Puo ya Boemo ba Naha ka Mopresidente Cyril Ramaphosa

Puo ya Boemo ba Naha ka Mopresidente Cyril RamaphosaCape Town City Hall

Motsamaisi wa Palamente, Mme Nosiviwe Mapisa-Nqakula,
Modulasetulo wa Moifo wa Naha wa Diprofensi, Ntate Amos Masondo,
Motlatsa Mopresidente wa Afrika Borwa, Ntate Paul Mashatile le Mme Mashatile,
Mopresidente wa mehleng, Thabo Mbeki,
Motlatsa Mopresidente wa mehleng, Mme Phumzile Mlambo-Ngcuka,
Motsamaisi wa mehleng wa Palamente, Mme Baleka Mbete,
Moahlodi e Moholo, Raymond Zondo,
Motlatsa Moahlodi e Moholo, Mme Mandisa Maya,
Baahlodi ba fapafapaneng ba teng kwano,
Ramotse wa Kapa, Mokhanselara Geordin Hill-Lewis,
Batshwari ba Kemedi ya Dinaha tsa Kantle le ba Lebatowa,  
Dihlooho tsa Mekgatlo e Tshehetsang Demokrasi ya rona,
Baemedi ba diprofensi kaofela tse robong,
Ditho tsa Palamente, le
Maafrika Borwa a Ratehang.

Nakong eo re neng re itokiseletsa Puo ena ya Boemo ba Naha (SoNA), re ile ra tshoswa ke pehi ya lefu la Mopresidente wa naha ya Namibia Ngaka Hage Geingob.

Mopresidente Geingob e ne e le motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo, wa Maafrika Borwa, e bile e le molekane wa rona ntweng ya tokoloho. E ne e le mpodi ho theheng kgotso, kopano, kgatelopele esitana le ntshetsopele Afrika.

Ke ne ke kopa re ke re nkeng motsotso wa kgutso ho hopola moya wa hae.

Maafrika Borwa a rateng,

SoNA ena e etsahala selemong sa bo 30 sa demokrasi ya rona.

Ka la 27 Mmesa 1994, dimilione tsa Maafrika Borwa di ne di fumane monyetla wa ho kgetha dikgethong tsa demokrasi, moo bongata ba bona e neng e le lekgetlo la pele ba kgetha.

Ketsahalo ya letsatsing leo e ne e tshwaya katleho ya ntwa ya dilemo tse fetang lekgolo tsa ntwa ya tokolo. Re bua ka Ntwa ya ho lokolla setjhaba sa habo rona se neng se hateletswe, se poqapoqwa ke ho se lekalekane, bofuma, ho sotlwa esitana le ho amohuwa seo e leng sa bona.

Jwalo ka ha re ne re eme meleng e melelele moo re neng re emetse ho kgetha, re ne re shebana re qoqa ka nyakallo, ka nako e nngwe re hlomohe mme dikeledi di keleketle marameng a rona.

Re ne re thabile ka ho tshwana ho sa natsehe hore re metswalle kapa re sa tsebane, sepheo sa rona se ne se le seng feela, ho kgetha molemong wa bokamoso ba naha ya habo rona.  

Mabokosong ao a ho kgetha ha re a kenya dikgetho tsa rona, empa re ne re kenye toro ya naha eo re neng re rata ho e aha.

E ne e le toro ya Afrika Borwa ya bohle ba dulang ho yona, ya batho ba fapafapaneng empa e le setjhaba se le seng.

Matjhaba a ne a shebile ha Nelson Mandela, ntate wa setjhaba sa rona a kgethela mane Inanda, KwaZulu-Natal; sebakeng sa Shaka, mohale ya tsebisahalang melokong e mengata. Sena ke sebaka seo John Langalibalele Dube, Mopresidente wa pele wa ANC a hlahetseng teng, e leng mokgatlo o kopantseng Maafrika. Lena ke lona lehae la Morena Albert Luthuli, mohapi wa pele wa Kgau ya Kgotso ya Nobel Afrika.  

Ho kgethela ha hae Inanda moo John Langalibalele Dube, Mopresidente wa pele wa ANC a patetsweng teng, ho ne ho bolela dintho tse ngata, hara tsona e ne e le ho mo tlalehela seo ntwa ya tokoloho e seng e se fihletse.

 

Ka mora ho kgetha ha hae, Madiba o ne a re:

“Ena ke qaleho ya nako e ntjha. Jwale re tlohile nakong ya ho qeaqea, dikarohano, leqeme la menyetla, merusu le meferefere. Re qala nako ya tshepo, poelano le kaho ya setjhaba.”

Ke yona toro ena ya setjhaba se lokolohileng le se kopaneng, e kenyeleditsweng ho Molaotheo wa demokrasi ya rona.

Ke ona Molaotheo ona o re tataisitseng matsapeng ohle ao re a entseng dilemong tsena tse 30 tse fetileng ho fetola naha ya habo rona ho e etsa e betere mme re tlameha ho e sebedisa ho tswela pele ho ntlafatsa maphelo a bohle.

Dilemong tse fetang tse 30 tse fetileng, haesale re etsa matsapa a ho aha setjhaba se setjha – setjhaba se thehilweng hodima demokrasi.

Re hlotse kgethollo mme ra aha mmuso wa demokrasi ho latela thato ya setjhaba.

Re thehile ditsi tsa bohlokwa ho baballa tokoloho ena ya rona ha mmoho le ditokelo tsa batho.

Re fetotse maphelo a dimilione tsa Maafrika Borwa, ra ba neha ditlhoko tsa bophelo le menyetla e neng e le siyo pele.

Re ile ra ntlafatsa moruo wa rona mme jwale dirashwa tsa rona, dihlahiswa tsa temo le tse hlahiswang difekring, di fenyellang lefatsheng ka bophara, re boetse ka ho le leng re thehile le mesebetsi mona Afrika Borwa.

Naha ya habo rona jwale e kgutletse matjhabeng, mme re kgona ho nka karolo ho tsa kgotso esitana le ho theha setswalle le dinaha tse ding.

Jwale ka ha re sa tlameha ho latola kgatelo pele eo Afrika Borwa e e fihletseng dilemong tsena tse 30 tse fetileng. Re boetse hape ha re a tlameha ho iphapanyetsa diphepetso tse ngatangata tseo re tswelang pele ho tobana le tsona.

Re fetile dinakong tsa mathata a maholo moo matla a demokrasi ya rona a ileng a behwa ditekong tse kgolo.

Ho bile le nako eo ka yona dintho tse neng di etsahala kantle ho naha ena di neng di busetsa kgatelopele ya rona morao.

Mathata a tsa moruo selemong sa 2007 le 2008 a ile a thefula kgolo ya moruo wa rona wa dilemo tse leshome ha mmoho le sekgahla sa ho theha mesebetsi.

Maobanyana mona, ntwa e pakeng tsa naha ya Rashiya le ya Ukraine e bakile ho nyoloha ha manane a theko ya mafura, dijo le dihlahiswa tse ding lefatsheng ka bophara – mme sena se ile sa thatafatsa maphelo a Maafrika Borwa haholo.

Ho bile le nako eo diketsahalo tsa kwano lapeng di ileng tsa tsukutla matla a demokrasi ena ya rona.

Tshenyo e kgolo e ile ya etsahala nakong eo mmuso o neng o hulwa ka nko.

Nako e ka etsang dilemo tse leshome batho ba maemo a hodimo mmusong ba ne ba etse mmomori le batho ba itseng ho iketsetsa boithatelo ka dikhamphane tsa mmuso, ditsi tse qobellang molao ha mmoho le ditsi tse ding tse ngata tsa mmuso.

Ka dinako tse ding diketsahalo tsena di ne di etswa ke dikhamphane tsa kwano kapa tsa dinaheng tsa kantle.

Dibilione tsa diranta tse neng di tlameha ho thusa Maafrika Borwa di ne di utsuwe.

Botshepehi ba naha ya habo rona bo ne bo thefulehe. Ditsi tsa setjhaba di ne di fokola.

Sephetho sa ho hulwa ha mmuso ka nko se ne se bonahale hohle setjhabeng, ho tloha ho fokoleng ha ditshebeletso tsa ho thotha thepa, ho fokola ha ditsi tsa setjhaba, phepelo ya motlakase le ho honyela ha diprojeke tsa ntshetsopele.

Leha ho le jwalo, Maafrika Borwa a mangata ho kenyeletsa le basebeletsi ba mmuso ba tshepahetseng ba ne ba lwane ho hlola ho hulwa ha mmuso ka nko.

Matsapa a ho thibela tsoseletso ya naha a ne a tswele pele.

Re hopola diketsahalo tsa merusu ya Phupu 2021, moo batho ba neng ba fehle merusu e neng e bake koduwa e kgolo moo ho neng ho shwe batho, mme ha ba le tshenyo e kgolo ya thepa.

Le hona moo, ha ba a ka ba atleha.

Matsapa ana a ho senya seo re se unneng ka thata ka lebaka la tokoloho ya rona ha se a ka sa atleha hobane Maafrika Borwa a ne a tshwarane ho sireletsa Molaotheo wa rona ha mmoho le ditshepiso tsa ona tsa bophelo bo betere bakeng sa bohle.

Ke bona boitshepo boo bo ileng ba etsa hore naha ya rona e hlole le sewa sa COVID-19, sewa se seholohadi lefatsheng ka bophara dilemong tse fetang lekgolo.

Maafrika Borwa a fetang 100 000 a ne a lahlehelwe ke maphelo a ona ka lebaka la sewa sena mme batho ba fetang dimilione tse pedi ba lahlehelwa ke mesebetsi.

Haeba re sa ka ra phahamela mapoqo, le hona ho sebedisana ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena, maemo a ka be a mpefetse haholo. Re ne re tshehetse basebeletsi ba tsa bophelo bo botle, bohle ba neng ba le kotsing, ra boela ra thusa le ka ho sebedisa lenaneo la ho enta.

Re ne re tshwarane re le setjhaba ka sepheo se le seng sa ho pholosa maphelo le dibaka tseo re phelang ho tsona.

Ke rata ho leboha haholo diketekete tsa Maafrika Borwa a neng a nehele Letloleng la Kopanelo. Ke thoholetsa hape basebeletsi ba neng ba hlahisa meriana, dingaka, baoki le basebeletsi bohle ba tsa bophelo bo botle ba neng ba tshware thipa ka bohaleng bakeng sa ho hlokomela ba neng ba kula.

Phephetso eo re tlamehang ho lwantshana le yona jwale ke tlhekefetso ya basadi le dipolao tsa bona (GBVF), e leng seo re se nkang e le sewa sa bobedi.

Re le mmuso, re tlile le melao e metjha mme ra tla le disebediswa tse ding bakeng sa ho qosa bohle ba etsang bobe bona, mme ra boela ra tshehetsa mahlatsipa le hona ho tshehetsa ntshetsopele ya basadi.

Jwalo ka setjhaba, re tlameha ho tiisa haholo matsapa a rona a ho qeta GBVF.

Dilemong tsena tse sa tswa feta, naha ya habo rona e sa tswa tobana le mathata a ho fetofetoha ha maemo a lehodimo.

Re bile le mathata a mello ya hlaha Kapa Bophirima, dikgohola tse makatsang KwaZulu-Natal, motjheso o matla Kapa Leboya, komello e kgolo Kapa Botjhabela le difefo tse matla Gauteng.

O mong wa mesebetsi o neng o shebane le mmuso ona, ke ho netefatsa hore naha ya rona e hlola mathata ana ohle.

Leha diketsaho tsena kaofela di sihile mabadi a tsona, empa naha ya rona e ntse e eme, e setletse.

Ho jwalo, mehwabadi e a bonahala. Leha ho le jwalo, Afrika Borwa e ntse e setletse.

Ha re a setlela feela, empa re kgutlile re matlafetse le hona ho itshepa haholo.

Matsapa ana kaofela a bontsha ka moo Afrika Borwa e thabelang tokoloho e fumanweng ka mora dilemo tse balwang ka mashome tsa ntwa ya tokoloho.

Pale ya dilemo tse 30 tsa demokrasi ya rona re ka di tshwantsha le bophelo ba ngwana ya hlahileng tshimolohong ya tokoloho ya rona ka 1994.

Tintswalo – ngwana wa demokrasi – o holetse ho Afrika Borwa e fapaneng le ya batswadi ba hae le ya batswadi ba batswadi ba hae le ya batswadi ba batswadi ba batswadi ba hae.

O holetse setjhabeng se nang le molaotheo oo metso ya ona e leng tekatekano, hlompho ya molao le netefatso ya hlompho ya seriti sa bohle setjhabeng.

Tintswalo le thaka tsa hae ba ne ba une molemo wa maano a pele a demokrasi, a kang ho fumana ditshebeletso tsa mahala tsa bophelo bo botle ho baimana le bana ba dilemo di ka tlase ho tse tsheletseng.

Tintswalo o holetse ntlong e ahilweng ke mmuso, eo e leng e nngwe ya matlo a dimilione a ahetsweng bafumanehi.

Tintswalo o holetse ntlong e nang le ditlhoko tsa sethatho tse kang metsi le motlakase, tseo batswadi ba hae ba neng ba se na tsona pele ho 1994.

Tintswalo ha a ka a ba a patala sekolong mme kamehla o ne a fumana dijo ka letsatsi, e leng lenaneo le fepang bana ba fetang dimilione tse robong ho tswa malapeng a fumanehileng.

Mmuso ona wa demokrasi o fana ka Tjhelete ya Sapoto ya Bana ho ba thusa ho fumana ditlhoko tse bohlokwa. Tjhelete ena, ha mmoho le e meng mefuta ya pei, di tshwela pele ho tswela Maafrika Borwa a fetang dimilione tse 26 molemo jwalo ka kgwedi.

Ka tshehetso ena, Tintswalo – ngwana wa demokrasi – o ile a kgona ho phethela dithuto tsa hae tsa sekolo se phahameng.

Ka thuso ya Letlole la Ditjhelete la Baithuti (NSFAS), Tintswalo o ile a kgona ho ntshetsa pele dithuto tsa hae Sitsing sa Thupello ya Boitsebelo (TVET).

Ha Tintswalo a ne a qala ho sebetsa, o ile thuswa ke maano a Mmuso a kang la tekatekano mosebetsing le la Tshehetso ya Batho ba Batsho ho tsa Moruo.

Ka moputso wa hae, o ne a kgone ho boloka tjhelete mme a kgona ho iqalla lelapa, a ithekela ntlo e betere moo a neng a phele bophelo bo betere.

Ena ke pale ya batho ba balwang ka dimilione ba hlahileng nakong ena ya demokrasi. Leha ho le jwalo, ena ke karolo e le nngwe ya pale ena.

Leha re bile le katleho e kgolo dilemong tsena tse 30 tse fetileng, ho ntse ho na le bana ba ba ngata ba ntseng ba tobane le mathata nakong ena ya demokrasi.

Dimilione tsa batjha ba dilemo di 15 ho ya ho tse 24 ba ntse ba hloka mesebetsi, thuto le yona thupello.

Ba bangata ba bona ba na le mangolo a materiki, a diploma le a degree empa ha ba kgone ho fumana mesebetsi kapa hona ho iqalla dikgwebo.

Leha kgolo ya moruo e hlokahala bakeng sa ho fokotsa palo ya ba sa sebetseng, empa re ke ke ra emela nako ya ho fa batjha bohle ba demokrasi mesebetsi.

Re le mmuso, re entse matsapa a ho lwantsha ho se sebetse ha batjha.

Dilemong tse tharo tse fetileng, re ile ra theha lenaneo la Presidential Employment Stimulus ho latela katleho ya lenaneo la Expanded Public Works Programme.

Ka lenaneo lena, re kgonne ho theha menyetla le mesebetsi e fetang milione tse 1.7.

Ka lenaneo lena, re kgonne ho fumanela batjha menyetla e 23 000 ya ho thusa dikolong moo ba fumaneng boiphihlelo le hona ho thusa baithuti ba rona.

Ka thuso ya Lenaneo la Mopresidente la Kgiro ya Batjha, mmuso o thehile SAYouth.mobi, e leng tshebeletso e sa lefellweng bakeng sa batjha bakeng sa menyetla ya mosebetsi ya thuto le ya ho iqalla dikgwebo.

Ke batjha ba fetang dimilione tse 4.3 ba seng ba ingodisitse tshebeletsong ena mme ba dimilione di 1.6 ho bona ba se ba fumane menyetla.

Ka tshebedisano mmoho le Akgente ya Ntshetsopele ya Batjha (NYDA), re thehile mananeo a mangata a batjha a kenyeletsang Tshebeletso ya Naha ya Batjha esitana le Tshebeletso ya Kgiro ya Batjha.

Mananeo ana a bohlokwa hobane a tswela batjha molemo. NYDA e thusitse batjha ba bangata ho theha dikgwebo tseo e leng tsa bona.

Ho ba le mosebetsi ha ho bolele ho fumana moputso feela – ke ntlha ya bohlokwa bophelong ba motho, ho tlisa seriti, tshepo, maikemisetso esitana le ho ba motho setjhabeng.

Ho re nkile dilemo tse fetang tse 30 tsa ho tingwa menyetla le ho se lekalekane ho Maafrika Borwa, ho netefatsa hore motho ohle o fumana menyetla e tshwanang.

Ha ho a lekana ho bolela feela ka diketso tse sa lokang tsa nako e fetileng, empa re tlameha ho di lokisa.

Re behile melao le mananeo a tla dumella Maafrika Borwa a batho ba batsho ha mmoho le basadi ho atleha mesebetsing esitana le ho ba batsamaisi le hona ho ba le dikgwebo tseo e leng tsa bona le hona ho ba le mobu oo e leng wa bona.

Palo e kgolo ya batho ba maemong a botsamaise ke batho ba batsho mme e eketsehile ka dikgato tse hlano ho tloha ka selemo sa 1996 to fihla ho 2016.

Phephetso e kgolo eo mmuso wa ha jwale o ileng wa tobana le yona, ke taba ya ho hulwa ha mmuso ka nko.

Mosebetsi wa rona wa pele e ne e be ho emisa ho hulwa hona ha mmuso ka nko, ra qhala maqulwana a dinokwane a neng a sebetsa le mmuso mme bohle ba neng ba etsa sena ba tobane le molao.

Re ile ra etsa sena e le ho tsoseletsa ditshebeletso tsa mmuso le ho aha moruo wa rona botjha.

Re hirile batho ba nang le boiphihlelo ho etella ditsi tse qobellang molao pele ho kenyelletsa le mafapha a mmuso, ditshebeletso tsa tshireletso, tsamaiso ya dikhamphane tsa mmuso ka mokgwa o hlakileng le o nepahetseng.

Ditshebeletso tse kang Akgente e Bokellang Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS) di tsolleditswe mme jwalo di sebetsa betere.

Re ile ra theha Lekala la Bofokisi le nang le makala a fapaneng ka hara Lekala la Naha la Botjhotjhisi ho fuputsa diketso tsa bobodu le dinyewe tse kgolo.

Kgatelopele e se e fihletswe tabeng ya ho tshwara ba neng ba etsa diketso tsena tsa ho hula mmuso ka nko.

Batho ba fetang ba 200 ba se ba qositswe, mme ba bangata ba ntse ba fuputswa.

Ditjhelete tse neng di utswitswe di fumanehile.

Lekala la Naha la Botjhotjhisi le Hapang Thepa le se le fumane mangolo a ho hapa thepa e bitsang dibilione tse R14 tsa tjhelete e mabapi le ho hulwa ha mmuso ka nko mme dibilione tse ka bang R8.6 tsa bobodu di kgutletse mmusong.

SARS e kgonne ho bokeletsa tjhelete e ka bang dibilione tse R4.8 ho tswa ho ba neng ba qobile ho lefa lekgetho, e leng se fumanehilng ho latela Komeshene ya dipatlisiso. Lekala le Ikgethang la Diphuputso lona le se le ritetse dinyewe tsa ditseko tse fihlellang ho dibilione tse R64.

Re nkile mehato e kenyeletsang ho beha melao e metjha ho thibela phapanyetsano e fosahetseng ya ditjhelete esitana le bobodu mme Afrika Borwa ya tloswa lenaneng la dinaha tse sa tshepahalang phapanyetsanong ya ditjhelete ke Mokgatlo o shebaneng le Phapanyetsano ya Ditjhelete.

Ka thuso ya dikgwebo tse ikemetseng re kgonne ho theha tshebeletso ya dijithale ya diputso Lekaleng la Diphuputso la NPA leo haufinyane le tlang ho namela le makaleng a qobellang molao.

Ha jwale ho na le molao o emetseng ho pasiswa ke Palamente hore Lekala lena la Bofokisi e be la moshwelella mme le be le matla a feletseng a ho fuputsa.

Leha ho le jwalo, mosebetsi wa ho lwantsha bobodu o sa le mongata.

Ho latela dikgothaletso tsa Moifo wa Naha wa Dikeletso Twantshong ya Bobodu, re motlotlo ho hlahisa mekgwa e metjha ya ho matlafatsa mekgatlo e lwantshang bobodu, ho sireletsa ba pepesang bobodu, ho laola tsela ya ho iketa le ho thibela tshusumetso ho basebeletsi ba mmuso ha ba reka thepa.

Ha re no emisa ho fihlela motho ohle ya etsang bobodu a tshwerwe.

Ha re no emisa ho fihlela tjhelete yohle e utswitsweng e kgutlile.

Ha re no emisa ho fihlela bobodu bo fedile.

Se bohloko ka bobodu ke hore bo etsa hore disebediswa tsa mmuso di se sebedisetswe moo di tlamehang e leng ho hodisa moruo le ho theha mesebetsi.

Dilemong tse hlano tse fetileng, re sebeditse ka thata ho tsoseletsa moruo wa rona mathateng a kwano le a matjhabeng a dilemo tse leshome.

Ho na le kgatelopele eo re e bonang.

Moruo wa rona o hotse ka makgetlo a mararo ho tloha dilemong tse 30 tse fetileng.

Palo ya batho ba sebetsang e tlohile ho dimilione tse robedi ka 1994 ho tla ho dimilione tse 16.7 kajeno.

Dilemong tse pedi tse fetileng, mesebetsi e thehwang e a eketseha jwalo ka kotara, e leng se bolelang hore palo ya batho ba sebetsang e feta ya pele ho sewa sa COVID-19.

Leha ho le jwalo, palo ya ba sa sebetseng e ntse e le hodimo.

Leha palo ya ba sebetsang e ntse e eketseha, palo ya ba batlang mosebetsi e feta mesebetsi eo re e thehang.

Re entse motheo wa kgolo ka dintlafatso ho tsa moruo, dintlafatso ho tsa matsete le ntlafatso ya meralo ya motheo e qalang ho bontsha tse molemo.

Dikhamphane tse ngata di entse matsete, dihektara tsa dijalo di jadilwe, difektri tse ntjha di butswe mme le tlhahiso e eketsehile.

Re motjheng jwale ho lokisa ditlhoko tsa bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo wa rona e leng ho tsitsisa phepelo ya motlakase le ho lokisa tsa ho thothwa ha thepa.

Ha ditshita tsena di rarolotswe, moruo wa rona jwale le ona o tla lokoloha.

Re na le moralo o hlakileng wa ho fedisa ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa, oo re o kentseng tshebetsong ka sepheo se le seng ka tshebediso le Komiti ya Naha ya Mathata a Motlakase.

Re sebeditse ho ya ka moo re neng re itlamme ka teng ka ho fumana motlakase o mong dikhamphaneng tse ikemetseng, e leng se re thusang ha jwale ho fokotsa ho tingwa hona ha motlakase.

Selemong se fetileng re ile ra kenya lenaneo la kimollo ya sekoloto e ileng ya thusa Eskom ho tseba ho lokisa metjhini ya yona le ho ntlafatsa phepelo ya motlakase e leng se tla etsa re be le phepelo e tsitsitseng ya motlakase.

Haesale re tsoseleditse lenaneo la motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho dilemong tse hlano tse fetileng, re kgonne ho hokela motlakase o ballwang ho 2 500 MW wa motlakase o fehlwang ka letsatsi le moya, mme o phetilweng hararo ho ona o sa le tseleng ha o mong o tlo rekwa haufinyane.

Selemong se fetileng fela re kgonne ho fumana motlakase o phetilweng habedi ho tswa ho matlapa a fehlang motlakase wa letsatsi a kengwa marulelong a matlo. Sena se atlehisitswe haholoholo ke tshehetso ya mmuso ya ditjhelete le nyehlisetso ho tsa lekgetho.

Re entse diphetoho melawaneng e le ho dumella dikhamphane tse ikemetseng ho tsetela tlhahisong ya motlakase e leng se entseng hore e be hona jwale re na le diprojeke tse ntjha tse fetang tse 120 tse tswelang pele.

Ena ke kgatelopele eo e leng yona e thusang ho tsoseletsa lekala la rona la motlakase hore le be maemong a tshwanang le a dinaha tse ding le ho etsa hore lenane la theko ya motlakase le tle le theohe.

Mehato ena kaofela e etsa re be le boitshepo ba hore ha re sa tla ba le mathata a maholo a motlakase mme ho tingwa hona ha motlakase ho se ho le haufi le ho fela.

Leha ho le jwalo, ha re felle moo.

Ho netefatsa hore ha re boele re ba le mathata a kang ana hape, re ntjhafatsa lekala la rona la motlakase ho ba maemong a tsitsitseng le a setletseng bakeng sa bokamoso.

Re tlo aha sitsi sa phepelo ya motlakase se bolelele bo fetang 14 000km bakeng sa motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho dilemong tsena tse tlang.

Ho potlakisa tshebeletso ena, re tla dumella le dikhamphane tse ikemetseng le tsona ho kenya letsoho meralong ya motheo ya phepelo ya motlakase ka mekgwa e metjha ya tlhahiso.

Selemong se fetileng, re ile ra tla le Tshisinyo ya Molao wa Taolo ya Motlakase e le ho thusa Eskom ho ntlafala le hore e be maemong a tshwanang le a dinaha tse ding.

Re etsa diphetoho tsena ka sepheo sa ho etsa moruo wa rona o be maemong a kgolo nakong e tlang re bile re ipapisitse le maemo a ho fetofetoha ha maemo a lehodimo le tekenoloji e ntjha ya tlhahiso ya motlakase ka mokgwa wa tlhaho.

Dilemong tsena tse tharo tse fetileng, naha ya rona e bile le maemo a mabe a lehodimo, ao bongata ba ona a phethetseng ka dikoduwa.

Ke ka hona re tlisang diphetoho tlhahisong ya motlakase, e seng feela ho fokotsa tshilafalo ya moya le mathata a ho fetofetoha ha maemo a lehodimo, empa le ho tlisa kgolo le hona ho theha mesebetsi bakeng sa setjhaba sa habo rona.

Re tla etsa diphetoho tsena ka sekgahla, tekanyetso le ka ditjeho tseo naha ya rona e tlang ho di kgona mme re ntse re shebile le paballeho ya motlakase.

Jwalo ka ha re na le mahlasedi a mangata a letsatsi, moya le diminerale tse ding, re tlo kgona ho theha mesebetsi e mengata lekaleng la motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho, wa metsi, tlhahisong ya dihlahiswa tsa tshepe, dikoloi tsa motlakase esitana le dihlahiswa tse ding tse etswang ka mokgwa ona wa tlhaho.

Kapa Leboya ke sebaka se setle bakeng sa tlhahiso ya motlakase o fehlwang ka letsatsi mme se se se kgahlile boramatsete ba bangata ba batlang ho tsetela dibilione tsa diranta teng.

Re tlilo theha Sebaka se Ikgethileng sa tsa Kgwebo boemakepeng ba Boegoebaai ho ntshetsa pele matsete ana a motlakase wa tlhaho. Ho na le dikhamphane tse ngata tse ikemetseng tse bontshitseng thahasello diprojekeng tsena tsa tlhahiso ya motlakase.

Re boetse re nkile qeto ya ho tshehetsa tlhahiso ya dikoloi tsa motlakase Afrika Borwa ka sepheo sa ho hodisa lekala lena ha mmoho le ho theha mesebetsi e balwang ka dikete.

Re nkile qeto ya ho tsepamisa maikutlo a rona dikarolong tse kang Mpumalanga ka sepheo sa ho theha diindasteri tse ntjha, menyetla e metjha ya dikgwebo esitana le mesebetsi ya moshwelella.

Selemong se fetileng, re ekeditse tjhelete e behetsweng Leano lena la Diphetoho Tlhahisong ya Motlakase ho tloha ho dibilione tse R170 ho tla ho tse R240.

Ho tobana le ditlamorao tsa ho tswelapele ha ho fetofetoha ha maemo a lehodimo, ho bonahetseng ka dikgohola, hlaha, esitana le yona komello, re nkile qeto ya ho theha Letlole la Mathata a ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo.

Sena se tla etsa hore makala ohle a mmuso ho kenyeletsa le dikhamphane tse ikemetseng di sebedisane mmoho ho lwantsha mathata ana.

Ha re tla mathateng a tsa ho thotha thepa, re nkile qeto ya ho ntlafatsa boemakepe ba rona esitana le diterene tsa rona ho ba maemo a matjhaba.

Re se re entse moralo o hlakileng wa ka moo re tlo ntlafatsa tshebetso ya Transnet le ya ho thothwa ha thepa.

Ka ho sebedisana le borakgwebo le mekgatlo ya basebetsi, re thehile sehlopha se tlo ntlafatsa mekgwa ena e mehlano ya ho thothwa ha thepa e kenang le etswang naheng.

Re fokoditse tshubuhlellano ya dikepe e neng e le boemakepeng ba Thekong ho tloha ho dikepe tse 60 mahareng a Pudungwana ho tla ho tse 12 feela mafelang a Pherekgong.

Transnet e thontse motsamaise wa matjhaba wa boemakepe ho tla thusa ho ntlafatsa Boemakepe bona bo boholohadi ba Thekong.

Re boetse re ntlafatsa le meralo ya motheo ya tsa ho thotha thepa e le ho neha dikhamphane tse ikemetseng monyetla wa ho kena kgwebong ya diterene.

Ka lebaka la moferefere ona o mane Isiraele le Gaza o phatsamisang dikepe tse fetang ho Suez Canal, Afrika Borwa e malala-a-laotswe ho amohela dikepe tse ka kgelosetswang ho tla pota mona lebopong la rona.

Re se re phethetse ka thekiso ya maqhubu a kgaso a broadband ao thekiso ya ona e ileng ya tshwarelleha dilemo tse fetang leshome mme jwale e tlile le molemo wa ho theoha ha ditjeho tsa data, ya ntlafatsa le matla a kgokahano.

Diphetoho tsena di tlisitse ntlafalo e kgolo setjhabeng moo kgokano ya inthanete e ntlafetseng haholo dilemong tsena tse leshome tse fetileng.

Ka 2011 e ne e le malapa a ka tlase ho persente tse 50 a neng a na le kgokanyo ya inthanete ha re bapisa le persente tse 79 ka 2022.

Hona bekeng ena re sa tswa phatlalatsa melawana e metjha ya tshebediso ya visa e tlang ho etsa hore ho be bobebe hore ditsebi tseo re di hlokang naheng ena di kgone ho tla sebetsa kwano.

Re se re kgonne ho fumana matsete a ditrilione tse R1.5 dibokeng tse hlano tsa Matsete tseo Afrika Borwa e bileng le tsona mme dibilione tse R500 tsa tsona di se di kene moruong wa rona.

Ho tshehetsa kgolo lekaleng la merafo, re ntlafatsa tsela ya ho fumana mangolo a tumello ya ho rafa esitana le ho theha letlole la ho tshehetsa barafi ba sa ntsaneng ba thuthuha, mme ra kgona ho sheba le mefuta e metjha ya dimenerale.

Lekala lena la merafo ke ona motheo o matla wa moruo wa rona mme ke yona indasteri e tswang pele.

Palo ya batho ba batsho ba nang le dikgwebo tsa merafo e eketsehile.

Hona jwale ke ba etsang persente tse 39 ha ho bapiswa le tse pedi ka 2004.

Matsete ho tsa meralo ya motheo le ona a tla hantle.

Ho tla thehwa matlole a matjha a tla sebedisetswa ho eketsa kaho ya meralo ya motheo.

Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le ikemiseditse ho ntlafatsa tlhahiso ya metsi ka ho fumana ditsela tse fapafapaneng tsa ho fumana metsi ho fokotsa taba ya ho tshepela metsing a kopotsang fatshe.

Ho na le projeke tse ngata tsa metsi ho potoloha le naha ho leka ho ntlafatsa phepelo ya metsi metsaneng le ditoropong tsa rona.

Diprojeke tse latelang di ntse di tswela pele ha tse ding di phethetswe:

Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho, ya Umzimvubu, ya Letamo la Hazelmere, ya Mkhomazi, ya Letamo la Clanwilliam, ya Letamo la Tzaneen, ya Loskop, ya Mandlakazi, ya Letamo la Jozini, ya Giyani, ya Letamo la Nandoni ho ya ho la Nsami, ya Pilanesberg, ya Vaal Gamagara le ya Noka ya Lekwa ho ya Hothazel.

Mane Kapa Botjhabela, borokgo ba Msikaba le ba Mtentu a qala ho phahama jwale mme a tla ballwa hara marokgo a phahameng haholo Afrika ha a se a fedile.

Ditshepe tse sebediswang projekeng eo di hlahisitswe profensing ya Mpumalanga, ha iron ore ya teng yona e tswa Kapa Leboya.

Dilemong tse hlano tse fetileng, Akgente ya Mebila ya Afrika Borwa e laolang mebila ya bolelele ba 25 000 km e ntshitse diprojeke tse fetang tse 1 200 tse ballwang ho dibilione tse R120.

Ka Pudungwana selemong se fetileng, Kabinete e tjhaetse monwana moralo wa projeke ya terene ya lebelo le phahameng e tla tsamaya pakeng tsa Johannesburg le Thekong.

Jwalo ka ha re hodisa moruo wa rona, re ntse re leka ho kenyeletsa bohle.

Hona jwale persente tse ka bang 25 tsa dipolasi tsa rona e se e le tsa batho ba batsho, e leng se bontshang hore re tla kgona ho fihlela pehelo ya rona ya persente tse 30 ka selemo sa 2030.

Dilemong tse hlano tse fetileng, re tsheheditse diindasteri tse ka bang 1 000 tsa batho ba batsho ka ditjhelete le ka mefuta e meng ya tshehetso. Dikhamphane tsena tsa batho ba batsho di hirile batho ba fetang 90 000 e leng se tlisang kabelo ya dibilione tsa diranta moruong wa rona.

Basebetsing bao, ba ballwang ho 200 000 ba na le diabo dikhamphaneng tseo ba di sebeletsang, e leng se etsang palo ya basebetsi ba nang le diabo dikhamphaneng tseo ba di sebeletsang e fete halofo ya milione naheng ena ka bophara.

Re bona jwale dikhamphane tse ngata di hlokomela molemo wa hore basebeletsi ba bona ba be le diabo dikhamphaneng tseo ba di sebeletsang.

Diphetoho tseo re di qadile ha mmoho le mosebetsi o tswelang pele ha jwale di tla etsa re fedise ho tingwa hona ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa, ho ntlafatsa tsela ya ho thothwa ha thepa, ho tsitsisa phepelo ya metsi mme ho thehwe le menyetla ya mesebetsi.

Leha re na le diphephetso tse ngata, empa tsela eo re lekang ho di rarolla ka yona e tla re tlisetsa katleho e kgolo.

E nngwe ya dintho tse sehloho ya nako ya kgethollo, ke tsela eo thuto e neng e sebedisetswa ho se lekalekane ka teng.

Dilemong tsena tse 30 tse fetileng, re kgonne ho sebedisetsa thuto ho tlisa tekatekano setjhabeng.

Sephetho sa thuto ya motheo se ya se ntse se ntlafala ka makgalo ohle.

Hona jwale sephetho sa materiki sa ha jwale sa persente tse 82.9, ke se hodimo haholo ka ho fetisisa.

Ka hodimo ho moo, le palo ya ba tswang dikolong tse sa lefeng ba pasang dithuto tsa bona ha ba fihla diyunivesithing e a eketseha selemo le selemo.

Palo ya bana ba tlohelang sekolo ka lehare le yona e a fokotseha.

Re boetse ra eketsa tshehetso ya baithuti ba futsanehileng diyunivesithing tsa rona le dikholetjheng tsa di-TVET dilemong tsena tse hlano tse fetileng.

Dilemong tsena tse hlano tse tlang, re tlo tsepamisa maikutlo a rona baneng ba dikeretjhe ha mmoho le ba dihlopheng tse sa leng tlase, moo re seng re qadile ho bona kgatelo pele teng.

Ho kenya bana ba dikeretjhe tlasa Lefapha la Thuto ya Motheo e bile qeto ya bohlokwa jwalo ka ha re kgona ho fana ka tshehetso e hlokahalang ho bona ha bobebe.

Maano a rona dilemong tsena tse fetang tse 30 a se a ntshitse batho ba fetang dimilione bofumeng.

Kajeno palo ya Maafrika Borwa a futsanehileng le a phelang tlaleng e fokotsehile.

Ka 1993, Afrika Borwa e ne e na le phephetso e kgolo moo batho ba etsang persente tse 71.1 ba neng ba phela bofumeng.

Haesale mmuso wa demokrasi o qadile, palo ena re a bone e fokotseha.

Ka 2010, palo ena e theohetse ho persente tse 60.9, mme ka 2020 e ne eme ho persente tse 55.5. Tsena ke dipalopalo tseo re di fumaneng ho Banka ya Lefatshe.

Kgatelo pele ena e fumanehile ka seabo se seholo sa batho ba ileng ba nka karolo ho yona.

Dilemong tse hlano tse fetileng, hona boitekong ba ho lwantsha bofuma, re ile ratla le Molao o bolelang Bonyane ba Moputso oo Motho a ka o fumanang mosebetsing. Sena ke taba e tsamaisanang le Freedom Charter ya rona.

Qeto ena e ileng ya nkuwa ke borakgwebo le mekgatlo ya basebetsi, e ile ya thusa ho nyolla meputso ya basebetsi ba fetang dimilione tse tsheletseng.

Ka nako ya sewa sa COVID-19, re ile ra qala Tshehetso ya Tjhelete ho Batho ba sa Sebetseng, eo ha jwale e thusang dimilione tse robong tsa batho ba sa sebetseng jwalo ka kgwedi. Re bone molemo wa yona mme re tla e ntlafatsa re tswele pele le yona jwalo ka pei ya batho ba sa sebetseng.

Tshehetso tsena tsa ditjhelete di tswela setjhaba molemo o moholo hore se phele.

Ana ke matsete a nako e tlang.

Dithuso tsa ditjhelete di thusa le dikolong, ho eketsa palo ya ba ingodisang dikolong, e fokotse palo ya ba tswang ka lehare dikolong mme e nyolle ya ba pasang.

Maafrika Borwa a se a phela nako e telele jwale.

Nako eo a e phelang e eketsehile ho tloha dilemong tse 54 ho tloha ka 2003, ho tla ho tse 65 ka 2023.

Ho shwa ha bana ba so hlahe le masea le hona ho fokotsehile haholo.

Re ahile dipetlele le ditliliniki tse ngata, haholoholo dibakeng tsa ba futsanehileng moo re fanang teng ka tshebeletso e boleng bakeng sa Maafrika Borwa.

Bathong ba persente di 95 ba nang le HIV, ba persente di 79 ho bona ba fumana kalafo ya antiretroviral mme persente tse 93 tsa bona kokwanahloko ena ha e sa bonahala mading a bona.

Palo ya batjha ba tshwaetswang ke HIV e fokotsehile haholo.

Leha tshebeletso tsa rona tsa bophelo bo botle di ntlafaditse maphelo a batho, empa re ntse re etsa matsapa a ho ntlafatsa tshebeletso ena le ho etsa hore motho ohle a finyelle ho yona.

Inshorense ya Naha ya tsa Bophelo bo Botle (NHI) e tlo thusa hore Maafrika Borwa ohle a fumana kalafo ya mahala ditsing tsa mmuso le tse ikemetseng tsa bophelo bo botle.

Re ikemiseditse ho kenya leano lena la NHI ka mekgahlelo, moo re tla beng re shebana le dintlha tse kang tshehetso ya lona ya ditjhelete, meriana ya teng, diente le thekenoloji ha mmoho le marangrang a teng.

E nngwe ya dintho tse bonahalang tseo mmuso o di etseditseng setjhaba dilemong tsena tse 30 tse fetileng, ke ho ba ahela matlo.

Kajeno, batho ba robong ho ba leshome ba na le matlo.

Moo ho neng ho ena le mekhukhu le matlo a ahilweng ka ditene tsa mobu kajeno ke matlo a ahilweng hantle ka ditene tsa samente.

Ana ke matlo a nang le metsi a ho nwa le ho hlatswa esitana le motlakase wa ho kgantsha le ho pheha.

Ka mora ho fela ha nako ya kgethollo, e ne e le batho ba tsheletseng ho ba leshome ba neng ba fumana metsi. Kajeno palo eo e eketsehile jwalo ka ha e se e le batho ba robong ho ba leshome ba nang le metsi Afrika Borwa.

Re leka ho etsa hore re ahele batho matlo haufi le dibaka tsa mesebetsi, dikolo le ditshebeletso tse ding.

Leha ho le jwalo, hore ditshebeletso di tle bathong, bommasepala ba tlameha ho sebetsa.

Bommasepala ba bangata ha ba tsebe ho itaola, ho laola ditjhelete le ho tlisetsa setjhaba ditshebeletso.

Dintho tsena di ama maphelo a setjhaba kamehla.

Re se re nkile mehato e mengata ho lwantshana le taba ena ka ho tshehetsa bommasepala ba rona ho kenyeletsa ho etsa hore ba sebetse ka tsela ya profeshenale ke hore ho hirwe batho ba nang le boiphihlelo ba mosebetsi maemong a bohlokwa.

Ofisi ya Mopresidente, Lefapha la Matlotlo ha mmoho le Lefapha la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena, ba sebedisana mmoho ho ntlafatsa tsela eo bommasepala ba sebetsang ka yona le eo ba etsang meralo ya bona ka yona.

Diboka tsa Mopresidente tsa izimbizo tse ileng tsa tshwarwa ho potoloha le naha, di entse re bone ka moo Leano la Ntshetsopele ya Ditereke (DDM) le kopantseng makala ohle a mmuso ka teng ho kenyeletsa le setjhaba le banka karolo ba bang ho tobana le mathata a phano ya ditshebeletso setjhabeng.

DDM e bonahetse e thusa ho phahamisa puso ya kopanelo. Re tla tswelapele le ho ntlafatsa tshebeletso ena.

Ho lwantsha bonokwane ke ntlha ya bohlokwa haholo.

Maafrika a tlameha ho dula a bolokehile, a tsamaye a lokolohile a sa tshabe letho diterateng tsa bona le moo ba dulang teng.

Nakong ya mmuso ona wa hona jwale, re ile ra tsepamisa maikutlo ho matlafatseng mekgatlo ya rona e qobellang molao, eo nakong e fetileng e neng e thefulehileng haholo.

Re tiisitse sepolesa sa rona ka ho hira mapolesa a matjha a 20 000 dilemong tsena tse pedi tse fetileng, le a mang a 10 000 nakong ya selemo ho tloha jwale.

Re ekeditse mapolesa a shebanang le Morusu Setjhabeng ka a mang a 5 000.

Sepolesa sa Afrika Borwa se thakgotse letsholo la Operation Shanela jwalo ka mokgwa o motjha wa ho lwantsha bonokwane dibakeng tse tummeng ka bona mme letsholong lena ho se ho tshwerwe batho ba fetang 285 000 ho tloha ka Motsheanong selemong se fetileng.

Sehlopha se Ikgethileng se Shebaneng le Paballo ya Meralo ya Motheo se sebetsang diprofensing kaofela se bonahala se atleha mosebetsing wa ho lwantsha boshodu ba dithapo tsa motlakase, tshenyo ya meralo ya motheo le ho rafa ho seng molaong.

Ka tshebedisano le dikhamphane tse ikemetseng, re bone phokotseho tshenyong ya diporo tsa diterene.

Re sa tswa thakgola Akgente e Laolang Madiboho selemong se fetileng ho tiisa tshireletso ya meedi ya rona mme ba se ba kgonne ho thibela batho ba fetang 100 000 ba neng ba batla ho kena naheng ena ka tsela e seng molaong.

Re thakgotse le Leano le letjha la Naha la Twantsho ya GBVF.

Ho ile ha behellwa ka thoko dibilione tse R21 bakeng sa ho kenya dikarolo tse tsheletseng tsa leano lena tshebetsong ho kenyeletsa le tshehetso ya basadi ho tsa moruo.

Re hlahisitse melao e metjha ho lwantshana le sekgobo sena sa GBV mme re fana le ka tshehetso ho mahlatsipa a yona.

Maikemisetso a rona a maholo ke ho qeta GBV re sebedisana le setjhaba. Jwalo ka karolo ya letsholo lena, re kopile le banna hore ba tlo ikana le bona hore ba tla fedisa sekgobo sena.

Basadi le bona ba ikemeditse ho qala ho ikana ha bona le bona.

O sa le mongata mosebetsi o tlamehang ho etswa ho sireletsa setjhaba, ho fedisa tlhekefetso le ho baballa meralo ya motheo.

Leha ho le jwalo, re a tseba hore boteng ba mapolesa a rupeletsweng setjhabeng ho etsa setjhaba seo se dule se bolokehile.

Kajeno re ka iteta sefuba hore le rona re ka ballwa hara matjhaba jwalo ka setjhaba se etsang dintho ka nepo.

Re tswelapele le boinehelo ba rona ba ho bapala karolo kontinenteng ena le matjhabeng molemong wa Afrika e betere le matjhaba a betere.

Re tla tswelapele le ho ba banamodi dintweng tsohle kontinenteng ena.

Letsholo la rona la Kgotsa la Dinaha tsa Afrika ntweng ya Rashiya le Ukraine le bonahala le atleha. Re etsa matsapa ana hobane re tseba hore leha e kaba qabang e ka kang, empa e ka rarollwa ha bobebe ka dipuisano.

Re boetse hape ra nka bohato ho latela leano la ditokelo tsa botho ka ho kenella tabeng ya Palestina ho leka ho thibela dipolao tse feteletseng mane Gaza.

Re amohetse sephetho sa Lekgotla la Matjhaba la tsa Toka le boletseng ha Isiraele e tlameha ho etsa matsapa ohle e ka a kgonang ho thibela dipolao tsa Mapalastina.

Ha re tsamaisane le ho bolawa ha setjhaba se se nang molato ka mahlakoreng a bobedi mme re etsa kgoeletso hore naha tsena tse pedi di thehe leano la kgotso.

Re tla sebedisa leano la rona la tshebedisano le matjhaba ho fihlela maikemisetso a ntshetsopele. Sebokeng sa boetapele ba naha ya Brazil, Rashiya, Indiya, Tjhaena le Afrika Borwa (BRICS) selemong se fetileng, re bone ntho e ntjha dinaheng tsena.

Ho eketseha ha ditho tsa mokgatlo ona ho tloha ho dinaha tse hlano ho ya ho tse leshome ho bontsha ho eketseha ha menyetla ya kgwebisano, tshebedisano ya tsa dipolotiki le pakeng tsa dinaha tsena.  

Re tlo tswelapele katlehong eo re seng re e fihletse ho theha Leano la Kgwebisano Pakeng tsa Dinaha tsa Afrika (AfCFTA), e leng ntho e tla fetola moruo wa Afrika Borwa le wa kontinete mme ho be le menyetla ya mesebetsi.

Re tlo beha ntshetso pele ya Afrika sehlohlolong sa ditaba tseo re tlo bua ka tsona sebokeng sa G20 sa 2025.

Katleho eo re e fihletseng dilemong tsena tsa 30 tse fetileng ke bopaki ba molemo wa tshebedisano tharollong ya diphephetso tseo re tobaneng le tsona.

Re bolela ka tshebedisano ya setjhaba, mekgatlo ya basebetsi le borakgwebo.

Dilemong tse hlano tse fetileng, re sebeditse mmoho ho tobana le diphephetso tse kang tshireletso ya setjhaba, ho tsamaisa diente nakong ya sewa sa COVID-19 esitana le yona twantsho ya GBV.

Selemong sena se fetileng, re boetse ra sebedisana ho leka ho qeta ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa, twantsho ya pharela ho thothweng ha thepa, twantshong ya bobodu, bonokwane le ho potlakisa tlhahiso ya mesebetsi.

Ena ke yona tsela Afrika Borwa e sebetsang ka yona ya ho sebedisana mathateng mme re tla tswelapele ho e sebedisa le dilemong tse tlang.

Maafrika Borwa a heso,

Ena ke SoNA ya ho qetela ya mmuso ona wa botshelela.

Dilemo tsena tse hlano e bile tsa kaho botjha le ntjhafatso.

Re ile ra tlameha ho tsoseletsa moruo o qetileng dilemo tse leshome o sa sebetse hantle.

Re ile ra tlameha ho tsoseletsa ditshebeletso tsa setjhaba ka mora nako ena ya ho hulwa ha mmuso ka nko.  

Re ile ra tlameha ho itsoseletsa ka mora sewa sena sa lefatshe ka bophara se ileng sa etsa hore ho kwalwe dikgwebo tse ngata mme ho lahlehe le mesebetsi.

Re ile ra tlameha ho tobana le mathata a motlakase ao leha ho bonahala phetohonyana dikgweding tsena empa a ntse a thefula moruo wa rona.

Re entse tse ngata dilemong tsena tse hlano tse fetileng. Re ile ra tswelapele hodima motheo oo re o ahileng dilemong tsena tse 30 tse fetileng mme ra nka mehato e ikgethileng ho lwantshana le mathata a shebaneng le Maafrika Borwa.

Re kgonne ho etsa hore mekgatlo e qobellang molao e boele e ikemele mme etse mosebetsi wa yona wa ho lwantsha bonokwane le bobodu.

Re kgonne ho ntshetsapele ditokelo tsa batho ba sa itekanelang. Re boetse ra ba motlotlo ho etsa Puo ya Matsoho hore e be ya bo 12 e molaong naheng ena.

Re ile ra baballa ditokelo tse ding tsa sethatho tse ho Molaotheo tse kang ya ho ntsha maikuto, ho ikamahanya le mokgatlo leha e le ofe esitana le ho ba le kgollo eo e leng ya hao. Re sireleditse bolokolohi ba boraditaba, le ho ikemela ha lekala la toka.

Re sireleditse ditokelo tsa batho bonng boo ba ikgethelang bona, mme ra kgothaletsa hore setjhaba se ba amohele.

Re bile le kgatelo pele e kgolo kahong ya moruo, ho fokotseng bofuma le tlhahisong ya mesebetsi.

Leha re ntse re tswela pele le diphetoho tsena, mosebetsi o sa le mongata pele re ka bona diphetoho tsena di phethahala ka botlalo.

Re tla bona ka mosebetsi o tswelang pele le mahlahana a rona ho fedisa ho tingwa ha motlakase, re tsoseletse ho sebetsa ha boemakepe le diterene.

Re tla tswelapele ho matlafatsa mekgatlo ya rona e qobellang molao, re lwantshe GBV le bobodu e le ho etsa Afrika Borwa ho ba sebaka se bolokehileng ho bohle.

Re tla tswelapele ho matlafatsa bommasepala, re ntlafatse ditshebeletso tsa mmuso hore di sebetse ka tsela ya profeshenale e le hore basebeletsi ba mmuso ba tle ba tsebe ho ikarabela ka diketso tsa bona.

Re tla tswelapele ho ntlafatsa moruo wa rona hore o be maemong a matjhaba, re tla tshehetsa dikgwebo tse nyane, re tshehetse le dikgwebo tsa batjha mme re sireletse le ba sa kgoneng ho itshireletsa.  

Re tla tswelapele le mosebetsi wa ho ntlafatsa matlotlo a naha le ho tsitsisa moruo wa rona.

Re tla sebedisa monyetla oo re o fumaneng ho AfCFTA ho eketsa kgwebisano, le ho atolla diindasteri.

Re tla tswelapele ho aha moruo o kenyeletsang bohle re tsepamisitse maikutlo haholo ho tshehetseng basadi ba batsho, re ntlafatse ditokelo tsa basebetsi esitana le diphetoho ho kgutlisweng ha mobu ha mmoho le diphetoho ho tsa motlakase re ntse re sa sihi motho ka morao.

Maafrika Borwa a heso,

Jwalo ka ha re keteka dilemo tse 30 tsa tokoloho, ha re a tlameha ho lebala boinehelo ba demokrasi ya rona molaotheong e leng bophelo bo betere bakeng sa bohle.

Ha re a tlameha ho mamela bana ba phehisanang le seo Molaotheo wa rona o re laelang ho se etsa, e leng ho lokisa dintho tse neng di sinyehile nakong ya kgetholla ha mmoho le ho fetola setjhaba sa rona le moruo wa rona.

Re tlameha ho hopotsa batho bana ka boitlamo boo Molaotheo wa rona o bo behang ho mmuso ho netefatsa ditokelo tsa bohle tse mabapi le ho ba le matlo, ditshebeletso tsa bophelo bo botle, dijo, metsi, tshireletso ha mmoho le thuto.

Re boetse hape ha re a tlameha ho dumella leha e le mang ho nyenyefa ditshebeletso tsa rona tsa demokrasi, ba nyenyefe tsa toka ha mmoho le matla a Palamente.

Ha re a tlameha ho dumellana le bana ba ferekanyang setjhaba le hona ho fehla merusu ka sepheo sa ho nyenyefa demokrasi ya rona.

Jwalo ka ha re entse nakong e fetileng, re etse jwalo le nakong e tlang, re tshwarane ho lwantsha bana ba lekang ho re kgutlisetsa morao mosebetsing ona oo demokrasi ya rona e seng e o fihletse.

Jwalo ka ha ke ne ke le Modulasetulo wa Moifo o neng o ngola Molaotheo, ke sebeditse le baetapele ba pele ho ngola Molaotheo ona o bontshang thato ya Maafrika Borwa.

Jwalo ka Mopresidente, ke bona e le mosebetsi wa ka ho sireletsa Molaotheo wa rona mme ke leka kamehla ho phethisa se bolelwang ke ona.

Jwalo ka ha re tswela pele le bophelo, ha re hopoleng hore tsohle di matsohong a rona – e seng a e mong motho – ho hlakisa bokamoso ba Afrika Borwa.

Ha re batho ba shebeletseng nale ya rona ya nako e fetileng.

Ke rona bangodi ba yona.

Ke rona baahi ba naha ena eo re phelang ho yona.

Jwalo ka ha re hahabella dilemong tse ding tse 30 tsa tokoloho, re tlameha ho ikgethela le naha le lefatshe leo re ratang ho ikahela lona le bana ba rona.

Re rata ho ba le Afrika Borwa eo re phelang ho yona kaofela, eo re hlomphang seriti sa motho e mong le e mong.

Re batla naha eo motho ohle a phelang ka bolokolohi ho ba seo a ratang ho ba sona ho sa natsehe borabe ba hae, bonng kapa yona tumelo.

Re batla naha eo ho yona bana bohle ba nang le menyetla e tshwanang ho sa natsehe hore ba tswaletswe Sandton, Mdantsane, Sekhukhune, Mitchell’s Plain kapa Phoenix.

Re batla naha eo ho yona molao o sebetsang ka ho tshwana ho sa natsehe hore motho ke morui kapa o maemong a fe setjhabeng.

Jwalo ka ha re ntse re tsamaya mmoho ho phethisa ponelopele ena, re kgothatswa ke mafolofolo, bohlale le tjantjello ya bana ba hlahileng nakong ena ya demokrasi.

Re kgothatswa ke batjha ba ileng ba ipabola matjhabeng, re qala ka Springboks, Banyana Banyana, Bafana Bafana ha mmoho le Tyla ya sa tswa hapa kgau ya Grammy.

Jwalo ka ha re qeta dilemo tse 30 tsa tokoloho, re hopola mantswe a Mopresidente Nelson Mandela, ya neng a re, ha motho a qeta ho nyolosa thaba e telelehadi, ha a fihla ka hodimo, o e a hlokomele hore ho na le dithaba tse ngata tseo a tlamehang ho di nyolosa.

O ne a re:

“Ke nkile nako ya ho kgefutsa, ho qamaka ho boha botle ba tse mpotapotileng, ho hetla morao tema eo ke e tsamaileng.

“Leha ho le jwalo, nka phomola motsotswana feela hobane tokoloho e tla le boikarabelo, ha ho hlokahale hore ke ye le kgongwana hodimo, ke rialo hobane leeto la ka ha le so fele.”

Leha re se re tsamaile ho fihlela mona, empa thota e sa namme.

Jwalo ka Madiba, ha re a tlameha ho phomola, leeto le tlameha ho tswela pele, bakeng sa ho fihlela ditoro tsa naha ya rona. Ke dumela hore tlholo re tla e fihlela.

Ha e lale.

Issued by
More from

Share this page

Similar categories to explore