Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 18 Pudungwana 2015

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e thoholetsa Lefapha la Bodulo ba Batho bakeng sa ho fana ka matlo porojekeng ya Bodulo ba Batho e Kopanetsweng ya Savanna City ka hara Masepala wa Setereke wa Sedibeng ho dihlopha tse dikojwana di mahetleng. MaAforika Borwa a itlhommeng pele a ile a ikopanya le bankakrolo ba diindaseteri, ho kenyeletswa le bomeyara le bahlanka ba tswang Masepaleng wa Setereke wa Sedibeng, mabapi le ho penta matlo a phethetsweng mmoho le ho thusa ka ditshingwana nakong ya ho thakgolwa.

Ho ahilwe matlo a ka bang 18 000, a tswetseng molemo maqheku, batho ba qhwadileng, le malapa ao dihlooho tsa ona e leng bana le basadi. Kabinete e boetse e amohela tsebiso ya hore selemong se tlang lefapha le tla thakgola porojeke, e tla etsa hore ho ahuwe matlo a 60 000.

1.2. Kabinete e amohela kgatelopele e entsweng ke porojeke ya Tshepo 10 000, e thusang ho fedisa tlhokeho ya mesebetsi bakeng sa batjha ka hara Motsemoholo wa Tshwane. Porojeke ena ya dimilione-milione tsa diranta ya Motsemoholo, ka tshebedisanommoho le Yunivesithi ya Pretoria, e lebeletse ho rupella batjha ba 10 000 ba sa sebetseng ka ho ba neha maitsebelo le bokgoni tse batlehang bakeng sa ho etsa dikopo tsa ho fumantshwa diporojeke.

Kamora ho phethela thupello batjha ba theha le ho tsamaisa dikoporasi tse atlehileng. Ho fihlela mothating ona, dikoporasi tse fetang 190 di se di fanne ka menyetla ya mesebetsi ho batho ba batjha ba bangata. Hodima moo, mafapha a motsemoholo a hirile ba bang ba batjha ba rupelletsweng.

1.3. Kabinete e amohela ho ntlafatswa ha tsela ya R25 (P6-1), e leng tsela ya dikilomithara tse 42 e kopanyang Gauteng le Limpopo. Porojeke ena, e tsamayang pakeng tsa Bapsfontein le Bronkhorstspruit, e hirile batho ba fetang 200. Hape e tla tswela molemo makala a temo le merafo sebakeng seo ka ho hodisa motsamao o batlang o potlakile wa dilori tse tsamaisang thepa le ditshebeletso.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tsebisitswe ke Lefapha la Saense le Thekenoloji, le tla tshwara beke ya saense ya setjhaba e kgolo: Foramo ya Saense ya Aforika Borwa 2015 tlasa mookotaba: “Re hotetsa moqoqo ka saense” ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Tshitwe 2015, ho la Pretoria.

Ketsahalo ena e neha bankakarolo ba tswang Aforika Borwa, ka hara kontinente le bomphato ba matjhaba lepatlelo bakeng sa dingangisano le ho ithuta ka maano mabapi le ho tsamaelana pakeng tsa saense le setjhaba.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Ketsahalo ya Letsatsi le Tsamaelanang le tsa Mawatle ya Lefatshe ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Mawatle (IMO) e tshwarelwe Aforika Borwa ka 2020. Lefapha la Dipalangwang ha ho le jwalo le tla fetisetsa qeto ena ya Kabinete ho kopano ya Lekgotla ya IMO e reretsweng ho etsahala ho tloha ka la 23 Pudungwana ho isa ka la 04 Tshitwe 2015.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla amohela wa mphato wa hae wa China Xi Jinping bakeng sa Leeto la Semmuso la matsatsi a mabedi ho tloha ka la 2 ho isa ka la 3 Tshitwe. Sepheo sa leeto ke ho phethela Moralo wa Tshebedisanommoho wa Dilemo tse 5-10 wa China-Aforika Borwa o tla thatiselletsa ho kenngwa tshebetsong ha ditumellano tsa rona esale ho phethelwa Boitlamo ba Beijing ka 2010. Hape le tla tsebisa le ho hodisa Bosemphato bo Pharaletseng ba Mawa bo arolelwanang ke dinaha ka bobedi.

Dikamano tsa Aforika Borwa le China e dula e le bohare ba ho fihlella lenaneo la yona la ntshetsopele ka leano la yona la matjhabeng kaha le eketsa mekutu ya ho kenya tshebetsong Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), tshebedisanommoho ho tsa temo, merero ya tsa tikoloho, kgwebisano le diindaseteri le tsa ditjhelete jwaloka ha naha e tswela pele ho kganna lenaneo la ho ntshetsa Aforika Borwa pele. Hape le fana ka monyetla wa ho sheba botjha kgatelopele mabakeng a hajwale a kgwebisano le tshebedisanommoho pakeng tsa dinaha ka bobedi, le ho potlakisa le ho phethela dibaka tse ntjha tsa tshebedisanommoho.

3.2. Moporesidente Zuma o tla etella pele Kemedi e tla kenela ho dula ha bo-21 ha Khonferense ya Mekga ho Seboka sa Meralo ya Phethoho ya Tlelaemete sa Matjhaba a Kopaneng (UNFCCC) le ho dula ha bo-11 ha Khonferense ya Mekga e sebetsang jwaloka Kopano ya Mekga ho Porothokhole ya Kyoto (CMP11) e tla tshwarwa ho tloha ka la 30 Pudungwana ho isa ka la 11 Tshitwe 2015 Paris, ho la Fora.

Ditherisano tsa matjhaba bakeng sa tumellano e ntjha ya semolao e tla hlophisa karabelo ho phethoho ya tlelaemete, e tla qala ho sebetsa ho tloha ka 2020 ho ya pele. Ho imatahantswe le ditabatabelo tsa naha tsa Aforika Borwa jwaloka naha ya Aforika e tswelang pele e tla batla tshehetso ya kamora 2020, Aforika Borwa e tla tswela pele ho tshireletsa dipehelo tsa mantlha tsa UNFCCC tsa tekatekano le phapantsho.

Ho Sehlopha sa 77 sa kopano ya China, Aforika Borwa e tla tsitlallela ho boloka le ho matlafatsa bonngwe ba dinaha tse ntseng di tswela pele bakeng sa ho fumana Tumellano ya Paris e hlokang leeme, e nang le maikemisetso, e thehilweng hodima tsa saense le e hlahisang sebaka sa ntshetsopele sa dinaha tse ntseng di tswela pele.

3.3. Moporesidente Zuma o tla thakgola Letsholo la Matsatsi a 16 bakeng sa thibelo ya Dikgoka kgahlanong le Basadi le Bana ka la 25 Pudungwana 2015 Naauwpoort, ho la Mahikeng tlasa mookotaba: “Mpalle le nna: Mmoho re Ntshetsapele Aforika Borwa e hlokang Dikgoka.” Letsholo lena le hopolwa jwaloka karolo ya Matsatsi a 365 a Twantsho, leo e leng letsholo le tswellang le lemosang ka dikgoka kgahlanong le basadi le bana, le ho elellwisa batho hore ba balellwe twantshong ya selemo ho pota. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tshehetsa letsholo lena le ho sebedisa nako ena bakeng sa ho elellwisa badudi le ho imatahanya le mmuso ho fedisa dikgoka kgahlanong le basadi le bana - #Count me In.

3.4. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya mmuso dipuisanong tsa yona tse setlwaeding le Foramo ya Bahlophisi ba Boraditaba ba Naha ya Aforika Borwa ka la 21 Pudungwana 2015 jwaloka boitlamo ba mmuso le lenaneo le tswellang la ho tiisa dikamano le boraditaba. Mmuso o tla tsebisa bahlophisi ka dintlha tsa bohlokwa le meralo e motjheng ha ho ntse ho fuwa bahlophisi monyetla wa ho hlahisa dibaka tsa kgahleho le mmuso.

3.5. Aforika Borwa e tla tshwaya Letsatsi la Lefatshe la AIDS tlasa mookotaba - “Ho isa Molokong o Hlokang HIV: PHAHAMA. SEBETSA. TSHIRELETSA. LETHO – e leng kgoeletso ya ho sebetsa ho setjhaba. Mookotaba wa selemong sena o tsamaelana le mookotaba wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa Letsatsi la Lefatshe la AIDS bakeng sa 2011 ho isa ho 2015 e leng: “Ho fihlella ho Letho”. Letsatsi la Lefatshe la AIDS la 2015 le tla boela le matlafatsa puisano ka sekodi le kgethollo, le ho elelliswa ha badudi ka hore ba arabele le ho hodisa phumantsho ya thibelo, kalafo le tshehetso ya ditshebeletso.

Ketsahalo e kgolo ya ho hopola Letsatsi la Lefatshe la AIDS e tla tshwarelwa KwaZulu-Natal. Sena se tla etsa motheo bakeng sa Aforika Borwa ho tshwara Khonferense ya Matjhaba ya AIDS ya bo- 21 Setsing sa Dikopano sa Matjhaba sa Inkosi Albert Luthuli ho la Durban ho tloha ka la 17 ho isa ka la 22 Phupu 2016. Aforika Borwa e tswella ho etsa kgatelopele ho ntwa kgahlanong le HIV le AIDS, ebile e se e atolositse lenaneo la naha la kalafo ya HIV, moo batho ba dimilione di le tharo ba tholang kalafo ya meriana ya HIV, e le mohato wa ho fokotsa tshwaetso ya ho tloha ho mme ho ya ho lesea le ho rekota matshwao a ntlafetseng a lefuba.

3.6. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho nka karolo diketsahalong tsa di-Imbizo tse rerilweng ho phatlalla le naha nakong ya Beke ya Imbizo ya Naha ya ho Tsepamisa Maikutlo ho tloha ka la 30 Pudungwana ho isa ka la 6 Tshitwe 2015. Lepatlelo lena le thusa baahi ho buisana le ditho tsa Phethahatso.

Beke ya Imbizo ya Naha ya ho Tsepamisa Maikutlo e tla tshwarwa tlasa mookotaba: “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele” mme e tla beha badudi sehlohlolong ka ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong ke mmuso bakeng sa ho hotetsa kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi, jwaloka ha o tekilwe ke Moporesidente Zuma Puong ya hae ka Maemo a Setjhaba ya Tlhakola 2015. Ditho tsa Phethahatso di tla boela di sebedise monyetla ona ho kgothaletsa bonkakarolo ba badudi bakeng sa ho sebetsana le mathata a fapafapaneng a setjhaba, ho kenyeletswa dintlha tse tsamaelanang le dikgoka kgahlanong le basadi le bana.

3.7. Tshitwe ke Kgwedi ya Poelano mme Aforika Borwa e tla tshwaya Letsatsi la Poelano la 16 Tshitwe Port Elizabeth, ho la Kapa Botjhabela tlasa mookotaba: “Re ngotla karohano: Re aha bosetjhaba bo tshwanang ba Aforika Borwa ho isa pusong ya naha e tswelang pele”. Kgwedi ena e na le bohlokwa bo ikgethang bakeng sa setjhaba kaha e kgothaletsa poelano, kgotso le momahano ya setjhaba e leng motheo wa naha e ntjha ya tsamaiso ya demokerasi.

Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho sebedisa kgwedi ena bakeng sa ho atamelana ha naha e ntse e tswella ho sebetsa mmoho bakeng sa ho aha setjhaba se le seng se atlehileng.

3.8. Kabinete e hopotsa balefi ba lekgetho ba so kang ba kenya ditokomane tsa bona tsa lekgetho bakeng sa selemo sa 2014/15 sa lekgetho hore letsatsi la ho qetela la ho kenya ditokomane ke la 27 Pudungwana 2015. Kabinete e leboha balefi kaofela ba lekgetho bakeng sa ho imatahanya le mmuso mabapi le ho fana ka ditshebeletso tse hlokahalang ka matla tse thusang ho ntlafatsa bophelo ba diketekete tsa badudi ho phatlalla le naha.

3.9. Kabinete thoholetsa Setsha sa Mehala sa Bolaodi ba Dikgoka tse Amanang le Bong sa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba (GBVCC) ka ho hapa Kgau ya Lefatshe ya Setsha sa Mehala se Hlwahlwa ka ho Fetisisa Las Vegas, ho la Amerika, ka Labone, la 5 Pudungwana 2015. GBVCC ke setsi sa mehala se sebetsang bosiu le motshehare se reretsweng ho fana ka tshehetso le boeletsi ho diphofu tsa dikgoka tse amanang le bong. Sena ke e nngwe ya pale ya katleho e bontshang mmuso o kgathallang o ikemiseditseng ntweng ya ho kgina dikgoka tse amanang le Bong.

3.10. Kabinete e thoholetsa Eskom bakeng sa ho sebetsa ka matsatsi a 100 ntle le ho kgaola phepelo ya motlakase. Eskom e fihletse mokolokotwane ona ka Labobedi, la 17 Pudungwana 2015. Matsatsi a 100 a phepelo ya motlakase e sa sitisehang ha ho bolele hore re ka qhanolla. Empa, Kabinete e ipiletsa ho badudi ho tswella ho lekola boishunyako ba ho baballa eneji.

3.11. Kabinete e thoholetsa bakgethwa ba Dikgau tsa Dipapadi tsa Aforika Borwa tsa 2015 tse tla tshwarwa ka la 22 Pudungwana 2015 Theatereng ya  Sand du Plessis Mangaung, ho la Foreisetata. Dikgau tsena, tse hlophisitsweng tlasa mookotaba: “Boqhetseke ha se ho ba hlwahlwa ho fetisisa; ke ho etsa ho fetisisang”, di keteka dilemo tse 10 tsa ho ananela le ho hlompha batho ba sebeditseng ka bokgabane ka hare le ka ntle ho mabala a dipapadi. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho tshehetsa ketshalo ena ka ho kgetha Naledi ya Selemo ya Dipapadi ya 2015.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

4.1. Kabinete e imatahantse le Moporesidente Zuma le badudi ba matjhabeng ka ho tshwela ka mathe ka matla ditlhaselo tsa boferekanyi tsa moraorao tjena tse etsahetseng Beirut (Lebanon), Baghdad (Iraq), Yola  (Nigeria) le Paris  (Fora), tse bakileng tahlehelo ya bophelo ba batho ba se nang molato le tshenyo ya thepa. Aforika Borwa e ema e tiile ho tshweleng ka mathe ha yona ha ditlhaselo kaofela tse tobileng badudi ba se nang molato mme e boeletsa mmono wa yona wa hore boferekanyi, ka sebopeho sefe kapa sefe le hore bo tswa hokae, bo keke ba amohelwa.

4.2. Kabinete e tshehetsa diketso tsa Komiti ya Matona a Mmuso e mabapi le Kgaello ya Metsi le Komello bakeng sa ho bebofatsa kgahlamelo ya komello le ho kgothaletsa badudi ho sebedisa metsi ka polokeho bakeng sa ho tiisetsa phepelo ya kamoso. 

Mmuso o ekeditse ka R96,6 milione ho R352,6 milione ya sethathong ho tshehetsa mekutu ya naha ya ho imolla mathata a komello. Sena se kenyeletsa ho rekwa ha ditanka tsa metsi tse 45 bakeng sa ho fuwa dibaka tse amehileng, ho epa dipetse le tlhabollo, papallo ya metsi le ho laola tlhokeho, le ho thusa ka mehlodi.

Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu le tla dumella hore ho falliswe mehlape ho tloha dibakeng tse thefulehileng ka ho fetisisa ho iswa mobung oo e leng wa mmuso moo ho ntseng ho na le makgulo a betere. Hodima moo, Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba le hokahane le Bomeyara bakeng sa ho kenya tshebetsong ditsela tse fapafapaneng tsa ho baballa metsi tlasa tataiso ya Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere.

Tsena di kenyeletsa ho hlahisa dithibelo tsa tshebediso ya metsi; ho disa boimatahanyo le dithibelo tsa tshebediso ya metsi; ho fana ka dikotlo moo ho hlokahalang; ho beha ka sehloohong tokiso ya ho dutla ha metsi; ho kgothaletsa dithekenoloji tse hlwahlwa tse jwaloka matlwana a sa sebediseng metsi a mangata ha a hulelwa; ho bokella metsi a pula le ho sebedisa metsi a sebeditseng bakeng sa ho nosetsa.

4.3. Moporesidente Jacob Zuma o ile a etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho Seboka sa Baetapele ba G20 Antalya, ho la Turkey ho tloha ka la 15 ho isa ka la 16 Pudungwana 2015. Mookotaba wa seboka e ne e le kenyeletso, matsete le ho kenngwa tshebetsong. Aforika Borwa e hara dinaha tse 51 tse saenneng Tumello ya Phapanyetsano ya Tlhahisoleseding ya Lekgetho Berlin, ho la Jeremane ka Mphalane 2015. Dinaha di tla qala ho fapanyetsana tlhahisoleseding ka 2017, e tla hlakiswa ke molao oo hajwale o tekilweng ka hara Palamente. Moporesidente Zuma o amohetse qeto ya dintlha tsa tshebetso tse15 tsa G20/Mokgatlo bakeng sa porojeke ya Tshebedisanommoho le Kgoholeho ya Motheo wa Ntshetsopele le ho Suthiswa ha Phaello, tseo di neng di le hlokolosi bakeng sa ho netefatsa ho hloka leeme le ho tiisetsa motheo wa lekeno wa dinaha tse ka Borwa ho Sahara.

4.4. Ditho tsa Lekgotla la Matona a Kopano ya Makgetho a Madiboho a Aforika e Borwa (SACU) di kopane ka la 11 Pudungwana 2015 Windhoek, ho la Namibia letsatsing le eteletseng pele ho bulwa ha ntlokgolo ya SACU le dipuisano tseo e seng tsa semmuso tsa Dihlooho tsa Dipuso tsa SACU le Mmuso. Lekgotla le sebedisitse monyetla ona bakeng sa ho thuisa kgatelopele e entsweng mabapi le Moralo wa Dintlha tse Tsheletseng esale ho tshwere kopano ya ho qetela le ho toboketsa botjha boitlamo ba bona ho SACU. Lekgotla le dumellane hore SACU e tshwanela ho sebetsa ho fihlella ka nqane ho karolelano ya lekeno ho ya boikitlaetsong ba ntshetsopele bo tla tshehetsa kopanelo ka hara lebatowa. Ditho hape di amohetse mmapa le moralo wa dtshebetso o tla lebisa ho seboka se tla tshwarwa ka Phuptjane 2016.

4.5. Kabinete e amohela Diphetho tsa Tlhatlhobo tsa 2014-15 tsa mmuso wa naha le wa porofense. Tlaleho e bontsha ntlafalo e tsitsitseng mabakeng kaofela a diphetho tsa ditlhatlhobo tsa mmuso wa naha le wa porofense. Di bontsha ho lebisa mokgweng o motle wa bolaodi le taolo e imametseng ya ditjhelete le ho matlafatsa bolaodi bo botle ka ha mafapha a mangatanyana a fumane ditlhatlhobo tse hlwahlwa. Ntlafalo ena e boela e supa hore mmuso o sebetsa ka thata bakeng sa ho netefatsa boikarabelo dibakeng tsa ona tsohle tsa mosebetsi wa ona.

Ntle le ntlafalo ena, mmuso o entse qeto ya ho tswella ho tshehetsa mafapha a nang le diphuputso tse sa kgahliseng le ho netefatsa hore mafapha oohle a mmuso a sebetsa ho ya ka tebello.

4.6. Kabinete e amohela ho thonngwa ha Moahlodi Mandisa Muriel Maya jwaloka Motlatsi wa Moporesidente wa Lekgotla le Phahameng la Maipiletso ke Moporesidente Zuma ho ya ka karolo 174(4) ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa the 1996 le Moahlodi Nonkosi Zoliswa Mhlantla jwaloka moahlodi wa Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo ho ya ka Karolo 174(3) ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa wa 1996 ka tatelano.

Dithonyo tsena di matlafatsa boitlamo ba Aforika Borwa ba tekatekano ya bong maemong a phahameng ka ho fetisisa le ho akofisa phethoho ya makgotla a dinyewe. Kabinete e thoholetsa baahlodi ka bobedi le ho ba lakaletsa tse molemo mabapi le ho phethahatsa boikarabelo bona bo hlokolosi ka hara Makgotla a Dinyewe a Aforika Borwa.

4.7. Kabinete e thoholetsa Ngaka S’thembile Ngidi ya entseng nalane ka ho fumana mangolo a thuto ho tswa ho Koletjhe ya tsa Kalafo ya Aforika Borwa jwaloka ngaka ya pele e alafang mofetshe ya mosadi ho tswa KwaZulu-Natal ebile e le wa bobedi feela ka hara naha.

4.8. Kabinete e thoholetsa Moetsi wa difilimi wa Aforika Borwa Reina-Marie Loader eo tlhakisetso ya hae ‘Horn’ e fumaneng dithoholetso, ho kenyeletsa ho kgethwa bakeng sa Dikgau tsa Paballo ya Ditshukudu tsa 2015 ka Phupu mokgahlelong wa kgau ya Temoso, Thuto le Merero ya Ditjhelete e Hlwahlwa ka ho Fetisisa, le ho hapa kgau bakeng sa Filimi e Hlwahlwa ka ho Fetisisa ya Paballo ya Tlhaho ho Mokete wa Difilimi tsa Matjhaba wa 2015 New York City, ho la Amerika.

4.9. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Motlatsi wa Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Ms Pamela Tshwete, ka ho lahlehelwa ke mme wa hae, Mama Ruth Nomzi Zondeki.

4.10. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho mmuso wa New Zealand, lelapa, metswalle le Mokgatlo wa Rakbi wa New Zealand ka ho lahlehelwa ke kgalala ya rakbi, Jonah Tali Lomu, ya entseng kgahlamelo e matla papading ena.

5. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

5.1. Katoloso ya Konteraka bakeng sa dilemo tse hlano ya Monghadi Maswahle Diphofa – Motsamaisi Kakaretso (DG): Lefapha la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba.

5.2. Katoloso ya Konteraka bakeng sa dikgwedi tse leshome le metso e mmedi ya Mofumahadi Nonkululeko Sindane – DG: Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo.

5.3. Monghadi Livhuwani Tommy Makhode jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi Kakaretso (DDG): Meralo ya Ditheo le Tshehetso ka hara Lefapha la Saense le Thekenoloji.

5.4. Monghadi Rory Gallocher jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Bolaodi ba Taolo ya Matlo a Kahisano.

5.5. Ngaka Pradish Rampersadh jwaloka Molaodi wa Phethahatso e motjha bakeng sa Lekgotla la Aforika Borwa la Diporofeshene tsa Saense ya Tlhaho.

5.6. Monghadi Mark Barnes jwaloka CEO wa Sehlopha sa Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa.

5.7. Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa:
i. Monghadi Jabulani Philip Moleketi – (o thontswe hape e le Modulasetulo);
ii. Monghadi Msokoli Frans Baleni – (o thontswe hape e le Motlatsi wa Modulasetulo);
iii. Mofumahadi Martie Janse van Rensburg – (Molaodi eo e seng wa Phethahatso);
iv. Mofumahadi Malijeng Theresa Ngqaleni – (Molaodi eo e seng wa Phethahatso); le
v. Mofumahadi Kameshni Naidoo – (o thontswe hape jwaloka Molaodi wa Phethahatso).

5.8. Boto ya Mokgatlo wa Aforika Borwa wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethang:
i. Mofumahadi Margaret Octavia Ndlovu – (o thontswe hape e le Molaodi eo e seng wa Phethahatso); le
ii. Mofumahadi Bulelwa Mnkangisa – (o thontswe hape e le Molaodi eo e seng wa Phethahatso).

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
(Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

 

Share this page

Similar categories to explore