Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 12 Phato 2015

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e amohela kgatelopele ya Porojeke ya Mikondzo, e leng boikitlaetso ba phano ya ditshebeletso bo reretsweng phihlello ya ditshebeletso tsa kahisano dibakeng tse futsanehileng ka ho fetisisa tsa naha. Sena se bonahetse De Doorns ho la Kapa Bophirima, moo ho ntseng ho fanwa ka thuso ho malapa a 4 021 ao dihlooho tsa ona boholo e leng basebeletsi ba dihla ba mapolasing. Thuso e kenyeletsa, hara tse ding, phano ya peo le sethopo bakeng sa ditshingwana tsa malapa le thuso ya ditjhelete bakeng sa ho theha mekgatlo le dikoporasi tsa badudi. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba hape le sebedisa De Doorns ho ntshetsapele leano mabapi le basebeletsi ba dihla.

Hodima moo, Lekala la Aforika Borwa la Tshireletso ya Setjhaba (SASA) le ile la tla ka lenaneo le matla la Pebofatso ya Mathata ho tsa Kahisano bakeng sa ho fana ka dijo le ditlhoko tse ding tse kang diaparo tsa sekolo bakeng sa bana ba malapa a sokolang. Thuso ya tjhelete ya R1 083 160 ho tswa ho Lekala la Naha la Ntshetsopele le tshehetsa dihlopha tse 11 tse sa keneleng ditsheng tsa Thuto ya Ntshetsopele ya Bana (ECD), moo bana ba 975 jwale ba kenang ditsheng tsa ECD tulong eo mme ba 789 ba bona ba kgola molemo ho tswa tshehetsong ya mmuso ya ditjhelete ya ECD.

1.2. Kabinete e thoholetsa dikatleho tse ntseng di tswela pele tsa Operation Fiela, e leng ya moraorao tjena Kapa Leboya moo tshebetso e kopanetsweng ke Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS), mafapha a mmuso, le  makala a tiisetso ya molao a porofense le a bomasepala a ileng a tswela pele ho netefatsa hore batho ba bolokehile le ho ikutlwa ba le jwalo. Komiti e Kopanetsweng ya Matona mabapi le Bofalli (IMC) e tla tshwara kopano ya boraditaba bekeng e tlang ho fana ka dintlha tse batsi tsa moraorao tjena.

1.3. Kabinete e thoholetsa mekgatlo ya basebetsi le dikhamphani tsa merafo mabapi le ho sebetsa mmoho le mmuso ho tsoseletsa lekala la merafo, e leng mokokotlo wa moruo wa rona mme e kgothaletsa bankakarolo bohle ho kenya tshebetsong boitlamo bona. 

Mmuso, mmoho le dikgwebo le basebetsi, esale o tsitlallela ho ntlafatsa bodulo bo hlwahlwa le maemo a bophelo ditoropong tsa merafo. Ka kakaretso R18 bilione e behetswe ka thoko bakeng sa mosebetsi o ntseng o tswela pele dibakeng tsa merafo tse sokolang, eo boholo ba yona bo tswang mmusong moo dikhamphani tsa merafo di nyehalang ho ka etsang nngwe-borarong ba dithuso tsa ditjhelete.

1.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenyeletswa ha Moifo wa Matona a Tshireletso ho Komiti e Kopanetsweng ya Matona mabapi le Bofalli (IMC) ho ileng ha tsebiswa ke Moporesidente Zuma.

IMC, e eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, e tla hlahloba le ho rarolla ditlamorao tse ka bang teng ntle le maikemisetso tsa melawana ya bofalli makaleng a fapafapaneng, ho kenyeletsa bohahlaudi le matsete.  IMC e tla boptjwa ka Matona a Bohahlaudi; Merero ya Lehae; Kgwebo le Indaseteri; Ntshetsopele ya Setjhaba; Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, le Moifo wa Tshireletso.

2. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa ka hara tikoloho

2.1. Kabinete e ananetse mekete ya Letsatsi la Basadi le o neng o tshwaretswe Sasolburg ho la Foreisetata tlasa mookotaba: “Basadi ba Kopane bakeng sa ho Ntshetsa Aforika Borwa Pele”. Dikete tsa basadi di ne di bokane Lebaleng la Dipapadi la Harry Gwala Sasolburg ho ananela karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke basadi nakong ya boitseko ba tokoloho kgahlanong le bokoloniale le kgethollo.

Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela a setjhaba ho tsitlallela mookotaba wa Kgwedi ya Basadi le ho tswela pele ho sebeletsa ho netefatsa hore basadi kaofela, haholoholo bana ba banana, ba a ntlafatswa le ho lokollwa leemeng la setjhaba hore re tle re sebetsane le tekatekano ya bong ka hara naha.

Hodima moo, Moporesidente Zuma hape o lokolotse tlaleho ya pele ya mofuta wa yona e mabapi le Maemo a Basadi ka hara Aforika Borwa. Tlaleho e ananela, menyabuketso e meholo e entsweng ka hara naha esale ho tloha ka 1994 bakeng sa ho ntlafatsa maemo a basadi. Tlaleho ena e hlophisitswe ke Lefapha la Basadi kamora ho tshwara dipuisano ho phatlalla le naha mahareng a Tlhakubele le Phuptjane selemong sena (2015). Tlaleho ena e sebetsa jwaloka tokomane ya motheo bakeng sa kgothaletso ya matlafatso ya basadi, tekatekano ya bong le ditokelo tsa botho.

Mmuso o tla sebedisa karolo e setseng ya kgwedi ena bakeng sa ho hlophisa diporofaele tsa basadi ba fihlelletseng tse kgolo le bonkakarolo ba bona ka hara moruo, haholoholo moo ba hlokang boemedi bo bonahalang. Tsena di kenyeletsa Dikgau tsa Basadi ho tsa Saense (13 Phato) le Dikgau tsa Basadi ho tsa Metsi le tsamaiso ya Dikgwerekgwere (23 Phato).

2.2. Kabinete e thoholetsa  DiProtea bakeng sa ho etsa Aforika Borwa motlotlo ho Mohope wa Lefatshe wa Netebolo Sydney, ho la Australia. Sehlopha sa Aforika Borwa se mathuleng a ho kenela seka makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe kamora ho bapala ka matla le dipapadi tse boima ho fihlela mona.

Ho ya ka Federeishene ya Matjhaba ya Netebolo, Aforika Borwa jwale e behilwe maemong a bohlano lefatsheng. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho tshehetsa DiProtea ha di ntse di tswela pele tlholong ya tsona Mohopeng wa Lefatshe.

2.3. Kabinete e ipapisitse le Moporesidente Zuma  bakeng sa ho fetisa matshediso ho malapa, metswalle le basebetsi mmoho ba ditho tse bolailweng tsa SAPS. Dipolao tsena tse hlokang kelello di lokelwa ke ho tshwelwa ka mathe ke maAforika Borwa kaofela.

Mapolesa a banna le a basadi a bohlokwa haholo bakeng sa ho tshireletsa badudi ho ditlokotsebe ka hara setjhaba.  Dipolao tsena tse hlokang kelello ha di hlothele feela naha le setjhaba bahlanka ba tiisetso ya molao, empa di boela di tima malapa banna, basadi, dikgaitsedi le batswadi.

Kabinete e ipiletsa ho bohle ba nang le tlhahisoleseding ka dipolao tsena tse hlokang kelello ho hlahella le ho sebetsa mmoho le makala a tiisetso ya molao bakeng sa ho netefatsa hore ba nkang boikarabelo ba a tshwarwa le ho tobana le letsoho le matla la molao.

2.4. Kabinete e thoholetsa Sehlopha sa Aforika Borwa mabapi le tshebetso ya sona e hlwahlwa ho Bompodi ba Lefatshe ba bo-16 ba FINA (Federeishene ya Matjhaba ya Disesi) Kazan, ho la Russia moo se hapileng dimedale tse pedi tsa gauta le tse tharo tsa silifera.

3. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollelwa setjhaba ha Pampiri e Tala Mabapi le Leano la Naha la Diterene, le shebaneng le maeto a diterene a thepa le bapalami. Leano lena, le imatahantseng le Khomishene ya Kantoro ya Moporesidente e mabapi le Dikgokahano tsa Dikaho tsa Motheo, e thusa bakeng sa tsoseletso ya indaseteri ya diterene ka leano le itshetlehileng hodima boitshunyako ba mawa a matsete bo imatahantseng le Morero wa Naha wa Ntshetsopele (NDP).

Sepheo ke ho aha tsamaiso ya dipalangwang e kgabane e kgonang ho phehisana le ditshebeletso tse ding ka hara naha le matjhabeng, le ho fokotsa ditjeho tsa dipalangwang. Sena se tla kgothaletsa tshebediso ya dithekenoloji tse nepahetseng bakeng sa ho phahamisa bokgoni ba tlhahiso le phumantsho ya maitsebelo a batlehang haholo ka hara moruo. Hape le ntlafatsa phihlello ya dibaka tsa mahae, motsamao o eketsehileng le tlhahiso ya mesebetsi.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana potolohiso ya tokomane ya “Lewa la Naha la Ntshetsopele ya Maitsebelo le Lekala la Bolaodi ba Thuto le Thupello ho ya ka nqane ho 2016 ka hara moelelo wa tsamaiso ya thuto le thupello ya kamora sekolo o kopanetsweng, o tswakatswakaneng” hore setjhaba se tshwaele.

Tokomane ena e shebana le bohlwahlwa le bokgabane ba ditsha tsa ntshetsopele ya maitsebelo le ho kenyeletswa ha tsona ho tsamaiso ya thuto le thupello e phatlaletseng ya kamora sekolo.

Haholoholo, e sisinya hore Lewa la Naha la Ntshetsopele ya Maitsebelo le latelang le behe ka sehloohong mesebetsi e hlwailweng e le e hlokahalang ka ho fetisisa bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a ka sehloohong a naha. Hape e shebana le bohlwahlwa le bokgabane ba dintlha tsa  tsamaiso ya lekala la bolaodi ba thuto le thupello mabapi le ho ntsha dithuso tsa ditjhelete bakeng sa mesebetsi e ka sehloohong.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho ntshuwa ha laesense ya tshebetso ya ka nako tsohle ho Theminale ya Maemakepe ya Transnet bakeng sa ho sebetsana le theminale ya dikhontheinara tsa mankanisi e Boemakepeng ba Ngqura, bo fumanehang lebopong le ka botjhabela la Aforika Borwa, dikilomitara tse 20 leboya botjhabela ho Port Elizabeth le ho batla ho fihla mahareng a Durban le Motse Kapa. Sena se tsamaelana le merero e ka sehloohong ya mmuso e amanang le Operation Phakisa bakeng sa ho hodisa Moruo wa Mawatle. Sena se tla baka hore ditshebetso tsa mankanisi di tloswe maemakepeng a Port Elizabeth le Saldanha ho ya Boemakepeng ba Ngqura.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e dumellane le Seboka sa Matjhaba se mabapi le Boikarabelo le Puseletso ho Tshenyo e mabapi le ho Tsamaiswa ha Phahlo e Kotsi le e Thethefatsang ka Dikepe, sa 2010.

Seboka se netefatsa puseletso bakeng sa tshenyo ho batho kapa thepa, ditjeho tsa tlhwekiso le mekgwa ya tokiso botjha, le ditahlehelo ho tsa moruo tse bakilweng ke ho tsamaiswa ka dikepe ha phahlo e kotsi le e thethefatsang tse ka silafatsang lewatle. Aforika Borwa e tla kgona ho fihlella letlole la ho thusa mabapi le diketsahalo tsa phahlo e kotsi le ho thethefatsa hang feela ha ditsamaiso tsa palamente tsa ho sebetsana le sena ka hara naha di se di phethetswe.

4. Dibili

4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Difilimi le Diphatlalatso, ya 2015 ho Palamente. Bili e hlomathisa Molao wa Difilimi le Diphatlalatso, wa 1996 (Molao 65 wa 1996). Dihlomathiso di fana ka dintshetsopele tsa thekenoloji, haholoholo mapatlelong a tsa inthanete le mekgwa ya dikgokahanyo ya kahisano, bakeng sa ho tshireletsa bana kgahlanong le ho pepesetswa dikateng tsa mekgwa ya dikgokahanyo e sitisang maikutlo le ho ba kotsi mapatlelong oohle (a tshwarehang le a inthanete).

Bili e matlafatsa makgetho a behilweng hodima marangrang a dikgokahanyo le ho bafani ba tshebeletso ba Inthanete bakeng sa ho tshireletsa setjhaba le bana nakong ya tshebediso ya ditshebeletso tsa bona. Bookamedi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa bo keke ba fana ka dilaesense kapa ho fana botjha ntle le tiisetso ho tswa ho Boto ya Difilimi le Diphatlalatso bakeng sa boimatahanyo bo felletseng le molao.

5. Diketsahalo tse tlang

5.1. Moporesidente Zuma o tla kenela Seboka se Tlwaelehileng sa bo-35 sa (SADC) sa Dihlooho tsa Mebuso ho tloha ka la 17 ho isa ho la 18 Phato 2015 Gaborone, ho la Botswana. Sebokeng sena, Moporesidente o tla fana ka marapo a bodulasetulo ba Lekala la Dipolotiki la SADC, Tshireletso le Tshebedisano-mmoho ho tsa Polokeho. Mosebetsing ona, Aforika Borwa e ile ya etella pele Merero e tsheletseng ya SADC ya Tekolo ya Dikgetho, e tiiseditseng hore dikgetho kaofela e ne e le tsa kgotso tse nang le botshepehi.

5.2. Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa o tla nka Leeto la Tshebetso ho ya Japan ho tloha ka la 24 ho isa ho la 25 Phato 2015. Leeto lena le kenyeletsa leeto la tlhompho ho Tonakgolo Shinzo Abe le ho nka karolo ho Seminara ya Aforika Borwa-Japan ya Mokgatlo wa Dikgwebo tsa ka Ntle.

Kabinete e ananela leeto la Tshebetso la ho ya Japan, le tla tiisa setswalle le kutlwisisano e teng pakeng tsa dinaha tsena tse pedi. Aforika Borwa le Japan hape di arolelana ditjhebo mabapi le bohlokwa ba ditherisano tsa bongata le tlhokeho ya ho hlabolla tsamaiso ya Lekgotla la Tshireletso la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) kopanong ya bo-70th ya Kopano ya Kakaretso ya UN kgweding e tlang.

5.3. Moporesidente Zuma o tla kenela Imbizo ya Kantoro ya Moporesidente Eersterust, ho la Pretoria ka la 21 Phato 2015 ho bua ka dintlha tse amanang le tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Moralo wa Naha wa Mankgonthe mabapi le Dithethefatsi, 2013-2017, o hokahanya mekutu ya mmuso ntweng e kgahlanong le tshebediso e mpe ya jwala le dithethefatsi.

Kabinete e ipiletsa ho badudi ho sebetsa le mmuso le makala a tiisetso ya molao ho fedisa tshebediso e mpe ya dithethefatsi ka hara setjhaba sa rona, e leng sesosa sa mathata a mangata a kahisano, ho kenyeletsa dikgoka kgahlanong le basadi le tlhekefetso ya bana. Batswadi le bahlokomedi ba na le mosebetsi o hlokolosi oo ba lokelang ho o etsa bakeng sa ho netefatsa hore bana ba tshireletsehile le ho hodiswa hantle.

5.4. Kabinete e ananela ho bulwa ha Sekolo sa Poraemari sa Makgatho Lewanika Mandela se ntlafaditsweng botjha Mvezo ho la Kapa Botjhabela ka la 25 Phato 2015 ke Moporesidente Zuma.

Sekolo sena ke karolo ya mosebetsi o ntseng o tswela pele wa mmuso bakeng sa ho kgutlisetsa seriti ho baithuti le ho fana ka dikolo dibakeng tsa mahae tse nang le disebediswa tsa sejwalejwale. Ka Boikitlaetso ba Lefapha la Thuto ya Motheo ba Phano e Potlakisitsweng ya Dikaho tsa Motheo tsa Dikolo (ASIDI), mmuso o fedisitse palo e itseng ya dikolo tse ahilweng hampe le ho bopa tikoloho e batlang e loketse ho ithuta. Ho fihlela mona, ASIDI e se e phethetse dikolo tse 116 le ho fana ka metsi ho dikolo tse 499, tsamaiso ya dikgwerekgwere ho tse 425 le motlakase ho tse 298.

5.5. Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa o tla kenela Seboka sa Federeishene ya Matjhaba ya Mekgatlo ya Lefatshe ya Dilaeborari le Tlhahisoleseding e tla tshwarwa Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Motse Kapa ho tloha ka la 15 ho isa ka la 21 Phato 2015 tlasa mookotaba: “Dilaeborari tse Hlwahlwa: Phihlello, Ntshetsopele le Diphethoho”. 

Seboka se kopana le phano ya mmuso ya dilaeborari tsa dikolo tse fetang     1 000 ho  phatlalla le naha mahareng a 18 Phupu 2015 le 18 Phupu 2016 ho kgothaletsa baithuti ba bangata ho bala. Lefapha la Thuto ya Motheo le boetse le qholotsa mekgatlo e fapafapaneng ya dikgwebo tsa poraefete le mekgatlo eo e seng ya mmuso ho tshehetsa letsholo lena ka ho nyehela ka dibuka le ho theha dilaeborari, hara tse ding.

Kabinete e ipiletsa ho batswadi le matitjhere ho etsa boiteko ba hore bana ba fihlella dibuka, le ho ipiletsa ho badudi ho nyehela ka dibuka le ho theha dihlopha tsa ho bala hobane setjhaba se balang ke setjhaba se hlolang.

5.6. Letona la Bohahlaudi Derek Hanekom le tla thakgola Kgwedi ya Bohahlaudi ka la 16 Phato 2015 Euphoria Golf Estate, Mookgophong ho la Limpopo tlasa mookotaba: “Menyetla e metjha e Milione e re Emetse”, o nkuweng ho tswa ho mookotaba wa Letsatsi la Lefatshe la Bohahlaudi (27 Loetse) o reng: “Bahahlaudi ba Bilione – Menyetla e Bilione”. 

Meokotaba ya matjhaba le ya lehae e reretswe ho lemosa bahahlaudi ka bohlokwa ba bohahlaudi bo nang le boikarabelo.Jwaloka karolo ya sena, bahahlaudi ba kgothaletswa ho hlompha meetlo, ho tshireletsa lefa, ho boloka eneji le metsi, mme ka ho fetisisa, ba reke dihlahiswa tsa lebatowa bakeng sa ho tshehetsa mesebetsi ya lehae.

Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho tseba naha ya rona e makatsang le ho ba ntle, mme ka seo ba thusa ho baballa mesebetsi le ho tshehetsa dihlahiswa tsa lehae.

5.7. Mafapha a dipapadi le boithapollo le a basadi a ikopantse le G-Sport mabapi le ho tlotla basadi ba Aforika Borwa ba nkang karolo dipapading.

Lefapha la dipapadi le Boithapollo le G-Sport a tla fana ka dikgau ho basadi ba lokelang ho tsa mabelo le batsamaisi ba ikitlaeditseng kgahlanong le ditsela tsohle tsa kgatello bakeng sa ho phahamisa folakga ya naha ena.

Lefapha le dula le fadimehetse mosebetsi o hlokahalang bakeng sa ho ntshetsapele lenaneo la tekatekano ya basadi bohle ba itahletseng ka setotswana dipapading, ka bobedi ho tsa tsamaiso le ho nka karolo. Ha lefapha le sa lemohile hore ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etswa tabeng ena, le itlamme ho kopanya matsoho le ba ikemiseditseng ho etsa phapang bothateng ba basadi.

5.8. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho kgetha baamohedi bakeng sa Dikgau tsa Tlotlo tsa Naha tsa 2016, tseo e leng dikgau tse phahameng ka ho fetisisa tseo Aforika Borwa e di abelang baahi ba yona le melata e hlahelletseng ka mahetla e nyehetseng  bakeng sa ntshetsopele ya demokerasi le ba entseng kgahlamelo ya bohlokwa bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba maAforika Borwa.

Dikgau tsa Tlotlo tsa Naha tse tsheletseng ke Tlotlo ya Mendi bakeng sa ho bontsha Sebete, Tlotlo ya Ikhamanga, Tlotlo ya Baobao, Tlotlo ya Luthuli, Tlotlo ya Mapungubwe, le Tlotlo ya Metswalle ya OR Tambo.

Letsatsi la ho qetela bakeng sa dikgetho ke la 31 Phato 2015. Diforomo tsa dikgetho di ka hulwa ho tswa ho www.presidency.gov.za mme di lokela ho tsamaiswa le kgothaletso ya leqephe le le leng bakeng sa motho ya kgethilweng.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa.
a. Ngaka Simosezwe Dugmore Lushaba (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Bulelwa Patricia Soci (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Monghadi Robert Nkuna;
d. Monghadi Mduduzi Eric Zakwe;
e. Monghadi Zibuse Comfort Ngidi;
f. Mofumahadi Nomahlubi Victoria Simamane;
g. Ngaka Lynette Moretlo Molefi;
h. Mofumahadi Marion Lesego Dawn Marole;
i. Monghadi Joel Sihle Ngubane; le
j. Monghadi Phetole Elvis Rabohale.

6.2. Batsamaisi bao e seng ba phethahatso ho Lekala la Meru la SOC Ltd la Aforika Borwa
a. Monghadi Lungile Rudolph Mabece (Modulasetulo);
b. Monghadi Stanley Mandla Mnguni;
c. Monghadi Gabriel Christiaan Theron;
d. Ngaka Petros Mbiji Mahlangu;
e. Monghadi Maroale Jacob Rachidi;
f. Mofumahadi Sakekile Baduza;
g. Mofumahadi Caroline Phumzile Mavasana Ngwenya;
h. Mofumahadi Nazia Carrim; le
i. Ngaka Pulane Elsie Molokwane.

6.3. Batsamaisi bao e seng ba phethahatso ho Boto ya Alexkor:

a. Mofumahadi Hantsi Bhetilda Mayeza – (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Mamoroke Lehobye;
c. Monghadi Vimal Bansi;
d. Monghadi Tshediso John Matona;
e. Monghadi Trevern Marais Haasbroek;
f. Monghadi John Sembie Danana;
g. Ngaka Roger Paul (o thontswe hape); le
h. Mofumahadi Zukiswa Zandile Ntlangula (o thontswe hape).

6.4. Monghadi Mathanzima Hubert Mweli – Motsamaisi-Kakaretso (DG) ho Lefapha la Thuto ya Motheo.

6.5. Monghadi Petrus Mduduzi Shabane – katoloso ya konteraka ya tshebetso ya DG ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu.

6.6. Ngaka Nontsikelelo Tshayingca-Mashiya – Motlatsi wa DG wa Lekala la Tshebetso, Bodisa le Tlhatlhobo ho Lefapha la Meralo,Bodisa le Tlhatlhobo.

6.7. Monghadi Nkhumeleni Victor Tharage – DG ho Lefapha la Bohahlaudi.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore