Kopo ya ho romela dikhemikhale kantle ho naha

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka kopo ya ho romela dikhemikhale kantle ho naha

Haeba o batla ho romela dikhemikhale tse itseng, o hloka tumello ho tswa ho Khomishene ya Tsamaiso ya Kgwebisano Matjhabeng (ITAC).

Dikhemikhale di laolwa ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa Tumellano ya Montreal le Tumellano ya semmuso ya 1988 ya Ditjhaba tse Kopaneng Kgahlanong le Thekiso e sa dumellwang ya Dithethefatsi tsa Narcotic le dintho tsa Psychotropic. Ana ke matsapa a matjhabeng a ho tshireletsa molalella wa ozone le ho lwantsha ketso/tlhahiso le thekiso ya dithethefatsi matjhabeng.

Ha o etsa kopo ya phemiti ya ho romela dikhemikhale tsena, o tlameha ho fumana lengolo la kgothalletso ho tswa Tshebeletsong ya Sepolesa sa SA (SAPS) kapa ho tswa Lefapheng la merero ya Tikoloho (DEA), ho itshetlehile ka khemikhale eo o batlang ho e romela.

O lokela ho etsang

  1. Leba ho ITAC kapa fumana foromo ya kopo inthaneteng.
  2. Tlatsa diforomo tsa kopo.
  3. Isa tse latelang:
    • khopi ya setefikeiti sa hao sa Vat
    • khopi e netefaditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso ebang o sa tshwara setefikeiti sa Vat
    • lengolo la kgothalletso ho tswa SAPS kapa
    • lengolo la kgothalletso ho tswa DEA haeba dikhemikhale di hlahella lenaneng la Montreal Protocol.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka nako e ka fihlang ho matsatsi a mahlano a mosebetsi ho sebetsana le kopo ya hao ya phemiti ya ho romela.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Kopo ya phemiti ya ho romela: thepa ka kakaretso (Application for export permit: general goods)

Dintlha tsa ho iteanya

 

ITAC
Tel 0861 843 384
City/town Pretoria
Province Gauteng
Physical address International Trade Administration Commission, 77 Meintjies Street, Block D, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address Private Bag X753 Pretoria, 0001

 

Share this page