Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe 27 Hlakubele 2019

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Matsete

1.1 Kabinete e ananela mokgahlelo wa bobedi wa katoloso ya Lediboho la Kgwebisano la Sebaka se Ikgethang sa Moruo sa Dube (SEZ) KwaZulu-Natal. Matsete ana a R18 bilione a tlisa dihekthare tsa tlatsetso tse 45 tsa sebaka sa indaseteri ka hara SEZ. Se tla sebetsa jwaloka motheo wa ho hohela ho akanyetswang ho R20 bilione ha matsete nakong ya dilemo tse hlano tse tlang.

1.2 Kabinete hape e ananela matsete a R72 milione a moetsi wa thepa ya elektroniki wa Tjhaena wa metjha ya tlhahiso ya dihatsetsi le dithelevishene tsa Hisense femeng ya yona e Atlantis ho la Kapa Bophirima, e hlahisitseng menyetla ya mesebetsi ya tlhahiso e 150. Masete ana a tlisa palo ya matsete a etsang R440 milione polanteng ena ya Hisense e Atlantis.

2. Puseletso ya Mobu

2.1 Moporesidente Cyril Ramaphosa o fane ka puseletso ya mobu kgetlo la pele esale ho ditloholwana tsa badudi ba Griqua (badudi ba Ebenhaeser) Vredendal ho la Kapa Botjhabela. Phano ena e tswellisa Lenaneo la Tlhabollo ya Mobu la ho ntlafatsa badudi ba neng ba tinngwe menyetla pele.

2.2 Kabinete e ananetse tshehetso kamora phano e fanweng ke Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu ka diterekere tse fapafapaneng tse sebediswang ke dihwai tulong eo, tse tla netefatsa paballo le tshebediso ya mobu bakeng sa meloko ya jwale le e tlang.

3. Tekolo ya Kotara ka Nngwe ya Lebotho la Basebetsi (QLFS)

3.1 Kabinete a ananela ho lokollwa ha moraorao ha tlhahisoleseding ya kgiro bekeng ena ho tswa ho Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (StatsSA), tse tiisetsang kgolo ya palohohle ya kgiro selemong sa 2018. Tekolo ya Kgiro ya Kotara ka Nngwe, e leng e nngwe ya ditekolo tse hlophiswang ke StatsSA, e bontshitse hore kgiro lekaleng la semmuso e hotse ka 158 000 nakong ya dikgwedi tse 12 tsa selemo sa 2018. Dikgweding tse tharo tsa ho qetela tsa selemo sa 2018, kgiro e hotse ka 87 000. Tekolo ena ha e kenyeletse tlhahisoleseding ya temo le moruo oo e seng wa semmuso.

3.2 Boemo bona bo amohelehang bo latela ho lokollwa ha kgwedi e fetileng ha Tekolo ya Kotara ka Nngwe ya Lebotho la Basebetsi (QLFS) e neng e pharalletse, e akaretsang makala kaofela a moruo, ka bobedi a mmuso le ao e seng a semmuso , mme hape bo bontshitse kgolo e ntle ya kgiro selemong sa 2018.

3.3 Keketseho ena ya mesebetsi e bontsha hanyane ho eketseha ha tshepo ya batsetedi le ho phahama ha matsete a otlolohileng a dinaha tsa ka ntle moruong, e leng se supang katleho ya maiteko a Moporesidente a ho matlafatsa Aforika Borwa jwaloka sebaka sa matsete. Pitso ya Matsete ya Moporesidente e neng e tshwerwe ka Mphalane selemong se fetileng e hohetse maitlamo a R300 bilione. Dilemong tse nne tse tlang, mmuso o tla sebetsa le batsetedi, badudi ba lehae le mekgatlo ya basebetsi ho etsa hore matsete a ho itlanngweng ka ona a phethahale, le ho thusa ho hlahisa mesebetsi e eketsehileng le menyetla ya moruo.

3.4 Esale ho tloha qalong ya tsamaiso ya hajwale, QLFS e bontsha hore palohohle ya kgiro e hotse ho fihlela ho 16,5 milione, moo ho hlahisitsweng mesebetsi e metjha e 1,5 milione nakong ya dilemo tse hlano.

4. Tshenyo ya Lehodiotswana le bitswang Idai

4.1 Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa a diphofu tsa Lehodiotswana Idai le ammeng dikarolo tse ding tsa Mozambique, Malawi le Zimbabwe. Lehodiotswana le siile mohoula wa tshenyo, le siile makgolokgolo a batho ba se na matlo, le sentse dibaka tse ngata, le kgaotse marangrang a dikgokahanyo le ho etsa hore ditsela di se tsamayehe.

4.2 Ka moya wa Ubuntu, Moporesidente Ramaphosa o arabetse boipiletso ba thuso ho tswa ho baahisane ba rona ka ho tjhaella monwana maitshunyako a fapafapaneng, ho kenyeletsa le bokgoni ba ho batla le ho pholosa batho.

4.3 Kabinete e hlahisa kananelo ya yona ya mosebetsi o entsweng ke Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa (SANDF), Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) le Lefapha la Bophelo bo Botle. Dirwalankgwana tsa SANDF di thusitse ho pholosa batho ba neng ba tshwasitswe ke dikgohola mme le SAPS e ile ya jala dintja tse rupelletsweng le bahlokomedi ba tsona ka sepheo sa ho batla le ho pholosa. Kabinete hape e leboha mekgatlo eo e seng ya mmuso le Gift of the Givers bakeng sa ho fana ka thuso ya botho ya ho imolla batho koduweng ena.

5. Eskom

5.1 Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza o tlalehetse Kabinete ka dintshetsopele tse mabapi le Eskom le mathata a motlakase. Kgatelopele e ntle e se e entswe mabapi le ho fumana mashala le disele, mme le boteng ba metsi disiung tsa ho pompa metsi dipolanteng tse fehlang motlakase ka metsi.

5.2 Phanele ya Tjhebobotjha ya Setekginiki e thontsweng ke Letona la Dikgwebo tsa Mmuso Pravin Gordhan le Boto ya Eskom ka la 4 Hlakubele 2019, di tla qetella mosebetsi o mong wa tsona ho ella maqalong a beke e tlang mme ba tla ba le sephetho sa sethathong ho tswa ho tekolo ya bona ya diteishene tsa Eskom. Sena se tla thusa Eskom le mmuso ho kenya tshebetsong lenaneo le nang le sekgahla la ho lokisa dipolante tsa motlakase, e leng se tla thusa ho tlisa botsitso phehlong ya motlakase bakeng sa dibeke le dikgwedi tse mmalwa tse tlang.

5.3 Kabinete hape e ile ya shebana le maemo a ditjhelete a Eskom. Mekgwa e meng e ntse e sekasekwa mabapi le ho tshehetsa setheo sena sa motlakase. Phehlo ya motlakase esale e tsitsitse bekeng ena ka kgonahalo e tlase ya ho kgaolwa ha phepelo. Leha ho le jwalo, ho ntse ho na le palo e hodimo ya ho tingwa ho sa rerwang ho bakang maemo a tshitiso tsamaisong ka kakaretso.

5.4 Kabinete e thoholeditse botsamaisi ba Eskom le basebeletsi ka maiteko a bona a ho fana ka phepelo e tsitsitseng, e tswellang le e tshepahalang ya eneji moruong wa rona le ho baahi ba rona tlasa maemo a boima a tshebetso.

5.5 Kabinete e tobokeditse hore maAforika Borwa kaofela a lokela ho sebetsa mmoho le ho tla ka mehopolo e metjha – hammoho le ditlwaelo tsa ho baballa motlakase tse neng di sebediswa mehleng – ho fokotsa tshebediso ya motlakase. Tsena di kenyeletsa ho tima dikisara, dipompo tsa matangwana a ho sesa le mabone a sa sebedisweng. Kgatelopele e nngwe ka Eskom le phehlo ya motlakase, jwaloka ha ho tshwauwe ke Letona la Dikgwebo tsa Mmuso, e tla fanwa nakong ya beke e tlang.

6. Ho hlokahala ha Kgosatsana Irene Thandekile Buthelezi

6.1 Kabinete e fetisetsa matshediso a tswang botebong ba pelo ho lelapa le metswalle ya Kgosatsana Irene Thandekile Buthelezi, mofumahadi wa Kgosana Mangosuthu Buthelezi. Kgosatsana o ne a nyetswe ke moetapele wa Inkatha Freedom Party Kgosana Buthelezi ka dilemo tse 67.

6.2 Kgosatsana esale e le tshiya le motshehetsi wa Kgosana Buthelezi nakong ya dilemo tseo esale e le radipolotiki ka hara Aforika Borwa. Kgosatsana Irene o siya bana ba bona, Kgosana Ntuthukoyezwe Zuzifa, Kgosatsana Phumzile Nokuphiwa le Kgosatsana Sibuyiselwe Angela, le ditloholo.

7. Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS)

7.1 Letona la Thuto le Thupello e Phahameng Naledi Pandor le tsebisitse kabo ya tjhelete ya tlatsetso ya R967 milione ho NSFAS. Tjhelete ena e tla ba ya ho lefella sekoloto se saletseng morao sa diyunivesithi sa barutwana ba thuswang ke NSFAS ba 52 514 ba ntseng ba tswella ka dithuto. Kabo ena ha e kenyeletse baithuti ba seng ba thuswa ho ya ka sekepele se lekotsweng botjha sa lekeno le kopanetsweng la batswadi.

7.2 Kabinete e tshehetsa maiteko kaofela a entsweng mabapi le phumantsho ya thuto haholoholo ho baithuti ba tswang malapeng a futsanehileng. E tla tswela pele ho tshehetsa mosebetsi o reretsweng ho ngotla sekgeo sa ho se lekalekane ka hara setjhaba sa bo rona. Kabinete e ipiletsa ho baithuti ho tswella ho sebetsa le lefapha bakeng sa ho fumana ditharollo tsa dintlha tseo ba ntseng ba tobana le tsona.

8. Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC)

8.1 Kabinete e ananetse le ho amohela mosebetsi o etswang bakeng sa ho thusa SABC ho bokeletsa R3,2 bilione jwaloka thuso ya nakwana ho tswa dibankeng tsa kgwebo. Sena se tla netefatsa hore kgaso e tla kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa yona tsa matlole pakeng tsa hona jwale le Loetse 2019.

8.2 Kabinete e dula e itlametse ho tshehetsa SABC mme sena se latela tsebiso ya pejana ya Letona la Ditjhelete Tito Mboweni Puong ya hae ya Ditekanyetso ka Hlakola 2019 bakeng sa ho tshehetsa dikhamphani tsa mmuso (di-SOC) tse mathateng a ditjhelete, ho kenyeletswa SABC, ho fumana matlole ao hajwale a abilweng ho tswa sesiung sa tshohanyetso.

9. Pitso ya Bonngwe ya Dinaha tsa Ntshetsopele ya Aforika e Borwa (SADC)

9.1 Kabinete e thabetse hore Aforika Borwa e tshwere ka katleho Pitso ya Bonngwe ba SADC le Riphabliki ya Demokerasi ya maArab a Sahrawi pejana kgweding ena.

9.2 Sahara Bophirima ke yona feela naha ya Aforika e ntseng e le tlasa puso ya bokoloniale. Pitso ya Bonngwe ba SADC le Sahara Bophirima e reretswe, hara tse ding, ho thathiselletsa tokelo ya batho ba Sahara Bophirima ya ho ipusa. Sena se tsamaelana le dipehelo tsa Tjhata ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) hammoho le Mokgatlo wa Kopano ya Aforika (OAU) wa mehleng oo ha jwale o tsebahalang ka Kopano ya Aforika (AU).

B. Diqeto tsa Kabinete

10. Mokomishenara e Motjha wa Tshebeletso ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS)

10.1 Kabinete e ananela thonyo ya Monghadi Edward Christian Kieswetter jwaloka Mokomishenara e motjha wa SARS ho tloha ka la 1 Motsheanong 2019.

10.2 Monghadi Kieswetter o fumane lengolo la Honours la Saense ya Thuto ka selemo sa 1988, la Master of Science Education ka selemo sa 1996 le la Master of Business Administration ka selemo sa 2001, hara a mang. O tla SARS ka leruo la boiphihlelo ba botsamaisi boo a bo fumaneng ho tswa ka bobedi makaleng a poraefete le a mmuso. Ho phethelwa ha thonyo ya hae ho fana ka matla ho dikgothaletso tse entsweng ke Khomishene ya Dipatlisiso ya Tsamaiso ya Lekgetho le Taolo ke SARS, tlasa bodulasetulo ba Moahlodi Robert Nugent ya behileng meja fatshe.

11. Khomishene ya Dipatlisiso ya Tsamaiso ya Lekgetho le Taolo ya SARS (Tlaleho ya Nugent)

11.1 Kabinete e tsebisitswe ka sephetho sa mosebetsi wa Khomishene ya Dipatlisiso ya Tsamaiso ya Lekgetho le Taolo ya SARS. Moporesidente Ramaphosa o thontse khomishene ena ka la 24 Motsheanong 2018 bakeng sa, hara tse ding, ho tlisa botsitso ka hara SARS, ho kgutlisa seriti le ho matlafatsa bokgoni ba yona ba ho fihlella merero ya yona ya lekeno. Tlaleho ya yona ya nakwana e fanwe ka la 27 Loetse 2018 mme tlaleho ya ho qetela ka la 11 Tshitwe 2018.

11.2 Kabinete e ananetse sephetho sa khomishene sa hore boholo ba mathata a SARS a bakilwe ke “ho hloleha ho matla ha taolo le boitshwaro” tlasa Mokomishenara wa mehleng. Khomishene e entse dikgothaletso tse tobileng ditokiso tse 27 ho lokisa diqeto tse kotsi, tse akaretsang lethathama la dintlha tse kenyeletsang ditheko, moralo wa mokgatlo le ho matlafatsa boetapele ba mokgatlo. E nngwe ya dikgothaletso tse ka sehloohong e bile thonyo e potlakileng ya Mokomishenara wa SARS.

11.3 Kabinete e hlahisa tshehetso ya yona e pharalletseng ya dikgothaletso tse entsweng ke Khomishene mme Letona la Ditjhelete le tla okamela ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tsa yona, ho kenyeletsa ho etella pele motjha wa ditherisano wa ho fetola Molao wa SARS ho ntlafatsa taolo le boikarabelo, le kgonahalo ya ho sebedisa Mohlahlobi Kakaretso ho e na le ho sebedisa Boto.

11.4 Kabinete e fetisetsa diteboho tsa yona ho Moahlodi Nugent, ditho tsa phanele le moifo wa tshehetso wa Khomishene, bakeng sa tlaleho ya boleng bo phahameng, le lebelo le bokgabane boo e hlahisitsweng ka bona. Tlaleho eo e se e fumaneha bakeng sa setjhaba ho tloha esale e lokollwa, mme e a fumaneha websaeteng ya kantoro ya Moporesidente: www.thepresidency.gov.za

12. Tekolo ya Moralo wa Naha o ka Sehloohong wa Dithethefatsi (NDMP) wa 2013-2018

12.1 Kabinete e tjhaelletse monwana tekolo ya tlaleho ya NDMP 2013-2018 e le sesupo sa boitlamo bo tswellang ba mmuso ba ho lwantsha tshebediso le ditlamorao tsa dithethefatsi ka hara metse le naheng ho pota.

12.2 Tekolo ena e bolela hore leha NDMP e fana ka moralo wa tataiso bakeng sa lekala, ho kenngwa tshebetsong ha yona ho fokodisitswe ke ho hokahanngwa ho fokolang ha mawa a mafapha a fapafapaneng a amehang.

12.3 E sisinya maitshunyako a mangata a kang ho momahanya mawa a mafapha le ho boela e kgothaletsa setheo se ikemetseng se thusang ka matlole ho sebetsana le tshebediso e mpe ya dithethefatsi le thibelo metseng ya rona, ka ho qolleha hara batjha.

12.4 Kabinete e ananela diphephetso tse tobaneng le metse ya rona mabapi le bokgoba ba dithethefatsi. Dikgothaletso tse entsweng ke tekolo ena di tla etsa ho hongata ka ho sebetsana le taba ena ka botlalo. Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Lekgotla la Twantsho ya Dithethefatsi, le bopilweng ka ho tshwana le Lekgotla la Naha la Aforika Borwa la AIDS, ho kganna ntwa kgahlanong le bokgoba ba dithethefatsi. Moralo o ka sehloohong jwale o tla fetisetswa ho Moralo o ka Sehloohong wa Twantsho ya Dithethefatsi.

13. Moralo wa Morero wa ho Arabela ho tsa Bong, Ditekanyetso, Tekolo ya Bodisa le Tlhahlobo

13.1 Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Morero wa ho Arabela ho tsa Bong, Ditekanyetso, Tekolo ya Bodisa le Tlhahlobo. Moralo ona o beha ho sebetsana le tsa bong bohareng ba leano la setjhaba ka ho tla ka lewa le ho kenngwa tshebetsong moralo o teng mabapi le ho arabela ho tsa bong le ho kenngwa tshebetsong mokgwa wa moralo, ditekanyetso, bodisa, ditekolo le ditlhahlobo.

13.2  Thomo ya molaotheo ya ho fedisa kgethollo ka bong, le ho ananela ditokelo tsa basadi le banana, ho batla ho fetolwa ha menahano ho matla le ho kgabane ho phatlalla le mafapha kaofela a puso.

14. Ditlaleho tsa tekolo

14.1 Kabinete hape e tjhaelletse monwana ditlaleho tsa tekolo tse ding tse sehlopha tse neng di hlophisitswe ka tshebediso ya Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso (DPME) ho kenyeletswa tse latelang:

  • Tekolo ya moralo wa Meralo ya Mawa le Meralo ya Tshebetso ya Selemo ka seng (FSAPP) e leng o shebang haeba FSAPP e sebeditse hantle mabapi le ho tataisa mafapha phanong ya ona ya ditshebeletso, haholoholo ho arabela ho diphetho tse ka sehloohong tsa mmuso, le tabeng ya ho jarisa mafapha boikarabelo ka tshebetso ya ona. Tjhebobotjha e tiisetsa ho nepahala ha katamelo, leha e ka supa hore moralo ona o na le dikgaello tse itseng le hore katamelo ena ha e a momahanngwa ka ho phethahala, ha e tsamaelane le ho tsitsa mabapi le maano le melao kaofela e amehang. Tlaleho ena e sisinya maitshunyako a mangata bakeng sa ho matlafatsa katamelo ena.
  • Tekolo ya ho rala Moralo wa Leano la Dikoletjhe tsa Badudi, o shebaneng le ho ralwa ha moralo wa leano bakeng sa ho sebetsana le ho hlokeha ha thuto le menyetla ya thupello bakeng sa batho ba baholo le batjha ba qetileng materiki le ho hloleha ha yona ho mekamekana le ditlhoko tsa batho ba baholo le tsa batjha ho fihlella mmaraka wa mesebetsi le maitsebelo a ho iphedisa. Tlaleho ya tekolo e hlakisa ho ba siyo ha mehlodi e nepahetseng ho thusa hore lenaneo lena le fumane diphetho tse lebeletsweng.
  • Tekolo ya Ditsiane tsa Dikgwebo tsa Mmuso, e fanang ka tlhahlobo ya kamoo tsamaiso ka kakaretso e sebetsang bakeng sa ho tshehetsa dikgwebo le ho tswela setjhaba molemo. Mmuso o sebedisa ditsiane tse phatlalletseng bakeng sa ho kgothaletsa difeme ho nka mehato kapa ho tsetela mesebetsing e itseng kapa ho nyehela ho diphetho tse itseng tsa kahisano le tsa moruo. Tlaleho e hlwaya ho palamana le nyalano ditsianeng tse fapafapaneng tsa kgwebo. E kgothaletsa hara tse ding ho thehwa ha komiti e Kopanetsweng ya Mmuso ya Momahanyo ya Ditsiane.
  • Tekolo ya Lewa le Kopanetsweng la Kgodiso ya Boetapele ba Dikgwebo le Dikgwebo tse Nyane, e hlahlobang bokgabane ba ho kenngwa tshebetsong ha lewa lena, le ileng la tjhaellwa monwana ka selemo sa 2005 ho tsepamisa maikutlo hodima dibaka tse hlokolosi tse kang ho hlahiswa ha mesebetsi, tekatekano le phihlello ya dimmaraka. Dikgwebo tsena di bapala karolo e hlokolosi mabapi le ho hlahisa mesebetsi, ntjhafatso le kgolo. Moralo wa ntlafatso o sisintsweng o kenyeletsa ntlafatso, momahanyo le boitokiso ho phatlalla le mafapha kaofela a mmuso le ho matlafatsa taolo ya ditheo le bodisa.

14.2 Ditlhahlobo di reretswe ho matlafatsa Tshebeletso ya Mmuso le taolo ya mmuso. Ditlhahlobo di ne di tshepetswe bafani ba ditshebeletso ba ikemetseng mme di tla manehuwa websaeteng ya DPME: www.dpme.gov.za.

15. Mokgwa wa naha wa kgokahano bakeng sa UN, AU le SADC

15.1 Ho ipapisitswe le Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), o reretsweng ho hodisa ntshetsopele ya moshwelella ka ho sebetsana le diphephetso tsa lebatowa, tsa kontinente le tsa lefatshe, Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha mokgwa wa naha wa kgokahano bakeng sa ho momahanya mananeo a ntshetsopele ya moshwelella ya UN, AU le SADC.

15.2 Mokgwa ona wa kgokahano o sebetsa jwaloka motjha wa mafapha a mangata le bankakarolo ba bangata bakeng sa ho thusa ka ditherisano le momahanyo ka hare le ka ntle ho mmuso mabapi le maitlamo a Aforika Borwa a ntshetsopele ya moshwelella ya matjhaba.

15.3 Sena se tla okamelwa ke Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC), e kgannwa ho tloha bohareng ke mmuso, o tla netefatsa hore mananeo a ntshetsopele (Lenaneo la Ntshetsopele ya Moshwelella la UN 2030, Lenaneo la 2063 la AU le Moralo wa Lewa la Ntshetsopele la Lebatowa la SADC) a bontshitswe ka botlalo meralong ya naha, mme a tla fana ka tataiso e akaretsang mabapi le ho fihlella ditlhokeho tsa bodisa le tsa ho tlaleha.

16. IMC mabapi le Diphethoho ho tsa Thekenoloji (4IR)

16.1 Ho latela tsebiso ya Moporesidente Ramaphosa nakong ya Puo ya Boemo ba Naha ya selemo sa 2019, Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha IMC e mabapi le merero ya 4IR.

16.2 Khomishene e tla eletsa ka mawa le maano a ho arabela ho dintshetsopele tse ntjha tse tlang tsa thekenoloji tse tliswang ke tshebediso ya ho sebedisa dintho tsa dijithale le tse tliswang ke 4IR. Boikarabelo bo boholo ba IMC ke ho hokahanya le ho kenya tshebetsong maitshunyako a 4IR, ho kenyeletswa ho phethelwa ha mosebetsi wa Khomishene ya Boporesidente e mabapi le 4IR.

17. Qetello ya Sehla

17.1 Jwaloka ha Kabinete e phethela lenaneo la yona la tsamaiso ya bohlano, e lebohile balekane ba yona ba kahisano le baahi. E ipileditse ho maAforika ho dula a tiile mabapi le ho aha naha e tswetseng pele.

17.2 Kabinete e fetiseditse kananelo ya yona ho Palamente le ba Makgotla a Dinyewe bakeng sa ho baballa makgabane a molaotheo le ho jarisa ba Phethahatso boikarabelo molemong wa bophelo bo betere bakeng sa baahi.

17.3 E boetse e fetiseditse kananelo ya yona ho balekane ba Aforika Borwa ho SADC; AU; Brazil, Russia, India, Tjhaena le Aforika Borwa (BRICS); Sehlopha sa 20 (G20), UN le ditheo tse ding, bakeng sa ho tshehetsa Aforika Borwa hore e ntlafatse maemo ka hara naha, le ho sebetsa le yona mabapi le ho tsitlallela Aforika Borwa e betere, Aforika e betere le lefatshe le betere.

17.4 Kabinete e lebisitse hlompho ho ditho tsa Naha tsa Phethahatso tse hlokahetseng nakong ya tsamaiso ena ya bohlano, Matona Collins Chabane le Edna Molewa, hammoho le baetapele ba bang mafapheng a mang a mmuso ba sebeleditseng naha ka bokgabane le ho ntshetsapele ditabatabelo tsa Aforika Borwa lapeng le lefatsheng ka bophara.

C. Diketsahalo tse tlang

18. Dikgoka tsa Bong (GBV) le Dipolao tsa Basadi

18.1 Mokolokotwane o mong wa ntwa kgahlanong le GBV o tla phethahala ka Labone, 28 Hlakubele 2019, ka ho bulwa ha Lekgotla la Dinyewe la Maseterata la Booysens Johannesburg. Lekgotla lena la Dinyewe la maemo a hodimo la Booysens le fana ka letoto la ditshebeletso mme le na le thepa e lekaneng ya ho tshehetsa diphofu tsa GBV le dipolao tsa basadi.

18.2 Ho bulwa ha lekgotla lena ho tla boela ho etsa hore re bone Moporesidente Ramaphosa, hammoho le mekgatlo e fapafapaneng ya setjhaba, a tshwara ho thakgolwa ha Tsebahatso ya GBV le Dipolao tsa Basadi e tla qala ho itlamella tabeng ya ho kenngwa tshebetsong ha diqeto tsa Seboka sa Naha sa GBV le Dipolao tsa Basadi se neng se tshwerwe ka Pudungwana 2018.

18.3 Makgotla a latelang a Dinyewe tsa Ditlolo tsa Molao tsa Motabo a tla fanwa nakong ya dikgwedi tse tharo tse tlang:

  • Lekgotla la Dinyewe la Maseterata wa Plettenberg Bay ho la Kapa Bophirima le tla ba le diphaposi tse robong tsa kgotla, moo e nngwe e tla ba ya Lekgotla la Ditlolo tsa Molao tsa Motabo.
  • Makgotla a Dinyewe a Dimbaza le Bitji a tla thakgolwa Kapa Botjhabela.
  • Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Mpumalanga Mbombela le Lekgotla la Dinyewe la kgale la Maseterata wa Middleburg, tseo di seng di ntjhafaditswe ka ho sebedisa batshwaruwa le tla sebetsa e le Lekgotla le Phahameng.

18.4 Qetellong ya mosebetsi wa tsamaiso ena ya bohlano, makgotla a matjha a 59 a tla be a se a ahilwe esale ho tloha ka selemo sa 1994, e leng se fetang palo eo mmuso o neng o e behile ya ho aha bonyane makgotla a mabedi ka selemo.

19. Motsamao wa Bobedi wa Selemo ka seng wa Batjha o Lebisitseng ho Menyetla ya Moruo

19.1 Lefapha la Dikgokahanyo, Meralo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso – ka tshebedisano le mafapha a mang a mmuso, di-SOC le bankakarolo ba bang – le tla hlophisa Motsamao wa Bobedi wa Selemo ka seng wa Batjha o Lebisitseng ho Menyetla ya Moruo ka la 13 Mmesa 2019 Masepaleng wa Lehae wa Ntabankulu, Seterekeng sa Alfred Nzo ho la Kapa Botjhabela.

19.2 Motsamao ona wa tokoloho wa batjha, wa ho hopola dilemo tse 25 tsa tokoloho, o reretswe ho hlahisetsa batjha, batho ba sa sebetseng le baetapele ba dikgwebo lethathama la menyetla ya dithuto, makala a mesebetsi le ya dikgwebo e teng ka bobedi makaleng a mmuso le a poraefete.

20. Dikgetho tse Akaretsang tsa Naha tsa 2019.

21.1 Jwaloka ha naha e atamela dikgetho tsa demokerasi tsa botshelela, Kabinete e ipiletsa ho bakgethi ba tshwanelehang ho sebedisa tokelo ya bona ya molaotheo ya ho ya vouta ka la 8 Motsheanong. Bonkakarolo ba bakgethi bo bohlokwa demokerasing e sebetsang ka bokgabane mme ka dikgetho tse bang teng kgafetsa, baahi ba ka kgetha baemedi ba bona le ho etsa hore ba ba jarise boikarabello.

21.2 Kabinete e ipiletsa ho Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC), baemedi ba setjhaba le setjhaba hore ka Letsatsi la Dikgetho ba itshware ka mokgwa o tla netefatsa dikgetho tse lokilohileng le ho hloka leeme. Makala a rona a qobello ya molao a tla sebetsa ka matla kgahlanong le mang le mang ya tla fumanwa a tshosetsa, a hlohlelletsa kapa a tsitlallela diketso tsa dikgoka.

C. Melatsa

21. Matshediso

Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho:

21.1 lelapa le metswalle ya Modulasetulo wa mokga wa African National Congress Palamenteng, Monghadi Jackson Mthembu, eo moradi wa hae Khwezi a hlokahetseng, a le dilemo di 25.

21.2 mmuso le batho ba New Zealand ba lahlehetsweng ke baratuwa nakong ya tlhaselo ya baferekanyi Christ Church.

21.3 mmuso le batho ba Rephabliki ya Indonesia ka lebaka la dikgohola. Aforika Borwa le Indonesia ke tsona feela dinaha tsa Aforika le Asia Borwa-Botjhabela ka ho latelana tseo e leng ditho tsa G20, dinaha ka bobedi di kopanetse bodulasetulo ba Lewa le Letjha la Bomphato ba Aforika-Asia.

22. Dithoholetso

Kabinete e thoholetsa:

22.1 Moporofesara Ncoza Dlova, ngaka ya letlalo e tsebahalang matjhabeng ya Yunivesithi ya KwaZulu-Natal, e thusitseng ho sibolla jine e ntjha eo e leng yona sesosa se seholo sa tahlehelo ya moshwelella ya moriri hara basadi ba maAforika. Lerato la Moporofesara Dlova la thuto le lebisitse tlhophisong ya buka ya lehae ya maemo a tshwanang a letlalo e reretsweng baithuti ba bongaka kaofela ka hara naha, hammoho le diphamfolete tsa thuto le thepa ya vidiyo e rutang bakudi ka maemo a letlalo la bona.

22.2 Sehlopha sa naha sa bolo ya maoto, Bafana Bafana, ka ho phunyeletsa bakeng sa Mohope wa Dinaha tsa Aforika wa selemo sa 2019. Sehlopha se kenella ho dihlopha tse ding tse nne tsa Aforika Borwa – Banyana Banyana; sa kirikete; sa rakbi le sa Amajita, tse phunyeleditseng dipapading tsa tsona ka ho latelana. Kabinete hape e ipiletsa ho maAforika Borwa ho tshehetsa sehlopha sa naha thonamenteng e tlang. Hape e thoholetsa tshehetso e fanweng ke (UN) mabapi le nyewe ya Caster Semenya ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Federeishene ya Diatleletiki.

E. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumellano e amehang.

1. Ngaka Fiona Tregenna – O thontswe hape jwaloka setho sa nakwana sa Lekgotla la Ditlhodisano.
2. Monghadi Cecil Khosa – Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Bolaodi ba Aforika Borwa ba Ditaemane le Mahakwe.
3. Monghadi Themba Cyril Dlamini jwaloka CEO ya Bolaodi ba Lekala la Thuto le Thupello ya Boipaballo le Polokeho.
4. Monghadi Mduduzi Eric Zakwe jwaloka CEO ya Bolaodi ba Lekala la Thuto le Thupello la Dithekenoloji tsa Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo.
5. Ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Lekala la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane bakeng sa dilemo tse tharo:

5.1 Monghadi Mbulelo Sogoni (Eo e ka bang Modulasetulo);
5.2 Mofumahadi Suzan Nyakale;
5.3 Mofumahadi Matshediso Ndlovu;
5.4 Mofumahadi Nomsa Kana;
5.5 Moatefokate Derick Block;
5.6 Monghadi Jim Matsho;
5.7 Mofumahadi Beatrice Nkambule (Princess Tsakani);
5.8 Monghadi Charl de Kock;
5.9 Moatefokate Mthokozisi Xulu; le
5.10 Monghadi Mduduzi Sibeko.

6. Mofumahadi Thutukile Skweyiya jwaloka Modulasetulo wa Koporasi ya Mahlaahlela ya Aforika Borwa (Armscor) ho fihlela ka la 30 Mmesa 2020.

7. Monghadi Malusi Stanley Motimele jwaloka setho seo e seng sa phethahatso sa Boto le Motlatsi wa Modulasetulo wa Armscor bakeng sa dilemo tse tharo.

8. Monghadi Sipho Abednego Mosai – CEO ya Rand Water bakeng sa dilemo tse hlano.

9. Boto ya Lekala la Bolaodi ba Metsi ba Inkomati-Usuthu:
9.1 Mofumahadi Tokozani Patience Nyakane-Maluka (Modulasetulo);
9.2 Monghadi Mandlakayise Sam Mthembu (Motlatsi wa Modulasetulo);
9.3 Mofumahadi Shivon Desiree Wiggins;
9.4 Moatefokate Muzikayise Bernard Shabangu;
9.5 Ngaka Thavamoney M Kelly;
9.6 Mofumahadi Lungile Linda Carol Zulu;
9.7 Mofumahadi Lungile Miranda Sikhakhane;
9.8 Monghadi Mashudu Gangazhe; le
9.9 Monghadi Pillay Absalom Tshabangu.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore