Kopo ya laesense ya sekepe sa baditjhaba sa ho tshwasa ditlhapi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho etsa kopo ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi dinaheng tsa kantle

Ho sebetsa ka sekepe sa ho tshwasa ditlhapi dinaheng tsa kantle ho Aforika Borwa, sekepe se tlameha ho ngodiswa le naha e nngwe ya boingodiso ba sekepe ntle le Aforika Borwa. O tlameha ho etsa kopo ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi le Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi Motse Kapa.

Hore sekepe se fuwe laesense, o tlameha ho ba le bohwebisane le motho ya nang le tokelo ya ho tshwasa ditlhapi wa Aforika Borwa. Hore sekepe se amohelehe, o tlameha ho tlatsa foromo ya kopo bakeng sa phemiti ya ho tshwasa ho ya ka lekala leo sekepe se tlang ho tshwasa ho lona. Haeba o batla hore sekepe se tshwase Mawatleng a Maholo nakong eo se hirilweng ka yona, o tlameha ho tlatsa foromo ya kopo ya Mawatleng a Maholo.

Motho wa Aforika Borwa ya nang le tokelo ya ho tshwasa a ka kgona ho hira sekepe tlasa maemo a itseng feela ho etsa diketso tsa ho tshwasa ka hara Karolo ya Moruo e Kgethehileng (EEZ) kapa metsing a matjhabeng tlasa naha ya boingodiso ba sekepe Aforika Borwa.

Pele ho diketso tsa ho tshwasa, o tlameha ho iteanya le Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi le Motse Kapa (sheba dintlha tsa ho iteanya le bona ka tlase) ho fumana hore na ho hira sekepe sa naheng ya kantle ho tla dumellwa lekaleng le itseng la ho tshwasa le hore ho hlokeha ditokomane dife bakeng sa ho dumellwa ha kopo e jwalo.

Sekepe sa ho tshwasa se tla etswa tlhahlobo ya ho bona hore na se loketse ho tsamaya lewatle ke Bolaodi ba Polokeho ya Mawatleng ba Aforika Borwa (SAMSA) ka ditshenyehelo tsa hao (monga sekepe). Dikepe kaofela tsa kantle ho naha di hlokeha hore ha di le ka metsing di be le INMARSAT C VMS e tlalehang Lekaleng la Botsamaisi ba ho Tshwasa Ditlhapi bo Motse Kapa. Lekala la Karolo ya Tshebetso ya VMS ya Botsamaisi ba Ditlhapi le tla netefatsa sena.

O lokela ho etsang

  1. Leba Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi le Motse Kapa:  Mokatong o ka tlase, Moahong wa Foretrust, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa ho fumana foromo ya Kopo ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa kantle ho naha
  2. Tlatsa foromo ya kopo ka tsebiso e latelang:
    • lebitso la sekepe sa ho tshwasa ditlhapi
    • lebitso le dintlha tsa monga sekepe (ho kenyeletsa diabo tsa thuo ya sekepe ebang se kopanetswe le baahi ba Aforika Borwa
    • matla a sekepe
    • bolelele le mothamo wa sekepe
    • nomoro ya boingodiso ya sekepe
    • naha ya boingodiso ba sekepe eo ha jwale sekepe se ngodisitsweng tlasa yona  (ebang se hirilwe kapa thuo ya sona e kopanetswe le baahi ba Aforika Borwa)
    • setefekeiti sa polokeho se molaong se tswang naheng ya boingodiso ba sekepe
    • lekala la ho botshwasi leo sekepe se tla romelwa ho lona le nako ya ho romelwa
  3. Hlomathisa lengolo la semmuso ho tswa Bolaoding ba Botshwasi ba Ditlhapi ba naha ya boingodiso ba sekepe, le amohelang hore:
    •  ka tshebetso ya kabo ya ditokelo, mokopi o hlokeha ho tlatsa foromo ya kopo ya ho fetisetsa sekepe mothong e mong.
  4. Lefa tjhelete e behetsweng akhaonteng e latelang:
    Banka: First National Bank
    Nomoro ya akhaonte: 62123256382
    Mofuta wa akhaonte: Current
    Lebitso la akhaonte: Marine Living Resources Fund
    Lebitso la Lekala: Corporate Account Services Motse Kapa
    Khoutu ya Lekala: 204-109
    Bakeng sa tshupiso, letsetsa setsing sa tshebeletso ya bareki ho (021 402 3911 / 086 000 3474)
  5. Isa kop oho Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi: Poso ya Poraevete ya X2, Roggebaai, Motse Kapa, 8012 mmoho le tokelo ya hao ya ho tshwasa ditlhapi kapa tumellano e entsweng le motho ya nang le tokelo ya ho tshwasa haeba o se na ditokelo tsa ho tshwasa kapa e ise ka letsoho Moahong wa Foretrust.

Nako ya tshebetso

Kopo ya ho sebedisa sekepe sa motho wa kantle ho naha (ho kenyeletsa kopo ya ho fetisetsa sekepe mothong e mong, phemiti ya ho tshwasa le laesense ya mawatle a maholo) di ka nka matsatsi a mosebetsi a 14, ho itshetlehile ka ho kenngwa ha kopo ka mokgwa o loketseng.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso

Diforomo tse tlatswang

Leba Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi le Motse Kapa: Mokatong o ka tlase, Moahong wa Foretrust, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa ho fumana foromo ya Kopo ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi kantle ho naha.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Fisheries Customer Service Centre:
Tel 021 402 3911 / 086 000 3474
Fax 021 402 3362

Physical address: Ground Floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town 8000
Postal address: Department of Agriculture, Forestry, and Fisheries, Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012
Website: https://www.dalrrd.gov.za/

Contact details for SAMSA

Share this page