Puo ya Boemo ba Naha ka Mobabatsehi Jacob G Zuma, Moporesidente wa Rephaboliki ya Aforika Borwa moketjaneng wa ho Dula ha Palamente ka Kopanelo, Motse Kapa

13 Feb 2014

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang wa Seboka sa Naha,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP);
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP;
Motlatsi wa Moporesidente wa Rephaboliki, Mohlomphehi Kgalema Motlanthe;
Motlatsi wa Mehleng wa Moporesidente Mme Baleka Mbethe,
Moahlodi e Moholo ya Hlomphehang wa Rephaboliki, le ditho tsohle tse kgabane tsa Boahlodi;
Bahlomphehi Matona le Batlatsi ba Matona,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Diporofense tsa rona ka ho Qolleha;
Modulasetulo wa Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Aforika Borwa (SALGA), le boetapele bohle ba mmuso wa dibaka;
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso;
Dihlooho tsa Ditheo tsa Kgaolo ya 9 tsa Puso tse Tshehetsang Molaotheo wa Demokerasi;
Mmusisi wa Banka ya Risefe,
Baetapele ba tsa kgwebo, dipapadi, setso, bodumedi le Makala ohle,
Ditho tsa boqosa, baeti ba Kgethehileng le ba qollehileng,
Ditho tse Hlomphehang,
MaAforika Borwa a heso,

Good evening, sanibonani, molweni, dumelang, riperile, ndimadekwana, goeienaand.

Ke batla ho leboha Bahlanka ba Baholo ka monyetla ona wa hore ke bue le batho ba Aforika Borwa, moketjaneng ona wa Puo ya ho qetela ya Boemo ba Naha, ya botsamaisi ba bone ba demokrasi.

Ke batla ho fetisa matshediso ka ho hlokahala ha Mohlomphehi Ntate Ben Skhosana, e mong wa ditho tse sebeditseng ka nako e telele ebile e le e mong wa batho ba baholo ka ntlong ena e hlomphehang athe e ne e le Letona la Mehleng la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa.

Re utlwile bohloko haholo ka ho hlokahala ha hae ka tshohanyetso.

Re fetisetsa matshediso a rona lelapeng la hae, le ho Shenge, moetapele wa IFP le ho ditho tsohle tsa IFP.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,

Modulasetulo ya Hlomphehang wa NCOP,

Ena ke Puo ya pele ya Boemo ba Naha ho etsahala Moporesidente wa pele, Mobabatsehi Nelson Rholihlahla Mandela a le siyo.

Ho hlokahala ha hae, selemong se etellang pele selemo sa bo20 sa tokoloho ya rona le demokrasi, ho hlabile batho babo rona habohloko esita le ka nqane ho meedi ya rona.

Re tshediswa ke ho tseba hore Madiba o tla phela ka ho sa feleng dipelong tsa rona, le hore re na le boikarabelo ba ho ntshetsapele mosebetsi wa hae.

Ditho tse Hlomphehang,

Naha ya rona e hlahisitse banna le basadi ba qollehileng, ba faneng ka boetapele dinakong tsa mathata.

Moetapele e mong ya jwalo e ne e le Ntate Moses Kotane, motshwari wa mehleng wa matlotlo ka kakaretso wa ANC ebile e le mongodikakaretso wa mehleng wa SACP.

Re tlotlehile ka boteng ba mofumahadi wa hae, Mme Rebecca Kotane, e le moeti wa rona wa bohlokwa phirimaneng ena.

Mme Kotane o qetile dilemo tse 102 maobane, mme re mo lakaletsa mahlohonolo.

Re boela re hlompha Moporesidente wa mehleng wa ANC Ntate Oliver Tambo, ya ileng a boloka lebone la tokoloho le ntse le tuka kwano lapeng esita le kantle dinakong tsa mathata a ntwa ya tokoloho.

Mora wa hae, Dali le mofumahadi wa hae Rachel ba na le rona moketjaneng ona phirimaneng ena.

Re hlompha Solomon Mahlangu, mohlankana ya sebete ya ileng a ya thapong a rakalletse ka 1979 moo a ileng a fanyehwa teng a le dilemo di 23. O ne a re: “Madi a ka a tla nontsha sefate se tla bea ditholwana tsa tokoloho. Bolellang batho beso hore ke a ba rata. Ba tlameha ho hahamalla pele ka ntwa”.

Re tlotlehile ka boteng ba mme wa hae, Mme Martha Mahlangu le setloholo sa hae Bathabile.

Selemo sa 2014 se boela e ba sehopotso sa bo40 sa ho fenethwa ka bokwala ha moetapele wa baithuti, Abram Onkgopotse Tiro, ka phasele e neng e na le seqhomane ka 1974 Botswana.

Re amohela moena wa hae, Mogomotsi Tiro moketjaneng ona. Re fetisa teboho ya setjhaba, ka ho intsha sehlabelo ha moholwane wa hae.

Re hopola bao ba hlokahalletseng merusung e neng e tsheheditswe ke mmuso dilemong tsa bo1980 le 1990 makeisheneng le metsaneng ya habo rona.

Mme Jabu Ndlovu, moemedi wa basebetsi wa Mokgatlo wa Naha wa Basebetsi ba Tshepe wa Aforika Borwa (NUMSA), o ile a thunngwa ka 1988 Pietermaritzburg mmoho le monna wa hae le mora wa bona.

Re amohela moradi wa hae Luhle le mora, Sanele, mme re hlompha malapa ohle a shwetseng ke beng ka bona, lepatlelong la dipolotiki ka kakaretso.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,

Modulasetulo ya Hlomphehang wa NCOP,

Re ile ra kgona ho le hlola lehlaba leo la nako e fetileng mme ra aha setjhaba se setjha.

Re ahile ditheo tse matla tsa demokrasi.

Re bitletse mmuso o se nang demokrasi, o se nang boemedi, wa kgatello o bile o le bonyofonyofo o neng o sebeletsa ba mmalwa.

Re bopile mmuso wa demokrasi o kopaneng, o se nang kgethollo ya morabe o arabelang o bile o emetse MaAforika Borwa ohle.

Re theile demokrasi ya molaotheo e hlamaselang, ka Makala a mmuso a sebetsang hantle – ketsamelao, phethahatso le boahlodi.

Re na le ditheo tsa kgaolo ya 9 tse tshehetsang demokrasi di bile di tshireletsa ditokelo tsa baahi.

Tokoloho le demokrasi le tsona di theile lepatlelo la setjhaba se sebetsang le mediya e lokolohileng.

Tokoloho e boetse e tlisitse tshepiso ya tekano ya bong, lekgetlo la pele. Boemedi ba basadi bo eketsehile haholo ditheong tsa mmuso haesale ho tloha ka mafube a tokoloho, athe katoloso ya ditshebeletso tsa mantlha le yona e thusa basadi.

Makgetha ana ohle a entse Aforika Borwa hore e be sebaka se betere ho phela ho sona jwale ho feta neng kapa neng.

Leha ho le jwalo, naha ya rona e ntse e tobane le diphephetso tse tharo tsa bofuma, ho se lekane le leqeme la mesebetsi, tseo re tswelang pele ho lwantshana le tsona. Ho sebetsana le diphephetso tsena e bile setsiketsi sa tsepamiso ya maikutlo ya botsamaisi bohle ba demokrasi.

Re kgethile ho tsepamisa maikutlo dinthong tse hlano tse ka sehloohong e leng thuto, bophelo bo botle, twantsho ya ditlolo tsa molao le bonyofonyofo, ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le tlhabollo ya naha esita le ho thea mesebetsi e metle.

Re boetse re hlophisitse botjha Mmuso ho ntlafatsa tshebetso.

Re theile ditshebetso tse pedi tsa bohlokwa, thero ya nako e telele esita le bodisa le tlhahlobo.

Re theile Khomishene ya Merero ya Naha e tswetseng Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), e leng merero ya naha ka botebo ebile e le enngwe ya dikatleho tse ka sehloohong tsa botsamaisi bona ba bone.

Morero o rala seo re tshwanelang ho se etsa ho fedisa bofuma, ho eketsa mesebetsi le ho fokotsa ho se lekane ka 2030.

Bodisa ba rona le tlhahlobo di bontsha hore ditshebeletso tse ngata di ntse di tswala pele ho ntlafala. Ho tea mohlala, dithekolohelo tsa ditjhelete setjhabeng le ditokomane tsa boitsebiso jwale di se di nka nako e kgutshwane ho phethelwa. Empa tse ding tse ngata di ntse di hloka ho ntlafatswa.

Ke tla tlaleha ka tse hlano tse ka sehloohong, ke qala ka moruo.

Ka kakaretso, moruo o hotse ka 3,2% ka selemo ho tloha ka 1994 ho ya ho 2012 ntle le putlamo ya moruo lefatsheng e fedisitseng mesebetsi e milione.

Ho sebetseng mmoho re le mmuso le lekala la kgwebo, mesebetsi le setjhaba, re kakasitse moruo ho o tsosolosa.

Maruo a naha, a lekanngwang ka Tsela ya Ntshetsopele ya Kgolo (GDP), a hotse ho ya feta R3,5 trilione.

Jwale mesebetsi e thewa hape. Ho na le batho ba dimilione tse 15 jwale ba sebetsang naheng, lenane le hodimo ka ho fetisisa nalaneng ya rona, athe mesebetsi e fetang 650 000 e ile ya thewa ngwahola, ho ya ka ba tsa Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa.

Hona ho ntse ho sa lekana. Leqeme la mesebetsi le ntse le le hodimo. Leqeme la mesebetsi batjheng ba Aforika Borwa le ntse le tswela pele ho ngongorehisa, jwaloka ha ho le jwalo lefatshe lohle.

Re nka dikgato tse ngatanyana, ho akga le Molao wa Ditsiane tsa Lekgetho la Mesebetsi o kgothaletsang bahiri ho hira basebetsi bao e leng batjha.

Ho tla etswa melawana ho netefatsa hore sena ha se ame basebetsi ba sa tshehetswang ka ditjhelete kapa ba seng ba hodile, hampe.

Dikgato tse ding di fuperwe ke Selekane sa Naha sa Batjha se tekennweng Soweto ngwahola ka Mmesa.

Lenaneo la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba le Lenaneo la Mesebetsi ya Dibaka a tswela pele ho ba seikokotlelo sa bafutsana le batjha.

Re theile menyetla e 3,7 milione ya mesebetsi dilemong tse hlano tse fetileng. Batho ba habo rona ba fumana tjheletenyana le tsebo lenaneong la mesebetsi ya setjhaba, tseo ba di sebedisang ho batla mesebetsi e tsitsitseng.

Kabinete e entse pehelo ya menyetla ya mosebetsi e dimilione tse 6 ho tloha monongwaha ho ya ho 2019, e tsepamisitse maikutlo batjheng.

Lenaneo la rona la thuso ya setjhaba, leo hajwale le fihlellang bathong ba ka bang dimilione tse 16, le fana ka polokeho ho dimilione tsa batho, haholoholo bana ba kotsing.

Malapa a mangata a thuseha ka lebaka la dithekolohelo tsa mmuso, tjhelete ya bana, penshene ya metsofe le ba holofetseng.

Dithekolohelo tsena di tla nne di tswele pele hobane malapa a mangata a fumana thuso kaha menyetla ya mesebetsi e fokola ka nakong ena eo moruo o putlameng.

Menyetla ena e fumanehang mmusong e etsa hore re bue ka ho ikgantsha re re, Aforika Borwa eo re phelang ho yona e betere haholo ho e na le eo re neng re phela ho yona pele ho 1994.

Baheso,

Re ntse re le nakong e boima.

Diketsahalo tsa moruo wa Amerika di lebisitse ho nyotobeleng ka potlako ha ditjhelete tsa mebaraka e ntseng e thuthua.  

Nakong ya 2013, ranta e nyotobetse ka 17.6% kgahlanong le dolara ya Amerika.  

Sekgahla se fokolang sa kananyetsano se momme kotsi e kgolo ho infleishene mme se tla boela se etsa hore lenaneo la rona la meralo ya motheo le je tjhelete e ngata le ho feta.

Leha ho le jwalo, dikhamphane tsa diyantle, haholoholo lekaleng la tlhahiso, di tshwanela ho nka monyetla wa ranta e fokolang le ho iphumana ho matla moruong wa lefatshe.

Leha re ntse re na le mathata ana, re a tseba hore re ka rakalla nakong ya qhaqhangqhang ena.

Re entse jwalo dilemong tse hlano tse fetileng.

Hantlentle, re tla bitoha re le matla le ho feta haeba re etsa dintho tse nepahetseng.

Re tshwanela ho sebetsa mmoho re le mmuso, kgwebo le basebetsi ho hodisa moruo wa rona sekgahla kahodimo ho 5% hore re tle re kgone ho thea mesebetsi eo re e hlokang.

Ka lehlohonolo tshebedisanommoho ena e se e ntse e etsahala.

E a etsahala ho Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le Lekgotla la Mesebetsi eo e leng se seng sa ditheo tsa bohlokwa tsa tshebedisanommoho demokrasing ya rona, dipakeng tsa Makala a mmuso, kgwebo, basebetsi le setjhaba.

E etsahetse esita le dipuisanong tseo re bileng le tsona le ba kgwebo.

Ngwahola ke ile ka qala ho buisana le ba kgwebo ka dikgato tse totobetseng tseo mmuso o ka di nkang ho nolofatsa ho etsa kgwebo naheng ya rona.

Ka lebaka la dipuisano tseo, jwale re hlophisitse botjha dikananelo tsa melawana le dilaesense bakeng sa ditshekatsheko tsa thefuleho ya tikoloho, dilaesense tsa metsi le dilaesense tsa merafo.

Palamente e phethela diphetolo tsa molao e le ho fana ka monyetla wa ho thakgoha ha tswelopele e ntle ena, e tla pukutla hore matsatsi a be katlase ho 300, e leng nako ya ho qala morafo, ho tloha ho kenngweng ha kopo ho ya dikananelong tsa ho qetela.

Motlatsi wa Moporesidente wa Rephaboliki o tswela pele ho hlophisa dipuisano dipakeng tsa mmuso, dikhamphane tsa merafo le basebetsi.

Sepheo ke ho tsitsisa dikamano tsa indasteri lekaleng lena la bohlokwa la moruo wa rona. Mosebetsi ona o tla le diphetho tse ntle.

Diteraeke tse bileng teng lekaleng di ne di le mmalwa di bile di le kgutshwane ngwahola.

E nngwe ya bohlokwa le ho feta, diketsahalo tsa dikamano tsa indasteri di etsahala ka mokgwa o tsamaisanang le molao.

Re namotse ho tsa morafo hobane ke e nngwe ya bahlahisi ba rona ba bohlokwa ba mesebetsi. Re hloka lekala la merafo le sebetsang. Merafo e hira batho ba fetang halofo ya milione.

Naheng ya rona ke yona e fumanang tjhelete e ngata ka ho fetisisa dikananyetsanong tsa bolata. E boela e kenya letsoho ka tjhelete e ka bang R20 bilione ka kotloloho pokellong ya lekgetho.

Merafo e boela e kenya letsoho haholwanyane e le bareki ba dintho le ditshebeletso, ebile ke bafepedi ba dintho makaleng a mang a moruo wa rona esita le meruo e meng lefatsheng ka bophara.

Re utolla selekane le ba amehang ho rarolla qaka ya matlo ditoropong tse nang le merafo.

E re ke boele ke hopotse dikhamphane tsa merafo hore 2014 ke selemo sa ho qetela ho bona hore ba ntlafatse matlo le maemo a bodulo a basebetsi ba merafong esita le ho fihlella dipehelo tse ngatanyana.

Mmuso o tswela pele ho bea leihlo le ho qobella boikamahanyo Mererong ya Khamphane ya Setjhaba le Basebetsi esita le dipehelo tsa Tumellano ya Merafo.

MaAforika Borwa a heso,

Ditho tse Hlomphehang,

Ntle le merafo, re hlwaile bahlahisi ba bang ba bahlano ba mesebetsi ka 2009.

Bona ke bohahlaudi, temo, moruo o sa thefuleng tikoloho, kaho ya meralo ya motheo le tlhahiso.

Indasteri ya bohahlaudi e hotse ka potlako. Ka 1993, Aforika Borwa e amohetse bahahlaudi ba dimilione tse tharo feela. Ka 2012, lenane leo le hotse ho ya ho dimilione tse 13 tsa baeti.

Re tla tswela pele ho hodisa indasteri ena, ka lebaka la bokgoni ba yona ba tlhahiso ya mesebetsi.

Ka 2012 re utollotse Morero wa Meralo ya Motheo ya Naha, o etelletsweng pele ke Moporesidente ka Khomishene ya Moporesidente ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo.

Ka lebaka leo re tsetetse trilione e le nngwe ya diranta meralong ya motheo ya setjhaba dilemong tse hlano tse fetileng.

Diprojeke tse ngata di se di phethetswe kapa di mathuleng a ho phethelwa.

Ke tla ama tse mmalwa feela.

Tsamaiso ya Rea Vaya ya Johannesburg jwale e se e sebediswa ke baahi ba Gauteng ba fetang 100 000. Ditsamaiso tse tshwanang le eo di a ahwa Motse Kapa, Tshwane, Koung ya Nelson Mandela, Buffalo City, eThekwini le Rusternburg.

Boemakepe le madiboho tsa naha di ntlafaditswe.

Re ahile peipi e tsamaisang mafura ya bolelele ba dikilomitara tse 700 ho tloha Durban ho ya Gauteng ho tsamaisa dilithara tse bilione tsa peterole, tsa disile le mafura a difofane ka selemo.

Mebila kapa mela e metjha e ka etsang dikilomithara tse 1 500 e se e ahilwe.

Kgatelopele e mabapi le mebila e re hopotsa bao ba kileng ba sebeletsa mmuso ona pele, ba neng ba batla tse ntlentle bakeng sa naha ena, ba kang Letona la mehleng la Dipalangwang Ntate Dullar Omar.

Mofumahadi wa hae Mme Farieda ke e mong wa baeti ba rona ba bohlokwa phirimaneng ena.

Kaho ya diporo tse ntjha e se e qadile Mpumalanga, ho fokotsa tshubuhlellano mebileng.

Projeke ya Gautrain jwale e sebetsa ka ho phethahetseng mme e pepa bapalami ba 1,2 ya dimilione ka kgwedi.

Eijensi ya Diterene tsa Baeti ya Aforika Borwa e tla sebedisa tjhelete e fetang R120 bilione dilemong tse 10 tse tlang ho reka diterene.

Transnet e kenya tshebetsong lewa la yona le leholohadi la kgolo ya mebaraka la diranta tse dibilione tse 300,mme e aha meralo ya metheo e hlokehang haholo ya dipalangwang.

Ho ananela bokgoni ba moruo wa Kapa Bophirimela le Lebopo la Bophirimela, re thakgotse Lebatowa la Ntshetsopele ya Indasteri ya Saldanha ra ba ra bula difeme tse pedi tse ntjha Atlantis.

Ho ntlafatsa phepelo ya metsi, matamo a mabedi a maholo a matjha a phethetswe, De Hoop e Limpopo le Spring Grove e KwaZulu-Natala, ha mokgahlelo wa bobedi wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho e tla thakgolwa haufinyane.

Kaho e tswela pele diteisheneng tse ntjha tsa motlakase, Medupi e Limpopo, Kusile e Mpumalanga le Ingula e haufi le Ladysmith, tse hirileng basebetsi ba fetang 30 000.

Re tswela pele ho utolla mehlodi e meng ya eneji, ho ya ka Morero o Kopantsweng wa Eneji.

Ho etswa peteroliamo, haholoholo kgase ya shale, ho tla tlisa phetoho e kgolo lebatoweng la Karoo le moruong wa Aforika Borwa.

Kamora ho sekaseka dikotsi le menyetla, melawana ya ho qetela e tla ntshuwa haufinyane mme e tla latelwa ke ho etswa le ho neanwa ha dilaesense.

Re lebelletse ho phethela phumantsho ya dimegawatt tsa eneji ya nutlilere tse 9 600.

Baetsi ba mafura ba se ba kgethilwe mme ba se ba qadile ka mosebetsi.

Ditho tse Hlomphehang

Hwa rona ke naha e keneng kgabong mme ke sebaka se betetshana ho phela ho sona. Re tlameha ho boloka morolo oo.

Ditho tse Hlomphehang,

Boholo ba maruo a rona bo thewa ka inthanete kapa dikgokahanyo tsa difonofono.

Kheibole ya faeba ya bolelele ba dikilomitara tse 37 000 e kentswe ke Makala a mmuso le setjhaba dilemong tse hlano tse fetileng. Sena se tla atollwa ka sekgahla se seholo dilemong tse tlang.

Re motlotlo ka dikatleho tsa rona ho saense le thekenoloji. Kaho ya thelesekoupu ya pele ya dikotlolo tse 64 Pokellong ya Sekwere sa Kilomithara, MeerKAT, e tla phethelwa sehleng sa pele sa 2014.

Ditho tse Hlomphehang,

Ditsiane tsa rona tsa ho tshehetsa tlhahiso di tlile le dipoelo.

Sekema sa Matsete ho tsa Makoloi se ileng sa thakgolwa ka 2009 se ananetse ditsiane tsa boleng ba diranta tse dibilione tse 3.8 bakeng sa matsete a diprojeke tse ka bang 160. Diprojeke tsena di boloka mesebetsi e fetang dikete tse 50.

Dikhamphane di tla aha makoloi a manyenyane, ditekesi le dibese.

Re tsitsisitse lekala le nnileng la fadisa mesebetsi la diaparo, masela, letlalo le dieta.

Diindasteri tse ngatanyana di hahamalletse dihlahisweng tsa kahare ho naha. Tsena di akga dibese, meroho e ka makanekaneng, diaparo, masela, letlalo le dieta le dintho tse ding.

Re na le mehlala e bonahalang ya katleho ya lenaneo la dihlahiswa tsa kahare ho naha.

Dilemong tse pedi tse fetileng feela, ditekesi tse fetang 20 000 le dibese tse 330 di ile tsa kgobokanngwa kwano lapeng, seo se tlisa matsete le ntshetsopele ditoropong tsa rona tse kgolo.

Dilemong tse hlano tse tlang, mmuso o tla fumana 75% ya disebediswa le ditshebeletso tsa wona ho bahlahisi ba Aforika Borwa.

MaAforika Borwa a heso,

Re tshwanela ho sebetsa ka boikitlaetso bo tomanyana ho ntshetsapele diindasteri tse thuthuang kapa tsa batho ba batsho.

Bongata ba baindasteri ba batsho ba nang le thahasello ba tletleba ka mathata ao ba teanang le wona ho fumaneng ditjhelete tsa diindasteri, bafepedi le mebaraka ya thekiso, le tshehetso ya tlhahiso e bonahalang.

Letlole la Naha la Matlafatso, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri le Eijensi ya Ditjhelete tsa Dikgwebo tse Nyenyane di tla tswela pele ho fana ka ditjhelete dikgwebong tse mahlahahlaha tsa batho ba batsho ho phahamisa ntshetsopele ya diindasteri.

Ho feta moo, re kgothaletsa dikgwebo tse kgolo ho tshehetsa dikgwebo tsa diindasteri tsa batho ba batsho.

Temo ke e nngwe ya bohlokwa tlhahisong ya mesebetsi mme e fana ka menyetla ya kgwebo.

Lenaneo la rona la tshehetso ho tsa temo, Fetsa Tlala, le hlahisa bahwebi ba batjha ba diyantle.

Dihwai tsa pele tse thuthuang tse 88 tse lenaneong lena, di fepetse Lenaneo la Dijo la Lefatshe la Matjhaba a Kopaneng ka ditone tse 268 tsa poone le dinawa ho romela Lesotho kgweding e fetileng. Re lebeletse hore palo ena e eketsehe.

Re tla tswela pele le ho phahamisa lekala la rona la botshwasi ba ditlhapi, le kenyang letsoho ka tjhelete e hakanyetswang R6 bilione  moruong athe le fana ka mesebetsi e 27 000.

Ditho tse Hlomphehang,

Re entse kgatelopele e ntle haholo lenaneong la kabobotjha ya mobu.

Haesale ho tloha ka 1994 mapolasi a ka bang 5 000, a boholo ba dihektare tse dimilione tse 4.2, a neilwe batho ba batsho, mme malapa a fetang 200 000 a fola molemo.

Ditseko tsa mobu tse ka bang 80 000, tse akaretsang dihektare tse dimilione tse 3.4, di phethetswe mme batho ba dimilione tse 1.8 ba fotse molemo.

Botsamaisi bo latelang bo tla tshwanela ho ntshetsapele dikgato tse ngatanyana tsa bokenadipakeng tse kang maano, ketso ya melao le tse ding tse bonahalang, ho tswela pele ho busetsa madulong taba ya kamoho ya mobu bathong ba habo rona.

Tsena di akga dintho tse amanang le ho thewa ha Kantoro ya Molekodi Kakaretso wa Boleng ebe ho bulelwa ho kenngwa ha ditseko.

Ditho tse Hlomphehang

Kannete Aforika Borwa ke sebaka se betere seo ho ka phelwang ho sona.

E re jwale ke tlalehe ka lenaneo la rona la phetoho setjhabeng.

Thuto ke leri e nyollang matshweletshwele a batho ba habo rona bofumeng.

Kahoo, re thabile ka hore ho na le keketseho e kgolo boingodisong ba bana dikolong, ho tloha sekolong sa dikonyana ho ya boemong ba thuto e phahameng.

Palo ya bana ba ithutang Kereiting ya R e eketsehile ho feta habedi, e tloha ho palo e ka bang 300 000 ho ya ho e fetang 700 000 dipakeng tsa 2003 le 2011.

Moralo wa Nakwana wa Leano o lebisang Phihlellong e Akaretsang ho Kereiti ya R o se o hlophiseditswe tshwaelo ya setjhaba, ka sepheo sa ho etsa hore dithuto tsa Kereiti ya R di tlame.

Baheso,

Bana ba dimlione tse 8 ha ba lefe dikolong, athe ba dimilione tse 9 ba fumana dijo tse nang le phepo tse tswang mmusong dikolong, hore ba tle ba ithute hantle ba se ke ba bolawa ke tlala.

Sekgahla sa ho atleha dithutong tsa materiki se nyolohile ho tloha ho 61% ka 2009 ho ya ho 78% ngwahola, athe dikatleho tsa ho ya ithuta diyunivesithi di ntlafala selemo le selemo.

Ka Ditlhahlobo tsa Naha tsa Selemo, re lekola dintlafalo le dikgato tsa bokenadipakeng tse hlokehang, haholoholo ho metshe le saense.

Ho phahamisa taba ya ho kenyeletswa ha ba bang le ho kopana ka ho se Tshwane, kharikhulamo ya Puo ya Matshwao ya Aforika Borwa e tla rutwa dikolong ho tloha isao, ka 2015.

Re ekeditse manane a batho ba baholo ba tsebang ho bala le ho ngola ka lenaneo la Kha Ri Gude ho tloha bathong ba dimilione tse 2,2 ka 2008 ho ya ho ba dimilione tse 3.

Re ne re ntse re tsetela le thupelong ya matitjhere mme re bula botjha dikholetjhe tsa thupelo ya matitjhere hore re rarolle bothata ba tlhokeho.

Ho kutla tikoloho e ntle e loketseng ho ithuta, re ahile dikolo tse ntjha tse 370 re fedisa dikolo tse ahilweng ka mobu le meaho e meng e boemong bo bobe naha ka bophara. Lenaneo leo le tswela pele.

Baheso

Re na le pale e monate eo re ka e phetang le ka thuto ya boemo bo phahameng.

Boingodiso ba baithuti bo eketsehile ka 12% diyunivesithing, ha boingodiso ba dikholetjhe tsa Thuto le Thupelo e Tswellang (FET) bo eketsehile ka 90%.

Re ekeditse dibajete tsa Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ha Baithuti ho ya ho R9 bilione ho arabela ditlhokehong tse ntseng di eketseha.

Katleho e nngwe e kgolo ya sehla sena e bile ho thewa ha diyunivesithi tse ntjha tse pedi, Sol Plaatjie e Kapa Leboya le Yunivesithi ya Mpumalanga.

Re tla boela re aha Dikholetjhe tsa FET tse 12 tse ntjha Limpopo, Mpumalanga, KwaZulu-Natal le Kapa Botjhabela.

Baheso,

Ho thakgolwa ha Moralo wa Naha wa Setlamo sa Thuto ngwahola e ne e le tswelopele ya bohlokwa ya naha ya rona. Re ba lakaletsa katleho mosebetsing wa bona wa naha.

Baheso,

Re na le pale e monate eo re ka e phetang esita le dintlafalong tsa bophelo bo botle.

Dilemong tse hlano tse fetileng, ditsi tsa bophelo bo botle tse 300 tse ntjha di ahilwe, ho akga le ditleliniki tse ntjha tse 160.

Dipetlele tse ntjha tse leshome di ahilwe kapa di ntjhafaditswe Ladybrand, Germiston, Mamelodi, Natalspruit, eThekwini, Zola, Bojanala, Seterekeng sa Vryburg, Swartruggens, Khayelitsha le Mitchell’s Plain.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang

Modulasetulo wa NCOP ya Hlomphehang

Katleho ho tsa HIV le AIDS ke e nngwe ya dikatleho tse kgolohadi tsa botsamaisi bona mme re sebediswa jwaloka naha eo e leng mohlala ke Mananeo a Aids a Matjhaba a Kopaneng, (UNAIDS).

Phetisetso ya HIV ho tloha ho mme ho ya ngwaneng e theohile haholo mme re phetaphetile lenane la batho ba fumanang meriana ya antiretrovaerale, ho tloha bathong ba milione e le nngwe ho ya ho ba dimilione tse 2.4 ka 2013.

MaAforika Borwa a fetang dimilione tse 20 a entse diteko tsa HIV haesale ho tloha ho thakgolweng ha letsholo ka 2011, e leng sesupo sa boitshepo tsamaisong ya bophelo bo botle.

Dilemo tsa palo ya bophelo di ntse di nyoloha jwale. MaAforika Borwa jwale a phela bophelo bo boleletsana.

Pehelo ya botsamaisi bo tlang ke ho netefatsa hore bonnyane batho ba dimilione tse 4.6 ba a kenngwa lenaneong la diantiretrovaerale.

Re ananela seabo sa Lekgotla la Naha la Aids la Aforika Borwa ka mosebetsi o boima oo le o etsang.

Ha re ntse re keteka katleho ya rona, ha re a tshwanela ho qhanolla. Mosebetsi wa thibelo o tlameha hore o nne o tswele pele ho etsetsa hore re fihlelle sepheo sa phediso ya ditshwaetso tsa HIV haufinyane.

 

Ka bobatsi, re tla kena mokgahlelong o motjha ho kenngweng tshebetsong ha lenaneo la Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle.

Modulasetulo wa NCOP ya Hlomphehang,

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang

Sekgahla sa ditlolo tsa molao ka kakaretso se fokotsehile ka 21% haesale ho tloha ka 2002 mme mosebetsi wa ho etsa hore dibaka di bolokehe o ntse o tswela pele.

E nngwe ya dintho tseo re tsepamisitseng maikutlo ho tsona ke ho fediswa ha dikgoka kgahlanong le basadi le bana. Re se re entse dikgato tse ngatanyana tsa ho rarolla phephetso ena.

Tsena di akga ho bulwa botjha ha Diyuniti tsa Dikgoka tsa Malapeng, Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Motabo esita le Makgotla a Dinyewe a Ditlolo tsa Molao ho tsa Motabo.

Re leboha Mekgatlo e mengata eo e seng ya Mmuso e phahamisang ditokelo tsa basadi le tsa bana, e bileng le seabo se setle mosebetsing ona wa bohlokwa.

Naha ya rona e ntse e tswela pele ho ba phofu ya batlatlapi ba ditshukudu.

Dieijensi tsa rona tsa qobello ya molao di sebetsa ka thata ho fedisa sewa sena. Re se re entse ditumellano le China, Vietnam, Kenya, Mozambique le dinaha tse ding tsa Dinaha tse Tswelang Pele tsa Aforika e ka Borwa (SADC) ho sebedisana mmoho ho fedisa ditlolo tsena tsa molao.

Re leboha ba kgwebo le MaAforika Borwa ohle a bileng le seabo letsholong la ho boloka ditshukudu.

Baheso

Boikemelo ba boahlodi bo boetse ba ntlafatswa ka ho thewa ha Kantoro ya Moahlodi e Moholo e le setheo se kathoko ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo. Re se re ananetse melao e mengatanyana ya ho tshehetsa seabo sena se setjha sa Kantoro ya Moahlodi e Moholo.

Kgatelopele e ntse e etswa phetohong ya boahlodi hore bo bontshe palo e nepahetseng ya setjhaba mabapi le merabe le bong naheng ya rona.

Moahlodi e Moholo wa Rephaboliki o tswela pele ho tshehetsa le ho etella pele phetoho ena.

Baahlodi ba batsho (MaAforika, Maindian le ba Mmala) jwale ba etsa 61% ya baahlodi bohle.

Leha ho le jwalo, boemedi bo fokolang haholo ba basadi ditulong tsa boahlodi e dula e ntse e ngongorehisa. Motheong wa boahlodi o nang le baahlodi ba 239, ke feela ba 76 ba eleng basadi.

Phephetso ke ho fetola porofeshene ya tsa molao ka bobatsi ka sepheo sa ho nontsha sehlopha seo baahlodi ba basadi ba ka thonngwang ho tloha ho sona.

Ho phethelwa ha Sekamolao sa ho Sebetsa ka tsa Molao ho tla thusa ho atolla sesiu seo bahlanka ba tshwanelehileng ba tsa boahlodi ba ka kgethwang ho tswa ho sona..

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang le Modulasetulo,

MaAforika Borwa a kopane ka ho labalabela setjhaba se hlokang bonyofonyofo. Twantsho ya bonyofonyofo kahare ho tshebeletso ya setjhaba ho bea ditholwana tse ntle

Haesale ho tloha ha Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba e ne e thakgola Mohala wa Naha wa Mahala wa ho Tlaleha Diketso tsa Bonyofonyofo, ditlaleho tse fetang 13 000 tsa bonyofonyofo le botsamaisi bo soro di se di fetiseditswe mafapheng a mmuso bakeng sa tshekatsheko le dipatlisiso tse tomanyana.

Mmuso o se o kgutlisitse tjhelete e fetang R320 milione ho tswa ho balotsana bao ka thuso ya Mohala wa Naha wa Mahala wa ho Tlaleha Diketso tsa Bonyofonyofo.

Tse ding tsa dikatleho tsa Mohala wa Naha wa Mahala wa ho Tlaleha Diketso tsa Bonyofonyofo di akga tse latelang:

  • Bahlanka ba 1 542 ba ile ba nyaolwa Tshebeletsong ya Setjhaba.
  • Bahlanka ba 140 ba ile ba otlwa ka ho se lefshwe meputso ya bona ya dikgwedi tse tharo.
  • Bahlanka ba 20 ba ile ba theolelwa ditulong tse tlase
  • Bahlanka ba 355 ba ile ba fuwa dikgalemo tsa makgaolakgang tse ngotsweng.
  • Bahlanka ba 204 ba ile ba tjhutjhiswa.

Ho thibela bonyofonyofo tsamaisong ya ho rekwa le ho rekiswa ha dintho, mmuso o qetile ka ho thea boto e le nngwe e sebetsanang le dithendara feela ho aba dithendara makaleng ohle a mmuso.

Lekgotla lena le tla sebetsa le mohlanka e moholo wa phumantsho eo mosebetsi wa hae o ka sehloohong e tla ba ho hlahloba sekepele sa ditheko le tsitlallelo ho mekgwatsamaiso esita le tlhokeho ya leeme.

Yuniti e Ikgethileng ya Dipatlisiso e batlisisa ka botsamaisi bo soro kapa dipelaelo tsa bonyofonyofo mafapheng a mangatanyana a mmuso le ditheong tsa mmuso, ka dikgoeletso tse 40 tse tekennweng ke Moporesidente nakong ya botsamaisi bona. Re tla dula re ntse re beile setjhaba sehlohlolong sa ditaba ka sephetho sa dipatlisiso.

Dikgweding tsa pele tse tsheletseng tsa ngwahola, Yuniti ya Kgapo ya Thepa e Fumanweng ka Bonokwane e lefile tjhelete e diranta tse dimilione tse 149 Akhaonteng ya Pusetso ya Thepa e Fumanweng ka Ditlolo tsa Molao le ho mahlatsipa a ditlolo tsa molao.

Ke 170% kahodimo ho pehelo ya yona ya R55 milione mme e kahodimo ho feta e ngata eo e kileng ya e fumana ka selemo se tletseng.

Ngwahola, ba ikarabellang ho tsa ditlhodisano ba fupuditse ho nyollwa ho seng molaong ha ditheko indastering ya kaho mme ba ahlola dikhamphane tse molato R1.4 bilione.

Dikgato tse ding tse kgahlanong le bao ba amehang di se di le motjheng.

Baheso,

Jwale ke lakatsa ho ama ka bokgutshwane tsa phano ya ditshebeletso tsa mantlha bathong ba habo rona.

Dilemong tse 20 tse fetileng, ho entswe dikatleho tse babatsehang keketsehong ya phihlello ditshebeletsong tse kang metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le motlakase.

Mmuso o se o qadile ka mosebetsi o matla wa ho fedisa matlwana a mabakethe e le karolo ya ho kgutlisa seriti sa batho ba rona.

Mokgahlelo wa Pele wa mosebetsi ona o tla fedisa matlwana a mabakethe makeisheneng a Freistata, Kapa Botjhabela le Kapa Leboya.

Mokgahlelo wa Bobedi o tla fedisa matlwana a mabakethe dibakeng tsa baipehi diporofenseng tsohle.

Ho tsa matlo, diyuniti tse ka bang dimlione tse tharo tsa matlo le ditsha tse nang le ditshebeletso tse fetang 855 000 di filwe batho haesale ho tloha ka 1994.

Dibaka tsa baipehi tse ka bang 500 di heleditswe mme ha ahwa matlo a boleng a nang le ditshebeletso tsa mantlha dilemong tse hlano tse fetileng.

Botsamaisi bo latelang bo tla kgothaletsa diprojeke tsa matlo tse dibakeng tse betere bakeng sa ba amohelang meputso e fapafapaneng.

Baheso,

Dibaka tse ding di sa ntse di se na ditshebeletso tsena, haholoholo dibaka tsa baipehi le tsa mahaeng. Kahoo, re sebetsa le Makala ohle a mmuso ho netefatsa phano ya ditshebeletso tsena, haholoholo bomasepaleng ba 23 ba nang le palo e hodimodimo ya ditshallomorao.

Baheso

Puong ya Boemo ba Naha ya ngwahola, ke ile ka hlahisa ngongoreho ya ka ka ho fehlwa ha merusu boipelaetsong bo bong bo etsahalang naheng ya rona.

Boipelaetso bo nang le merusu bo etsahetse hape naha ka bophara dibekeng tse mmalwa tse fetileng.

Ntho e nngwe hape e ngongorehisang ke se bonahalang eka ke merusu e rerilweng ka hloko, jwaloka diketsahalo moo ho sebedisitsweng diqhomane tsa peterole le dihlomo tse ding nakong ya boipelaetso.

Mmuso wa demokrasi o tshehetsa tokelo ya baahi ya ho hlahisa maikutlo a bona.

Tokelo ya ho ipelaetsa, ka kgotso ho bile ho sa hlomelwa, e fuperwe ke Molaotheo.

Leha ho le jwalo, ha boipelaetso bo thefula maphelo le thepa bo bile bo ruthutha meralo ya motheo e reretsweng ho sebeletsa setjhaba, bo tella yona demokrasi ena e fupereng tokelo ya ho ipelaetsa.

Tletlebo e ka sehloohong mabapi le boipelaetso bohle bo Aforika Borwa e tshetlehilwe qosong ya ho hloleha ha mmuso ho fana ka ditshebeletso.

Leha ho le jwalo, boipelaetso bona ha se sephetho sa ho “hloleha” ha mmuso ho fana ka ditshebeletso feela, empa hape ke ba katleho phanong ya ditshebeletso tsa mantlha.

Ha malapa a 95% a na le metsi, a 5% a ntseng a hloka ho kenyetswa metsi, a ikutlwa hore a ke ke a hlola a ema nako e teletsana.

Katleho e boela e ba yona e tswalang ditebello tse ntseng di eketseha.

Ere ke boele ke eketse Ditho tse Hlomphehang, hore ho bolawa ha motho a le diatleng tsa sepolesa nakong ya ho sebetsana le boipelaetso ho ke ke ha tlodiswa mahlo hodimo kapa ha iphapanyetswa hona.

Ho shwa ha motho ha se ntho e nyane. Re batla ho tseba se etsahetseng, hobaneng se etsahetse. Phoso efe kapa efe e tlameha ho lokiswa mme kgato ya kgalemo e tlameha ho nkuwa. Sepolesa se tlameha ho sebetsa se ikamahantse le molao ka dinako tsohle.

Ka ho rialo, re tshwanela hore re ngongorehe re le setjhaba ka hore dipakeng tsa 2005 le 2013 mapolesa a ka bang 800 a bolailwe.

Mapolesa ke batshireletsi ebile ke thebe dipakeng tsa setjhaba sa demokrasi le qhomatsi. Ha re ntse re bea sepolesa molato, re tshwanela ho ba sedi hore re se ke ra qetella re se qheletse ka thoko ho molao ebe re tlotla qhomatsi setjhabeng sa rona.

Mohlodi wa tlwaelo ya merusu ke kgethollo ya nako e fetileng. Re tshwanela ho etsa boitekolo matsapeng a rona a ho fedisa sewa sena.

Jwaloka baetapele ba tswang mahlakoreng ohle, re tshwanela ho lekola seo re se entseng kapa seo re sa se etsang, hore re tsetolle merusu e ropohileng boipelaetsong nakong ya ditshiu tsa pele tsa demokrasi ya rona. 

Re na le boikarabelo ba kopanelo ba ho aha setjhaba se hlomphang molao, se itlhomphang se bile se hlompha bophelo le thepa.

Re tshwanela ho sebetsa mmoho ho aha botjha Botho le tlwaelo ya ho ba le boikarabelo setjhabeng sa habo rona.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,

Modulasetulo wa NCOP ya Hlomphehang,

E se e nkilwe qeto ya ho ntlafatsa tshebetso ya mmuso wa dibaka.

Phetolo ya Mekgwatshebetso ya Bomasepala e reretswe ho ntlafatsa bokgoni ba bomasepala ba ho fana ka ditshebeletso.

Basebetsi ba nang le mangolo le boiphihlelo ba tlameha ho hirwa bomasepaleng.

Re tshwanela le ho matlafatsa diforamo tse seng di le teng tsa seabo sa batho re be re fe batho ba habo rona monyetla wa ho ba le seabo se seholo tswelopeleng.

Ntwa kgahlanong le bonyofonyofo e tlameha ho matlafatswa le yona, haholoholo ka lebaka la ditlaleho tsa hore ditshebeletso tse ding di a hakuretswa kapa di a kginwa, ho etsetsa hore batho ba itseng e be bona ba fanang ka ditshebeletso tseo ka ditjeo tse hodimo mmusong.

Dintho tsena di beilwe ka sehloohong botsamaising bo tlang.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang

Leano la tsa kantle la Aforika Borwa ya Demokrasi le bopilwe dilemoshomeng tse ngata tse fetileng nakong ya letsholo le matla la ho kotela mmuso wa kgethollo matjhabeng.

Moporesidente wa ANC Ntate Oliver Tambo o bile le seabo sa bohlokwa ntlheng eo, mme e mong wa ba neng ba mo thusa ke mofu Johnny Makatini, hlooho ya mehleng ya merero ya matjhaba.

Mofumahadi wa hae, Mme Valerie Makatini ke e mong wa baeti ba rona ba bohlokwa phirimaneng ena.

Haesale Aforika e ntse e le setsiketsing sa leano la rona la tsa kantle.

Re sebeditse ka thata ho matlafatsa tshehetso bakeng sa Kopano ya Aforika (AU), SADC le mekgatlo yohle ya kontinente eo sepheo sa yona e leng ho fihlella kgotso le tshireletso.

Re boetse ra bea ka sehloohong kgothaletso ya ho kopanngwa ha moruo wa lebatowa, kaho ya meralo ya motheo, kgwebisano ya Aforika le ntshetsopele ya nako e telele kontinenteng.

Monongwaha re boetse ra neana ka tlaleho ya boraro ya naha ya rona ho Mokgwa wa Tjhebobotjha ya Semphato Aforika wa AU, mme e ile ya amohelwa ka kananelo.

Re tswela pele ho tshehetsa tharollo ya ho tlisa kgotso le ho fedisa dikgohlano.

Kgatelopele e ntse e etsuwa dipakeng tsa Sudan le Sudan Borwa dintlheng tse salletseng morao kamora qheo.

Kamora dikopo tse entsweng ke Sri Lanka le Sudan Borwa tsa thuso ya ho tlisa kgotso le poelano, Ntate Cyril Ramaphosa o thontswe ho ba Moemedi ya Kgethehileng wa Aforika Borwa dinaheng tseo tse pedi.

Boqhetseke ba hae tharollong ya dikgohlano le ditherisanong esita le malebela a naha ya rona ntlheng ena, di tla thusa haholo ho rarolleng mathata a dinaha tseo tse pedi.

Re tla tswela pele ho matlafatsa dikamano le Yuropa, Amerika Leboya, Latin America, Asia le dinaha tse ka Borwa.

Ho ba le seabo diforamong tse kopantseng mekgatlo e mengata tse kang G20 ho tlisitse melemo naheng ya rona.

Ho mahatammoho le setlamo sa Brazil, Russia, India le China (BRIC) ka Tshitwe ya 2010 ho balellwa ho tse ding tsa dikatleho tsa bohlokwa tsa botsamaisi ba bone.

E bile tlotla e kgolo ho tshwara Seboka sa Bohlano sa BRICS ka la 27 Hlakubele 2013 Durban, moo baetapele ba Aforika ba bileng le seabo sa ho tshohla tshebedisanommoho ya ntshetsopele le BRICS.

Re tla tswela pele ho sebetsa ka boikitlaetso Mokgatlong wa Matjhaba a Kopaneng ho kgothaletsa puso e matla ya matjhaba.

Re tla nne re tswele pele ho kgothaletsa phetoho ya Lekgotla la tshireletso la UN le ditheo tsa ditjhelete lefatsheng.

Ditho tse Hlomphehang

Jwaloka Moporesidente wa seboka sa COP17/CMP7 sa Phetoho ya Tlelaemete sa Matjhaba a Kopaneng se neng se tshwaretswe Durban ka 2011, Aforika Borwa e atlehile ho bea lefatshe boemong bo sa qeaqeeeng, ka kananelo ya Lepatlelo la Durban bakeng sa Kgato e Ntlafaditsweng.

Baheso,

Dilemong tse 20 tse fetileng re ile ra tshwara diketelo tse ngatanyana tsa dipapadi le tsa botjhaba boemong ba matjhaba, tse ileng tsa thusa ho matlafatsa momahano le kopano ya setjhaba.

Dilemong tse hlano tse fetileng, Aforika Borwa e ile ya tshwara thonamente e atlehileng haholo ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA wa 2010 le dithonamente tse ding tsa bohlokwa tsa bolo ya maoto, rakabi le kherikete, tse siileng boikgantsho le kopano ho MaAforika Borwa ohle.

Jwaloka ha re keteka dilemo tse 20 tsa tokoloho, re tla etsa jwalo re sebeditse hantle ho aheng pono e ntjha ya letlotlo la botjhaba bakeng sa naha ya habo rona.

Dimusiamo le difika tse ngatanyana di ile tsa thewa, ho akga le seemahale se Union Buildings sa Moporesidente wa Mehleng Ntate Mandela se fetohileng thatohatsi .

Mabitso a dibaka a fetang 2 000 a ile a fetolwa ka sepheo sa ho lokisa theo e mpe ya mabitso a dibaka, esita le ho fa setjhaba tokelo ya ho ikgethela mabitso a dibaka tsa sona.

Ditho tse Hlomphehang

Ntumelleng ho ananela boteng ba ba bang ba batho baheso ba ipabolang lefatsheng.

Re thoholetsa Ladysmith Black Mambazo ka ho hapa Kgau ya bona ya bone ya Grammy kgweding e fetileng. Re amohela moetapele wa sehlopha, Ntate Joseph Shabalala, e mong wa baeti ba rona ba bohlokwa phirimaneng ena.

Re boetse re ananela boteng ba Mme Yvonne Chaka Chaka, eo e leng e mong wa baeti ba rona ba bohlokwa phirimaneng ena.

O etsa mosebetsi o mongata o motle e le Leqosa la Kgauhelo la Letlole la Bana la Matjhaba a Kopaneng hape e le Moemedi ya Kgethehileng wa Aforika ho Maikemisetso a Matjhaba a Kopaneng a Ntshetsopele ya Mileniamo.

Mme Chaka Chaka o ile a boela a tlotlwa ka Kgau ya Lehakwe ke Foramo ya Moruo wa Lefatshe Davos bakeng sa mosebetsi wa hae wa thekolohelo.

Re boela re ananela Mme Charlize Theron, bosiyong ba hae, kgalala ya rona ya Hollywood e hapileng Kgau ya Oscar.

Mme Theron ke Morumuwa wa Kgotso wa UN. O boetse o etelletse pele twantsho ya AIDS haholoholo hara batjha le dikgarebe.

Le yena o ile a tlotlwa ke Foramo ya Moruo wa Lefatshe ka Kgau ya Lehakwe.

Baheso

Le lokela hore le hlokometse hore ho SoNA ena re fane ka tlaleho ya dilemo tse hlano tse fetileng ka botebonyana esita le dilemo tse 20 tse fetileng ka kakaretso.

Ona ha se moketjana wa ho teka lenaneo la tshebetso la selemo sena sa ditjhelete. Lenaneo leo le tla tekwa ke mmuso o motjha kamora dikgetho.

Ho lokisetsa SoNA eo ya pele ya botsamaisi bo tla kena, nakong ya selemo e fetileng, re ne re sebetsana le Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng.

Moralo oo o radilwe e le motheo wa dilemo tse hlano tsa pele tsa NDP, ho tloha ka 2014 ho ya ho 2019.

Di boela di kenyeletsa dipehelo tsa bohlokwa tsa Morero wa Tshebetso wa Leano la Diindasteri, Tsela ya Kgolo e Ntjha le Morero wa Meralo ya Motheo.

Sepheo ke ho teka Moralo wa nakwana wa Lekgotla la pele la Kabinete kamora dikgetho.

O tla batalatswa ke botsamaisi bo botjha ho ya matlataelo a dikgetho, ho etsetsa hore mosebetsi o qale hanghang kamora ho thewa ha mmuso o motjha.

E bile tlotla ho nna le botsamaisi ba ka, ho aha hodima motheo o adilweng ke botsamaisi ba makgetlo a mararo a pele, ho sebeletsa batho ba Aforika Borwa.

Re le naha re bile le dikatleho tse ngata.

Aforika Borwa ke sebaka se betere ho phela ho sona jwale ho feta seo e neng e le sona pele ho 1994.

Re tswela pele ho tobana le diphephetso. Empa bophelo bo tla nne bo tswele pele ho fetohela ntlafalong.

Nkosi Sikelel’ i Africa

Morena Boloka Setjhaba sa Heso sa Aforika.

Ke a leboha.

Issued by: The Presidency

Share this page

Similar categories to explore