Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 20 Phato 2014

1. Ho kenngwa tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

Kabinete e thoholetsa ho thakgolwa ha Lekgotla le leng la Dinyewe la Ditlolo tsa Molao ka Thobalano ho la Bethlehem, Foreisetata ke Letona Michael Masutha. Sena ke karolo ya mmuso ya lenaneo la boitshunyako ho lwantshana le thobalano ka dikgoka kgahlanong le basadi, bana le dihlopha tse kotsing.

Makgotla ana a dinyewe a ikitlaeditseng a na le bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse ikgethileng tsa tshehetso ya mahlatsipa tseo ka ho le leng di thusang ho ntlafatsa sekgahla sa ho ahlola..Mmuso o dula o ikemiseditse ho matlafatsa mokgwa wa toka wa ditlolo tsa molao ho lwantshana ka matla le tlolo ya molao ya ditokelo tsa basadi le bana.

Kabinete e ananela ho thakgolwa ha Akhademi ya Ntshetsopele ya Dikgwebo ka Letona Lindiwe Zulu e fumanehang Setsheng sa Gordon sa Dikgwebo tsa Saense.

Akhademi ena e tsepamisitse maikutlo hodima thuto le tshehetso ka ditjhelete ho beng ba dikgwebo tse mahareng le tse nyane ho ba thusa ho hola halelele le ho hlahisa mesebetsi ka nako e telele. Akhademi ena ke karolo ya tharollo ya ho shebana le tlhoko ya mesebetsi ka hara batjha le ho aha setjhaba sa borakgwebo. Sepheo sa yona ke ho fana ka thuto e sebetsang le e hlokahalang le thupello ya boetapele ho borakgwebo, mme tsena di latelwa ke motheo o matla wa ditshebeletso tsa tshehetso. Sena se nnetefatsa hore thuto ya sekolo e ya sebediswa tikolohong ya kgwebo mme sephetho sa yona se a fihlellwa.

Aforika Borwa e hloka phethohelo ho tsa kgwebo bakeng sa ho fehla ho fetohela ho boetapele ba dikgwebo le Dikgwebo tse Nyane tse Bohareng tse tla ntshetsa naha pele.. Mmuso, dikgwebo tse kgolo le ditsha tsa thuto di lokela ho matahana ha ho tluwa ho tsa tshehetso ya tlhahiso ya mesebetsi ka ntshetsopele ya dikgwebo. Hore sena se atlehe, kgwebo e hloka lepatlelo le thusang moo borakgwebo ba fumantshwang matlole, mekgwa e metlehadi ya tshebetso le ntshetsopele ya maitsebelo.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

Kabinete e tjhaelletse monwana tumello e saenetsweng ya Tumellano ya Grand Inga pakeng tsa Rephaboliki ya Aforika Borwa le Rephaboliki ya Demokerasi ya Congo (DRC) bakeng sa dipuisano Palamenteng.

Tumellano ena e fana ka moralo bakeng sa ho ntshetsapele ho fehlwa ha motlakase ho tswa ho Porojeke ya Grand Inga le hore e phethahatswe bodareng e mahareng a DRC le Zambia. Ho dumellwa ha Tumellano ena ho phethahatsa ntshetsopele ya Mokgahlelo I wa Porojeke, e tla fana ka  dimekawate tse 2 500 tsa motlakase ho Aforika Borwa le ho nehela ho kopanelo ya lebatowa,  tshireletso ya matla a motlakase, phihlello ya matla a motlakase le kgolo ya moruo ka mokgwa o tla bang wa moshwelella ka hara tikoloho ena.

Porojeke ena ena le bokgoni ba ho fana ka  matla a motlakase wa metsi o hlwekileng mme o sesolo o tswang kantle ho fihlella ditlhoko tsa DRC, Aforika Borwa le dinaha tse potapotileng.

E kenyeletsa ho fehlwa ha ho ka etsang Dimekawate tse 40 000 tsa matla a metsi Nokeng ya  Congo, mekgahlelong e supileng. Porojeke e na le bokgoni ba ho potlakisa ntshetsopele ya Ntshetsopele ya Setjhaba ya Aforika e Borwa (SADC); ho fedisa bofuma ba motlakase, ho potlakisa kgolo ya moruo le ho thusa ntshetsopeleng ya dikaho tsa motheo.

Porojeke ya Grand Inga e tla ikitlaetsa ho laola bokgoni ba matla a Noka ya Congo, e leng motjha wa bohlokwahadi wa metsi Aforika e ka borwa ho Sahara. Sena se supa e nngwe ya diporojeke tsa bohlokwa tse matla tse kileng tsa ba teng kontinenteng ya Aforika, mme e nngwe e tla ba letshwao le matla la ho phahama ha Aforika le batho ba yona.

Kabinete e ile ya tsebiswa ka Seboka se tlang sa Matjhaba sa Bong, Metsi le Ntshetsopele. Seboka se tla tshwarwa ke Lefapha la Metsi le Bohlweki, Diphuputso tsa Metsi le basemphato ba lekala lena. Seboka se tla tshwarwa ho tloha ka la 3 ho ya ho la 7 Pudungwana ho la East London tlasa mokotaba “Kgokahano e Fumanehang”.

Seboka se latela dipuisano tse mmalwa tse qadileng ka mora Seboka sa Matjhaba sa Bolaodi ba Metsi a Hlwekileng se neng se tshwerwe ka Pudungwana 2012.  Seboka se tla fana ka lepatlelo la ho fohla bosemphato bo tla shebana le diphephetso tse tobileng lekala lena. Se tla boela se shebane le ho tsebiswa ha Lekgotla la Matona a Aforika a Merero ya Mawala a tsa Metsi mabapi le Bong.

3. Maemo a Kabinete Mabapi  le Dintlha tsa hajwale

Kabinete e ile ya tsebiswa ke Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, ka dintshetsopele mabapi le Ebola le boitshunyako bo entsweng ke Aforika Borwa. Kabinete e lakatsa ho boeletsa hore ha ho motho ya fumanweng a na le matshwao a lefu leo. Maemo a naha a ho ba malalaalaotswe le karabelo mabapi le Ebola a hloka bokgoni bo matla ka hara lebatowa la SADC le kontinente yohle e leng boo Aforika Borwa e nang le bona. Aforika Borwa e dula e ikemiseditse ho fana ka tshehetso ka ho hlahloba, thupello le ditshebeletso tsa laboratori bakeng sa lebatowa la SADC. Letona Motsoaledi le tla fana ka tsebiso mabapi le ntlha ena kajeno ka 14h30.

Kabinete e ananela merero ya Banka ya Resefe ya Aforika Borwa le lemulwana la batsetedi ba tswang ho lekala la ditjhelete bakeng sa ho lokisa botjha African Bank Limited (ABL). Sena se tla thusa ho tshireletsa ka ho nepahala babehi ba ditjhelete ba dikgwebo le ho fokotsa ditahlehelo bakeng sa batsetedi ho ABL.

Sena se tla boela se nnetefatsa hore lekala la ditjhelete la naha le dula le le matla le ho tiya.

Kabinete e tobokeditse bohlokwa ba lekala la ditjhelete kgolong ya moruo le ho thatiselletsa hore mmuso, ka Lefapha la Matlotlo a Setjhaba, o tla tswella ho matlafatsa lekala lena, peho leihlo ya lona, le ho ntlafatsa dikgokahano tsa taolo.

Kabinete e lemohile ka ngongoreho tlhahisoleseding e fosahetseng mabapi le dintlafatso tse fapafapaneng mabapi le matlole a ho beha meja fatshe (matlole a diphenshene le a ho beha meja fatshe). Ho na le bopaki ba diketsahalo ba hore basebetsi ba bang ba tlohela mosebetsi ka tshabo ya hore mmuso ho tloha selemong se tlang o tla ba thibela ho hula ditjhelete tsa bona tse bodiseng ba mekgatlo ya peho ya ditjhelete ha ba fetola mesebetsi, le hore mmuso o batla ho laola matlole a bona a ho beha meja fatshe. Ha mmuso o batla ho kgothaletsa basebetsi ho baballa ditjhelete tsa bona ho fihlela ba beha meja fatshe, ha ho melao e fetohileng ya ho emisa ka ho hula tjhelete ha basebetsi ba fetola mesebetsi.

Ka nqa e nngwe, ditshitshinyo mabapi le ntlafatso ya matlole a ho beha meja fatshe di batla ho etsa sena:
a) Ho kgothaletsa batho ka bo mong ho sebedisa ditjhelete tsa bona ka nepo ha ba beha meja fatshe le ho shebana le ditlhoko tsa malapa a bona le ho shebana le matlole a ho beha meja fatshe e le karolo ya konteraka ya meputso ya bona;
b) Ho etsa ditlhopiso tsa ditjhelete tsa ho beha meja fatshe tse bolokehileng, tse laolwang ka nepo, tse nang le ponaletso le ho hloka leeme; mme
c) le ho ntlafatsa maemo a taolo ya matlole, ho kenyeletsang tsebo ya bolaodi le botsamaisi, tshireletso ya ditabatabelo tsa ditho, boikarabelo le phano ya tlhahisoleseding ho ditho le banehedi.

Kabinete e batla ho nnetefaletsa setjhaba hore ditjhelete tsa bona tsa ho beha meja fatshe di bolokehile. Ha ho lebaka la hore mosebeletsi ofe kapa ofe a ka thibelwa (wa lekala la poraefete kapa la setjhaba) ho dihela marapo hore a fumantshwe tjhelete ya hae ya ho beha meja fatshe. Ho lokelwa hape ho elwa hloko hore bao ba nkang tjhelete ya bona ya phenshene kapa ya ho beha meja fatshe pele ba beha meja fatshe, ha se feela hore ba tla fumana tjhelete e nyane ho feta ha ba ne ba e bolokile, empa hape ba ka nna ba lefa lekgetho ka lebaka la ho hula tjhelete pele ho nako mme ba keke ba natefelwa ke menyetla ya lekgetho.

4. Diketsahalo tse tlang

Letona Nathi Mthethwa le tla thakgola Kgwedi ya Lefa ho la Gauteng ka la 31 Phato tlasa mokotaba: “Ho ketekwa ha Dilemo tse 20 tsa Demokerasi: Bolela Pale ya hao e Ntshetsang Aforika Borwa Pele”.

Hara diporojeke tse hlwauweng bakeng sa ho kgothaletsa letsholo la “Bolela pale ya  hao,” ke ho bolokwa botjha ha Nat Nakasa le Moses Kotane. Ho busetswa lapeng ha bahale ba sa tlotluwang ho neha maAforika Borwa monyetla wa ho ithuta haholwanyane ka mathata a bona, maemo a entseng hore ba phele palehong le kgahlamelo eo ba bileng le yona tokolohong ya naha ya rona.

Diketsahalo tse ding di kenyeletsa: Beke ya Naha ya Dibuka ho tloha ka la 1 ho ya ho la  7 Loetse tlasa mokotaba: “Ho kenella Dibaka” ho tsepamisitswe maikutlo hodima matla a dibuka le kamoo di ka isang maAforika Borwa hole ‘e le ka kgopolo-taba’ le ‘ka nnete’. Diketsahalo di rerilwe ka hara diporofense tsohle mme di tla kenyeletsa ho bala ka dipuo tsohle tsa ka hara naha, ho pheta dipale le ka dipuo tsa kgothatso, tsebo ya mantswe a mangata, dinako tsa dithothokiso le dingangisano ka dibuka.

Hape, ka la 3 Loetse Aforika Borwa e tla keteka Sehopotso sa bo30 sa Merusu ya Lekoa nakong eo badudi ba Kgutlo-Tharo ya Lekoa ba neng ba ipelaetsa kgahlanong le ho nyollwa ha rente, phano e mpe ya ditshebeletso le mmuso o neng o se molaong le o putlameng wa mmuso wa lehae. Merusu ya Lekoa e ile ya hlahisa nako e ntjha ya boipelaetso ba nako e telele bo ileng ba phatlalla le dikarolo tse kgolo tsa naha le ho baka hore ba ka sehloohong ba mmuso wa kgethollo ba phatlalatse maemo a tshohanyetso.

Letona Derek Hanekom le tla thakgola Kwedi ya Bohahlaodi ka la 26 Phato Sebakeng sa Maboneng, Johannesburg, tlasa mokotaba: “Bohahlaodi bo Fetola Maphelo”, o nkuweng ho tswa ho Letsatsi la Lefatshe la Bohahlaodi (27 Loetse) le ho tsepamisa maikutlo ho boleng ba kahisano, botjhaba, dipolotiki le moruo wa bohahlaodi naheng. 

MaAforika Borwa a kgothaletswa ho hahlaola ka hara naha ya rona nakong ya Kgwedi ya Bohahlaodi le ho itlwaetsa bohlokwa ba bohahlaodi moruong.

Beke ya Naha ya Tjalo ya Difate e tla ketekwa ho tloha ka la 1 ho ya ho la 7 Loetse tlasa mokotaba o reng “Meru le Batho: Ho tsetela bokamosong ba moshwelella”. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho jala difate tse hlwauweng bakeng sa 2014, e ka ba Vepris lanceolata (se tsejwang haholo e le: White Ironwood/ Witysterhout/ Muruvula/ Muhondwa/ umZane/ umOzana) kapa Heteropyxis Natalensis Harvey (se tsejwang haholo e le: Lavender Tree/ Laventelboom/iNkunzi).

Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi (DAFF) le tla sebedisana mmoho le Setsha bakeng sa Bolaodi ba Tikoloho le Boikgathollo le Total South Africa, ho tsamaisa tlhodisano ya kabo ya Dikgau ya Naha ya Motse wa Difate. Sepheo ke ho kgothaletsa Bomasepala ba Lehae ho talafatsa dibaka tsa bona tsa puso.

Beke ya Tjalo ya Difate le ya Dikgau tsa Naha tsa Motse wa Difate e tsamaiswa ho imatahantswe le mawala a talafatso a DAFF a hlalosang talafatso e le katamelo e kopanetsweng bakeng sa ho jala, tlhokomelo le bolaodi ba dimela tsohle dibakeng tsa metse ya ditoropo le metse ya mahae.

5. Bathonngwa

Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang:
Monghadi Themba Stanley Kojana jwalo ka Motlatsa Motsamaisi-Kakaretso: Matitjhere, Mehlodi ya Basebeletsi le Ntshetsopele ya Ditsha tsa Thuto, ho Lefapha la Thuto ya Motheo.

Monghadi Clifford Abraham Appel jwalo ka Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Kabinete e dumellane le ho kenngwa mosebetsing ha bathonngwa ba latelang ho sebetsa jwalo ka ditho tsa Bolaodi ba Naha ba Dipalangwang tsa Setjhaba:
a) Monghadi Lesedi Dinte, le
b) Mofumahadi Divhani Edzisani Tshivhase.
c) Moporofesara  Ntombizozuko Dyani-Mhango
Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Semira Mohammed jwalo ka setho seo e seng sa Phethahatso ho Boto ya Lekala la Mebila la Dipalangwang tse Tshelang Dibodara.

Kabinete e ananetse ho thonngwa ha Monghadi Tshediso Matona jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Eskom SOC Ltd mmoho le setho se keneng ka lebaka la maemo a sona sa Boto ya Eskom ya Balaodi.

Dipatlisiso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore