Mosebetsi Mokgeng Wa Mmuso

Ho etsa kopo ya mosebetsi Tshebeletsong ya Setjhaba

Mesebetsi ya mafapha a naha le a profense e tlatswa ka ho hira basebeletsi kapa ka ho mema dikopo ho tswa ho ba sa sebetseng Tshebeletsong ya Setjhaba. Mesebetsi e maemong a phahameng, e leng, taolo tsa tshebeletso tse phahameng, e tlameha ho bapatswa naha ka bophara ho hira ba kantle le ka hare ho Tshebeletso ya Setjhaba.

Ka molao mesebetsi e bapatswa Lenaneng la Dipapatso tsa Mesebetsi ya Setjhaba le bokeletswang le ho phatlalatswa beke le beke ke Lefapha la Tshebeleso tsa Setjhaba le Tsamaiso (DPSA).

Lenane la Papatso ya Mesebetsi ya Setjhaba le bolella basebeletsi ba setjhaba ka mesebetsi e Tshebeletsong ya Setjhaba. Batho bao e seng basebeletsi ba Tshebeletso tsa Setjhaba empa ba hohelwa ke mesebetsi e bapaditsweng ba tshwanela ho batlisisa lefapheng le bapatsang hore na ba ka etsa dikopo. Dintlha tsa kgokahanyo tsa lefapha le ntshitseng papatso di fanwe lenaneng leo.

Mafapha a mang a kang la Sesole a ka hloka hore o etse tlhahlobo tsa bongaka pele o etsa kopo.

Seo o tshwanelang ho se etsa

  1. Fumana o be o tlatse Foromo ya Z83 (Kopo ya Mosebetsi). Hape o ka fumana foromo ena mafapheng ohle a naha le a profense.
  2. Kenya lengolo la kopo ya mosebetsi (CV) la hao. Lefapha hape le ka o kopa ho kenyeletsa le dikhopi tsa mangolo a boiphihlelo ba thuto, khophi ya tokomane ya boitsebiso le tokomane tse ding tsa hao. Ka kopo bala papatso ka hloko ho bona hore o ka kenyeletsa eng.
  3. Isa foromo e tlatsitsweng ya Z83 le ditokomane tse ding tse hlokwang atereseng e fanweng papatsong.
  4. O ka nna wa fumana lengolo la kamohelo ya kopo, seo se ya ka tsela eo lefapha leo le e sebedisang.

Ho nka nako e kae

Tsamaiso ya khiro le ya kgetho e a fapana mafapheng, empa sepheo ke ho qeta nakong e kgutshwane.

 

Share this page