Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 19 Hlakubele 2014

1. Diqeto tsa Kabinete mabapi le dintlha tsa ha jwale le diketsahalo tse tlang

1.1. Kabinete e amohetse ho tokollo ya Tlaleho ya Aforika Borwa ya Tjhebisiso ya Dilemo tse Mashome a Mabedi 1994–2014, ka Mopresidente Jacob Zuma e le sesupo sa kgatelopele eo Mmuso e se entseng ho netefatsa bophelo bo botle bakeng sa bohle.

Moyeng wa hore Tjhebisiso e na e hlomphe Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela, Phethahatso e kopa makala ohle a setjhaba ho sebetsana le tlaleho, ba be karolo ya diketekelo tsa Dilemo tse 20 tsa Tokoloho mme ba thuse ho bopa dipuisano tsa naha hodima boiphihlelo le diphephetso tsa rona.

Tjhebisiso e netefatsa kgatelopele eo re e entseng ho aha demokrasi ya molaotheo e se nang kgethollo ya mmala, kgethollo ya bong, e phetseng hantle hape e hlasimolohileng, e etsang Aforika Borwa naha e betere eo re ka phelang ho yona.

1.2. Kabinete e hopotsa makala ohle a setjhaba hore 2014 e reretswe letsholo la Dilemo tse 20 tsa Tokoloho.

Mmesa e tshwaya Kgwedi ya Tokoloho. MaAforika Borwa le balekane ba matjhaba le baamehi ba memelwa ho nka karolo ketekelong ya Kgwedi ya Tokoloho ka ho bolela pale tsa bona tsa hore na, ka ho sebetsa mmoho, re fetotse maphelo a maAforika Borwa jwang hore a be betere.

Ha re ya re lebileng diteishene tsa dikgetho ka la 7 Motsheanong 2014, ha re bontsheng hape hape hore re demokrasi e hlasimolohileng, e nang le tjantjello le kgotso.

Kabinete e kopa maAforika Borwa ohle hore ebe bankakarolo ba bonahalang dikgethong empa ba etse jwalo ka kgotso le mamello bakeng sa tokelo ya bakgethi bohle ba bang ya ho hlahisa maikutlo a bona setjhabeng le ho etsa kgetho ya bona sephiring sebakeng sa ho kgetha.

Ditsi tsa molao di tla be di sebeletsa ho sireletsa tokelo ena, ho netefatsa hore dibaka tsohle naheng di nka karolo tshebetsong ena ya demokrasi, e leng sephetho sa Toanelo ya rona ya tokoloho.

1.3. Jwalo ka karolo ya morero wa naha wa tlhahiso ya meaho ya Khomishene ya Mopresidente ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo, Kabinete e supisa naha dintshetsopele tse latelang tse ntle:

1.3.1. Letamo la De Hoop le Limpopo le tla bulwa ho ya mafelong a Hlakubele 2014. Lena ke letamo la bone ka boholo le kileng la ahwa kamora phumano ya demokrasi. Letamo le tla thusa ho ntshetsa moruo pele, ho theha mesebetsi le ho thusa phano ya ditshebeletso porofenseng le kantle ho yona.

Ke batho ba fetang 800 000 ba sebakeng sa Sekhukhune ba tla unang molemo ho tswa ho phepelo e ntlafetseng ya metsi a lapeng ha mesebetsi e metjha ya dimmaene le temo le yona e tla una molemo wa phepelo ya metsi.
Dimmasepala tse sebakeng sena, ka tshehetso ya mmuso wa naha le wa porofense, di tsetetse R3 bilione e eketsehileng ya meaho ho hlwekisa le ho fepela metsi ho basebedisi ba mahaeng le ba diteropo.

1.3.2. Kabinete e bontshitse kgotsofalo mabapi le tsebiso e rerilweng ya Morero wa Metsi wa Dithabeng tsa Lesotho wa Mokgahlelo wa II ka la 27 Hlakubele 2014. Projeke ke mohlala wa bohlokwa wa se ka fihlellwang ha dinaha tse mabapi di sebedisana mmoho ho fihlella sepheo se le seng. Ntshetsopele ya dihlahiswa tsa mahlakore a mabedi e etsa tlatsetso e kgolo ho kgotso le nala ya sebaka sa Aforika e Borwa le bophelo ba batho ba yona.

1.3.3. Kabinete e thabetse mehato ya ho ntlafatsa tshebetso ya diporo tsa Aforika Borwa, ha Transnet e fane ka konteraka ya R50 bilione bakeng sa kaho ya diterene tsa sejwalejwale hape tse hatetseng pele ka theknoloji.

Karolo ya Bonjineri ba Transnet tumellanong ena ke ho netefatsa hore lekala le fetolwa moetsi wa pele wa thepa wa lefatshe ha nako e ntse e ya. Tshebetso ena e reretswe ho fetola indasteri ya Aforika Borwa ya diporo ka ho hodisa dikgwebo tse teng tse nyenyane le ho theha tse ntjha.

1.4. Kabinete e amohela tsebiso ya lesiba la pele la MeerKAT ke Lefapha la Saense le Theknoloji ho setsi sa mantlha sa Square Kilometre Array (SKA) haufi le Carnarvon, ho la Kapa Leboya ka la 27 Hlakubele 2014.

MeerKAT, eo moetso wa yona boholo o radilweng le ho ahwa mona hae, e boetse e bontsha hore Aforika Borwa e ka hlodisana le ba tswang pele ha ho tluwa ho tsa dipatlisiso, boenjineri, saense le theknoloji. E tla etsa 25% ya
Mokgahlelo wa I wa SKA.

1.5.  Kabinete e fane ka matshediso ho malapa le metswalle ya ba lahlehetsweng ke maphelo ka lebaka la dipula tse sa tswa feta tse boima. Kabinete e netefaletsa maAforika Borwa hore Setsi sa Naha sa Tsamaiso ya Dikoduwa – le sebopeho sa Naha sa Kopanelo sa Tshebetso le Mahlale – di tla tswelapele ka mesebetsi ya ho batla le ho pholosa le ya thuso ya botho. Kabinete e leboha ho kena dipakeng ha mabotho a tshireletso ho thusa mesebetsing ya pholoso.

MaAforika Borwa ohle, haholo ditjhaba tse dulang dibakeng tsa dikgohola, ba kgothaletswa ho ba sedi dinakong tsa maemo a mabe haholo a maemo a lehodimo. Batswadi le bahlokomedi ba lokela ho ba sedi ho netefatsa polokeho ya bana. Ho feta moo, bakganni le batho ba tsamayang ka maoto ba lokela ho dula ba le sedi ha ba sebedisa mebila ha pula e nele.

1.6. Kabinete e leboha setjhaba bakeng sa karolo eo ba e bapetseng ho fokotsa kgatello ho keriti ya naha ya motlakase kgweding e fetileng.

Bareki ka bo mong le dikhamphi ba kgothaletswa ho tswelapele ho sebedisa motlakase ka hloko le ho boloka motlakase hohle moo ho kgonahalang, haholoholo maemong a hajwale a bolepi.

1.7. Aforika Borwa e tla be e le teng ho Kopano ya Bone ya Mekgatlo ya Yuropa (EU)-Africa e etsahalang Brussels, Belgium ka la 2 le la 3 Mmesa 2014. Mookotaba wa Kopano ke “Ho tsetela ho Batho, Nala le Kgotso.”

Kopano e tla shebana le thuto le thupello, basadi le batjha, hammoho le phallo ya matswantle a molaong le a seng molaong pakeng tsa dikontinente tsena tse pedi.

1.8. Ka la 24 Hlakubele 2014, e tla be e le kgopolo ya selemo ya Letsatsi la Lefatshe la Lefuba (TB). Kabinete e lakatsa ho kgothaletsa maAforika Borwa ho sebetsa mmoho le Mmuso ho lwantsha sewa sena.

Sewa sa TB ha se a mpefala Aforika Borwa feela empa le Sebakeng sohle sa Sub-Sahara. Diketso tsa Mmuso tsa ho kenya tshebetsong kalafo e kgolo ho fetisisa lefatsheng ya HIV le AIDS le lenaneo la thibelo di fokoditse leqhubu la TB.

Mananeo a Mmuso a ho lwantsha TB a boetse a kenyelleditse ho batla dikgetsi ka matla le tshalomorao, le tshebediso ya theknoloji ya GeneXpert ho potlakisa phumano ya TB. Re motlotlo ka taba ya hore Aforika Borwa ke moetapele Lefatsheng ka ditsi tsa bophelo bo botle tse nang le theknoloji ya GeneXpert.

Kabinete e amohela Kopano e tlang ya Matona e mabapi le Kgobokanyo ya Karabelo ya Lebatowa ho TB Lekaleng la Dimmaeno Aforika e ka Borwa. Kopano ena e tla tshwarelwa Setsing sa Dikopano sa Sandton ka la 25 Hlakubele 2014 e tla kopanya bankakarolo mebusong ya Lebatowa, Lekaleng la Dimmaene Aforika Borwa, Lekala le hlophisitsweng la Mesebetsi, Balekane ba Ntshetsopele le Setjhaba.

1.9. Kabinete e lebohisitse bahlodisani le baamohedi bohle ba Dikgau tsa Bobedi tsa Selemo tsa Kgwebo tsa Aforika Borwa.
Dikgau tsena di ananela tshebetso ya dikgwebo mekgahlelong e fapaneng mme di fanwe moketeng oo ho ona Mopresidente Jacob Zuma a bileng teng.

Hara baamohedi ba lebohisitsweng ke Kabinete ke Monghadi Sam Motsuenyane ya fumaneng Kgau e mo tshwanetseng ya Boiphihlelo ba Bophelo Bohle.

1.10. Kabinete e lemohile tlaleho ya forensiki e batlilweng ke Lefapha la Naha la Ditjhelete ka Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho. Sena se latela kgothaletso e entsweng ho tlaleho ya Mosireletsi wa Sejthaba. E file Letona la Merero ya Lehae hore a latele taba ena mme a eletse Kabinete.

1.11. Kabinete e tshwela ka mathe maqunwane a tswelang pele ho la Kapa Bophirima, bo tsamaellanang le ditlhaselo tse soto hape tse mpe setjhabeng haholo baneng. Sena se ka se mamellwe kaha se phephetsa dikgatelopele tse re di entseng demokrasing ya rona. Kabinete e ananela mosebetsi wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa ho lwantsheng maqunwane mme e kopa ditjhaba tse amehang ho sebetsa le sepolesa ho sireletsa setjhaba ho sewa sena.

1.12. Kabinete e isa kutlwelobohloko le matshediso ho lelapa le metswalle ya Mofumahadi Martha Mahlangu eo e neng e le mme wa lesole la MK la mehleng Solomon Mahlangu. Mofumahadi Mahlangu o tla bolokwa ka Moqebelo wa la 22 Hlakubele 2014. Motseteropo wa Tshwane o tlo fa Mofumahadi Mahlangu lepato la setjhaba mme difolakga di tla fofela fatshe ho mo tlotla.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e amohetse tlaleho ka Mohala wa Bopresidente mabapi le dilemo tse nne tseo esale e sebetsa ka tsona. Tharollo ya kgetsi, tshebetso e ntlafetse selemo le selemo ka tsela ena; 64.03% selemo sa pele; 77.79% ka selemo sa bobedi; 87.46% ka selemo sa boraro mme hajwale e ho 94.7%.  Ka dilemo tse nne, palo e kopaneng ya ditletlebo le dipotso tse keneng e nyolohile ho tloha ho 75 873 selemong sa pele ho ya ho 183 445 selemong sa bone.

Kabinete e kopa mafapha le diprofense ho tswelapele ho ntlafatsa boleng le potlako ya patlisiso ya ditletlebo kaha kgotsofalo ya baahi e le bohlokwa bakeng sa serit sa Mohala wa Bopresidente.

2.2. Kabinete e amohetse Morero wa bo 6 wa Selemo o Iphetang wa Pholisi ya Leano la Tshebetso ya Indasteri (IPAP) 2014/15-2016/17 bakeng sa ho kengwa tshebetsong.
Sepheo sa mantlha sa IPAP ke ho thibela ho wa ha indasteri le ho tshehetsa kgolo le phapano ya lekala la tlhahiso la Aforika Borwa. Letona la Kgwebo le Indasteri le tla bua le boraditaba ha IPAP e tsebiswa kgweding e tlang.

2.3. Kabinete e amohetse katamelo ho ho fellwa ke nako ya mangolo a tumello a fanweng tlasa morero wa Kemo e Kgethehileng bakeng sa maZimbabwe (DZP). Batshwari ba mangolo a tumello ba tla lebellwa hore ba etse dikopo hape bakeng sa mangolo a bona a tumello naheng eo ba hlahang ho yona. Letona la Merero ya Lehae mo nakong e tlang o tla fana ka tlhakiso e eketsehileng ka tshebetso e tla latelwa le mohla wa qalo.

2.4. Kabinete e amohetse hore dikeno dipakeng tsa Karolo ya 100 (1) (b) tse Limpopo di dule di le teng, ho dumella tjhebisiso ka Phupu 2014 kamora hore tsamaiso e ntjha e kene tshebetsong. Sena se tla netefatsa ntshetsopele ya dikeno dipakeng ho shebana le mathata a ntseng a le teng. Sena se tla netefatsa hore dintlafatso maemong a ditjhelete a profense le phano ya ditshebeletso ho ditshebeletso tsa setjhaba le makaleng a mang di dula di le teng.

2.5. Kabinete e amohetse Tjhebisiso ya Aforika Borwa ya Tshireletso 2014, mme ya laela hore e hlahiswe Palamenteng. Tjhebisiso e fana ka pholisi ya tshireletso ya nako e telele le morero wa Tshireletso o tla latelwa ke naha dinakong tse nne tse tlang tsa Thero ya Nako ya Bohareng ya Moralo. Tokomane e tla arolelanwa le setjhaba, kaha se nkile karolo dipuisanong tsa setjhaba tse neng di tshwerwe naheng ka bophara selemong se fetileng.

2.6. Kabinete e amohetse hore Tlaleho ya Pholisi ya Komiti ya Matona ya Tlhakiso e hatiswe Koranteng ya Mmuso hore sejthaba se fane ka maikutlo.

Tlaleho e manolla mokgwatshebetso wa thuto ya kamora sekolo le thupello maemong a yona a botjhaba le moruo. E fana ka dikgothaletso ho Letona la Thuto le Thupello e Phahameng mabapi le ho tlosa dithibelo tse sa hlokahaleng le diqwebeshellano tse sitisang kapa di diehisa kgatelopele ya baithuti.

Pholisi ya tlhakiso e bua ka kgokahanyo e hlophisitsweng ya ditsi tsa thuto, mananeo le mangolo hore baithuti ba kgone ho latela ditsela tse ba di kgethileng tsa thuro ka mokgwa o sebetsang.

2.7. Kabinete e amohetse hore Tlaleho ho tswa ho Sehlopha sa Tshebetso sa Matona sa Mananeo a Motheo a Mmetse le Saense e hatiswe Koranteng ya Mmuso hore sejthaba se fane ka maikutlo.

Sehlopha sa Tshebetso sa Matona se laetswe hore se hlahise Lenaneo la Setekgeniki sa Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Matsoho o thehilweng Koletjheng ya Mmetse le Saense.

Sena se tla thusa ho eketsa palo ya baithuti ba kenang yunivesithi ba Saense le Mmetse hape e ntlafatse bokgoni ba boiqapelo jwalo ka ha ho hatelletswe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha.

Lenaneo le shebane le ba batlang ho kena lekalaneng la Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa matsoho ya Setekgeniki, ba seng ba le dikoletjheng tsa thuto le thupello ya mosebetsi wa matsoho wa setekgeniki ba batlang ho tswelapele mme ba kene diyunivesithing, hammoho le baithuti ba Kereiti ya 12 ba batlang ho kena diyunivesithing feela ba sa kgotsofatse ditlhoko tsa Mmetse le Saense ya Ketso.

2.8. Kabinete e amohetse hore diphetho tsa patlisiso ya 2012/13 ya tjhelete ya setjhaba bakeng sa mesebetsi ya saense le theknoloji di hatiswe.
Makala a Naha a tsetetse tjhelete e kalo ka R29.4 bilione mesebetsing ya saense le theknoloji ka 2012/13, e emetseng 3% ya phano ya bajete ya mmuso wa naha kaofela. Hona ke ntlafalo ho tloha ho palohare ya dilemo tse nne ya 2.9% pakeng tsa 2008/09 ho isa 2011/12.

Ho boetse ho bonahetse hore mmuso o fana ka tjhelete bakeng sa boholo ba dipatlisiso tsa saense tse etsahalang Aforika Borwa, le hore boholo ba kenyo-tshebetso bo etsahala kantle ho makala a naha, e leng dikhanseleng tsa saense le ditsing tsa thuto e phahameng.

2.9. Kabinete e bolelletswe ka tekolo ya Lekala la Tekolo ya Tshebetso le Tjhebisiso ya ‘Kameho ya Tsebiso ya Kereite ya 1 ho Diphetho tsa ho Ithuta.’
Tsetelo ya kapele ho kgolo le ntshetsopele ya bana ba banyane ho na le kgonahalo ya hore e tla fokotsa tlhokeho ya tekatekano mme e phahamise tlhahiso, haholo baneng ba banyane ba sotlehileng.

Kabinete e amohela boiphihlello bo boholo katolosong e kgolohadi ya Kereiti ya R e hlokang ho fihlella pheletso ya bokgoni ba yona hore e tle e be le kutlwahalo e kgolo hodima tshebetso e latelang ya thuto.

2.10. Kabinete e bolelletswe ka diphetho ho tswa ho Lenaneo La Tekolo la Phano ya Ditshebeletso tsa Moleng o ka Pele bakeng sa 2013.
Kabinete e lebohisa mme e kgothatswa ke ntlafalo ho tswa ho makala a naha, a tsamaiso ya ona ya merero le tsamaiso ya tshebetso ya boemo ba ditsi.

Diphetho tsa ditsi tse 186 (tse loketsweng lekgetlo la pele) diprofenseng tsohle nakong ya 2013 di bontsha hore maemo a mahareng bakeng sa kalafo e hlomphehang, sebaka le ho fihlelleha le dinako tsa ho bula le ho kwala di kadilwe hantle ke baahi le balekodi.

Dibaka tsa tshebetso tse hlokang mosebetsi ke; tsamaiso ya ditletlebo, ponahalo le matshwao, taolo ya mela le dinako tsa ho ema le polokeho.

Diphetho tsa ditsi tse 77 tse shebilweng hape ho lekola dintlafalo le tsona di bontshitse maemo a palohare a ntlafetseng, a bontshang matshwao a matle ho laoleng tshebetso ya ditsi jwalo ka maikemisetso a morero.

2.11. Kabinete a amohetse ho tshwarwa ha Kopano e sa Tlwaelehang ya Matona a Ntshetsopele ya Setjhaba sa Aforika e Borwa (SADC) a ikarabellang bakeng sa ICT, Dikgohanyo le Ditshebeletso tsa Poso ho tloha la 23 ho isa la 25 Hlakubele 2014, ho la Johannesburg.

3. Dithonyo
Kabinete e amohetse dithonyo tse latelang mesebetsing:

3.1. Mofumadi Elaine Alexander jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo Ntshetsopele ya Moruo, Kgwebo le Mebaraka Lefapheng la Temo, Meru le tsa Dihlapi.

3.2. Mofumadi Nkidi Dinah Mohoboko jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo Sekolo sa Thuto Lefapheng la Merero ya Lehae.

3.3. Monghadi Sam Themba Mtshisa jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Ditshebeletso tsa Koporasi Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba.

3.4. Mofumadi Malijeng Theresa Ngqaleni jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Dikamano tsa Mebuso Lefapheng la Naha la Ditjhelete.

3.5. Monghadi Michael Sass jwalo ka Radipalo ya Akaretsetsang Lefapheng la Naha la Ditjhelete.

3.6. Mongahadi Justice Mathonsi jwalo ka Ofisiri ya Sehlooho ya Tshebetso Posong ya Aforika Borwa.

3.7. Ditho tseo Eseng tsa Phethahatso ho Setsi sa Dipalangwang sa Mmila ya Madiboho:
a) Mofumahadi Pam Edith Pokane (Modulasetulo);
b) Mongahadi Reuben Abel Dlamini;
c) Mongahadi Gordon Noah;
d) Mongahadi Moses Cyril Tiel Scott;
e) Mongahadi Wayne Smith;
f) Mofumahadi Maleho Margaret Nkomo (thonyo hape jwalo ka Motlatsi wa Modulasetulo); le
g) Mofumahadi Nala Mhlongo (thonyo hape).

3.8. Mongahadi Mahesh Fakir jwalo ka Ofisiri ya Phethahatso ya Sehlooho ya Molaodi wa Diemakepe.

3.9. Ditho tseo Eseng tsa Phethahatso ho Boto ya Botsamaisi ya Khamphani ya Koporasi ya Dibetsa ya Aforika Borwa:
a) Moadmirale (ya beileng meja fatshe) Refiloe Johannes Mudimu (Modulasetulo);
b) Mofumahadi Thuthukile Skweyiya (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Ngaka Moses Khanyile;
d) Monghadi Bethuel Motshwariseng Fantas Mobu;
e) Moadvokheiti Sesi Baloyi;
f) Mofumahadi Mpumi Zikalala;
g) Monghadi Ndumiso M Tyibilika;
h) Monghadi Raymond Mlungwana Vokwana; le
i) Moadvokheiti Virginia Lee Anne De La Hunt.

Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore