Tshebeletso ya poso e tsamaiswang ke dikgwebo tsa poraefete

Dintlha ka
Seo o tshwanelang ho se etsa
Ho nka nako e kae
Ho bitsa bokae
Diforomo tse tlatsuwang
O ka ikopanya le mang

 

 

Dintlha  mabapi le laesense ya tshebediso ya tshebeletso ya poso e tsamaiswang ke dikgwebo tsa poraefete

Batho kapa dikgwebo tsa poraefete ba ka etsa dikopo tsa laesense ya ho tsamaisa tshebeletso ya poso e tsamaiswang ke dikgwebo tsa poraefete.

Ditshebeletso tsa poso tse tsamaiswang ke dikgwebo tsa poraefete di kenyeletsa:

  • mangolo kaofela, diposekarete, dikgatiso, diphasele tse nyenyane le dintho tse ding tse ka poswang tse welang kantle ho lepatlelo la ditshebeletso tsa poraefete
  • ditshebeletso tsa dikhoria le tshebeletso efe kapa efe e welang kantle ho lepatlelo la ditshebeletso tsa poraefete

Setifikeiti sa Boingodiso se molaong nakong ya selemo se le seng ho tloha letsatsing la ho ntshwa ha sona.

Seo o tshwanelang ho se etsa

  1. Tlatsa foromo ya kopo ya Form A.
  2. Lefa tefello ya kopo ya hang feela e sa busetsweng, ka mokgwa wa eleketeroniki kapa o kenye tjhelete ka kotloloho ho Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa, akhaonteng ya Nedbank ya 1454090456, Lekala la Corporate Client Services Johannesburg, Khoutu ya lekala: 145405.
  3. Kgomaretsa bopaki ba tefello foromong ya kopo.
  4. Fana ka foromo ya kopo pele ho 16:00 nakong ya matsatsi a tshebetso.

Ho nka nako e kae

Laesense e ka loka ka mora matsatsi a 30.

Ho bitsa bokae

Tariffs 2020/21
 

Diforomo tse tlatsuwang

Application for registration to operate unreserved postal service

O ka ikopanya le mang

 

ICASA head office
Tel: 012 568 3000/3001
E-mail: info@icasa.org.za 

Physical address: 350 Witch-Hazel Ave, Eco-Park Estate, Centurion, 0144
Postal address: Private Bag X10, Highveld Park 0169

Regional offices

 

Share this page