Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 21 Mphalane 2015

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e tshehetsa boikitlaetmso bo phatlaladitsweng ke Letona la Ditjhelete Nhlanhla Nene ho Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng.  Boikitlaetso bona bo tla tataisa moruo hara dinako tsa moruo wa lefatshe o holang butle le ho hloka botsitso.

Aforika Borwa e entse kgatelopele bakeng sa diphethoho ho tsa kahisano le tsa moruo le bakeng sa ho sebetsana le ditshita tsa kgolo ya moruo. Letona Nene o fane ka moralo wa ditjeho tsa naha bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang. Moralo wa ditjeho o tla netefatsa hore mmuso o dutse motjheng wa ho kenya tshebetsong mananeo a ona jwaloka ha a hlakisitswe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP). Dintlha tse ka sehloohong di dula e le motso wa meralo ya ditjeho tsa nako e bohareng.

Kabinete e boela e tshehetsa mekgwa ya ho fokotsa ditjeho ya mmuso e tla netefatsa hore dintlha tse ka sehloohong tsa mmuso ha di tlohellwe jwang kapa jwang.

Kabinete e amohela leeto la tshebetso la Moporesidente Jacob Zuma ho etela Riphaboliki ya Demokerasi ya Congo (DRC) ho tloha ka la 16 ho isa ka la 17 Mphalane 2015. Dilemong tse leshome tse tlang Khomishene ya Dinaha tse Pedi e tla matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha diporojeke tsa moruo tse kopanetsweng, haholo Porojeke ya Motlakase o Fehlwang ka Metsi ya Grand Inga. Porojeke ena e tla baka hore ho be le mohlodi wa tlatsetso ho marangrang a eneji a naha le ho Lebatowa la Aforika e Borwa.

1.2. Kabinete e amohela ho phethelwa ka katleho ha leeto la tshebetso ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa Stockholm, ho la Sweden ho tloha ka la 18 ho isa ka la 20 Mphalane 2015, mo e neng e le modulasetulo mmoho ho tulo ya bo-9 ya Khomishene ya Dinaha tse pedi ya Aforika Borwa-Sweden, e bakileng ho thakgolwa ha komiti e ka tlase ya tikoloho, eneji le metsi.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana tiiselletso ya Dipehelo tsa Maemo a Hodimo tse mabapi le Ponaletso ya Thuo ya Bakgolamolemo ya dinaha tsa G20. Dipehelo di teka ditsela tseo naha ka nngwe eo e leng setho e lokelang ho e latela bakeng sa ho thibela tshebediso e mpe ya batho ba nang le tokelo ya thuo semolao le ditlhophiso tsa semolao.

Kabinete e boetse ya tjhaella monwana ho thehwa ha Komiti ya ka hara mafapha e tla beha leihlo ho kenngwa tshebetsong le ho tlaleha ka Moralo wa Tshebetso wa Naha. Komiti ena e tla laolwa ke Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso. 

Dipehelo tsa maemo a hodimo di tla ntlafatsa ponaletso ya batho ya thuo ya semolao le ditlhophiso tseo e leng tsa bohlokwa bakeng sa ho tshireletsa seriti le ponaletso ya tsamaiso ya lefatshe ya ditjhelete.

Ho thibela tshebediso e mpe ya ditheo tsena bakeng sa mabaka a seng molaong a kang bobodu, ho se lefe lekgetho le ho boloka tjhelete ka mokunyata ho tshehetsa maikemisetso a G20 a ho eketsa kgolo ka ho tsetela makaleng a poraefete.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa hore Aforika Borwa e nke Bodulasetulo ba Komiti ya Taolo ya Bolekane ba Mmuso ba Ponaletso (OGP) ka 2015-2016. Kabinete hape e thathiseleditse Moralo wa Aforika Borwa wa Moralo wa Naha wa Tshebetso wa OGP wa bo-3.

OGP ke boikitlaetso ba lefatshe bo kenyeletsang kopanelo ya mebuso e ka sehloohong le mekgatlo ya badudi e sebetsang bakeng sa ho ntshetsapele ponaletso le boikarabelo ka hara mmuso – ka maikemisetso a ho eketsa karabelo ya mmuso ho baahi, ho lwantsha bobodu, ho kgothaletsa bohlwahlwa ba moruo, ho qhaneha ntlafatso, le ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso. Esale OGP e thehwa, Aforika Borwa esale e le setho se sebetsang ka mafolofolo sa Komiti ya Taolo, e leng setheo se hodimo ka ho fetisisa se etsang diqeto.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Khonvenshene ya Matjhaba ya Boikarabelo ba Setjhaba mabapi le Tshenyo ya Tshilafatso ke Oli ya Dikepe, ya 2001 e tekelwe Palamente bakeng sa ho amohelwa.

Khonvenshene ya Oli ya Dikepe e netefatsa hore bankakarolo kaofela ba kgole molemo ho lokisweng ha tshenyo e etshalang ka lebaka la dikotsi mabopong a yona.  Khonvenshene ena e tla sebetsa feela ho dikotsi tsa dikepe tsa oli tse sa tshireletswang ke dikhonvenshene tse ding tsa matjhaba. 

Aforika Borwa e keke ya ikarabella bakeng sa tahlehelo ya ditjhelete kapa ditjeho tsa ho hlwekisa tse bakilweng ke ho lokollwa ha sekepe sa oli ka hara sebaka sa yona sa ka lapeng le ka hara metsi a yona a kgwebo empa boikarabello bo tla nkuwa ke monga sekepe ka inshorense ya hae.

Khonvenshene hape e netefatsa hore puseletso e loketseng, ya ka nako le e hlwahlwa e ya fumaneha ho batho ba tla hlokofatswa ke tshenyo e bakilweng ke ho tsholoha ha oli, ha e tsamaiswa jwaloka mafura ka hara dikepe

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana meralo ya dikhoine ya Khamphani ya Mente ya Aforika Borwa bakeng sa ho potolohiswa ha dikhoine tsa sehopotso tsa 2015 le 2016. Meokotaba e bontsha botjhaba ba Aforika Borwa (ba kgale le ba kajeno), diphoofolo le dimela tsa yona le diphihlello tsa yona ho tsa kahisano mme tsena di tsamaelana le mekgwa ya lefatshe ya ho rala dikhoine.

a) Letoto la 2015 la Dikhoine tsa Sehopotso – Dilemo tse 200 tsa Sehopotso sa Dikhoine tsa Toropo ya Griqua
b) Letoto la 2015 le ketekang Khoine ya Aforika Borwa – Kokolofitwe
c) Letoto la 2016 la Protea – Bophelo ba Mohale: NR Mandela
d) Letoto la 2016 la Tlhaho – Ditsomi tsa Bosiu (Phiri e Maroboko)
e) Letoto la 2016 la Dihahabi tsa Aforika Borwa (Lempetje la Kapa)
f) Letoto la 2016 la Bophelo ba Tlhaho (Bophelo ba Tlhaho ba Kapa Bophirima)
g) Letoto la 2016 Silivera Series – Dibaka tsa Aforika tsa Mawatle tse Tshireleditsweng.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Phano ka ho Ikgetha ya Banka e Ntjha ya Ntshetsopele bakeng sa ho hlahiswa Palamenteng. Sena se tla thusa Aforika Borwa ho lefa, setolomente sa yona sa pele se ka sehloohong sa R2 bilione ho Banka e Ntjha ya Ntshetsopele e eteletsweng pele ke BRICS (Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa)  selemong sa ditjhelete sa 2015/16.

Banka e Ntjha ya Ntshetsopele ke banka ya ntshetsopele ya dinaha tse kopaneng e tsamaiswang ke dipuso tsa BRICS ho kgothaletsa tshebedisanommoho ho tsa ditjhelete le ntshetsopele ka hara mebaraka e mehlano e runyang.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Tshebeletso ya Laboratori ya Naha ya Bophelo bo Botle, 2015 Koranteng ya Mmuso, bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Dihlomathiso di matlafatsa mekgwa ya taolo le phano ya ditjhelete tsa Tshebeletso ya Laboratori ya Naha ya Bophelo bo Botle hore ho tle ho ntlafatswe phumantsho ya tlhokomelo ya kalafo.

Bili e boetse e netefatsa hore thomo ya motheo ya Laboratori ya Naha ya Bophelo bo Botle ke ho fana ka ditshebeletso tsa laboratori tsa bohlahlobi ba tsa kalafo setjhabeng.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Bili ya Ditjhelete, 2015 ho Palamente.

Bili e fana ka tumello ho mmuso wa naha ho dumella ho ba le tokelo e otlolohileng bakeng sa ditjeho tse sa dumellwang kgahlanong le Letlole la Naha la Lekeno. E latela karolo 34 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 mme o fana ka matla ho dikgothaletso tsa Komiti ya Kopano ya Naha ya Diakhaonte tsa Setjhaba. Bili e netefaletsa taolo e hlwahlwa le ya moshwelella ya mabaka a ditjhelete a mmuso wa naha le hore ditjeho tsohle di dumeletswe ho ya ka meralo ya hajwale ya molao.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla kenela Seboka sa bo-3 sa Foramo ya India-Aforika pakeng tsa la 26 le 29 Mphalane 2015 New Delhi, ho la India. Seboka sa 2015 se atolositswe bakeng sa ho kenyeletsa dinaha kaofela tse 54 tsa Aforika mme se tla matlafatsa kgwebisano mmoho le ho shebana le diphephetso tse tshwanang.

4.2. Moporesidente Jacob Zuma o ne a amohetse Moporesidente wa Mozambique, Moporesidente Filipe Nyusi Meahong ya Kopano Tshwane maobane. Dinaha ka bobedi di arolelana maqhama a matla a moruo a bontshitsweng ke ditumellano tsa dinaha ka bobedi tse fetang tse 60 le dimemorandamo tsa kutlwano tse akaretsang makala a fapafapaneng.

4.3. Leeto la tshebetso la Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa ho ya Havana, ho la Cuba ho tloha ka la 22 ho isa ka la 26 Mphalane 2015, le tla boela le matlafatsa dikamano tsa sepolotiki le moruo ho feta mahareng a dinaha tsena tse pedi.

4.4. Kopano ya Aforika e tsamaisa Ditlhakiso tsa Boikwetliso ba Naheng ba AMANI AFRICA (Kgotso ka hara Aforika) II Setsing sa Lebotho la Ntwa la Aforika Borwa se Lohatla ho la Kapa Leboya ho tloha ka la 19 Mphalane ho isa ka la 7 Pudungwana 2015.

Ho akanngwa ditho tse 5 400 ho tswa sesoleng, sepoleseng le ditheong tsa badudi tse emetseng e hlano tsa Mekgatlo ya Moruo ya Lebatowa la AU hore di tla nka karolo ditlhakisong tsena.
Sepheo ke ho lekola maemo a ho ba Malala-a-laotswe a Sesole sa Tshohanyetso sa Aforika le Bokgoni ba ho Romelwa ka Potlako bakeng sa merero ya ho boloka kgotso ka tebello ya ho fihlella Bokgoni bo Felletseng ba Tshebetso ka Tshitwe 2015.

4.5. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle tse molemo dihlahlobong tsa bona mme haholoholo ba Mophato wa Materiki ba 2015 ba Setifikeiti sa Naha se Phahameng sa (NSC), tse qalang ka la 26 Mphalane 2015 le ho tswela pele ho fihlela ka la 27 Pudungwana 2015. Selemong sena bahlahlobuwa ba 801 688 ba ngodisitswe bakeng sa ho dulela dihlahlobo moo ba 674 232 e leng ba ka dinako tsohle mme ba 127 456 e seng ba ka dinako tsohle. Katleho e nngwe ke palo e eketsehileng ya baithuti ba qetileng dilemo tsa bona tsa ho kena sekolo.

Batswadi bohle le bahlokomedi ba kgothaletswa ho tshehetsa bana ba bona boitokisetsong ba bona.

4.6. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tla tshwaya Kgwedi ya Naha ya Ditokelo tsa Batho ba nang le Boqhwala ho tloha ka la 3 Pudungwana ho isa ka la 3 Tshitwe 2015, eo hape e tshwayang Letsatsi la Matjhaba la Batho ba Qhwadileng. Kgwedi ena e fana ka lepatlelo bakeng sa mmuso, mekgatlo ya setjhaba, borakgwebo le basebetsi ho itekola ka kgatelopele e seng e entswe mabapi le ho kgothaletsa le ho tshireletsa ditokelo tsa batho ba phelang ka boqhwala. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho tswela pele ho tlosa ditshita, tse thibelang batho ba nang le boqhwala ho nka karolo ka botlalo setjhabeng le moruong.

4.7. Lekala la Puso la Tlhahisoleseding ya Thekenoloji (SITA) selemong sena le tla tshwara Seboka sa Boleshome sa Thekenoloji ya Mmuso, se tsepamisang maikutlo ho phano ya tshebeletso ya Tlhahisoleseding ya Thekenoloji Dikgokahanyo (ICT) ya lekala la setjhaba. GovTech 2015 e tla tshwarwa ho tloha ka la 25 ho isa ka la 28 Mphalane 2015 tlasa mookotaba: “Bomphato bakeng sa Phano ya Tshebeletso”, ka mookotaba wa tlatsetso wa ‘Re ikgokahanya le Badudi bakeng sa Ntshetsopele le Kgolo’.

Se tla be hape se kenyeleditse le ho thakgolwa ha Dikgau tsa Phano ya Tshebeletso tsa ICT. Se tshehetsa ‘South Africa Connect’, jwaloka ha e tsebisitswe ke Moporesidente Jacob Zuma nakong ya Puo ya hae ya Setjhaba ya 2014, ka ho fana ka lepatlelo la ho fumana ditharollo tse kgonehang le tse tswetseng pele ho setjhaba se tswelang pele se sebedisang disebediswa tsa ICT.

4.8. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Beke ya Naha ya Imbizo ya ho Tsepamisa Maikutlo ho tloha ka la 30 Pudungwana ho isa ka la 6 Tshitwe 2015 tlasa mookotaba: “Mmoho re Ntshetsa Aforika Borwa Pele”. Nako ena ya dikgokahanyo tse otlolohileng e tla bontsha kgatelopele mabapi le boikitlaetso ba ho phethahatsa Moralo wa Dintlha tse Robong wa ho hodisa moruo wa Aforika Borwa.

Hape e fana ka lepatlelo bakeng sa hore setjhaba se nke karolo le ho kena dipuisanong tse hlwahlwa bakeng sa ho hlabolla moruo. Ditho tsa Phethahatso di kgothaletswa ho itella nako ya ho itahlela ka setotswana letsholong lena hore ho fihlellwe dibaka tsohle ho phatlalla le naha. Ho lokela hore ho toboketswe kgodiso ya bolekane le dipale tsa ba kgotseng molemo. GCIS e fuwe boikarabelo ba ho hokahanya letsholo lena mme e tla fana ka kgetsi e nang le tsohle, ho kenyeletswa le melaetsa ya bohlokwa le moralo wa ho phatlalatsa tlhahisoleseding.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Dithemperetjha tse dulang di le hodimo dikarolong tse ngata tsa naha di qosa hore ho sebediswe metsi ka boikarabelo ke bohle. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho sebedisa metsi ka hloko mme ba baballe mohlodi ona o babatsehang.

Badudi ka hara KwaZulu-Natal ba kgothaletswa ho ipapisa le dithibelo tsa tshebediso ya metsi kaha porofense e fihletswe ke komello e matla ka ho fetisisa esale ka dilemo tse ngata. MaAforika Borwa a tshwanela ho baballa metsi ka ho se sebedise dihosephaephe ho hlatswa makoloi, ba nosetse diratswana bosiu, ba behe dimithara tsa metsi leihlo hore na ha di je haholo le ho lokisa ho metsi a dutlang.

5.2. Kabinete e fetisetsa matshediso ho leloko le metswalle ya ba lahlehetsweng ke bophelo nakong eo sekhefole sa Great Walk Bridge Mmileng wa Grayston ho la Sandton se neng se putlama.

Kabinete e lakaletsa ba lemetseng ho fola kapele. Kabinete e thoholetsa bohle ba ditshebeletso tsa tshohanyetso, Lekgotla la Motsemoholo wa Johannesburg le Mmuso wa Porofense wa Gauteng bakeng sa ho arabela ka potlako mmoho le boradipalangwang ba ileng ba thusa bapalami.

Kabinete e isa diteboho ho bapalami bakeng sa mamello ya bona nakong eo ho neng ho hlwekiswa. Kabinete e kgothaletsa hore dipatlisiso tse ntseng di le motjheng e be tse tebileng le ho potlaka bakeng sa ho fihlella motso wa sesosa sa kotsi ena le ho thibela hore e seke ya etsahala hape. Kabinete e kopa mamello ha dipatlisiso di ntse di le motjheng.

5.3. Kabinete e amohela sephetho sa 2015/16 sa Lenaneo la Lefatshe la Bophehisani la Foramo ya Moruo ya Lefatshe la selemo ka seng, le bontshitseng ha Aforika Borwa e nyolohile ka dibaka tse supileng ho tloha ho 56 ho ya ho 49 hara dinaha tse 140.

Dintlafatso tse kgolo ka ho fetisisa tsa Aforika Borwa di mabakeng a: bophelo bo botle le thuto ya poraemari (ho nyoloha ka dibaka tse tshelela), bohlwahlwa ba mebaraka ya basebetsi (ho nyoloha ka dibaka tse tshelela), boitokisetso ba thekenoloji (ho nyoloha ka dibaka tse 16), ntlafatso (ho nyoloha ka dibaka tse hlano).

Sena se bontsha hore ha re sebetsa mmoho re etsa tse ngata. Kabinete e ipiletsa ho borakgwebo le mekgatlo ya setjhaba ho tswela pele ho etsa bolekane le mmuso bakeng sa ho isa moruo wa rona maemong a phahameng.

5.4. Kabinete e thoholetsa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri (IDC) e ketekang Sehopotso sa yona sa bo-75 kgweding ena. IDC ke mohlodi wa naha mme dilemong tse 21 tse fetileng tsa demokerasi, e nyehetse haholo bakeng sa matsete a eketsehileng, ho tsitlallela ho thehwa ha menyetla ya diindaseteri le ho fetolwa ha moruo.

Ho tloha ka 1994, IDC e se e tsetetse R150 bilione ka hara Aforika Borwa le Aforika kaofela. Ho R60 bilione ena ho tsetetswe ho dikhamphani tseo maAforika Borwa a batho ba batsho a nang le diabo tsa bonyane 25%.

R20 bilione e ne e tsetetswe bakeng sa nako ena ka hara Aforika kaofela, ho thusa ho matlafatsa kgolo ya Aforika le ntshetsopele le hape ho nyehela bakeng sa ho hlahisa menyetla bakeng sa moruo wa Aforika Borwa.  

Dilemong tse hlano tse fetileng, hape e hohetse R103 bilione ya tlatsetso ho tswa ho balekane ba batsetedi ba lekala la poraefete, ho tlisa kgahlamelo ya yona ya matsete ho R163 bilione.

Nakong ena eo moruo o tobaneng le diphephetso le ditsokotsane tse ntjha, IDC e tla lebellwa hore e matlafatse ho ya pele nyehelo ya yona moruong le ho tebisa kgahlamelo ya yona diphethohong, e tsepamise maikutlo tabeng ya ho hodisa boradiindaseteri ba batho ba batsho le matlafatso ya batjha.

5.5. Kabinete e thoholetsa di-Springbok ka ho atleha ho fihla ho sekamakgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa Rakbi ho la England le ho kgothaletsa maAforika Borwa ho tshehetsa sehlopha sa rona sa naha sa rakbi jwaloka ha se lwanela ho tlisa Mohope wa Lefatshe lapeng lekgetlo la boraro.

Kabinete e lakaletsa Amajimbos tse molemo jwaloka ha ba le phehisanong ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa U-17 FIFA Chile ho tloha ka la 17 Mphalane ho isa ka la 8 Pudungwana 2015.

Kabinete e thoholetsa Orlando Pirates bakeng sa ho fihlella makgaolakgang a Mohope wa 2015 Orange CAF Confederation le Banyana Banyana bakeng sa ho atleha ho kenela Dipapadi tsa Diolimpiki tsa 2016.

5.6  Kabinete hape e fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya CEO ya mehleng ya Komiti ya Lehae ya Ditlhophiso ya Mohope wa Dinaha tsa Aforika (Afcon) wa 2013 le Bompodi ba Dinaha tsa Aforika (Chan) hape e ne e le Mohlanka wa Phethahatso wa SABC‚ Mvuzo Mbebe ya hlokahetseng bosiung ba Mantaha.

5.7  Kabinete e utlwisitswe bohloko haholo ka ho hlokahala ha Mlungisi Sisulu, mora wa bobedi wa Walter le Albertina Sisulu, mme e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle.
Monghadi Sisulu o bapetse karolo e matla makaleng a ANC a bokgukguni dilemong tsa bo 1980, a patile diyuniti tsa Umkhonto weSizwe lebenkeleng la hae le lenyenyane la Soweto‚ le neng le tsejwa e le Shop 7‚ a behile bophelo ba hae kotsing e kgolo.

Kabinete e ikamahanya le Moporesidente Jacob Zuma bakeng sa ho fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya sebapadi sa thelevishene se hlwahlwa ka ho fetisisa sa Aforika Borwa, Sammy Moeti ya hlokahetseng ka Mantaha, 13 Mphalane 2015, kamora ho kula nako e telele.

5.8 Kabinete e tshohlile ka bobatsi boipelaetso ba moraorao ba baithuti kgahlanong le ho nyollwa ha ditefello tsa diyunivesithi bakeng sa selemo sa dithuto sa 2016. Kabinete e ipapisa le dingongoreho tsa baithuti ba bonang ditjeho tsa thuto e phahameng di bitsa ho feta tekano le ho se kgone ho fihlellwa ke baithuti ba tswang malapeng a futsanehileng.

Thuto ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa bakeng sa ho fokotsa diphephetso tsa hajwale tsa bofutsana, ho se lekalekane le tlhokeho ya mosebetsi tseo naha e tobaneng le tsona. Molaotheo wa rona o fana ka taba ya hore mang le mang o na le tokelo ya thuto ya motheo le thuto e tswelang pele, eo Puso ka mekgwa e utlwahalang e lokelang ho etsa hore e be teng le ho tholahala.

Mmuso wa hajwale esale ho tloha ka 1994, o entse hore phumantsho ya thuto e be ntlha e ka sehloohong. Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Letlole la Baithuti (NSFAS) se nyehetseng ho baithuti ba hlokang se phahame ka ho ya le dilemo ho tloha ho R300 milione ho ya ho R9,5 bilione. Selemong sena sa dithuto, mmuso o tshehetsa baithuti ba 45 000 ba futsanehileng le ba tshwanelwang ke tshehetso.

Kabinete e ile ya tsebiswa ke Letona la Thuto e Phahameng ka dipuisano tseo a keneng ho tsona hajwale le bankakarolo bohle ba amehang ho fumana tharollo ya ho nyollwa ha ditefello. Kabinete hape e ile ya behwa sehlohlolong ka mosebetsi o ntseng o etswa bakeng sa ho ntlafatsa botsamaisi ba NSFAS. Dikgothaletso di lebeletswe ho tekelwa Kabinete kopanong ya yona e latelang.

Kabinete e boetse e lemohile ka Moifo wa Tshebetso wa Boporesidente o sa tswa thehwa haufinyana o romilweng ho shebana le ditefello tsa diyunivesithi tse ntseng di phahama. Moifo ona o bopilwe ka baemedi ba baithuti, Makgotla a Diyunivesithi le Lefapha. Moifo o lebeletswe ho phethela mosebetsi wa yona le ho tlaleha hang feela ha e phethetse mosebetsi wa yona.

Kabinete e dumela hore mekutu e etellwang pele ka bobedi ke Moporesidente le Letona la Thuto e Phahameng e tla tswela pele ho sebetsana le dingongoreho tsa baithuti.

Bohlokolosi boo mmuso o shebang ditletlebo tsa baithuti ka bona, bo entse hore Moporesidente a bitse diketapele tsa baithuti le diyunivesithi kajeno hore ho fihlwe botebong ba dintlha ka morero wa ho fumana tharollo.

Moporesidente o tla tsebisa setjhaba ha mmamorao kaha taba ena e le ya bohlokwa setjhabeng.

5.9 Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e mabapi le Komiti ya ka hare ya Matona (IMC) ya Melawana ya Bofalli e neng e eteletswe pele ke Motlatsi wa Moporesidente.

Moporesidente o thehile IMC ena ka morero wa ho batlisisa ditlamorao tse neng di sa lebellwa tse ileng tsa hlahiswa ke bankakarolo ba lekaleng la bohahlaudi.

Kamora ho etsa dipatlisiso le ho sekaseka dintlha tse lokiswang ho sebetsana le bobedi dintlha tsa polokeho le ditlamorao tse neng di sa lebellwa IMC e entse dikgothaletso tse latelang:

Ho etsa kopo ka bowena:
Ditumello tse tla qala ho sebetsa nakong ya dikgwedi tse 3 tse tlang.

  • Dinaha moo ho se nang dikantoro tsa Aforika Borwa, Lefapha la Merero ya Lehae (DHA) le tla amohela dikopo tse rometsweng ka poso. 

Kamora moo, dintlha tsa motho le dinepe tsa batsamai bao di tla nkuwa ha ba fihla madibohong.Tumello ena e tla sebetsa feela ho di-visa tsa baeti/ba tlileng ka mabaka a kalafo.

  • DHA e tla kenya tshebetsong dintlha tsa motho (ho kenyeletswa dikgatiso tsa menwana le dinepe) madibohong. Dibaka tsa diteko e tla ba Boemafofane ba OR Tambo; Boemafofane ba King Shaka le Boemafofane ba Matjhaba ba Motse Kapa.
  • DHA e tla hlahisa Lenaneo la Khamphani ya Bohahlaudi le Ngodisitsweng (ATC) bakeng sa China, India le Russia ka kgonahalo ya ho atolosetswa dinaheng tse ding tse batlang di-visa.
  • DHA e tla tswela pele ho ntsha Di-visa tsa ho kena hangata tsa nako e telele ho batsamai ba kamehla. Sena se tla sebetsa bakeng sa nako e fetang dikgwedi tse 3 empa e sa feteng dilemo tse 3.

Ditumello tse tla qala ho sebetsa nakong ya dilemo tse 3 ho ya ho selemo se le seng.

  • DHA e tla eketsa Ditsi tsa Phano ya Di-visa (VHC) China, India, United Kingdom, Nigeria, Riphaboliki ya Demokerasi ya Congo, Angola, Ghana, Kenya le Uganda. DHA e tla potlakisa ho bulwa ha VFC Zimbabwe, UAE le Botswana.

Ditumello tse tla qala ho sebetsa nako ya ho ho feta selemo.

  • DHA e tla kenya mekgwa ya ho lekola batsamai pele ba fofa (ho kenyeletswa le ditsi tsa tshebetso) maemafofaneng a matjhaba.
  • DHA e tla ntlafatsa mekgwa ya Ho sebetsana le Bapalami pele ba Palama (APP) le ho kenya tshebetsong Rekoto ya Mabitso a Bapalami (PNR) ho ntlafatsa tekolo ya dikotsi.
  • DHA e tla phethela tsamaiso ya ho sebedisa metjhini e itshebetsang bakeng sa ho ntsha di-visa le diphomete.

Ditlhoko tsa ho eta le bana: Bana ba Aforika Borwa:

Bakeng sa bana ba Aforika Borwa ba etang (ba etelang ka ntle) IMC e amohetse ho kenngwa tshebetsong ha ditlhoko tsa ho eta ha bana tsa hajwale, ho kenyeletswa diafidaviti tsa tumello ya batswadi kaha tsena di batleha bakeng sa ho tshireletsa bana.

Ditumello tse tla qala ho sebetsa nakong ya dikgwedi tse 3 tse tlang.

  • Dihlooho tsa dikolo di tla ntsha mangolo a tiisetsang tumello ya hore bana ba tsamaye ka maeto a sekolo. Bolaodi bona hape bo tla atoloswa ho kenyeletsa ditheo tsa dipapadi tse ngodisitsweng.
  • Ho sebetsa ha Afidaviti ya Tumello ya Batswadi e tla atoloswa bakeng sa nako e sa feteng dikgwedi tse 6.

Ditumello tse tla qala ho sebetsa nakong ya dikgwedi tse 3 tse tlang ho isa selemong.

  • Mantswe “Lengolo la Tswalo le sa Kgutsufatswang” le tla fetolelwa ho ba “Lengolo la tswalo le nang le dintlha tsa batswadi.”
  • Dintlha tsa batswadi di tla hatiswa diphasepotong, hore batswadi bao dintlha tsa bona di hatisitsweng diphasepotong ba se tlamehe ho tsamaya ba jere mangolo a tswalo. 

Ditlhoko tsa ho eta ha bana: bana ba melata.

Bakeng sa batsamai ba ka hara naha, IMC e nkile boemo ba hore moo di-visa di batlehang, phano ya mangolo a tswalo a mantlha kapa dikhopi tsa ditokomane tse batlehang di tla tswela pele ho sebetsa nakong ya ho etsa kopo ya visa kaha sena se tsamaelana le ditshebetso dinaheng tse ding tse ngata.

Bakeng sa bana ba tswang dinaheng tse kotetsweng bakeng sa di-visa, IMC e kgothaleditse tsamaiso eo ka yona:

  • Batsamai ba tla eletswang ka matla hore ba tle le bopaki ba dikamano le tumello ho tswa ho mo/batswadi/mo/bahlokomedi ba sa tsamayeng le bana.

Dintlha tse ding kaofela tsa tsamaiso tse amang mafapha a ikarabelang di tla rarollwa ka dipuisano ka hara mafapha.

Kabinete e tjhaelletse monwana dikgothaletso tsena mme e dumela hore tsohle tsena di tla sebetsana le ditlamorao tse neng di sa lebellwa tse ileng tsa hlahiswa mme hape polokeho ya bana e keke ya behwa kotsing ka tsela efe kapa efe.

Kabinete e ile ya boela ya tjhaella monwana hore DHA e tshwanetse ho thusa ka dintlha tsa semolao bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso. E ile ya tswela pele ho roma mafapha oohle a amehang hore a buisane le bankakarolo ba ona bakeng sa ho hlahisa dikgothaletso tsena tse tjhaelletsweng monwana.

Kabinete e atolisitse tshebetso ya IMC bakeng sa ho kgona hore e sebetsane le dintlha dife kapa dife tse ka hlahellang ha ho ntse ho kenngwa tshebetsong diqeto tsa Kabinete.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
(Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore