Moporesident Jacob Zuma: Puo ya Boemo ba Naha 2015

12 Feb 2015

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA),
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP),
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa NA le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Motlatsi wa Moporesident Cyril Ramaphosa,Moporesidente wa Mehleng Thabo Mbeki,
Moporesidente wa Mehleng FW de Klerk,
Moahlodi e Moholo Mogoeng Mogoeng le ditho tsohle tse hlomphehang tsa boahlodi,
Motlatsi wa Moporesidente wa Palamente ya BoAforika, Mobabatsehi Monghadi Roger Nkondo Dang,
Motsamaisi wa Dipuisano wa NA ya Rephaboliki e Kopaneng ya Tanzania ebile e le Modulasetulo wa Foramo ya Palamente ya SADC, Mohlomphehi Anne Makinda,Matona le Batlatsi ba Matona,Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Diketsamelao ya Diporofense,
Modulasetulo wa Salga,
Dihlooho tsa Ditheo tsa Puso tse Tshehetsang Molaotheo wa Demokerasi,
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Marena,
Motsamaisi wa Dipuisano wa Mehleng wa NA, Ngaka Frene Ginwala,
Marena a Hlomphehang Morena Keru Molotlegi, Morena Toni Peter Mphephu (Ramabulana), Morena Mpendulo Zwelonke Sigcawu,
Baeti ba memilweng,
Ditho tsa bodipolomate,
Ditho tse Hlomphehang,
MaAforika Borwa a heso,

Dumelang, sanibonani, molweni, riperile, good evening, lotjhani, goeienaand, ndi madekwana, !gai//goes.

Ke rata ho leboha Batsamaisi ka monyetla wa ho tshetlehela setjhaba puo phirimaneng ena.

Selemo sa 2015 se tshwaya dilemo tse 60 tsa nako ya bohlokwa nalaneng ya rona, ha maAforika Borwa ho tswa dikgutlong tsohle tsa naha a ne a ananela Tjhata ya Tokoloho ka 1955, Kliptown, Soweto.

Ba ile ba thasisetsa hore Aforika Borwa ke ya bohle ba phelang ho yona, ba batsho le ba basweu, le hore ha ho mmuso o ka lokafatsang tseko ya matla a puso ntle le haeba o itshetlehile ka thato ya batho bohle.
Eo e ne e le polelo e matla, e nang le tjhebelopele ebile e na le poelanyo e ileng ya kutla tsela ya demokerasi e sa kgetholleng ka morabe eo re e theileng.

Bekeng ena re boela re tshwaya dilemo tse 25 haesale ho lokollwa Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela tjhankaneng, esita le haesale ho fediswa melao ya ho qhelela mekgatlo ya tokoloho ka thoko.

Ho lokollwa ha Madiba e bile letshwao la kgato e kgolo tseleng e telele ya tokoloho ya batho ba Aforika Borwa ka kakaretso, ha ba ha thefula kgethollo ya bokoloniale ha bohloko.

Re tswela pele ho kgothatswa ke Madiba mme re fumana dithuto lefeng la hae ha re ntse re aha naha ya rona.
Baheso,

Selemo sa 2015 ke Selemo sa Tjhata ya Tokoloho le Ketso ya Kopano ho Ntshetsa pele Tokoloho ya Moruo.
Ke selemo sa ho sebetsa haholwanyane ho aheng Aforika Borwa e kopaneng, ya demokerasi, e se nang kgethollo ya morabe, e se nang kgethollo ya bong ebile e le e atlehileng.

Se boetse ke selemo sa hore re intshe sehlabelo botjha ho fedisa kgethollo ya morabe le ditlhokelano tsohle tsa mamello naheng ya rona.

Se boetse ke selemo sa ho tsetela haholwanyane bokamosong ba rona, ka ho ruta bana ba rona le batjha ka letlotlo le manoni la naha ena.

Re se re ntse re thophothetsa boitsebahatso bo botjha ba naha ka ho bapatsa matshwao a naha a kang folaga ya naha, pina ya setjhaba le selelekela sa Molaotheo sekolong se seng le se seng.

Ho tloha selemong sena, dikolo di tlameha ho ithuta pina ya Kopano ya Aforika (AU), ho hlophisetsa mekete ya Kgwedi ya Aforika Motsheanong, ha re kenya tshebetsong qeto ya AU ntlheng ena.

Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Qollehileng,

Batjha ba rona ke bokamoso ba rona mme katleho ya bona e re etsa hore re be motlotlo.

Ke rata hore le kgeme le nna ho thoholetseng moeti wa ka ya kgethehileng, kgalala ya rona ya ho sesa Diolimpiking Chad le Clos.

Chad, ho tse ding tsa dikatleho tse ngata tse tswileng matsoho, o fumane tlotla e hodimodimo ya ho sesa kgweding ya Tshitwe ha a ne a hlomphuwa e le sesesi se ipabotseng sa lefatshe sa 2014 ke Mokgatlo wa Matjhaba wa ho Sesa.

Ke boetse ke na le baeti ba banana ba bararo ba kgethehileng ba tswang Sekolong se Phahameng sa Moletsane ho la Soweto.

Bona ke Ofentse Mahasha, Hlengiwe Moletsane le Tiisetso Mashiloane. Ofentse le Hlengiwe ba ne ba ile sebokeng se seholo sa moraorao sa G20 ho la Australia mme ba sebetsa hantle haholo, ba re etsa hore re be motlotlo e le kannete.

Ntumelle Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ho thoholetsa naledi e nngwe e tlisitseng tlotlo naheng ya rona, Mabotle wa Lefatshe, Mofumahatsana Rolene Strauss bosiyong ba hae.

Ke rata hape ho le tsebisa ka moeti e mong ya kgethehileng, Naledi ya Selemo ho tsa Dipapadi ebile e le mohlaba dintlha wa Banyana Banyana, Mofumahatsana Portia Modise.

Re a o thoholetsa Portia.

Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Qollehileng,

Ke rata ho leboha bohle ba iphileng nako ya ho kenya ditshwaelo ho SoNA ya 2015. Ho ya ka ditshwaelo, batho ba habo rona, hara tse dingwe, ba ngongorehile ka ditlolo tsa molao, mebila, phihlello ya thuto, dikema tsa boithuto ba mesebetsi batjheng, metsi, motlakase le tshehetso ya dikgwebo tse nyenyane.

Dinehelo tse hlokang hore ho kgutle diphetho di fetisetswa mafapheng hore ho nkuwe dikgato.

Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Qollehileng,

Re kopana hape nakong ya maemo a boima a moruo.

Bekeng ena, Letlole la tsa Ditjhelete la Matjhaba le lekotse botjha mme la theolela dikgakanyo tsa kgolo Yohle ya Dihlahiswa tsa Lapeng ho ba 3,5% bakeng sa kgolo ya moruo wa lefatshe ka 2015.

Tjantjello ya rona ya ho fihlella peelo ya kgolo ya 5% ka 2019 e kotsing, ka lebaka la kgolo e sisithehang lefatsheng lohle esita le maima a lapeng ho eneji, bokgoni, dipalangwang le taolo ya disebediswa, ho tse ding.

Le ha ho le jwalo, maemo aa tshepisa lehlakoreng la mesebetsi. Matsatsing a mabedi a fetileng, Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa le ntshitse manane a mesebetsi bakeng sa sehla sa ho qetela sa 2014.

Tlaleho e bontsha hore jwale ho na le batho ba 15,3 milione ba hirilweng Aforika Borwa. Mesebetsi e eketsehile ka 203 000.

Matsete a rona kgirong ya batjha le ona a na le sephetho se setle. Meropotso ya Lekgetho la Mesebetsi e ileng ya lelekelwa selemong se fetileng e shebisitswe haholo batjheng, e tswela pele hantle.

Ho fihlela jwale R2 bilione e se e tsekilwe ke bahiri ba 29 000, ba e tseketseng batjha ba 270 000.

Selemong se fetileng ke ile ka tsebisa ka peelo ya menyetla ya mesebetsi e dimilione tse tshelela nakong ya dilemo tse hlano bakeng sa lenaneo lena.

Ho fihlela jwale re theile menyetla ya mesebetsi e fetang 850 000. Sena se bolela hore re motjheng wa ho fihlella peelo ya rona ya menyetla ya mesebetsi e milione e le nngwe ka selemo.
Ho feta moo, mananeo a rona a tikoloho a kang ho Sebetsa Matlakaleng, ho Sebeletsa Metshwetshweng, ho Sebetsa ka Metsi le ho Sebetsa ka Mollo a theile menyetla ya mesebetsi e fetang 30 000 mme a habile ho thea mesebetsi e fetang 60 000 nakong ya selemo se tlang sa ditjhelete.

Baheso,

Moruo wa rona o hloka ditshika tse tla o sutuletsa pele. Re lakatsa ho abelana le lona ka morero wa rona o ntlha di robong wa ho hotetsa kgolo le ho thea mesebetsi.

Tsona ke:
1. Ho rarolla phephetso ya eneji.
2. Ho tsosolosa temo le dihlahiswa tse amanang le yona.
3. Ho ntshetsapele melemo ya moruo kapa ho eketsa boleng moruong wa dirashwa tsa rona.
4. Ho kenngwa tshebetsong ho hotle haholwanyane ha sekgahla se hodimonyana sa Morero wa Leano la Tshebetso ya Diindasteri.
5. Ho kgothalletsa matsete a lekala la poraefete.
6. Ho laola dikgohlano mesebetsing.
7. Ho utolla bokgoni ba Dikgwebo tse Nyenyane, tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME), dikoporasi, dikgwebo tsa makeisheneng le tsa mahaeng.
8. Popobotjha ya mmuso le ho matlafatsa seabo sa dikhamphani tseo e leng tsa mmuso, dikaho tsa motheo tsa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ya Dikgokahanyo (ICT) kapa ho tekwa ha dithapo tse hokelang tsa dikgokahanyo, metsi, dikaho tsa motheo tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere le dipalangwang, esita le
9. Operation Phakisa e reretsweng ho hodisa moruo wa mawatleng le makala a mang.

Baheso,

Hajwale naha e tobane le thefuleho e kgolo ho tsa eneji, e leng tshita kgolong ya moruo ebile ke tshitiso e kgolo ho bohle naheng ena.

Ho hlola phephetso ena ke ntho ya bohlokwahlokwa lenaneong la rona. Re etsa kahohlehohle kamoo re ka kgonang ka teng ho rarolla phephetso ya eneji.

Baheso,

Mmuso o etsa kahohle kamoo o ka kgonang ka teng ho rarolla bothata ba kgaello ya eneji naheng ena.

Re e tseba hantle ntlha ya hore ena ke nako e boima, empa e tla feta hobane re na le mawa a teng a ho sebetsana le taba ena.

Re se re entse morero o akaretsang ditharollo tsa nako e kgutshwane, e bohareng le e telele.

Morero wa nako e telele le e bohareng o akaretsa ditokiso tse ntlafaditsweng tsa diteishene tsa motlakase tsa Eskom, e le ho ntlafatsa bokgoni ba phehlo ya motlakase esita le ho laola sekgahla sa tlhokeho ya motlakase.

Morero wa nako e telele o akaretsa ho phethelwa ha morero wa rona wa nako e telele wa ho nepa tshireletso ya eneji.

E le ntlha e ka sehloohong, re tla tsitsisa ditjhelete tsa Eskom ho thusa setheo ho laola maemo a jwale. Ntlheng ena, Mmuso o tla tsepamisa boikitlaetso ba wona ba ho fa Eskom tjhelete e ka bang R23 bilione selemong se tlang sa ditjhelete.

“War Room” e theilweng ke Kabinete ka Tshitwe e sebetsa ka bokgabane le Eskom bosiu le motsheare, ho tsitsisa mokgwa wa phepelo ya motlakase le ho notla ho kgaokgaolwa ha motlakase.

Nakong ena, re tshwanela ho sebetsa mmoho hore re fumane ditharollo.

Re ipiletsa ho bohle ka bonngwe, malapa, diindasteri le mafapha a mmuso ho baballa motlakase hore ho fokotsehe tlhokeho ya ho kgaokgaolwa ha motlakase.

Lefapha la Mesebetsi ya Mmuso le laetswe ho netefatsa hore meaho yohle eo e leng ya mmuso e baballe motlakase.
Ka lebaka la ditjeo tse hodimo tsa disile, Eskom e laetswe ho tloha tshebedisong ya disile ho ya ho ya gase e le mohlodi wa eneji bakeng sa metjhine e fehlang motlakase ya setheo sena.

Malapa le ona a kgothaletswa ho tloha tshebedisong ya motlakase ho ya ho ya gase bakeng sa ho pheha, ho futhumatsa le mesebetsi e meng.

Kaho ya diteishene tsa motlakase tse ntjha tse tharo Kusile, Medupi le Ingula, e tla eketsa dimekawate tse 10 000 tsa bokgoni sekepeleng sa naha. 

Letsholo la mehlodi e meng ya eneji le lona le ntse le tswela pele.

Ho fihlela kajeno, mmuso o se o fumane dimekawate tse 4 000 ho Bahlahisi ba Motlakase ba Ikemetseng, ho sebediswa mehlodi e ntjhafatsehang.

Menyetla e meraro ya pele e butsweng ya boiketo ba mesebetsi ya phumantsho ya eneji e ntjhafatsehang e ile ya hohela tjhelete e fetang R140 bilione ho tswa ho boramatsete.

Paloyohle ya dimekawate tse 3 900 tsa eneji e ntjhafatsehang di se di fumanwe, ka diporojeke tse 32 tse nang le bokgoni ba dimekawate tse fetang 1 500 tse phethetsweng mme di se di hoketswe sekepeleng.

Eskom ka boyona e phethetse kaho ya Polasi ya Sere ya Motlakase o Fehlwang ka Moya, e seng e fana ka dimekawate tse 100 sekepeleng, e se e hatetse pele ho thakgolwa ha yona ho reretsweng Hlakubele selemong sena.

Mmuso o boetse wa qala ka phumantsho ya dimekawate tse 2 400 tsa bokgoni bo botjha ba phehlo ya motlakase ka mashala ka Tshitwe ya 2014, ho tswa ho Bahlahisi ba Motlakase ba Ikemetseng.

Mosebetsi wa phumantsho bakeng sa dimekawate tse 2 400 tsa phehlo e ntjha ya motlakase ka gase o tla qala sehleng sa pele sa selemo se setjha sa ditjhelete.

Paloyohle ya dimekawate tse 2 600 ya bokgoni ba motlakase o fehlwang ka metsi e tla fumanwa lebatoweng la Dinaha tse Tswelang pele tsa Aforika e ka Borwa (SADC).

Mabapi le morero wa ho nepa eneji ka nako e telele, re tla hahamalla pele ka gase, peteroliamo, nyutleleya, matla a fehlwang ka metsi le mehlodi e meng, e le karolo ya ho tswaka motlakase. Aforika Borwa e potapotilwe ke dinaha tse nang le gase e ngata, athe rona re se re elelletswe boteng ba gase ya shale lebatoweng la rona la karoo. 

Letsholo la Moruo wa Mawatleng la Operation Phakisa, le thakgotsweng selemong se fetileng, le boela le tshepisa ho utolla mehlodi e mengatanyana ya oli le gase, tseo e leng tsona tse tla fetola mawa a naha ya rona le lebatowa la rona.

Mmuso o boela o phopholetsa phumantsho ya dimekawate tse 9 600 tsa lenaneo le ahilweng ka nyutleleya jwaloka ha ho ananetswe Morerong wa Disebediswa tse Kopantsweng wa 2010-2030.

Ho fihlela kajeno mmuso o se o saenne Ditumellano tsa Tshebedisanommoho ya Mebuso wa ba wa etsa dikopano tsa dipuisanoboithuto tsa boipapatso moo ho ileng ha tla dinaha tse hlano ho tla teka ditshisinyo tsa tsona ka nyutleleya.

Tsona di akga Amerika, Korea Borwa, Russia, Fora le China.

Ho tla buisanwa le dinaha tsena tsohle ka mokgwa wa phumantsho o se nang leeme, o nang le ponaletso ebile wa tlhodisano e ntle, ho kgetha molekane kapa balekane ba tshwanelehileng ho kakasa lenaneo la kaho ya nyutleleya.

Peelo ya rona ke ho hokela yuniti ya pele sekepeleng ka 2023, ka nako e ntle ya hore Eskom e phomotse karolo ya ditsi tsa yona tsa motlakase e ntseng e tsofala.

Mabapi le matla a fehlwang ka metsi, selekane sa Porojeke e Kgolohadi ya Phehlo ya Motlakase ka Metsi ya Inga le Rephaboliki ya Demokerasi ya Congo e tla fehla dimekawate tse fetang 48 000 tsa motlakase o hlwekileng o fehlwang ka metsi. Aforika Borwa e tla fumana dimekawate tse fetang 15 000.

Bakeng sa boitjaro ba nako e telele, Mmuso o tla etsa dilekane tse tshwanelehileng tsa ntshetsopele ya bokgoni le dinaha tse tla sebetsa le rona Lenaneong la Kaho ya Eneji, ha re ntse re jala bokgoni ka hara naha ena.

Baheso,

Ho ntse ho na le malapa a 3,4 milione a se nang motlakase naheng ena.

Ka SoNA ya Phuptjane 2014, ke ile ka etsa tsebiso ya hore tshehetso ya dikaho tsa motheo e tla fuwa bomasepala ba talotsweng naheng ena.

Ditjhelete di se di lokisitswe bakeng sa ho kenngwa ha motlakase ka selemo sa ditjhelete sa 2015/16 bomasepaleng ba latelang:
Masepala wa Setereke sa Amathole, Masepala wa Setereke sa Umzinyathi, Masepala wa Setereke sa Alfred Nzo, Masepala wa Lehae wa Lukhanji le Masepala wa Setereke sa OR Tambo.

MaAforika Borwa a heso,

Ha re ntse re lwantshana le diphephetso tsa eneji naheng ya rona, re boela re tshwanela ho lwantsha boshodu ba dikheibole tsa koporo le ba ditshepe.

Mmuso o tla nka dikgato tse boima ho lwantshana le ditlolo tse mpe tsena tsa molao.

Baheso,

Nakong ya selemo sena sa keteko ya bo60 ya Tjhata ya Tokoloho, naha e fetohile e nngwe ya dintho tsa bohlokwahlokwa phihlellong ya tokiso ya diphoso tsa nako e fetileng.

Selemong se fetileng re butse botjha monyetla wa bobedi wa ho kenngwa ha ditseko tsa naha. Ditseko tsa mobu tse fetang 36 000 di se di kentswe naha ka bophara mme nako ya ho di kenya lekgetlo la ho qetela ke 2019.

Re boetse re lekodisisa moralo wa leano la 50/50, o sisinyang ditokelo tse ntle tsa batho ba dulang ba bile ba sebetsa mapolasing. Dikgwebo tse 50 tsa temo di tla hlwauwa e le porojeke ya pulamadiboho.

Ho ya ka melao ya rona e metjha e sisintsweng, sekepele sohle sa monga naha se tla emiswa dihektareng tse 12 000.

Melata ha e ka ke ya dumellwa ho ba beng ba naha Aforika Borwa, empa e tla dumellwa ho hira ka nako e telele.

Ntlheng ena, Bili ya Taolo ya ho ba le Naha e tla iswa Palamenteng selemong sena.

Ka Lenaneo la Tlhabollo ya Naha, dihekthara tse fetang 90 000 tsa naha di se di abetswe borapolasi ba banyane, badudi ba mapolasing le basebetsi ba mapolasing.

Mosebetsi wa ho thea Kantoro ya Molekodi-Kakaretso wa Thepa o se o qadile, e leng e tla thewa ho ya ka Molao wa Tekolo ya Boleng ba Thepa.
Hang ha o se o kentswe tshebetsong, molao ona o tla fedisa ho itshetleha mokgweng wa Moreki ya Batlang ho Reka o tla emela Morekisi ya Batlang ho Rekisa hore mmuso o fumane naha.

Baheso,

Temo ke sefetola mawa bakeng sa kgolo le tshireletso ya dijo.

Re sebetsa le lekala la poraefete ho etsa Morero wa Tshebetso wa Leano la Temo o tla tlisa dihekthara tse milione e le nngwe ya naha e sa sebedisweng ka tshwanelo hore e sebediswe ka ho phethahetseng dilemong tse tharo tse tlang.

Ho tse ding tsa dikgato tse ka sehloohong tsa ho kena dipakeng selemong sena, re tla kgothaletsa ho thewa ha ditsha tsa temo kapa dikoporasi le dihlophana ho e mong le e mong wa bomasepala ba 27 ba futsanehileng ka ho fetisisa, ho fetola moruo wa mahaeng.

Tjhelete ya pele ya thakgolo ya R2 bilione e se e le teng bakeng sa letsholo la Setsha sa Temo.

Re tla tswela pele ho ntlafatsa diyantle tsa rona tsa dihlahiswa tsa temo, tse hotseng ka potlako haholoholo mebarakeng e metjha ya Aforika le China. Ho tea mohlala, re se re phethetse ditumellano tsa tshebetso tsa kgwebisano tsa temo bakeng sa ho iswa ntle ha Poone le Diapole tsa Aforika Borwa kwana China.

Ho iswa ntle ha diapole feela ho lebelletswe ho kenya R500 milione phapanyetsanong ya kantle nakong ya dilemo tse tharo.

Pale e monate e ka phetwang ka temo ke katleho ya ba bang ba borapolasi ba qalang le ba thuthuang.

Masepaleng wa Setereke sa Vhembe ho la Musina, Mmuso wa Limpopo o se o tsheheditse Sehlophana sa Nwanwedi se nang le borapolasi ba 300 ba lemang meroho naheng e kahodimonyana ho dihekthara tse 1 300 bakeng sa kgwebo.

Sehlophana se se se theile mesebetsi e fetang 2 500 jwaloka ha temo ya meroho e le mosebetsi o mongata haholo.

Re motlotlo ho ba le Mofumahadi Nokwanele Mzamo wa Kirkwood Kapa Botjhabela kahara rona kajeno, yena mohapi wa Kgau ya Mohwebi ya Motshehadi ya Hlahelletseng ka Mahetla Temong ka 2014.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang,

Bokenadipakeng ba rona ba ho tshehetsa lekala la tlhahiso bo bea ditholwana tse monate.

Sekema sa rona sa Matsete ho tsa Dikoloi se utollotse matsete a lekala la poraefete a R24,5 bilione, sa ba sa etsa diyantle tsa dikoloi le dikarolwana tsa ona tsa R103 bilione ka 2013.

Re ahile lekala la tsa dikoloi la boemo bo hodimodimo kontinenteng ya Aforika, mme re isa ntle ho ya dinaheng tse fetang 152.

Lekala la matlalo le dieta le lona le hodile ho ya fihla mokatong oo le ka hlahisang dipara tse 60 milione tsa dieta, mme diyantle di hodile ka 18% ka molemo wa bohlokwa botsitsong ba kgwebisano.

Seboka sa Matjhaba a Kopaneng mabapi le Kgwebo le Ntshetsopele se bontsha hore Aforika Borwa e phetaphetile lephallo la Matsete a yang Kantle ka Kotloloho ho ya ho R88 bilione ka 2013, ha merero ya 2014 e le ntle le yona.

Lekala la Tlhahiso le ile la thefulwa haholo ke Koduwa ya Ditjhelete ya Lefatshe.

Mmuso o nyehetse tjhelete e fetang R2,8 bilione dikhamphaning le lekaleng, ka Lenaneo la Ntlafatso ya Tlhodisano Tlhahisong.

Re thabile haholo ka ho sisinyeha ha ba tlhahiso, ba nyehetseng tjhelete e fetang R12,4 bilione matseteng a lekala la poraefete. E fela e le pale e monate e ka phetwang.

Ho feta moo, ho hahamalla pele ka phetoho, re entse lenaneo la ho fumana le ho ntshetsapele Boradiindasteri ba Batsho nakong ya dilemo tse fetang tse tharo.

Baheso,

Ka lebaka la katleho e kaalo tlhahisong, re a tlameha ho etsa kgatelopele tjantjellong ya rona ya ho hotetsa kgolo.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang,

Ho hohela bokgoni ba kantle bakeng sa moruo wa rona o holang, re tla batla ho dula majwana le ba amehang ba fapafapaneng ka Leano la Phallo.

Re tla boela re bea ka sehloohong tjhebobotjha ya melawana ya visa ho tlisa botsitso dipakeng tsa tshireletso ya naha le kgolo bohahlauding.

Baheso le metswalle,

Ka SoNA ya Phuptjane 2014, ke buile ka tlhokeho ya ho tsitsisa lekala la merafo le ho kgothaletsa tikoloho e tsitsitseng ya basebetsi.

Re ile ra ngongoreha ke hona, ka lethathama la diteraeke tse telele mme ka nako tse ding di na le dikgoka.

Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a mangatanyana tlasa Tumellano ya Moralo wa Botsitso Indastering ya Merafo, e tlisitse botsitsonyana le tshepo lekaleng la merafo, e leng tshiya ya bohlokwa moruong wa rona.

Diforamo tse Fedisang Ditlolo tsa Molao Dibakeng tsa Merafo di se di theilwe diporofenseng tsa Leboya Bophirima, Limpopo, Foreisetata, Mpumalanga le Gauteng.

Mmuso o tla kenya tshebetsong ditumellano tse fihlelletsweng ke ba Kgwebo le Basebetsi, ho akga le ho nkelwa hloohong ha moputso o tlase naheng.

Re ile ra boela ra etsa boikitlaetso ba ho tsosolosa ditoropo tse swahlamaneng tsa dibakeng tsa merafo ka SoNA ya selemong se fetileng, mme kgatelopele e tomanyana e se e entswe.

Paloyohle ya R2,1 bilione e se e beeletswe ka thoko bakeng sa mosebetsi ona, ka R290 milione e seng e ananetswe bakeng sa Ntlafatso ya Bodulo bo sa tsitsang ho la Mpumalanga, Leboya Bophirima, Gauteng, Kapa Leboya le Foreistata.

Dibaka tse 133 tsa Bodulo bo sa tsitsang di ntse di sekasekwa kapa di a lokiswa bakeng sa ntlafatso ka Lenaneo la Tshehetso la Ntlafatso ya Naha.

Dibaka tse 32 di se di ntlafatswa mme diporojeke tse 87 tsa kaho ya matlo di se di kenngwa tshebetsong hohle ditoropong tsa merafo tse beilweng ka sehloohong.

Taba ya bohlokwa ke hore Mmuso, lekala la merafo le Mokgatlo wa Dibanka wa Aforika Borwa ba saenne Konteraka ya Setjhaba bakeng sa ntshetsopele ya bodulo ba batho ba nako e telele.

Mmuso o boela o tswela pele ho fana ka tshehetso ya ntshetsopele ya setjhaba dibakeng tsa merafo. Tshehetso e nngwe e akga tsebo e batsi ya setekgeniki mabapi le Merero ya Ntshetsopele e Kopanetsweng esita le kaho ya Ditsi tse Ikgethileng tsa Moruo.

Ditoropo tsa dibakeng tsa merafo di boela di thuswa ka ho kenya tshebetsong lewa la phano ya ditshebeletso tsa bomasepala la ho ‘Boela ho tsa Motheo’.
Kannete boholo bo se bo entswe ho aha ditoropo tsa rona tsa dibakeng tsa merafo.

Mmuso o boela o sheba botjha boikamahanyo ba dikhamphani tsa merafo le dipeelo tsa Ditumellano tsa Merafo tsa 2014.

Ke buseditse Molao wa Ntshetsopele ya Disebediswa tsa Dirashwa le Peteroliamo Palamenteng, ho thusa ho lokisa tse ding tsa diphoso tsa bofokodi ba molaotheo le dintho tse ding.

Baheso,

Ho arabela dikopong tsa borakgwebo, Mmuso o hlophisitse ditshekatsheko tsa thefuleho ya tikoloho, dikopo tsa ditokelo tsa metsi le merafo mme o se o beile sekepele sa matsatsi a 300 bakeng sa dikamohelo tsena tsohle hore di ntshuwe.

Ho feta moo, re tla boela re thea Ntlo e nang le ditshebeletso tse fapafapaneng ya ho Hleka Mafapha hore e sekehele tsebe ditletlebo le mathata ohle a boramatsete.

MaAforika Borwa a heso,

Selemong sa 2015 ho tla bonahala dintlafalo tse ding melaong ya tsa mesebetsi e le ho kgothaletsa ditokelo tsa basebetsi ho ya pele.

Lefapha la tsa Mesebetsi le tla sheba botjha boikitlaetso ba makala a temo, meru, tshireletso ya poraefete, makala a thekiso ka bongata le mabenkele.

Re lebelletse ho phethelwa ha Molao wa Ditshebeletso tsa Kgiro wa 2014, o theang tshebeletso ya kgiro ya setjhaba semmuso.

Molao o boela o laola ka semmuso, ditlwaelo tsa makala a poraefete a kgiro le ditshebeletso tsa nakwana tsa kgiro, ho thibela tlatlapo ya batsomi ba mesebetsi ba sa belaelleng letho.

Ho feta moo, Molao wa Inshorense ya ba sa Sebetseng wa 2001 o tla fetolwa ho ntlafatsa melemo ho ba folang melemo le ho kenyeletsa basebetsi ba mmuso tshebedisong ya Molao ona.

Ditho tse Hlomphehang le Baeti ba Qollehileng,

Kgwebo e nyenyane ke kgwebo e kgolo.

Mmuso o tla beela ka thoko 30% ya mekgahlelo e tshwanelehileng ya phumantsho ya Mmuso bakeng sa ho ka reka ho di-SMME, dikoporasi esita le dikgwebong tsa makeisheneng le tsa mahaeng.

Re tla boela re tswela pele ho phahamisa menyetla bakeng sa batjha.
Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha le fane ka R25 milione dikgwebong tse nyane tse 765 tseo e leng tsa batjha naha ka bophara selemong se fetileng sa ditjhelete.

Lekala le boetse la ba le selekane le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri le Lekala la tsa Ditjhelete la Dikgwebo tse Nyenyane ka selekane sa kgutlotharo seo sephetho sa sona e bileng letlole la R2,7 bilione bakeng sa batjha.

Baheso,
Selemo sa 2015 e tla ba qaleho ya mokgahlelo wa pele wa ho tekwa ha dithapo tse hokelang tsa dikgokahanyo. Mmuso o tla hokela dikantoro tse bomasepaleng ba robedi ba ditereke.

Tsona ke Ngaka Kenneth Kaunda e Leboya Bophirima, Gert Sibande e Mpumalanga, O.R. Tambo e Kapa Botjhabela, Pixley ka Seme e Kapa Leboya, Thabo Mofutsanyane e Foreistata, Umgungundlovu le Umzinyathi tse KwaZulu-Natal, le Vhembe e Limpopo.

Mmuso o se o qetile ka ho kgetha Telkom e le lekala le etelletseng pele ho thusa ka ho tekwa ha dithapo tse hokelang tsa dikgokahanyo.

Jwaloka karolo ya ho hotetsa kgolo, ka ho tshehetsa dikhamphani tseo e leng tsa mmuso, mesebetsi e se ntse e tswela pele ho kenya tshebetsong lewa la phetolo la matsatsi a 90 le habileng ho tsitsisa ditjhelete tsa Khamphani ya Difofane ya Aforika Borwa (SAA).

Ka molao, e meng ya metjha ya matjhaba e nang le tahlehelo ha e sa tla sebediswa.

Empa, re tla etsa sena ka mokgwa o sa tlo thefula ho eta, kgwebisano le bohahlaudi dipakeng tsa Aforika Borwa le lefatshe.

Baheso,

Lenaneo la Ntshetsopele ya Dikaho tsa Motheo tsa Naha le tswela pele ho ba setsiketsi sa bohlokwa sa tlhahiso ya mesebetsi le sefetola mawa sa kgolo ya moruo.

Metsi ke sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo le bophelo bo betere. Diporojeke tse ngatanyana tse reretsweng ho fana ka metsi bakeng sa tshebediso ya diindastering le malapeng di mokgahlelong wa ho kenngwa tshebetsong kapa ho hlophiswa naha ka bophara.

Diporojeke tse ka sehloohong di akga Porojeke ya Metsi ya Umzimvubu e Kapa Botjhabela, Letamo la Jozini le Umkhanyakude KwaZulu-Natal le diporojeke tse Bushbuckridge ho la Mpumalanga le Mokgahlelo wa Pele wa Keketso ya Metsi a Mokolo Crocodile ho la Limpopo.

Kgatelopele e ntse e etswa ho ntlafatsa phepelo ya metsi dibakeng tse neng di anngwe ke kgaello, tse kang Masepala wa Setereke sa Makana ho la Kapa Botjhabela, Masepala wa Setereke sa Ngaka Modiri Molema ho la Leboya Bophirima le Giyani e Limpopo moo re ketekileng phano ya metsi metsaneng e 55 ka Mphalane selemong se fetileng.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang le Modulasetulo ya Hlomphehang wa NCOP, e re ke kope bohle ba kwano naheng ho baballa metsi. Lerothodi le leng le le leng le bohlokwa. Naha e lahlehelwa ke R7 bilione ka selemo ka lebaka la tshenyo ya metsi.

Ho kokobetsa phephetso ena, Mmuso, ka Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere o tla rupella diathisene kapa dipolambara tse 15 000 tse tla lokisa dipeipi tse dutlang dibakeng tsabo tsona.

Re thabile ka ho ba le Mofumahadi Mapule Phokompe wa Mahikeng ho la Leboya Bophirima e le moeti wa rona ya kgethehileng, mohapi wa Dikgau tsa Basadi Paballong ya Metsi.
Baheso,

Lenaneo la dikaho tsa motheo le tswela pele ho atolla marangrang a dipalangwang le ho ntlafatsa mebila, e leng ntho e nohang kgolo ya moruo.

Lefapha la Dipalangwang le tla sebedisa tjhelete e ka bang R9 bilione Dithusong tsa Ditjhelete tsa Tokiso ya Mebila ya Diporofense kapa Lenaneo la Sihamba Sonke esita le R11 bilione ho ntlafatseng le ho lokiseng mebila e se nang diheke tsa tefiso.

Tjhelete e fetang R6 bilione e tla sebedisetswa ho rera, ho aha le tshebetso ya marangrang a dipalangwang tsa setjhaba tse kopantsweng ditoropong tse kgolo tse 13 selemong sona sena sa ditjhelete.
Re tla tswela pele ho ntlafatsa dikaho tsa motheo dikolong le ditheong tsa thuto e phahameng ho thea tikoloho e ntle bakeng sa ho ithuta le ho ruta.

Ka Letsholo le Potlakiswang la Phano ya Tshebediso tsa Dikaho tsa Motheo tsa Sekolo leo e leng karolo ya Morero wa Naha wa Dikaho tsa Motheo, dikolo tse ntjha tse 92 di se di phethetswe ho fihlela kajeno mme tse 108 di ntse di ahwa.

Dikolo tse ka bang 342 di fumane metsi lekgetlo la pele.

Dikolo tse 351 di fumane disebediswa tse ntle tsa tlhwekiso ha tse 288 tsona di hoketswe motlakase.

Re tswela pele. Re a sebetsa. Re setjhaba se tshwereng ka thata.

Mmuso o se o hlwaile ditsha tse 16 bakeng sa kaho ya dikhamphase tse 12 tse ntjha tsa Kholetjhe ya Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Matsoho wa Setekgenike esita le ho ntjhafatswa ha dikhamphase tse pedi tse teng.

Mosebetsi wa ho thea diyunivesithi tse tharo tse ntjhantjha o ntse o tswela pele, Yunivesithi ya Sol Plaatjie e Kapa Leboya, Yunivesithi ya Mpumalanga le Yunivesithi ya Disaense tsa Bophelo bo Botle ya Sefako Makgatho.

Ditho tse Hlomphehang,

Re tswela pele ho fana ka matlo bathong ba habo rona. Ka 30 Loetse, paloyohle ya matlo a fetang 50 000 a ile a fanwa ka dikarolo tsa dithuso tsa tshehetso ya ho reka matlo le ya matlo a rekehang.

Mmuso o tla boela o fana ka menyetla ya matlo a 5 000 bakeng sa mekaubere ya sesole. Mmuso o tla boela o sebeletsa ho fedisa tshallomorao ya mangolo a netefatsang ho ba monga thepa bakeng sa matlo a pele le kamora 1994.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang,

Selemong se fetileng re hlahisitse mananeo a mang a hatetseng pele a ho kenya tshebetsong Morero wa Ntshetsopele ya Naha.

Selemong se fetileng re thakgotse Operation Phakisa, mokgwa wa laboratori o susumetswang ke diphetho wa ho rera le ho sebediswa ha mananeo.

Operation Phakisa e moruong wa mawatleng e reretswe ho utolla menyetla ya makala a ho romelwa ha thepa, botshwasi ba ditlhapi, kotulo ya dimela le tshwaso ya diphoofolo tse tsejwang tsa metsi tsa lewatle, merafo, oli le gase, bayothekenoloji le bohahlaudi.

Re nehetse matsete a R9,2 bilione ho gase le tekolong ya oli ledibohong la Saldanha e le karolo ya letsholo la Operation Phakisa.

Letsholo la Operation Phakisa la ho Phahamisa Tleliniki ya Sebele le reretswe ho kgothaletsa tshebetso e ntle, e atlehileng le boporofeshenale ditleliniking.

Jwale re tla lekola Operation Phakisa lekaleng la merafo. Ke laetse Mmuso ho sebedisana le lekala la merafo ho tla le ditharollo tse tla lokela bohle, molemong wa dirashwa tsa rona.

Baheso le metswalle,

Dilemong tse hlano tse fetileng, mmuso o hatetse pele haholo tlhokomelong ya bophelo bo botle.

Selemong sena re tla thakgola lenaneo le leholohadi ho fetola mawa kgahlanong le Lefuba (TB), ho tsepamisitswe maikutlo dibakeng tse tharo, batshwaruwa ditsing tsa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, basebetsi ba merafong le dibaka tse ditoropong tsa merafo.

Ho lwantsheng sewa sa HIV le AIDS, khamphani eo e leng ya mmuso e etsang meriana, Ketlaphela, e se e theilwe mme e tla ba le seabo phepelong ya dianthiretrovaerale Lefapheng la Bophelo bo Botle.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang,

Re tlameha ho tswela pele ho sebetsa ka matla re le mmoho ho lwantsha ditlolo tsa molao le ho thea dibaka tse batlang di bolokehile.
Re etsa kgatelopele twantshong ya ditlolo tsa molao kgahlanong le basadi le bana.

Yuniti ya Dipatlisiso tsa Merusu ya Malapeng, Tshireletso ya bana le Ditlolo tsa Molao tsa Motabo ya Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) e atlehile ka ho fumana dikahlolo tsa batshwaruwa tsa ho hlola bophelo bohle tjhankaneng tse 659 kgahlanong le baetsi ba ditlolo tsa molao kgahlanong le basadi le bana.

Re naha ya demokerasi mme re hlompha ditokelo tsa setjhaba tsa ho ipelaetsa. Leha ho le jwalo, re a kopa hore boipelaetso bona bo ikamahanye le molao mme bo tlameha hore e be ba kgotso jwaloka ha ho hlalositswe Molaotheong.

Sepolesa se atlehile ho bea diketsahalo tse 13 575 tsa boipelaetso tlasa taolo, moo ho bileng le tse 1 907 tse amanang le tlhokeho ya botsitso le tse 11 668 tsa kgotso.

Ntwa kgahlanong le bonyofonyofo e ntse e ntshetswa pele ke Komiti ya kopanelo ya Matona e Lwantshanang le Bonyofonyofo.

Mmuso o na le ditheo tse supa tse lwantshanang le bonyofonyofo le melao e 17 e reretsweng ho fedisa bonyofonyofo. Sena se bontsha matsapa a matla a mmuso a ho lwantshana le sewa sena naheng ya rona.

Selemong sa ditjhelete sa 2013/14, batho ba 52 ba ile ba ahlolwa dinyeweng tse amanang le tjhelete e kaalo ka R5 milione.

Basebetsi ba mmuso ba 31 ba ile ba ahlolwa sehleng sa pele sa 2014/15 mme ditaelo tsa ho emisa ditjhelete tse fihlang ho R430 milione di ile tsa fumanwa.

Ho thibela bonyofonyofo le ho kgothaletsa puso e lokileng, ka Tshitwe ke saenne Molao wa Tsamaiso le Bolaodi ba Setjhaba oo ho tse ding, o sa dumelleng basebetsi ba mmuso ho etsa kgwebo le Mmuso.

Baheso,

Kabinete e ananetse dikgato tsa bokenadipakeng tse matla di bile di kopantswe, ho fedisa ho tlatlapjwa ho soto ha ditshukudu naheng ya rona.

Bokenadipakeng bo akga ditshebetso tse kopanetsweng tse tswelang pele le dinaha tsa bohlokwa tsa boahisane, pokello e ntlafaditsweng ya boutlwela esita le ho ntlafatsa tshireletso dirapeng tsa diphoofolo esita le ditsing tsa diporofense moo ditshukudu di leng teng.

Mmuso o entse kgatelopele e ntle ya ho thea Lekala la Taolo ya Meedi, ho laola madiboho ohle a ho kena le ho ntlafatsa tshireletso.

Ho tswela pele ho ntlafatsa phumano ya mangolo a boitsebiso, ho tloha selemong sena baahi ba tla kgona ho etsa kopo ya Karete ya Boitsebiso dibankeng tsa habo bona ka lebaka la selekane dipakeng tsa Lefapha la Merero ya Lehae le dibanka tse ding naheng ena.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang,

Ho aha naha e kgathallang, e sebetsang ka bokgabane ebile e arabela dillong tsa batho ho tla tswela pele ho bewa ka sehloohong.

Ka SoNA ya 2014, ke itse re tla tswela pele ho ntlafatsa maphelo a batho ba holofetseng. Ka Tshitwe selemong se fetileng, Kabinete e ntshitse moralo wa Leano la Naha la Ditokelo tsa Batho ba Holofetseng.

Baheso,

Mmuso wa lehae ke mosebetsi wa bohle. Re tshwanela hore re o etse hore o sebetse.

Re thakgotse lenaneo la ho “Boela ho tsa Motheo” ho kgothaletsa puso e ntle le tsamaiso e kgabane ka ho fokotsa tshenyo, ho sebedisa ditjhelete tsa setjhaba ka hloko, ho hira basebetsi ba tsebang mosebetsi le ho netefatsa ponaletso le boikarabelo bomasepaleng.

Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele ya Metse ya Ditoropo o tsebisitsweng ka SoNA e fetileng ka Phuptjane, o ananetswe ke Kabinete.

MaAforika Borwa a heso,

Ho kenya letsoho kahong ya Aforika e betere, Aforika Borwa e tswela pele ho tshehetsa kgotso le tshireletso esita le ho kopanngwa ha moruo wa lebatowa kontinenteng.

Ho bile teng diphetho tse ngatanyana.

Bokgoni ba Aforika ba Karabelo ya ka Potlako Dikoduweng (ACIRC), moo Aforika Borwa e kenyang letsoho ebile e le setho sa bathei, e se e le tshebetsong.

Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa (SANDF) le SAPS di tswetse pele ho ba le seabo ka bokgabane thibelong ya dikgohlano le ho phaphatheng kgotso kontinenteng.

Aforika Borwa e tswetse pele ho tshehetsa matsholo a tharollo ya kgohlano Lesotho, Sri Lanka le Sudan Borwa, a etelletswe pele ke Motlatsi wa Moporesidente.

Tshebedisanommoho ya moruo le balekane ba rona ba BRICS e ile ya matlafatswa ha ditumellano tsa pele tse pedi tsa kopanelo ya mebuso di ne di phethelwa moketjaneng wa Seboka sa botshelela sa BRICS.

Ena e ne e le Tumellano Bankeng e Ntjha ya Ntshetsopele le Selekane se Theang Tumellano e Tiileng ya Risefe.

Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo ba Hlomphehang,

Dinaha tse ka Leboya le tswetseng pele di dula e le balekane ba bohlokwa bakeng sa Aforika Borwa moo naha e kgonang ho ntshetsapele leano la yona la naha le la kantle.
Re na le selekane sa boleng le Kopano ya Yuropa ho tse kang, Lenaneo la Matsete la dikaho tsa motheo bakeng sa Aforika Borwa la boleng ba R1,5 bilione.

Ntjhafatso ya Molao wa Kgolo le Monyetla wa Aforika ho ya ka nqane ho Loetse 2015 le boitlamo ba ho tshehetsa matsholo a kgotso a etelletsweng pele ke Aforika kontinenteng ke tse ding tsa diphetho tsa Seboka sa boetapele sa Amerika-Aforika se neng se tshwaretswe Amerika selemong se fetileng.

Baheso,

Boemong ba mahlakore ohle, 2015 ke letshwao la keteko ya bo70 ya Matjhaba a Kopaneng, e leng ntho e tlisang tjhadimo ya tlhokeho ya ho fetola Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng le ditheo tse ding tsa matjhaba.

Baheso,

Bahale ba naha ba tokoloho, Moses Kotane le JB Marks ba tla bolokwa botjha Aforika ka Hlakubele.

Re leboha mmuso le batho ba Mmuso wa Russia ka ho hlokomela masalla a bahale ba rona ka seriti ka dilemolemo tse ngata.

Dipapading, Sehlopha sa Aforika Borwa se tla ba le seabo Dipapading tsa Aforika Yohle ho la Congo Brazzaville ka 2015.

Di-Springbok di tla bapala Mohopeng wa Lefatshe wa Lekgotla la Matjhaba la Rakebi (IRB) o tla tshwarelwa England ka Loetse ya 2015.

Di-Protea di Australia ho la New Zealand ho bapala Mohopeng wa Lefatshe wa Kherikete ya Lekgotla la Matjhaba la Kherikete. MaAforika Borwa ohle, jwaloka tlwaelo, a tlameha ho tshehetsa dihlopha tsa naha.

Re tlameha le ho ananela Bafana Bafana ya rona. Ke nahana hore le tla dumellana le nna hore lekgatheng lena ba fumane sebaka sa ho kena dipapading tsena ka bokgabane.

Ba ne ba le sehlopheng se neng se bitswa “sehlopha sa makgaolakgang” mme ba itekile.

Re tlameha ho ba tshehetsa, ba re entse hore re be motlotlo.

Ditho tse Hlomphehang,

Re tla tswela pele ho kgothalletsa mekgwa ya ho phela e nang le bophelo bo botle re be re kgothalletse baahi hore ba tlohele ho tsuba le ho sebedisa jwala le dithethefatsi hampe.

Ntlheng ena, letsatsi la 10 Motsheanong re tla le tshwaya e le Letsatsi la ho Tsamaya ka Maoto Molemong wa Bophelo bo Botle, ketsahalo ya matjhaba e kgothalletswang ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle. Letsatsi lena le boela le thulana le keteko ya tlhomamiso ya Moporesidente Mandela.

Baheso,
MaAforika Borwa a heso,

Boholo bo fihlelletswe selemong se fetileng. Re dumela hore morero wa rona o ntlha robong wa bokenadipakeng ba moruo o tla thusana le dikatleho, o be o hotetse kgolo e hlokwang haholo.

Nakong ya selemo sena sa Tjhata ya Tokoloho le Kopano Tshebetsong ho Ntshetsapele Tokoloho ya Moruo, re inehela botjha kopanong le ho sebetseng ka thata, ho netefatsa katleho e tswelang pele naheng ya rona e ntle.

Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele!

Ke a leboha.

Issued by: 
More from: