Puo ya Maemo a Setjhaba ka Mohlomphehi Jacob G Zuma, Mopresidente wa Rephaboliki ya Aforika Borwa, Palamenteng ya Kopanelo, Motse Kapa

09 Feb 2012

Motsamaisi wa Dipuisano ya kgabane wa Seema sa Naha,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP),
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa Seema sa Naha le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Motlatsi wa Mopresidente wa Rephaboliki, Mohlomphehi Kgalema Motlanthe,
Motlatsi wa Mopresidente wa Mehleng, Mohlomphehi FW de Klerk,
Motlatsi wa Mopresidente wa Mehleng, Mohlomphehi Baleka Mbete,
Moahlodi e Moholo ya kgabane wa Rephaboliki, le ditho tsohle tse hlomphehang tsa Boahlodi,
Modulasetulo ya kgabane wa Foramo ya Dipalamente tsa SADC le Motsamaisi wa Dipuisano wa Palamente ya Zimbabwe, Ntate Lovemore Moyo,
Matona le Batlatsi ba Matona ba kgabane,
Letona le kgabane la Dikamano tsa Matjhaba la Rephaboliki ya Angola, Ntate Rebelo Chikoti,
Letona le kgabane la Ditaba tsa Kantle la Rephaboliki ya Mozambique, Ntate Julio Baloi,
Ditonakgolo tse Kgethehileng le Batsamaisi ba Dipuisano ba Diprofense tsa rona
Modulasetulo wa Salga, le boetapele bohle ba mmuso wa dibaka
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso;
Mmusisi wa Banka ya Risefe,
Baetapele ba makala ohle ho tloha dikgwebong, dipapadi, boetapele ba borena le ba tumelo,
Ditho tsa bodiplomate,
Baeti ba kgethehileng,
MaAforika Borwa a heso,

Dumelang, good evening, goeienaand, molweni, thobela, xewani!

Ke lakatsa ho dumedisa bohle letsatsing lena la bohlokwa.

Ke tlotla ho bua le maAforika Borwa Ntlong ena esita le malapeng a wona le ditsing tseo ba bohileng ho tsona naha ka bophara.

Ke boela ke amohela ka diatla tse mofuthu Maqosa le Bakhomishenara Ba Baholo ba emetseng dinaha tse 146, tseo Aforika Borwa e nang le maqhama a bodiplomate le tsona. Re thabela boteng ba lona naheng ya rona.

Bamphato le metswalle,

Puo ena ya Maemo a Setjhaba (SoNA) e etsahala nakong ya selemo sa bohlokwa nalaneng ya naha ya rona, dilemokgolo tsa mokga o busang, African National Congress (ANC).

Ho ketsahalo ena, re ananela mosebetsi wa maAforika Borwa wa ho tlisa naha e nang le tokoloho ya sebele, e se nang kgethollo ya morafe, e se nang kgethollo ya bong, ya demokrasi ebile e le e atlehileng.

Re lakatsa ho qolla baporesidente ba mehleng ba ANC ba ileng ba etella pele ntwa ya tokoloho esita le ho thea bophelo bo betere bakeng sa meloko yohle. Re hlompha John Langalibalele Dube, Sefako Makgatho, Zac Mahabane, Josiah Gumede, Pixley ka Isaka Seme, AB Xuma, JS Moroka, Morena Albert Luthuli, Oliver Tambo, Nelson Mandela le Thabo Mbeki.

Re amohela ba malapa a Bapresidente ba mehleng ba ANC bao e leng baeti ba rona ba kgethehileng phirimaneng ena.

Re boela re hlompha mekga e meng ya ntwa ya tokoloho ? Black Consciousness Movement, e neng e etelletswe pele ke Ntate Steve Biko, eo mora wa hae Samora e leng moeti wa rona ya kgethehileng, esita le Pan-Africanist Congress, e neng e etelletswe pele ke Ntate Robert Sobukwe.

Re ananela hape, seabo sa Setho sa Palamente sa mehleng, Mofu Mme Helen Suzman, ya ileng a ema a le mong a lomahantse meno, hona Ntlong ena, a bua ka sebete kgahlanong le melao ya kgatello.

Ditho tse kgabane,
Bamphato le metswalle,

Selemo sa 2012 se boetse se bohlokwa hobane ho fela dilemo tse 16 tsa Molaotheo wa Rephaboliki, o dumelang ka hohlehohle hore ho buuwe ka dikateng tsa demokrasi ya rona.

Molaotheo ke polelo ya bohlokwa ya tjhebelopele ya Aforika Borwa, o tataisa maano le diketso tsa rona. Re thasisetsa boikitlaetso ba rona ba ho ntshetsa pele dikateng tsa Molaotheo wa naha ya rona ka nako tsohle.

Bamphato le metswalle,

Lekgotleng la Kabinete la Pherekgong, re nkile qeto ya boitlamo ba tjhebobotjha ya nako e bohareng, re shebile kgatelopele ya ho tloha ka 2009 ho fihlela hona jwale ho e na le tjhebobotjha e tlwaelehileng ya selemo le selemo.

Tjhebobotjha ya nako e bohareng e bontshitse kgatelopele e sisithehang dibakeng tse fapaneng tse kang bophelo bo botle, thuto, twantsho ya ditlolo tsa molao, bodulo ba batho, eneji, phano ya metsi, ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le dintho tse ding.

Leha ho le jwalo, diphephetso tse tharo tsa bosiyo ba mesebetsi, bofuma le ho se lekane di ntse di tswelapele, ntle le dikgatelopele tse entsweng. MaAforika, basadi le batjha ba ntse ba tswelapele ho sotleha ka hofetisisa ka lebaka la diphephetso tsena.

Motsamaisi wa dipuisano le Modulasetulo, ba hlomphehang,

Re le Kabinete ya naha re nkile qeto ya hore re tshwanetse ho sebetsa haholwanyane, ho hodisa moruo wa naha, hore re tle re fedise mathata ana a tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekane naheng.

Ke dintho tseo tse tharo tseo re tla tobana le tsona ka kotloloho monongwaha le dilemong tse tlang.

Bamphato,

Ha ho ne ho fumanwa tokoloho ka 1994, Aforika Borwa e fumane bothata ba tlhokeho ya mesebetsi bo qadileng kgale dilemong tsa bo-1970. Mesebetsi ya nna ya tswelapele ho nyotobela ka bo-1990 le maqalong a bo-2000 ka lebaka la mesebetsi e sisithehang ho hola ebile e ntse e fokotseha merafong ya kgauta le temong.

Le ha mesebetsi e ile ya eketseha ka potlako nakong ya ho hlamasela nakong ya 2003 ho ya ho 2008, tlhokeho ya mesebetsi ha e ya wela katlase ho 20%.

Mesebetsi e ile ya thefuleha hape putlamong ya moruo ya 2009.

Ka lehlohonolo, mmuso o kene putlamong ya moruo ya 2008 ho ya ho 2009 ka ditjhelete tse ntle tsa setjhaba, le sekoloto se fokolang.

Sena se entse kgonahalo ya ho tobana le mathata a maemo a nyotobelang a moruo.

Ho tea mohlala, re ekeditse tshebediso ya tjhelete tshireletsong ya setjhaba le ntshetsopeleng ya dikaho tsa motheo ho ntlafatsa moruo, haholoholo ka lenaneo la kaho nakong ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa Bolo ya Maoto wa 2010.

Re nkile qeto ka 2009, re shebile a mang a mathata ana le tlhokeho ya ho sutha mererong e fokolang, ya ho thea Khomishene ya Merero ya Naha mme ra ba kopa ho hlahisa morero wa ntshetsopele ya naha o itshetlehileng ka Molaotheo wa Rephaboliki.

Khomishene e ntshitse moralo wa pele wa Morero wa Ntshetsopele ya Naha hore o sekasekwe, e leng o shebang moo re batlang ho ba teng dilemong tse 20 tse tlang.

Morero ona o boela o tobana ka kotloloho le phediso ya bofuma le ho se lekane e le dintlha tsa bohlokwa tse tlamehang ho rarollwa.

Kahoo, tharollo ya naha ke kgolo e hodimo le tlhahiso ya mesebetsi ho fokotsa le ho fedisa bofuma le ho se lekane ka hohlehohle.

Jwaloka naha e ntseng e thuthuha ebile e le setsing sa moruo o kopakopaneng, re bona seabo sa rona e le ho etella pele le ho tataisa moruo esita le ho kena dipakeng molemong wa bafutsana, ha re sheba nalane ya naha ya rona.

Tlasa tshusumetso ya boikarabelo bona, ka 2010 re hlomamisitse moralo wa Motjha wa Kgolo e Ntjha ra ba ra hlwaya ntshetsopele ya dikaho tsa motheo, bohahlaudi, temo, merafo, tlhahiso le moruo o tshireletsang dihlodilweng e le tsona tse ka sehloohong tlhahisong ya mesebetsi.

Re nyehetse 2011 e le selemo sa tlhahiso ya mesebetsi, ra ba ra kgothaletsa balekane ba rona, e leng bahwebi, basebetsi le setjhaba, ho sebedisana mmoho le rona ho kenngweng tshebetsong ha Motjha wa Kgolo e Ntjha.

Sephetho se a kgothatsa le ha re e so tswe tebetebeng, ka lebaka la maemo a moruo wa lefatshe lohle.

Dipalopalo tsa kotara ya bone tse ntshitsweng ka Labobedi, di bontsha hore sekgahla sa bosiyo ba mesebetsi se theohile ho tloha ho 25% ho ya ho 23,9% ka lebaka la mesebetsi e metjha.

Ka 2011, ho ile ha hirwa palo yohle ya batho ba 365 000. ena ke tshebetso e ntle ka hofetisisa haesale ho tloha ka putlamo ya moruo ya 2008.

Ntho e boelang e le bohlokwa ke ya hore mesebetsi yohle e metjha e lekaleng le hlophisitsweng la moruo, makaleng a kang a merafo, dipalangwang, ditshebeletso tsa setjhaba le kgwebisano, ha re bala tse mmalwa.

Ho na le dintho tse pedi tsa bohlokwa tseo re di entseng ka nepo ka 2011, tse kentseng letsoho katlehong ena ya kopanelo.

Ya pele, re behile tlhahiso ya mesebetsi ka sehloohong dinthong tsohle tsa mmuso, ho akga le dikgwebo tseo e leng tsa mmuso.

Ya bobedi, re matlafaditse dipuisano phedisanong esita le tshebedisanommoho dipakeng tsa mmuso, kgwebo le setjhaba.

Ditumellano tse tekennweng ke mmuso, kgwebo le basebetsi ka phumantsho, ntshetsopele ya boqhetseke, thuto ya motheo le moruo o tshireletsang dihlodilweng, di netefatsa sepheo sa rona se tshwanang esita le boikitlaetso ba ho aha naha ena.

Mmuso o ke ke wa kgona o le mong, ho rarolla diphephetso tseo naha ena e tobanang le tsona, empa ha re sebetsa mmoho, ditharollo di tla ba teng.

Bamphato,

E re ke nke monyetla ona ho le tlalehela ka boikitlaetso bo entsweng Puong ya Pulo ya Palamente ya ngwahola.

Letlole la Tlhahiso ya Mesebetsi, leo re tsebisitseng ka lona ngwahola le qadile ho sebetsa ka Phuptjane. Dikopo tse fetang 2 500 di ile tsa amohelwa mokgahlelong wa pele. Kabelo ya diprojeke e fetang R1 bilione e se e behilwe paneng.

Re ile ra boela ra tsebisa ka ditsiane tsa boleng ba dibilione tse R20 tse katlasa Karolwana 12(i) ya Molao wa Lekgetho la Meputso, o radilweng ho tshehetsa diprojeke tse ntjha tsa indasteri le tlhahiso, esita le diprojeke tse supileng tsa matsete a boleng ba dibilione tse R8,4 di ile tsa ananelwa.

Melawana ya phumantsho e matlafatsang Lefapha la Kgwebisano le Indasteri ho kenya tshebetsong diindasteri tse totobetseng moo ho kgothaletswang dihlahiswa tsa lapeng, e ile ya qala ho sebetsa ka Tshitwe.

Makala ana a akga la ho etsa diaparo, ho kenya meroho ka makanekaneng, matlalo le dieta.

Kgatelopele e se e entswe ho kopanya ditheo tsa dikgwebo tse nyenyane, mme setheo se setjha se tla hlomamiswa monongwaha.

Re tsebisitse ka dibilione tse R10 tse tla behellwa kathoko ke IDC bakeng sa tlhahiso ya mesebetsi.

Hofihlela ha jwale, tjhelete e kaalo ka dibilione tse R1,5 e ile ya ananelwa dikhamphaneng tse 60 ho kgothaletsa tlhahiso ya mesebetsi.

Bamphato le metswalle,

Indasteri ya merafo, e leng e nngwe e ka sehloohong tlhahisong ya mesebetsi Motjheng wa Kgolo e Ntjha, e na le seabo sa bohlokwa ntshetsopeleng ya moruo wa setjhaba naheng.

Mmuso o entse lewa la ho fola melemo le habileng ho fana ka menyetla karolong ya bohlokwa ya lekala la dirafshwa, e le karolo ya ho rarolla diphephetso tse tharo tsa bofuma, ho se lekane le bosiyo ba mesebetsi.

Re dula re ntse re ikitlaeditse ho theeng maemo a matle a ho qothisana lehlokwa lefatsheng ka bophara lekaleng la merafo, esita le ho phahamisa indasteri ho hohela matsete, le ho fihlella kgolo ya indasteri le diphetoho tse hlokehang haholo.

Motsamaisi wa Dipuisano ya kgabane,
Modulasetulo ya kgabane wa NCOP,

Mosebetsi o entsweng ngwahola o bontsha hore haeba re ntse re tswelapele ho hola hantle, re tla qala ho ngola pale e ntjha ka Aforika Borwa ? pale ya hore re entse ha jwang, ha re sebetsa mmoho, ho hlahisa mesebetsi le ho fokotsa ho se lekane moruong esita le ho fedisa bofuma.

Jwale ho a bonahala hore dintho di ka kgona ho etsahala.

Ha re a tlameha ho fellwa ke mafolofolo ana.

Bakeng sa selemo sa 2012 le ho feta, re mema setjhaba ho ikamahanya le mmuso ntshetsopeleng e kgolohadi ya dikaho tsa motheo.

Ntate Motsamaisi wa Dipuisano le Modulasetulo,

Re tla thakgola letsholo la ho aha dikaho tsa motheo naheng yohle. Sena se tla phahamisa maemo a moruo, se be se hlahise menyetla ya mesebetsi.

Bamphato,

Re tla sebedisa makgabane a bolaodi ba diprojeke a kotutsweng nakong ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA wa 2010 ho atlehisa projeke ena.

Morero wa dikaho tsa motheo o tla tsamaiswa o be o lekolwe ke Khomishene ya Mopresidente e Hlophisang Dikaho tsa Motheo (PICC), e ileng ya thewa ka Loetse, e kopanyang Matona, Ditonakgolo le Dimeyara ba Ditoropo tse Kgolo katlasa boetapele ba Mopresidente le Motlatsi wa Mopresidente.

PICC e hlwaile ya ba ya thea dikgato tsa ho thakgola diprojeke le dikaho tsa motheo ho tloha dikgwebong tsa mmuso esita le mafapheng a naha, a diprofense le a mmuso wa dibaka.

Tsena di kgobokantswe mmoho, tsa lekodiswa tsa ba tsa bewa ka sehloohong leweng le se ntse le le motjheng la diprojeke tse kopantsweng.

Re kgethile mananeo a mahlano a ka sehloohong a tobanang le dibaka tse fapafapaneng, esita le diprojeke tse tobanang le dikaho tsa motheo wa bophelo bo botle le thuto ya motheo, ditheknoloji tsa lesedi le dikgokahanyo esita le ho kopanngwa ha mabatowa.

Diprojeke di ka mokgwa o latelang:

Ya pele, re rera ho ntshetsapele le ho kopanya dikaho tsa motheo wa diporo, mebila le metsi, o tsepameng tikolohong ya dibaka tse pedi tse ka sehloohong Limpopo: Waterberg e karolong e ka Bophirimela ba profense le Steelpoort e karolong e ka Botjhabela.

Matsapa ana a reretswe ho katolla dikgoro lethathameng la dirafshwa tsa mashala, polatinamo, phaladiamo, kroumu le dirafshwa tse ding, ka sepheo sa ho nolofatsa keketseho ya merafo esita le kgolo ya ho fola melemo dirafshweng.

Tshebedisong ya dintshetsopele tsa Limpopo e le motheo, re tla eketsa dipalangwang tsa diterene Mpumalanga, re kopanya dithota tsa mashala le diteishene tsa motlakase.

Sena se tla re thusa ho nka qeto ya ho sutha mebileng ho ya diporong tsamaisong ya mashala, e leng yona e bakileng tshenyo mebileng ya Mpumalanga.

Dikarolo tse ka botjhabela profenseng ya Leboya Bophirima di tla fola molemo tjhadimong e batsi ya dikaho tsa motheo o hoketsweng merafong esita le ho fola melemo dirafshweng.

Ya bobedi, re tla ntlafatsa tsamaiso ya thepa le ho kopanngwa ha moruo ka mmila wa tsamaiso ya thepa le wa indasteri o kopanyang Durban-Foreistata-Gauteng.

Projeke ena e reretswe ho kopanya ditsi tsa moruo tse ka sehloohong tsa Gauteng le Durban esita le Pinetown, mme hona hoo, e kopanye ditsi tsena le bokgoni bo ntlafaditsweng ba diyantle ka madiboho a rona a ho kena le ho tswa a mawatleng.

Ntlheng ena, ke motlotlo ho tsebisa ka Lewa la Tlhokeho ya Mebaraka la Transnet, le fupereng matsete a dilemong tse supileng tse tlang, a diprojeke tsa dibilione tse R300.

Tjheleteng ena, dibilione tse R200 e abetswe diprojeke tsa diporo mme boholo ba e setseng, e ya diprojekeng tsa madiboho a ho kena le ho tswa.

Ka hara lenane la diprojeke tse rerilweng, ho na le katoloso ya diyantle tsa tshepe ho tloha ditoneng tse dimilione tse 60 ka selemo ho ya ditoneng tse dimilione tse 82 ka selemo.

E boetse e akga dintlafatso tse fapafapaneng tsa Tsela ya Seporo ya Durban-Gauteng le ntshetsopele e kentsweng ya motjha wa diyantle tsa manganese o motjha wa ditone tse dimilione tse 16 ka selemo Ledibohong la Ngqura le Nelson Mandela Bay.

Lewa la Tlhokeho ya Mebaraka le tla thusa tlhahisong ya mesebetsi e mengata le ho feta, moruong wa Aforika Borwa, esita le keketseho ya dihlahiswa tsa lapeng le Matlafatso ya ba Batsho Moruong. Lewa le tla boela le bea Aforika Borwa setsing sa bohlokwa sa tsamaiso ya thepa Aforika e ka borwa ba Sahara le bile le fana ka tshebeletso ya ditaba tse kopantsweng tsa lebatowa la Nepad.

Re nnile ra shebisisa tlhokeho ya ho fokotsa ditefiso tsa ledibohong, e le karolo ya ho fokotsa ditjeo tsa ho etsa kgwebo. Taba ya ditefiso tse hodimo tsa ledibohong ebile e nngwe ya dintho tse ileng tsa hlahiswa ke lekala la ketso ya makoloi la Port Elizabeth le Uitenhage nakong ya ketelo ya ka ya tekolo ya tshebetso ya lekala ngwahola.

Ntlheng ena, ke motlotlo ho tsebisa hore Molaodi wa Lediboho le Transnet ba dumellane ka tlhophiso e tla etsa hore barekisi ba diyantle tsa thepa e hlahisitsweng, ba fumane phokotseho e kgolo ya ditefiso tsa ledibohong nakong ya selemo se tlang, e ka bang R1 bilione ha e feletse.

Ya boraro, re tla thea kgutlo e ka sehloohong e ntjha ka borwa botjhabela e tla ntlafatsa ntshetsopele ya diindasteri le temo esita le bokgoni ba diyantle lebatoweng la Kapa Botjhabela, e be e atolle moruo le ho kopanngwa ha mebila e tsamaisang thepa profenseng le Kapa Leboya le KwaZulu-Natal.

Karolong enngwe ya Kapa Botjhabela, e leng Transkei ya mehleng, re ikemiseditse ho aha letamo re sebedisa Noka ya Umzimvubu e le mohlodi wa metsi, ka sepheo sa ho eketsa tlhahiso temong.

Ho feta moo, ho kenngwa tshebetsong ha Projeke ya Ntlafatso ya Mthatha, e leng projeke e kgethehileng ya Mopresidente, ho tsamaya hantle.

Mosebetsi o se o hatetse pele haholo ho ntlafatsa phepelo ya metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakase, mebila, bodulo ba batho, ntshetsopele ya boemafofane le dintho tse amanang le ditheo le puso.

Ya bone, kwana Leboya Bophirima, re tla atolla phano ya metsi, mebila, dikaho tsa motheo wa diporo le motlakase. Mebila e leshome e hlwailweng e le ka sehloohong e tla ntlafatswa.

Ya bohlano, re bona bokgoni bo babatsehang mabapa le lebopo le ka bophirimela la naha esita le tlhokeho ya ho ntlafatsa dikaho tsa motheo ho utolla bokgoni bona.

Merero ya rona e akga keketso ya seporo se tla tsamaisa tshepe dipakeng tsa Sishen e Kapa Leboya le Saldanha Bay e Kapa Bophirima, mme e tla thea lenane le hodimo la mesebetsi diprofenseng ka bobedi.

Bokgoni ba serafshwa sa tshepe dipalangweng tse e tsamaisang bo tla eketsa bokgoni ho ya ditoneng tse dimilione tse 100 ka selemo.

Sena se tla dumella katoloso ya merafo ya tshepe nakong ya dilemoshome tse tlang ho fepela matsete a ntseng a hola a naha e thuthuang dikahong tsa motheo le mesebetsing ya diindasteri.

Bamphato,

Re boetse re hlwaile diprojeke tsa bohlokwa tsa dikaho tsa motheo setjhabeng. Tsena di akga diprojeke tse reretsweng ho rala motheo wa tsamaiso ya Inshorense ya Setjhaba ya Bophelo bo Botle jwaloka ntlafatso ya dipetlele le matlo a bodulo ba baoki.

Palo yohle ya dimilione tse R300 e se e abilwe bakeng sa mosebetsi wa ditlhophisetso tsa ho aha diunivesithi tse ntjha Mpumalanga le Kapa Leboya.

Projeke e nngwe ya dikaho tsa motheo e nang le bokgoni bo boholo ke boiketo ba Aforika Borwa ba ho tshwara Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara sa radiyo ya theleskoupo, ka selekane le dinaha tse ding tse robedi tsa Aforika. Moiketi ya hlotseng o tla tsebiswa kgweding e tlang. Re a le kopa hore le tshehetse boiketo ba naha ena.

Ya ho qetela, mosebetsi wa rona wa dikaho tsa motheo o namela ka mose wane ho meedi ya rona. Aforika Borwa ke motshwarateu Motjheng wa Leboya-Borwa wa Mebila le Diporo, e leng karolo ya kgato e Eteletseng pele Dikaho tsa Motheo wa Bapresidente ba Nepad ba Kopano ya Aforika

Ntlheng ena, mosebetsi o fupere diprojeke tsa kopanelo tse fapafapaneng tse akaretsang mebila le diporo, ho tshela meedi ka mahlakoreng ohle, eneji le tlhahisoleseding esita le ditheknoloji tsa dikgokahanyo.

Bamphato,

Moqeqekohadi wa matsete dikahong tsa motheo o tshwanela ho siya tse tomanyana ho feta diteishene tsa motlakase, diporo, matamo le mebila. O tlameha ho eketsa diindasteri tsa naha, ho bopa boqhetseke le ho matlafatsa tlhokeho e kgolo ya ho thewa ha mesebetsi.

Ke tla epa pitso ya dikaho tsa motheo wa Mopresidente ho tshohla, le boramatsete ba ka kgonang esita le balekane setjhabeng, ho kenngwa tshebetsong ha morero ona.

Motsamaisi wa Dipuisano ya kgabane, Modulasetulo ya kgabane wa NCOP,

Jwale ke batla ho bua ka dintho tse amanang le ho eketswa ha ditshebeletso tsa mantlha, ho rarolla bothata ba ho se lekane, kgotso le tshireletso esita le momahano ya setjhaba.

Ke amohetse ngollano e ngata ya bohlokwa ha ho atamela SoNA. Dipuisano tse jwalo di re thusa ho utlwisisa setjhaba sa rona le ditlhoko tsa sona.

Ke amohetse imeili e amanang le bothata ba matlo e tswang ho Mzukisi Mali, mosebeletsi wa mmuso wa sebakeng sa Fingo, Grahamstown. O ngotse jwaana:

?Ka 1994 moputso wa ka o ne o le hodimo haholo bakeng sa ho fumana ntlo ya RDP o bile o le tlase haholo ho ka fumana bonto, sena se tswetse pele ho fihlela lena le hodimo. Ke na le bana ba bararo mme mofumahadi wa ka ha a sebetse.

Ha ke etsa kopo ya ntlo ya RDP ke bolellwa hore ha ke lokele ho e fumana, athe nke ke ka fumana le bonto hobane ke na le bokotsi dibankeng ...??

Ka lehlohonolo, re se re le motjheng wa ho rarolla bothata ba Ntate Mali le ba bang ba bangata.

Ka 2010, re tsebisitse ka letlole le netefaditsweng la R1 bilione ho ntlafatsa phihlello ya dikadimo tsa ditjhelete.

Re motlotlo ho tlaleha hore letlole lena le tla qala ho sebetsa ka Mmesa, tlasa botsamaisi ba Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo Naheng. Sekema se tla thusa dibanka ho kadimana ka tjhelete bathong ba boemong bo tshwanang le ba Ntate Mali.

Ho feta moo, ho tloha ka Mmesa, batho ba amohelang moputso o dipakeng tsa R3 500 le R15 000, ba tla kgona ho fumana thuso ya tjhelete e fihlang ho R83 000 ho tswa diprofenseng, ho ba thusa ho fumana tjhelete ya matlo dibankeng tse ngodisitsweng.

O se ke wa nyahama Ntate Mali le ba bang ba bangata, ho tla loka ka lebaka la tshehetso ena e tla fumaneha mebusong ya diprofense, esita le inshorense e ntjha e tla nolofaletsa dibanka hore di le kadime tjhelete.

Bamphato,

Ho na le ngongoreho e ntseng e tswelapele ho tswa dikgwebong le setjhabeng mabapi le ditjeo tse hodimo tsa motlakase.

Ke kopile Eskom ho phenyekolla mekgwa e meng eo ka yona tlhokeho ya keketso ya theko e ka fokotswang kateng dilemong tse mmalwa tse tlang, tshehetsong ya kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi, mme e mphe ditshisinyo tse tla sekasekwa.

Re hloka motjha wa theko ya motlakase, o tla netefatsa hore Eskom le indasteri di dula di tsitsitse ditjheleteng, empa motlakase o dule o fihlelleha, haholoholo bafutsaneng.

Le ha ho le jwalo, ho fihlellweng ha botsitso, ho tla hlokeha tumellano le MaAforika Borwa ohle ? ho akga dikgwebo, basebetsi, bomasepala, setjhaba le bareki le bafepedi bohle.

Re tlameha ho boloka motlakase.

Dilemong tse pedi tse tlang, hofihlela diteishene tsa motlakase tsa Medupi le Kusile di sebetsa, motlakase o tla haella haholo.

Bohle re tshwanela ho ba le boikarabelo ho qoba phiifalo ya motlakase.

Ho eketsa bokgoni ba eneji, re tla tswelapele ho tsoma mehlodi ya eneji e ka ntjhafatswang, haholoholo motlakase o fehlwang ka letsatsi le dibayofuel ha re ntse re kenya tshebetsong Tumellano ya Moruo o Tshireletsang Dihlodilweng mmoho le ba amehang.

Hofihlela ha jwale, re se re kentse dikisara tsa motlakase o fehlwang ka letsatsi tse fetang 220 000 naha ka bophara.

Pehelo ya mmuso ke dikisara tsa motlakase o fehlwang ka letsatsi tse milione e le nngwe ka 2014 ho ya ho 2015.

Ditho tse kgabane,
Bamphato,

Mmuso o tswelapele ho atolla phihlello ya phepelo ya mantlha ya metsi. Le ha ho le jwalo, ho hlakile hore ho fumana metsi e ntse e le phephetso dibakeng tse ding.

Imeili e tswang ho Mmatsheko Pine wa Hammanskraal ke enngwe pharela.

Mongodi o re: ?Ho na le sebaka se bitswang Ngobi haufi le Hammanskraal, tlasa Masepala wa Sebaka wa Moretele, batho ba dulang sebakeng seo ba tsofetse jwale, ebile bongata ba bona ba a kula.

Sebaka seo haesale se hloka metsi dilemong tse pedi tse fetileng. Batho ba tshepetse puleng ho fumana metsi.

Ho na le dipeipi tsa metsi tse kentsweng le motjhine, empa ho thwe bothata ke kgatello ya ho pompa metsi. Ebe kantoro ya hao e ka thusa ka ba ikarabelang??

Ke kopile Letona la Ditaba tsa Metsi le Tikoloho ho fuputsa taba ena ka sepheo sa ho fumana tharollo e potlakileng.

Phepelo ya metsi e diehisitswe dikarolong tse ding tsa naha ka lebaka la kgaello ya dikaho tsa motheo. Re se ntse re le hodima yona taba ena. Ho tea mohlala, disekema tse ntjha tse hlano tsa thusetso ya metsi di se di le motjheng.

Tsona ke Mohlodi wa Metsi wa Noka ya Olifants e ka Steelpoort profenseng ya Limpopo, Tsamaiso e ka Botjhabela ba Noka ya Lekwa e ka Secunda Mpumalanga, Sekema sa Thusetso sa Metsi sa Komati se ka Nkangala Mpumalanga, ho phahamiswa ha Letamo la Hazelmere le ka KwaZulu-Natal le Letamo la Clan William le Clan William e ka Kapa Bophirima. Ho feta moo, matamo a robong ho a 25 a se a ntjhafaditswe.

Mabapi le ditsebiso tseo re di entseng nakong ya Seboka sa Phetoho ya Tlelaemete sa COP17 sa Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng, dimilione tse R248 di tla tsetelwa dilemong tse pedi tse tlang ho lwantshana le taba ya metsi a nang le asiti ya dirafshwa Witwatersrand.

Ha ke nke monyetla ona ho thoholetsa Komiti ya Matona a Kopaneng ho COP17 ka ho etsa hore seboka seo e be katleho e kgolo.

Sephetho sa ho qetela sa COP17 ebile nalane e kgolo le mohlala o motle, se le boemong bo tshwanang le ba seboka sa 1997 moo Prothokhole ya Kyoto e ileng ya ananelwa teng.

Ha re aha hodima dikatleho tsa COP17, Aforika Borwa e tla ba le seabo Sebokeng se seholo sa Rio plus 20 kwana Brazil, moo ho tla be ho ketekwa selemo sa 10 sa Seboka sa Lefatshe Ntshetsopeleng ya Nako e Telele.

Motsamaisi wa Dipuisano ya kgabane le Modulasetulo ya kgabane,

Tsepamiso ya rona ya maikutlo thutong e bea ditholwana tse ntle.

Re thabile ha e le mona katleho ya Materiki e ntse e nyoloha. Re thoholetsa matitjhere, baithuti, batswadi le setjhaba ka matsapa ao.

Re tla tswelapele ho tsetela tlhahisong ya matitjhere a mangatanyana a ka rutang Dipalo, Saense le dipuo tsa Seaforika.

Bamphato,

Boipiletso ba rona matitjhereng ke hore a be sekolong, ka phaposing, ka nako, a ruta ka dihora tse supileng, bonnyane ka letsatsi, mme boipiletso boo bo dula bo le bohlokwa katlehong. Re leboha mekgatlo ya basebetsi ya matitjhere ka ho tshehetsa letsholo lena.

Katleho e kgolo ke phetapheto ya lenane la ngodiso Kereiting ya R, ho tloha ho 300 000 ka 2003 ho ya ho 705 000 ka 2011. Re bonahala re tla atleha ho fihlella pehelo ya rona ya ho fihlella ho 100% bakeng sa Kereiti ya R ka 2014.

Ho lwantsha bofuma le ho se lekane esita le ho boloka baithuti ba le sekolong, baithuti ba fetang dimilione tse robedi ba kena sekolo moo ho sa lefshweng tjhelete ya sekolo, ha ba fetang dimilione tse robedi ba fola molemo sekemeng sa mmuso sa phepo dikolong.

Ngwahola, mmuso wa naha o sebedisitse bonamodi ba Karolo ya 100 (1)(b) Kapa Botjhabela, ho thusa Lefapha la Thuto ho ntlafatsa phano ya thuto.

Mathata a ne a akga ho se iswe ha dibuka tsa ho ruta, ho se lefshwe ha dipalangwang tsa baithuti, matitjhere a mangata haholo le boleng bo tlase ba ho ruta le ho ithuta.

Ho kenngwa tshebetsong ha bonamodi ho tla tswelapele mme re sebetsa hantle le profense ntlheng ena. Re ikemiseditse ho ntlafatsa boemo ba thuto Kapa Botjhabela. Re ipiletsa ho bohle ba amehang ho sebetsa le rona ho tlisa katleho ha ho fetolwa mawa.

Bamphato,

Nakong ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA wa 2010, re qetile ka hore lefa la Aforika Borwa e tla ba ho kgothaletsa phihlello ya thuto hohle lefatsheng.

Sekgahla sa ho kena sekolo naheng ya rona jwale se atametse 100% bakeng sa thaka e tlamehang maoto le matsoho ho kena sekolo, e leng dilemo tse 7 ho ya ho 15. Empa re ntse re ngongorehiswa ke tlaleho ya Diphuputso tsa Malapeng tse Akaretsang tsa 2010 hore bana ba fetang 120 000 thakeng eo ha ba kene sekolo.

Bana ba tswang sekolo Kereiting ya 10 ke bothata, haholoholo dibakeng tsa mahaeng le tsa mapolasing Kapa Bophirimela.

Mmuso wa naha o tla sebedisana mmoho le Mmuso wa Kapa Bophirima, ho tsoma baithuti bana le ho fana ka tshehetso ho etsetsa hore ba se ke ba fiifallwa ke bokamoso ba bona.

Mabapi le Thuto e Phahameng, re tlola dipehelo tsa rona. Baithuti ba atamelang 14 000 ba behilwe menyetleng ya boithuto mosebetsing nakong ya selemo e fetileng, athe diathisene tse fetang 11 000 di phethetse diteko tsa tsona.

Re thabela ho bona hore le a ata lenane la batjha ba ithutang boqhetseke ba mesebetsi dikholetjheng tsena tse bitswang ka hore ke dikholetjhe tsa Thupelo le Ntshetsopele ya Thuto.

Re a le kopa batswadi hore le kgothaletse bana ho ithuta dikholetjheng tsena. Ha ba a tshwanela hore ba nahane hore mesebetsi e ithutelwa diyunivesithing feela.

Re a bo hloka boqhetseke bo fumanwang dikholetjheng tsena.

Ho atolla phihlello ya thuto e ditheong tse phahameng ho ya ka tsebiso ya rona ya ngwahola, dimilione tse R200 e ile ya sebediswa ho thusa baithuti ba 25 000 ho lefa melato ya bona ditheong tsa thuto e phahameng.

Bamphato le metswalle,

Re thoholetsa lekala la bophelo bo botle esita le Lekgotla la Naha la AIDS la Aforika Borwa le etelletsweng pele ke Motlatsi wa Mopresidente wa Aforika Borwa, ka katleho ya lenaneo la HIV le AIDS.

Leha re ntse re sebetsa hantle mabapi le kalafo le thibelo ya phetisetso ho tloha ho mme ho ya leseeng, matsapa a thibelo a akaretsang a tlameha ho akofiswa.

Re boetse re lakatsa ho kgothaletsa maAforika Borwa ho phela maphelo a matle ho fokotsa sekgahla sa mafu a sa bonahaleng a kang lefu la tswekere, lefu la pelo le la kgatello e mpe ya maikutlo.

Bamphato le metswalle,

Selemo sa 2013 e tla ba selemokgolo sa Molao wa Mobu wa ba Batsho wa 1913, o ileng wa amoha batho ba maAforika 87% ya naha ya bona.

Molaotheo o tlama Naha hore e ele hloko ditokelo tsa pusetso ya mobu ho bao ba ileng ba amohuwa ke molao wa 1913.

Re abile 8% feela pehelong ya rona ya 30% ya pusetso ya mobu bakeng sa 2014. Mosebetsi ona o a sisitheha o bile o a tena mme ho na le tumellano e akaretsang ya hore mokgwa wa moreki ya labalabelang ? morekisi ya labalabelang ha e ya ba mokgwa o motle wa ho rarolla bothata bona.

Ke ka lebaka lena re entseng moralo wa leano le letjha, Pampiri e Tala ya Kabobotjha ya Mobu.

Re ipiletsa setjhabeng ho kenya letsoho mosebetsing wa ho ntlafatsa pusetso le kabobotjha ya mobu ho etsolla sekgahla sa Molao wa 1913.

Motsamaisi wa Dipuisano ya kgabane,
Bamphato,

Diphetohong tse kgolo tsa moruo, re hlomathisa Molao wa Matlafatso ya Motheo o Batsi wa ba Batsho Moruong. Dihlomathiso, ho tse ding, di thea khomishene ya melao e tla sebetsana le ho se ikamahanye le ho kwekwetla.

Molao o sisintsweng o tla boela o e etsa tlolo ya molao taba ya ho sirela kamora ba bang mesebetsing ya mmuso esita le mefuta e meng ya boemedi ba bolotsana matlafatsong.

Mabapi le ditaba tsa kgolofalo, re laetse mafapha ohle a mmuso ho netefatsa hore re fihlella pehelo eo re ipehetseng yona dilemong tse mmalwa tse fetileng ya ho ba le 2% ya batho ba hirwang Tshebeletsong ya Setjhaba e le batho ba holofetseng.

Re boetse re sebetsa re habile Bili ya Matlafatso ya Basadi le Tekano ya Bong, ho kgothaletsa boikamahanyo mmusong le lekaleng la poraefete esita le ho kenya dikotloqobello moo ho seng boikamahanyo.

Ha jwale, mosebetsi wa Nedlac wa Mefuta ya Kgiro le Thekiso ya Mesebetsi o phethetswe.

Mmuso o batla ho fedisa mefuta yohle ya tlhoriso e etswang thekisong ya mesebetsi, ka sepheo sa ho matlafatsa tshireletso ya basebetsi ba kotsing. Re a tshepa hore kutlwisisano e tla ba teng tabeng ena monongwaha.

Bamphato,

Ka 2009, re entse boikitlaetso ba ho potlakisa twantsho ya ditlolo tsa molao le bonyofonyofo.

Dipalopalo tsa ditlolo tsa molao nakong ya 2010/11 di bontsha phokotseho ya 5% ya lenane la ditlolo tse mpe tsa molao tse tlalehilweng naheng ya rona, papisong le mengwaheng e fetileng.

Leha ho le jwalo, re ke ke ra bontsha kgotsofalo. Re tswelapele ho kenya tshebetsong manaeo a rona a ho etsa hore maAforika Borwa a ikutlwe a lokolohile a bile a bolokehile.

Re boela re tswelapele ho ntlafatsa tshebetso ya Naha ka mekgwa e fapafapaneng, ho akga twantsho ya bonyofonyofo.

Sehlopha se Sebetsanang le Diakgente-Ngata ho tsa phumantsho, se eteletsweng pele ke Matlotlo a Naha, Sars le Setsi sa Boutlwela ba Ditjhelete, se shebabotjha tsamaiso yohle ya phumantsho ya ditshebeletso tsa naha ho netefatsa boleng bo botle ba tjhelete ho tswa tshebedisong ya tjhelete ya mmuso.

Dikgato tseo di akga phenyekollo e phethahetseng ya basebetsi ba makaleng a phumantsho mafapheng a mmuso.

Ho ntlafatsa tshireletso ho ya pele, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le tekenne Memorandamo wa Kutlwisisano le indasteri ya dibanka ho kenya tshebetsong Tsamaiso ya Khomphyutha ya Netefatso ya Dikgatiso tsa Menwana dibankeng tsohle tse nkang seabo, ho thusa thibelong le phofonelong ya bobodu.

Bamphato le metswalle,

Re sebetsa le diprofense tse fapaneng ho ntlafatsa puso le tsamaiso.

Tsena di akga Gauteng, ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle, Foreistata ka dipalangwang le mebila esita le Limpopo ho ntlafatsa puso le tsamaiso ya ditjhelete mafapheng a mahlano, ho akga la Matlotlo a Profense.

Re amohela tlhomamiso ya Peo ya Leihlo ya Cosatu Bonyofonyofong, esita le tumellano ya moraorao dipakeng tsa mmuso le kgwebo, ya ho kenya tshebetsong mananeo a kgahlanong le bonyofonyofo.

Mehato ena ya ho kena dipakeng e tla thusa mosebetsing wa mmuso wa twantsho ya bonyofonyofo.

Bamphato le metswalle,

E le karolo ya ho kgothaletsa momahano ya setjhaba, monongwaha re tla ikitlaetsa re be re tswelepele ka diprojeke tse ngata tsa lefa la setjhaba.

Dimusiamo le ditsi tse tla bulwa di tla akga Musiamo wa Tlhaselo wa Matola o Maputo, Musiamo wa Ncome o KwaZulu-Natal, mokgahlelo wa 2 wa Musiamo wa Freedom Park le Setsi sa Letlotlo la Steve Biko se Ginsberg, King Williamstown.

Re boetse re beile matlo le mabitla a bapresidente ba mehleng ba ANC ka sehloohong, ho akga le Thomas Maphikela, Lillian Ngoyi, Walter le Albertina Sisulu, Griffiths le Victoria Mxenge, Robert Sobukwe le ba bang.

Ditsha tsa sehopotso tse tla bewa ka sehloohong di akga sa Bohanapuso ba Pondo, ditsha tsa dintwa tsa meedi, Bohanapuso ba basadi ba maAforika ba 1913 Foreistata, Bohanapuso ba 1957 ba basadi bo Kgahlanong le Dipasa Zeerust, Setsi sa Setjhaba sa Rocklands se Mitchells Plain moo United Democratic Front e ileng ya thewa teng esita le Moaho wa Sehopotso sa ba Supileng ba Gugulethu, Cape Town.

Re boetse re motjheng wa mosebetsi wa ho reka le ho hlabolla Ntlo ya Winnie Mandela e Brandfort, Ntlo ya Dr Moroka e Thaba Nchu le Ntlo ya Bram Fischer e Westdene.

Diprojeke tse ekeditsweng di akga tlhomamiso ya Lediboho la Kgwebisano la Dube le le ho bulwa ha Seemahale sa John Dube Boemafofaneng ba Matjhaba ba King Shaka kgweding e tlang, esita le ho reella Ntlo ya Dikgosi ya bodulo ba mopresidente e Durban ka Dr Dube.

Ntlo ya Baeti ba Mopresidente e Pretoria e tla reellwa ka Ntate Sefako Makgatho le Ntlo ya Baeti ba Bodiplomate e Pretoria e tla reellwa ka mofu wa bodiplomate, Ntate Johnny Makatini.

Mmuso o tla boela o teka Bili ya Ditaba tsa Baetapele ba Setso, e fanang ka kananelo ya setjhaba sa Makhoi-San, boetapele ba sona le mekgatlo.

Ho bohlokwa ho hopola hore Makhoi-San ke wona a ileng a sotlwa ka ho fetisisa ke bakoloniale ba ileng ba leka ho ba fedisa, ba nyatsa puo ya bona le boitsebahatso. Jwaloka Aforika Borwa e lokolohileng ya demokrasi kajeno, re ke ke ra iphapanyetsa ho lokisa tshenyo ya nako e fetileng.

Ke tshohlile taba ena ka botebo le setjhaba sa Makhoi-San ha ke ne ke kopana le sona Cape Town ngwahola mme ra dumellana ka ho sebetsa mmoho ho lokisa ditlhokeho tsa toka tsa nako e fetileng.

Bamphato,

Isao, 2013, moaho wa tsamaiso ya mmuso, Union Buildings, o tla be o qeta dilemo tse 100 o le teng mme ditlhophiso tsa ho keteka dilemokgolo o tla qala monongwaha.

MaAforika Borwa a heso,

Re tlameha ho sebetsa hantle dipapading monongwaha! Kgalala ya rona, Oscar Pistorius, o se a entse mohlala o motle bakeng sa selemo sena ka ho hapa Kgau ya Laureus ya Radipapadi wa Selemo wa 2012 ho ba Holofetseng. Re a mo thoholetsa ka katleho ena.

Re boela re thoholetsa sehlopha sa naha sa bolo ya maoto sa basadi, Banyana Banyana, ka ho kena dipapading tsa Di-Olimphiki tsa London kgetlo la pele. Ka tshehetso ya rona, ba tla sebetsa hantle.

Re filwe tlotla ya ho tshwara Mohope wa Bolo ya Maoto wa Dinaha tsa Aforika isao, re nka sebaka sa Lybia jwaloka ha ba ke ke ba kgona ho etsa jwalo.

Bamphato,

Ntumelleng ho nka monyetla ona ho fetisa dithoholetso tse tswang botebong ba pelo le ditakaletso tse ntle ho Mme Rebecca Kotane, mofumahadi wa ramatlotlo e moholo wa mehleng wa ANC, Moses Kotane, ebile e le mongodi e moholo wa SACP, ya tla be a qeta dilemo tse 100 ka Sontaha mohla la 12 Hlakola.

Dilemokgolo tse ding ke tsa Mokgatlo wa Bahlankana ba Kereke ya Wesele e ka Borwa ba Aforika, Amadodana aseWesile.

Keteko enngwe ya dilemokgolo ke ya Bomme ba Phutheho ya Kereke e Kopaneng ya Fora ya Aforika Borwa.

Bohle re ba lakaletsa katleho meketeng ya bona.

Bamphato,

Re hlakisitse ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la dikaho tsa motheo hona jwale, ho fihlela ka 2014 le ho feta.

Ke batla ho ipiletsa bathong bohle babo rona ho tshwarana ka matsoho jwaloka ha ba tlwaetse, ha re sebetsaneng le diphephetso tse tharo tsa tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekane. Ha ho motho ya tla re etsetsa mosebetsi ona, tsohle di matsohong a rona. Bohle re o loketse mosebetsi ona.

Ha re kgutlela mosebetsing hosane, ha re inkeleng mantswe a mopresidente wa pele wa Liki ya Basadi ya ANC Mme Charlotte Maxeke, ya ileng a bua jwaana puong ya hae ya Bopresidente Lekgotleng la Naha la Basadi ba Aforika.

?Mosebetsi ona ha se wa lona ? bolayang moya oo wa bolona, mme le se ke la phahamela setjhaba sa bolona, empa phelang le sona. Haeba le ka nyoloha, nyolohang le batho ba bang.?

Ke a leboha.

Issued by: The Presidency

Additional Formats

 

Share this page

Similar categories to explore