Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e Tshwerwe ka Tshebediso ya Marangrang ka Laboraro, mohla la 10 Phuptjane 2020

1.    Tsa Moraorao Mabapi le Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

1.1.  Kopanong ya yona e neng e tshwerwe ka tshebediso ya marangrang ka Laboraro, mohla la 10 Phuptjane, Kabinete e amohetse tlaleho e mabapi le tsa moraorao e tswang Lekgotleng la Naha la Twantsho ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC). NCCC e tekile dikgothaletso tse ngatanyana tse amanang le phetoho e ntlafaditsweng ya boemo ba boraro ba naha ba ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.
Dikgothaletso tsena di itshetlehile ditlhahisong tse entsweng ke makala a mangatanyana le dipuisanong tsa Lekgotla la Naha la Kopanelo ya Ditshebetso le Boutlwela (NATJOINTS).

1.2.  Leha ho le jwalo, Kabinete e qetile ka ho sisithehisa kananelo ya dikgothaletso tsena ha e ntse e emetse tlaleho e phethahetseng ya tshekatsheko ya tsa bophelo bo botle e tswang Komiting ya Matona ya Boeletsi ho tsa Bophelo bo Botle Mabapi le COVID-19. Ho lebelletswe hore NCCC e tekelwe ditaba tse phethahetseng ho ella mathwasong a beke e tlang.

1.3.  Kabinete e boela e ipiletsa ebile e kopa Maafrika Borwa ohle hore a tsitlallele a be a ikamahanye ka boithaopo le mehato e beilweng ya ho thibela ho ata ha COVID-19. Mehato ena e akga ho hatlelwa ha matsoho kgafetsa, ho qaqolohana ha batho le ho kenngwa ha dikwahelanko le molomo dibakeng tsa bohle.

2.  Khamphane ya Naha ya Peteroliamo

2.1.  Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka mosebetsi o tswelang pele wa ho lokafatsa mahlomela ohle a peteroliamo (mafura le kgase) a katlasa khamphane ya mmuso ya dieneji tse fapaneng, ya Central Energy Fund.

2.2.  Tokafatso ena e tla etsa hore mahlomela a mararo (PetroSA, Strategic Fuel Fund le iGas) a momahanngwe hore e be ntho e le nngwe, e leng Khamphane ya Naha ya Peteroliamo. Sena se kenya tshebetsong tsebiso e ileng ya etswa ke Moporesidente Cyril Ramaphosa Puong ya hae ya Boemo ba Naha ya mohla la 13 Hlakola 2020, ya ho sebedisabotjha le ho lokafatsa dikgwebo tse ngatanyana tsa mmuso e le ho tshehetsa kgolo le ntshetsopele.

2.3.  Kabinete e ananetse thonyo e sisintsweng ya khamphane ya seporofeshenale ya tlhophobotjha e ipabolang ka ho momahanya dikhamphane, hore e fuputse ka mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho bopa Khamphane e le nngwe ya Peteroliamo ya Naha.

3.  Moralo wa Leano la Ditlhekefetso tse Amanang le Bong (GBV) Dithutong tsa Tsamaiso ya Thuto le Thupello Kamora ho Qeta Materiki

3.1.  Kabinete e ananetse Moralo wa Leano la GBV Dithutong tsa Thuto le Thupello Kamora ho Qeta Materiki. Moralo ona wa leano o habile ho arabela keketsehong ya diketsahalo tse amanang le GBV ditheong tsa thuto e phahameng.

3.2.  Moralo ona wa leano o fana ka tataiso mekgatlong, mekgweng le diketsahalong tseo ditheo tsa thuto e phahameng di tlamehang ho di kenya tshebetsong e le ho thibela diketsahalo tsa GBV dikhamphaseng tsa tsona. Ho eketsa hodima ho faneng ka makala a tekolo, moralo ona o boela o qobella ditheo tseo hore di thee tlhokomediso maanong a tsona a GBV.

4.  Tlaleho ya Diphuputso tsa Boithuto ka Musiamo wa Mokgatlo wa Bohanapuso le Tokoloho (RLMM)

4.1.  Kabinete e ananetse Tlaleho ya Diphuputso tsa Boithuto ka ho thewa ha RLMM. Musiamo ona o tla kenya letsoho polokong ya nalane ya ntwa ya bohanapuso le tokoloho Afrika Borwa.

4.2.  Diphuputso tsena, tse ananetsweng ke Kabinete ka 2015, di ne di bopelletswe kahara Projeke ya Motjha wa Letlotlo la Bohanapuso le Tokoloho (RLHR). RLHR e kenya letsoho ntshetsopeleng le diphetohong tsa lepatlelo la letlotlo la nalane ya Afrika Borwa.

4.3.  Hang ha o se o phethetswe, musiamo ona o tla boloka lethathama la diketsahalo tsa letlotlo la nalane (tse tshwarehang le tse sa tshwarehang) o be o fane ka naenotaba, dihopolwang le malebela, tse amanang le ntwa ya tokoloho ya Afrika Borwa.

5.  Motjha wa Naha wa Letlotlo la Botjhaba ba Makhoi le Masan

5.1.  Kabinete e ananetse ho kenngwa tshebetsong ha Motjha wa Naha wa Letlotlo la Botjhaba ba Makhoi le Masan, oo e leng projeke ya lefa la naha. Motjha ona o tla hlwaya, o talole, o boloke o be o phahamise letlotlo la botjhaba ba Makhoi, Manama, Magriekwa, Makhorana le Masan. Projeke ena e kenya letsoho kananelong ya nalane ya Afrika Borwa e neng e sa tsotellwe ebile e kotetswe nakong e fetileng.

5.2.  E boela e kenya tshebetsong Molao wa Setso le Borena ba Merabe ya Makhoi le Masan wa 2019 (Molao wa 3 wa 2019), o tiiselletsang kananelo ya Borena ba Merabe ya Makhoi le Masan.

6.  Meetso ya tjheletetshepe ya sehopotso ya 2021 le 2022

6.1.  Kabinete e ananetse meetso ya tjheletetshepe e potolohang ya sehopotso e ntshuwang ke Banka ya Risefe ya Afrika Borwa (SARB) le Khamphane ya Tlhahiso ya Tjheletetshepe ya Afrika Borwa.

6.2.  Tjheletetshepe ya R5 e potolohang ya sehopotso le tjheletetshepe ya R5 e ditsweng ka silifera le gauta ya sebele e reretsweng babokelli, di tla ntshuwa ka 2021 e le ho keteka dilemo tse lekgolo tsa SARB. Lethathama la bone la Ditjheletetshepe tsa Afrika Borwa tse balehang ka bo-10, le tla ntshuwa ka 2022 mme le tla ba le ditjheletetshepe tsa 10c, 20c, 50c, R1, R2 le R5.

Dibili

1.  Bili ya Sehlomathiso sa Melao ya Lekala la tsa Ditjhelete ya 2020

1.1.  Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Melao ya Lekala la tsa Ditjhelete ya 2020 Palamenteng. Bili ena e sisinya hore ho kgethwe SARB e le yona e Apesitsweng Matla a ho etsa Ditharollo, ebile e ntlafatsa disebediswa tsa taolo tsa SARB tsa ho phetha taelo ya yona ya molao ya ho netefatsa ho ba teng botsitso tsamaisong ya tsa ditjhelete.

1.2.  Bili ena e sisinya hore ho be teng moralo o motjha wa ho rarolla mathata a ditheo tsa ditjhelete, haholoholo dibanka, ha di kena nakong ya kgatello e mpe ya tsa ditjhelete. Bili e boela e lelekela sekema sa pele sa Afrika Borwa sa inshorense e phethahetseng ya ho kwallwa ha tjhelete, se tla netefatsa hore bakwalli ba tjhelete ba lefshwa ditjhelete tsa bona haeba banka e hloleha.

1.3.  Sekema se jwalo se tla tshireletsa bakwalli ba tjhelete ba kotsing se be se netefatse hore ho notlwa ditshitiso tsamaisong ya tsa ditjhelete le moruong ka bobatsi, ha ditheo tse jwalo di kena kgatellong e mpe ya tsa ditjhelete.

Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.

  • Mme Sekgothadi Kabelo e le Molaodi eo e seng wa Phethahatso wa Boto ya Taolo ya Madiboho a Afrika Borwa (PRSAB).
     

Dipotso: Mme Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore