Kgau ya Tlotlo ya Sebete ya Mendi

Kgau ena e fuwa baahi ba Aforika Borwa ba entseng ketso e babatsehang ya sebete e beileng maphelo a bona kotsing e kgolo, kapa ba lahlehetsweng ke maphelo ba leka ho pholosa bophelo ba motho e mong, kapa ka ho sireletsa thepa kahare le kantle ho Riphaboliki ya Aforika Borwa.

Tlhophiso

Kgau ena e ka ajwa ka mekgahlelo e meraro:

  • Mokgahelo wa 1 = Gauta
  • Mokgahelo wa 2 = Silifera
  • Mokgahlelo wa 3 = Lethose.

Botshwaedi/Dintlha tsa moralo

Mookotaba wa sehlooho

Thebe e entsweng ka letlalo la phoofolo, haholoholo la kgomo, le a suuwa mme ebe le rokellwa hodima ntho e thata e motopo ebe e phethelwe ka mallela a thupa. Koto le lerumo di thusana le thebe, e fuwang baeti ba etelang naha ya rona ba tswang hohle lefatsheng e le letshwao la kamohelo e mofuthu.

Thebe

  1. SS Mendi – e emetse sebete sa masole a mangata a batho ba batsho a Aforika Borwa, mmoho le bahlanka ba habo bona ba makgowa ba ileng ba kgaqwa ke metsi ha ba ne ba palame sekepe sa SS Mendi. Sekepe sena se ile sa teba kamora hore se thunngwe ke SS Darro mme se kgaohe dikoto tse pedi metsing a batang a English Channel e haufi le Isle of Wight ka la 21 Hlakola 1917. Ba ne ba le tseleng ho leba France moo ba neng ba ilo thusa Borithane ntweng ya Pele ya Lefatshe.
  2. Moholodi – ho fofa ha moholodi sepakapakeng sa lewatle ka hodima SS Mendi ke sesupo sa meya ya bahale ba masole a kgaqilweng ke metsi. Masiba a moholodi a ne a sebediswa ho tlotla bahale nakong ya dintwa tsa bokoloniale.
  3. Lehakwe le letala – karolo ya mantlha ya lejwe lena moo dintlha tse tharo di ropohang teng, e emetse tsela e kapele moo ho tla fanwa ka thuso ho ba e hlokang dinakong tsa dikoduwa le mathata a mang a mabe a hlahang nako le nako lefatsheng ka bophara.

Moo e tshwarwang

  1. Tau – jwaloka letshwao la botle, matla le sebete, matshwao a menyabuketso ya maoto a yona a bonahala ho potoloha thebe, sena se bontsha bolebedi meeding kahare le kantle ho naha ya rona ke maAforika Borwa a ikemiseditseng a bile a le sebete. Dintlha tse tharo tsa masupi di bontshwa ka ho kopanngwa ha dipalesa tsa lekgala le babang, e leng semela sa sethatho sa Aforika Borwa se emelang boikemisetso, ho phela tlasa mathata ebile e le moriana.
  2. Koto le lerumo - di thusana le thebe e le matshwao a tshireletso le tlotlo.

 

Ya molaleng

E qhwaelwang sefubeng

E nyenyane

Share this page