Tlaleho ya Mopresidente Cyril Ramaphosa Mabapi le ho Fediswa ha Maemo a Koduwa Naheng ka Maikemisetso a ho Lwantsha Koduwa ya COVID-19

Maafrika Borwa a heso, 

Matsatsing a 750 a fetileng, Afrika Borwa haesale e le tlasa Maemo a Koduwa. 

Ana e ne e le maemo a sa tlwaelehang a so kang a etsahala nalaneng ya naha ena ya rona. 

Ho beha naha ena tlasa maemo a koduwa, e ne e le ho leka ho lwantsha mathata a matjhaba a tsa bophelo bo botle ao e neng e le pharela e kgolo maphelong a batho ba rona. 

Ha re qeaqee hore mohato ona o ne o hlokahala e le ka nnete ho latela maemo ao. 

Ho phatlalatsa Maemo a Koduwa Naheng ka la 15 Tlhakubele 2020, ho ile ha neha mmuso monyetla wa ho nka mehato ya ho thibela ho kula haholo ha batho ka bongata esitana le hona ho pholosa maphelo a batho ba balwang ka bongata. 

Mehato ena e ile ya thusa ho fokotseng sekgahla sa tshwaetso le tshubuhlellano dipetleleng tsa rona, ho theheng meralo e neng e hlokahala, ho fumaneng ditlhoko le ho lokisa dibaka tse neng di ka kgona ho amohela palo e hodimo ya bakudi ba COVID-19.

Maemo ana a Koduwa Naheng, a ile a thusa hore mmuso o thakgole Letlole la R350 la Kimollo ya Ditjhelete bathong ba neng ba anngwe haholo ke koduwa ena ya COVID-19. 

Maemo ana, a ile a boela a thusa ho thehweng ha matlole a mang a ileng a thusa le dimilione tsa basebetsi ba neng ba amehile ka lebaka lena la COVID-19. 

Maemo ana a Koduwa Naheng, hara dintho tseo a ileng a thusa ho tsona re ka boela ra bala le ho fumana ha dikgwebo tse nyane thuso ya kimollo ho tswa mmusong, nako ya ho sebetsa ha mangolo a dikoloi le a ho kganna a neng a se a feletswe ke nako, e ile ya kgona ho eketswa mme le ditsi tsa thuto le tsona tsa kgona ho itlhophisa hore di kgone ho sebetsa tlasa maemo ana a koduwa. 

Mehato ena, e ne e hlokahala e seng feela tabeng ya ho leka ho thibela tshenyo ya koduwa ena maphelong a batho, empa le tabeng ya ho fokotsa maemo a tshenyo setjhabeng le moruong. 
Ana ke ona maikemisetso a ho beha naha tlasa maemo a koduwa: ho kgona ho nka mehato e tla kgona ho pholosa maphelo a batho. 

Leha ho le jwalo, naheng e buswang ka demokrasi, leha maemo a koduwa a neha mmuso matla a eketsehileng a ho etsa dintho, empa matla ao e ba a nakwana feela. 

A tlameha ho sebediswa ha feela ho e na le tlhokeho ya ho etsa jwalo. 
Jwalo ka ha ke ile ka bolela le Puong ya ka ya Boemo ba Naha, jwale re tlo kena mokgahlelong o motjha wa ho lwantsha koduwa ena ya COVID-19. 

Ho fetoha ha maemo a koduwa ena naheng ya rona, ho ile ha bonahala ka leqhubu lena la bone ka Tshitwe le Pherekgong. 

Leha re bile le palo e hodimo ho feta ya maqhubu a fetileng ya batho ba ileng ba tshwaetseha leqhubung lena la bone, empa ba bile mmalwa haholo ba ileng ba kula haholo, ba ileng ba amohelwa dipetlele, le ba ileng ba bolawa ke kokwanahloko ena. 

Nakong ya leqhubu la boraro ka Phupu ngwahola, palo e hodimo ya letsatsi ya batho ba neng ba bolawa ke COVID-19, e ne e le ya ba 420. 

Leqhubung la bone teng, ka Hlakola selemong sena, palo e hodimo ya letsatsi ya ba neng ba bolawa ke COVID-19, e ne e le ya ba 240. 

Bekeng e fetileng teng, palo ena e theohetse ho batho ba leshome le metso e mmedi feela. 

Re bona diphetoho tse tshwanang le ditsing tsa rona tsa bophelo bo botle.

Dibetheng tse tlwaelehileng tse 108 000 tsa bakudi tseo re nang le tsona naheng ena, ke tse 1 805 feela tse robaditseng bakudi ba COVID-19.

Dibetheng tse 5 600 tsa ba kulang haholo tseo re nang le tsona naheng ena, ke tse 175 feela tse robaditseng bakudi ba COVID-19.

Tsena ke diphetoho tse bonahalang, tse etsang hore dintho di boele setlwaeding ditsing tsa mmuso tsa bophelo bo botle. 

Sena se bontsha hore leha kokwanahloko ena e ntse e le teng, empa haesa kodisa batho haholo le hona ho ba bolaya jwalo ka pele. 

Leha maemo a koduwa a e so fele, le kokwanahloko ena e ntse e le teng, empa ha ho sa na tlhokeho ya hore naha e nne e be tlasa Maemo a Koduwa. 

Ho tloha jwale ho ya pele, maemo ana a koduwa, a tla laolwa ka ho latela Molao wa tsa Bophelo bo Botle.
Ho na le Melawana e metjha ya Bophelo bo Botle e phatlaladitsweng, eo setjhaba se fuweng monyetla wa ho ntsha maikutlo a sona ka tsona. 

Ha nako ya ho hlahisa maikutlo e fihla pheletsong ka Moqebelo wa la 16 Mmesa, mme le maikutlo a setjhaba a sekasekilwe, melawana ena e tla pasiswa e be melawana mme e phatlalatswe. 

Jwalo kaha maemo ao re leng ho ona a se a sa dumele hore naha e nne e be tlasa maemo a koduwa ho ya ka Molao wa Taolo ya Dikoduwa, Kabinete e nkile qeto ya ho fedisa Maemo a Koduwa Naheng ena ho tloha ka kgitla bosiung bona. 

Molao wa Taolo ya Dikoduwa o a dumela hore dipehelo tse neng di sebetsa tlasa maemo a koduwa di ka nna tsa tswela pele nakwana nakong eo naha e sa ntsa neng e ‘ikaha botjha’.

Ho ya ka molao ona, dipehelo tsena di ka tswela pele nako ya matsatsi a 30 ka mora ho fediswa ha Maemo a Koduwa Naheng ho netefatsa hore ditshebeletso tse itseng tsa bophelo bo botle mmoho le tse ding tsa bohlokwa setjhabeng ha di phatsamisehe nakong ena ya diphetoho ho ya Molaong wa tsa Bophelo bo Botle. 

Se tla etsahala ho tloha jwale ke hore melawana le dipehelo tsohle tse neng di behilwe ho latela ho phatlalatswa ha maemo a koduwa naheng ena ho ya ka Molao wa Taolo ya Dikoduwa ka maikemisetso a ho lwantsha COVID-19, e tlo kgaotsa ho sebetsa ho tloha ka kgitla bosiung bona. Leha ho le jwalo, ho tla sala e mmalwanyana feela nakong ena ya diphetoho.

Melawana ena ya nako ya diphetoho e tlo iphella ka mora matsatsi a 30, yona ke e latelang:
Wa pele, re ntse re tlameha ho apara dimonkwana ha re le ka hara moaho setjhabeng. Sena se bohlokwa ho thibela ditshwaetso dibakeng tse kotsi, haholoholo jwalo ka ha batho ba bangata ba so ka ba enta. 

Semonkwana ha se sa hlokahala ha re le kantle.

Wa bobedi, dipehelo mabapi le ho kgobokana ha batho, di tla tswela pele nakong ena ya diphetoho. Sena se bolela hore ha batho ba kgobokana kantle kapa ka hara moaho, ho tla dumellwa batho ba ka etsang halofo ya palo ya batho ba amohelwang ke moaho oo mme batho bao e tlameha e be ba nang le bopaki ba hore ba entile kapa ba hore ha ba na COVID-19 mme lengolo leo la bopaki e be le bontshang hore diteko tseo di entswe nakong e sa feteng dihora tse 72. 

Haeba bopaki ba ho enta kapa ba diteko tsa COVID-19 bo le siyo, ho tla sebetsa dipehelo tse tlwaelehileng tsa batho ba 1 000 ka hara moaho le ba 2 000 kantle. 

Wa boraro, dipehelo mabapi le maeto a matjhaba di tla dula di le teng. Sena se bolela hore baeti ba kenang Afrika Borwa ba tla tlameha ho bontsha bopaki ba hore ba entile kapa sephetho sa diteko tsa PCR tse entsweng nakong e sa feteng dihora tse 72 se bontshang hore motho ha a na COVID-19. 

Haeba bopaki ba ho enta le ba diteko tsa COVID-19 bo le siyo, baeti bao ba tla tlameha ho etswa diteko hang hang ha ba fihla naheng. 

Haeba sephetho se re motho o na le COVID-19, motho eo o tla tlameha ho ipoloka a inotsi matsatsi a leshome. 

Wa bone, dipehelo mabapi le tjhelete ya Kimollo ya R350 di tla tswela pele. 

Sena se bolela hore Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tla tlameha ho phethela melawana ya ho tswela pele le ho lefa tjhelete ena. 

Wa bohlano, melawana ya ho eketsa ho sebetsa ha mangolo a feletsweng ke nako a lenase, a ho kganna, a dikoloi, a ho ngodisa dikoloi le a ho kganna dikoloi tsa setjhaba, e tla nne e tswele pele. 

E meng melawana ya koduwa e tlo fela ka kgitla bosiung bona. 

Yona e kenyeletsa ya ho ipoloka o inotsi, ya dikolong, ho kena mahaeng a maqheku, dipalangweng tsa setjhaba, mabollong, ho thothwa ha thepa esitana le molato wa ho se ikobele dipehelo tsena. 

Ho fela hona ha Maemo a Koduwa Naheng ho bolela ho fela ha Maemo a ho Kginwa ha Ditshebeletso. 

Di mmalwa dipehelo tse tla sala nakong ena ya diphetoho ho dumella tsela ya bophelo le moruo ho kgona ho boela setlwaeding. 

Tsona di salla ho leka ho qoba ho ropoha ha maqhubu a mang a COVID-19 le dikoduwa tse ding. 

Di boetse di thusa hore batho ba tswele pele ho fumana tjhelete ya Kimollo ya R350 mmoho le ho sebetsa ha mangolo a ho kganna a feletsweng ke nako. 

Jwalo ka ha ke hlalositse, ena ke melawana ya nakwana ena ya diphetoho feela, e tlo fela ka mora matsatsi a 30. Sena se tlo dumella hore re kgone ho laola maemo a koduwa ena ho latela Melawana ya tsa Bophelo bo Botle. 

O mong molawana o tla tswela pele le ka mora ho fela ha Maemo a Koduwa Naheng. 

Ona ke wa Ditlhapiso tsa ho Lemala ka lebaka la Ente ya COVID-19.

Molawana ona wa ditlhapiso, o qadile ho sebetsa ka Mmesa ngwahola ho leka ho bebofatsa tsela ya ho fumana ditlhapiso ha motho a lemetse ka lebaka la ente ya COVID-19. 

Leano lena la ditlhapiso tsa ho Lemala ka lebaka la Ente ya COVID-19, le tla tswela pele le ka mora ho fela ha Maemo a Koduwa Naheng mme jwale le tla laolwa ke Lefapha la Bophelo bo Botle. Ditlhapiso tsena, di tla fela mohla mosebetsi wa tsona o felang. 

Maafrika Borwa a heso,

Ho fela ha Maemo a Koduwa Naheng ke katleho e kgolo twantshong ya koduwa ena. 

Ke letshwao la katleho ya rona mmoho le sehopotso sa seo re fetileng ho sona. 

Ona ke motsotso wa ho hopola bohle ba lahlehetsweng ke maphelo a bona le ba ntseng ba hula ka thata ka lebaka la kokwanahloko ena. 

E boetse hape ke nako ya ho leboha basebeletsi bohle ba tsa bophelo bo botle, mapolesa, masole, baithaopi le bohle ba neng ba thusa nakong yane e thatahadi ya koduwa ena. 

Ho fela ha Maemo a Koduwa Naheng, ke taba e bontshang hantle hore jwale leha kokwanahloko ena e ntse e le teng, empa jwale re tlameha ho phela maphelo a rona ka tsela e tlwaelehileng mme re ahe le naha ya rona botjha.

Ona ke monyetla o re nehang boitshepo ba hore jwale re tlameha ho phela ka tsela eo re neng re ntse re phela ka yona pele ho koduwa ena leha re ntse re tlameha ho etsa diphetoho mona le mane ho leka ho sireletsa batho bao re phelang le bona. 

Ona ke monyetla o netefaletsang dikgwebo tsa rona hore jwale di tla kgona ho sebetsa ka bolokolohi ntle le dipehelo tse itseng. 

Sa bohlokwa haholo ka ho fedisa Maemo ana a Koduwa Naheng, ke ho nka boikarabelo ka ho arohana ho sireletsa maphelo a rona mmoho le a ba bang. 

Maikemisetso a rona ke hore re ente, le ho kgothaletsa ba bang ho entela COVID-19.

Ente ke yona thebe ya rona kgahlano le COVID-19.

Ente ena ke sona sebetsa sa rona se tla fokotsa menyetla ya ho ba le maqhubu a latelang a thefulang ditsi tsa rona tsa bophelo bo botle – le ho thibela ho ba le a mang maemo a koduwa naheng ena. 

Leha ho le jwalo, re tla tlameha ho dula re le sedi, re fadimehile. 

Re ile ra hlokomela hore kokwanahloko ena e iphetola dibopeho, ho yona dintho di ka fetoha ka ho panya ha leihlo feela. 
Ka lebaka lena, re ntse re tswela pele ho sebedisana le Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle le mekgatlo e meng ho kgona ho utlwa ha ho na le ho ropoha ha ditshwaetso dibakeng tse ding lefatsheng ka bophara esitana le ho fumana dintlha tse ntjha ho tswa ho borasaense.  

Haesale kokwanahloko ena e fumaneha naheng ena dilemong tse pedi tse fetileng, re ile ra sebedisana mmoho ho rarolla le hona ho hlola koduwa ena. 

Leha koduwa ena e so ka e fela, re ntse re tlameha ho ba sedi, empa re ka iteta sefuba hore jwale ha re sa le maemong ao re neng re le ho ona matsatsing a 750 a fetileng. 

Re ikutlwa betere jwale hobane matsatsi a boima a fetile, mme jwale re na le tshepo ya hore bokamoso bo re tshwaretse tse betere. 

Ena ke nako ya ho theha menyetla ya mesebetsi le ho hodisa moruo wa rona. 

Ena ke nako ya ho kgutlisetsa naha ena maemong a yona. 

Ena ke nako ya ho fola le ho ikaha botjha.

Ha e lale.
 

Share this page

Similar categories to explore