Mopresidente Jacob Zuma: Puo ya Boemo ba Naha 2016

Puo ya Boemo ba Naha ka Jacob G Zuma, Mopresidente wa Rephaboliki ya Aforika Borwa moketjaneng wa Seboka sa Kopanelo sa Palamente, Motse Kapa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA),
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP)
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa NA le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Motlatsi wa Mopresidente Cyril Ramaphosa,
Mopresidente wa Mehleng Thabo Mbeki,
Moahlodi e Moholo Mogoeng Mogoeng le ditho tsohle tse hlomphehang tsa boahlodi,
Mopresidente wa Palamente ya Dinaha tsohle tsa Aforika, Monghadi Roger Nkodo Dang,
Matona le Batlatsi ba Matona,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Makgotla a Ketsamelao a Diporofense,
Modulasetulo wa Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae wa Aforika Borwa (SALGA) le Bomajoro bohle ba Phethahatso ba teng kwano,
Dihlooho tsa Ditheo tsa Puso tse Tshehetsang Molaotheo wa Demokerasi,
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso,
Baetapele ba mekgatlo ya bodumedi,
Motsamaisi wa Dipuisano wa Mehleng wa Seboka sa Naha, Dr Frene Ginwala,
Baeti ba bohlokwa ba memilweng,
Mekaubere ya Ntwa ya tokoloho,
Ditho tsa bodiplomate,
MaAforika Borwa a heso,

Dumelang, good evening, sanibonani, molweni,, goeie naand, lotjhani, riperile, ndimadekwana,

Ke a leboha ka monyetla ona wa ho bua le Palamente esita le setjhaba.

Kajeno ke selemo sa bo26 sa ho lokollwa ha Mopresidente Nelson Mandela tjhankaneng, e leng enngwe ya diketsahalo tse kileng tsa eba bohlokwa ka ho fetisisa nalaneng ya naha ya rona.

E boela e ba selemo sa bo50 sa tsebiso e ne etswe ke mmuso wa National Party ya hore District Six e tla ba sebaka sa ba basweu feela, e leng ntho e ileng ya lebisa ho tlosweng ka sheshe ha badudi ba kahodimo ho 60 000.

Selemo sa 2016 se boetse ke selemo sa bo20 sa ha Madiba a ne a tekena Molaotheo wa Rephaboliki hore e be molao. Ho ne ho tekenelwe Sharpeville ka la 10 Tshitwe 1996

Re motlotlo ka demokrasi ya rona le seo re se fihlelletseng ka nako e kgutshwane. Demokrasi ya rona e a sebetsa, e tiile ebile e tsitsitse.

Baheso,

Molaotheo, oo motheo wa ona o leng Tokomaneng ya Tokoloho, o re Aforika Borwa ke ya bohle ba phelang ho yona. Boholo bo entswe ho kgothaletsa setjhaba se momahantseng bohle se bile se hloka kgethollo ya mmala.

Leha ho le jwalo, leeto le yang setjhabeng se hlokang kgethollo ya mmala ha le so phethelwe.

Setjhaba se ile sa tshoha kgweding e fetileng ha bobe ba semorabe bo kgwaphoha mehloding ya ditaba ya elektroniki, bo baka lehlaba le kotsi esita le makwebeta.

Monongwaha Letsatsi la Ditokelo tsa Botho, 21 Hlakubele, le tla ketekwa e le letsatsi la naha kgahlanong le semorabe. Le tla sebedisetswa ho rala motheo wa lenaneo la nako e telele la kaho ya setjhaba se hlokang kgethollo ya mmala.

Baheso, ke lakatsa ho le hopotsa ka dihopotso tse ding tse mmalwa tsa bohlokwa.

Selemo sa 2016 ke sa bo60 haesale basadi ba na ba hwantela Union Buildings ho ya tseka phediso ya melao ya dipasa. Re motlotlo ho ba le Mme Sophie de Bruyn ya teng hara rona, ya neng a le hara bahale ba baetapele mohwantong oo wa bohlokwa nalaneng ya rona.

Re boela re ananela boteng ba Mopresidente wa mehleng wa Black Sash, Mme Mary Burton. Re ananela menyabuketso e metle ya mokgatlo ona ho lwaneleng ditokelo tsa botho, toka le tekano.

Selemo sena se boetse ke sa bo40 haesale ha na ha eba le sefutho sa June 16 sa boitseko ba baithuti Soweto.

Re amohela Monghadi Sam Nzima, radinepe ya nkileng senepe se tummeng sa Hector Peterson a sikilwe ke Mbuyisa Makhubu le ausiae Antoinette.

Re boela re thoholetsa baithuti ba 1976 ka sebete sa bona sa ho tiya kgahlanong le mmuso o soto wa kgethollo. Re ananela e mong wa baitseki ba ka nako eo, Motlatsi wa Mongodi e Moholo wa Palamente, Mme Baby Tyawa, ya teng hara rona.

Monongwaha re boela re qeta dilemo tse 30 haesale ha na ha kwetelwa ha ba ha fenethwa ka sehloho ha ba Gugulethu Seven ke sepolesa sa kgethollo, ka Hlakubele ya 1986.

Yunivesithi ya Fort Hare e keteka dilemo tse 100 tsa yona, e leng katleho e kgolo nalaneng ya tokoloho, e seng ya naha ya rona feela empa ya kontinente. Meketjana ya naha e tla etsahala ka la 20 Motsheanong.

E re ke ananele Kgosana Mangosuthu Buthelezi wa lapa la bohosi ba Phindangene, moetapele wa IFP, eo e leng moithuti wa mehleng wa yunivesithi ena.

Selemo sa 2016 se boetse ke dilemo tse 100 tsa ntwa ya Deville Woods ho la France, e etsahatseng nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe.

Tharara ya masole a batho ba Batsho e ile ya lwana ntweng eo, empa ba ne ba tshwerwe hampe ka lebaka la mmala wa bona.

Sefika se tla kgutlisa seriti sa bona esita le botho, se reretswe ho apolwa ka Phupu monongwaha ho la France.

Baheso, ntumelleng le hore ke ananele baeti ba bararo ba kgethehileng ba bohlokwa ba nang le rona kajeno,

  • Modulasetulo wa Foramo ya Naha ya Baetapele ba Kereke ebile e le Moarekabishopo wa Motse Kapa, Moarekabishopo Thabo Makgoba.
  • Moarekabishopo Daniel Matebesi, Mopresidente wa Lekgotla la Naha la Bodumedi la Aforika Borwa le
  • Mobishopo Zipho Siwa, Mobishopo ya tshwereng marapo Kereke ya Wesele ka Borwa ba Aforika ebile e le Mopresidente wa Lekgotla la Dikereke la Borwa ba Aforika.

Mme Motsamaisi wa Dipuisano le Mme Modulasetulo,

Moruo o tiileng o bile o hola ka potlako, o setsiketsing sa maikemisetso a rona a maholo a phetoho moruong esita le Morerong wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Ha moruo o hola ka potlako, o fana ka mesebetsi. Basebetsi ba fumana meputso athe le dikgwebo di etsa phaello.

Motheo wa lekgetho o ba batsi mme o dumella mmuso ho eketsa tjhelete ya setjhaba o bile o fana ka ditshebeletso tsa thuto, bophelo bo botle, dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba le ditshebeletso tsa mantlha tsa mahala.

Moruo wa rona haesale o tobane le mathata ho tloha ka maqakabetsi a tsa ditjhelete a 2008. Re ile ra itahlela ka setotswana lenaneong le matla la ntshetsopele ya meralo ya motheo ho qholotsa kgolo.

Bonnete bo renang jwale ke ba hore, kgolo ya lefatshe lohle e ntse e eme tlekelele. Mebaraka ya tsa ditjhelete e boemong boo e hlokang botsitso. Matla a ditjhelete tsa mebaraka e ntseng e thuthua a nyotobetse jwale a nyoloha a ntse a theoha ka ho pharalla.

Ditheko tsa kgauta, polatinamo, mashala le dirafshwa tse ding tseo re di rekisetsang lefatshe lohle, di theohile haholo mme di ntse di tswelapele ho ba tlase.

Meruo ya dinaha tse pedi tsa balekane ba rona ho BRICS: Brazil le Russia – e lebelletswe ho notleha monongwaha. Ya boraro, China, e ke ke ya eba le sefutho sa kgolo seo e tummeng ka sona.

Hobane moruo wa rona o batla o le monyane o bile o bulehile, o angwa ke diketsahalo tsena tsohle.

Moruo wa rona o boela o angwa ke mathata a lapeng a kang dikgino le dikamano tsa diindasteri, tseo ka nako tse ding di hlokang botsitso.

Letlole la Ditjhelete tsa Matjhabatjhaba (IMF) le Banka ya Lefatshe, di lepa hore moruo wa Aforika Borwa o tla hola ka sekgahla se katlase ho 1% monongwaha. Sephetho le ntlhakemo tsa kgolo e fokolang ya moruo, di sisinya hore pokello ya tjhelete ya lekgetho e tla ba katlase ho moo e neng e lebelletsweng ka teng nakong e fetileng.

Ntho enngwe ya bohlokwa ke hore, naha ya rona e bonahala e le kotsing ya ho lahlehelwa ke boemo ba yona ba botsetedi ho ya ka diakgente tsa tokodiso Haeba seo se etsahala, re tla thatafallwa le ho feta hore re ka kadima tjhelete dinaheng tse ding ho tla kenya tjhelete mananeong a rona a ho aha bophelo bo botle ba bohle, haholoholo ho ba futsanehileng.

Maemo ana a hloka morero o motle wa hore re fetole mawa.

Ke taba ya hore ho etswe dintho ka mokgwa o fapaneng, esita le ho nka dikgato dinthong tseo e bang mohlomong ho ne ho sa nkuwa dikgato ho tsona ka potlako nakong e fetileng.

Ke tla le kumela dintlha tse mmalwanyana tseo re kgolwang hore di tla etsa phapang.

Ya pele, naha ya rona e dula e ntse e na le kgohedi botseteding. E ka nna ya tobana le diphephetso, empa dintle tsa yona di feta diphephetso tseo.

Re tlameha ho tswelapele ho bapatsa naha ya rona e le sebaka se setle sa botsetedi. Sena se hloka thasisetso ya rona bohle re le ba kgwebo, mekgatlo ya basebetsi le mmuso.

Haeba ho le teng dikganano le mathata dipakeng tsa rona, re tlameha ho di rarolla pele di ehlwa mekwalaba. Sena se a hlokeha molemong wa naha ya rona.

Re bile le dikopano tse beileng ditholwana tse ntle le ba kgwebo, ho akga kopano ya boemo bo hodimo le Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) ka Labobedi bekeng ena.

Re di utlwile ditshisinyo tse tswang ho ba kgwebo mabapi le kamoo re ka fetolang mawa ka teng, re be re busetse moruo motjheng wa kgolo.

Re di utlwile dintlha tsa tlhokeho ya ho thea meralo ya motheo ya tshehetso ya botsetedi bo nepahetseng.

Mmuso rala kgato ya Setsi sa Ntho Tsohle/Tsetela Aforika Borwa ho bontsha hore Aforika Borwa e fela e buletswe kgwebo. Re tla tsoka sephadi ho kenngweng tshebetsong ha tshebeletso ena, ka selekane sa rona le lekala la poraefete.

Kgato e jwalo e hloka hore mmuso o katolle dikgoro o be o shebe botjha ditshita dife kapa dife tsa ketsamelao le taolo.

Re se re theile Komiti e Kopaneng ya Matona Papatsong ya Botsetedi e tla netefatsa boteng ba katleho ya dikgato tsa papatso ya botsetedi.

Baheso, re di utlwile dingongoreho tse hlahisitsweng mabapi le tshebetso ya dikgwebo tsa mmuso le dikhamphane tseo e leng tsa mmuso (di-SOC).

Boholo ba di-SOC tsa rona di sebetsa hantle.

Sanral e ahile e meng ya mebila e metle ka ho fetisisa Gauteng le dikarolong tse ngata tsa naha ena. Sena se re etsa hore re be molakatswane wa dikarolo tse ngata lefatsheng ka bophara.

Lekgotla la Kotopo e Tshelang Mohokare le se le ahile matamo a nang le bokgoni bo fapaneng, e leng se thusang batho ba habo rona hore ba fumane metsi a ho nwa a hlwekileng.

Transnet e ahile meralo ya motheo ya diporo tsa diterene, e thusitseng merafo ya naha ya rona ho tsamaisa meqeqekohadi ya dihlahiswa ka madiboho a rona ho ya mebarakeng ya lefatshe ka bophara.

Eskom, ntle le diphephetso tsa yona, e ntse e kgona ho sutuletsa moruo pele, jwang kapa jwang.

Ditheo tsa rona tsa ntshetsopele ya tsa ditjhelete tse kang Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) kapa Banka ya Ntshetsopele ya Borwa ba Aforika (DBSA) le tse ding, di fane ka meralo ya motheo ya tsa ditjhelete, diindasteri tse fapaneng le dikgwebo tsa temothuo ka katleho, esita le kamora koduwa ya tsa ditjhelete lefatsheng ka bophara.

Bakeng sa hore di-SOC di kenye letsoho katlehong ya ho kenngwa tshebetsong ha NDP, di tlameha ho ba le botsitso ditjheleteng.

Di tlameha ho tsamaiswa le ho laolwa ka bokgabane. Re tla netefatsa hore ho kenngwa tshebetsong ditshisinyo tsa Khomishene ya Mopresidente ya Tjhebobotjha Dikgwebong tseo e leng tsa Mmuso, tse talolang kamoo ditheo di tlamehang ho tsamaiswa ka teng.

Motlatsi wa Mopresidente ke modulasetulo wa Komiti e Kopaneng ya Matona e filweng mosebetsi wa ho netefatsa hore ditshisinyo tsena di kenngwa tshebetsong.

Re tshwanela ho ntjhafatsa le ho tjhorisa matlataelo a dikhamphane re be re netefatse hore moo ho nang le kgatano ya matlataelo, ho ba le tharollo hanghang.

Dikhamphane tseo tse seng di se na thuso maikemisetsong a rona a ntshetsopele, di tla tshwanela ho kwalwa.

Mafapha a mmuso ao di itlalehang ho ona, a tla tshwanela ho rala morero a be a hlwae diporojeke tsa bohlokwa tse tla kenngwa tshebetsong ke di-SOC, ka nako e seilweng. Bodisa ba sebele le tlhahlobo ya tshebetso, di tla etswa.

Bokenadipakeng bona bo a hlokeha molemong wa kgolo esita le phokotso ya sekgahla sa mekitlane ya naha.

Baheso,

Re tlameha ho nka monyetla ona wa sekgahla sa kananyetsano esita le diphetoho tsa moraorao tsa molawana wa visa, ho matlafatsa bohahlaudi ba ka naheng.

Bohahlaudi ba Aforika Borwa bo tla tsetela R100 milione ka selemo ho bapatsa bohahlaudi ba lapeng, bo kgothaletse maAforika Borwa ho hlwahlwaela naheng ya ona.

Re di utlwile dingongoreho tsa dikhamphane mabapi le ditiehiso tsa ho fumana di-visa bakeng sa basebetsi ba melata ba nang le boqhetseke. Leha re kgetha hore bahiri ba qale ka basebetsi ba kwano lapeng, leano la rona la bojaki le tlameha ho bula dikgoro hore boqhetseke bo hahellang bo kenngwe lapeng.

Leano la nakwana la bojaki le tla tekelwa Kabinete nakong ya 2016.

Re a utlwile maipiletso a mabapi le botsitso ba leano lekaleng la merafo, haholoholo mabapi le Bili ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Dirafshwa le Peteroliamo.

Bili e ile ya busetswa Palamenteng ngwahola. Re emetse Palamente hore e phethele tshebetso ya yona, eo re tshepang hore e tla akofiswa.

Baheso,

Re hloka ho matlafatsa di-SMME e le ho akofisa kgolo ya tsona. Phihlello tshehetsong ya boleng bo hodimo ya kgwebo e hatetseng pele e ka ntlafatsa sekgahla sa katleho ya matsema a matjha.

Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane le ile la theelwa ho fana ka tshehetso e reretsweng dikgwebo tse nyane.

Phetoho ya moruo le matlafatso ya ba batsho di dula e le karolo ya bohlokwa ya mananeo ohle a moruo a mmuso. Bokenadipakeng bo bong ba rona bo botjha ke Sekema sa Boradiindasteri ba Batsho, se thakgotsweng ho kgothaletsa seabo sa bahwebi ba batsho tlhahisong.

Re kopa hore dikgwebo tse kgolo di sebedisane le bahlahisi ba batjha kgwebong, ho akga le dikgwebo tseo e leng tsa basadi le tsa batjha, e le karolo ya ho pharallisa boithuelo le taolo ya moruo.

Baheso,

Re motlotlo ka boemo ba rona ba ho ba ho tse 10 tse Kahodimo tlalehong ya qothisano ya lehlokwa Foramong ya Moruo wa Lefatshe ditshebeletsong tsa ditjhelete.

Ho boloka esita le ho ntlafatsa maemo a rona, ho bohlokwa boqothisanong lehlokwa ba rona re le naha.

Ho boetse ho bohlokwa tjantjellong ya rona ya ho ba kgubu ya tsa ditjhelete Aforika.

Dibanka, ka Mokgatlo wa Dibanka wa Aforika Borwa, di tla thakgola porojeke e reretsweng ho thea setsi sa makgabane a thupello ya ditshebeletso tsa ditjhelete le boetapele.

Sena se tla netefatsa hore re le naha re ka hohela, ra sutsisa, ra bopa ra ba ra boloka neo e ntle ka ho fetisisa ditshebeletsong tsa ditjhelete naheng ya rona, esita le kontinenteng ka bophara.

Ba tla sebetsa le Letona la tsa Ditjhelete esita le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba hore sena se etsahale. Re dumela hore kgabareng sena se tla netefatsa hore re ka eketsa bongata ba boqhetseke ba tsa ditjhelete re be re pharallise menyetla ya mesebetsi bakeng sa batjha ba bangata.

Porojeke ena ya leqheka la rona la lekala la dibanka, ke sephetho se setle se kgothatsang sa matshohlo a rona le ba kgwebo bekeng ena.

Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa Pele!

Baheso,

Re entse boikitlaetso ba ho sebedisa ditjhelete tsa setjhaba ka bohlale mme re tla pukutla tshenyo e sa hlokeheng, empa re sa nyehlise mosebetsing wa bohlokwa wa mmuso le phanong ya ditshebeletso setjhabeng sa rona.

Ka 2013, Letona la tsa Ditjhelete le tsebisitse ka dikgato tse ngatanyana tsa ho notla ditjeo.

Tshebediso e fetelletseng ya ditjhelete le tshenyo di fokoditswe, empa ho sa na le boholo bo tshwanelang ho etsuwa hore ho fokotswe tshenyo.

Ke lakatsa ho le tsebisa ka tse ding tsa dikgato phirimaneng ena.

Maeto a yang mose ho mawatle a tla fokotswa mme bao ba kopang tumello ba tla tlameha ho hlahisa mabaka a utlwahalang ba be ba bontshe molemo oo naha e tla o fola.

Lenane la meifo e tsamayang le tla fokotswa haholo le be le beelwe sekepele se lekanang ka mahohle.

Dithibelo tse ding tse amanang le diboka, dijo, boithabiso le meketjana ya setjhaba di tla thakgolwa.

Dilallo tsa nako ya dipuo tsa ditekanyetso bakeng sa ba amehang, tse tshwarwang ke mafapha a mmuso Palamenteng kamora dingangisano tsa ditekanyetso, ha di ka ke tsa hlola di ba teng.

Letona la tsa Ditjhelete le tla tsebisa ka dikgato tse tomanyana le dintlha tse ding puong ya ditekanyetso ka la 24 Hlakola.

Bolaodi ba phethahatso le diboto tsa ditheo tsa setjhaba le di-SOC, ba tlameha ho latela dikgato tse tshwanang.

Ke boela ke mema Ditonakgolo tsa diporofense tsohle tse robong esita le bomeyara, ho ikamahanya le rona ha re qala ho fedisa tshenyo kahare ho mmuso.

Ke a tshepa hore Palamente le Boahlodi di tla boela di phopholetswa hore di shebisise ho kenngwa tshebetsong ha dikgato tse tshwanang.

Baheso

Ntho e kgolo e jang tjhelete, eo re tla hwesheletsa Palamente ka yona hore e ke e e shebisise, ke tsamaiso ya metsemeholo e mmedi, Pretoria e le motsemoholo wa tsamaiso mmoho le Motse Kapa e le motsemoholo wa ketsamelao.

Re kgolwa hore taba eo e hloka ho nkelwa hloohong ke Palamente haufinyane.

Baheso

Bohle re na le boholo boo re tshwanelang ho bo etsa ho fetola moruo le ho pukutla tshenyo. Re tla feta nakong ya mathata ka nakwana e kgutshwane, empa mohla moruo o phahamang hape, re tla ikotla sefuba ka hore re ile ra etsa ntho e nepahetseng.

Baheso,

Ke kopa ho tlaleha ka boikitlaetso bo entsweng ngwahola.

Nakong ya Puo ya Boemo ba Naha ka Hlakola 2015

Ke ile ka tsebisa ka Morero o Ntlha Robong wa ho arabela kgolo e sisithehang.

Morero o ntlha robong o fupere:

  1. Tsosoloso ya temothuo le ho tsamaiswa ha dihlahiswa tsa temothuo;
  2. Ntshetsopele ya ho fola melemo, moo ho eketswang boleng matlotlong a dirafshwa tsa rona;
  3. Ho kenngwa tshebetsong ho hotlenyana ha sekgahla se hodimo sa Morero wa Tshebetso wa Leano la Diindasteri;
  4. Ho utolla bokgoni ba dikgwebo tsa SMME, tsa dikoporasi, tsa makeisheneng le tsa mahaeng;
  5. Ho rarolla mathata a eneji;
  6. Ho tsitsisa mebaraka ya mesebetsi;
  7. Ho phahamisa matsete lekaleng la poraefete;
  8. Ho hodisa Moruo wa Mawatleng;
  9. Momahanyo ya Dikarolo tse ngatanyana ho Hlabolla, ho matlafatsa le ho Kopakanya Moruo;
    1. Saense, thekenoloji le ntjhafatso
    2. Metsi le tlhwekiso ya dikgwerekgwere
    3. Meralo ya motheo ya dipalangwang
    4. Ho ntshuwa ha maqhubu a kopanelo
    5. Di-SOC.

Re se re entse kgatelopele ya bohlokwa ho kenngweng tshebetsong ha morero ona.

Kgatelopele e se e entswe ho tsitsisa phepelo ya motlakase. Ha ho e so ka ho ba le phifalo ya motlakase haesale ho tloha ka Phato ngwahola, e leng ntho e tlisitseng phomolo malapeng le diindastering ka ho tshwanang.

Mmuso o tsetetse R83 bilione ho Eskom, mme e ile ya thusa setheo sena ho tswelapele ka ho tsetela Medupe le Kusile, ha se ntse se tswelapele le ka lenaneo le kgabane la paballo.

Diyuniti tsa keketso tsa seteishene sa matla sa Ingula di tla hokelwa ka 2017, leha e le hore tse ding tsa tsona di tla qala ho sebediswa ka nako e le nngwe monongwaha.

Boiketo bo ntlha ngata ba Lenaneo la Ntjhafatso ya Bohlahisi bo Ikemetseng ba Matla bo hohetse matsete a R194 bilione.

Kgato ena ke mohlala o tiileng wa kamoo mmuso o ka sebedisanang ka teng le lekala la poraefete, ho fana ka ditharollo tse bonahalang phephetsong eo mmuso wa rona o tobaneng le yona.

Ka 2016, mmuso o tla kgetha baiketi ba tshwanelehileng bakeng sa bahlahisi ba ikemetseng ba matla a fehlwang ka mashala.

Kopo ya Ditshisinyo le yona e tla ntshuwa bakeng sa dikgeo tsa pele tsa kgase baiketing ba tsa matla.

Lenaneo la katoloso ya eneji ya nyutleleya le dula e le karolo ya motswako wa kamoso wa eneji.

Morero wa rona ke ho hlahisa di-megawate tse 9 600 ka selemoshome se tlang, kahodima tshebediso ya Setsi sa Matla a Nyutleleya Koeberg.

Re tla hlokola mebaraka ho netefatsa ditjeo tsa sebele tsa ho aha ditsi tsa sejwalejwale tsa nyutleleya.

E re ke thasisetse hore re tla reka nyutleleya ka sekala le mokoka oo naha ya rona e ka o kgonang feela.

Baheso,

Mmuso wa rona, ka Lefapha la Kgwebisano le Indasteri, le hlahisitse meropotso e mengatanyana dilemong tse mmalwa tse fetileng ho matlafatsa matsete makaleng a tlhahiso, haholoholo makaleng a dihlahiswa tsa masela, matlalo le makoloi.

Kgatelopele e se e entswe makaleng ana.

Meropotso ya lekala la makoloi e hohetse matsete a fetang R25 bilione dilemong tse hlano tse fetileng. Re amohela kahohlehohle matsete a bohlokwa a tswang ha Mercedes, General Motors, Ford, Beijing Auto Works, sehlopha sa Metair, BMW le VW.

Lekala la diaparo le masela le lona le tsitsisitswe kamora dilemo tse mmalwa tse bileng thata.

Dikhamphane tse kopantseng ba bangata tse kang Nestle, Unilever, Samsung le Hisense le tsona di se di amohetse Aforika Borwa e le kgubung ya tlhahiso ya lebatowa.

Di ntse di bolokile ebile di ekeditse matsete a tsona ditsing tse ntjha.

Kgatelopele e entsweng lekaleng la tlhahiso e bontshitse ka ho totobetseng hore mananeo a meropotso a sebetsa hantle a bile a na le kgohedi batseteding.

Baheso,

Ngwahola ke ile ka tsebisa ka mananeo a tsosolosa ya temothuo. Re hlahisitse lenaneo la Mapatlelo a Temothuo, le reretsweng ho eketsa seabo sa dihwai tse thuthuang diketsahalong tsa temothuo.

Kaho e se e qadile mapatlelong a temothuo a ka bang mehlano, e leng: Westrand e Gauteng, Springbokpan e Leboya Bophirima, Witzenberg e Kapa Bophirima, Ncora e Kapa Botjhabela le Enkangala e Mpumalanga.

Mananeo a temothuo a tlameha ho matlafatsa esita le dihwai tsa basadi. Ntumelleng ho le tsebisa mohlodi wa kgau ya Mohwebi wa Mosadi wa Selemo sa 2015, Mme Julia Shungube, wa masepaleng wa Nkomazi Mpumalanga.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang le Modulasetulo ya Hlomphehang,

Tlhabollo ya Mobu e dula e le ntlha ya bohlokwa ha re ntse re hahamalla pele ka phetoho.

Ngwahola ke buile ka moralo wa leano la 50/50, le sisinyang ditokelo tse tomanyana bakeng sa batho ba dulang ba bile ba sebetsa mapolasing.

Ditshisinyo tse 27 di se di amohetswe ho tswa dihwaing tse kgolo mme tse nne di se ntse di kenngwa tshebetsong Kapa Botjhabela le Freistata.

Ke ile ka boela ka etsa tsebisa ka Bili ya Taolo ya Maruo, e tla bea sekepele sa boithuelo ba mobu hore se se ke sa feta dihekthara tse 12 000, ebile e tla thibela melata hore e se ke ya eba beng ba mobu. Ba tla dumellwa kgiro ya mobu ya nako e telele. Bili ya nakwana e tla tekelwa Kabinete sehleng sa pele sa selemo.

Re ile ra boela ra tsebisa ka pulobotjha ya ditseko tsa mobu, bakeng sa batho ba ileng ba fosa letsatsi la ho qetela ka 1998. Lenane la ditseko tse ntjha tse kentsweng tsa mobu le ne le le haufi le 120 000 ka Tshitwe ngwahola.

Baheso,

Jwalokaha re tseba, diporofense tse hlano di anngwe haholo ke komello, tsona ke Leboya Bophirima, KwaZulu-Natal, Freistata, Limpopo le Mpumalanga.

Mmuso o fana ka dithuso dibakeng tse amehileng. Komello ke qaka e le kannete diporofenseng tse ngata. Diphoofolo di a shwa athe le temo e saletse morao. Ena ke nako e boima.

Mmuso o tla tswelapele ho tshehetsa dihwai esita le ho thusa setjhaba ka dilori tse tlisang metsi.

Ere ke nke monyetla ona ho thoholetsa kgato e nkilweng ke setjhaba, ya Operation Hydrate le tse ding, ka thuso ya phano ya metsi dibakeng tse ngata tse thefulehileng.

Kaho ya meralo ya motheo ya metsi e dula e le ya bohlokwa, ho etsetsa hore re atametse metsi setjhabeng sa rona esita le diindastering.

Mokgahlelo wa pele wa porojeke ya sebaka sa Limpopo ya Kgodiso ya Metsi a Mokolo le Mokgalakwena e se e sebetsa kahohlehohle. E tla fana ka 30 milione ya dimithara tsa tjhubiki.

Ho phahamiswa ha lebota la Letamo la Clan William Kapa Bophirima, ho bolela ho phahamisa bophahamo ba letamo ka dimithara tse 13 e le ho fana ka keketso ya phepelo ya metsi.

Lefapha la Metsi le Tlhwekiso ya Dikgwerekgwere le se le qadile ka lenaneo la lona la ho rupella batjha ba 15 000 e be diathisene, e le ho fedisa tshenyo ya metsi.

Mme Motsamaisi wa Dipuisano,

Mme Modulasetulo,

Ntlafatsong ya dikamano tsa basebetsi, re amohela tumellano e fihlelletsweng ke balekane ba setjhaba ho Nedlac ka taba ya sekepele se tlase sa meputso ya naha.

Dipuisano di tswelapele ka boemo boo sekepele se tlase sa meputso se tlamehang ho bewa teng.

Ho bohlokwa ho thasisetsa hore sekepele se tlase sa meputso ya naha se tshwanela ho kenngwa tshebetsong ka mokgwa o sa tlo nyenyefatsa tlhahiso ya mesebetsi, tswelopele ya dikgwebo tse nyenyane kapa boitjaro ba kgolo ya moruo.

Re boela re kgothatswa ke ditlaleho tsa Nedlac tsa hore moralo o tla tsitsisa mebaraka ya basebetsi ka ho fokotsa bolelele ba diteraeke le ho fedisa merusu nakong ya diteraeke, o a phethelwa.

Re di utlwile dingongoreho tsa basebetsi ka Sehlomathiso sa Molao wa Lekgetho seo ke se tekenneng hore e be molao ka Tshitwe, kamora hore se fetiswe ke Palamente.

Mmuso o kgokgahanya puo le COSATU ka taba ena mme tharollo e ntse e tsongwa.

Dipuisano di boetse di tswelapele kahare mmusong, di etelletswe pele ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le la Matlotlo a Setjhaba, mabapi le ho phethela leano le momahaneng la tshireletso ya setjhaba.

Baheso,

Dilemong tse mmalwa tse fetileng, lekala la rona la merafo le ne le le qomatsing, haholoholo merafong ya polatinamo.

Maemo a ntlafetse mme re thoholetsa ba kgwebo le ba bosebetsi ka kgatelopele e entsweng.

Ketsahalo enngwe e ntle lekaleng la merafo e ne e le Tsebiso ya Baetapele ya ho Baballa Mesebetsi, e ileng ya tekenwa ke ba amehang indastering ya merafo ka Phato ya 2015.

Re kopa hore mahlakore ohle a kenye tshebetsong tumellano eo a be a tswelepele ho tsoma mekgwa ya ho baballa mesebetsi.

Re ipiletsa ho ba kgwebo, hape, hore ho heletsa batho mesebetsing ha e a tshwanela ho ba ntho ya pele eo ba e etsang ha ba tobane le mathata.

Baheso,

Ka 2014 re thakgotse tshebetso e tummeng ya mokgwa wa diphetho tsa operation Phakisa Big Fast ra ba ra o kenya tshebetsong makaleng a moruo wa mawatleng, bophelong bo botle, thutong le merafong.

Ho se ho nyehetswe ka R7 bilione disebedisweng tse ntjha tsa madiboho, kamora kananelo ya mmotlolo wa Selekane sa Setjhaba le Poraefete bakeng sa kaho ya meralo ya motheo ya madiboho ke Lekgotla la Transnet la Madiboho a Naha.

Baheso, re ne re ngongorehisitswe ke hore Aforika Borwa ha e na dikepe empa re potapotilwe ke lebopo la lewatle le ka bang dikhilomitara tse 3 000.

Ka karolo ya moruo wa mawatleng ya Operation Phakisa, re leka ho rarolla phephetso ena.

Ke motlotlo ka hore dikepe tse pedi tsa tonanahadi tsa thepa di se di ngodisitswe Port Elizabeth, athe sa boraro se Motse Kapa tlasa folakga ya Aforika Borwa.

Ketsahalo enngwe e ntle ya Operation Phakisa e bile ho kgakolwa ha sesebediswa sa polokelo ya mafura kwano Motse Kapa, e tlisa botsetedi ba R660 milione.

Dijalo tsa mawatleng ho bonahala e le kgolo ya bohlokwa kahara karolo ya moruo wa mawatleng wa Operation Phakisa.

Matsete a lekala la poraefete a ka bang R350 000 a se a nyehetswe lekaleng la Dijalo tsa mawatleng. Mapolasi a robong a dijalo tsa mawatleng a se a sebetsa. Mapolasi ana a kahare ho Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal, Kapa Bophirima le Kapa Leboya.

Re tswelapele ho kgothaletsa ntjhafatso kahare ho lenaneo la Morero o Ntlha Robong.

Lefapha la Saense le Theknoloji le tla phethela letlole la Ntjhafatso e Ikemetseng, selekane sa ditjhelete tsa Setjhaba le poraefete se reretsweng ho etsa kgwebo ka dintjhafatso tse tswang maikutlong a makala a setjhaba le a poraefete.

Mmuso o tla akofisa ho kenngwa tshebetsong ha mokgahlelo wa pele wa ho ntshuwa ha maqhubu a kopanelo ho hokela disebediswa tsa mmuso tse fetang 5 000 bomasepaleng ba robedi ba ditereke ka nako ya dilemo tse tharo.

Ntlheng ena, ditjhelete tse fihlellang ho R740 milione nakong e fetang dilemo tse tharo, e se e abilwe.

Baheso,

Ngwahola ho entswe mosebetsi o mongata, esita le lekaleng la setjhaba.

Mmuso o se o arabetse mathateng a ditjhelete a tswang tabeng ya ho eketswa ditjhelete tsa ditefello tsa dithuto ka 0% diyunivesithing, jwalokaha ho dumellanwe le baithuti le batlatsi ba makhanselara ngwahola.

Letona la tsa Ditjhelete le tla fana ka dintlha tse tebileng ka ditjhelete tsa mathata a thuto Puong ya Ditekanyetso.

Ke kgethile Khomishene ya Dipatlisiso ya Boahlodi ho lekola tsa thuto e phahameng. Re kopa bohle ba amehang ho sebedisana le Khomishene esita le ho e thusa hore e atlehe.

Lehlakoreng la tsa bophelo bo botle, dilemo tse lebelletsweng tsa ho phela tsa maAforika Borwa a matona le a matshehadi e ntlafetse haholo mme mothating wa jwale ke dilemo tse 62 bonng bohle, e leng keketseho ya dilemo tse robedi le halofo haesale ho tloha ka 2005.

Leano la phetolo la HIV ka 2009 le lebisitse ho ntshuweng ha diteko le kalafo tsa HIV bakeng sa batho ba 3.2 milione ba nang le kokwanahloko ena.

Sena se thusitse haholo maphelong a matle a bile a le molelele bakeng sa bao ba tshwaetsehileng.

Re ananela ho kenngwa ha letsoho ke balekane ba Lekgotleng la Naha la Aids la Aforika Borwa (SANAC), leo modulasetulo wa lona e leng Motlatsi wa Mopresidente.

Kgato ya rona e latelang ke ho tsosolosa matsholo a ho thibela, haholoholo batjheng. Haufinyane Letona la Bophelo bo Botle le tla tsebisa ka letsholo le leholo ntlheng ena.

Ke boetse ke motlotlo ho tsebisa hore khamphane eo e leng ya mmuso e etsang meriana, Ketlaphela, e se e theilwe. Khamphane ena e tla ba le seabo phepelong ya dianti-retrovaerale Lefapheng la tsa Bophelo bo Botle ho tloha ka selemo sa ditjhelete sa 2016/17.

Ho sa le jwalo, Pampiri e Tshweu ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) e ile ya ntshuwa ka Tshitwe, mme e reretswe ntlafatso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ba e mong le e mong ya Aforika Borwa.

Baheso,

Dikgetho tsa bomasepala di tla tshwarwa nakong ya dikgwedi tse tharo kamora la 18 Motsheanong, letsatsi leo e neng e le la dikgetho tse fetileng.

Re kopa baahi bohle ba kahodimo ho dilemo tse 18 ho ingodisetsa ho kgetha nakong ya mafelo a pele a beke a boingodiso, ka la 5 le la 6 Hlakubele 2016.

Re kopa batjha haholoholo ba tla ba le dilemo tse 18 monongwaha, ho ingodisa ka bongata bakeng sa monyetla wa pelepele wa hore ba kgethe.

Morero wa rona wa mmuso wa dibaka wa ho Kgutlela Sethathong o ile wa thakgolwa ka Loetse ya 2014 mme 2015 e bile selemo sa ho kenngwa tshebetsong ho matla.

Mokgahlelong wa bobedi wa ho kenngwa tshebetsong, mmuso wa naha o tla tshohla ka dikgato tse tomanyana tsa bodisa le boikarabelo.

Sena se akga diketelo feela tse sa tsebiswang bomasepaleng, ditlhahlobo tsa hanghang tsa mesebetsi ya bolaodi ba ho reka le ho rekisa thepa; ho kenngwa tshebetsong ha ditshisinyo tsa ditlaleho tsa forensiki, ketelo ya ditsha tsa diprojeke tse filweng tjhelete ke Dithuso tsa Ditjhelete tsa Meralo ya Motheo ya Bomasepala, le bokenadipakeng bo ekeditsweng ho thusa bomasepala ba hulang ka falese.

Morero o ntlha shome wa diketso tse ka sehloohong tsa ho Kgutlela Sethathong o se o theilwe ho tataisa mokgahlelo ona o latelang.

Morero ona o akga kgothaletso ya dipuisano le setjhaba, e leng ntho e bohlokwa kahohlehohle ho thusa setjhaba ho fana ka tlaleho ka malebela a sona a mmuso wa dibaka.

Ke se ke ile ka ja tikamotse renkeng ya ditekesi le dibese Marabastad Pretoria ka Mantaha, ho ya buisana le baitshokodi le bapalami.

Boholo ba ditletlebo le dintho tse hlahisitsweng di amana le ditshebeletso tsa masepala.

Ba lakatsa hore masepala wa Tshwane o hlwekise sebaka seo o be o lokise dipeipi tse senyehileng tsa dikgwerekgwere. Baitshokodi ba itse ba hloka ditshebeletso tseo e bile ba ikemeseditse ho di lefa.

Ba ntlhokomedisitse hore batho ba bangata ba Elandspoort ba fumana matlo a RDP empa bakeng sa hore ba dule ho ona, ba a rekisa kapa ba a rentisetse batho ba bang.

Mofumahadi Baloyi ya nang le sekgutlwana sa kgwebo, o tletlebile ka bao ba sebedisang sethethefatsi sa Nyaope mme ba utswetsang baitshokodi.

Bapalami ba bang ba itse ke tlameha ho etela Kwaggafontein KwaNdebele ya mehleng ke ilo bona kgaello ya phano ya ditshebeletso. Ke tla etela sebaka seo haufinyane.

Ke ile ka boela ka kgona ho buisana le melata e ileng ya re e koloka kamehla ho ya etsa kopo ya ditokomane tsa semmuso tsa bodulo Lefapheng la Merero ya Lehae. Re tla nne re tswelepele ho etela dibaka ho ya utlwa dingongoreho le ditshisinyo tsa bona. Ditaba tse hlahisitsweng nakong ya ketelo di tla salwa morao ke mafapha a tshwanelehileng.

Baheso,

Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa e fetola mawa mme e se e sebedisa mokgwa wa Kgutlela Sethathong ho laola le ho aha mokgatlo botjha esita le ho ntlafatsa tshebetso metebong yohle ya sepolesa e sa sebetseng hantle.

Re beha hape ka bohloko hore bahlanka ba sepolesa ba 57 ba fenethilwe ho fihlela jwale nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2015/16. Re e tshwela ka mathe ketso ena ya botlodi ba molao.

Re kopa mapolesa hore a itshireletsa ha a hlaselwa, mme a etse jwalo a ntse a ipapisitse le dikateng tsa molao.

Baheso,

Kontinente ya Aforika e dula e le setsiketsing sa dipuisano tsa rona tsa leano la tsa kantle.

Aforika Borwa e tswetsepele ho tshehetsa kgotso le tshireletso esita le momahanngo ya moruo wa lebatowa ka ho ba le seabo dikgatong tsa Kopano ya Dinaha tsa Aforika (AU) le Ntshetsopeleng ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC).

Re tswetsepele ho thusa dinaha tse haufi tsa Aforika ho rarolleng mathata a tsona, mohlala ke Lesotho le Sudan Borwa.

Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa (SANDF) le emetse naha ka sebete le ka bokgabane mererong ya ho boloka kgotso kontinenteng. Re motlotlo e le kannete ka masole a rona. A tla be a bapatsa bokgoni ba ona mane Port Elizabeth ho tloha ka la 13 ho isa ho la 21 Hlakola, e leng mokete wa Letsatsi la Mabotho a Hlometseng.

Tumellano ya dinaha tsa BRICS ka Banka e Ntjha ya Ntshetsopele kapa Banka ya BRICS e tlile ka sekgahla mme banka e lebelletswe ho tjhaella monwana diprojeke tsa yona tsa tlhomamiso ka Mmesa monongwaha.

Re bile le seabo Sebokeng sa India-Aforika esita le Foramong ya Tshebedisanommoho dipakeng tsa Aforika le China ha re ntse re tiisa dilekane tsena tsa bohlokwa.

China e tsebisitse ka matsete a $50 bilione, moo Aforika Borwa e tla fumana $10 bilione bakeng sa meralo ya motheo, diindasteri le ntshetsopele ya boqhetseke.

Tshebedisanongmmoho ya Leboya-Borwa, re tswetsepele ka dipuisano tsa rona le Kopano ya Dinaha tsa Yuropa (EU) e le momahano eo e leng molekane e moholoholo wa kgwebisano le motsetedi wa kantle.

Dikhamphane tse fetang 2 000 tsa EU di sebetsa kahare ho Aforika Borwa mme di theile mesebetsi e fetang 350 000.

Dikamano tsa Aforika Borwa le Amerika le Canada di ntse di tswelapele ho matlafala, haholoholo lehlakoreng la moruo, bophelo bo botle, thuto, eneji, metsi, polokeho le tshireletso, kaho ya bokgoni le matlafatso ya basadi.

Ntjhafatso le keketso ya Molao wa Kgolo le Monyetla wa Aforika (AGOA), e fana ka lepatlelo la ntlafatso ya diindasteri le momahanyo ya lebatowa. Dintho tse ding tsohle tse saletseng morao tse mabapi le AGOA di ntse di lokiswa.

Baheso,

Re lakaletsa baatlete bohle ba loketseng ho ya Dipapading tsa Diolimpiki tse tla tshwarelwa Rio de Janeiro mahlohonolo.

Re kgothaletsa ho ba le seabo mananeong a mangatanyana a reretsweng ho ntlafatsa ho phela hantle le kaho ya setjhaba.

Ona a akga Letsatsi la Naha la Boithabiso, Letsatsi la Nelson Mandela la Dipapadi le Botjhaba; Letsatsi la Lefatshe la Tshisinyeho molemong wa Bophelo bo Botle, Dipapadi tsa Kgauta le Letsatsi la Ntshetsopele ya Kolofo la Andrew Mlangeni.

Baheso,

Komiti e se e theilwe ho hlophisa seabo sa mekaubere ya rona ya bonono diketsahalong tsa kaho ya setjhaba naha ka bophara.

Komiti ya Mekaubere e Phelang e etelletswe pele ke mongodi Monghadi Welcome Msomi mme o sebetsa le kgalala ya mmino, Mme Letta Mbulu, e le motlatsi wa modulasetulo.

Re boetse re thabile ka hore dibini le bonketsisane, ho ba bang, ba amohetse boipiletso ba rona ba ho kopana, mme ba theile Mokgatlo wa Indasteri ya Bonono wa Aforika Borwa. Bopresidente bo theile Sehlopha sa Bopresidenteng sa Diindasteri tsa Bonono ho tshehetsa banono ba rona.

Baheso,

Ho fihlella sepheo sa rona sa ho thea mesebetsi, ho fokotsa ho se lekane le ho fedisa bofuma, re hloka kgolo e potlakileng.

Ho NDP, re ipeetse peelo ya tjantjello ya kgolo ya 5% ka selemo, eo re tshepang hore re tla e fihlella ka 2019.

Ha re sheba maemo a moruo ao ke buileng ka ona pejana, ho totobetse hore ha re ka ke ra fihlella peelo ya kgolo eo ka nako eo re neng re tshepa hore re tla e fihlella ka yona.

Maemo a boima a lefatshe lohle le a kwano lapeng a tla re qobella hore re tiise meqheleba, re sebedisane re le makala ohle. Ntlheng ena, ho bohlokwa ho hata ka bohlale ho tlosa ditshitsa tsa kgolo kwano lapeng.

Ha re ka ke ra fetola maemo a moruo lefatsheng lohle, empa re ka etsa haholwanyane ho fetola maemo a kwano lapeng.

Ha re sebetseng mmoho ho fetola maemo. Re ka etsa phapang.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore