Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 24 Phuptjane 2015

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e amohetse diqeto tse nkuweng Sebokeng sa bo25 sa Kopano ya Aforika (AU) se behang Aforika motjheng o motjha wa ntshetsopele le kgolo tse kgontshang Kontinente ho nka sebaka sa yona se tshwanelehang mererong ya lefatshe.
Diqeto di kenyeleditse sesole se le seng se kopaneng mafelong a selemo. Baetapele ba itlamme ho akofisa tshebetso ya Lebotho la Tshohanyetso la Aforika (ASF).

Kabinete e thoholeditse boikitlaetso ba AU ho lebiseng ho kopanelo e tomanyana ya lebatowa le kgwebisano ka ho thakgola ditherisano bakeng sa ho thehwa ha sebaka sa kgwebo e lokolohileng bakeng sa kontinente tse tla fohla maqhama a batlang a le matla pakeng tsa meruo ya Aforika.

1.2 Kabinete hape e ananetse kopano ya Matona a AU a Ikarabellang bakeng sa Bong le Merero ya Basadi e neng e tshwerwe kopanong ya ona ka la 12 Phuptjane 2015, ho latela Moifo wa Boemo bo Hodimo (HLP) wa bo2 wa AU mabapi le Tekatekano ya Bong le Matlafatso ya Basadi e neng e tshwerwe ho tloha ka la 10 – 12 Phuptjane 2015 dipakeng tsa Ho Dula ho Setlwaeding ha bo25 ha Kopano ya AU, tlasa Mookotaba: “Etsang hore ho Etsahale ka Kenyeletso ya Basadi ka Ditjhelete ho Lekala la Kgwebo ya Temo”.

Sephetho sa dikopano tse 2 e ile ya e ba Phatlalatso le Kgoeletso ya Tshebetso hodima Kenyeletso ho tsa Ditjhelete ho Kgwebo ya Temo. Kgoeletso ya Tshebetso hara tse ding e mema Ditho tsa Mebuso ho

  • kenya tshebetsong tokelo ya basadi ya ho fihlella, ho laola, ho ba beng le ho kgola molemo ho mehlodi ya ditjhelete, ho kenyeletswa phihlello ya ditsamaiso tsa ditheko tsa setjhaba ho tsa thuto, ntshetsopele ho tlhahisoleseding le ntshetsopele ya maitsebelo, ntlafatso ya dithekenoloji le mekgwa ya teng, ho matlafatsa le ho ntshetsapele matlafatso ya basadi ho tsa kgwebo ya temo;
  • matlafatsa boikitlaetso bakeng sa ho bopa tikoloho e lokileng hore basadi ba kganne kgwebo ya temo le ho ba teng letotong la ditshebetso tsa temo ka ho thibela le ho arabela ho dikgohlano ka hara Kontinente, ho shebana, ho mekamekana le ho bebofatsa kgahlamelo ya ho fetohafetoha ha tlelaemete, le ho shebana le kgahlamelo ya mafu le dikoduwa tsa tlhaho.
  • thusa ntshetsopele ya kgwebo ya temo le matoto a ditshebetso tsa temo ka tshebediso ya metjhini, ntlafatso ya thekenoloji le ntshetsopele ya maitsebelo bakeng sa basadi;

1.3 Dikgweding tse mmalwa tse tlang, baithuti ba materiki ba tla be ba ngola dihlahlobo tsa makgaolakgang tsa selemo. Kabinete e etsa kgoeletso ho Sehlopha sa 2015 ho etsa dikopo tsa ho kena ditsing tsa thuto e phahameng nako e sa le teng jwaloka karolo ya Letsholo la Apply Now/ Khetha Career Guidance le hlophiswang selemo ka seng ke Lefapha la Thuto le Thupello e Phahameng.

Re kgothaletsa baithuti hape hore ba nke Dipalo le Saense jwaloka makala a tla isang kgolo ya rona ya moruo maemong a hodimo. Boiqapelo le Ntlafatso ke tsa bohlokwa bakeng sa ho matlafatsa moruo ka hara naha. Batho ba batjha ba tshwanela ho batlana le menyetla e teng dikoletjheng tsa Setekginiki le tsa Thuto ya Thupello ya Mesebetsi ho phatlalla le naha hodima diyunivesithi tse teng, tse kenyeletsang e sa tswa thehwa ya Sol T Plaatje ho la Kapa Leboya le Yunivesithi ya Mpumalanga.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1 Kabinete e thathiseleditse qeto ya ho nehelana ka Sebaka sa Ntshetsopele ya Diindaseteri sa Maluti-A-Phofung (MAP IDZ) Tshiame (Industriqwa-1A), Harrismith, Porofenseng ya Foreistata. Hape e tjhaelletse monwana phano ya Phomete ya Tshebediso bakeng sa sebaka sena ho Koporasi ya Ntshetsopele ya Foreistata.

Phano ya MAP IDZ e tla theha lepatlelo le sebetsanang le tsa thepa (Logistics Hub) dikilometara tse 10 ka ntle ho Harrismith (setsha sa kgale sa Industriqwa), haholoholo bakeng sa ho sebetsana le makoloi, tlhahiso ya tse bobebe, le makala a tokiso le tsamaiso/kgasanyo ya dihlahiswa tsa temo.

2.2 Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e ipapise le Banka ya Matsete a Dikaho tsa Motheo ya Asia. Banka ena e tsepamisitse maikutlo hodima Lebatowa la Asia le la Oceania bakeng sa ho tshehetsa matsete a dikaho tsa motheo.

Bonkakarolo ba Aforika Borwa bo tla matlafatsa dikamano tsa yona tse holang tsa moruo le lebatowa mme hape e tla bontsha bonngwe le ditabatabelo tsa lebatowa tsa ntshetsopele.

2.3 Kabinete e tjhaelletse monwana ho behwa ha Matona a Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa le la Sepolesa jwaloka ha a ikarabella bakeng sa ho phetha boikarabelo ba Puso ho ya ka karolo 9(2) ya Molao wa Thibelo le Twantsho ya Tshotlo ya Batho, wa 2013.

Ka bobedi Matona a tla ikarabella bakeng sa ntshetsopele ya mananeo a reretsweng ho thibela le ho lwantsha tshotlo a kgothaletsang tokelo ya motheo ya bolokolohi le polokeho ya motho jwaloka ha e hlaloswa ho karolo 12 ya Molaotheo.

2.4 Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Porothokhole e eketsehileng ho Tumellano ya Kgwebo, Ntshetsopele le Tshebedisano mmoho pakeng tsa dinaha tsa Yuropa le Ditho tsa yona tsa Mebuso ho Palamente bakeng sa ho tjhaellwa monwana.

Porothokhole e eketsehileng e sa nkele hloohong ho fihlelleha ha Riphaboliki ya Croatia ho Kopano ya Yuropa (EU) e kenellang hammamorao ka hara Porothokhole.

Ho hodiswa ha EU ho tla ntlafatsa phihlello ya Aforika Borwa ka hara EU, e tla lebisang ho tlhahiso ya menyetla ya mesebetsi, ho rotetsa kgolo ya moruo, le ho ntlafatsa dikgetho tsa bareki. Sena se tsamaelana le pono ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha wa ho hlahisa mesebetsi, ho hodisa moruo le ho kgothaletsa dihlahiswa tse romellwang ka ntle.

2.5 Kabinete e tjhaelletse monwana maemo a amehang a matjhaba le mekgwa e meng ya saense hore e kenngwe tshebetsong ka morero wa ho netefatsa taolo e hlwahlwa ya dikotsi e tla sebediswa ha ho rekwa ho tswa dinaheng tsa ka ntle mehlape le dihlahiswa tsa yona.

Boimatahanyo ba ditlhoko tsa ho reka dinaheng tsa ka ntle ba Aforika Borwa le ditataiso tsa matjhaba tsa saense, bo tla matlafatsa boemo ba naha kgwebisanong ya matjhaba. Sena se tla bula phihlello ho dijo tse lekaneng, tse bolokehileng le ho ba le phepo bakeng sa batho le diphoofolo ka mawa a mehlodi mme se tla eketsa tlhahiso ya mesebetsi ka ho reka ka ntle dihlahiswa tsa nama ya kgomo tse reretsweng ho lokiswa ho ya pele ka hara Aforika Borwa.

3 Dibili

3.1 Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili ya Merero ya Botlokotsebe, ya 2015 ka hara Palamente.

Dihlomathiso di fana ka diphethoho ho melao e amanang le ditlolo tsa molao tse tsamaelanang le dikaho tsa motheo tse kang boshodu ba dikheibole le dithapo tsa mehala. Dipehelo tse batlang di ba boima bakeng sa ho fana ka beile, kahlolo ya batlodi ba molao le ho bopa tlolo e ntjha ya molao ho etsa hore tshenyo ya dikaho tsa motheo tsa bohlokwa e be tlolo ya molao ka ho henahenana kapa ho itshunyatshunya tshebetsong ya ditshebeletso tsa motheo ka diketso tsa botlokotsebe.

Hang ha bili ena e fetisitswe e tla netefatsa hore hona le mekgwa e teng ho tshireletsa dikaho tsa motheo, moo matsete a mangata a setjhaba a hlokehang a thehilweng, ho netefatsa hore naha e fihlella dipheo tsa yona tsa kgolo ya moruo le ho eketsa mesebetsi.

3.2 Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili e shebilweng botjha ya Kgothaletso le Tshireletso ya Matsete, ya 2015 ka hara Palamente. Bili e tiiseletsa botjha hore Aforika Borwa e dutse e bulehile bakeng sa matsete a dinaheng tsa ka ntle, e fana ka tshireletso e hlwahlwa le polokeho ho batsetedi bohle, mme e baballa tokelo e ikgethang ya Mmuso wa Aforka Borwa ho tsitlallela merero ya ntshetsopele le diphethoho tsa leano la setjhaba.

Sena se tshehetsa sepheo sa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) wa ho hodisa matsete le kgolo ya thekiso ya dihlahiswa dinaheng tse ka ntle ho fehla kgolo ya moshwelella le ntshetsopele ka hara Aforika Borwa.

3.3 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Dikgatiso, sa 2015 Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshekatsheko e phatlaletseng.

Bili e hlomathisa Molao wa Dikgatiso, wa bo98 wa 1978 le Molao wa Tshireletso ya Dibapadi tsa Kalaneng, wa bo11 wa 1967, eo e seng e le ya kgale kaha ha e nkela hloohong dintshetsopele maemong a dintlha tse ngata kapa dipehelo tse sebetsanang le merero ya tsa dijithale.

Bili e sebetsana le ho fana ka dilaesense tsa mesebetsi ya dikgatiso/thepa mabapi le mosebetsi o dumeletsweng bakeng sa ho thibela tsuo ho tsa kgwebo. Sena se tla thusa mmuso ho shebana le mathata a borammino le dibapadi tsa kalaneng ka ho netefatsa hore ditsiane di lefuwa ka nako ke dikhamphani tsa dikgatiso le bahasi kaha boholo ba bona ba hlokahala jwaloka dihase.

3.4 Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba, ya 2015 ho Palamente. Sena se hlomathisa Molao wa Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba 46 wa 1997.

Bili e shebana le ntlha ya ntjhafatso ya nako ya tshebetso ya Mokomishenara le hape ho dumella modulasetulo ho laela e mong wa bakomishenara ho sebetsa jwaloka modulasetulo bosiong ba ka bobedi modulasetulo le motlatsi wa hae.

4 Maemo a Kabinete mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1 Kabinete e amohela banna ba Bahlano ba Cuba ba neng ba tshwerwe ho la Amerika ka 1998 le ho ahlolelwa melato e kenyeletsang bohlabaphio le polao. Bohlano bona bo ile ba romelwa Amerika jwaloka karolo ya marangrang a bitswang La Red Avispa ho fuputsa diketso tsa dihlopha tsa bokgukguni tsa Cuba tse neng di le palehong le ho rera ho ketola mmuso wa Fidel Castro.

4.2 Kabinete e leboha mmuso wa Malawi ka kemedi ya Mokomishenara e Moholo wa Aforika Borwa Mofumahadi Cassandra Mbuyane-Mokone bakeng sa ho thusa ka ho kgutlisetswa hae ha bana ba babedi ba maAforika Borwa ba dilemo di 14 le 20 ba ileng ba tloswa tlhokomelong ya nkgono wa bona ho la Mpumalanga ho ya Malawi ka Phupu 2014 ke mosadi ya neng a ikgakantse jwaloka titjhere ya mehleng. Kajeno, Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba Bathabile Dlamini, le tla amohela bana bao.

5 Diketsahalo tse tlang

5.1 Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle ho nka karolo moketeng o tlang wa Kgwedi ya Nelson Mandela ka Phupu tlasa mookotaba: “Etsa letsatsi ka leng e be la Mandela: Ka ho nyehela metsotso e 67 ya nako ya rona ho thusa ba hlokang.” MoAforika Borwa ka mong o na le bokgoni ba ho hodisa lefa la Moporesidente wa mehleng mofu Nelson Mandela ka ho etsa phapang bophelong ba batho ba bang.

Ka moya wa lefa la Madiba ha re boeleng re sebetse mmoho jwaloka ha re tshwaya Kgwedi ya Momahano ya Kahisano ka Phupu ho ntshetsapele setjhaba se momahaneng ka ho hodisa mehopolo ya ho hloka kgethollo, kgethollo ho ya ka bong, toka le tekatekano bakeng sa bohle jwaloka ha ho lebeletswe le ho labalabelwa ho ya ka Molaotheo wa rona.

5.2 Jwaloka ka karolo ya ho keteka le ho hlompha dinyehelo ho tsa saense, boenjineri, thekenoloji le ntlafatso, Letona la Saense le Thekenoloji Letona Naledi Pandor le tla tshwara dijo tsa mantsiboya tsa maemo a hodimo bakeng sa ho tsebisa bahlodi ba Foramo ya Naha ya Saense le Thekenoloji ya 2014/15 – e leng Dikgau tsa BHP Billiton ka la 9 Phupu 2015 Emperors Palace, ho la Kempton Park tlasa mookotaba: “Lesedi”.

Dikgau tsena di thakgotswe ka 1988. Bakeng sa ho keteka mookotaba wa selemo sena wa UNESCO o reng “Selemo sa Matjhaba sa Lesedi le Dithekenoloji tse itshetlehileng hodima Lesedi”, Kgau e Ikgethang e tla abelwa diphuputso tse tsamaelanang le tsa lesedi.

5.3 Ka moya wa Beke ya Aforika ya Tshebeletso ya Setjhaba e tla etsahala bekeng ena (ho tloha ka la 22 ho isa ho la 26 Phuptjane 2015), Kabinete e lakatsa ho leboha basebeletsi bohle ba setjhaba ka boitlamo, boinehelo le mosebetsi o matla mabapi le ho fana ka tshebeletso ho batho ba rona. Re etsa kgoeletso ho basebeletsi ba setjhaba hore ba itlame botjha ho sebetsana le ditlhoko tsa maAforika Borwa oohle.

6.  Boemo ba Aforika Borwa mabapi le ntlha ya Lekgotla la Dinyewe tsa Botlokotsebe la Matjhaba (ICC)

Kabinete, e entse qeto ya hore e tla sheba botjha bonkakarolo ba Aforika Borwa ho Molao wa Roma wa ICC, ka lebaka la mabaka a mangatanyana.

Aforika Borwa esale e le motshehetsi e moholo wa ho thehwa ha ICC le ho ba e nngwe ya dinaha tsa pele tsa ho saenela Molao wa Roma wa ICC. E dula e ikemiseditse bakeng sa tsamaiso ya toka ya matjhaba “ho netefatsa hore dinyewe tse mpe ka ho fetisisa ho dinaheng tsa matjhaba ka kakaretso ha dia lokela ho tlohellwa feela di sa ahlolelwa le hore kahlolo e hlwahlwa e lokela ho netefatswa ka ho nka mehato memong ya naha le ka ho matlafatsa tshebedisano mmoho ya matjhaba.”

Aforika Borwa e tla dula e hodisa le ho kgothaletsa boikitlaetso ba lebatowa le ba matjhaba bakeng sa ho sebetsana le botlokotsebe bo jwalo.

Aforika Borwa ke setho sa Kopano ya Mekga ya Dipuso e thehilweng ka Atikele 112(1) ya Molao wa Roma wa ICC.

Aforika Borwa hape ke setho sa Matjhaba a Kopaneng (UN), AU le ditheho tse ding tsa matjhaba. E nkela hloohong haholo boikarabelo ba yona ho tsa matjhaba.

Aforika Borwa e bapala karolo ya bohlokwa kontinenteng ya Aforika le ho ditheho tse fapafapaneng tsa kontinente. Hape e tshwara Palamente ya BoAforika. Letona la Aforika Borwa la mehleng la Lefapha la Merero ya Lehae ke modulasetulo wa Khomishene ya AU.

Aforika Borwa e itahletse ka setotswana mererong ya ho tlisa kgotso dinaheng tse ngata tsa Aforika tse kang Democratic Republic of Congo. Aforika Borwa e kene ka matla tabeng ya ho netefatsa hore tsamaiso ya dipuisano tsa kgotso e batlang e tekateka Sudan le South Sudan e tswela pele, molemong wa batho ba mebuso eo e ikemetseng le dinaha tse ding tse ikemetseng le kontinente ya Aforika.

Aforika Borwa e nkuwa matjhabeng jwaloka mohokahanyi wa kgotso ya tshepahalang ka ditho tsa lebotho la sesole tse ka bang 3 000 tsa Aforika Borwa tse teng mererong e jwalo ya ho tlisa kgotso tlasa bodisa ba AU le UN.

Aforika Borwa e kgothaletsa tshebedisano mmoho pakeng tsa Aforika Borwa le dinaha tse ding le ntshetsopele e kopanetsweng ka hara kontinente. Aforika Borwa e sebedisa Tlhabollobotjha ya Aforika le Letlole la Matjhaba la Tshebedisano mmoho ho, hara tse ding, matlafatsa kgothaletso ya demokerasi, puso e kgabane le thibelo le tharollo ya dikgohlano.

Aforika Borwa e tsetela haholo mehlodi ya ditjhelete, ya sesole, ya setekginiki le batho ho lebiseng phihlellong ya kgotso, polokeho le tswelopele ka hara kontinente ya Aforika. Melemo ya matsete ana a ntse a lemohuwa hanyanehanyane dinaheng tseo Aforika Borwa e sebetsang ka hara tsona. Dinaha tsena di kenyeletsa Sudan le South Sudan.

Kantle le ho ba setho sa Kopano ya Mekga ya Dipuso ho Molao wa Roma wa ICC, Aforika Borwa e tshwanela ho tsitsisa ditshwanelo tsa yona ho ICC le ditshwanelo tsa yona ho AU le ditshwanelo tsa yona ho mebuso ka bo mong, ho kenyeletswa eo e leng ya Aforika, ho ya ka ditumellano tsa matjhaba tseo e keneng ho tsona.

Aforika Borwa e lemoha hore le Ditho tsa ka Dinako Tsohle tsa Lekgotla la Polokeho tseo e seng basaenni ho Molao wa Roma wa ICC ba ka nka karolo ka botlalo dipuisanong tsa ICC le baromellwa ho Lekgotla la Polokeho mabapi le mathata a teng naheng e nngwe.

Dinaha tseo di nkile mehato ya ho netefatsa hore bahlanka le basebeletsi ba sesole ba keke ba angwa ke bolaodi ba ICC.

Aforika Borwa hape e lemoha ho se dumellane ho teng ho diatikele tse fapafapaneng ho Molao wa Roma wa Lekgotla la Dinyewe tsa Botlokotsebe la Matjhaba mabapi le ho kotelwa ha Dihloho tsa Mebuso.

Atikele 27 e bolela se latelang:

Ho se amehe ha matla a semolao
1.  Molao ona o tla sebetsa ka ho lekalekana ho batho bohle le phapang e itshetlehileng hodima matla a semolao. Haholoholo, matla a semolao jwaloka Hlooho ya Puso kapa Mmuso, setho sa Mmuso kapa palamente, moemedi ya kgethilweng kapa mohlanka wa mmuso ha a phemise motho hore a jare boikarabelo ba hae ba diketso tsa botlokotsebe tlasa Molao ona, kapa a tla, ona ka bo ona, etsa hore kahlolo e bebofatswe.

2.  Dikotelo kapa melawana e ikgethang ya tsamaiso e ka kgomaretswang ho matla a semmuso a motho, e ka ba tlasa molao wa naha kapa wa matjhaba, di keke tsa thibela Lekgotla la Dinyewe ho sebedisa matla a lona hodima motho ya jwalo.

Ha ho shejwa qalong, atikele ena e tsamaelana le ICC ka tshebediso ya matla ho mang kapa mang, ho sa kgathaletsehe boemo ba matla a motho eo a semmuso.

Leha ho le jwalo, Atikele 98 e bolela se latelang:

Tshebedisano mmoho mabapi le ho nyahlatswa ha tshwaro le tumello ya ho nehelwa.

1.  Lekgotla le keke la tswella ka kopo ya ho nehelwa kapa thuso e tla batla hore Puso e kopilweng e sebetse ka ho hloka botsitso ka ditshwanelo tsa yona tlasa molao wa matjhaba mabapi le Puso kapa kotelo ya sedipolomate ya motho kapa thepa ya Puso ya boraro, ntle le haeba Lekgotla le ka qala ho fumana tshebedisano mmoho ya Puso eo bakeng sa ho nehela.

2.  Lekgotla le keke la tswella ka kopo ya ho nehela e tla batlang hore Puso e kopilweng e sebetse ka ho hloka botsitso ka ditshwanelo tsa yona tlasa ditumellano tse latellwang mabapi le hore tumello ya Puso e romelang e tshwanela ho nehela motho eo wa Puso eo Lekgotleng, ntle le haeba Lekgotla le ka qala ka ho fumana tshebedisano mmoho ya Puso e romelang bakeng sa ho fana ka tumello ya ho nehela.

Atikele 98(2) e bohlokwa le ho se qeaqeye. E bolela ka botlalo hore ICC e keke ya kopa hore ho nehelwe ka motho ke Puso e kopuwang, haeba seo se ka baka hore puso e koptjwang e be kgahlano le ditshwanelo tsa yona tsa matjhaba, ntle le ha ICC ka boyona e qala pele ho fumana tshebedisano mmoho ya Puso e romelang. Ka mantswe a mang, Atikele 98(2) e beha tshwanelo ho ICC ho thusa dinaha ho phethahatsa mangolo a tshwaro.

Ho hlakile haholo hore ICC e ne e tseba hore Aforika Borwa e ne e ka ba le mathata a ho phethahatsa lengolo la tshwaro bakeng sa Moporesidente Al-Bashir, ka lebaka la ditshwanelo tsa yona tsa matjhaba.

ICC ka la 28 Motsheanong 2015, e ne e se e ntse e memme Aforika Borwa hore e tshware dipuisano le yona mabapi le ho ntshuwa ha lengolo la tshwaro ho ya ka Atikele 97 e bolelang ka ho hlaka le ho hloka qeaqeo hore moo Mokga wa Puso o fumanang kopo e tsamaelanang le ho hlwaya mathata a ka sitisang kapa ho thibela ho phethiswa ha kopo, Puso e tla buisana le Lekgotla ntle le tikatiko bakeng sa ho rarolla ntlha eo.

Mathata a jwalo a ka kenyeletsa taba ya hore ho phethiswa ha kopo maemong a yona a hajwale e ne e tla etsa hore Puso e kopilweng ho roba ditshwanelo tsa tumellano ya e neng e le teng pele e nkilweng mabapi le Puso e nngwe.

ICC e ne e tshwanela hore e lemohile hore Aforika Borwa e ne e tla, ho ntshuweng ha lengolo la tshwaro, roba ditshwanelo tsa yona tse teng mabapi le AU. Seo e tshwanetse ho ba lebaka le le leng feela le utlwahalang hobaneng ICC e ne e memme Aforika Borwa hore e buisane le yona.
Ka ho mema Aforika Borwa hore e buisane le yona, e ne e le mosebetsi wa ICC hore e buisane le Aforika Borwa ka botshepehi le ho e thusa ho imatahanya le ditshwanelo tsa yona ho ICC le AU.

Aforika Borwa e amohetse sememo sa ICC hore e buisane le yona ho ya ka Atikele 97. Hantlentle, Aforika Borwa e ne e na le dingongoreho tse ngatanyana mabapi le bonnete ba ho ntshuwa ha mangolo a tshwaro le ditshwanelo tsa Aforika Borwa tse tswalwang ke botho ba yona ba AU.

Aforika Borwa e tlamehile ho natsa qeto e nkilweng ke AU Sirte ho la Libya ka la 3 Phupu 2009 hore ditho tsa yona ha di a lokela ho sebedisana mmoho le ICC, ho latela dipehelo tsa Atikele 98 tsa Molao wa Roma wa ICC ho fihlela Lekgotla la Polokeho le nketse hloohong kopo ya AU. AU e kopile Lekgotla la Polokeho ho nyahlatsa qeto ya yona ya ho fetisetsa maemo ana Darfur ho ICC bakeng sa diphuputso.

Kopo eo ha ho so sebetsanwe le yona ho fihlela hajwale. AU e ne e entse kopo ho ya ka Atikele 16 ya Molao wa Roma wa Lekgotla la Dinyewe tsa Botlokotsebe tsa Matjhaba, kaha AU e dumela hore ho itshunyaka ha ICC tabeng ena e tla baka tshoso ho kgotso le polokeho ka hara kontinente ya Aforika.

Aforika Borwa e na le kgahleho e itseng qetong ya AU hobane e teng ditherisanong tsa kgotso ho la Sudan le South Sudan. Dinaha ka bobedi di file Aforika Borwa maitlamo a fapafapaneng mabapi le ditsamaiso tsa dipuisano tsa kgotso. Haeba ditsamaiso tsa dipuisano tsa kgotso di hloleha, ditlamorao bakeng sa batho ba dinaha tseo le kontinente ya Aforika di tla baka koduwa.

Aforika Borwa e tshwara dipuisano le Sudan le South Sudan nako le nako mme e fumane ditiisetso ho tswa ho dinaha ka bobedi mabapi le ditsamaiso tsa dipuisano tsa kgotso.

Aforika Borwa e amohetse sememo sa ICC ho rerisana le yona ho ya ka Atikele 97 ka botshepehi mme e ne e tshepile hore ho tla ba le dipuisano tse ahang tse molemo mabapi le mathata ao Aforika e kopaneng le ona ha e ne e lokela ho phethahatsa lengolo la tshwaro.

Kopano ya sethathong e ne e tshwerwe le ICC ka la 12 Phuptjane 2015. Kopano eo e ne e kenetswe ke Moambasatara wa Aforika Borwa le moeletsi wa hae ho tsa molao. Kopanong eo Moambasatara o hateletse hore ha a kgone ho sebetsana le dintlha tsa setekginiki le tsa molao tse teng mme o ne kopa ho hlophisa kopano e nngwe moo batho ba ka kgonang ho sebetsana le ditaba tseo ba tla bang teng.

Kopano ya bobedi, bakeng sa morero oo, e ne e reretswe ho tshwarwa ka Mantaha, 15 Phuptjane 2015. Ka letsatsi leo, dipuisano tseo e leng tsona ho ya ka Atikele 97 di ne di lokela ho tshwarwa. Leha ho le jwalo, ICC e ile ya batla hore ho be le kopano pelenyana ho moo mme kopano e kang eo e ile ya hlophiswa bakeng sa Sontaha 14 Phuptjane 2015 ka 12h30. Leha ho le jwalo, hammamorao bosiung ba Moqebelo, 13 Phuptjane 2015, Motjhutjhisi wa ICC o ile a etsa kopo e potlakileng ho ICC dintlheng tse latelang:

“Kopo e Potlakileng ya Motjhutjhisi bakeng sa Taelo e hlakisang haeba Atikele 97 mabapi le dipuisano tse entsweng le Aforika Borwa le hore ke Tshwanelo ya Aforika Borwa hore hanghang e Tshware le ho Nehelana ka Omar Al Bashir.”

Motjhutjhisi o entse Kopo e Potlakileng ho ICC, ntle le ho fana ka temoso efe kapa efe ho Aforika Borwa. Motjhutjhisi o kopile hore dintlha tse batsi tsa Kopo e Potlakileng di dule e le lekunutu, empa qeto ya ICC e entswe phatlalatsa.

ICC e mametse taba ena hanghang le ho hlahisa Qeto ya yona. Ha e le hantle ICC, ntle le ho mamela Aforika Borwa, e entse qeto ya hore dipuisano tsa Atikele 97 di phethetswe mme Aforika Borwa e ne e tlamehile ho tshwara le ho nehelana ka Moporesidente Omar Al-Bashir. Qeto eo e entswe, jwaloka ha ho se ho boletswe, ntle le temoso efe kapa efe ho Aforika Borwa.

Aforika Borwa jwaloka Mokga wa Puso ho Molao wa Roma wa ICC hape jwaloka setho sa Kopano ya Mekga ya Dipuso e ne e tshwanelwa ke temoso ya Kopo e Potlakileng ya Motjhutjhisi ho ICC le hore e mamelwe tabeng ena, haholoholo kaha dipuisano di ne di se di hlophisitswe.

Boikemelo ba Aforika Borwa jwaloka naha hape bo bolela hore e na le tokelo ya ho tshwarwa ka ho lekalekana le ka hlompho, ho sa kgathaletsehe hore maemo a jwang.

Ho ka bonahala eka ICC e ne e sa fana ka sememo ho Aforika Borwa bakeng sa dipuisano ho ya ka Atikele 97 ka botshepehi le ka mokutu o tshepehang le o nang le nnete bakeng sa ho thusa Aforika Borwa. Aforika Borwa, kahoo, e entse qeto ya ho sheba botjha bonkakarolo ba yona ho Molao wa Roma wa ICC.

Ho na le diatikele tse pedi ho Molao wa Roma tse bohlokwa bakeng sa ho sekaseka boemo boo Aforika Borwa e tshwanelang ho bo nka mabapi le tshebedisano mmoho ya yona ya kamoso le ICC.
Tsena ke diatikele tsa 119 le 127.

ARTIKELE 119
Tharollo ya diqaka

1.  Qaka efe kapa efe e amanang le mesebetsi ya molao wa Lekgotla e tla rarollwa ke qeto ya Lekgotla.
2.  Qaka efe kapa efe e nngwe pakeng tsa Mekga ya Dipuso e mmedi kapa ho feta e amanang le kutlwisiso kapa tshebediso ya Molao ona e sa rarollwang ka ditherisano nakong ya dikgwedi tse tharo tsa ho qala ha tsona e tla fetisetswa ho Kopano ya Mekga ya Dipuso.

Kopano e, ka boyona, e ka batla ho rarolla qaka kapa e etse dikgothaletso ka mekgwa e meng ya ho rarolla qaka, ho kenyeletswa phethisetso ho Lekgotla la Matjhaba la Toka ka ho tsamaelana le Molao wa Lekgotla leo.

Atikele 119 e sebetsana le dintlha tse pedi:

Sa pele, diqaka tse amanang le mesebetsi ya molao ya ICC; mme sa bobedi, qaka efe kapa efe pakeng tsa Mekga ya Dipuso e mmedi kapa ho feta tse amanang le kutlwisiso kapa tshebediso ya Molao wa Roma.

Mabapi le sa pele ka hodimo mona, Aforika Borwa e ka be e na le qaka le ICC mabapi le Qeto eo e e entseng ho latela Kopo e Potlakileng ya Motjhutjhisi bakeng sa Taelo e hlakisang haeba dipuisano tsa Atikele 97 le Aforika Borwa di phethetswe le hore Aforika Borwa e Tlamehile hore Hanghang e Tshware le ho Nehelana ka Moporesidente Omar Al Bashir.

Aforika Borwa e tla kenela ditherisano tsa semmuso le ICC tabeng ena ka sepheo sa ho utlwisisa mmono wa ICC le kamoo e utlwisisang Atikele 97.

Aforika Borwa hape e batla ho utlwisisa, ho tswa ho ICC, hore ditshwanelo tsa yona ke dife ho ya ka Atikele 98(2) ho Puso e kopilweng e kekeng, mabapi le tlolo ya tshwanelo ya matjhaba, ya phethahatsa lengolo la tshwaro.

Aforika Borwa hape e ikemiseditse ho hlahisa taba ena kopanong e latelang ya Kopano ya Mekga ya Dipuso ho Molao wa Roma wa Lekgotla la Dinyewe tsa Botlokotsebe tsa Matjhaba. Ho shebanwe le ho rarahana ha dingongoreho tsa setekginiki le tsa semolao tseo re nang le tsona, Aforika Borwa hape e tla sekaseka ho fetisetsa taba ena ho Lekgotla la Matjhaba la Toka bakeng sa qeto tabeng ena.

Atikele 97 ha e so ka e sebediswa peleng ke ICC. Lena e ne e le lekgetlo la pele hore Mokga wa Puso o ne o menngwe ke ICC ho buisana le yona mabapi le mathata ao e ka beng e na le ona mabapi le ho phethahatswa ha lengolo la tshwaro ho ka bakang hore Mokga wa Puso o robe ditshwanelo tsa ona tsa matjhaba. ICC e ne e tshwanetse ho nkela taba ena hloohong mme mekga ka bobedi e ne e tlamehile ho rerisana ka botshepehi.

Aforika Borwa e ka, hape jwaloka mokgwa wa ho qetela, sekaseka ho ikgula ho ICC. Qeto e jwalo e tla nkuwa feela ha Aforika Borwa e se e entse mekutu yohle e teng ho lokisa taba ena ho ya ka Molao wa Roma wa ICC, Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng le disebediswa tse ding tsa molao wa matjhaba.

Atikele 127 e sebetsana le ho ikgula ho ICC le ho bolela hara tse ding.

1.  Mokga wa Puso o ka, ka tsebiso e ngotsweng ho ya ho Mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng, ikgula ho tswa Molaong ona. Ho ikgula ho tla qala ho sebetsa selemo kamora letsatsi la ho amohela tsebiso, ntle le haeba tsebiso e supa letsatsi le leng la hammamorao.

Aforika Borwa e tla kenela dipuisano hanghang le AU le ditho tsa dipuso mabapi le kamoo mekgwa ya ho rarolla diqaka tsa Aforika e ka kenngwang tshebetsong ntle le tikatiko “ho netefatsa hore ditlolo tsa molao tse mpe ka ho fetisisa tse amang dinaha tsa matjhaba ka kakaretso di se ke tsa tlohellwa di sa ahlolelwa mme le ho qoswa ho hlwahlwa ha tsona ho tshwanelwa ho netefatswa ka ho nka mehato maemong a naha le ka ho matlafatsa tshebedisano mmoho ya matjhaba.”

Haholoholo ho feta, Aforika Borwa e tla kenela ditherisano le dinaha tse ding tsa Aforika tsa ka bobedi le tsa bongata ho potlakisa diphethoho tsa Lekgotla la Dinyewe la Aforika la Ditokelo tsa Botho le tsa Batho le makgotla a mang a lebatowa. Sena se tla netefatsa hore ditlolo tsa molao tse mpe kgahlanong le botho ho ka sebetsanwa le tsona ka nako le ka bokgabane ke ditheo tsena le hore ho be le setlamo sa tshehetsano moo ditlolo tse jwalo tsa molao di tla ahlolelwa ke ICC kapa ditheo tsa lebatowa.

Aforika Borwa haufinyana e tla etsa ditlhophiso tsa ho kenela dipuisano tsa semmuso le ICC mabapi le ditaba tse amanang le yona.

Aforika Borwa e tla lokisa tlaleho mabapi le dipuisano tsa yona le ICC ho ya ka Atikele 97 le mathata ao e a fihletseng ho ya ka Atikele 98(2) le ho fana ka seo kopanong e tlang ya Kopano ya Mekga ya Dipuso.

Aforika Borwa hape e tla sisinya dihlomathiso ho Molao wa Roma wa Lekgotla la Dinyewe tsa Botlokotsebe ba Matjhaba ho hlakisa le ho hodisa ditshwanelo tsa dipuisano le tshebedisano mmoho tsa ICC ho Dipuso tse jwalo.

Ho ikopanya le AU le mebuso ya Afrika le hona ho tla qala. Mmuso o tla kgetha moifo wa Matona oo hanghang o tla qala ho ikopanya le ICC, AU le dinaha tsa Aforika.

7. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang

7.1 Dithonyo tsa Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Bookamedi ba Polokeho Mawatleng ya Aforika Borwa (SAMSA):

a) Monghadi Mavuso Msimang (Modulasetulo);
b) Nomsa Cele (Motlatsi wa Modulasetulo)
c)  Mofumahadi Anna Sekabiso Molemane;
d) Monghadi Mervyn Robert Burton

7.2 Monghadi Virgin Anzel Seafield o thontswe jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso wa Leano la Basebetsi le dikamano tsa Diindaseteri ho Lefapha la Mesebetsi

7.3 Moporofesara Richard Michael Levin. Hlooho ya Sekolo sa Mmuso sa Naha bakeng sa konteraka ya dilemo tse hlano e felang ka Tshitwe 2019.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore