Ngodisa sebaka jwaloka setsi sa embriyo le keremiso ya maiketsetso (setsi sa Al)

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ngodisa setsi sa Al

Ho hlahloba, ho pakela, ho ngola, ho boloka kapa ho rekisa disebediswa tsa tswadiso, o tlameha ho qala ka ho ngodisa sebaka sa hao jwaloka setsi sa Al.

O tlameha ho ba le tshebeletso tse latelang sebakeng sa hao:

  • ofisi le dilabhodatri
  • monyako wa setjhaba
  • tsela ya setjhaba le fense e kampetseng ka botlalo
  • ditala tsa dipere, masakana, kamore tsa tlhokomelo le masaka
  • sebaka se qollotsweng thoko
  • sebaka sa ho bokella metsi

Disebediswa tse latelang di tlameha ho kenyelletswa morerong wa setsha sa hao.

O tlameha ho ba le morero o takilweng o bontshang tekantsho le tlhaloso ya:

  • kamore tsohle tse tlo sebediswa ele ofisi le labhodatori. Tsena di kenyeletsa:
    • tlhokomelo, tshebetsano, ho pakela, ho ngola le dikamore tsa ho boloka metheriale ya tswadiso.
    • diphaposi tse sebedisetswag ho hlwekisa le ho bolaya dikokwanahloko disebedisweng.
    • sebaka sa ho hlobolela le matlwana
  • setaleng sa dipere, ho bokella thepa le dikamore tsa tlhokomelo
  • masaka le matlo a thoko

Diphoofolo tse bolokilweng sebakeng sa hao ha di a atlameha ho kopana le tsa dibakeng tse ding kantle. O tlameha ho kampela sebaka sa hao ka fense.

Diphoofolo tse bolokuweng dibakeng tse behelletsweng thoko ha di a tlameha ho kopana le diphoofolo tse ding tse sebakeng sa hao. O tlameha ho ba le setala sa dipere le masakana bakeng sa ho bokella, ho boloka, ho hlahloba le ho etsa diteko disebedisweng tsa tswadiso dibakeng tse behelletweng thoko.  Etsa bonnete ba hore dintho tse phallang ha di phalle ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng.

Basebetsi ba sebetsanang le dikolobe sebakeng se behelletsweng thoko le tse ding ha ba tlameha ho kopana le basebetsi ba bang setsing.

Ho tlameha ho ba le sebaka se lekaneng hore diphoofolo di kgone ho ikotlolla.

O tlameha ho ba le dikamore bakeng sa tse latelang tulong ya hao:

  • mesebetsi ya tsamaiso.
  • metjhini bakeng sa ho hlahloba, ho tswellisa, ho pakela, ho ngola le ho boloka disebediswa tsa tswadiso.
  • ho hlwekisa, ho bolaya dikokwanahloko le ho hlophisa disebediswa tse sebedisetswang tswadiso.

Batho ba bokellang matheriale ya tswadiso ha ba tlameha ho kena dikamoreng tse hlalositsweng. O tlameha ho boloka dikamore tsa ho bokella, ho hlahloba, ho pakela, ho ngola le ho boloka matheriale ya tswadiso di hlwekile ka nako tsohle.

Mabala, mabota le marulelo a sebaka seo ho sebetsanwang le matheriale ya tswadiso se tlameha ho hlwekiswa kgafetsa mme se dule se bolokehile bakeng sa diphoofolo.

O lokela ho etsang

  1. Hula mme o tlatse foromo ya: Kopo ya ngodiso ya sebaka ho ba setsi.
  2. Hlomathisa dikopi tse pedi tsa moralo wa bodulo ba hao, moralo wa fatshe le bopaki ba ditefello.
  3. Lefa tjhelete e behilweng ho:
    The Director-General of the Department of Agriculture, Forestry and Fisheries
    Standard Bank
    Nomoro ya Akhaonto: 011219556
    Branch: Arcadia
    Nomoro ya Branch: 000845/010845.
    Referense ebe lebitso le sefane sa hao.
  4. O ka sebedisa e-maili, poso kapa wa itlisetsa diforomo, ditokomane tse hlomathisitsweng le bopaki ba tefello.
    • Ebang o sebedisa e-maili, o ka sekhena foromo ya kopo ya hao, dihlomathiso le bopaki ba tefello ho: lesibanama@daff.gov.za.
    • Ebang o romela kopo ya hao ka poso, o tlameha ho e posetsa: Private Bag X138, Pretoria, 0001.
    • Ha o ikisetsa yona, e lebise ho Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria.

Nako ya tshebetso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Ditjeo ke bokae

R 6 030
 

Diforomo tse tlatswang

Application for registration of premises as a centre (Kopo ya ho ngodisa sebaka jwaloka setsi)

Dintlha tsa ho iteanya

 

Registrar: Animal Improvement

Tel: 012 319 7424/34
Fax: 012 319 7570/7425

Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: The Registrar of Animal Improvement, Private Bag X138, Pretoria, 0001

Share this page