Kopo ya ho ntjhafatsa tumello ya phoofolo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka kopo ya tumello ya ntjhafatso ya ho tsamaisa phoofolo e lo ho tswadiswa

Ho tsamaisa phoofolo eo o e ngodisitseng ho lo tswadiswa setsing se seng, o tlameha ho qala ka ho etsa kopo ya ntjhafatso ya tumello ya phoofolo bakeng sa ho lo tswadiswa.

Ha o hlokahale hore o nke madi a phoofolo eo. Mme hape ha o hloke sethifikhate sa ngaka ya diphoofolo kantle le ha eba o tsamaisa phoofolo ka lebaka la kokwanahloko ya dijo le molomo moo diphoofolo di bolokilweng teng.  Le ha ho le jwalo, o tlameha ho tsebisa Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi mabaka a etsang hore o batle ho tsamaisa phoofolo.

O lokela ho etsang

  1. Ikopanye le ofisi e phahameng ya Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi.  
  2. Lefa tjhelete e behilweng ka tjheke, ka order ya poso, ka order ya tjhelete ho Molaodi-Kakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi. Ebang o tlo itlisetsa kopo ya hao le tjhelete o tlameha ho netefatsa hore o fumana bopaki ba tefello. Ha o lefa ka tshebediso ya Akhaonto ya Teransefere ya Elektroniki, o tlameha ho lefa akhaontong e latleang:
    Standard Bank
    Branch: Arcadia
    Nomoro ya akhaonto: 011219556
    khoutu ya Branch: 000845/010845
  3. Hula mme o tlatse foromo ya ho etsa kopo e ka tlase.
  4. Hlomathisetsa netefatso ya tefello foromong.
  5. Romella dikopo tsa hao ho:
    The Registrar of Animal Improvement
    Private Bag X138
    Pretoria
    0001.

Nako ya tshebetso

Matsatsi a 30.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2018/19

Diforomo tse tlatswang

Application for renewal of the approval of an animal for the collection of semen (Kopo ya tumello ya ntjhafatso ya ho tsamaisa phoofolo e lo ho tswadiswa).

Dintlha tsa ho iteanya

 

Directorate: Animal Production

Tel: 012 319 7424/34
Fax: 012 319 7570/7425

Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: The Registrar of Animal Improvement, Private Bag X138, Pretoria, 0001

Share this page