Kgau ena e fuwa baahi ba Aforika Borwa bakeng sa tshebetso e tswileng matsoho molemong wa setjhaba. Tshebeletso e tlotlwang ke e tsotehang ho feta tsohle tse tlwaelehileng. Ke kgau bakeng sa dinyehelo tse babatsehang mekgahlelong ena a latelang:
- Kgwebo le moruo
- Saense, meriana le bosibolli thekenolojing
- Tshebeletso ya setjhaba.
Tlhophiso
Kgau ena e ka ajwa ka mekgahlelo e meraro:
- Mokgahlelo wa 1 = Kgau e ka Sehloohong ya Sefate sa Baobab (Gauta)
- Mokgahlelo wa 2 = Kgau e Kgolo ya Sefate sa Baobab (Silifera)
- Mokgahlelo wa 3 = Kgau e Kgolwanyane ya Baobab (Lethose).
Botshwaedi/Dintlha tsa moralo
Mookotaba wa sehlooho
Kgau ena e susumeditswe ke Baobab, e leng sefate se melang tikolohong e futhumetseng ka nako tsohle ya Aforika. Hore na lebitso lena Baobab le tswa hokae ke e meng ya mehlolo le meeka ya Aforika. Sefate sena se hlalositswe hangata ho feta difate tsohle tsa Aforika, ka lebaka la mahlahahlaha a sona, le mokgwa oo e leng sa bohlokwa ka teng ho baahi ba sethatho ba naha. Matla le botsitso tse bontshwang ke sefate sena ka ho phela nako e telele, ke sesupo sa tsitlallelo le tshebeletso e ikgethang ho Aforika Borwa e tlotlwang ka Kgau ena. Ka ho tshwanang, tshebeletso eo ho fanwang ka yona e ntse e netefatsa botsitso le maemo a holang a Aforika Borwa.
Sefate sa Baobab ke karolo ya bohlokwa kahara meru e mengata ya Aforika. Se fana ka dihlahiswa tse etsang masela le mabofe, ditholwana bakeng sa dijo le mafura a makoloi ekasitana le dihlahiswa tse ding tse ngata tsa bohlokwa. Methapo ya sona e tlwaelehileng, e sephara ebile e le matla e tshehetsa sefate sena se seholohadi se tlwaelehileng e le kgotla moo ho tshwarelwang dikopano tsa bohlokwa teng ebile e le tshireletsong ya ditjhaba tsa Aforika.
Matswao
- Baobab (Baobab kapa Adonsonia Digitata) – se tsebisahala ka methapo ya sona le ho phela nako e telele. Ha se fane ka moriti feela le sebaka sa ho tshwara dikopano, empa se boetse ke sa bohlokwa ho tshehetseng dibaka tseo se fumanehang ho tsona.
- Sebopeho se ntlha di robong – setshwantsho se ntlha di robong se supa makala a mangata a fapaneng ao ka ona ho ka neelanwang ka tshebeletso kahong ya setjhaba se tswetseng pele. Setshwantsho sena se boetse se emetse diprofense tse robong tsa naha ya rona.
- Bokantle ba sebopeho sena – kutu ya sefate sa Baobab, bokantle bona ba sefate bo atisa ho sebedisetswa ho etsa dimmata le dikatiba.
Betjhe ya molaleng |
E qhwaelwang sefubeng |
E nyenyane |