Ho thewa ha demokrasi e ntjha e se nang kgethollo ya morabe le ya bong Aforika Borwa, ho ile ha qobella hore ho lekolwe mokgwa wa bohlokwa wa Dikgau tsa Naha. Mokgwa wa kgale wa dikgau o ne o na le Kgau e le nngwe ya Tlotlo le dikgau tse ding tse nne tseo matshwao a tsona a neng a emetse pale e fetileng ya naha.
Ka sepheo sa ho fetoha mekgweng ya nako e fetileng, ka Motsheanong 1998, Lekgotla le neng le sa tswa hlomamiswa la Boeletsi ba Mopresidente ditabeng tsa Dikgau tsa Naha, le ile la fuwa mosebetsi wa ho lekola botjha Dikgau tsa Naha le ditlotlo. Bakeng sa ho phetha mosebetsi ona, ho ile ha thewa komiti e ileng ya etsa diphuputso tse tebileng tse neng di akga dipuisano le setjhaba, dipuisano le ba amehang naheng ka bophara, dipuisano tsa dihlopha tse neng di tsepamisitse maikutlo mekgweng e meng ya dikgau, popo ya bofuputsi ba nalane le pokello ya baradi ba mabenyane le mekgabiso hore ba rale ditshwantsho tse ntjha tsa dikgau.
Jwaloka karolo ya motjha ona, Lefapha la mehleng la Bonono, Botjhaba, Saense le Thekenoloji ka tshebedisanommoho le Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS) a ile a tswelapele ho batlisisa matshwao le ditshwantsho ka sepheo sa ho fupara mookotaba wa botaki bo botjha bo tla bontsha moya le seriti sa naha e ntjha. Ho ile ha koptjwa sehlopha sa barutehi le dikokonono tse nang le tsebo e tebileng ka matshwao a sethathong, hore ba hlwae matshwao a ka sehloohong a supang nalane e kenyeletsang bohle hammoho le malebela a Aforika, ho tsepamisitswe maikutlo ho Aforika Borwa. Sephetho sa kopanelo mosebetsing ona e bile mothati o lebisang taelong ya ho ralwa ha Dikgau tse Ntjha tsa Naha.
Qaqiso
Aforika Borwa e nkile mehato e meholo ya ho fetoha mokgweng wa yona wa ho kotela ho ya ka bong, mmala le tumelo. Naha ena e ntse e hahamalla pele ka hanyane motjheng o tsosolosang botho ba rona. Motjheng ona o lebisang bothong, tlwaelo e ntjha ya ditokelo tsa botho le tlhompho ya seriti sa moya wa botho, ke ona makgetha ao Aforika Borwa e tummeng ka ona.
E nngwe ya dinako tsa matshwao a phallo ho tloha nakong e fetileng e bile ho phahamiswa ha folaga e ntjha ka 1994. Motsotso oo o ile wa netefatsa boikgantsho le seriti sa naha e hlamaselang esita le keteko ya botho. Ketsahalo e nngwe e bile ya ho phatlalatswa ha Letshwao le letjha la Puso ka la 27 Mmesa 2000, le ileng la ananela moelelo wa nalane e kopantseng batho ba naha ena. Ka ho etsa jwalo, motako o motjha o ananelang Aforika le matshwao a yona ebile karolo ya tlwaelo e ntjha e susumetsang popobotjha ya Aforika Borwa.
Dikgau tse ntjha tsa Naha di radilwe ka moya oo wa popobotjha.