Kopo ya ho amohela setswantle sa dikhemikhale

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho tlisa dikhemikhale kahare ho naha

Ho tlisa dikhemikhale tse ding kahare ho Aforika Borwa, o hloka tumello ho tswa Khomisheneng ya Tsamaiso ya Kgwebisano Matjhabeng (ITAC). ITAC e tla nka qeto hore na ho molemong wa setjhaba ho tlisa dikhemikhale kapa tjhe.

Dikhemikhale di laolwa ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa Tumellano ya Montreal le Tumellano ya semmuso ya 1988 ya Ditjhaba tse Kopaneng Kgahlanong le Thekiso e sa dumellwang ya Dithethefatsi tsa Narcotic le dintho tsa Psychotropic. Ana ke matsapa a matjhabeng a ho tshireletsa molalella wa ozone le ho lwantsha ketso/tlhahiso le thekiso ya dithethefatsi matjhabeng.

Ha o etsa kopo ya phemiti ya ho tlisa dikhemikhale tsena kahara naha, o tlameha ho fumana lengolo la kgothalletso ho tswa Tshebeletsong ya Sepolesa sa SA (SAPS) kapa ho tswa Lefapheng la Merero ya Tikoloho (DEA).

O lokela ho etsang

  • Tlatsa diforomo tse latelang tsa kopo:
  • Isa tse latelang:
    • khopi ya setefikeiti sa hao sa vat
    • khopi e netefaditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso haeba o sa tshwara setefikeiti sa vat
    • dikgothalletso ho tswa SAPS moo ho tliswang dikhemikhale tse hlahellang lenaneng la Tumellano ya semmuso ya 1988 e Kgahlanong le Thekiso e sa dumellwang ya Dithethefatsi tsa Narcotic le dintho tsa Psychotropic
    • kgothalletso e tswang DEA ha dikhemikhale di hlahella lenaneng la Tumellano ya Montreal.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka nako e fihlang ho matsatsi a mararo hore ho fanwe ka phemiti ya ho tlisa thepa naheng.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Dintlha tsa ho iteanya

 

ITAC national office - Import and Export Control

Tel: 0861 834 384, 012 394 3590, 012 394 3591
City/town: Pretora
Province: Gauteng
Physical address: International Trade Administration Commission, 77 Meintjies Street, Block D, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address: Private Bag X753 Pretoria, 0001
Web address: http://www.itac.org.za

Share this page