Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ditokelo tsa mohlahisi wa semela

Tokelo ya mohlahisi wa semela ke foromo ya tokelo ya intellectual property e fuwang bahlahisi ba mefutafuta e metjha ya dimela. Bahlahisi ba mefutafuta e metjha ya dimela ba fuwa ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela bakeng sa tshireletso ya mefutafuta ya bona kgahlanong le ho senngwa/sebediswa hampe ntle le tumello ya bona.

Haeba o hlahisa mofutafuta wa semela mme o ka rata ho fumana moputso wa tjhelete bakeng sa matsapa a hao, o tlameha ho ngodisa mofutafuta oo le Mongodisi wa Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela. Hang ha o ngodisitse mofutafuta wa semela, e ba intellectual property ya hao. Motho ofe kapa ofe ya hlahisang a le mong kapa mokgatlo wa ho hlahisa o ka etsa kopo ya tokelo ya mohlahisi wa semela. Bahlahisi ba dinaha tsa kantle ba ka etsa kopo ka moemedi ya dulang Aforika Borwa.

Bahlahisi ba dimela ba fuwa ditokelo feela bakeng sa mefuta ya dimela e phatlaladitsweng ho ya ka Molao wa Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela, wa 1976 (Molao wa 15 wa 1976).  Tsena di boletswe Tafoleng ya 1 ya Melawana.

Ditlhoko tsa ho fana ka Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela:

Hore o fuwe ditokelo tsa mohlahisi, mefutafuta ya dimela e tlameha ho ba metjha, e Fapane, e Tshwane, e Tsitse (DUS) mme e be le sehlopha (lebitso la mofutafuta) se amohelehang. Mofutafuta o nkwa:

  • O le motjha ebang:
    • semela se ikatisang (peo kapa ho kgaola ha semela) sa mofutafuta se eso ka se rekiswa Aforika Borwa nakong e teletsana ho feta selemo se le seng.  
    • semela se ikatisang sa mofutafuta wa sefate kapa sa semela sa morara ha se eso ka se rekiswa ka ho e nngwe nakong ya dilemo tse fetang tse tsheletseng, kapa ha e le semela se seng, nakong e fetang dilemo tse nne.
  • Fapana haeba se fapana ka ho hlaka le mefutafuta e meng ya semela se le seng.
  • Tshwana haeba dimela tsa mefutafuta di shebahala di tshwana mme di tshwana ka makgetha a amehang. 
  • Tsitsa haeba dimela tsa mofutafuta o itseng di ntse di shebahala jwaloka dimela tsa sethato kamora ho lema ho iphethaphetang.

Nako ya tokelo ya mohlahisi wa semela

Hang ha mofutafuta wa hao o amohetswe, o tla fuwa setefekeiti sa tokelo ya mohlahisi wa semela. Ditokelo tsa bahlahisi ba dimela di molaong dilemo tse 25 bakeng sa dimela tsa morara le difate, le dilemo tse 20 bakeng sa mefutafuta ya selemo le selemo, ho balwa ho tloha letsatsing leo setefekeiti sa boingodiso se ntshwang ka lona.

Ela hloko: Jwaloka motho ya tshwereng tokelo ya mohlahisi wa semela, o tlameha ho tshireletsa ditabatabelo tsa hao ho netefatsa hore mefutafuta ha e sebediswe hampe kantle le molao ke motho ya sa dumellwang.

Tshireletso ya nakwana

O ka etsa kop oho Mongodisi wa Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela bakeng sa tshireletso ya nakwana ya mefutafuta ho fihlela diteko kaofela di feela mme o fuwa ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela. Tshireletso ya nakwana e kgothalletswa dijalong moo diteko di nkang selemo se le seng le ho feta ho qetwa.

Ditshwanelo tsa hao ke dife?

Nakong ya ho ba le ditokelo, o tlameha ho:

  • boloka mefuta mme o tshepise hore semela se ikatisang se fumaneha kamehla.
  • Lefa ditjhelete tse behetsweng tsa selemo le selemo.

Ebang o hloleha ho etsa sena, Mongodisi a ka hlakola ditokelo tsa hao tsa mohlahisi wa semela.

O lokela ho etsang

  1. Iteanye le Tafole ya 1 ya Molao wa Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela moo mofuta wa semela o phatlaladitsweng.
  2. Haeba mofuta wa semela ha o yo tafoleng, isa kopo ya phatlalatso le mabaka a ngotsweng ho Mongodisi wa Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela.
  3. Haeba mofuta wa semela o tafoleng, tlatsa foromo ya kopo le dintlha tse latelang ka botlalo:
    • dintlha tsa hao, ho kenyeletsa mabitso, diaterese le botjhaba
    • tumello e ngotsweng ho tswa ho mong wa semela, ebang o eso ka o hlahisa kapa o kgetha mofuta
    • sehlopha se sisintsweng, se tlamehang ho phethahatsa ho ya ka Karolo ya 10 ya Molao
    • naha eo mofuta o hlahisitsweng kapa o sibollotsweng ho yona
    • dintlha tsa ditshebetso tsa pele tsa Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela dinaheng tse ding kapa ho kenyeletswa mananeng a semmuso a mefuta mabapi le semela se le seng, ho kenyeletsa letsatsi la ho faela, dinomoro tsa dikopo, mehato ya kahlolo le matsatsi a tumello le boholo bo sebedisitsweng
    • ebang semela se ikatisang le/kapa semela se kotutsweng sa mofuta se se se rekiswa kapa se bapatswa, dintlha tsa dinaha, matsatsi le palo eo sena se etsahetseng tlasa tsona
    • lenanepotso la tegniki le tlatsitsweng. Bontsha ka ho hlaka lenanepotsong la tegniki leo ka lona mefuta e meng e tsejwang mofuta o motjha o lokela ho bapiswa ho fumana phapang
    • tokelo ya molao ya ho nka diqeto 
    • ditjhelete tsa tlhahlobo
  4. semela se ikatisang: Matsatsi le palo ya semela se ikatisang tseo o tlamehang ho di isa di fumaneha ka kopo ho Mongodisi.

Nako ya tshebetso

  • Tshebetso ya tlhahlobo ya ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela e nka sehla se le seng ho isa ho tse pedi tsa kgodiso.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsa kopo le mananepotso a loketseng a tegniki a ka fumanwa kantorong ya Mongodisi mme hape a fumaneha websaeteng ya lefapha http://agriculture%2C%20land%20reform%20and%20rurual%20development/ : dikarolo/ mehlodi ya jenethiki/ ditokelo tsa mohlahisi wa semela.

Dintlha tsa ho iteanya

1. Kantoro ya Mongodisi

Mongodisi: Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela
Botsamaisi Mehlodi ya Jenethiki
Poso ya poraevete ya X973
PRETORIA
0001
253 Harvest House
30 Seterateng sa 30 Hamilton
Arcadia
Pretoria

Mongodisi: Ditokelo tsa Bahlahisi ba dimela: 
Noluthando Netnou Nkoana
Mohala: +27 12 319 6183
Fekese:+27 12 319 6385
Imeili: NoluthandoN@daff.gov.za

Ofisiri ya Ngodiso ya Mefutafuta ya Semela: Dikgabiswa le dijalo tsa ditholwana
Marcini Govender
Mohala: +27 12 319 6226
Fekese: +27 12 319 6385
Imeili: MarciniG@daff.gov.za

Ofisiri ya Ngodiso ya Mefutafuta ya Semela: Dijalo tsa temo le meroho
Elna de Bruyn (CJ)
Mohala: +27 12 319 6096
Fekese: +27 12 319 6385 /0866923788
Imeili:  ElnaDB@daff.gov.za

2. Ditsi tsa DUS tsa tlhahlobo

Roodeplaat – Dijalo tsa temo, meroho le dijalo tsa dikgabiswa
Heléne Nel
Karolo Taolo ya Mefuta
Poso ya poraevete ya X11
GEZINA
0031
Mohala: 083 230 4806 / 083 230 4791 / 082 656 3689/90/91/92
Fekese: 083 235 9378
Imeili: HeleneN@daff.gov.za

Stellenbosch – Tholwana ya Sefate se Hlohlorehang, menokotshwai, morara, meroho ya  tunnel le Proteacea
Robyn Hierse or Carensa Petzer
Karolo Taolo ya Mefuta
Poso ya poraevete ya X5044
STELLENBOSCH
7599
Mohala: (021) 809 1648 / 1650 / 1653 / 1655
Fekese: (021) 887 2264
Imeili: RobynH@daff.gov.za/CarensaP@daff.gov.za

Nelspruit – Ditholwana tsa Lamunu le tsa Dibakeng tse futhumetseng
Mark Schaffner
Karolo Taolo ya Mefuta
Poso ya poraevete ya X11208
NELSPRUIT
1200
Mohala: (013) 753 7099 / 7100
Fekese: (013) 752 3854
Imeili: MarkS@arc.agric.za

 

Office of the Registrar:

Registrar: Plant Breeders’ Rights
Postal address: Directorate: Genetic Resources,
Private Bag X973,
Pretoria,
0001.

253 Harvest House,
30 Hamilton Street,
Arcadia,
Pretoria.

Noluthando Netnou Nkoana
Tel: +27 12 319 6183
Fax:+27 12 319 6385
E-mail: NoluthandoN@daff.gov.za

Plant Variety Registration Officer: Ornamental and Fruit crops
Marcini Govender
Tel: +27 12 319 6226
Fax: +27 12 319 6385
E-mail: MarciniG@daff.gov.za

Plant Variety Registration Officer: Agricultural and Vegetable crops
Elna de Bruyn (CJ)
Tel: 012 319 6096
Fax: 012 319 6385 /0866923788
E-mail: ElnaDB@daff.gov.za

2. DUS Evaluation centres:

Roodeplaat: Agricultural crops, vegetables and ornamental crops
Heléne Nel
Postal address: Division Variety Control,
Private Bag X11,
Gezina,
0031.

Tel: 083 230 4806 / 083 230 4791 / 082 656 3689/90/91/92
Fax: 083 235 9378
E-mail: HeleneN@daff.gov.za

Stellenbosch: Deciduous fruit, strawberries, grapes, tunnel vegetables and proteas
Robyn Hierse or Carensa Petzer
Division Variety Control,
Private Bag X5044,
Stellenbosch,
7599.

Tel: 021 809 1648 / 1650 / 1653 / 1655
Fax: 021 887 2264
E-mail: RobynH@daff.gov.za/CarensaP@daff.gov.za

Mbombela: Citrus and Subtropical fruits
Mark Schaffner
Division Variety Control,
Private bag X11208,
Mbombela,
1200.

Tel: 013 753 7099 / 7100
Fax: 013 752 3854
E-mail: MarkS@arc.agric.za

Share this page