Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 18 Hlakubele 2015

1. Ho hlokahala ha Letona Ohm Collins Chabane

1.1. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke ho hlokahala ka tshohanyetso ha Letona Chabane le batshireletsi ba hae, Bosajene Lesiba Samuel Sekele le Mareme Lawrence Lentsoane, ba hlokahetseng kotsing e sisimosang ya koloi ka Sontaha,sa 15 Hlakubele 2015. Mmuso le batho ba Aforika Borwa ba tla hopola ka ho sarelwa nyehelo e entsweng ke mohlanka enwa wa setjhaba eo esale a itetse bakeng sa ho aha Aforika Borwa e betere ho isa lefung.

Jwaloka setho saKabinete, mofu Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso o tla nehwa Lepato la Semmuso la Mokgahlelo wa 1. Tshebeletso ya lepato e tla ba ka Moqebelo wa la 21 Hlakubele 2015 motsaneng wa Xikundu Malamulele, ho la Limpopo. Kabinete e fetisa matshediso a maholo ka ho fetisisa ho ba malapa le metswalle ya bafu Letona le batshireletsi ba hae ba babedi.

2. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

2.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele mekete ya sehopotso sabo-50 sa diphuputso tsa Aforika Borwa tsa rieketara yaSAFARI-1 e sebetswang ke Bolaodi ba Naha ba Eneji ba Aforika Borwa (NERSA) Pelindaba haufi le Pretoria. Esale ho tloha ka ho thehwa ha yona ka la 18 Hlakubele 1965, rieketara ena, e leng mohlahisi e moholo wa diasothoupo tsa kalafo le tsa indaseteri bakeng sa tshebediso ka hara naha le matjhabeng, e fumane ditlatse tse ngata le ho ananelwa le ke matjhaba. Rieketara ena hape e bapetse karolo e hlokolosi diphuputsong tsa nutleleya, ntshetsopeleng le thutong le ho beha Aforika Borwa maemong a pele dikgatelopeleng tsa saense.

2.2. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle hokgetha batho ba tshwanelehang ho sebetsa ho Khomishene ya Naha ya Meralopele ho letsatsi la ho kwalwa la 10 Mmesa 2015. Mosebetsi wa Khomishene e ntjha e tla ba wa ho eletsa mmuso ka mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa wa ho kenya tshebetsong Morero wa Ntshetsopele ya Naha. Hodima moo e tla boela e thusa ka ho ntshetsapele meralo e tebileng makaleng a kgethilweng a hlokang tsepamiso e matla ya maikutlo bakeng sa ho susumetsa kgolo ya moruo, phethoho e matla moruong le ntshetsopele ya moshwelella. Tlhahisoleseding e tomanyana mabapi le tsamaiso ya ho kgetha e fumaneha ho: www.thepresidency.gov.za

3. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Dihlomathiso ho Molao wa Roma wa Lekgotla la Dinyewe la Matjhaba bakeng sa kamohelo. Dihlomathiso di kenyeletsa tlhaloso ya ditlolo tsa molao tsa dikgoka le diketsahalo tsa tlatsetso tse amanang le ditlolo tsa molao tsa dintwa ho Molao wa Roma o ileng wa amohelwa ke Kopano ya Mekga ya Dipuso (Kampala, ho la Uganda ka la 11 Phuptjane 2010).

Kamohelo ya dihlomathiso tsena ho Molao wa Roma ke Aforika Borwa ho bontsha boitlamo ba mmuso ho lwantsha ditlolo tsa molao tse matla kgahlanong le batho le tlolo ya molao ya dikgoka e entsweng ka hare kapa ka ntle ho naha ya rona.

4. Maemo a Kabinete mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1. Kabinete e ananela dikarabelo ho mokgahlelo wa moraorao wa ditsheho tsa meedi tse sisintsweng le ho amohela hore dingangisano tse matla ke karolo ya demokerasi ya rona. Kaha ho na le bomasepala ba bang ba sokolang ho fana ka ditshebeletso le ho hloka ho hatela pele ka lebaka la lekeno le haellang le puso e fokolang, meedi ya bomasepala e dula e shejwa botjha.

Diphethoho tse sisintsweng di hlahlojwa pele ke Boto ya Tsheho ya Meedi ya Bomasepala (MDB), e laetsweng ho beha meedi ya bomasepala ho ya ka Molao wa Tsheho ya Meedi wa 1998 (Molao 27 wa 1998) wa Bomasepala ba Mebuso ya Lehae le Molaotheowa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996.

Jwaloka mokgatlo o ikemetseng, ditsamaiso tsa MDB di a bonaletsa le ho kenyeletsa.Kabinete e kgothaletsa badudi ho nka karolo ka matla ditsamaisong tsena. Kabinete e tshwela ka mathe tshebediso ya mehwanto ya boipelaetso e tletseng dikgoka jwaloka mokgwa wa ho rarolla mathata a tsheho ya meedi. Mosebetsi waMDB ke karolo ya mmuso ya katamelo ya Ho Boela ho tsa Motheo ho netefatsa phano ya ditshebeletso e betere ho badudi.

4.2. Kabinete e thoholetsa Basotho ka phethisetso e bobebe ya puso mme e ba kgothaleditse ho sebetsa mmoho bakeng sa kgotso ya moshwelella le ntshetsopele ya moruo. Kabinete hape e thoholeditse Tonakgolo e ntjha ya Mmuso wa Borena ba Lesotho, Mohlomphehi PakalithaMosisili ka ho kgethwa le tlhomamiso e atlehileng e etsahetseng ka Labobedi la 17 Hlakubele 2015, e neng e kenetswe ke Mohlomphehi Moporesidente Jacob Zuma le Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa.

Kabinete e thoholeditse Motlatsiwa Moporesidente ka karolo eo a e bapetseng ho iseng ho dikgetho tse atlehileng tsa Borena ba Lesotho.  O tswetse pele ho ananela karolo e bapetsweng ke Dinaha tse Tswelang pele tsa Aforika e ka Borwa ka ho thusa ka moralo wa tsela bakeng sa kgotso le dikgetho tsa mmuso o motjha. Kabinete e boeleditse boitlamo ba Aforika Borwa ba ho tswela pele ho sebetsa mmoho le Borena ba Lesotho ho ntlafatsa dikamano tse teng ka ho tsepamisa maikutlo ho matlafatseng ha tshebedisanommoho ho tsa moruo le kahisano e tla lebisa ntlafatsong ya bophelo ba batho.

5. Diketsahalo tse tlang

5.1. Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa o tla kenela Sehopotso sa bo-25 sa Boipuso ba Riphaboliki ya Namibia, ho kenyeletsa le Tlhomamiso ya Moporesidente Hage Geingob Windhoek ka la 21 Hlakubele 2015. Kabinete e thoholetsa Namibia letsatsing la ho keteka Jubile ya Silivera le Moporesidente Geingob ka ho ba Hlooho ya Puso ya boraro ya naha eo. 

5.2. MoporesidenteZuma o tla amohela Moporesidente wa Zimbabwe Robert Mugabe ho tloha ka la 8 ho ya ho la 9 Mmesa 2015 Pretoria. Leeto lena le tla qetella e le phihlello ya Foramo ya kgwebo ya Aforika Borwa-Zimbabwe e reretsweng mohla la 9 Mmesa 2015, e rerileng ho eketsa kgwebisano ya bobedi bona le matsete.

5.3. Moporesidente Zuma ka la 19 Mmesa 2015 o tla thakgola dihlooho tsa terene tse 95 Pretoria tse ahilweng e le karolo ya Lenaneo la R300 bilione ya matsete a tjhelete ya dikaho tsa bohlokwa laTransnet ho tsoseletsa dikaho tsa motheo tsa tsamaiso ya dithoto. Nakong ya lenaneo lena la matsetemesebetsi e mengata e tla hlahiswa le dikgwebo tsa lehae di tla una molemo ho tswa ho tshebediso ya mehlodi ya lehae, ntshetsopele ya bokgoni le phetisetso ya thekenoloji.

Diterene tsena tse ntjha di tobana le tshallomorao ya mokgwa wa diterene wa naha le ho thusa ho ntlafatsa tlhahiso le bohlwahlwa ba marangrang a rona a diporo. Ho thakgolwa hona hape ho tshwaya phethoho ya Boenjineri ba Transnet ho ba mohlahisi wa thepa e felletseng ya mantlha kaha tse 85 tsa diterene di hlahisitswe setsheng sa bona se Koedoespoort, haufi le Pretoria.
                                                                                                                                                    
5.4. Moporesidente Zuma o tla bulaIndaba ya Boraindaseteri ba Batho ba Batsho e tla tshwarwa ho tloha ka la 25 ho ya ka la 26 Hlakubele 2015 Setsing sa Dikopano sa Gallagher, Midrand, jwaloka karolo ya boitlamo ba mmuso ba ho ntshetsa pele boraindaseteri ba batho ba batsho ka hara naha. Indaba e tla fohla dipuisano pakeng tsa lekala la setjhaba le la poraefete ho ntshetsa pele boraindaseteri ba batho ba batsho, le ho fetola ka matla le ho bopa botjha moruo ho fihlella kgolo e kenyeletsang.

5.5. Moporesidente Zuma o tla etsa puo ho Kopano ya Ditho tsa Naha (NMA) ya Mokgatlo wa Aforika Borwa wa Mebuso ya Lehae, e tla tshwarelwa Setsing sa Dikopano sa Gallagher, Midrand ho tloha ka la 24 ho ya ka la 26 Hlakubele 2015. NMA e tla lekola maemo a mebuso ya lehae kamora dilemo tse 15 le ho tshohla mawa a ho sebetsa ka bokgabane le phano ya ditshebeletso, kaho ya bokgoni, bobodu le dintlha tse mabapi le tsheho ya meedi ya bomasepala. Kopano e tla tshwarwa tlasa mookotaba: “Dilemotse15 tsa Mebuso ya Lehae ya Demokerasi – Re matlafatsa le ho Kenyeletsa Demokerasi ya Lehae e shebileng batho ya Ntshetsopele e Kganyang”.

5.6. MaAforika Borwa a tla keteka ketsahalo ya naha ya Letsatsi la Ditokelo tsa Bothoka la 21 Hlakubele 2015 Uitenhage, ho la Kapa Botjhabela tlasa mookotaba: “Re keteka Tjhata ya Tokoloho, Re ThabelaDitokelo tsa Botho tse Lekanang Bakeng sa Bohle”. Diketsahalo tsena di tla fana ka lepatlelo bakeng sa maAforika Borwa oohle ho hopola ho intsha sehlabelo ho neng ho tsamaelana le ntwa bakeng sa demokerasi le boitelo ba rona ba ho ntshetsapele ditokelo tsa botho jwaloka ha di phuthetswe ka hara Molaotheo.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho keteka letsatsi lena la bohlokwa ka ho fohla momahano e matla ya kahisano le kaho ya setjhaba. Jwaloka karolo ya Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho, dipuisano tsa badudi di tla ba teng ho parola le diporofense tsohle ho kgothaletsa kopakopano ka hara badudi ba ditlwaelo tse fapaneng. Sena se tla finyella ho Tlaleho ya Naha ya Momahano ya Setjhaba leSeboka sa Bodisa se tla tshwarwa ka la 30 Hlakubele 2015 Port Elizabeth.

5.7. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhabale tla tshwara Indaba ya Naha ya Mesebetsi ya Kahisanoho tloha ka la 24 ho ya ho la 26 Hlakubele 2015 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano ho la Durban tlasa mookotaba: “Re tsoseletsa tsamaiso ya mesebetsi ya kahisano ka hara Aforika Borwa”.

Indaba ena e tla hlahisa ditshisinyo le boitshunyako bakeng sa ho tobana le dintlha tse nang le kgahlamelo hodima tsamaiso ya mesebetsi ya kahisano le ho matahanya thomo ya ntshetsopele ya lekala bakeng sa ho tshehetsa phethoho e matla ya mmuso ya moruo wa kahisano. Ho fihlella sena, lefapha le fanne ka lenaneo la ho ithuta bakeng sa ho thusa ka ditjhelete baithuti ba ithutang mesebetsi ya kahisano diyunivesithing.

5.8. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba hape le tla tshwara Khonferense ya bo-2 e Kgahlanong le Boqhekanyetsi le Boboduho tloha ka la 30 ho ya ho la 31 Hlakubele 2015Hoteleng ya St George’s, Centurion tlasa mookotaba: “Re netefatsa ditokelo tsa botho tsa bohle ka tsamaiso e hlokang boqhekanyetsi ditjheleteng tsa dithuso tsa setjhaba”. Khonferense e tla lekola mekgwa ya hajwale ya ho hlaola bobodu ka hara tsamaiso ya dithuso tsa setjhaba. 

5.9. Kabinete e ananela ho tshwarwa hapulo ya papadi ya baseketebolo ya Tlhodisano ya Dinaha tse Nnee tla etsahala Lebaleng la Dipapadi la Wembley, Johannesburg ho tloha ka la 19 ho ya ka la 22 Hlakubele 2015. Sena se tlisa mmoho dihlopha tse kgolo tsa banna tsa Aforika Borwa, Nigeria, Mozambique le Kenya ho seo ho hopolwang hore e tla ba ketsahalo ya selemo ka seng.

5.10. Kabinete e thoholetsa sehlopha sa rona sa kirikete, se tswetseng pele ho ya ho seka-makgaolakgang ka tlholo ya diwikete tse robong kgahlanong le Sri Lanka papading ya bona ya Mohope wa Lefatshe. Re lakaletsa sehlopha le mokwetlisi mahlohonolo ha ba ntse ba tswela pele ka thonamente.

6. Dithonyo
Dithonyo kaofela di tla lokela ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Makgotla a Dinyewe tsa Metsi:
a. Moatefokate TintswaloAnnah Nana Makhubele (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Lindelwa Mbanjwa (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Monghadi Pumezo Malik Mpumelelo Jonas;
d. Mofumahadi Maleho Margaret Nkomo;
e. Moporofesara TumaiMurombo, le
f. Monghadi Ferdinand Zondagh.

6.2. Bookamedi ba Bolaodi ba Matlo a Setjhaba
a. Ahmed Essop Vawda (Modulasetulo mme o thontswe hape);
b. Shadrack Kabelo Ganda;
c. Itumeleng William Kotsoane;
d. Kelikile Elva Kwinana;
e. Maphuti Justine Lamola (o thontswe hape);
f. Nontutuzelo Nomtandazo Mbiza (o thontswe hape);
g. Mandla Mdludlu;
h. Rose SessieMolokoane;
i. Manye Richard Moroka;
j. Zolile Thando Ngcakani;
k. ZikiswaZandileNtlangula, le
l. PhakamileWorrel Weekes Ximiya.

6.3. Institjute ya Naha ya Mehlodi ya Ditaba tsa Elektroniki ya Naha ya Aforika Borwa (NEMISA)
Ho thonngwa hape ha Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya NEMISA:
a. Monghadi ThamikaPlaatjie
b. NgakaMolateloMaloka.

6.4. Komiti ya Boeletsi ya Tshebeletso ya Lekeno ya Aforika Borwa
a. Moahlodi Frank Kroon (Modulasetulo);
b. Moatefokate Selby Mfanelo Mbenenge (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Moatefokate RoedolfMastenbroek;
d. Monghadi Lazarus DocterMokoena, le
e. Mofumahadi Mmakgolo Meta Maponya.

6.5. Bookamedi ba Mmuso ba Lekala la Thuto le Thupello
Mofumahadi Gugu Dlamini jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso (CEO)

6.6. Institjute ya Naha ya Mehlodi ya Ditaba tsa Elektroniki ya Aforika Borwa (NEMISA)
Ngaka Ndivhoniswani Aaron Tshidzumba jwaloka CEO.

6.7. Lekala la Puso la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding (SITA)
Ngaka Setumo Mohapi jwaloka CEO

6.8. Lefapha la Saense le Thekenoloji
Mofumahadi Mohlago Flora Mokgohloa jwaloka Motlatsi waMolaodikakaretso: Meralo le Tshehetso ya Kaho

6.9. Foramo ya Naha mabapi le Lekala la Semolao:
a) Monghadi Max Boqwana;
b) Monghadi KrishGovender;
c) Monghadi Jan Maree;
d) Mofumahadi Martha Mbhele;
e) Mofumahadi Janine Myburgh;
f) Monghadi Richard Scott;
g) Monghadi LutendoSigogo;
h) Monghadi Jan Stemmett;
i) Moatefokate Willem van der Linde SC;
j) Moatefokate Ismail Jamie SC;
k) Moatefokate Greg Harpur SC;
l) Moatefokate Thami Ncongwane SC;
m) Moatefokate Dali Mpofu SC;
n) Moporofesara ManagayReddi;
o) Moatefokate M A Hawyes;
p) Moatefokate Samuel Mgiba;
q) Moatefokate D Ntsebeza SC;
r) Moatefokate Kgomotso DitsebeMoroka
s) Mofumahadi NamhlaThinaSiwendu
t) Moatefokate Brian Nair, le
u) Monghadi UysMathebula.

Dipotso
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore