Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 23 Mphalane 2013

24 Oct 2013

Kabinete e ile ya tshwara kopano ya yona e tlwaelehileng Motse Kapa ka la 23 Mphalane 2013.

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e amohetse kgatelopele eo re e bonang letsholong la kaho ya meralo ya motheo ya setjhaba e hlophiswang ke Khomishene ya Moporesidente ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo (PICC). Moporesidente Jacob Zuma o sa tswa kgakola diprojeke tse ngatanyana tse phethetsweng e le karolo ya lenaneo la Kaho ya Meralo ya Motheo. Tsena di akga mosebetsi o entsweng mebileng ya R81 le R71 Limpopo, seteishene sa terene sa Bridge City se tla thusa batho ba Umlazi, Durban, esita le mokete wa setletle o neng o le Morafong wa De Beers wa Venetia o Vhembe, Limpopo.

Moporesidente o boetse o mathuleng a ho kgakola mananeo a mang a meralo ya motheo a kang Lebatowa la Ntshetsopele ya Diindasteri le Koung ya Saldanha (IDZ) Kapa Bophirima; ho etela setsha sa Letamo la De Hoop, Limpopo, ho kgakola makoloi a pele a entsweng Aforika Borwa kwana Kapa Botjhabela, le ho bula semmuso Sepetlele sa Ladybrand Foreistata.

Kabinete e boetse ya amohela kgatelopele ya mekgwatsamaiso ya Dipalangwang tsa Dibese tse Potlakang (BRT) Johannesburg, Tshwane le Rusternburg. Lenaneo lena la meralo ya motheo la diterilioneterilione tsa diranta le bopa botjha moruo le mokgwatsamaiso wa dipalangwang naheng ya rona.

Diprojeke tsena di bile le sephetho sa ho bea moruo motjheng wa kgolo e hodimo mme di tla tswelapele ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya moruo le tlhahisong ya mesebetsi.

1.2 Kabinete e amohela Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng e takilweng ke Letona la tsa Ditjhelete. Kabinete e tshehetsa mehato e matla ya tokiso e sisintsweng bakeng sa mmuso. Mehato ena e tla thusa ka nako e telele phokotsehong ya tshenyo efe kapa efe tshebedisong ya tjhelete ya mmuso. Mehato eo e tla netefatsa hore mmuso o sebedisa disebediswa tsa wona ka bokgabane. Kabinete e ipiletsa ho mafapha ohle a naha le a diporofense, bomasepala, ditheo tsa setjhaba le ditheo tsa molaotheo ho kenya mehato ena tshebetsong.

1.3 Kabinete e ikamahantse le Moporesidente Jacob Zuma mmoho le setjhaba sa Aforika Borwa ho seolleng tlhekefetso, dikgoka le ho se tsotelle bana. Kabinete e thoholeditse sepolesa ka mekgahlelo ya sona ka ho nka dikgato tse potlakileng ditlolong tsa molao tse sa tswa tlalehwa haufinyane.

Jwaloka ha re tla be re e na le Letsatsi la Naha la Bana ka la 2 Pudungwana, Kabinete e kopa maAforika Borwa ohle ho sireletsa bana jwaloka ha e le baetapele ba rona ba kamoso. Kabinete e boela e etsa kgoeletso setjhabeng ho tswelapele ho sebedisana le sepolesa twantshong ya ditlolo tsa molao kahara setjhaba.

Re tshwanela le ho ba sedi ka taba ya hore tshireletso ya bana ke boikarabelo ba batswadi le setjhaba. Re tshwanela ho thusa bomme ba hlokang thuso ya ho hodisa bana ba bona.

1.4 Kabinete e amohetse tsebiso e entsweng ke Umalusi ya hore naha ke malalaalaotswe bakeng sa ditlhahlobo tsa Materiki ho tloha ka la 28 Mphalane ho sia ho la 29 Pudungwana 2013. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle ba 707 136, ho akga le baithuti ba nakwana ba 130 000, katleho ditlhahlobong tsa bona.

Batswadi le bahlokomedi ba kopjwa ho tshehetsa bana ba bona jwaloka ha ba ntse ba itlhophisetsa ditlhahlobo. Kabinete e etsa kgoeletso ho Sehlopha sa 2013 ho etsa naha hore e be motlotlo.

1.5 Kabinete e ananetse ho kgakolwa, ke Moporesidente, ha lenaneo la tshireletso ya dijo la Fetsa Tlala Kuruman Kapa Leboya ka la 24 Mphalane 2013. Lenaneo le tla thusa setjhaba ho hlahisa dijo mobung wa setjhaba esita le o mong o sa sebedisweng hakaalo. E tla tshehetsa borapolasi ba banyenyane ka meralo ya motheo, kaho ya disebediswa tsa tlhahiso ya dihlahiswa tsa temo esita le kaho ya mebaraka e metjha, ho akga le phumantsho ya mmuso.

1.6 Kabinete e ananela ho hlomamiswa ha Indaba ya Mawatleng a Aforika e tla ba Sandton, Johannesburg, ka la 24 le 25 Mphalane 2013. Indaba e tla be e tshwerwe ke Lekgotla la Polokeho ya Mawatleng la Aforika Borwa esita le indasteri ya mawatleng. Seboka se tla fana ka lepatlelo bakeng sa banka karolo ba fapafapaneng ho kutla tsela ya ntshetsopele bakeng sa diindasteri tsa mawatleng a Aforika se be se thee Selekane sa Dinaha Tsohle tsa Aforika bakeng sa kaho ya moruo o tswetseng pele wa Aforika.

1.7 Kabinete e tsebile ka Ketelo ya ho Emela Naha ya Moporesidente Zuma ya ho ya Rephaboliki ya Demokrasing ya Congo (DRC) ka la 29 le la 30 Mphalane 2013. Ketelo e tla matlafatsa maemo a rona a sepolotiki sa naha tse pedi le dikamano tsa moruo le DRC, ho feta moo e ntlafatse boikitlaetso ba rona ba matsapa a ho boloka kgotso esita le lenaneo la Kahobotjha le Ntshetsopele Kamora Dikgohlano (PCRD) naheng eo.

1.8 Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho tshehetsa Kgwedi ya Naha ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa ba Holofetseng ho tloha ka la 3 Pudungwana ho ya ho la 3 Tshitwe, e boelang e ba Letsatsi la Matjhabatjhaba la Batho ba Holofetseng. Kgwedi e tla ketekwa tlasa mookotaba o reng: “Tlosa ditshita, bula menyetla: bakeng sa setjhaba se kenyeletsang bohle”.

1.9 Kabinete e tsebile ya ba ya ngongorehiswa ke tsosoloso ya merusu le dikgoka Rephaboliking ya Mozambique. Kabinete e batla ho thasisetsa hore Mozambique e na le mmuso o molaong mme ho tsohela matla hofe kapa hofe ho nyatsa boipuiso ba mmuso wa Mozambique le batho ba yona. Kabinete e seolla kahohlehohle ditlhaselo tsa ho tsohela mmuso matla.

2 Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1 Kabinete e ananetse kamohelo ya Sehlomathiso sa Doha ho Porothokhole ya Kyoto. Dihlomathiso tsena di bopa karolo ya matsapa a phokotso ya ho kunkela ha gase lefatsheng a reretsweng ho thibela phetoho e kotsi ya tlelaemete ha ka ho le leng di tshireletsa dintho tse ka sehloohong tsa ntshetsopele dinaheng tse ntseng di thuthua.

2.2 Kabinete e ananetse hore Ditlaleho tsa Sethathong tse Kopantsweng tsa ba tsa Hakuretswa tsa Aforika Borwa tlasa Selekane sa Matjhabatjhaba Ditokelong tsa Setjhaba le tsa Sepolotiki di fetisetswe Matjhabeng a Kopaneng. Tlaleho ke tshekatsheko ya dikatleho le diphephetso tse amanang le ho fanwa ha sephetho ditokelong tsa setjhaba le tsa sepolotiki tse fuperweng ke Selekane esita le Molaotheo wa rona. E tsepamisitse maikutlo seriting sa botho le tokelo ya tekano haesale ho tloha qalong ya demokrasi ka 1994.

3 Dibili

3.1 Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha moralo wa Bili ya Kgothaletso le Tshireletso ya Matsete, ya 2013, bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Bili e fana ka moralo wa molao bakeng sa matsete ebile e bua ka tshireletso ya molao ya boramatsete bohle ho ya ka ditlhoko tsa Molaotheo. Molao o lohothwang o tla ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho hohela matsete a tswang kantle esita le kgolo ya diyantle le ho kgothaletsa kgolo ya nako e telele ya ntshetsopele Aforika Borwa. Moralo wa Bili, kahoo, o habile ho fihlella botsitso bo itseng dipakeng tsa ditokelo le ditlamo tsa boramatsete bohle Aforika Borwa, tlhokeho ya ho fana ka tshireletso e lekaneng ebile e le e lekanang ya boramatsete ba tswang kantle ho naha esita le ba lapeng.

3.2 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso ya ho Rentwa ha Matlo Palamenteng. Bili e rarolla dintho tse ding tsa ho hlakisa le ho kenya tshebetsong tse ropohileng haesale ho tloha ka tsebiso ya Molao wa ho Rentwa ha Matlo, wa 1999 (Molao wa Nomoro ya 50 wa 1999) (jwaloka ha o hlomathisitswe ka 2008). Sepheo sa ketso ya molao ke ho kgothaletsa mmaraka o tsitsitseng o bile o hola mme o kgahlanyetsana le tlhokeho e kubutehileng ya matlo a fihlellehang a rentwang bathong ba neng ba kotetswe ke kgethollo e leeme.

3.3 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso Bontamolane, ya 2013, Palamenteng. Bili e hlomathisa Molao wa Bontamolane wa 1979 (Molao wa 53 wa 1979), e le mohato wa nakwana, ho emetswe ho tekwa le ho kenngwa tshebetsong ha Bili ya Tshebetso ya Molao. E rarolla ho se lekane ho amanang le bontamolane esita le bomaithutwana ba bontamolane ebile e nyahlatsa mekgatlo ya tsa molao e theilweng ho ya ka meedi ya boahlodi mokgwatsamaiso wa mahae a seng a fedisitswe (Transkei, Bophuthatswana, Ciskei le Venda). Dihlomathiso di tla netefatsa boteng ba taolo e tshwanang ya porofeshene ya bontamolane naha ka bophara ebile di tla matlafatsa taolo ya porofeshene ya tsa molao dibakeng tse phanyaotsweng.

3.4 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso Ntamolane e Moholo wa Mmuso, ya 2013 Palamenteng. Sepheo sa Bili ke ho hlomathisa Molao wa Ntamolane e Moholo wa Mmuso, wa 1957 (Molao wa 56 wa 1957). Dihlomathiso di fana ka lewa la boetapele bakeng sa bookamedi le tekolo tsa Ditshebeletso tsa Molao tsa Mmuso. Sepheo sa Bili ke ho nolofatsa ho thonngwa ha Ntamolane-Kakaretso ya tla tshwara Bontamolane bohle ba Mmuso a be a fane ka dintho tse amanang le hoo, e le kgato ya pele ho kenngweng tshebetsong ha Moralo wa Leano bakeng sa Phetoho ya Ditshebeletso tsa Molao tsa Mmuso.

3.5 Kabinete e ananetse ho tekwa ha moralo wa Bili ya Tekolo ya Boleng ba Thepa ya 2013 Palamenteng. Bili e hlekela ho thewa ha Kantoro ya Molekodi-Kakaretso wa Thepa. Kantoro ena e tla fana ka tshebeletso ya tekolo ya boleng bakeng sa thepa e hlwaetsweng mabaka a kamoho ya thepa molemong wa setjhaba le kabobotjha ya mobu, esita le tshebeletso ya boithaopo ya tekolo ya boleng ba thepa mafapheng a ka nnang a kopa kantoro ho etsa ditekolo tse jwalo tsa boleng.

3.6 Kabinete e ananetse ho shejwa botjha ha moralo wa Bili ya Kaho ya Meralo ya Motheo Palamenteng. Bili e thea ka ho ya ka molao, PICC le Morero wa Naha wa Meralo ya Motheo e le mekgwa ya bohlokwa ho hlophisa le ho sututsa kaho ya meralo ya motheo Aforika Borwa. Bili ya Kaho ya Meralo ya Motheo e fana ka moralo wa molao bakeng sa lenaneo la kaho ebile e thusa ho ntlafatsa diphetho tsa yona tsa ntshetsopele le ho sebetsa ka bokgabane.

3.7 Kabinete e ananetse moralo wa Bili ya Matlafatso ya Basadi le Tekano ya Bong, 2013, bakeng sa hore o hlahiswe Palamenteng. Bili e habile ho thea moralo wa ketso ya molao bakeng sa boleng bo sa kgetholleng mmala, bo sa kgetholleng bong mme e le ba tekano jwaloka ha ho thasiseditswe ho Molaotheo. E boetse e habile ho kgothaletsa matlafatso ya basadi, boemedi ba bona bo lekanang ditheong tsa ketso ya diqeto esita le tshireletso ya bona jwaloka ha ho utollwa ho Karolo ya 9 (2) ya Molaotheo.

3.8 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Bolaodi ba Tsamaiso ya Setjhaba ya 2013, Palamenteng. Bili ke moralo o habileng ho fana ka kgothaletso ya boleng ba mantlha le mekgwatsamaiso eo ho buuwang ka yona karolong ya 195 (1) ya Molaotheo tsamaisong ya setjhaba; ho lokisetsa phetiso ho ya mafapheng a mang esita le kgiro ya basebetsi tsamaisong ya setjhaba; ho laola thibelo ya basebetsi hore ba se ke ba etsa kgwebo le mmuso; Ho fana ka mekgwa ya boitshwaro bo botle le seriti e akgang ho thewa ha Yuniti ya Boitshwaro bo Botle, Seriti le Thuso ya Sethekgeniki ya Kgalemo Tsamaisong ya Setjhaba. Bili e a sebetsa ho basebetsi ba mmuso makaleng ohle a mmuso.

4 Dithonyo

4.1 Kabinete e ananetse dithonyo tse latelang ho Boto ya Eijensi ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane (Seda) bakeng sa nako ya dilemo tse tharo:

a) Ngaka Ivor Mzwandile Zwane (Modulasetulo)
b) Ngaka Tebogo Job Mokgoro (setho seo e seng sa phethahatso)
c) Ntate Thakhani Makhuvha (molaodi eo e seng wa phethahatso)

4.2 Kabinete e ananetse keketso ya konteraka ya kgiro ya Mme TE Radebe e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso bakeng sa Setsi sa Ntlafatso ya Tshebeletso ya Setjhaba (CPSI).

4.3 Kabinete e tsebile ka nako e ekeditsweng ya ho ba kantorong ha ditho tse 21 tsa Lekgotla la Porofeshene ya Saense ya Tlhaho la Aforika Borwa bakeng sa nako ya dikgwedi tse tsheletseng:

a) Ngaka CJ Augustyn
b) Ntate N Baloyi
c) Moprofesara ELJ Breet
d) Moprofesara NH Casey
e) Ngaka F Dilika
f) Ngaka MM Dyasi
g) Ngaka JF Eloff
h) Ngaka I Gledhill
i) Ntate OSD Garegae
j) Ntate P Govender
k) Ntate TP Govender
l) Ngaka G Henry
m) Ngaka BH Koch
n) Ntate BS Maloka
o) Ngaka P Matutu
p) Ngaka S Naidoo
q) Moprofesara BK Reilly
r) Moprofesara HJ Siweya
s) Ngaka ME Stalmans
t) Moprofesara C Van der Westhuizen
u) Ngaka G Botha.

Dipotso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Issued by: Government Communications

Share this page

Similar categories to explore