Boingodiso jwaloka mooki wa porofeshine

Ha o batla ho sebetsa jwaloka mooki kapa mooki ya pepisang naheng ya Aforika Borwa, o lokela ho ingodisa le Lekgotla la Booki la Aforika Borwa.

Setifikeiti se seng le se seng seo Lekgotla le nehelang ka sona, ke bopaki ba hore motho eo a se fumaneng o ngodisitswe boemong ba seo setifikeiti se se bolelang nakong ya dikgwedi tse 12 ho tloha letsatsing le hlahellang setifikeiting. Ho tloha mono o lokela ho lefa ditefello tsa selemo le selemo mme o tla nehwa Setifikeiti sa Selemo le Selemo sa ho Sebetsa (APC) hore o tle o sebetse boemong ba booki ba hao. APC jwale e tla sebetsa jwalo ka bopaki ba boingodiso bakeng sa mangolo kaofela a thuto a hlahellang ho sona.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le tsela ya boingodiso ho websaeteng ya Lekgotla la Booki kapa iteanye le bona ho 012 420 1000 kapa  registrar@sanc.co.za.

 

Share this page