Programme director
Acting Premier, Comrade Thabo Manyoni
Head of the Department, Mr Tjoko Kambule
Representatives of arts and council statutory bodies
Representatives of sport federations
Management and officials of the Free State provincial government
Ladies and gentlemen
Comrades
Re kopana mona kajeno ho kgakola buka ya mareho a Sesotho a bolo ya maoto. Ke rata ho nka monyetla ona hanghang fela ha ke qala ho lebohisa basebeletsi ba lefapha ba nkileng karolo mosebetsihading ona. Ka ha ntjapedi ha e hlolwe ke sebata, ha ke na qeaqeo hore mosebetsihadi ona o kgonahetse ka lebaka la kopanelo e bileng teng le bankakarolo ho tswa mekgahlong le metheong e itseng.
Ke rata ho lebisa diteboho tsa rona ho bankakarolo bao kaofela. Motsamaisi wa mosebetsi, ho hlakile hore re kene ditlhophisetsong tsa mohote wa bolo ya maoto wa lefatshe ka tjheseho le tjantjello e kgolo re le Ma-Foreistata.
Matsatsi a mmalwa pele ho thakgolwa mohote ona wa lefatshe rona re le Ma-Foreistata re se re bontsha boikemisetso ba rona bakeng la mohope ona ka tsela e ikgethileng ya ho kgakola tlotlontswe ena ya mareho a Sesotho a bolo ya maoto. Re ba pele ba ho etsa hona ka hara naha ena ya rona ya Afrika Borwa.
Maobane ke ne ke le seyalemoyeng sa Lesedi ke bua ka tlotlontswe ena. Ntate Mathene Mahanke, e leng motsamaisi ka hara lefapha lena, le yena o ne a le seyalemoyeng sa Lesedi a bua ka ntlha yona ena. Ho latela batho bao ba neng ba letsa ha re ne re le moo seyalemoyeng sa Lesedi ho hlakile hore kgahleho ke e kgolo tlotlontsweng ena eo re e thakgolang. Boholo ba mehala eo e neng e kena ha re le seyalemoyeng e ne e le e thoholetsang mosebetso ona o kgabane mme e tjhaela mosebetsi ona monwana.
Ladies and gentlemen, indeed with this Sesotho terminology book, we are making history. As we have already communicated beforehand the main aim of this book is twofold:
- To have a reference resource for users of the Sesotho terms such as sport commentators and soccer lovers
- To contribute towards the Sesotho terminology development, in line with the strategic objective of promoting multilingualism, redressing the past linguistic imbalances and developing the previously marginalized languages.
We must emphasise that we have a constitutional mandate to promote all the 11 languages in our country. In the Free State we have four dominant languages, being Sesotho, Afrikaans, English and IsiXhosa, with Sesotho as the most spoken language, by 64 percent of the Free State population.
Due to the fact that we had to start somewhere we have started with the development of the soccer terminology book in Sesotho and I have no doubt that this project will continue with all the other languages as part of advancing particularly previously marginalized languages.
Programme director, we have also communicated in terms of the benefits of this book that it will:
- promote people's access to information
- enhance mass participation of soccer supporters in learning soccer terms in their own languages
- enable soccer commentators an expanded Sesotho terminology during the historic 2010 FIFA Soccer World Cup
- ensure the terminology development of African languages such Sesotho, spoken by the 64 percent majority of the Free State population, and
- foster social cohesion and will be one of the building blocks in nation building as interest in other indigenous languages will be promoted across cultural and linguistic groups.
Ha ho qeaqeo hore bukana ena ke ya makgonthe le hore diphihlello tsa yona e tla ba tse ngata. Mosebetsi o entsweng ho fihlella boemo bo hodimo ba bukana ena o kenyelleditse:
- Ho bokelletsa mantswe a Senyesemane a tswang mehloding e fapaneng
- Ho nehelana ka mareho a Sesotho a hlahiswang ke ditsebi tsa puo, bafetoledi, bangodi ba didikshinare, mesuwe ya Sesotho, ditsebi tsa bolo ya maoto le baamehi ba bang dikopanong tsa setjhaba, hammoho le
- Ho kenyeletsa mareho a tlatsetso a tswang tokomaneng ya Ditshebeletso tsa Puo, ya mareho a dipuo tse 11 tsa Afrika Borwa, ka mora ho nnetefatswa ke Moifo wa Naha wa Puo ya Sesotho, wa Boto ya Dipuo Tsohle Afrika Borwa, e leng PanSALB.
Ho hlakile hore popo ya bukana ena e latetse metjha ya ho kenyelletsa baamehi bohle puong ya Sesotho le hore matsapa a nkilweng popong ena ke a phethahetseng.
Motsamaisi wa mosebetsi, ke rata ho nka monyetla ona ho emisa Ntate Thabo Manyoni eo ka sena sebaka a tshwereng marapo setulong sa Tonakgolo ya Foreistata. Ntate Manyoni ke Letona la tshebeletso tsa ditsela, sephethephethe le sepolesa. Re lebohela boteng ba hae kwano.
Ke a leboha.
Source: Department of Sport, Arts and Culture and Recreation, Free State Provincial Government