Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 20 Pudungwana 2013

21 Nov 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e amohela lenane le leholo la bakgethi ba tshwanelehileng ba ileng ba sekehela tsebe kgoeletso ya ho ingodisa nakong ya boingodiso ba pele ba mohla la 9 le 10 Pudungwana 2013. Bakgethi ba tshwanelehileng ba e so ka ba ingodisa ba hopotswa hore nako ya boingodiso e tswelapele ho fihlela tsebisong ya letsatsi la dikgetho tse latelang tsa naha.

Kabinete e thoholetsa mosebetsi wa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho, mme e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho nka monyetla wa tokelo ya bona ya demokrasi ya ho kgetha, e bileng teng ka lebaka la ntwa ya rona ya tokoloho le demokrasi.

1.2. Letsholo la Boitseki la Matsatsi a 16 la Phediso ya Dikgoka kgahlanong le Basadi le Bana le tla qala  mohla la 25 Pudungwana ho ya ho la 10 Tshitwe tlasa mookotaba o reng: VIKELA MZANSI – Kwanele: Ditjhaba di kopane ho thibela dikgoka kgahlanong le basadi le bana”.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho sebedisa nako ena ho ntjhafatsa boikitlaetso ba rona, ho fedisa boitshwaro bo soto bo bile bo hlabisa dihlong bo etswang ke ba bang setjhabeng sa rona re be re tsosolose boitlamo ba naha ya rona ditokelong tse ke keng tsa phephetswa tsa basadi le bana.

1.3. Motlatsi wa Mopresidente, Ntate Kgalema Motlanthe o tla etellapele sehopotso sa Letsatsi la Lefatshe la AIDS Mkhondo, Seterekeng sa Gert Sibande, Mpumalanga, ka la 1 Tshitwe 2013 tlasa mookotaba o reng: “Hlalefa. Etsa diteko. Pukutlwa leeko.”

Lepatlelo le tla sebedisetswa ho tsebisa setjhaba ka matsapa a mmuso a ho lwantsha sewa sena, ho eketsa tlhokomediso, esita le ho tiisa matsapa a ho matlafatsa bokena dipakeng ba ho kgina sewa sena. Sena se amana le Morero wa Lewa la Naha wa HIV le AIDS wa 2012-2016.

Letsatsi lena la Lefatshe la AIDS le tla boela le sebediswa ho tsosolosa letsholo la Ho Thoba Maikutlo le Diteko tsa HIV (HCT) le ho thakgola letsholo la Pukutlo ya Leeko Ditsing tsa Bophelo bo Botle.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho etsa thobalano e bolokehileng; ho etsa diteko tsa HIV bonnyane hanngwe ka selemo e le ho etsa diqeto tse susumetswang ke thuo ya lesedi ka mehato ya thibelo, kalafo, tlhokomelo le tshehetso; le hore banna le bashanyana ba ikakgele ka setotswana ditshebeletsong tsa pukutlo ya leeko ditsing tsa bophelo bo botle.

MaAforika Borwa a tlameha ho ba le seabo ba kopanye lewa la ho se Ikamahanye, ho tshepahala, ho sebedisa khondomo (ABC).

1.4. Kabinete e hlakisitse qobello e matla ya melao ya sephethephethe e le karolo ya Letsholo la Sehla sa Keteko ya Mafelo a Selemo – Arrive Alive – tlasa mookotaba o reng: ‘Mmoho re ka Boloka Dimilione tsa Maphelo’, mme e ipiletsa ho basebedisi bohle ba tsela ho ipopela tlwaelo e nang le kutlwisiso e phethahetseng ya hore ho swahlamana ha makoloi ho ruthutha maphelo.

1.5. Kabinete e thoholetsa kgatelopele e entsweng, ka mokgwa wa dieijensi tse ngata, e ileng ya ananelwa mabapi le bokena dipakeng ba Mopresidente ka Motsheanong 2013 Eldorado Park, ho lwantsha dikgoka tse bakwang ke dithethefatsi le dihlopha tsa dinokwane esita le diphephetso tse amanang le moruo setjhabeng.

Sena se bakile ho tshwarwa ha batho ba 1 431, ba 1 098 ba bona ba emetse ho bua dinyewe; ba 1 095 ba fuwe beili, ba bararo ba ntse ba kwalletswe mme ba 289 ba ile ba fumanwa ba le molato diqosong tsa ditlolo tsa molao.

Kabinete e ipiletsa setjhabeng hore se tlohele ho inkela molao matsohong kapa ho ipatlela toka ka thoko ho tsamaiso ya molao, kaha sena se se molaong se bile se na le seabo boitshwarong ba ditlolo tsa molao. Kabinete e kgothaletsa setjhaba ho sebedisana le sepolesa ho fothola dikokonono le barekisi ba dithethefatsi ba mpefatsang diketsahalo tsa ditlolo tsa molao.

1.6. Kabinete e fetisitse matshediso ho beng le metswalle ya bao ba hlokahetseng ka lebaka la ho heleha ha moaho o ntseng o ahwa setsheng se Tongaat, KwaZulu-Natal; mme e lakaletsa bao ba lemetseng hore ba fole ka potlako.

Kabinete e thasiseditse hore ho na le melao ya tsa mesebetsi e tshireletsang ditokelo tsa basebetsi ya ba ya seolla bao ba ikarabellang koduweng eo. Kabinete e qobelletse hore taba eo e salwe morao ka hloko.
1.7. Kabinete e amohetse ho bulwa ha Setsi sa Sehopotso sa Nelson Mandela. Setsi se bolokile tse ding tsa disebediswa tsa bohlokwahlokwa tsa letlotlo la botjhaba tse phetang ka bophelo le dinako tsa Ntate Nelson Rolihlahla Mandela.

Disebediswa tsena ke karolo ya bohlokwa ya letlotlo la botjhaba la naha ya rona. Ke matlotlo a naha ya rona mme a tshwanela ho bolokwa. Mmuso o tla tswelapele ho tlotla Ntate Nelson Mandela le baetapele ba moloko wa hae ka seabo se seholo seo ba se entseng tokolohong ya rona.

1.8. Kabinete e thoholetsa kaho ya lenaneo la meralo ya motheo ya setjhaba ya diterilione tsa diranta e etswang ke Khomishene ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo ya Mopresidente e etelletsweng pele ke Mopresidente Jacob Zuma.
Pulo ya Letamo la Spring Grove ka Mopresidente e raletswe ho thusa phepelong e ntseng e ata ya metsi ho ya bomasepaleng ba tsheletseng, e leng Toropokgolo ya eThekwini, Setereke sa uMgungundlovu, Masepala wa Sebaka sa Mmeunduzi, wa Sebaka sa Ugu, esita le Bomasepala ba Dibaka tsa Sisonke le iLembe.

Mmuso o tsetetse tjhelete e fetang bilione e le nngwe ya diranta projekeng, e boelang e reretswe ho thea mesebetsi. Nakong ya kaho ya letamo, ke batho ba 960 ba ileng ba hirwa.

1.9. Mopresidente Jacob Zuma o tla etela Masepala wa King Sabata Dalindyebo, Profenseng ya Kapa Botjhabela, ka la 22 Pudungwana 2013 e le karolo ya Lenaneo la Bodisa la Mopresidente la Siyahlola.

Sena se tla akga le ketelo Mthatha ho ya lekola dintlafatso tsa boemafofane le diprojeke tse ding tsa meralo ya motheo ya mopresidente tikolohong eo. Mthatha e ile ya etswa Sebaka se Thefulehileng sa Bokena dipakeng bo Potlakileng ba Mopresidente ka 2009, mme bokenadipakeng bo reretswe ho rarolla diphephetso tsa tshallomorao ya kaho ya meralo ya motheo le phano ya ditshebeletso, ka sepheo sa ho ntjhafatsa Mthatha kahohlehohle.

Mopresidente o tla boela a sekaseka ka boyena kgatelopele e entsweng diprojekeng tsa meralo ya motheo ya mmuso mabapi le phumantsho ya metsi, motlakase le mebila tikolohong eo.

Ho kgantshwa ho tla etswa ke Mopresidente Jacob Zuma ha seteishenana sa motlakase sa Thornhill ho tla fana ka bokgoni ba marangrang a ho rarolla tshallomorao ya malapa a ka bang 25 000.

1.10. Mopresidente Jacob Zuma o tla kena Leetong la ho Emela Naha Accra, Ghana, ho tloha ka la 26 ho isa ho la 27 Pudungwana 2013. Leeto le tla tiisa dikamano tsa rona tse matla le Ghana le be le ntshetsepele kgwebisano e momahaneng kontinenteng.

1.11. Mopresidente Jacob Zuma o bile modulasetulo wa Khomishene ya Dinahapedi tsa Aforika Borwa le Botswana (BCN) ka la 21 Pudungwana 2013. Sena se tla ntlafatsa dikamano le tshebedisano mmoho dipakeng tsa dinaha tse pedi tse ahisaneng. BNC ena ya selemo le selemo boemong ba Dihlooho tsa Dinaha e ile ya thewa ngwahola ho phahamisa boemo ba Khomishene ya Moshwelella ya Kopanelo bakeng sa Tshebedisanommoho le Khomishene ya Moshwelella ya Kopanelo bakeng sa Tshebedisanommoho ya Tshireletso.

1.12. Kabinete e amohela ho kgethwa ha Aforika Borwa Lekgotleng la Ditokelo tsa Botho la Matjhaba a Kopaneng (ka la 12 Pudungwana 2013). Sehla sa rona se qala ka la 1 Pherekgong 2014 mme se tjhaisana le keteko ya naha ya Dilemo tse 20 tsa Tokoloho. Sena se netefatsa botjha boikitlaetso ba rona phihlellong ya ditokelo tsa botho bakeng sa baahi bohle, baahi ba kontinente ya Aforika esita le baahi ba lefatshe lohle.

1.13. Kabinete e ikamahanya le baahi ba matjhaba ka ho ntsha maikutlo a kutlwelobohloko thorisong ya Mekgatlo eo e seng ya Mmuso, e kentseng letsoho thusong ya matjhaba ya tshohanyetso bakeng sa bao ba anngweng ke Lehodiotswana la Haiyan kwana Phillipines.

Moya wa Botho o tla thusa ho kokobetsa mahlonoko a batho ba Phillipines nakong ena ya mathata.

1.14. Kabinete e ananela tsebiso ya katleho e nngwe hape botenng ba Projeke ya Ntlafatso ya Mebilaphara ya Gauteng, moo ditefello tsa mebila dikarolong tse kgethilweng tsa Mebila e Meholo ya Gauteng di qalang ka la 3 Tshitwe 2013.

Beng ba makoloi ba e so kang ba ingodisetsa ditefello tsa mebila ba kgothalletswa ho etsa jwalo, ho netefatsa hore ba lokelwa ke ditheolelo.

1.15. Kabinete e thoholetsa Mafapha a Saense le Theknoloji le Thuto le Thupelo e Phahameng hammoho le Yunivesithi ya Theknoloji ya Hlohleng ya Kapa ka ho etsa nalane ka ho thakgola CubeSat ya pele ya naha ena, kajeno, mohla la 21 Pudungwana 2013, kwana Russia.

Satalaete ena, e tla fana ka lesedi la bohlokwa la maemo a lehodimo sepakapakeng, e bontsha bokgoni ba Aforika Borwa lekaleng la saense le theknoloji ya sepakapakeng.

1.16. Kabinete e ananetse ho kgethwa ha Letona la Thuto ya Motheo Mme Angie Motshekga e le modulasetulo wa Sehlopha sa Aforika e ka Borwa le e ka Botjhabela ya Bodisa ba Thuto ya Boleng (SACMEQ) nakong ya Seboka Kakaretso sa bo37 sa UNESCO; sena se matlafatsa boitshepo mokgweng wa thuto ya rona le ditheo tsa rona.

Sepheo sa SACMEQ ke ho thakgola diketsahalo tse kopantsweng tsa diphuputso le thupelo tse tla eketsa menyetla bakeng sa ba rerang le bafuputsi ho fumana thupelo ya bokgoni bo hlokehang ba setekgeniki ba ho disa, ho hlahloba, le ho bapisa maemo a akaretsang a dikolo le boleng ba thuto ya motheo.
1.17. Kabinete e thoholeditse Letona la Thuto le Thupelo e Phahameng, Blade Nzimande, ka ho etellapele kopano ya Matona a Thuto a BRICS moo ho nkilweng diqeto tse ntle haholo. Kopano e ne e hlophisitswe mabapi le diqeto tsa Seboka Kakaretso sa bo37 sa UNESCO. Dintlha tse neng di tshohlwa di ne di akga: ho matlafatsa tshebedisano dipakeng tsa diyunivesithi tsa BRICS, dilekane le thakelano ya tsebo.
Matona a ile a dumellana ka tlhokeho ya ho thea mokgwa o boemong bo hodimo ba sepolotiki le setekgeniki ka sepheo sa ho hlophisa le ho kenya tshebetsong dibaka tse hlwailweng tsa tshebedisanommoho tse tla hlophiswa ke Aforika Borwa jwaloka Modulasetulo wa BRICS. Ho ile ha boela ha eba le tumellano dipakeng tsa dinaha tsohle tse hlano tseo e leng ditho ka bohlokwa ba ho tiisa tshebedisanommoho dipakeng tsa BRICS le UNESCO thutong.
1.18. Kabinete e hlokometse tlaleho ya naha ya Aforika Borwa ho UNESCO ya hore batho ba baholo ba dimilione tse 3.3 ba Aforika Borwa ba phethetse dithuto tsa Letsholo la Kgoro la Koqo la ho Bala le ho Ngola la Kha Ri Gude. Sena se bea Aforika Borwa mathuleng a ho fihlella sepheo sa yona sa Matjhaba a Kopaneng: boikitlaetso ba Thuto ya Bohle ba ho fokotsa sekgahla sa naha sa ho se tsebe ho bala le ho ngola ka 2015. Letsholo le thakgotswe ka Hlakola ya 2008, ka maikemisetso a ho thusa batho ba baholo ba dimilione tse 4,7 ba kahodimo ho dilemo tse 15 ho tseba ho bala le ho ngola ka e nngwe ya dipuo tsa semmuso tse 11.
1.19. Kabinete e thoholetsa bahlodi ba Dikgau tsa Makgabane a Naha a Batho Pele tse thusang ho tiisa boporofeshenale, ho hlokomela, ho putsa, ho ananela le ho kgothaletsa makgabane Tshebeletsong ya Setjhaba esita le ho netefatsa hore e fihlella boemo bo phahameng.
1.20. Kabinete e rorisitse papadi e kgabane ya Bafana Bafana, Dikila le Ditshephe ya ba ya thoholetsa Itumeleng Khune, ya ileng a kgethwa e le Kgalala ya Dipapadi ya 2013 ya Aforika Borwa. Tiisong ya hore re setjhaba se hlolang, Kabinete e hlokometse hore ka Laboraro hoseng Aforika Borwa yohle e tsohile e le morolo kamora hore Bafana Bafana e hlole Spain ka 1-0. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ba le seabo tshehetsong ya dihlopha tsa naha.
1.21. Kabinete e ile ya kumelwa ke Setlamo sa Toka ya Tshireletso le Thibelo ya Ditlolo tsa Molao (JCPS) ka tlaleho ya Mosireletsi wa Setjhaba mehatong ya tshireletso lehaeng la Mopresidente Jacob Zuma le Nkandla. Kabinete e ile ya kumelwa hore dipuisano tsa mmuso le Mosireletsi wa Setjhaba ntlheng ena di  ne di tsepamisitswe tshireletsong ya Hlooho ya Naha. Kabinete e ile ya boela ya kumelwa hore tlaleho ya sehlopha sa tshebetso sa mmuso ntlafatsong ya tshireletso Nkandla e fetiseditswe Komiting ya Kopanelo ho tsa Boutlwela eo le yona e phatlaladitseng Tlaleho ya yona e Ikgethileng ka taba ena. Sehlopha sa tshebetso sa mmuso se tlalehetse Komiti ya Kopanelo ho tsa Boutlwela hore ha ho bopaki ba hore Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le lefelletse kaho ya matlo a Mopresidente. Matona a Setlamong sa JCPS a memilwe makumaneng ana a Kabinete mme a tla ba teng ho tla araba dipotso tabeng ena.
2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete
2.1. Kabinete e ananetse Pampiri e Tshweu ya nakwana ya kamora ho Qeta Sekolong ya Thuto le Thupelo e reng: “Ho Aha Mokgwa wa Thuto le Thupelo wa Kamora ho Qeta Sekolong o Atolotsweng, o Sebetsang Hantle o bile o Momahantswe”.
Pampiri e tshweu ya nakwana e rala mawa a ho atolla phanong ya jwale ya thuto le thupelo Aforika Borwa. E habile ho ntlafatsa boleng, ho momahanya mekgwa e fapaneng ya kamora ho qeta sekolong, esita le ho rala mawa bakeng sa mekgwa eo bahiri makaleng a poraefete le setjhaba ba ka kenyang letsoho ka teng ho theweng ha bokgoni le boqhetseke ba basebetsi.
Pampiri e thasisetsa kgolo le mesebetsi e kenyeletsang bohle e hlokehang bakeng sa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).
Lefapha la Thuto le Thupelo e Phahameng le tla fana ka makumane a tomanyana.
2.2. Kabinete e ile ya tsebiswa ka tlaleho ya Komiti ya Matona e mabapi le Tjhebobotjha ya Ditjhelete tse Fuwang Diyunivesithi ya ba ya ananela hore tlaleho eo e phatlalatswa bakeng sa hore diyunivesithi di tshwaele ka yona.
Taba ya ditjhelete tse fuwang diyunivesithi ha e a fapana le diphephetso tse ding tseo naha e tobaneng le tsona ka kakaretso, mme e akga tharollo ya ditshita tsa diyunivesithi tse ka mosing ha ka lehlakoreng le leng ho ntse ho netefatswa hore diphetoho tse etswang kabong ya disebediswa ha di sitise bokgoni ba diyunivesithi tse boemong bo botle hore di dule di hlompheha di bile di le boemong ba ho qothisana lehlokwa lefatsheng.
2.3. Kabinete e ananetse Lewa la Bayo-ikonomi Aforika Borwa.
Lewa la Bayo-ikonomi ke lewa leo motheo wa lona e leng wa saense ho bea tshibollo ya tlhaho e le seikokotlelo sa mafapha a fapafapaneng. E boetse e habile dikamano tse hlokolotsi le indasteri ho netefatsa hore bayo-theknoloji le tshibollo ya tlhaho di tsamaisana le mebaraka le hore di sebediseha habobebe Aforika Borwa.
Lewa la Bayo-ikonomi la Aforika Borwa le fana ka kgubu ya moruo bakeng sa moruo o motjha o tla fana ka motheo wa kgolo ya kamoso.
2.4. Kabinete e ananetse Tshisinyo ya Mokgahlelo wa 3 wa Lenaneo le Atolotsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) bakeng sa ho kenngwa tshebetsong. Pehelo ka kakaretso ke menyetla ya mesebetsi e dimilione tse 7,5 nakong ya dilemo tse hlano (2014/15 – 2018/19) e itshetlehile pehelong ya Mananeo a Tlhahiso ya Mesebetsi ya Setjhaba ho NDP.
Kabinete e ananetse ho thewa ha Khomishene ya Mopresidente ya Tlhophiso ya Tlhahiso ya Mesebetsi Setjhabeng ho hlophisa le ho tlaleha ka mananeo a tlhahiso ya mesebetsi ya setjhaba. Sena se tla amanngwa le mosebetsi wa Khomishene ya Mopresidente ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo. EPWP e habile ho eketsa seabo sa yona sa ho rarolla diphephetso tse tharo tsa bofuma, leqeme la mesebetsi le ho se lekane. Ho nyotobela ha jwale ha moruo ho thefutse tlhahiso ya mesebetsi kahara naha ha ba ha eketsa bohlokwa ba EPWP e le kgato e ka sehloohong ya mmuso ya ho kenya letsoho tswelopeleng le phokotsong ya leqeme la mesebetsi.
2.5. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Sesebediswa sa Sehlomathiso sa Molaotheo wa Mokgatlo wa Matjhaba wa tsa Mesebetsi (ILO), wa 1986, Palamenteng bakeng sa hore o tjhaellwe menwana.
Sepheopheo sa sehlomathiso se sisintsweng ke ho etsa botho ba Karolo ya Bolaodi ba ILO hore bo be le boemedi bo tomanyana ka ho fana ka mokgwa wa thonyo o nkela hloohong taba ya dibaka tse fapafapaneng, moruo le ditabatabelo tsa setjhaba dihlopheng tsa mabatowa a tsona.
Mabapi le ho ntshetsapele maikemisetso a Aforika le haeba Sehlomathiso sa Molaotheo wa 1986 se ka phethahala, Aforika Borwa e tla fola molemo ho ya ka makgetha a ikgethileng jwaloka ha ho hlalositswe sesebedisweng, hore e kgethwa setulong sa moshwelella.
2.6. Kabinete e tsebile ka kananelo ya Ditshisinyo tsa Boemo ba Tshireletso ya Setjhaba bo etswang ke ILO mme ya tjhaella menwana ho tekwa ha Tshisinyo ya Tokiso e tswang Palamenteng.
Mokgwa wa Boemo ba Tshireletso ya Setjhaba ke lethathama la maano a momahantsweng a setjhaba a ralletsweng ho netefatsa tshireletso ya lekeno le phihlello ya ditshebeletso tsa setjhaba tse hlokehang bakeng sa bohle, ho tsepamisitswe maikutlo dihlopheng tse kotsing le ho tshireletsa le ho matlafatsa batho mafapheng ohle a bophelo.
2.7. Kabinete e ananetse hore Aforika Borwa e tshware Seboka sa bo-4 sa Tlhodisano ya Matjhaba sa BRICS ka 2015.
Seboka se fana ka foramo ya thakelano ya maikutlo dipakeng tsa dieijensi tse hlodisanang le baeletsi ba mekgatlo eo e seng ya mmuso ho tswa dinaheng tsa BRICS. Sena se matlafatsa dikamano tsa ditheo tse etelletseng pele ntlafatsong ya tshebedisanommoho ya matjhaba dipakeng tsa ditho tsena. E ba teng ka dilemo tse ding le tse ding tse pedi mme e tshwarwa ke Makgotla a Tlhodisano a dinaha tseo e leng ditho tsa BRICS.
2.8. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Leano la Thonyo ya Basebetsi ba ho Jewa ha Thepa ke Molaodi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe Palamenteng esita le ho phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.
Tsepamiso ya maikutlo ya Leano ke ho kgothaletsa tshwano, bosiyo ba leeme, ponaletso le phihlello ya tekano bakeng sa batho ba neng ba kotetswe ke kgethollo e nang le leeme nakong e fetileng.
Bolaodi ba Makgotla a Phahameng a Dinyewe dikantorong tse fapaneng tsa Balaodi nakong e fetileng di ne di na le boikemelo ba ho nka diqeto ho ya kamoo di neng di utlwisisa molao ka teng mabapi le tshebetso le motjha o latelwang dikantorong tsa bona.
2.9. Kabinete e ananetse kamohelo ya ho tloha ka la 3 Pudungwana ho ya ho la 3 Tshitwe e le Kgwedi ya Naha ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Kgolofalo ya ba ya tsebisa semmuso hore mohla la 3 Tshitwe ke Letsatsi la Naha la Batho ba Holofetseng.
Kgwedi ya Naha ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Kgolofalo, e susumeditsweng ke Letsatsi la Naha la Batho ba Holofetseng, e fana ka nako ya hore naha e bontshe e be e keteke kgatelopele e entsweng ya ho fa batho ba holofetseng phihlello e lekanang thutong, mesebetsing e metle, bophelo bo botle, ntshetsopele ya mahae le tikoloho e sireletsehileng, ho tse ding.
2.10. Kabinete e ananetse moralo wa tjhelete o entsweng ke Khamphane ya Minte ya Aforika Borwa bakeng sa sehopotso sa 2013 sa pokello ya tjhelete e lewana le ho ntshuwa ha R2 ya tshepe.
a) Ho ntshuwa ha R2 ya tshepe: “Keteko ya Dilemo tse 100 ya Meaho ya Kopanong”
b) R2 ya Tjhelete ya Tshepe ya Sehopotso sa Tlokola ya Silifera: “Keteko ya Dilemo tse 100 ya Meaho ya Kopanong”
c) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe la Sekila la 2013:  “Bophelo ba Mohale: NR Mandela” (bongwaneng).
2.11. Kabinete e boetse ya ananela meralo ya sehopotso sa 2014 sa pokello ya tjhelete e lewana le ho ntshuwa ha meralo ya R2 ya tshepe:
a) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe la Sekila la 2013: “Bophelo ba Mohale: NR Mandela” (thutong)
b) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya Natura: “Ditsomi tsa Bosiu”
c) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya R1 ya Kgauta: “Bafetisi ba Aforika Borwa”
d) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya R2 ya Kgauta: “Tshibollo ya Kgauta Aforika Borwa”
e) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya Dikorone le Diteke tsa Silifera: “Diterene tsa Aforika Borwa”
f) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya Seteling ya Silifera: “Dibaka tse Tshireleditsweng Mawatleng a Aforika Borwa”
g) R200 ya Tjhelete ya Tshepe ya Sehopotso sa Kgauta: “Dilemo tse 20 tsa Demokrasi”
h) R2 ya Tjhelete ya Tshepe ya Sehopotso sa Korone: “Dilemo tse 20 tsa Demokrasi”
i) Ho Ntshuwa ha R5 ya Tshepe: “Dilemo tse 20 tsa Demokrasi”.
Meralo ya ditjhelete tsa tshepe le Tsebahatso ya tsona di tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso. Kamorao ho moo ditjhelete tsa tshepe di tla botjwa di be di rekiswe ka ho latela metjha e tlwaelehileng.
3. Dithonyo
3.1. Kabinete e ananetse ho thonngwa ha Mme Gugulethu Brightness Nokukhanya Khoza e le Molaodi wa Lekgotla la Bofofisi ba Difofane la Aforika Borwa.
3.2. Kabinete e ananetse dithonyo tse latelang Botong ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba (PIC):
a) Ntate Roshan Morar (o thontswe hape)
b) Ntate Sebenzile Patrick Mngconkola (o thontswe hape)
c) Mme Dudu Hlatshwayo
d) Mme Sibusisiwe Nkosinomusa Ngubane
e) Ntate Trueman Tandabantu Goba.

3.3. Kabinete e tsebile ka dithonyo tse latelang Botong ya Inshorense ya Mokitlane wa Diyantle ya Aforika Borwa:
a) Ntate Motshoanedi Johannes Lesejane (Modulasetulo mme o thontswe hape)
b) Mme Vuyelwa Viola Matsiliza (Balaodi bao e seng ba Phethahatso)
c) Mme Fagmeedah Petersen (Balaodi bao e seng ba Phethahatso)
d) Mme Siobhain O’Mahony (Balaodi bao e seng ba Phethahatso).

Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Issued by: Government Communications

Share this page

Similar categories to explore