba hlwahlwa maemong afe kapa afe. O tla shebana le lefa la kaho ka karohano mabapi le botjhaba le moruo le ho bopa ditoropo le metsemeholo e batlang e kopanetswe.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Naha ya Aforika Borwa mabapi le Matlo le Ntshetsopele ya Metse ya Ditoropo e tla hlahiswa ho Seboka sa Matjhaba a Kopaneng(UN) (HABITAT III) ka 2016. UN ya pele ya boitokisetso e tla tshwarwa ka la 17 le 18 Loetse 2014. Tlaleho ena e lebeletswe ho fehla ‘Lenanetsamaiso le Letjha la Metse ya Ditoropo’ bakeng sa ngwahakgolo wa bo 21 ho sebetsana le diphephetso tse tobileng dinaha tse tswetseng pele le tse tswelang pele, kananelong ya karolo ya bohlokwa e ntseng e tswela pele ya metsemeholo mabakeng a lefatshe a kang ho fetofetoha ha tlelaemete, dikoduwa, ntshetsopele ya moruo le ditokelo tsa botho. Boitokisetso bakeng sa Habitat III bo tla ka nako eo Aforika Borwa e ntshetsang pele Moralo wa Leano le Kopanetsweng la Metse ya Ditoropo le ho qala boitokisetso bakeng sa Pampiri ya Mehopolo e tla Etswang Biling mabapi le Bodulo ba Batho.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Lekala la Taolo ya Thepa ya Puso le tla beha leihlo ho taolo ya thepa ya mmuso. Sena e tla ba Lekala la Mmuso tlasa bodisa ba Letona la Mesebetsi ya Setjhaba. Letona Nxesi le tla teba haholwanyane ka ntlha ena.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano le fetotsweng mabapi le Thonyo ya Basebetsi ba ho Jewa ha Thepa le tla phatlalatswa ka tsebiso ho Koranta ya Mmuso. Morero wa leano lena ke ho tobana le ho kgothaletsa botsitso, ho hloka leeme, ponaletso le phihlello ya tekatekano bakeng sa batho ba neng ba tinngwe menyetla ka kgethollo e leeme. Phethoho e kgolo ka ho fetisisa e hlahisitsweng ke sehlomathiso ke ho fediswa ha mokgwa o bitswang Kopo ka morero wa ho ntlafatsa phethoho. Leano le tla sebetsa feela ho dithonyo tse entsweng ho ya ka Molao wa ho Ho Jewa ha Thepa, Molao wa Dikhamphani le Molao wa Dikoporasi.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Bili ya Kamoho ya Thepa, ya 2014 e hlahiswe Palamenteng. Molao wa Kamoho ya Thepa, wa 1975 ke wa kgale ho Molao wa Motheo, wa 1996 mme o etsa hore ho hlokahale hore o matahanngwe le molao o ka sehloohong wa kamoho ya thepa ho ya ka boleng le dipehelo tsa Molao wa Motheo. Letona  Nxesi le tla teba haholwanyane ka ntlha ena.

4. Maemo a Kabinete mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1. Kabinete e kgothaditswe ke kgolo ya moruo e iponahatsang e rekotilweng kotareng ya bobedi ya selemo hara mathata a boima a maemo a moruo ka hara naha le mose. Sekgahla sa keketseho ya moruo se ntse se fokola hore se ka tobana le diphephetso tsa rona tsa bofutsana, ho se lekalekane le tlhokeho ya mosebetsi. Mmuso o potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tsa rona tsa makala a fapaneng, ho eketsa bokgoni ba kgolo ya rona bakeng sa moshwelella le ho hlahisa mesebetsi bakeng sa batho ba rona. Tabeng ena, botsetedi ba rona dikahong tsa motheo – motlakase, dipalangwang, metsi, mebila, dikolo le dipetlele – bo aha lepatlelo bakeng sa kgolo ya moruo e batlang e potlakile e kenyeletsang bohle.

Mothamo wa selemo ka seng wa botsetedi ba merero e meholo ke dikgwebo tsa setjhaba bo eketsehile ka diphesente tse fetang tse 260 maemong a nnete ho feta dilemo tse 10 tse fetileng. Ditjeho tsa selemo ka seng tsa mmuso wa lehae ho dikaho tsa motheo di menahane habedi maemong a nnete ho tloha dilemong tsa ho qetela tsa bo 1990. Lekala la setjhaba le tsetetse ho feta tjhelete e etsang R1 trilione ho dikaho tsa motheo ho tloha ka 2009/10. Re lebeletse hore kgolo halofong ya bobedi ya selemo e tla matlafala ha makala a merafo le tlhahiso a iphumana. Mme mmuso o tla tswela pele ho sebetsa le dikgwebo le tsa mesebetsi bakeng sa ho bopa tikoloho e loketseng matsete le kgolo ya moruo.

4.2. Kabinete e tshwela ka mathe diketso tsa moraorao tjena le dipuo tse fehlang merusu tse leng kgahlanong le boleng ba boitshwaro ba rona ho ya ka molao wa motheo le ho tshosetsa le ho tlosa dikatleho tseo re di fihletseng jwalo ka naha. Ketsahalo ya moraorao tjena ya ho senya dibese ho la Kapa Bophirima le yona e tshwelwa ka mathe ka ho fetisisa.

Kabinete e thoholetsa batswadi ba entseng boikitlaetso ba ho nnetefatsa hore bana ba kgutlela dikolong ho la Kapa Leboya. Kabinete e leboha batswadi bakeng sa ho itshunyaka bokamosong ba bana ba bona mme e ipiletsa hore ditabatabelo tsa bana di se ke tsa thunthetswa kapa ho sebediswa bakeng sa mabaka a badudi. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho tshireletsa lebitso le letle la naha ka bokgoni ba yona ba ho kena dipuisanong tse ahang le ho rarolla ditaba ho sa kgathaletsehe hore ke mang ya amehang e le tsela ya ho ntshetsa Aforika Borwa Pele.

4.3. Kabinete e amohela diketso tse matla tsa lekala la Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) ho tsa Kgotso le Polokeho qakeng ya moraorao tjena ya sepolotiki Lesotho le ho boeletsa tshehetso ya yona e sa thekeseleng bakeng sa maemo a SADC a ho hanana le diphethoho tseo e seng tsa molao wa motheo tsa mmuso. Ha ho le jwalo Kabinete e etsa kgoeletso ho bankakarolo bohle hore ba sebetse mmoho ho kgutlisetsa maemo a demokerasi Lesotho le ho kenngwa tshebetsong ka botlalo Mmapa wa tharollo oo ho dumellanweng ka ona le lekala la SADC.

4.4. Kabinete e ananetse ho itokolla mosebetsing ha Modulasetulo wa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho, Moadvokheite Pansy Tlakula. Ho itokolla ha hae ho tla kamora ketsahalo ya Dikgetho tsa Kakaretso tse atlehileng tsa 2014 tseo a neng a di laola. O nehetse haholo bakeng sa ho nnetefatsa hore demokerasi ya rona e dula e le e matla. Kabinete e fana ka diteboho bakeng sa nehelo e entsweng ke Moadvokheite Tlakula le ho mo leboha ka nehelo ya hae e hlokang boinahanelo ho demokerasi ya rona mme re mo lakaletsa tse molemo.

4.5. Kabinete e amohela kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e leng tiisetso ya hore leano la mmuso la phano ya maemo mosebetsing ho ba neng ba tinngwe menyetla hore le nepahetse. Mmuso o ntse o tsitlalletse lenaneo la ona la ho lokisa ho se lekalekane ho tsa kahisano ka hara tikoloho ya mesebetsi. Kahlolo ena e boela e thathiselletsa hore ho fana ka maemo mosebetsing ho ba neng ba tinngwe menyetla mmoho le melao e meng ya tekatekano e kgothaletsa diphethoho le ho matlafatsa ba neng ba tinngwe menyetla.

5. Diketsahalo tse tlang

5.1. Lefapha la Thuto ya Motheo le tla tsamaisa Ditekolo tsa Naha tsa Selemo le Selemo (ANA) tsa bone ho tloha ka la 16 ho ya ho la 19 Loetse 2014 bakeng sa ho lekola kgatelopele ya diphetho tsa thuto hara Dikereiti tsa 1 - 6 le Kereiti 9 jwalo ka karolo ya mekutu ya ho ntlafatsa boleng ba thuto. Selemong sena (2014) Lefapha la Thuto ya Motheo le tla boela le kgakola tekolo ya sampole ya baithuti ba balang Dikereiti tsa 7 le 8 mme qeto mabapi le tekolo ena e tla etswa ka 2015.

ANA e fehla bopaki bo behilweng maemong bakeng sa ho beha leihlo katleho ya boitshunyako ba Mmuso ho ntlafatsa ho tseba ho bala le dipalo hara baithuti mme hape e thusa matitjhere ho hlwaya dibaka tse batlang tshehetso e eketsehileng. Kabinete e kgothaletsa batswadi le bahlokomedi ho tshehetsa bana ba bona le ho nnetefatsa hore diphetho di sebedisetswa ho tobana le dibaka tsa ntshetsopele. Lenane la hlahlobo la ANA le mehlodi bakeng sa 2014 di a fumaneha ho: www.education.gov.za.

5.2. Letona la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha Gugile Nkwinti le tla tshwara Seboka sa 2014 sa Thuo ya Naha Hoteleng ya Birchwood le Setsing sa Diboka sa OR Tambo, Boksburg ho tloha ka la 4 ho ya ho la 6 Loetse 2014. Seboka se tla tsepamisa maikutlo ho ditsela tsa ho kgutlisetsa morao diketsahalo tse fetileng tsa bokoloniale le kgethollo tse bakileng hore diphesente tse fetang 75 tsa setjhaba se setsho se hloke naha, thepa, boitsebelo le ho ba le ditokelo tse sireletsehileng tsa thuo ya naha. Kabinete e kgothaletsa bankakarolo ho sebetsa le Mmuso ho kenya tshebetsong boitlamo ba ho sebetsana le ntlha ya ditokelo tse sireletsehileng tsa thuo ya naha.

5.3. Lenaneo la Kgwedi ya Tshebeletso ya Mmuso ho tloha ka la 1 ho ya ho la 30 Loetse 2014 tlasa mokotaba “Ho Qala Botjha ha Tsela eo Basebeletsi ba Mmuso ba Sebetsang: Batho Pele ‘Putting People First’, le tla tsepamisa maikutlo haholoholo hodima matlafatso ya phano ya ditshebeletso. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho tlotla basebeletsi ba setjhaba ba ipabolang ka bokgabane kapa ditsi tsa Mmuso tse jwalo ka ho ba kgetha bakeng sa Dikgau tsa Naha tsa Bokgabane tsa Batho Pele pele ho letsatsi la ho kwalwa e leng la 30 Loetse 2014.

5.4. Kgwedi ya Botjhaba e ketekwa ho tloha ka la 1 – 30 Loetse 2014 tlasa mokotaba “Re keteka Dilemo tse 20 tsa Demokerasi: Bolela Pale ya hao e Ntshetsang Aforika Borwa Pele.” Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho keteka botjhaba ba rona bo ruileng le ba tlhaho, ditumelo tse fapaneng le meetlo jwalo ka setjhaba se kopaneng re tsitlallela boitshupo bo abelanwang. Kgwedi ya Botjhaba ya selemong sena e etsahala le mekete ya rona ya Dilemo tse 20 tsa Tokoloho eo hape e matlafatsang ho hopola ha rona ka kopanelo ntwa ya ho kgothaletsa boitshupo ba setjhaba.

Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa, haholoholo batjha ho ananela botjhaba ba rona bohle ba Aforika Borwa le ho sebedisa botjhaba ba rona bo fapafapaneng ho ntlafatsa kaho ya setjhaba, boahi bo kenyeletsang bohle le ho ipopa ho tsa kahisano. MaAforika Borwa a boela a kgothaletswa ho kenakena ho tsa botjhaba ka ho etela diphaka tsa setjhaba mahala ho tloha ka la 8 ho ya ho la 12 Loetse 2014 jwalo ka karolo ya Beke ya bo 9 ya selemo ka seng sa Diphaka tsa Aforika Borwa tsa Naha. Kabinete hape e tshehetsa kgoeletso ya Palamente bakeng sa maAforika Borwa ohle ho tshireletsa botjhaba ba rona ba naha.

5.5. Kabinete e lakaletsa Bafana Bafana tse molemo pele ho dipapadi tse pedi tsa bohlokwa kgahlanong le Sudan ka la 5 Loetse ho la Khartoum e leng papadi ya ho itokisetsa papadi e kgolo ya kontinente le kgahlanong le Nigeria ka la 10 Loetse 2014 Kapa. Kabinete hape e thoholetsa Banyana Banyana le Amajita le ho ba lakaletsa tse molemo pele ho dithonamente tsa bohlokwa tseo ba tla bapala ho tsona. Banyana Banyana ba tla be ba bapala ho mokgahlelo wa bo9 wa Bompodi ba Basadi ba maAforika o tla tshwarelwa Namibia kgweding ya Mphalane, mme hape ba haufi le ho atleha ho kena bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa Basadi wa FIFA wa 2015 ho la Canada. Ha Amajita, e leng Sehlopha sa naha sa ba ka tlase ho dilemo tse 20 ba atlehile ho kenela bompodi ba Aforika ba 2015 Senegal. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho ema dihlopha tsena nokeng ha di lwanela tlholo.

Kabinete e amohela bankakarolo ba tswang lefatsheng ka bophara ba tla beng ba kenetse thonamente ya bo4 ya Mohope wa Lefatshe wa Karate wa Kyokushin e tla tshwarwa ka la 6 Loetse 2014 Setsing sa Diboka tsa Matjhaba sa Luthuli, Durban. Thonamente e tla bulwa semmuso ke Moporesidente Jacob Zuma mme sepheo sa yona ke ho kgothaletsa karate jwalo ka papadi ya batjha ha ho shejwa melemo ya yona ya ho ruta boitshwaro bo botle ba botho, boitshireletso, tsepamiso ya maikutlo mme hape le ho kgothaletsa thibelo ya botlokotsebe.

5.6. Khomishene ya Ditlhodisano e tla bitsa Seboka sa Borobedi sa Selemo ka seng le keteko ya Dilemo tse Leshome le Metso e Mehlano ho tloha ka la 4 – 5 Loetse 2014. Seboka se tla bulwa semmuso ke Letona Ebrahim Patel a amohela baemedi, ho kenyeletswa le ba tswang makaleng a ditlhodisano ho potoloha Aforika le lekala le le leng la lebatowa la ditlhodisano, Mmaraka wa Kopanelo bakeng sa Khomishene ya Ditlhodisano ya Aforika e ka Botjhabela le e ka Borwa.

6. Dithonyo

6.1. Kabinete e dumellane ka ho thonngwa ha Monghadi Attwell Sibusiso Makhanya jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso ho tsa Metsi a Mhlathuze.

Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Issued by: Government Communications

Share this page

Similar categories to explore