1. Dintlha tsa hajwale
1.1. Kabinete e amohetse hore Yuniti 6 ya Seteishene sa Matla a Motlakase sa Medupi Lephalale, ho la Limpopo e sebetsa ka botlalo le ho nyehela ka dimekawate tse 800 (MW) tsa matla a motlakase ho marangrang a naha. Porojeke ya Seteishene sa Matla a Motlakase sa Medupi ke polante ya moya o hlwekileng e besetswang ka mashala e nang le diyuniti tse tsheletseng tse akanyetswang kaofela ho palo ya 4 764 MW ya bokgoni bo ka hokelwang. Moporesidente Jacob Zuma o tla thakgola yuniti ena ka la 30 Phato 2015.
Kaho ya Seteishene sa Matla a Motlakase sa Medupi e qadile ka Motsheanong 2007 mme diyuniti kaofela tse tsheletseng di lebeletswe hore di be di sebetsa halofong ya pele ya 2019. Hang ha se se se phethetswe, e tla be e le polante ya bone e kgolo ka ho fetisisa e besetswang ka mashala le ho ba e omiswang ka moya lefatsheng. Nako ya tshebetso ya seteishene sena sa motlakase e reretswe ho ba dilemo tse 50.
Yuniti 6 e qadile ho hokelwa ho marangrang a naha ka la 2 Tlhakubele selemong sena mme e ne e ntse e fana ka motlakase ho marangrang a naha ka diqonwanaqonwana ha e ne e ntse e le tlasa diteko nako le nako tsa hore e ka sebetsa ka botlalo. Nakong ena Yuniti 6 e kgonne ho bebofatsa kgatello hodima tsamaiso ya motlakase wa naha, e thusa ho phema ho kgaoha ha motlakase kapa ho fokotsa sekgahla sa kgaoho. Tshebetso ya tsa moruo ya yuniti e fihlelletswe, hantle ka hara nako eo e neng e e behetswe ya dikgwedi tse tsheletseng kamora hoba e hokelwe.
Tshebetso ya tsa moruo ya Yuniti 6 ya Seteishene sa Matla a Motlakase sa Medupi ke mokolokotwane o hlokolosi mekutung ya rona ya aha bokgoni bo botjha ba ho fehla motlakase.
1.2. Ho fetafeta moo Kabinete e ananetse diqaka tsa hajwale tseo naha e ntseng e tobane le tsona mabapi le phano ya motlakase. Ha ho kgaoha ha motlakatse e le ntho e sa kgahliseng, Eskom e ikemiseditse ho etsa ditokiso tse hlokehang bakeng sa ho ntlafatsa bokgoni ba dipolante tsa rona ka ditshitiso tsa amohelehang. Ka Mantaha o tlang (31 Phato), Yuniti 2 ya Seteishene sa Matla a Motlakase sa Koeberg ho la Kapa Bophirima e tla kwalwa bakeng sa ditokiso tse rerilweng.
1.3. Yuniti e lebeletswe ho boela tshebetsong kamora dikgwedi tse tharo. Ho kwalwa ho rerilweng ha Yuniti 2 ya Koeberg ke karolo ya lenaneo ka kakaretso la ditokiso la Eskom bakeng sa lethathama la yona la diteishene tsa motlakase. Dikgweding tse ding le tse ding tse 16 ho isa ho tse 18, yuniti ka nngwe ya tse pedi tsa Koeberg e a kwalwa bakeng sa ho tshela mafura, tlhatlhobo le ditokiso. Ho kwalwa ho setlwaeding ho reretswe bakeng sa hore ho seke ha etsahala hore diyuniti ka bobedi di seke tsa sebetsa ka nako e le nngwe le ho phema dikgwedi tsa mariha selemong ka seng.
1.4. Leha re tswela pele ho etsa kgatelo pele bakeng sa ho ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho fehla motlakase, Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho tswela pele ho sebedisa motlakase ka paballo.
2. Seboka sa Dihlooho tsa Dipuso le Mmuso
2.1. Kabinete e amohetse diphetho ho tswa ho Seboka sa bo-35 se Tlwaelehileng sa (SADC) sa Dihlooho tsa Dipuso le Mmuso, moo Moporesidente Zuma a neng a eteletse pele kemedi ya Aforika Borwa.
Seboka se amohetse Moralo wa Lewa la Pontsho ya Ntshetsopele ya Lebatowa wa 2015-2020. Ho fetafeta moo seboka se saenne ditumellano/diporothokhole tse tla kgontshang lebatowa ho sebetsana le diphephetso tsa lona tse ka sehloohong tsa tlhoko ya mesebetsi le phediso ya bofuma ka tsela ya moshwelella.
- Tumellano e hlomathisang Porothokhole ya Tshebedisano-mmoho ho Dipolotiki, Tshireletso le Polokeho le Tumellano e hlomathisang Tumellano ya SADC. Ditumellano tsena di tla dumella Komiti ya Tshireletso le Polokeho ya Dipuso tse Kopanetsweng tsa Tshebedisano-mmoho tsa Lekala la Dipolotiki, Tshireletso le Polokeho ho sebetsa jwaloka foramo e hokahanyang bakeng sa Dihlooho tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa le Ditjhankane ka hara Aforika e Borwa.
- Boitlamo mabapi le Ntshetsopele le Matlafatso ya Batjha e hohela tsepamiso ya maikutlo ho maemo a potlakileng a ntshetsopele ya batjha le matlafatso mabapi le tshebedisano-mmoho, momahano, ntshetsopele le kgotso, le polokeho ka hara lebatowa.
- Porothokhole mabapi le Ditshebeletso tsa Kgwebo bakeng sa ho lokolla ditshebeletso tsa kgwebo tsa ka hare tsa SADC ka morero wa ho bopa mmaraka o le mong bakeng sa ditshebeletso ka hara lebatowa. Ho amohelwa ha Moralo o Shebilweng botjha wa Lewa la Pontsho ya Ntshetsopele ya Lebatowa 2015-2020 ebile mokolokotwane o ka sehloohong maitekong a SADC a ho hodisa kgwebo e kopanetsweng ya lebatowa.
Kabinete hape e amohetse qeto ya kopano ya Boraro Bo Menahaneng ba SADC, o neng o tshwerwe mthuleng a Seboka sa SADC se neng se kenetswe ke Motlatsi wa Moporesidente le Mothusi wa SADC Cyril Ramaphosa, ho thathiselletsa maemo a hajwale a ditherisano bakeng sa Khomishene ya Dipatlisiso ya SADC tabeng ya Mmuso wa Lesotho.
3. Leeto la ho ya Japan la Motlatsi wa Moporesidente
3.1. Kabinete e amohetse leeto le atlehileng la Motlatsi wa Moporesidente la ho ya Japan. O ne a feleheditswe ke kemedi ya maemo a hodimo ya matona le borakgwebo bakeng sa ho kgothaletsa hore Aforika Borwa e be sebaka se labalabelwang sa matsete.
Motlatsi wa Moporesidente o tiiseditse batsetedi ba Japan hore Aforika Borwa e bulehile bakeng sa kgwebo le ho ba tsebisa ka botsitso ba moruo wa dikgwebo tse kgolo le maemo a lokileng tikolohong ya kgwebo bakeng sa matsete, haholoholo maitekong a ho hlahisa mesebetsi.
Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa hape o sebedisitse leeto lena ho fumana boitlamo ho tswa Japan ho theha semphato le Aforika Borwa mekutung ya yona ya ho lwantsha bothata ba HIV le AIDS, TB le Malaria.
4. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete
4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana boiketo ba Aforika Borwa le Motsemoholo wa Durban ho tshwara Dipapadi tsa Commonwealth tsa 2022. Sena ke lekgetlo la pele la hore Aforika e tshware Dipapadi tsa Commonwealth mme se tla beha Aforika Borwa maemong a matle a ho ba sebaka sa bohahlaudi le hape ho fana ka menyetla ho Sehlopha sa Aforika Borwa.
Ho tshwara dipapadi tsena hape ho tla sebedisa lefa la meralo ya motheo la Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010.
Dipapadi tsa 2022 tsa Commonwealth di lebeletswe ho fana ka ho fihla ho R20 bilione ya lekeno ho moruo, e leng se tla fetohang tlatsetso ya R11 bilione kgolong ya GDP..
4.2. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Tlaleho ya Nako (2009-2014) ya bo-5th ya Aforika Borwa mabapi le ho Kenngwa Tshebetsong ha Khonvenshene e mabapi le ho Fediswa ha Mekgwa yohle ya Kgethollo kgahlanong le Basadi Koranteng ya Mmuso, bakeng sa ho tshwaela ha setjhaba.
Tlaleho e fana ka kakaretso ya bohlwahlwa ba letoto la melao, maano le mananeo a kentsweng tshebetsong ka hara Aforika Borwa le ho pepesa diphihlello tseo naha e di entseng mabapi le matlafatso ya basadi le tekatekano ya bong. Tlaleho hape e lemoha diphephetso le dithibelo tsa dulang di le teng tabeng ya ho hlola ho se lekalekane le kgethollo ka hara naha.
4.3. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e kenele Setsi sa Boeletsi mabapi le Molao wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebo (WTO) ho la Geneva.
Ona ke mokgatlo wa matjhaba o fanang ka keletso ya semolao ho molao wa WTO, o fana ka tshehetso ditsamaisong tsa ditharollo tsa diqaka tsa WTO le thupello ya molao wa WTO bakeng sa ho ntshetsapele dinaha tsa ntseng di le morao ntshetsopeleng.
Jwaloka setho Aforika Borwa e tla kgona ho fumana keletso mabapi le boimatahanyo ho mekgwa ya kgwebo ya dinaha tse ding tse amang thepa e rekisetswang dinaha tsa ka ntle ya Aforika Borwa le mekgwa ya kgwebo eo Aforika Borwa e batlang ho kena ho yona. Setsi hape se ka thusa Aforika Borwa mabapi le dintlha tsa tharollo ya diqaka.
4.4. Kabinete e tsebisitswe ka ho nka marapo ha Letona la Ditjhelete, Monghadi Nhlanhla Nene, jwaloka Moporesidente wa Lekgotla la Matona a Aforika e ka Botjhabela le e ka Borwa a Sehlopha se Kgahlanong le Phapanyetsano ya Ditjhelete e seng Molaong, bakeng sa selemo. Ka lebaka leo Letona le tla tshwara kopano ya lekgotla ya selemo ka seng ya 2015.
Setheo sena sa mebuso e kopanetsweng ya lebatowa se kgothaletsa ho kenngwa tshebetsong ho sa fetofetoheng ha mekgwa ya ho lwantsha phapanyetsano e seng molaong ya ditjhelete le tshehetso ya ditjhelete bakeng sa boferekanyi ho phatlalla le lebatowa la Aforika e ka botjhabela le e ka borwa.
Sepheo sa botho ba Aforika Borwa ke ho matlafatsa mekgwa e kgahlanong le phapanyetsano ya ditjhelete e seng molaong le tshehetso ya ditjhelete ya boferekanyi ka hara lebatowa, e leng se kgothaletsang polokeho ya naha bobedi ka hara naha le ka hara lebatowa.
4.5. Kabinete e tswela pele ho tshwela ka mathe dipolao tse hlokang kelello tsa bahlanka ba sepolesa. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho sebetsa mmoho le sepolesa ho thusa ho tshwara baetsi ba dipolao tsena. Makala a tiisetso ya molao a sebetsa bosiu le motsheare ho netefatsa hore baetsi ba diketso tsena tsa botlokotsebe ba a tshwarwa. Kabinete e leboha ditho tsa setjhaba tse nyehetseng bakeng sa ho tshwarwa ha batho ba bararo ba amahanngwang le dipolao tsa mapolesa.
5. Dibili
5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Tshebeletso ya Matjhaba, ya 2015 Palamenteng.
Bili e fana ka tsamaiso e le nngwe ya Tshebeletso ya Matjhaba le ho bopa moralo wa molao o kgontshang Tshebeletso ya Matjhaba ya hajwale hore e tle e laolwe le ho hlophiswa ke Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano-mmoho.
Bili e tla kenngwa tshebetsong ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo, melao e teng ka hara Tshebeletso ya Setjhaba, ditshebeletso tsa tshireletso mme e matahantswe le NDP bakeng sa ho matlafatsa phano ya ditshebeletso.
Sena se tla phahamisa bohlwahlwa, boikarabelo le paballo ya ditjeho tsa ho nka monyetla wa menyetla ya dinaheng tsa ka ntle bakeng sa ho ntlafatsa leano la Aforika Borwa la matjhabeng le lenaneo la ntshetsopele.
5.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Bili ya Boetapele ba Setso le ba Makhoisan, ya 2015 Palamenteng. Bili e nyehela ho maikemisetso a bohlokwa a NDP a ho pharalatsa momahano le bonngwe ba kahisano ha e ntse e sebetsana le ho se lekalekane ha mehleng ka ho fana ka kananelo ya semolao ya badudi ba Makhoisan le baetapele.
E sisinya ho thehwa ha Komiti ya Boeletsi e mabapi le ditaba tsa Makhoisan e tla thusa mmuso ka tsamaiso ya kananelo e amanang le badudi ba Makhoisan le baetapele.
Bili hape e matlafatsa molao wa boetapele ba hajwale ba naha ba setso o tla baka ho fetolwa ha Molao wa Naha wa Ntlo ya Baetapele ba Setso, wa 2009 (Molao wa 22 wa 2009) le Molao wa Moralo wa Puso le Boetapele ba Setso, wa 2003 (Molao wa 41 wa 2003).
6. Diketsahalo tse tlang
6.1. Moporesidente Zuma o tla thakgola porojeke ya Ntwa ya ho Dutla ha Metsi, e tsebisitsweng ho Puo ya hae ka Maemo a Setjhaba ya 2015, Port Elizabeth ka la 28 Phato 2015, jwaloka karolo ya mananeo a mmuso a ho sebetsana le tahlelo ya metsi ka lebaka la ho dutla.
Porojeke e tla rupella batho ba batjha ba 15 000 jwaloka ditsebi le ba lokisang dipeipi ho lokisa ho dutla ho teng ka hara metse ya bona; e tla ba neha maitsebelo a ho iqalla dikgwebo tsa bona kapa ba fumana mesebetsi e loketseng. Batjha ba pele ba ntseng ba thaothwa ba 3 000 bakeng sa selemo sa hajwale sa ditjhelete.
Metsi a dutlang a akanngwa bakeng sa diphesente tse 40 tsa tahlehelo ya naha ya metsi mme di ja naha R7 bilione ka selemo.
6.2. Moporesidente Zuma o tla kenela Sehopotso sa bo-70 sa Qetello ya Kgapo ya China le Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe ka hara Riphaboliki ya Setjhaba ya China (PRC) ho tloha ka la 2 ho isa ka la 4 Loetse 2015, mme o tla ba le ditherisano tsa ka bobedi le Moporesidente Xi Jinping.
Dikamano tsa Aforka Borwa le PRC di maemong a Lewa la Semphato se Pharaletseng tse itshetlehileng hodima Boitlamo ba Beijing mabapi le ho Thehwa ha Lewa la Semphato se Pharaletseng, le akaretsang dikamano tsohle pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.
6.3. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho keteka nalane ya rona le botjhaba bo fapafapaneng ha naha e tshwaya Kgwedi ya Lefa ka Loetse tlasa mookotaba: “Tsebo ya rona ya tsa lapeng, lefa la rona: Re lebisa boitsebisong, kgothaletso le paballong ya lefa le phelang la Aforika Borwa”.
Sehopotso sa selemong sena se tla latela mokgwa wa meketjana ya boithabiso mme badudi ba kgothaletswa ho sebedisa lefa la bona le phelang le kang dijo, bonono ba boiqapelo, motjeko le mmino ho kgothaletsa phapang ya botjhaba, ditokelo tsa botho, kaho ya setjhaba le ntshetsopele ya moruo.
6.4. Aforika Borwa hape e tla keteka Kgwedi ya Bohahlaudi ka Loetse, e leng nako e lokileng bakeng sa malapa ho etela dibaka tsa lefa hore re ikgokahanye le bophelo ba rona ba mehleng.
Nakong ya Kgwedi ya Lefa, Lefapha la Bonono le Botjhaba le tla hlophisa ho phetholwa ha lekote ho Sebaka sa Bahale Pretoria ho tshwaya qalo ya kaho ya monyumente wa naha o tla bontshang nako ya pele ho bokoloniale, ntwa ya tokoloho le bahale ba fapaneng ba lwanetseng kgatelopele ya kahisano.
6.5. Letsatsi la selemo ka seng la Sehopotso sa Naha sa Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) ka la 6 Loetse 2015 Meahong ya Kopano Pretoria le tla keteka kgothalo le boitelo ba bahlanka ba lefileng ka bophelo ba bona bakeng sa ho tshireletsa badudi.
Ka letsholo la ho thaotha la SAPS ditho tsa tlatsetso tse 6 252 di tla ngodiswa nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2015/16 ho hodisa ditshebeletso tsa bofokisi, sepolesa se bonahalang, mautlwela a botlokotsebe, ditshebeletso tsa forensiki, ho kenyeletswa ditshebeletso tsa le tshireletso le polokeho.
Kabinete e ipiletsa ho batjha ba rona ho nahana ka mosebetsi ka hara SAPS, e fanang ka menyetla e batlang e le mengata. Tlhahisoleseding e batsi e ka fimanwa ho www.saps.gov.za.
6.6. Kgwedi ya selemo ka seng ya Tshebeletso ya Mmuso e tla ketekwa ho phatlalla le Tshebeletso ya Mmuso ka Loetse tlasa mookotaba “Re ntshetsa Aforika Borwa pele: Re isa Tshebeletso ya Setjhaba bathong”.
Kgwedi ena e tla pepesa ditshebeletso tsa mmuso, boikemisetso, boitelo le boqhetseke ka hara phano ya ditshebeletso tsa setjhaba. Diphetho di tla fanwa mabapi le kgatelopele e entsweng ho latela dikopano tsa dipuisano tse phatlaletseng le ditherisano tsa phano ya ditshebeletso tsa 2014 ka basebeletsi ba ka sehloohong ba mmuso mabapi le ho “sibolla botjha tsela eo tshebeletso ya mmuso e sebetsang kateng”.
Tshebeletso ya setjhaba e hlwahlwa ke tlhokeho ya bohlokwa bakeng sa ho nehela ho NDP mme Kabinete e ipiletsa ho basebeletsi ba setjhaba ho itlama botjha ho dipehelo tsa Batho Pele ka ho fana ka ditshebeletso tsa maemo a hodimo, tse bolokang ditjeho le ho ba hlwahlwa ho maAforika Borwa oohle.
6.7. Kabinete e tsebisitswe ka kgatelopele e entsweng bakeng sa ho tshwara ha Seboka sa bo- XIV sa Meru sa Lefatshe sa Mokgatlo wa Dijo le Temo se tla tshwarwa ho tloha ka la 7 ho isa la 11 Loetse 2015 Setsing sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli, KwaZulu-Natal.
Mookotaba “Meru le Batho: Ho tsetela ho Bokamoso ba Moshwelella” o bontsha tsa meru tse tobileng batho, mosebetsi wa meru ho ntshetsopele ya moruo wa kahisano, ditlhoko le menyetla bakeng sa matsete, le mosebetsi wa meru ho ntshetsopele ya moruo. Sena se amana ka kotloloho le merero e ka sehloohong ya mmuso mabapi le phediso ya bofuma, ntshetsopele ya dibaka tsa mahae le tlhahiso ya mesebetsi. Seboka hape se tla tsepamisa maikutlo ho kgaello ya metsi le phethoho ya tlelaemete.
Sena ke Seboka sa pele sa Meru ya Lefatshe sa ho tshwarelwa Aforika le ho fana ka monyetla wa ho beha kontinente hantle lepatlelong la lefatshe la meru. Lenaneo la phihlello le tla tsebisa setjhaba, ho kenyeletswa dihlopha tse hlokang menyetla, ka kgonahalo ya ho nka karolo.
Seboka se tla latela Beke ya Naha ya Tjalo ya Difate (1 ho isa 7 Loetse) tlasa mookotaba “Ha re thabeng bakeng sa moru o motjha” mme o ipiletsa ho maAforika Borwa ho jala sefate se le seng feela kajeno le ho thusa ho tsetela bokamosong ba moshwelella.
7. Melaetsa ya ditakaletso tse molemo
7.1. Kabinete e lakaletsa baatlelete ba naha katleho ba tla beng ba phehisana ho Bompodi ba Lefatshe ba Diatleletiki ba bo-15 bo tswelang pele hajwale Beijing, ho la China le ba nkang karolo ho Dipapadi tsa bo-11 tsa All-Africa mahareng a la 4 le 19 Loetse 2015 Brazzaville, ho la Congo.
Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho ipopa ho tshehetsa baatlelete ba rona ha ba fofisetsa folakga ya rona hodimo le ho etsa setjhaba motlotlo.
7.2. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Zuma bakeng sa ho thoholetsa boraditaba ba SABC Dennis Tshetlhane le Sam Msibi bakeng sa ho hapa Mokgahlelo wa Thelevishene wa Dikgau tsa SADC tsa Boraditaba, le moithuti wa sekolo se phahameng Imbelani Matibe bakeng sa ho hlola Phehisanong ya Mokgahlelo wa Moqoqo wa Dikolo ya SADC.
7.3. Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela a ileng a kenela mekete ya Kgwedi ya Basadi. Diketsahalo tse neng di tshwerwe ke mekgatlo e fapafapaneng le mmuso tse neng di keteka katleho eo re e entseng mabapi le ho sebetsana le ho se lekalekane ho tsa bong ka hara setjhaba sa rona. Kgwedi ena e sebedisitswe ho lekola diphephetso tseo re ntseng re shebane le tsona mabapi le tlhekefetso ya basadi le bana.
7.4. Kabinete e lakaletsa pholo e potlakileng ya Letona la Bophelo bo Botle Aaron Motsoaledi, ya neng a amohetswe mafelong a beke Sepetlele sa Thuto sa Steve Biko Pretoria. O se a bile a lokolotswe mme o ntse a folla lapeng.
8. Dithonyo
Dithonyo kaofela di tla lokela ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.
8.1. Boto ya Ditshebeletso tsa Boemo ba Lehodimo ya Aforika Borwa:
a) Mofumahadi Ntsoaki Mngomezulu – (o thontswe hape e le Modulasetulo);
b) Ngaka Nolulamo Nobambiswano (Lulu) Gwagwa – (o thontswe hape mme ke Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Monghadi Rowan Graham Nicholls – (o thontswe hape);
d) Mr Jonty Tshipa – (o thontswe hape);
e) Mloporofesara Elizabeth Mokotong – (o thontswe hape);
f) Mofumahadi Kea Modimoeng;
g) Moatefokate Derek Block;
h) Mofumahadi Sowbakiam Mudly-Padayachie;
i) Mofumahadi Nandipha Daphne Madiba;
j) Ngaka David Jasper Gilbert Rees;
k) Monghadi David Lefutso;
l) Mofumahadi Judy Beaumont – (Moemedi wa Motsamaisi-Kakaretso (DG) ya Merero ya Tikoloho); le
m) Ngaka Linda Makuleni – (Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso (CEO).
8.2. Boto ya iSimangaliso:
a) Monghadi Paul Ndukuzempi Buyani Zwane – (o thontswe hape e le modulasetulo);
b) Mofumahadi Barbara Schreiner – (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Moporofesara Antonia Thandi Nzama – (o thontswe hape);
d) Mofumahadi Poppy Senelisiwe Dlamini – (o thontswe hape);
e) Monghadi Zwelenzima Thwalizwe Gumede – (o thontswe hape);
f) Mofumahadi Thobile Etherfrida Mhlongo – (o thontswe hape);
g) Mofumahadi Sibongile Daphne Nene;
h) Monghadi Satish Roopa;
i) Mofumahadi Thumeka Sharon Ntloko – (Moemedi wa DG ya Merero ya Tikoloho);
j) Monghadi Andrew Zaloumis – (CEO); le
k) Monghadi Bhekithemba Langalibalele – (Moemedi wa Lefapha la Bohahlaudi).
8.3. Ditho tseo e seng tsa phethahatso tse thontsweng ho Boto ya Lekala la Dipalangwang tse Tshelang Madiboho:
a) Monghadi Reitumetse Masemola; le
b) Barend Christoffel Deysel.
8.4. Ditho tseo e seng tsa phethahatso tse thontsweng ho Bolaodi ba Madiboho:
a) Monghadi Thaba Mufamadi – (Modulasetulo);
b) Monghadi Anjue Hirachun;
c) Monghadi Riad Khan;
d) Monghadi Lindelwe Mabandla;
e) Mofumahadi Gerdileen Taylor;
f) Moatefokate Gugulethu Abigail Thimane;
g) Mofumahadi Patricia Ntombizodwa Mazibuko – (o thontswe hape);
h) Monghadi Aubrey Bongani Ngcobo – (o thontswe hape);
i) Mofumahadi Thato Abegail Tsautse – (o thontswe hape); le
j) Monghadi Andile Mahlalutye – (o thontswe hape).
8.5. Ditho tseo e seng tsa phethahatso tse thontsweng ho Boto ya Ditshebeletso tsa Sephethephethe sa Moyeng:
a) Mofumahadi Phindile Riba – (Modulasetulo);
b) Monghadi President Qiniso Dhlamini;
c) Ngaka Bridget Ssamula;
d) Monghadi Bennet Phonthana Malebo;
e) Monghadi Isaac Nkama;
f) Mofumahadi Shaila Hari;
g) Monghadi Daniel Gray Mwanza;
h) Moatefokate Edwin Matane Mphahlele;
i) Mofumahadi Sfiso Norbert Buthelezi;
j) Mofumahadi Nwabisa Mtshali;
k) Monghadi Arthur James Bradshaw; le
l) Mofumahadi Hlengiwe Thandeka Makhathini – (o thontswe hape).
8.6. Ditho tseo e seng tsa phethahatso tse thontsweng ho Boto ya Lekala la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane:
a) Mofumahadi Anjue Hirachund; le
b) Mofumahadi Zanele Monnakgotla.
8.7. Boto ya Bolaodi ba Tonele ya Trans-Caledon:
a) Mofumahadi MW Hlahla – (Modulasetulo);
b) Monghadi JRD Modise – (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Monghadi SN Khondlo;
d) Ngaka MJ Ellman;
e) Mofumahadi ZP Manase;
f) Mofumahadi SFS Makhathini;
g) Mofumahadi M Nakene
h) Monghadi S Roopa.
8.8. Monghadi Ian van Niekerk – Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete wa Broadband Infraco.
8.9. Monghadi Zukile Christopher Mvalo – Motlatsi wa DG: Ntshetsopele ya Maitsebelo ho Lefapha la Thuto le Thupello e Phahameng.
8.10. Monghadi Xolelwa Mlumbi-Peter – Motlatsi wa DG: Ntshetsopele ya Kgwebo ya Matjhaba le Ntshetsopele ya Moruo ho Lefapha la Dikgwebo le Indaseteri.
8.11. Monghadi Tshediso John Matona – Mongodi bakeng sa Meralo ya Setjhaba ho Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo.
Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139