Ho ba lepolesa la boithaopi

Ha o batla ho nka karolo mesebetsing ya sepolesa Tshebeletsong ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) ka ho ithaopa, o tlameha ho etsa kopo ya ho ba lepolesa la boithaopi.

Lepolesa la boithaopi ke setho sa setjhaba se etsang mesebetsi ya mapolesa kapa ditshebeletso tsa SAPS nakwana (bonyane dihora tse 16 ka kgwedi) a ithaopile ntle le tefo.

O ke se kgethwe ho ba lepolesa la boithaopi ha o:

  • tlohedisitswe mosebetsing o fetileng hobane o sa phela hantle mmeleng.
  • kile wa ba setho sa SAPS seo kopo ya sona ya ho boela mosebetsing e qheletsweng ka thoko
  • sebetsa mosebetsi o mong le o mong ofising kapa mokgatlong wa dipolotiki
  • le moqolotsi wa ditaba wa nako tsohle kapa o emetse boqolotsi bo itseng
  • o le moithuti
  • o le mosebeletsi wa tsa tshireletso
  • o le setho sa tshebeletso ya sepolesa sa mmasepala.

Ho ba lepolesa la boithapi o tlameha ho:

  • ba le bodulo bo tsitseng Rephaboliking ya Aforika Borwa
  • ba bonyane ba dilemo tse 18 le tse ka tlase ho tse 70
  • hloka mafu a kelello, lefu kapa bothata bo ka o thibelang ho etsa mesebetsi ya hao ka nepo
  • ba le maitshwaro a matle, moo ho ka fumanwang tse ntle tse fetileng ka wena
  • qeta ka katleho diteko/tlhahlobo ya monahano jwaloka ha e tla hlahiswa ke mokhomishinara wa naha
  • ba le bonyane lengolo la materiki kapa le lekanang le lona leo o tlamehang ho fanang ka tokomane ya lona ya bopaki
  • kgona bonyane ba ho bua, ho bala le ho ngola ka Senyesemane jwalo ka he e le e nngwe ya dipuo tse molaong
  • dumella hore o nkuwe dikgatiso tsa menwana mme o se fumanwe o le molato tlolong ya molao kapa o santse o qosetswa tlolo ya molao
  • itokisetsa ho rupellwa
  • nka kano ya mosebetsi
  • se be le botaki ba mmeleng bo bonahalang.

Ho ba le lengolo la ho kganna ho a kgothaletswa empa ha se ntho eo o tlamehileng ho ba le yona ho ba lepolesa la boithaopi.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho ba lepolesa la boithaopi kapa o kopane le Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.

 

Share this page