Pehelo ka kopano e Ikgethang ya Kabinete ya la 13 Pherekgong 2016

1. Moruo

1.1. Kabinete e ile ya kopana ho sekaseka maemo a moruo le dintlha tse amanang le ditekanyetso tsa ditjhelete.Kabinete  lemohile dintlha tse ngatanyana tse nang le kgahlamelo moruong wa naha.

Tjhebahalo ya lefatshe e theohile dikgweding tse sa tswa feta moraorao tjena. Kgolo e batlang e tsamaya butle ya moruo wa lefatshe e bontsha, ka ho qolleha, tshebetso e batlang e fokola le dikotsi tsa ho thefuleha ha moruo tse batlang di phahame ka hara dinaha tse itseng tse ntseng di tswela pele, ho kenyeletswa le China.

Ho iphumana ho lemohilweng ho lebeletsweng ka hara Amerika ho ka nna ha baka ho phahama ha sekgahla sa tswala sa lefatshe. Methamo ya kgwebisano e tetebetseng le ho tsukutleha ho teng ka hara mebaraka ya lefatshe ya ditjhelete e hlakisa tlhokeho ya ho aha botsitso le ho sebetsa ka hloko bakeng sa nako ena eo re e tobileng ka pele ho rona.

Kabinete e boetse e lemohile hore ho ne ho na le melemo e itseng ho tswa ho theko e tlase ya oli e tala. Jwaloka moreki e moholo wa thepa e tswang mafatsheng a ka ntle, Aforika Borwa e ngongorehile ka ho fokola ho ntseng ho tswela dithekong tsa thepa.

Mmuso o tswelapele ho ahella hodima sebopeho sa naha se tswakatswakaneng sa moruo, mme kuno ya dihlahiswa tse romellwang dinaheng tsa ka ntle e tswela pele ho itshetleha haholo hodima ditshepe le thepa e tala e song ho lokiswe ka botlalo.
Ho wa ha ditheko tsa thepa ha ho bonahale e le ntho e tla tjhetjhang ka potlako. Sena se tla ba le ditlamorao tsa nako e telele bakeng sa moruo wa Aforika Borwa le ho balekane ba rona kontinenteng ya Aforika.

Ho fokola ha Ranta dilemong tse mmalwa tse fetileng ho fana ka menyetla e batlang e ba betere bakeng sa kgolo ya thomello ya ka ntle ya thepa le, ha re kopanya le theko e batlang e ba tlase ya oli ya lefatshe, ho thusitse ho imolla kgatello hodima akhaonte ya rona ya hajwale ya matjhaba. Leha ho le jwalo, kgolo e fokolang ho balekane ba ka sehloohong ba kgwebisano ba Aforika Borwa ho bolela tlhoko e fokotsehileng ya dihlahiswa tsa Aforika Borwa mose.

Tikoloho ya matjhabeng e nkuwa e le e nang le phephetso e matla bakeng sa dimmaraka tse ntseng di thuthua, ka ditheko tse tlase tsa thepa le ho tiisa lebanta ha leano la ditjhelete la Amerika ho beha kgatello ho phallo ya ditjhelete le ditebello tsa kgolo. Sena se fetohetse ho tlhokahalo ya bohlokwa ya botsitso dimmarakeng tsa ditjhelete.

Ranta ya Aforika Borwa, eo e leng hara ditjhelete tse sebediswang haholo bakeng sa kgwebisano dimmarakeng tse ntseng di thuthua, e thefulehile haholo dibekeng tsa moraorao tjena.

Ka hara maemo ana a thata a lefatshe, moo meruo kaofela e tobaneng le diphephetso tse boima, Kabinete e tiisitse botjha tlhokahalo ya mmuso ya ho tla ka mawa a boitshunyako le ho etsa ka matla hore e busetse morao lebelo la kgolo ya moruo.

1.2. Lewa la Naha la Ntshetsopele (NDP) le fana ka ditsela tsena tsa boitshunyako. Mmuso o tla ikopanya le balekane ba kahisano, haholoholo dikgwebo le mekgatlo ya basebetsi, bakeng sa ho aha kutlwano mabapi le diketso tse kopanetsweng tse batlehang bakeng sa ho tlisa botsitso moruong, ho aha tshepo, ho phahamisa maemo matsete le ho kgutlisetsa Aforika Borwa motjheng wa kgolo ya moruo o kenyeletsang. Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka la 11 Tlhakola e tla nkela mosebetsi ona hloohong.

1.3. Kabinete e thathiselleditse mekgwa e batlang e le matla bakeng sa ho busetsa morao motjha wa tshebediso ya matlotlo a mmuso wa moshwelella, ho ntse ho hlokometswe tjhebahalo e fokolang ya moruo wa lefatshe le ditlamorao tsa ona ka hara naha. Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan le tla kgakola mekgwa e tla nkuwa ha a tla be a teka ditekanyetso tsa naha ka la 24 Tlhakola 2016.

2. Matlole bakeng sa Thuto e Phahameng

Kabinete e tjhaelletse monwana dihlomathiso ho dikabo tsa ditekanyetso tsa naha tse tla suthisa mehlodi ya ho thusa diyunivesithi ka matlole ntle le ho tlola meedi ya tshebediso ya tjhelete e phatlaladitsweng pejana.

Moporesidente Jacob Zuma le Letona la Thuto e Phahameng le Thupello Blade Nzimande haufinyana tjena ba tshwaile hore dikabo tsena di tla akaretsa ho se nyolohe ha ditefello hoo ho dumellanweng ka hona bakeng sa selemo sa hajwale sa dithuto, ho tlosa mokitlane oo esale o bokellana o kolotwang ke baithuti ba Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) le ho thibela ho bokellana ha mokitlane o jwalo bakeng sa nako e bohareng.

Mekgwa ena ya boitshunyako ke karabelo ho ditherisano tse ngatanyana tse qadileng ka Phato2015 mme di ntse di tswella. Letona la Thuto e Phahameng le Thupello mmoho le sehlopha sa hae sa bolaodi ba tshwere dikopano tse ngatanyana le ketapele ya SASCO, Makgotla kaofela a Baemedi ba Baithuti, Foramo ya Diyunivesithi ya Aforika Borwa, Kopano ya Baithuti ya Aforika Borwa, diCEO tsadiSETA, Mokgatlo wa Diphethoho tsa Thuto e Phahameng le komiti ya Palamente e ikarabellang bakeng sa thuto e phahameng.

Moporesidente hape o kopane le ketapele ya baithuti le ho phatlalatsa ho thehwa ha Khomishene e tla shebana le dintlha tse hlahisitsweng mabapi le Thuto e phahameng.Dipuisano tsena di ntse di tswela pela kaha re dumela jwaloka mmuso hore re lokela ho sebeletsa ho fumana tharollo ya moshwelella. Ditseko tsa baithuti di imatahantse le morero wa lenaneo la mmuso le mabapi le thuto.

2.1.1. Jwaloka mokgwa o potlakileng, R2.33 bilione e abilwe bakeng sa ho rarolla kgaello e mabapi le matlole a tshebetso a diyunivesithi ka lebaka la tumellano ya keketseho ya ditefello tsa 0% bakeng sa 2016.

2.1.2. Selemong sa ditjhelete sa 2016/17, mmuso o phetile botjha ho beha ka sehloohongR2.543 bilione ya matlole a mmuso a tla abelwa NSFAS bakeng sa ho fana ka dikadimo ho thusa baithuti ba 71 753 ba hlwailweng ho tshwanelwa ke dithuso tsa NSFAS empa ka mohlomong ba ile ba thola thuso e haellang kapa ba sa e tholang ho hang dilemong tse tharo tse fetileng tsa dithuto. Sena se bolela hore baithuti bana ba tshwanelwang ke thuso ba keke ba thibelwa ho tswela pele ka dithuto tsa bona hobane ba kolota diyunivesithi ditjhelete tse saletseng morao.

2.1.3. Tlatsetso ya R2.039 bilione e tla abelwa NSFAS selemong sa dithuto sa 2016/17 ho tshehetsa baithuti ba sa tholang thuso kapa ba thotseng thuso e haellang ba ntseng ba le ka hara tsamaiso ya diyunivesithi ka 2016 bakeng sa ho phethela mangolo a bona a thuto. 

Matlole ana ke tlatsetso ya R10 bilione eo NSFAS e tla e laolang selemong sa dithuto sa 2016.

Mmuso o itlamme bakeng sa ho fana ka thuto ya kamora sekolo bakeng sa baithuti kaofela ba tshwanelehang e sa lefellweng moo e fuwang ba futsanehileng le ba sebetsang mesebetsi e tlase, ka hara meedi ya ditjhelete tsa mmuso ya moshwelella.

Kabinete e ipiletsa ho baithuti bohle, basebetsi, dirutehi le batsamaisi ba diyunivesithi ho sebetsa mmoho le mmuso bakeng sa ho fihlella sepheo sena. Diketso tse sitisang ho ithuta kapa tse bakang ditebello tse hlokang kellello le ho sa fihlellehe ha bonolo ha di na molemo wa letho. Dikgoka le ditshoso ha di batlehe.

2.2. Kabinete e ipiletsa ho MaAforika Borwa oohle ho ananela hore ho na le maemo a phephetso nakong eo re lebaneng le yona. Maemo a moruo wa lefatshe a se a fokola. Kgahlamelo ya ditheko tsa thepa tse theohileng e se e utlwahala ka hara Aforika Borwa. Mathata a ka hara naha a jwaloka motlakase o sa le lekanang a ntse a le teng ka hara rona. Komello e matla e baka mathata diporofenseng tse ding.

Kabinete e na le tshepo ya hore MaAforika Borwa a dula e le setjhaba se tsitsitseng se tsebang  molemo wa ho sebetsa mmoho ka kgotso le kutlwano. Ho pepeswa ha moraorao tjena ha batho ba nang le ditumelo tsa bosemorabe ho matlafaditse boitlamo ba rona bo kopanetsweng ba ho aha setjhaba se hlokang kgethollo ya merabe, kgethollo ya bong le se tswetseng pele.

3. Dithonyo

Kabinete e tjhaelletse monwana dithonyo tse latelang:
3.1. Monghadi Shonisani Mathews Munzhedzi jwaloka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG): Metswako ya tsa Tlhaho le Paballo ka hara Lefapha la Merero ya Tikoloho.
3.2. Mofumahadi Siphokazi Ndudane jwaloka DDG: Bolaodi ba Ditlhapika hara Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi.

Dipotso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

 

Share this page

Similar categories to explore