Puo e mabapi le maemo a setjhaba ka Mohlomphehi J G Zuma, MoPresidente wa Riphaboliki ya Aforika Borwa, Palamenteng ya Kopanelo, Motsekapa

03 Jun 2009

Sepikara se Hlomphehileng;
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovense;
Motlatsi wa Sepikara wa Seboka sa Naha le Motlatsi wa Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporovense;
Motlatsi wa Mopresidente wa Riphaboliki, Kgalema Motlanthe;
Mopresidente wa mehleng wa Riphaboliki, Thabo Mbeki;
Mohale wa rona, Mopresidente wa Pele wa Aforika Borwa ya demokerasi;
Isithwalandwe Nelson Rolihlahla Mandela;
Batlatsi ba Poresidente ba mehleng;
Ditonakgolo tse Hlomphehileng le Dipikara tsa Diprovense tsa rona;
Ditho tse hlomphehileng tsa Lekala la Toka;
Modulasetulo wa SALGA, boMajoro le baetapele tsamaisong ya rona ya puso ya selehae;
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso hammoho le baetapele ba rona ba hlomphehileng ba setso;
Dihloho tsa ditheo tsa puso tse tshehetsang molaotheo wa demokerasi;
Mmusisi wa Banka ya Resefe;
Baetapele ba Sedumedi;
Balaodikakaretso hammoho le baetapele ba bang tshebeletsong ya setjhaba;
Mopresidente wa Palamente ya Pan African, Mohlomphehi Idriss Endele Moussa;
Baemedi ba Hlomphehileng Dinaheng tse kantle hammoho le Bakhomishinara ba Phahameng;
Baeti ba Hlomphehileng, bamphato le metswalle;
MaAforika Borwa a heso,

Dumelang, Avuxeni, Molweni,

Ka la 22 Mmesa, dimilione tsa maAforika Borwa di ile tsa tswa letsholo ho ilo vouta. Ba ile ba sebedisa tokelo ya bona ya demokerasi e susumetswang ke tjheseho ya ho fetola maphelo a bona hore a be betere.

Ba tswile ka palo e kgolo haholo, ba tiiseletsa taba ya hore ha batho ba sebedisana ba ka fihlela tse ngata ho lwantsha bofuma mme ba bope bophelo bo betere bakeng sa bohle.

Ba kgothaleditswe ke ponelopele ya ho bopa setjhaba se kopaneng, Aforika Borwa ya bohle ba phelang ho yona, setjhaba se kopaneng le ha se na le diphaphang, batho ba sebedisanang ho fihlela dintho tse ntle bakeng sa bohle.

Re ikokobeditse mme re amohela qeto eo batho ba naha ya rona ba e entseng ho kgetha le ho re fa boikarabelo, batho ba kgethileng puso ya bona ka mokgwa o thabisang haholo.

Ditho tse hlomphehileng,

Setjhaba sa rona se fetile diphephetsong tse kgolo dilemong tse mmalwa tse fetileng.
Re lebohela taba ya hore re na le tsamaiso ya demokerasi ya motheo e sebetsang ka ho phethahala hammoho le diinstitushene tse tsitsitseng le hore re hlola mathata ana habobebe hape ka tlhompho.
Kopano ya kajeno ke mokete o hlakisang hore demokerasi ena e ya sebetsa. E boetse hape e le moo re ketekang setso sa rona sa tswelopele hammoho le boikarabelo bo kopanetsweng.

Sena se pakahatswa ke ho ba teng ha mohale wa rona Madiba ya ileng a beha motheo bakeng sa dikatleho tsa naha ena hammoho le Mopresidente wa mehleng, Thabo Mbeki, ya ileng a hahella hodima motheo oo.

Tswelopele ena e boela e pakahatswa ke hore Mopresidente wa mehleng, Kgalema Motlanthe ha jwale ke Motlatsi wa Mopresidente wa Riphaboliki, kamora diphetoho tse hlokileng masoba mme sena se re etsa naha e kgethehileng ka mekgwa e mengata.

MaAforika Borwa a heso,

Jwalo ka ha le hlokometse, ntwa mabapi le bofuma e tla dula e le seo puso ya rona e tobaneng le sona.

Ka la 9 Motsheanong, nakong eo ho neng ho hlomamiswa Mopresidente, re itlamme bathong ba rona le ho lefatshe ka bophara hore:

?Ha fela ho sa ntse ho na le maAforika Borwa a bolawang ke mafu a ka nnang a phekoleha;
Ha fela ho ntse ho na le basebeletsi ba sitwang ho fepa malapa a bona ebile ba hloleha ho fumana mosebetsi;

Ha fela ho sa ntse ho na le setjhaba se hlokang metsi a hlwekileng, bodulo bo makgethe kapa tsamaiso ya metsi le dithothamantle tse phethahetseng;

Ha fela ho sa ntse ho na le badudi ba mahaeng ba sa kgoneng ho itshebeletsa mme ba iketsetse bophelo bo botle lefatsheng leo ba phelang ho lona;

Ha fela ho sa ntse ho na le basadi ba kgethollwang, ba sebediswang hampe kapa ba hlekefetswang;

Ha fela ho sa ntse ho na le bana ba hlokang kapa ba se nang monyetla wa ho fumana thuto e phethahetseng;

Re ke ke ra phomola mme ha re a lokela ho lahla tshepo le ka mohla letsholong la rona la ho lwantshana le bofuma.

Ha re ntse re leka ho fihlela maikemisetso ana, puso ya rona e hlwaile dibaka tse 10 tse ka sehlohong tseo e leng tsona tse bopang karolo ya rona ya tshebetso ya Lewa la Nako e Bohareng bakeng sa 2009 ho fihla ka 2014.

Lenaneo lena le kengwa tshebetsong tlasa maemo a ikonomi a thata haholo.
Selemo se fetileng se bontshitse hore lefatshe ka bophara le bothateng ba ikonomi mme ke nako ya tlokotsi e neng e sa lebellwa dilemong tsena tsa jwale tsa boleshome.

Le ha Aforika Borwa e sa ka ya thefuleha haholo jwaloka dinaha tse ding tse mmalwa, ho hlakile hore sefutho sa bothata bona se fihlile ha jwale ikonoming ya rona. Re fihlile moo ikonomi ya rona e phutlamang.

Ho bohlokwa haholo ha jwale hore re sebedisane ho feta pele lenaneong le kopanetsweng ebile le tshwanang ho arabella qakeng ena.

Re nka sena e le ntlha ya rona ya mathomo le ya tshebetso bakeng sa Aforika Borwa ho ikarabella qakeng ena ya ikonomi ya matjhaba mme qeto e nkuwe ke puso, boramesebetsi le kgwebo kgweding ya Hlakola selemong sena. Re tlamehile ho etsa ho hong hona jwale ho fokotsa sefutho sa qaka ena haholo bathong ba bothateng ka ho fetisisa.

Re qadile ho etsa ho hong ho fokotsa tahlehelo ya mesebetsi. Ho na le tumellano ya motheo mahareng a puso le balekane ba setjhaba ho kenya tshebetsong thupelo ha ho fokotswa basebeletsi.

Basebeletsi ba tobaneng le bothata ba ho fokotswa mesebetsing ka lebaka la mathata a ikonomi ba tla bolokwa mesebetsing bakeng sa nako e itseng mme ba rupelwe botjha.

Ditherisano di ntse di tswella ka dintlha tsa tshebetso ka botlalo mahareng a balekane ba setjhaba le diinstitushene tse tla angwa ke letsholo lena le thusang, ho kenyeletswa Bookamedi ba Lekala la Thuto le Thupelo.

Re tla tshehetsa mosebetsi wa Khomishene ya Boahlodi, Bonamodi le ho kena Dipakeng (CCMA) ho thusa boramesebetsi le basebeletsi ho fumana ditsela tse ding tse ka thusang ntle le ho fokotsa basebeletsi ka ho sebedisa ditsamaiso tsa molao tse tshwanetseng.

Mothating wa jwale, bakhomishinara ba CCMA ba sireleditse mesebetsi e fetang dikete tse nne ka mekgwa ya tsamaiso e kenang dipakeng mme ba fana ka dikeletso tse tswellang le tshehetso basebeletsing ba fokoditsweng.

Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri e ntshitse lenaneo ho tshehetsa dikhampani tse tlasa kgatello. Re tla etsa bonnete ba hore puso e reka dithoto le ditshebeletso ka bongata hae mona ntle le ho kgesa ditlhodisano tsa kgwebisano le lefatshe ka bophara kapa ntle le ho phahamisa ditheko ho di beha mehatong e hodimo ka tsela e sa amoheleheng.

Ho hahella hodima dikatleho tsa leano la diindaseteri la ho kena dipakeng, ho tla hlahiswa Moralo wa Leano la Tshebetso la Diindaseteri.

Makala a ka sehlohong a seng a ntse a hlwailwe ke la makoloi, dikhemikhale, tlhahiso ya tshepe, bohahlaodi, diaparo le masela hammoho le merero ya meru. Ho tlatseletsa, ho tla boelwa ho shebanwa le ditshebeletso tsena, tlhahiso e bobebe le kaho hara tse ding, sepheo e le ho hlahisa mesebetsi e phethahetseng.

Jwaloka karolo ya Bohato ba 2 ba Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi ya Mmuso Setjhabeng, ho tla potlakiswa Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba.

Le fana ka mohato o tlasenyana wa mosebetsi wa dinako tsohle ho bao ba o hlokang, ha ka lehlakoreng le leng le ntlafatsa boleng ba maphelo a baahi.

Qaka ya ikonomi e putlamang e tla thefula mokoka oo naha ya rona e kgonang ho rarolla diphephetso tsa setjhaba le tsa moruo tseo e tobaneng le tsona; empa sena se ke ke sa fetola tsela ya ntshetsopele ya rona.

Dintlha tsa bohlokwa tsa leano tseo re di hlwaileng hammoho le maano ao re a hlakisitseng ho batho ba voutileng a tla dula e le a bohlokwa lenaneong la puso ena.

Ka moya wa setjhaba sa Aforika Borwa, ha re tshwaraneng ka matsoho re batlane le tharollo kaofela. Nako e fihlile ya ho sebetsa ka thata.

Puso ya rona e habeletse pele, ha e kgutlele morao!

Mehato e hlakisitsweng Tshebetsong ya Lewa la Nako e Bohareng e ile ya lokela ho hlokomela ditshitiso tse hlahileng ka lebaka la qaka ya ikonomi. Qaka ena ha e ya tlameha ho re susumeletsa ho fetola meralo ya rona. E ka mpa ya re susumeletsa ho kenya tshebetsong mehato ena ka potlako ebile ka maikemisetso a maholo.

Tshebetso ya Lewa e shebane le dintlha tse 10 tsa bohlokwa.

Re itlama hore ho sebedisana ho tla potlakisa kgolo ya ikonomi mme ho fetole ikonomi ho hlahisa mosebetsi o phethahetseng le bophelo bo tsitsitseng.

Re tla hlahisa lenaneo le leholo la ho haha ikonomi le ho haha disebediswa tsa motheo tsa setjhaba. Re tla bopa le ho kenya tshebetsong lewa le phethahetseng la ntshetsopele la mahaeng le hokahantsweng le diphetoho tsa ho sebedisa lefatshe le tsa temo hammoho le ho fumaneha ha dijo.

Re tla matlafatsa boitsebelo le disebediswa tsa batho tsa motheo. Re tla ntlafatsa nalane ya bophelo bo botle bakeng sa maAforika Borwa ohle.

Ha re sebedisana le maAforika Borwa ohle, re tla matlafatsa ntwa e mabapi le botlokotsebe le bobodu. Re tla bopa setjhaba se kopaneng, se kgathallang hape se tsitsitseng.

Ha re sebedisana le Aforika hammoho le lefatshe lohle, re tla toboketsa tswelopele ya Aforika le matlafatso ya tshebedisano le mafatshe a mang. Re tla etsa bonnete hore disebediswa di laolwa hantle hape di sebediswa ka tsela e tsitsitseng.

Re tla bopa puso ya ntshetsopele, tshebeletso ya setjhaba e ntlafetseng hape re matlafatse diinstitushene tsa demokerasi mme re sebedisane le batho re ntse re tshehetswa ke basebeletsi ba rona ba setjhaba.

Ke lethabo le tlhompho ho nna ho hlakisa dintlha tsa bohlokwa tsa lenaneo la rona la tshebetso.

Se botebong ba maano a rona a ikonomi ke ho hlahisa mesebetsi e phethahetseng mme re tla susumeletsa kgohedi ya rona ya matsete le mekgwa e metjha ya ho hlahisa mesebetsi.

Boitlamong ba rona, re lokela ho hatele pele ho ntshetsa pele ikonomi e kenyeletsang batho bohle.

Ka tsela e tjena, re tla sebedisa disebediswa tsa puso tse jwaloka phano ya mesebetsi ho boradikonteraka, tshehetso ya phano ya dilaesense le tshehetso ya ditjhelete ho thusa borakgwebo ba banyenyane bakeng sa ntshetsopele ya ho Matlafatsa Batho ba Batsho Ikonoming ka ho Phatlalla hammoho le maano a ho phahamisa batho mesebetsing ba neng ba qheletswe thoko nakong e fetileng.

Mosebetsi ona wa ho kenya maano ana tshebetsong o tla tswela pele ho ntse ho hlokometswe ditlhoko tsa ho lokisa ho se lekane ha nako e fetileng.

Diphetoho tsena di tla etswa ka sepheo sa ho tshehetsa basadi, batjha le diqhwala.

Re tla fokotsa tshubuhlellano ya taolo dikgwebong tse nyenyane. Taba ena ya ho petetswa ke melao e se ile ya nna ya hlahiswa ke lekala ka makgetlo a mmalwa.

Ntlheng e nngwe ya ho kena dipakeng ke ho bopa tikoloho e hohelang matsete, puso e tla sebetsa ka thata ho kgannela ntlheng ya tsamaiso e le nngwe e hokahantsweng ya ngodiso ya dikgwebo.

Sena se tla ntlafatsa tshebeletso e fuwang bareki mme se fokotse ditjeho tsa kgwebisano mona Aforika Borwa.

Taba e nngwe hape ya bohlokwa letsholong la rona ke ho hlahisa menyetla ya mesebetsi ka Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP). Tebello ya mantlha ya ho hlahisa mesebetsi e milione e fihletswe.

Sepheo sa bohato ba bobedi ba lenaneo ke ho hlahisa menyetla ya mesebetsi e ka bang dimilione tse nne ka 2014.

Mahareng a hona jwale le Tshitwe 2009, re ikemiseditse ho hlahisa menyetla ya mesebetsi e 500 000.

Ha re ntse re bopa tikoloho bakeng sa mesebetsi le menyetla ya kgwebo, puso e hlokometse hore ba bang ba baahi ba tla nne ba hloke dithuso tsa setjhaba tse hlahang mmusong. Dithuso tsa setjhaba ka ditjhelete e tla dula e le mokgwa o phethahetseng haholo wa ho fedisa bofuma. Ho tloha ka la 31 Hlakubele 2009, batho ba fetang dimilione tse 13 ba fumane dithuso tsa setjhaba, ba dimilione tse 8 ho bona ke bana.

Re hlokometse hore ho na le tlhoko ya ho hokahanya dithuso tsa setjhaba mesebetsing kapa diketsahalong tsa ikonomi e le ho kgothaletsa boikemelo bathong ba feletseng mmeleng.

Ntlha ya bohlokwa haholo nakong ena, ke hore baahisane ba thusane.

Jwale ke nako ya kopano. Ha re thusaneng jwaloka baahisane.

Ha re dumellane hore ho se ke ha eba le ngwana ya tla robala ka tlala hobane batswadi ba hae ba feletswe ke mosebetsi. Ha re ka kopana ra ba ra sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.

Baeti ba hlomphehileng, karolong ya lewa la bohlokwa la bobedi re tla tswela pele ka lenaneo la rona ho haha metheo ya ikonomi le ya setjhaba.
Lekala le letjha le bopuweng la Ntshetsopele ya Metheo ya Puso le tla etsa bonnete ba hore ditekanyetso tse entsweng tsa dibilione tse R787 tseo ho fanweng ka tsona bajeteng pejana selemong sena di fuwa moralo o phethahetseng mme di sebediswa hantle.

Tshehetso ena ya ditjhelete e kenyeletsa lenaneo bakeng sa kaho ya dikolo, dipalangwang tsa setjhaba ho ntse ho kenyeletswa tsamaiso e potlakileng ya dibese, matlo, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.

E nngwe ya diporojeke tsa motheo tse kgolo ka ho fetisisa e ho Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa Bolo wa 2010. Rona jwaloka ka puso le setjhaba sohle, re itlamme hore Mohope wa Lefatshe o tla siya letlotlo leo re tla ba motlotlo ka lona hape leo bana ba rona le setjhaba sa rona se tla fumana melemo ho lona dilemong tse ngata tse tlang.

Re motjheng wa ho fihlella ditshepiso tsohle mme re ikemiseditse ho tshwarela lefatshe Mohope wa Lefatshe o motle ka ho fetisisa.

Re behile ditsamaiso tsohle moo di tshwanetseng ho etsa bonnete ba hore Mohope wa Kopanelo, o qalang ka la 14 Phuptjane e ba katleho e kgolo.

Kgweding ya Mmesa selemong sena, ke ile ka tshepisa boetapele ba indaseteri ya ditekesi hore re tla kena ditherisanong kamora dikgetho, ditherisano tse amanang le tshebetso ya tsamaiso e Hokantsweng ebile e Potlakileng ya Dibese.

Re tshepisitse hore re tla fana ka nako e ngata ho sebetsana le ditletlebo tsa indaseteri ka ho phethala. Ka la 11 Phuptjane, Letona la Dipalangwang le tla qala ka ditherisano le indaseteri.

Kopano e tla qala e le letoto la dipuisano le bankakarolo ba anngweng ke tsamaiso ya BRT. Re na le tshepo e tiileng ya hore ditaba tse sa rarollwang ho tla sebetsanwa le tsona ka tsela e tla kgotsofatsa mahlakore ohle.

Sena se tla kenyeletsa taba ya bohlokwa ya hore mahlakore ohle a amehang a tla fumana molemo jwang letsholong lena.

Ditho tse hlomphehileng,

Ntshetsopele e nngwe e tlamehileng ho matlafatsa Mohope wa Lefatshe ke tshebetso ya motheo ya thekenoloji ya kgaso hammoho le diteransemitara tsa phatlalatso.

Ka kakaretso, re tla etsa bonnete ba hore ditjheho tsa marangarang a dipuisano di a theoha ka lebaka la diporojeke tse ntseng di kengwa tshebetsong ho namisa bokgoni ba phatlalatso e batsi ha ho romelwa melaetsa ya eleketeroniki ka bongata.

Re lokela ho etsa bonnete ba hore ha re siye dibaka tsa mahaeng morao ha ho ntse ho etswa dintlafatso tsena tse thabisang.

Jwaloka karolo ya ntshetsopele ya motheo wa setjhaba, re tla fana ka matlo a phethahetseng dibakeng tse nepahetseng hape e be matlo a theko e tlase mme e be bodulo bo botle bo tshwanetseng batho.

Re tla tswela pele ka kutlwisiso e phethahetseng ya hore bodulo ba batho ha se fela ho haha matlo.

Ke taba ya ho fetola metsemeholo le ditoropo tsa rona mme re bope setjhaba se hokahaneng, se kgathallang ebile se tsitsitseng se tla fumana ditshebeletso haufinyane le moo se sebetsang hammoho le disebediswa tsa setjhaba, ho kenyeletswa disebediswa tsa dipapadi le tsa boithapollo.

Ka moya ona, re tla sebedisana le Palamente ho potlakisa ho kenya tshebetsong Bili ya Taolo ya Tshebediso ya Lefatshe.

Ha re ntse re sebedisana le batho ba rona mahaeng, re tla etsa bonnete ba hore lewa la ntshetsopele ya mahae le utlwahalang le hokahantswe le lefatshe le phetoho temong hammoho le polokelo ya dijo, jwaloka ka taba ya rona ya boraro ya bohlokwa.

Ke batla ho sebedisa monyetla ona ho fetisetsa matshediso leIapeng la Motlatsi wa Letona la Temo, Dirk du Toit, ya hlokahetseng bekeng ena. Re tla hlolohela phehiso ya hae haholo.

Batho ba mahaeng le bona ba na le tokelo ya ho fumana motlakase le metsi, matlwana a tsamaiswang ka metsi, ditse tsa boikgathollo le dipapadi hammoho le ditse tsa mabenkele tse jwaloka tse metsemeholong.

Le bona ba na le tokelo ya ho thuswa ka temo e le hore ba tle ba leme meroho le dintho tse ding mme ba rue diphoofolo e le hore ba tle ba iphepe.

Re malala-a-laotswe ho kena letsholong lena la ho haha metheo mahaeng. Re ka potlakisa mosebetsi ona ha re sebedisana le setjhaba, marena, makhanselara le dihloho tsa metse.

Re kopa batho ba mahaeng ba qale ka ditlhophiso mme ba re bolelle hore ke dintho dife tseo ba di hlokang ka potlako. Ha re sebetsa mmoho re ka fihlela tse ngata.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo,

Ka ha re ithutile haholo ka tse hlokehang letsholong la pejana la ntshetsopele ya mahae, ha jwale re kgethile Masepala e Moholo wa Giyane mane Limpopo jwaloka porojeke ya pele e kengwang tekong bakeng sa letsholo lena. Diporojekeng tsena tsohle ho tla ithutwa haholo bakeng sa naha yohle.

Ho tlatseletsa, re tla sebetsa ka maikemisetso a ho ntjhafatsa ditoropo tsa mahaeng ka dithuso tsa ditjhelete tse jwaloka lenaneo la Dithuso la Ntshetsopele ya Boahisane. Ka tsela ena, dibaka tse potapotileng toropo di tla fumana molemo wa ikonomi e matlafetseng.

Ka mekgwa ena yohle ya ho kena dipakeng, re malala-a-laotswe ho fetola sebopeho sa mahae naheng ena ya rona.

Metswalle,

Thuto e tla ba taba ya bohlokwa haholo dilemong tse hlano tse tlang. Re batla hore matitjhere a rona, bana le batswadi ba sebedisane le puso ho fetola dikolo tsa rona hore e be ditsha tsa tswelopele ebile tse kgabileng.

Lenaneo la Ntshetsopele ya Bana le tla matlafatswa ho ya pele ka sepheo sa ho etsa bonnete ba hore bohle ba fumana thuto ho tloha Sehlopheng sa R mme re eketse palo ya bana ba tla fumana thuto eo ba dilemong tse 0-4 ka selemo sa 2014.

Re boela re pheta ditaba tseo re sa tjhetjhelleng morao ho tsona. Matitjhere a tlamehile ho ba sekolong, ka diphaphosing tsa borutelo ka nako mme ba tlamehile ho ruta ntle le ho lesa mesebetsi e meng ya bona mme ba se ke ba hlekefetsa bana! Bana ba tlamehile ho ba ka diphaphosing tsa borutelo ka nako, ba ithute, ba hlomphe matitjhere a bona le bona ba hlomphane bo bona hape ba etse mosebetsi wa bona wa hae.

Ho ntlafatsa tsamaiso ya sekolo, matitjhere a lokela hore pele a be le thupelo bakeng sa ho phahamiswa hore e be mesuwehloho kapa dihloho tsa mafapha.
Ke tla kopana le mesuwehloho ya dikolo ho ba hlalosetsa ka ponelopele ya rona tabeng ya ho matlafatsa tsamaiso ya thuto ya rona.

MaAforika Borwa a heso,

Re tla etsa se matleng a rona ho kgothaletsa bana bohle ho phethela thuto ya bona ya sekondari.

Sepheo ke ho phahamisa manane a boingodiso dikolong tsa sekondari ho fihla diperesenteng tse 95 ka selemo sa 2014. Re boetse re shebane le mekgwa e metjha ya tshebetso e tla kgutlisetsa baithuti dikolong haholo ba ileng ba tlohela dikolo mme re ba tshehetse.

Ditho tse Hlomphehileng, re kgathatsehile haholo ke diraporoto tseo re di fumanang tsa matitjhere a hlekefetsang bana ka thobalano, haholoholo ba banana.

Re tla etsa bonnete ba hore ho phatlalatswa Dibukana tsa Tataiso tse mabapi le Tlhekefetso ya Thobalano hammoho le Merusu Dikolong tsa Setjhaba mme re tla etsa bonnete ba hore baithuti le matitjhere ba itlwaetsa tsona ebile ba di hlompha.

Re tla nka mehato e matla ebile e hlakileng ho lwantshana le matitjhere afe kapa afe a sebedisang matla le bookamedi ba bona hampe ka ho qala dikamano tsa thobalano le bana.

Ho ntshetsapele thuto ya bophelo bohle, ho tla matlafatswa lenaneo la Thuto le Thupelo ya Batho ba Baholo le Kha ri Gude.

Metswalle, ditho tse hlomphehileng,

Re tlamehile ho etsa bonnete ba hore matsholo a thupelo le ntshetsopele ya boitsebelo naheng a arabella ditlhokong tsa ikonomi.

Lekala la Thuto le Thupelo ka dikoletjhe tsa lona tse 50 le dikampase tse 160 naha ka bophara e tla ba setsi sa bohlokwa bakeng sa thupello ya ntshetsopele ya boitsebelo.

Re tla ntlafatsa phumantsho ya thuto e phahameng bakeng sa bana ba hlahang malapeng a futsanehileng mme re etse bonnete ba hore dibaka tsena tsa thuto di fumana tshehetso ya ditjhelete e tsitsitseng haholoholo diyunivesithing.

MaAforika Borwa a heso,

Re kgathatsehile haholo ka lebaka la maemo a mpefetseng a boleng ba tlhokomelo ya maphelo, a ntseng a mpefatswa ke keketseho e matla ya mafu ao esale a re hlwa setha dilemong tse leshome tse fetileng le halofo.

Re na le maikemisetso a ho tswela pele ho fokotsa ho se lekane phanong ya tlhokomelo ya bophelo bo botle, ho matlafatsa bokgoni le disebediswa tsa batho, ho ntlafatsa dipetlele le ditliliniki mme re lwantshe sewa sa HIV le AIDS, TB le mafu a mang.

Re tlamehile ho sebedisana ho ntlafatsa tshebetso ya Leano la Kutlwahatso bakeng sa Kalafo, Taolo le Tlhokomelo ya HIV le AIDS e le hore re tle re fokotse sekgahla sa tshwaetso e ntjha ya HIV ka 50% ka selemo sa 2011. Re batla ho fihlela 80% tsa bao ba hlokang kalafo ya ARV ka selemo sa 2011.

Re tla hlahisa sekema sa Inshorense ya Bophelo Naheng ka bohato le mokgwa o butle. Ha re tla atleha ho qala NIH, re tlamehile ho potlakisa tlhabollo ya dipetlele tsa setjhaba e tla kenelwa ke Balekane ba Setjhaba le ba Poraefete.

Re boela hape re shebane ka matla le ditaba tsa meputso ya diporofeshenale tsa bophelo ho fedisa ho se tsitse ditshebeletsong tsa rona tsa maphelo.
Ha re sebedisana re tla etsa tse ngata ho ntshetsapele tlhokomelo ya maphelo e nang le boleng, re ntse re ikamahanya le Sepheo sa Ntshetsopele sa Mileniamo sa Dinaha tse Kopaneng sa ho fokotsa bofuma ka halofo selemong sa 2014.

Baahi ba naha ya heso,

Kaofela re tlamehile ho etsa haholwanyane ho lwantsa botlokotsebe. Sepheo sa rona ke ho bopa taolo ya toka le phediso ya botlokotsebe e fetohileng, e hokahaneng, e ntjhafetseng, e nang le disebediswa tse phethahetseng ebile e laolwang hantle.

Ho boetse hape ho le bohlokwa haholo ho ntlafatsa tshebetso e potlakileng ya makgotla a dinyewe le mosebetsi wa batjhotjhisi hape le ho matlafatsa ditshebeletso tsa bofokisi, tsa forensiki le tsa mahlale. Mosebetsi ona o qadile ka sebele mme o tla nkuwa ka matla a matjha ebile a bontshang mafolofolo.

Hara dintho tse ding tseo re di habileng ke ho etsa bonnete ba hore re eketsa palo ya batjhotjhisi hammoho le moifo wa Boto ya Dithuso tsa Molao. Re tla boela re etsa jwalo le mafokising.

Re fetoletse lebitso la Letona le tshwanetseng ho tloha ho Tshireletso le Polokeho ho le etsa la Sepolesa ho toboketsa taba ya hore re batla tshebetso e matla ebile e tletseng mafolofolo ya Sepolesa.Sena se tla ba le kabelo e kgolo ho fokotsa botlokotsebe bo matla ebile bo soto mme sena re se behetse 7% ho fihla ho 10% selemong se seng le se seng.

Taba eo re tla shebana le yona hape ka matla ke ho lwantshana le botlokotsebe bo hlophisitsweng hammoho le ho lwantshana le botlokotsebe mabapi le basadi le bana.

Sepikara se hlomphehileng le modulasetulo,

Ha re ntse re ananela matsete a lekala la poraefete indasetering ya tshireletso, re tla ntlafatsa taolo ya indaseteri ena.

Hara mekgwa e meng e metjha ya bohlokwa, re tla qala ho kenya tshebetsong tsamaiso ya Boemedi ba Taolo ya Meedi; re tla matlafatsa ntwa mabapi le re tla matlafatsa matsapa a rona kgahlanong le ditlolo tsa molao tsa inthanete le boshodu ba boitsebiso mme re tla ntlafatsa taolo ditjhankaneng tsa rona mme re fokotse ditlolo tsa molao tse iphethaphetang.

Metswalle,

Ke lakatsa ho totobatsa tshehetso ya rona bakeng sa diphetoho tse tswelang pele Iekaleng la Toka.

Diphetoho tsena di tlamehile ho rarolla ditaba tsa bohlokwa tse jwaloka ho matlafatsa boikemelo ba lekala la toka, ho matlafatsa taolo ya ditshebetso tsa ka hare hammoho le ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba fumana toka.

Katleho ya tsamaiso ya demokerasi ka kakaretso e itshetlehile hodima dikamano tse ntle tse bontshang tlhomphano le moya o motle wa tshebedisano mahareng a Bookamedi, Ketsamolao hammoho le lekala la Toka. Sena se bohlokwa haholo bakeng sa demokerasi ya rona ya motheo.

Sepikara se hlomphehieng le modulasetulo,

Re boetse re bua ka ho phethaphetha boitlamo ba rona ho lwantshana le bobodu ditshebeletsong tsa setjhaba.

Re tla tobana ka tsela e kgethehileng le ho lwantshana le bobodu le bothetsi tabeng ya ho fana ka mesebetsi ya mmuso le tsamaiso ya dithendara, kopo ya dilaesense tsa ho kganna, dithuso tsa setjhaba ka ditjhelete, di-ID hape le boshodu ba didokete tsa dinyewe tsa sepolesa.

E re ke toboketse taba ya hore bohle re na le kabelo e kgolo ho lwantshana le botlokotsebe.

Re tlamehile re itahlele ka setotswana Diforamong tsa Sepolesa sa Baahi. Ha re tloheleng ho reka dithoto tse utswitsweng; e leng yona ntho e kgothaletsang botlokotsebe.

Re tlamehile ho tlaleha botlokotsebe mme re thuse sepolesa ka ho se fa ditsebiso tse tla ba thusa ho tshwara batho ba tlotseng molao. Ka tsela ena; re tla hatela pele ho bopa setjhaba se lokolohileng botlokotsebeng.

Ditho tse Hlomphehileng, ho tloha ka 1994 re lekile ho bopa setjhaba se kopaneng se hlahang nakong e mpe e fetileng ya karohano. Re kopuwe hape ka matla hore re tswele pele ka letsholo lena la ntshetsopele ya kopano le ha re fapana hape le ho ntshetsapele tsamaiso ya boleng e arolelanwang ebile e thehilweng hodima moya o motle wa boahisane hammoho le setjhaba se kgathallang.

Tsamaiso ya boleng e arolelwanang e tlamehile ho re kgothaletsa ho ba setjhaba se sebetsang ka mafolofofolo ntlafatsong ya naha ya rona. Re tlamehile ho bopa boitsebiso ba naha bo tshwanang hammoho le ho bontsha lerato le botshepehi naheng ya rona.

Re tlamehile ho ntshetsapele kamahano le boitelo bo tshwanang naheng ya rona; molaong wa rona wa motheo le matshwaong a naha. Ka moya ona o motle, re tla ntshetsapele Pina ya Setjhaba le folakga ya naha ya rona hammoho le matshwao a mang ohle a naha.

Bana ba rona, ba tlamehile ho rutwa, ho tloha ba sa le banyenyane, ho hlompha le ho tshehetsa Molao wa motheo le matshwao a naha mme ba tsebe hore ho bolelang ho ba moahi wa Aforika Borwa.

Re tla etsa bonnete ba hore re ba le katamelo e tshwanang naheng tabeng ya diphetoho tsa dibaka le mabitso a ditulo. Sena se tlamehile ho fana ka monyetla wa ho kenyeletsa maAforika Borwa ohle tabeng ya ho kgothaletsa boitsebiso ba naha bo kenyeletsang batho bohle, sepheo e le ho tebisa kutlwisiso ya nalane ya rona le letlotlo la rona.

Dipapadi ke sesebediswa se matla haholo bakeng sa ho haha setjhaba. Ha re sebedisana re tlamehile ho tshehetsa dihlopha tsohle tsa naha ya rona; ho qala ka Bafana Bafana ho isa ho di-Proteas le di-Springboks; ho tloha ka Banyana Banyana ho fihla ho di-Paralympians.

Dihlopha tsa rona di ka sebetsa hantle ka tshehetso ya rona.

Ntumelle ho sebedisa monyetla ona ho thoholetsa dihlopha tsa naha ya rona ka dipapadi tse ntle mafelong a fetileng a beke, haholoholo ka ho hapa ka boraro ba tsona.

Sehlopha sa naha sa basadi sa netebolo le sona se re entse motlotlo ka ho hapa Tlhodisano ya Netebolo ya Naha tse Tharo. Ke thoholetsa Sevens Springboks bao e bileng Bomampodi ba ba Lethathama la IRB Sevens ba Lefatshe ? re sa lebale Blue Bulls e hapileng makgaolakgang a Super 14 ka mokgwa o tswileng matsoho!

Re nka monyetla ona ho lakaletsa Springboks hantle ditllhodisanong tse telele tse tlang moo ba tla bapala le British le Irish Lions.

Ho hlakile hore re hloka ho tsetela haholo ntshetsopeleng ya dipapadi. Re tla potlakisa taba ya ho tsosa dipapadi botjha dikolong mme re etse bonnete ba hore sena se bopa karolo ya lenanethuto la sekolo. Ho tlatseletsa re tla etsa bonnete ba hore re fana ka disebediswa tsa dipapadi baahing ba futsanehileng ebile e be bona ba pele ba fumanang tsena.

Sepikara se hlomphehileng le modulasetulo,

Re itlamme hore dilemong tse mmalwa tse tlang re tla ba le kabelo e kgolo ho haha Aforika e betere hammoho le lefatshe le betere.

Sepheo se ka sehlohong sa puso bakeng sa nako e bohareng ke ho etsa bonnete ba hore dikamano tsa mafatshe a kantle di ba le kabelo bakeng sa ho bopa tikoloho e lokileng bakeng sa kgolo e tsitsitseng ya ikonomi le ntshetsopele.

Ho lebaka lena, re tla tswela pele ho beha kontinente ya Aforika ka pele ka ho matlafatsa Kopano ya Aforika (AU) hammoho le dibopeho tsa yona mme re boele re shebane ka tsela e kgethehileng ho kengwa tshebetsong Selekane se Setjha Ntshetsopeleng ya Aforika.

Seo e leng sa bohlokwa jwaloka dintho tse ding ebile ha re atamela hae mona, ke ho matlafatsa kgokahano ya lebatowa re ntse re toboketsa ka ho ikgetha ntshetsopele dipolotiking le ikonoming bakeng sa SADC; sepheo e le ho thusa AU ho bopa Puso e Kopanetsweng. Re tla theha Boemedi ba Selekane sa Ntshetsopele Aforika Borwa ho hatela pele dikamanong tsa ntshetsopele le dinaha tse ding kontinenteng.

Aforika Borwa e tla tswela pele ho thusa kahong botjha le ntshetsopeleng ya kontinente ya Aforika, haholoholo maemong ao ho bileng le dikgohlano. Re tla tswela pele ho kgothaletsa boahisane ba kgotso e tsitsitseng kgohlanong ya Iseraele le Palesetina mme e be tharollo e thehilweng ke dinaha ka bobedi ba tsona.

Re tla kgothaletsa mehato ya kgotso bakeng sa AU hammoho le Dinaha tse Kopaneng kontinenteng ya Aforika ho kenyeletswa Riphaboliki ya Saharawi Arabia le Darfur mane Sudan.

Jwaloka Modulasetulo le mothusi wa South African Development Community (SADC), re tla ba le seabo ho kgothaletseng mmuso o kenyeletsang bohle hofihlela dikgetho tsa nnete le tse lokolohileng di tshwarwa Zimbabwe.

Kodua e wetseng batho ba Zimbabwe ebile le sefutho se sebe lebatoweng la SADC, haholoholo mona Aforika Borwa. Re tla epa pitso dinaheng tsohle tse ratang kgotso lefatsheng ka bophara ho tshehetsa puso ya kopanelo sepheo e le ho haha ikonomi botjha.

Re tla tshehetsa mekutu ya lebatowa la SADC ho leka ho rarolla maemo a Madagascar.

Ntumelleng, baeti ba hlomphehileng, ho tlotla Sesole sa Naha ya Aforika Borwa bakeng sa kabelo ya bona e matla tabeng ya ho bopa le ho tlisa kgotso kontinenteng.

Re tla sebeletsa ho matlafatsa demokerasi le tlhompho ya ditokelo tsa botho kontinenteng ya Aforika, re sebedisa mekgatlo ya kontinente le ya lebatowa.
Re tla ba le kabelo ho matlafatsa dikamano tsa Borwa-Borwa mme re tswele pele ho ba le ditumellano le dinaha tse ka sehlohong tsa Borwa.

Re tla tswela pele ho matlafatsa dikamano le dinaha tsa Leboya ho kenyeletsa G8 hammoho le balekane ba mawa a rona le Dinaha tse Kopaneng tsa Yuropa.

Re tla tswela pele ho sebetsa ka mafolofolo ho etsa bonnete ba hore ho ba le pheletso ditherisanong tsa ntshetsopele ya World Trade Union (WTO) Doha.

Sepikara se hlomphehileng le modulasetulo,

Aforika Borwa, ka ha ke naha e ommeng mme e hlokang tshebetso e mafolofolo ho kena dipakeng ho namola diphetoho tse kotsi tikolohong mme re etse bonnete ba hore baahi ba fumana metsi.

Hara mananeo a mmalwa, re tla kenya tshebetsong Lewa la Metsi bakeng sa Kgolo le Ntshetsopele, le tla matlafatsa taolo ya metsi. Re tla tswela pele ho ntlafatsa tshebediso ya rona ya matla le boitshetleho hodima matla a ntjhafaditsweng.

Ditho tse hlomphehileng,

Puso ya ntshetsopele e hloka ntlafatso ya ditshebeletso tsa setjhaba hammoho le ho matlafatsa diinstitushene tsa demokerasi.

Re thehile Matona a mabedi Boporesidenteng ho matlafatsa ka bobedi maano le mawa hammoho le taolo le dihlahlobo tsa tshebetso.

Ho etsa bonnete ba hore re phethisa ditshepiso tseo re di entseng, Matona a Kabinete a tla ikarabella mme re tla sebedisa disebediswa tsa rona ho hlahloba tshebetso ya bona hape re tla beha mehato e matla le dinako tseo ba lokelang ho sebetsa ka tsona, re tla qala ka Phupu.

Re tla boela hape re mema Dikgwebo tsa Puso le Diinstitushene tsa Ntshetsopele Ditjheleteng tsamaisong ya maano a puso mme re ntlafatse mekgwa ya taolo le tlhahlobo ya mosebetsi wa bona.

Ditho tse hlomphehileng, maAforika Borwa a heso,

Ho etsa bonnete ba hore mehato yohle e meraro-selehae, provense le naha- e ntlafatsa phano ya ditshebeletso, re tla potlaka ho theha Tshebeletso ya Setjhaba e le nngwe.

Taolo ena e tla hatella taba ya ho beha batho pele phanong ya ditshebeletso.
Re tla etsa bonnete ba hore ho ba teng mosa le tshebeletso e ntle basebetsing ba thusang setjhaba ka ditshebeletso mafapheng ohle a puso.

Nakong ena ya ntjhafatso, re tla hatela pele ho bopa puso ya tshebedisano ka hohlehohle.

Tabeng ya boetapele ka mohlala, mosebetsi o se o qadile ho theha disebediswa tsa bohokahanyi ba setjhaba Boporesidenteng.

Ho tlatseletsa ntlheng ya ho amohela mangolo le diemeile tse hlahang setjhabeng, re tla boele re theha mohala wa mahala bakeng sa ho fumaneha habonolo.

Basebetsi ba tla amohela tletlebo le potso e hlahang ho motho e mong le e mong jwaloka ha eka ke yona fela e le nngwe mme o e latellisise ka metjha yohle ho fihlela e fumana tharollo e tshwanetseng.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo,

Boemedi ba Naha Ntshetsopeleng ya Batjha, bo thehilweng ka ho kopanya Letlole la Batjha la Umsobomvu hammoho le Khomishene ya Naha ya Batjha bo tla qala ho kengwa tshebetsong ka la 16 Phuptjane mane Ekurhuleni.

Dinstitushene tsena di kopantswe ka sepheo sa ho matlafatsa tshebeletso le ntshetsopele ya menyetla e fuwang batjha.

Boemedi bona tla hokahanya batjha ba sa sebetseng empa ba tshwere mangolo a thuto le menyetla ya ikonomi; hape bo etse se matleng a bona ho phatlalatsa Lenaneo la Naha la Tshebeletso ya Batjha le ho tshehetsa borakgwebo ba batjha.

Sepikara le modulasetulo, Baeti ba hlomphehileng,

Kgwedi e tlang Madiba wa rona ya ratehang o tla be a tshwara dilemo tse 91. Batho lefatshe ka bophara ba ntse ba tswela pele ho hloka ka matla boteng ba hae le hore a ba thuse ho rarolla ditlokotsi tsa bona. Boleng ba hae le mohlala wa boitelo ba hae ho thusa botho ke mohlala o hlaheletseng ka mahetla lefatsheng la kajeno le ditsietsing.

Ho na le letsholo la matjhaba le qaduweng ke Mokgatlo wa Nelson Mandela hammoho le mekgatlo e amehang le bitswang Letsatsi la Mandela, mme sena se hlakisa seo Ntate a se emetseng.

Letsatsi la Mandela le tla ketekwa ka la 18 Phupu selemong se seng le se seng. Le tla neha maAforika Borwa le batho bohle lefatsheng monyetla wa ho etsa dintho tse ntle ho thusa ba bang.

Madiba o sebeditse ka mafolofolo dipolotiking dilemo tse 67 mme ka Letsatsi la Mandela, batho bohle lefatsheng, mesebetsing, malapeng le dikolong ba tla kopuwa ho sebedisa bonyane metsotso e 67 ya nako ya bona ba etsetsa setjhaba sa bona ntho e nngwe e molemo, haholoholo ba etsetsa batho ba hlokang ba phelang hara bona.

Ha re tshehetseng Letsatsi la Mandela ka dipelo tsa rona tsohle mme re kgothaletse lefatshe ho thusana le rona letsholong lena le letle haholo.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo, maAforika Borwa a heso,

Re hlahisitse lenaneo la rona setjhabeng bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang. Seo re se hokahantseng boitlamong bo bong le bo bong ke leano ka botlalo la porojeke le nang le dinako tsa ho phethela mosebetsi le diketsahalo tsa bohlokwa.

Ha nako e ntse e tsamaya ditsebiso tsena di tla phatlalatswa le ho lebiswa setjhabeng. Kannete jwaloka baahi re tlamehile hore re ipotse nako le nako hore na ke eng seo re ka se etsang borona ho thusa ho ntshetsapele lenaneo lena le naha.

Ho ba moahi ha se fela ka ditokelo empa ke ho nka boikarabelo mme o kenye letsoho hore naha ya rona e be betere.

Re lebeletse hape ho sebedisana hantle le Mekgatlo ya bohanyetsi e Palamenteng ka moya o motle wa ho beha naha pele.

Ho tlatseletsa, Madiba o re rutile hantle hore naha ena ke ya batho bohle, ba batsho le ba basweu. Taba e tla dula e le ya bohlokwa ke ho sebeletsa poelano le kopano hore re hatele pele.

Ka ha lenaneo la rona le tla kengwa tshebetsong qakeng ya ikonomi ena e putlamang, re tlamehile ho sebetsa ka hloko ? ho se be le tshenyo, ho se be le tjhelete e salang le ho fetisetswa selemong se tlang ? sente e nngwe le e nngwe e lokelwa ho sebediswa ka bohlale mme ka tsela e behang ditholwana. Re tlamehile ho seha lesela ho latela sebopeho sa rona.

MaAforika Borwa a heso, ha re sebetsa mmoho re ka etsa haholwanyane ho fihlella ponelopele ya rona ya setjhaba se betere se bile se atlehile!

Sena ke selekane seo re se hlokang.

Ke a leboha!

Issued by: The Presidency
3 Phuptjane 2009

 

Issued by: The Presidency

Share this page

Similar categories to explore