Puo ya Boemo ba Naha ka Mobabatsehi Jacob G Zuma, Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa moketjaneng wa Seboka sa Kopanelo sa Palamente, Motse Kapa

14 Feb 2013

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang wa Seboka sa Naha,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP);
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP;
Motlatsi wa Mopresidente wa Rephaboliki, Mohlomphehi Kgalema Motlanthe;
Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki le Mofumahadi Mbeki,
Mopresidente wa mehleng De Klerk le Mofumahadi De Klerk,
Batlatsa Bapresidente ba mehleng Bomme Phumzile Mlambo-Ngcuka le Baleka Mbete,
Moahlodi e Moholo ya Hlomphehang wa Rephaboliki, le ditho tsohle tse hlomphehang tsa Boahlodi;
Mohlomphehi Peeroo, modulasetulo wa Foramo ya Dipalamente tsa Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Setjhaba sa Aforika e ka Borwa,
Matona le Batlatsi ba Matona ba Hlomphehang,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Hlomphehang ba Diporofense tsa rona;
Modulasetulo wa Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae wa Afrika Borwa, le boetapele bohle ba mebuso ya lehae;
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso;
Dihloho tsa Ditheo tsa Puso tse Tshehetsang Molaotheo wa Demokerasi;
Mmusisi wa Banka ya Risefe; Mme Gill Marcus,
Motlatsi wa Modulasetulo wa Khomishene ya Merero ya Setjhaba (NPC) ebile e le Motlatsi wa Mopresidente wa ANC, Monghadi Cyril Ramaphosa le Bahlanka bohle ba ANC,
Baetapele ba kgwebo, dipapadi, setso, bodumedi le makala ohle,
Ditho tsa setlamo sa bodiplomate, baeti ba bohlokwa le ba Kgethehileng,
Ditho tse hlomphehang,
MaAforika Borwa a heso,
Madume ho lona bohle phirimaneng ena, sanibonani nonke, molweni, dumelang.

E re ke lebohe Batsamaisi ka ho mpha monyetla ona wa ho abelana le Palamente ya kopanelo lenaneo la rona la tshebetso la 2013.

Re hoa madume ho bohle ba bohetseng kgaso ena ba le malapeng a bona esita le ditsing tsa ho boha tsa Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso naha ka bophara, ho akga le tseo tse Khayelitsha, Nyanga le Gugulethu kwano Motse Kapa.

E re ke boele ke fetise diteboho ho bohle ba kentseng letsoho ditlhophisong tsa puo ena. Ke amohetse melaetsa e mmalwa ka imeile, twitter le Facebook.

Ke ile ka boela ka dula nakwana le baithuti ba Kereiti ya 12 ba neng ba hlahisa maikutlo a bona ka dikateng tse tshwanelang ho ba teng puong ena. Ke fumane ditshwaelo tsa bona di fupere tsebo di bile di matlafatsa.

Ditho tse hlomphehang,

Baheso le metswalle,

Mohla la 15 Phato ngwahola, NPC e ile ya nehelana ka Morero wa Ntshetsopele ya Setjhaba (NDP), e leng tjhebelopele ya naha ya dilemo tse 20 tse tlang, ho Mopresidente hona ntlong ena e kgabane.

NDP e fupere ditshisinyo tsa ho futuhela mathata a bofuma, ho se lekane le bosiyo ba mesebetsi.

Ke moralo o batsi o lebisang ho Aforika Borwa eo bohle ba tla ba le metsi, motlakase, tsamaiso ya dikgwerekgwere, mesebetsi, matlo, dipalangwang tsa setjhaba, phepo e lekaneng, thuto, tshireletso ya setjhaba, tlhokomelo ya bophelo bo botle ya boleng, boikgathollo le tikoloho e hlwekileng.

Phihlello ya maikemisetso ana e bonahetse e le boima nakong e sa tswa feta ka lebaka la putlamo ya moruo wa lefatshe.

Koduwa ya Eurozone e ama moruo wa rona jwaloka Eurozone e le balekane ba rona ba ka sehloohong ba kgwebisano, ba ikarabella diphesenteng tse ka bang 21 tsa diyantle tsa rona.

Kgolo ya Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha ya rona e lebelletswe ho ka ba diphesente tse ka bang 2.5, katlasenyana ho tswa ho diphesente tse ka bang 3.1 ya ngwahola. Re hloka sekgahla sa kgolo se ka fihlellang diphesenteng tse hlano hore re thee mesebetsi e mengatanyana.

NDP e rala mehato ya ho lokisa e ka beang moruo boemong bo botle. Pehelo ya tlhahiso ya mesebetsi e beilwe dimiliyoneng tse 11 ka 2030, mme moruo o hloka ho hola ka ho menahaneng hararo ho thea mesebetsi e labalabelwang.

Kopanong ya ka ya ho qetela le moifo wa kgwebo, lekala le ile la bontsha hore re tlameha ho tlosa ditshita tse itseng hore moruo o tle o hole ka ho menahaneng hararo.

Re tla dula majwana le ba kgwebo, basebetsi le balekane ba bang ba rona ho leka ho fumana ditharollo. Ha ho lebotho le le leng le sebetsang le le leng, le ka fihlellang dipehelo tseo re ipehetseng tsona.

Ditho tse hlomphehang,

Jwale ke batla ho beha ka kgatelopele e entsweng haesale ho tloha ka Puo ya Maemo a Setjhaba ya ho qetella, ke boele ke bue ka lenaneo la rona la tshebetso la 2013.

Ke tla sheba dintho tse hlano tse ka sehloohong – thuto, bophelo bo botle, twantsho ya ditlolo tsa molao, ho thea mesebetsi e metle esita le ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le tlhabollo ya naha.

Ngwahola ke buile le setjhaba ka merero ya mmuso ya meralo ya motheo.

Mafelong a Hlakubele monongwaha, ha re bala ho tloha ka 2009, mmuso o tla be o sebedisitse 860 biliyone ya diranta meralong ya motheo. Diprojeke tse fapafapaneng di ntse di kenngwa tshebetsong naha ka bophara. Ke tla bua ka tse mmalwa.

Kaho ya mokgahlelo wa pele wa Keketso ya Metsi a Noka ya Mokolo le ya Mokgalakwena e se e qadile mme e tla fana ka karolo ya metsi a hlokehang a diteishene tsa motlakase tsa Matimba le Medupi.

Kaho ya mokgwa o moholohadi wa tsamaiso ya metsi bakeng sa Letamo la De Hoop, e qadile ka Mphalane 2012 ho fepela metsi bomasepaleng ba Baholo ba setereke sa Sekhukhune, Waterberg le Capricorn.

Re tshwanela ho tlsosa ho tsamaiswa ha mashala mebileng ho ya seporong, Mpumalanga, ka sepheo sa ho sireletsa mebila ya diporofense. Kahoo kaho ya Seporo sa Majuba sa tsamaiso ya mashala e tla qala haufinyane.

Re boetse re ikitlaeditse ho ntlafatsa tsamaiso ya thepa le ho kopanngwa ha moruo ka tsela ya Seporo ya thepa ya diindaseteri ya Durban-Foreisetata-Gauteng.

Ntlheng ena, mosebetsi o moholo wa ho aha theminale ya City Deep e Gauteng jwale o se o le motjheng.

Mosebetsi wa sethatho o se o qadile katolosong ya Pier 2 Boemakepeng ba Durban.

Ntlha ya boraro, naha se e rekilwe bakeng sa kaho ya boemakepe bo botjha boemafofaneng ba Kgale ba Durban.

Kwana Kapa Botjhabela, ke butse semmuso boemakepe ba Ngqura mme kaho e se e le motjheng bakeng sa ho ntshetsapele setsi se setjha se ka sehloohong sa tsamaiso ya thepa.

Letamo la Umzimvubu le bohlokwa haholo bakeng sa maphelo dibakeng tsa mahaeng. Mosebetsi wa ditlhophiso o se o qadile bakeng sa kaho e tla qala isao.

Ntlafatso ya lepatlelo le theminale tsa boemafofane ba Mthatha le kaho ya Mmila wa Letlotlo la kgosi Dalibhunga Mandela di motjheng mothating wa jwale.

Ke kopile hore mosebetsi wa Leboya Bophirima o potlakiswe haholwanyane ka lebaka la ditshallomorao tse kgolo porofenseng eo, haholoholo motlakase, dikolo, ditleliniki, mebila le metsi dilemong tse pedi tse tlang.

Ho ntlafatsa tsamaiso ya tshepe le ho bula lebopo le ka bophirimela ba naha, re atolotse bokgoni ba seporo ka phano ya diterene tse 11.

Mokgahlelo wa pele wa katoloso – ho eketsa bokgoni ba boemakepe ba tshepe Saldanha ho ya fihla ho ditone tse 60 miliyone ka selemo – o ile wa phethelwa semmuso ka Loetse ngwahola.

Mosebetsi wa kaho o tswelapele ditoropong tse hlano tse kgolo - Motse Kapa, Nelson Mandela Bay, Rustenburg, eThekwini le Tshwane ho kopanya mefuta e fapaneng ya dipalangwang – bese, tekesi le terene.

Lekaleng la eneji, re se re adile dithapo tsa phepelo ya motlakase tsa bolelele ba dikilomitara tse 675 ho hokela ditsi tsa moruo tse holang ka potlako esita le ho tlisa dithapo tsa motlakase dibakeng tsa mahaeng.

Ho feta moo, mmuso o tekenne dikonteraka tsa tjhelete e fihlellang ho R47 biliyone lenaneong la eneji e ntjhafatswang.

Sena se akaretsa diprojeke tse 28 tsa ditheknoloji tse sebedisang matla a moya, matla a letsatsi le tse nyenyane tsa matla a metsi, tse tla ahwa Kapa Botjhabela, Kapa Bophirima le Foreisetata.

Ngwahola re theile letlole la naha la tshireletso ya tikoloho la diranta tse dimiliyone tse 800. Ho fihlela mothating wa jwale, ke matsete a fetang diranta tse dimiliyone tse 400 a diprojeke tsa moruo o sireletsang tikoloho e seng e ananetswe bakeng sa bomasepala, ditheo tse ding tsa mmuso, mekgatlo ya setjhaba le lekala la poraefete diporofenseng tsohle.

Re se re boetse re neane ka dikisara tsa metsi tse sebetsang ka matla a letsatsi tse 315 000 ka Pherekgong monongwaha, bongata ba tsona di filwe malapa a futsanehileng, bongata ba wona a ne a e so ka a e ba le metsi a futhumetseng a phallang.

Re fumane dikatleho tse ngata ka katoloso ya ditshebeletso tsa mantlha ka lenaneo la meralo ya motheo. Malapa a ka bang 200 000 a hoketswe marangranng a motlakase ka 2012.

Le tla hopola le hore Palabatho ya 2011 e ile ya hlahisa dikatleho katolosong ya ditshebeletso tsa mantlha. Pehelo e re lenane la malapa a nang le motlakase jwale ke dimiliyone tse 12.1, e leng se hlalosehang ka hore ke diphesente tse 85. Malapa a robong ho a 10 a na le metsi.

Ho hlophisetsa moruo o tswetseng pele oo re batlang ho o aha, re tla atolla marangrang a maqhubu a dikgokahanyo.

Ngwahola lekala la poraefete le mmuso, ba kentse dikheibole tse ntjha tse ka etsang dikilometara tse 7000. Morero ke ho fihlella diphesente tse 100 tsa tshebediso ya maqhubu a dikgokahanyo inthaneteng ka ngwaha wa 2020.

Mabapi le meralo ya motheo ya setjhaba, palo yohle ya dikolo tse ntjha tse 98 di tla be di ahilwe mafelong a Hlakubele, moo tse 40 tsa tsona di leng Kapa Botjhabela ho fedisa dikolo tse ahilwe ka mobu.

Kaho e lebelletswe ho qala ka Loetse ditsheng tse pedi tsa diyunivesithi tse ntjha Kapa Leboya le Mpumalanga.

Bekeng e fetileng re phatlaladitse Bili ya Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo, hore setjhaba se tshwaele.

Re tsetolla bonyofonyofo, manyampetla a dithendara le bolotsana ba sekepele sa ditheko lenaneong la meralo ya motheo.

Mmuso o bokelletse moqeqeko wa difaele tse fupereng lesedi le mabapi le boitshwaro bo sa amohelehang ba dikhamphane tse kgolo tsa kaho.

Jwale tsena di se di tla latela metjha ya semmuso ya khomishene ya tlhodisano le diakgente tse ding tse qobellang tshebetso ya molao.

Lenaneo la ntshetsopele ya meralo ya motheo e bile mohlodi wa bohlokwa wa boithuto mmusong. Selemong se hodimo re tla potlakisa diprojeke tse ngata tseo PICC e tsebisitseng ka tsona.

Boithuto ke ba hore re tlameha ho hlophisa ka bokgabane, re kopanye re be re tsepamisa maikutlo ho kenngweng tshebetsong ha diprojeke.

Ditho tse hlomphehang,

Dilemo tse pedi tse fetileng di bontshitse hore moo mmuso o kenang dipakeng ka sekgahla kgafetsa, o ka fetola maemo a diindasteri tse tobaneng le mathata a kantle kapa kahare jwaloka ha ho ile ha etsahala lekaleng la rona la tlhahiso.

Re bone tsosoloso ya tlhahiso ya diterene le dibese Aforika Borwa, haholoholo ka lebaka la letsholo la phumantsho ya kahare ho naha.

Mokgatlo wa Bapalami ba Diterene wa Aforika Borwa le Transnet di ikitlaelleditse ho sebedisa makgolokgolo a dibiliyone tsa diranta ntlafatsong ya marangrang a diterene tsa baeti le tse tsamaisang thepa.

Indasteri ya diaparo, malapi le dieta e tsitsitse kamora dilemo tse 15 tsa ho fokotsa basebetsi ka hanyane. Sekema sa tshehetso ya diaparo se fana ka tshehetso e batsi ya ditjhelete, mme se boloka difeme tse ngatanyana le mesebetsi.

Phetohong e kgolo e batsi ya moruo, Molao o lekotsweng botjha wa Motheo o Batsi wa Matlafatso ya ba Batsho Moruong mmoho le melawana di a phethelwa. Ntshetsopele ya dikgwebo tseo e leng tsa ba batsho le diindasteri tsa ba batsho di tla bewa ka sehloohong.

Mmuso o na le mananeo a mangatanyana a ho tshehetsa dikgwebo tse nyenyane. Ha jwale projeke ya bohlokwa Kantorong ya Mopresidente ke ho qobella mafapha a mmuso hore a lefe Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Kgolo nakong ya matsatsi a 30.

Mafapha a lebelletswe hore a tlise dipehelo tsa kgwedi le kgwedi ho etsetsa hore re kgone ho disa kgatelopele ntlheng ena.

Re nkile qeto ya hore bahlanka ba ikarabellang ba hlolehang ho phetha taelo ena ba nkelwe dikgato.

Puo ya Maemo a Setjhaba ya 2010, ke ile ka tsebisa ka letlole la Mesebetsi, mme dibiliyone tse tharo tsa diranta di se di ananetswe bakeng sa diprojeke tse tla thea mesebetsi.

Ditho tse hlomphehang,

Kahodimonyana ho karolo ya boraro ya setjhaba, ke batho ba katlase ho dilemo tse 15. Naha ya rona, jwaloka tse ding tse ngata, e na le koduwa ya kgaello ya mesebetsi batjheng.

Ka Motsheanong o fetileng ke kopile mabatowa a Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Mesebetsi ho tshohla taba ya ditsiane tsa mesebetsi ya batjha. Ke motlotlo ka hore dipuisano tseo di phethetswe mme ho fihletswe tumellano mekgwatsamaisong ya bohlokwa. Mekgatlo e tla tekena Selekane hamorao kgweding ena.

Ditsiane di tla eketsa ho seo mmuso o seng o se etsa ho matlafatsa batjha.

Dikhamphane tseo e leng tsa Mmuso di fana ka mesebetsi ya nakwana ya boithuto le thupelo ya boithuto mme re a kopa hore sena se mpe se eketswe. Re ipiletsa lekaleng la poraefete hore le kwenye ba 11 000 ba phethetseng dithuto tsa bona tsa Thuto le Thupello tse Tswellang ba ntseng ba emetse ho kenngwa mesebetsing.

Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha le tshwarane le tsamaiso ya Dihlopha tsa Naha tsa Tshebeletso ya Batjha ba Mahaeng, tse amohetseng batjha ba 11 740 mananeong a fapaneng a thupelo.

Lefapha le boetse le morerong wa ho thea Ditsi tsa Batjha ba Mahaeng porofenseng ka nngwe, ho akga le diterekeng tse 23 tse futsanehileng ka ho fetisisa naheng.

Re tla boela re sebedisa Lenaneo la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba le Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba ho amohela batjha.

Ha re sebetsa mmoho re tla fumana tharollo ya kgaelo ya mesebetsi batjheng.

Ditho tse hlomphehang,

Re hlwaile bohahlaudi e le enngwe ya dintho tsa rona tsa bohlokwa tsa ho hlahisa mesebetsi.

Ho fihla ha bahahlaudi ho eketsehile ka diphesente tse 10.7 tse kgahlang dipakeng tsa Pherekgong le Loetse 2012, mme di kahodimo ho tsa lefatshe lohle tse hotseng ka diphesente tse 4 ngwahola.

Ka lehlakoreng le leng, yona katleho eo ya matsapa a Aforika Borwa a naha a poloko ya diphoofolo ka ditshukudu tse fetang diphesente tse 73 tsa lefatshe tse bolokilweng kwano, e bakile hore naha ya rona e be lehlatsipa le nanarelwang ke maqulwana a matjhabatjhaba a botsomi bo seng molaong.

Re sebetsa le dinaha tse amohelang di bile di fetisa thepa ena tse kang Vietnam, Thailand le China mme re matlafatsa matsapa a rona a ho fedisa sewa sena se ntseng se ja setsi.

Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang

Modulasetulo ya hlomphehang,

Merafo, eo ho ya ka nalane e leng mokolla wa moruo, e ile ya tobana le mathata dikgweding tse sa tswa feta.

Ngwahola lekala le ile la thefulwa ke diteraeke tse nang le merusu le koduwa ya Marikana, moo batho ba fetang 44 ba ileng ba bolauwa. 

Re theile Komiti ya Kopanelo ya Matona e bopilweng ke Matona a maholo a kabinete, ho thusa malapa nakong eo ya mahlonoko. Khomishene ya Ditshebeletso tsa Molao e etelletsweng pele ke Moahlodi Judge Ian Farlam e tswelapele ka mosebetsi wa yona.

Re ile ra kgona ho kgutlisa botsitso sebakeng seo ka ho sebedisana mmoho.

Mmuso, basebetsi ka sebopeho sa COSATU, NACTU le FEDUSA, Kopano ya Kgwebo ya Aforika Borwa, Lekgotla la Kgwebo ya Batsho le lekala la setjhaba, di ile tsa teana ka Mphalane tsa ba tsa fihlella tumellano e ileng ya rala motheo wa ho kgutlela mesebetsing indastering yohle ya merafo.

Haholoholo, re dumellane ka ho sebetsa mmoho ho matlafatsa ditherisano tsa meputso tse kopanetsweng; ho rarolla mathata a matlo ditoropong tse nang le merafo; ho tshehetsa Lenaneo la Naha la Meralo ya Motheo; ho rarolla bothata ba tlhokeho ya mesebetsi batjheng; esita le ho hlwaya mehato ya ho fokotsa ho se lekane.

Mosebetsi o se o le motjheng mme setlamo se tla beha haufinyane ka merero e totobetseng bakeng sa Rustenburg, Lephalale, Emalahleni, West Rand, Welkom, Klerksdorp, Burgersfort/Steelport, Carletonville le Madibeng.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, ke bile le kopano le Mohlomphehi John Parker Pretoria, modulasetulo wa Anglo-American Plc ho tshohla merero e behilweng ya ho hlophisa botjha esita le ho heletsa basebetsi ba 14 000 ba Anglo American Platinum.

Baheso,

Ditho tse hlomphehang,

Re kgolwa hore boemong ba leano re kgonne ho tlisa tiiso lekaleng la merafo. Ngangisano ya kgapo ya merafo hore e be ya mmuso e ile ya qetwa ka Tshitwe sebokeng sa naha sa mokga o busang.

Ho netefatsa hore ditshebeletso tsa setjhaba tseo re di abelang batho kajeno di ka tswelapele ho fuwa batho kamoso, ho hloka hore re be le maano a tshwanelehileng a lekgetho a ho thea pokello e lekaneng ya tjhelete ya lekgetho ho lefella ditshebeletso tsena.

Nako le nako, re entse diphuputso ka maano a rona a lekgetho, ho sekaseka boemo ba hore na a fihlella ditlhoko tsa taolo ya tjhelete ya setjhaba.

Hamorao monongwaha, Letona la Ditjhelete le tla laela hore ho etswe diphuputso ka maano a lekgetho a renang, ho netefatsa hore re na le motheo o nepahetseng wa pokello ya tjhelete ya lekgetho ho tshehetsa ditshebeletso tsa setjhaba.

Karolo ya diphuputso tsena e tla hlahloba bolaodi bo renang ba ditefo tsa beng ba diabo ba merafo, mabapi le bokgoni ba bona ba ho sebeletsa setjhaba sa rona ka bokgabane.

Ditho tse hlomphehang,

Baeti ba hlomphehang

Puong ya ngwahola re hlahisitse taba ya sekgeo mebarakeng, sa batho ba amohelang tjhelete e ngata haholo bakeng sa hore ba fumane ntlo ya RDP, ha ka lehlakoreng le leng e le nyane haholo bakeng sa hore ba fumane kadimo ya tjhelete bankeng ya ho reka ntlo.

Ho tloha ka Mmesa ho ya ho Tshitwe 2012, Mafapha a Diporofense a itlamme ka tekanyetso ya diranta tse dimiliyone tse 126 tsa Thuso ya Ditjhelete ya Ntshetsopele ya Bodulo ba Batho bakeng sa lenaneo lena, le tsejwang e le lenaneo la Tshehetso ya Motho ka mong le Amanang le Ditjhelete.

Tjhelete e sebediswa ka Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo, e thonyeditsweng ho fana ka matlo bathong ba angwang ke Sekgeo sa mebaraka diprojekeng tse ngodisitsweng tse 12.

Palo yohle ya diranta tse dimiliyone tse 70 ya tjhelete ena e se e sebedisitswe ho fihlela jwale.

Diprojeke di akga Lehokela la Walmer le Kapa Botjhabela, Lady Selbourne, Nelmapius, Bohlabela Borwa, Cosmo City le Fleurhof e Gauteng, Kgoro ya Matlo ya Intabazwe e Foreisetata le Seraleng e Leboya Bophirima.

Ho kenngwa tshebetsong ha diprojeke tsena tsa matlo tsa SEKGEO tse robedi ho se ho le motjheng.

Baheso le metswalle,

Ditho tse hlomphehang,

Ho tsa thuto, re motlotlo ka taba ya hore qetellong sekgahla sa katleho ya Kereiti ya 12 se ntse se ntlafala. Re thoholetsa Baithuti ba 2012, matitjhere a bona, batswadi le setjhaba ka ntlafalo e ntseng e tswelapele.

Re thoholetsa porofense e itlhommeng pele ka 2012, Gauteng, le moithuti ya itlhommeng pele wa Kereiti ya 12, mofumahatsana Madikgetho Komane, ya tswang seterekeng sa Sekhukhune, Limpopo, eo e leng moeti wa rona ya kgethehileng kajeno.

Ditho tse hlomphehang,

Ditlhahlobo tsa Naha tsa Selemo le Selemo (ANA) dikolong tsa rona, di fetohile sesebediswa se matla sa ho hlahloba maemo a matle a mokgwa wa rona wa thuto.

Selemo ka seng re amohela ntlafalo diphethong tsa ANA, empa boholo bo tlameha ho etswa ho ntlafatsa dipalo, saense le theknoloji.

Lefapha la Thuto ya Motheo le tla thea setlamo sa tshebetso sa naha ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Dipalo, Saense le Theknoloji.

Re kopa lekala la poraefete ho sebedisana le mmuso ka ho thea, ho amohela kapa ho tshehetsa dithuto tsa dipalo le saense kapa dikolo tsa ka Moqebelo.

Baheso,

Re motlotlo ka kgolo ya mananeo a rona a thuto ya pele ya bana, ho akga le Kereiti ya R.

Re boetse re motlotlo ka lenaneo la rona la thuto ya ba baholo, Khari Gude, e fihlelletseng batho ba fetang dimiliyone tse 2.2 dipakeng tsa 2008 le 2011.

Re ntse re kgothalletsa batho ho tswa dikgutlong tsohle, hore ba se phetse ho ithuta. Ba bangata ba ile ba kgothala ha sebini se atlehileng seo e leng moeti wa ka wa bohlokwa, Ntate Sipho Hotstix Mabuse a ne a atleha ho fumana materiki ya hae ngwahola, a le dilemo di 60.

Ditho tse hlomphehang,

Re ile ra phatlalatsa thuto e le ntho ya bohlokwa e ka sehloohong ka 2009. Re batla ho bona bohle naheng ena ba hlokomela hore thuto ke tshebeletso e sa tshwanelang ho sitiswa bakeng sa setjhaba sa habo rona.

Ka ho re thuto ke tshebeletso e sa tshwanelang ho sitiswa ha re tlose ditokelo tsa Molaotheo tsa matitjhere e le basebetsi, jwaloka tokelo ya ho ipelaetsa.

Ho bolelang hore, re batla hore lekala la thuto le setjhaba ka kakaretso ba nkele thuto hloohong haholwanyane ho feta kamoo ho etsahalang kateng ha jwale.

Ditjhabana tsohle tse atlehileng di na le ntho e le nngwe e tshwanang – di tsetetse thutong. Meputso e metle le maemo a mosebetsing di tla ba le seabo sa bohlokwa ho hoheleng, ho kgothatseng le ho bolokeng matitjhere a nang le bokgoni.

Ntlheng ena, re tla thea Khomishene ya Meputso ya Bopresidenteng e tla fuputsa ka nepahalo ya meputso le maemo a mosebetsing ao mmuso o fanang ka wona basebetsing bohle ba wona.

Ke laetse hore ntlha ya pele e ka sehloohong e be matitjhere.

Khomishene e tla boela e sekaseka ho dipoelo matseteng.

Ho nyollela thuto boemong ba yona bo tshwanelehileng, re batla ho bona ntlafalo ho boleng ba ho ithuta le ho ruta esita le botsamaisi ba dikolo. Re batla ho bona ntlafalo ya dikamano, kemo le diphetho.

Ha re sebetsa le matitjhere, batswadi, setjhaba le banka karolo ba fapaneng, re tla kgona ho fetola dikolo tsa rona hore e be ditsi tsa mahlale a boleng.

Ditho tse hlomphehang,

Dilemong tse hlano tse fetileng, Aforika Borwa e ne e na le tebello e tlase haholo ya bophelo hoo ditsebi di neng di re ka 2015, tebello ya rona ya bophelo e tla be e lekana hantle le moo e neng e le teng ka 1955.

E ne e le ka lebaka le letle moo re neng re thabile ho ella mafelong a selemo ngwahola, ha diphuputso tsa Lekgotla la Bofuputsi ba Meriana, phatlalatso ya meriana ya Lancet le tse ding di ne di qala ho beha ka keketso e kgabane ya tebello ya bophelo ho tloha tekanyong ya dilemo tse 56 ka 2009 ho ya dilemong tse 60 ka 2011. Dipehelo tsena di boetse di ananetse phokotseho ya ho hlokahala ha masea le bana ba katlase ho dilemo tse hlano.

Keketseho ya tebello ya bophelo ke senotlolo ntshetsopeleng ya naha. Batho ba kgutlela mosebetsing, ba sebetsa ka bokgabane moruong le setjhabeng. Sebopeho sa lelapa se ntse se eketseha ho tsitsa mme batswadi ba phela ha leletsana ba bile ba kgona ho hlokomela bana ba bona.

Ha re a tshwanela ho phutholoha ka lebaka la dikatleho tsena.

Ka lebaka la sekgahla se phahameng sa tshwaetseho dipakeng tsa HIV le TB, re kopantse ditshebeletso tsena.

Mosebetsi o ntse o tswelapele lehlakoreng la bofuputsi. Aforika Borwa e sibollotse moriana o iketang twantshong ya Malaria.

Ho eketsa moo, bafuputsi Setsing sa Bofuputsi ba Lenaneo la Aids setlamong sa Aforika Borwa, ba boetse ba utollotse dithusammele tse batsi tse tlisang botsitso kgahlanong le HIV.

Motlatsi wa Mopresidente Motlanthe o kgethile ditho tse ntjha tsa Letlole la Lekgotla la Naha la Aids la Aforika Borwa. Re thoholetsa sehlopha seo, se etelletsweng pele ke Moahlodi ya beileng meja fatshe Zac Yacoob, e le modulasetulo.

Mafu a bakwang ke mekgwa eo ho phelwang ka yona a eketsehile ka ho makatsang. Re tshwanela ho fedisa le ho fokotsa sekgahla sa ho tsuba, ditlamorao tse mpe tsa jwala, dijo tse se nang phepo e ntle le botenya bo fetisisang.

Ditho tse hlomphehang,

Ka 2014 re tla thea Letlole la Inshorense ya Setjhaba ya Bophelo bo Botle. Lefapha la Bophelo bo Botle le tla potlakisa le be le matlafatse kgatelopele diterekeng tsa bopulamadiboho.

Ntlheng eo, ho tloha ka Mmesa ngwahola, sehlopha sa pele sa dingaka tse ka bang 600 se tla fuwa dikonteraka tsa ho fana ka ditshebeletso tsa bongaka ditleliniking tse 533 kahara metsana ya mahaeng le makeisheneng ho tse 10 tsa ditereke tsa bopulamadiboho.

Baheso le metswalle,

Ka Phupjane re tla be re qeta dilemokgolo tsa Molao wa Naha wa 1913 o fetotseng batho ba batsho baleleri, basebetsi le balahluwa naheng eo e leng ya bona.

Mopresidente wa mehleng wa ANC Sefako Makgatho o hlalositse jwalo puong ya hae ya bopresidente moketeng wa ANC ka 1919.

O itse;
“Molao wa Naha wa Baahi ba Batsho o ntse o sebetsa ka bokgopo dikgutlwaneng tse fapaneng tsa Naha, mme ka lebaka leo bongata ba malapa a baahi ba batsho bo ntse bo sebeletsa borapolasi ba basweu, molemong wa hore ba fumane dijo feela.’’

Re boetse re hlomphehile, selemong sena sa sehopotso sa Molao wa Naha wa 1913, ka boteng ba Mme Nomhlangano Beauty Mkhize kahara rona, e mong wa mekaubere eo yena hammoho le monna wa hae, Saul Mkhize, ba ileng ba etella pele ntwa kgahlanong le ho tloswa ka sheshe mane Driefontein le Daggaskraal, moo e leng Porofense ya Mpumalanga kajeno.

Taba ya naha ke ntho e hlokolotsi haholo.

Re hloka ho e rarolla ka kutlwano re itshetlehile ka moralo wa Molaotheo le molao.

Ke amohetse molaetsa ho Facebook o tswang ho Thulani Zondi o mabapi le ho sisitheha ha kabobotjha ya naha. O itse: “Mopresidente ya Hlomphehang, jwaloka ha re le sehopotsong sa dilemo tse 100 haesale ho hlahiswa molao wa Naha wa 1913 ho amoha maAforika ao e leng bongata.

“ke o kopa ho potlakisa kabobotjha ya naha bathong ba se nang naha ba maAforika.

“Ha re etsa kabobotjha re tshwanetse ho nkela hloohong tlhahiso ya dijo tse lekaneng. Thupelo le tataiso mesebetsing ya borapolasi ba ntseng ba thuthua ba bahwebi ba batho ba batsho, di tlameha ho etsahala.”

Ho tloha ka 1994, haesale re rarollana le bothata ba tlhabollo ya naha ka pusetso, kabobotjha le nako ya phetoho.

Jwaloka ha ho hlalositswe pele, re ke ke ra kgona ho fihlella dipehelo tsa rona tsa kabobotjha.

Ngwahola tjhadimo botjha ya sehla se bohareng sa Mmuso e pepesitse bofokodi bo bongata lenaneong la rona la ho kenngwa tshebetsong ha tlhabollo ya naha. Re tla sebedisa boithuto boo ho ntlafatsa ho kenngwa tshebetsong.

Ya pele, re tlameha ho kgutsufatsa nako e nkuwang ho phethela tseko. Ntlheng ena, mmuso o tla hahamalla pele ka mokgwatsamaiso wa ‘toka le tekano’, jwaloka ha o tekilwe Molaotheong ho e na le mokgwatsamaiso wa “moithaopa ho rekisa le moithaopa ho reka,” o qobellang mmuso ho lefa haholwanyane bakeng sa naha ntle le boleng ba yona ba sebele.

Ya bobedi, ho na le diphetolo tse sisintsweng Molaong wa Pusetso ya Ditokelo tsa Naha, 1994, e le ho fana ka pulobotjha ya ho kenngwa ha ditseko tsa pusetso ke batho ba ileng ba fosa letsatsi la ho qetela la 31 Tshitwe 1998.

Ntho enngwe e tshwanelang ho shebisiswa ke mekgelo ya mohla o sehilweng wa Phupjane 1913, ho hlophisetsa ditseko tse etswang ke mahlomela a Khoi le San esita le ditsha tsa letlotlo la setjhaba le dibaka tseo e leng matshwao a nalane.

Thuto enngwe ya bohlokwa ke ya ho fana ka tshehetso e lekaneng ho beng ba naha ba batjha, kamora hore ba newe naha ho etsetsa hore naha e nne e tswele pele ho ba le tlhahiso.

Re boetse re lokela ho fana ka ditsiane tse ntlenyana ho borapolasi ba baholo ba nang le thahasello le bokgoni ba ho tataisa le ho ruta borapolasi ba banyenyane mosebetsi.

Phephetso enngwe eo re ileng ra tobana le yona ke ya kgetho e etswang ke batseki ba bang ya tjhelete ho e na le naha, eo le yona e sa re thuseng ho fetola meralo ya thuo ya naha.

Motlatsi wa Mopresidente Motlanthe o bile le kopano le borapolasi le basebetsi ba mapolasing kwana Paarl ka Labobedi, e le karolo ya lenaneo la Bopresidenteng la ho buisana le ba amehang.

Banka karolo ba dumetse hore ho tshwanela ho be le kgotso le botsitso lekaleng la temo, le hore maemo a basebetsi ba mapolasing a ho phela le a mosebetsing a tshwanela ho ntlafatswa ka potlako.

Ho boetse ho a kgothatsa ho utlwa hore le borapolasi ba entse kgoeletso ya hore ho potlakiswe tlhabollo ya naha le tshehetso ya borapolasi ba ntseng ba thuthua.

Re tla tswelapele ka ho buisana le borapolasi le basebetsi ba mapolasing.

Baheso le metswalle,

Re tshwanela le ho ba sedi ka keketseho e etsahalang ya ho fallela ditoropong. Dipalopalo tsa palabatho di senola hore diphesente tse 63 tsa setjhaba di dula ditoropong. Sena se ka nna sa eketseha ho tlola ho diphesente tse 70 ka 2030.

Meralo ya dibaka e bakilweng ke puso ya kgethollo e ntse e bonahala ditoropong tsa rona tse nyane le tse kgolo. Bomasepala ba le bang ha ba ka ke ba rarolla diphephetso tsena. Re hloka mokgwa o tla sebediswa naha ka bophara.

Le ha ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng e dula e le ntlha e ka sehloohong ya mmuso, ho boetse ho bohlokwa hore re ahe moralo o kopanetsweng wa naha wa ntshetsopele ya ditoropo, ho thusa bomasepala ho laola ka bokgabane keketseho ya ho fallela ditoropong.

Makala ohle a mararo a mmuso a hloka ho laola kgehlepe e ntjha ya ho fallela ditoropong ka mekgwa e tla be e kenya letsoho ntshetsopeleng ya dibaka tsa mahaeng, e le karolo ya ho kenngwa tshebetsong ha NDP.

Ditho tse hlomphehang,

Ntlafatso ya maemo a basadi e tla dula e le ntho ya bohlokwa e ka sehloohong mmusong ona.

Bili ya Tekano ya Bong le Matlafatso ya Basadi e se e ananetswe ke Kabinete hore setjhaba se tshwaele ka yona. Bili ena e etsa hore diketso tse nang le ditlamorao tse mpefetseng haholo basading le bananeng, e be ditlolo tsa molao.

E boela e kenya molaong boemo ba leano la 50/50 mabapi le boemedi ba basadi ditheong tse nkang diqeto.

Ditho tse hlomphehang,

Peto e sehloho e etsweng ke sehlopha sa banna ebile e tsamaya le polao ya Anene Booysen le basadi le banana ba bang nakong e sa tswa feta, e tlisitse tlhokeho e kgolo ya hore ho tsepamiswe maikutlo ho sebetseng ka kopano e le ho fedisa sewa sena.

Sehloho le bokgopo tse etswang basading ba sa kgoneng le ho itwanela ha di a amoheleha, ebile ha di na sebaka naheng ya rona. Ngwahola ho ile ha thewa Lekgotla la Naha ho tsa Dikgoka tse Amanang le Bong.

Lekgotla lena le kopantse mmuso, Mekgatlo eo e seng ya mmuso, Mekgatlo eo Motheo wa yona o leng Setjhabeng, mekgatlo e Itshetlehileng ka Tumelo, ditheo tsa thuto, ditheo tsa bofuputsi, mmuso, dihlopha tsa banna esita le boemedi bo tswang basading, baneng le bathong ba holofetseng.

Re kopa lekgotla lena le hlophisang hore le etse letsholo la ho lwantsha dikgoka kgahlanong le basadi, hore e be letsholo la kamehla yohle.

Re rolela kgaebana makala ohle ka matsholo a seng a entswe, e leng ho bontsha hore diketso tse jwalo di ke ke tsa mamellwa.

Ke laetse diakgente tse qobellang tshebetso ya molao ho sebetsana le dinyewe tsena ka potlako yohle esita le ka bohlokwa ba tsona. Diyuniti tsa Dikgoka tsa Malapeng, Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Motabo, tse ileng tsa thewa botjha ka 2010, di ekeleditswe basebetsi.

Nakong ya selemo sa ditjhelete se fetileng, Diyuniti di atlehile ho susumetsa dikahlolo tsa ho hlola bophelo bohle tjhankaneng tse fetang 363, ka sekgahla sa diphesente tse 73 bakeng sa ditlolo tsa molao tse kgahlanong le basadi ba kahodimo ho dilemo tse 18 le diphesente tse 70 bakeng sa ditlolo tsa molao kgahlanong le bana ba katlase ho dilemo tse 18.

Ha re tiiseng meqheleba, bohle mme re lwantshe bothata bona boo re tobaneng le bona ba batho ba betang bomme le bana, esita le maqhekwana ka sebele. Ke mahlabisadihlong le bokgopo bo tshabehang ntho ena eo ba e etsang. Dinonnori di tshwanela ho tlalehwa mapoleseng mme di tshwarwe.

Mmuso o eketsa mekgwa e meng ya ho sireletsa basadi, jwaloka Bili ya Tshireletso kgahlanong le Tlhekefetso. Le ha Molao wa Dikgoka tsa Malapeng o ntse o fana ka tshireletso, o sebetsa feela bathong ba dikamanong tsa malapeng.

Bili ya Tshireletso kgahlanong le Tlhekefetso e boetse e sebetsana le tlhekefetso e etswang ke batho ba nanarelang diphofu tsa bona ka mokgwa wa dikgokahanyo wa dielektroniki.

Ho eketsa moo, Bili ya Phediso ya Thekiso ya Batho e ile ya ananelwa ke Seboka sa Naha ngwahola mme jwale e ho NCOP.

Hang ha e se e kentswe tshebetsong, molao o tla thusa basadi le bana ba atisang ho ba mahlatsipa a ditlolo tsena tse nyarosang tsa molao.

Baheso le metswalle,

Ho na le keketseho ya mapolesa a bonahalang hohle, mme seo se thusa ho fokotsa sekgahla sa ditlolo tsa molao tse kotsi.

Matsholo a lwantshanang le dithunya tse seng molaong, makoloi a utswitsweng le a kwetetsweng, jwala le dithethefatsi e leng tsona tse nkuwang e le tse ka sehloohong tse fehlang ditlolo tsa molao, a thusitse haholo phokotsong ya ditlolo tsa molao.

Baheso le metswalle,

Mmuso o tswelapele ho lwantsha bonyofonyofo.

Bokgoni ba Yuniti e Ikgethileng ya Dipatlisiso (SIU) bo hotse ho tloha ho basebetsi ba sethathong ba 70 ho ya ho ba fetang 600 mothating wa jwale.

Haesale ho tloha ka 2009, ke tekenne ditsebiso tsa semmuso tse 34 ke laela SIU ho batlisisa dipelaelo tsa bonyofonyofo, manyampetla kapa tsamaiso e mpe mafapheng a fapaneng a mmuso le ditheong tsa naha.

Dipatlisiso tsa Ditlolo tsa Molao di ile tsa thakgolwa kgahlanong le batho ba 203 ba qositsweng dinyeweng tse 67 tse ka sehloohong tse ntseng di batlisiswa mafelong a Loetse 2012.

Ka kakaretso, dikgato tse nkwang pele ho nyewe di se di thakgotswe kgahlanong le batho ba 191. Palo yohle ya batho ba 66 ba ntseng ba batlisiswa, ba belaellwa ka hore ba amohetse R5 milione kapa melemo e mangatanyana ka lebaka la bonyofonyofo. Ditaelo tsa ho Kginwa ha Thepa le Ditjhelete di ile tsa fumanwa kgahlanong le batho ba 46.

Dikatlehong tse ding, selemong sa ditjhelete se fetileng, bahlanka ba 107 ba sebetsang ho tsa toka ba ile ba fumanwa ba le molato.

Yuniti ya Kgapo ya Thepa e jele thepa ya boleng bo fetang R541 miliyone. Palo yohle ya R61 miliyone ya thepa ena e se e hapetswe Mmuso. Thepa ena e kgutlisetswa motjheng wa twantsho ya ditlolo tsa molao le bonyofonyofo ka Akhaonte ya Kgutliso ya Thepa e fumanweng ka Ditlolo tsa Molao.

Ngwahola ho ananetswe keketso ya R150 miliyone e tswang Akhaonteng ya Kgutliso ya Thepa e fumanweng ka Ditlolo tsa Molao, bakeng sa mosebetsi wa Setlamo se Sebetsang Kgahlanong le Bonyofonyofo se akgang Diphakwe, SIU le Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Naha.

Disebediswa tsena di reretswe ho matlafatsa bokgoni ba diakgente tse qobellang tshebetso ya molao tharollong ya rona ya ho lwantsha bonyofonyofo.

Re kopa lekala la poraefete ho nkela hloohong ntwa ena e kgahlanong le bonyofonyofo ho etsetsa hore re kgorometse ka mahlakoreng ohle.

Re tla kwala dikgeo tsohle tsa mesebetsi e ditulong tse hodimo ho tsa toka, e le mokgwa wa ho matlafatsa ntwa kgahlanong le bonyofonyofo.

Baheso le metswalle,

Ditho tse hlomphehang,

Ho na le dithuto tseo re ithutileng tsona Marikana le diketsahalong tse ding, tseo re ke keng ra dumela hore di etsahale hape naheng ya rona.

Ruri Molaotheo wa rona ke enngwe ya dikatleho tse kgolo tsa naha. Tsohle tseo re di etsang re le mmuso di tataiswa ke Molaotheo wa rona esita le tjhebelopele ya wona ya setjhaba seo re se ahang.

Re etsa kgoeletso baahing bohle ho keteka, ho phahamisa le ho sireletsa Molaotheo wa rona.

Bili ya rona ya ditokelo e tiisa hore “e mong le e mong o na le tokelo, ka kgotso ho bile ho sa hlomelwa, ya ho kgobokana, ho hwanta, ho ipelaetsa le ho neana ka mangolo a ditletlebo.”

Kahoo, re etsa kgoeletso setjhabeng sa habo rona hore se etse ditokelo tsa sona tsa ho ipelaetsa ka kgotso le boitlhompho.

Ha ho a amoheleha ha ditokelo tsa batho di thunthetswa ke bahlohleletsi ba diketso tsa dikgoka, jwaloka diketso tse lebisang temalong le ho shweng ha batho, tshenyo ya thepa le ho ruthuthwa ha meralo ya motheo ya setjhaba e nang le boleng.
Re tlameha ho boloka, ho sireletsa le ho hlompha Molaotheo e le molao o ka sehloohong wa Rephaboliki. Re ke ke ra qeaqea ho etsa jwalo.

Ka lebaka lena, ke laetse Setlamo sa Toka, Thibelo ya Ditlolo tsa Molao le Tshireletso (JCPS) ho loha mano hanghang, a ho netefatsa hore diketsahalo dife kapa dife tsa boipelaetso bo nang le dikgoka di nkelwa dikgato, di batlisiswe ho be ho tjhutjhiswe.

Makgotla a dinyewe a tla abelwa thomo ya ho sebetsana le dinyewe tse jwalo e le tse ka sehloohong. Molao o tlameha ho qobellwa ebile o tlameha ho bonwa o qobellwa – ntle le leeme, ka bokgabane le ka ho tlola matjato.

Baahi ba naha ya rona ba na le tokelo ya ho lebella hore na naha ya bona ya demokrasi e tla sebedisa matla a yona ho sireletsa Molaotheo oo ba bangata ba o lwanetseng ha boima, ka nako e telele. Re ke ke ra ba phoqa ka tebello ena.

Setlamo sa JCPS se se se lohile mano boemong ba naha, ba diporofense le ba dibaka ho sebetsana le diketsahalo tse jwalo ka bokgabane.

E re ke potlake ke eketse ka hore mafapha a mmuso maemong ohle a tlameha ho ikamahanya le setjhaba mosebetsing wa wona, le ho netefatsa hore dingongoreho tsohle di a rarollwa pele di e hlwa mekwalaba. Boikarabelo boo bo tla dula bo ntse bo le teng. Re mmuso o tsotellang.

Ditho tse hlomphehang,

Monongwaha re keteka sehopotso sa dilemo tse 50 tsa tswalo ya Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Aforika (OAU) o nketsweng sebaka ke Kopano ya Aforika (AU).

Re hlompha OAU ka ho hahamalla pele ha yona ntweng ya tokoloho molemong wa ho ntsha bokoloniale ho nahakgolo ya rona, ho kenyeletse le seabo sa yona tikolohong ya rona.

Re tla tswelapele ho sebeletsa tlhophiso e matla a tomanyana le bokgabane bo boholwanyane bakeng sa Kopano ya mokgatlo wa rona.

Lenaneo la NEPAD esita le Mokgwa wa Tlhahlobano Botjha ya Dinaha tsa Aforika di sa tswa keteka selemo sa leshome di le teng.

Jwaloka mokopanyi wa Kgato ya NEPAD e Tshehetsang Meralo ya Motheo ya Kantoro ya Mopresidente, Aforika Borwa e tswelapele ho sebetsa le batshehetsi ba bang ho kenya tshebetsong diprojeke tsa meralo ya motheo tse nang le sefutho se hodimo ho nahakgolo.

Ho tsa kgotso le tshireletso, re ema nokeng batho ba Mali matsapeng a bona a ho tseka le ho tiisa seriti sa naha ya bona.

Re kopa boetapele ba Rephaboliki e Bohareng ba Aforika, Guinea Bissau le Somalia ho hahamalla pele kgotsong e sa feleng molemong wa setjhaba sa bona. Re dula re tsitsitse kgahlanong le phetoho ya mmuso e sa tsamaisaneng le molaotheo.

Re kgothatswa ke dikgatelopele dipakeng tsa Sudan le Sudan Borwa. Re thoholetsa Mopresidente wa rona wa mehleng Thabo Mbeki le ditho tse ding tsa Lekgotla la AU la Boemo bo Hodimo ka boitelo boo ba sebeditseng ka bona esita le mahlakore a mabedi ao.

Re utlwela DRC bohloko jwaloka ha naha eo e hula ka thata maqakabetsing a tshireletso ya yona.

Aforika Borwa e tla tswelapele ho tshehetsa matsapa a kgotso Aforika ho akga le a bonamodi, lebotho la poloko ya kgotso, le ka ho fana ka thuso ya disebediswa le tjhelete.

Ntlheng ena, re habile pele phethelong ya dipuisano tsa sepolotiki tsa Zimbabwe le Madagascar.

Tjhebelopele ya rona ya Aforika e betere lefatsheng le betere e tla fumana kgothatso e matla ha re tla be re tshwere Seboka sa bo 5 sa BRICS kgweding e tlang, Durban.

Re kgothatswa ke kgolo e babatsehang ya dikamano tsa dinaha tse pedi, ka bodiplomate le ka moruo, dipakeng tsa Aforika Borwa le dinaha tse ding tsa BRICS.

Matlafatso ya dikamano tsa Leboya-Borwa di dula di le bohlokwa haholo lenaneng la leano la rona la kantle.

Re thasisetsa selekane sa rona le dinaha tse ka Leboya, haholoholo Amerika, Yuropa le Japan.

Sehopotso sa bo 70 sa Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng (UN) se fana ka monyetla wa ho ntshetsapele phetoho ya Lekgotla la Tshireletso la UN.

Re tla tswelapele ka ho sebedisa G20 ho emela ditabatabelo tsa Aforika le ho lwanela phetoho ya ditheo tsa Bretton Woods.

Boemo ba Aforika Borwa ba botjhabatjhaba bo na le mokgwa o matla wa kutlwelo bohloko ho wona. Re lla le batho ba Palestina jwaloka ha ba habile ho qala bophelo bo botjha boitsekong ba bona ba tokelo ya bona ya boipuso; ke kahoo re ileng ra ema nokeng boiketo ba bona ba ho ba naha e ikemetseng.

Katoloso ya boipehi ba Isiraele ditikolohong tsa Palestina ke tshita e holo tharollong ya kgohlano.

Tokelo ya boipuso ya batho ba Sahara e ka Bophirima e ntse e tshwanela ho hlokomelwa.

Re dula re tsitsitse kgoeletsong ya rona ya phediso ya kgino ya moruo Cuba.

Ha re sebetsa mmoho re ka etsa haholwanyane ho thea Aforika e betere le lefatshe le betere.

Baheso,

Selemong sa 2012, re tsepamisitse maikutlo polokong le phahamisong ya letlotlo la botjhaba ba naha ya rona, re shebile haholoholo letlotlong la tokoloho ya rona.

Re ile ra boela ra tshwara Seboka sa Naha sa Kamano ya Setjhaba se entseng nalane, re tsepamisitse maikutlo kahong ya setjhaba se kenyeletsang bohle, se tsotellang se bile se le motlotlo.

Ho kenngweng tshebetsong ha lenaneo la rona, re tla sebetsa le Batshehetsi ba rona ba Kamano ya Setjhaba; MaAforika Borwa a tummeng a tswang makaleng a fapafapaneng setjhabeng sa rona.

Re motlotlo phirimaneng ena ka boteng ba ba babedi ba batshehetsi ba kamano ya setjhaba kahara rona, Moahlodi Yvonne Mokgoro le Ntamolane George Bizos.

Baheso,

Selemong sena ke sehopotso sa bo 50 sa ho Itshohlometsa ka Sheshe Polasing ya Liliesleaf, ho Phonyoha Sekwereng sa Marshall esita le qalo ya Nyewe ya Rivonia.

Ho se ho ntse ho rerwa letoto la diketsahalo selemo ho pota e le ho tshwaya diketsahalo tse tharo tsena, moo ho tla dielwa dikgala ka sehopotso sa naha mohla la 11 Phupu.

Ditho tse hlomphehang,

Re sa tswa phethela tlhodisano ya bolo e atlehileng haholo ya Mohope wa Dinaha tsa Aforika (AFCON). Re thoholetsa bomampodi ba Aforika, Setsiketsi sa Rephaboliki ya Nigeria esita le dihlopha tsohle tse bileng le seabo ho bapatsweng ha maemo a bolo ya maoto Aforika.

Re leboha setjhaba sohle sa habo rona ka ho ba baamohedi le balatedi ba babatsehang.

Ke bile le monyetla wa ho leboha Mopresidente wa Bolaodi ba Bolo ya Aforika ka bonna, Mohlomphehi Issa Hayatou ka ho re fa tlotla ya ho tshwara dipapadi tsa AFCON.

Baheso le metswalle,

Jwaloka ha ke boletse pejana, lenaneo lena le tla kenngwa tshebetsong ka mokgwa o fapaneng ka ha mesebetsi ya mafapha e tlameha ho amahanngwa le NDP.

Baheso,

Pele ke phethela, e re ke nke monyetla ona ho fetisa molaetsa wa matshediso lelapeng la mohale wa tokoloho ebile e le ramolao ya tummeng wa ditokelo tsa botho, wa Mphato Phyllis Naidoo ya hlokahetseng kajeno.

Haufinyane, re lahlehetswe ke wa Mphato Amina Cachalia.

Re mahlonokong ruri ke tahlehelo tsena.

Ditho tse hlomphehang,

Baheso,

Jwaloka maAforika Borwa, re tshwanela ho hahamalla pele ka sepheo se le seng – ho etsa hore naha ya rona e be ya setjhaba se seholo se bile se atlehile ruri.

Bohle thabelang Letsatsi la Baratani!
Ke a leboha.

Issued by: The Presidency

Related information

 

Share this page

Similar categories to explore