Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 21 Phato 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e amohetse ho kgakolwa phatlalatsa ha kgatiso ya botshelela ya Matshwao a Ntshetsopele ke Letona la Bopresidenteng la Bodisa le Tlhahlobo ya Tshebetso. Jwaloka ha setjhaba se hlophisetsa ho keteka Dilemo tse 20 tsa Tokoloho, maAforika Borwa a tshwanela ho ba motlotlo ka hore bophelo bo fetohile ba ba ba ntlafala haesale ho tloha ka 1994.

Matshwao a bontsha ntlafalo dinthong tsa bohlokwa athe a boela a supa mosebetsi o boima o ntseng o tshwanela ho etswa ho sebetsana le tse ding tsa diphephetso tsa rona tse ntseng di iphetapheta. Ho feta moo, matshwao a kgothalletsa ngangisano ka diphephetso tseo naha ya rona e tobaneng le tsona mme a boela a sebetsa ho thusa leetong la rona la kgatelopele ya moruo le phedisano.

1.2. Kabinete e rorisitse 41% (115) ya bomasepala ba fumanweng ba se na diphoso ditsamaisong tsa ditjhelete ha ho ne ho etswa bahlahlobi ba dibuka tsa ditjhelete ba 2011/2012. E boetse ya ananela ntlafalo e entsweng ke bomasepala ba 21 bao nakong e fetileng ba ileng ba fumana ditsheollo tse amanang le selemo se fetileng.

Kabinete e ananela mosebetsi o entsweng ke Kantoro ya Mohlakisi Kakaretso ka ho thusa bomasepala ho ntlafatsa ditlhoko tsa bona tsa boikamahanyo pusong. E ile ya boela ya ananela boikitlaetso bo entsweng ke boetapele ba bomasepala hore ba tswele pele ho sebeletsa ntlafalo dinthong tse hlakisitsweng ke Kantoro ya Mohlakisi Kakaretso.

1.3  Kabinete e lebohile maAforika Borwa ohle ka ho tshehetsa Letsatsi la Dipapadi le Botjhaba la Nelson Mandela le neng le tshwaretswe ho thusa projeke ya Sepetlele sa Bana sa Nelson Mandela. MaAforika Borwa a kgothalletswa ho tswelapele ho sebetsa dibakeng tsa bona le ho sebedisana le mmuso ho ntlafatsa maphelo a baahi esita le ho kenya tshebetsong mehopolo eo Madiba a ileng a nyehela bophelo ba hae ka lebaka la yona.

1.4   Kabinete e nketse hloohong leeto le tlang la Mopresidente Jacob Zuma la ho ya Rephaboliking ya Russia. O tla be a ya Sebokeng sa Setlamo sa 20 (G20) St Petersburg mohla la 5 le 6 Loetse 2013 e le karolo ya ho phahamisa ditabatabelo tsa Aforika Borwa tsa sepolotiki le tsa moruo.

Aforika Borwa e tswelapele ho tshehetsa morero wa G20 wa ntshetsopele o ntshetsang pele botsitso ba moruo lefatsheng esita le kgolo le tlhahiso ya mesebetsi tse tla itjara ka nako e telele.

1.5  Kabinete e rorisitse kopano ya pele ya Lekgotla la Kgwebo la Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa (BRICS), moo baetapele ba kgwebo ho tswa dinaheng tsena ba neng ba kgobokana Aforika Borwa. Kopanong ena ho ile ha boela ha eba teng baetapele ba bohlokwa ba kgwebo ba tswang dinaheng tse ding tse 19 tsa Aforika.

1.6  Kabinete e amohetse tiisetso e fanweng Foramong ya bo12 ya Molao wa Kgolo le Monyetla wa Aforika (AGOA) ya ho ntjhafatsa AGOA pele e fellwa ke nako ka 2015. AGOA e foletse molemo ho tswa nahakgolo ya Amerika le ya Aforika ya ba ya tshehetsa kgwebisano ya naha tse pedi dipakeng tsa Aforika Borwa le Amerika e ntseng e hola ebile e tsitsa.

Aforika Borwa e dumela hore AGOA ke moralo o nepahetseng wa ho aha dikamano tse matla, tumellano ya kgwebisano ya dinaha tse pedi le matsete mme e matlafatsa tshebedisanommoho dipakeng tsa Amerika le nahakgolo ya Aforika ka bophara..

1.7 E le karolo ya naha ka bophara ya ho keteka Kgwedi ya Basadi, Motlatsi wa Mopresidente Kgalema Motlanthe o tla etela Motsaneng wa Gombani o Masepaleng wa Mutale, Limpopo, ka Labohlano mohla la 23 Phato 2013 ho ya neelana ka matlo setjhabeng. Basadi ba Gombani ba kentse letsoho kahong ya matlo ana.

1.8  Letona la Bohahlaudi le tla boela le thakgola Kgwedi ya Bohahlaudi mohla la 28 Phato 2013 Amanzingwe Lodge e Hartebeespoort, tlasa mookotaba o reng: “Metsi ke Boithabiso”.

Jwalo ka karolo ya diketsahalo tsa kgwedi, Dipontsho tsa Naha tsa Mesebetsi e amanang le Bohahlaudi di tla tshwarelwa Setsing sa Matjhabatjhaba sa East London dipakeng tsa la 19 le 21 Loetse e le ho bontsha menyetla ya mesebetsi lekaleng lena le ntseng le hola le seng le hirile maAforika Borwa a fetang halofo ya milione.
.
1.9 Kabinete e hlokometse hore Letona la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha le tla neelana semmuso ka matlo a fetang 70 ho ba tshwanetseng ho fola molemo ba Setereke sa Botshelela, ka Moqebelo wa la 24 Phato 2013. Ena ke karolo ya matsapa a ho etsolla masalla a Molao wa Naha tsa Batho ba Batsho 1913 o siileng diketekete tsa batho ba batsho ba se na mahabona ba bile ba se na Naha.

1.10 Kabinete e ile ya boela ya tshohla ka dintho tse ropohileng Lekgotleng la Kabinete le neng le tshwerwe ka la 13-15 Phato 2013. Letona Rob Davies o teng kwano ho tla kuma ka diqeto tsa Kabinete ntlheng ena.

Dipotso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore