Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa Mabapi le Mehato ya ho Tobana le Mathata a Motlakase

Maafrika Borwa a heso,

Phirimaneng ena ke rata ho bua le lona ka mathata a motlakase ao setjhaba se tobaneng le ona.

Dibekeng tse tharo tse fetileng, ho tingwa ha motlakase ka maikemisetso a ho o baballa ho ile ha phatsamisa maphelo a rona ha bohloko mme ha tlisa le tshenyo e kgolo moruong wa rona.

Ho tingwa hona ha motlakase ha kamehla ho ile ha phatsamisa malapa a mangata mme ha tlisa le diphephetso tse kgolo dikgwebong.

Ho fetile dilemo tse fetang tse leshome jwale re se na phepelo e otlolohileng ya motlakase mme re utlwisisa hantle hore sena se ferekanya le hona ho halefisa Maafrika Borwa haholo.

Ha a sa batla letho.

Ka lebaka lena re tlile le mehato e itseng ho tobana le mathata ana.

Mathata ana ao re tobaneng le ona a hloka hore re nke mehato e matla le ya bohlokwa ho lokisa mathata ana a motlakase.

Ena ke kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle hore e be karolo ya tharollo ya pharela ena; motho a thusetse ka moo a ka kgonang boitekong ba ho fedisa leqeme lena la motlakase Afrika Borwa.

Jwalo ka mmuso, re tla le mehato e itseng ho rarolla mathata ana a motlakase.

Matsatsing ana a leshome a fetileng, ke bile le dipuisano tse batsi le batsamaisi ba ka sehloohong ba ha Eskom ho kenyeletsa le batsamaisi ba diteishene tse fehlang motlakase esitana le basebeletsi ba mehleng ba yona Eskom.

Ke boetse hape ka kopana le mekgatlo ya basebetsi, Business Unity South Africa, Black Business Council, baemedi ba setjhaba le ditsebi tse ngata lekaleng lena la motlakase.

Hoseng ha kajeno teng ke ile ka kopana le baetapele ba mekga ya dipolotiki,

Ke motlotlo ka ditshisinyo tse hlahisitsweng ke bohle bao re kopaneng le bona.

Dikopano tsena kaofela di thusitse hore re tle le maano le ho netefatsa hore dikarolo tsohle tsa setjhaba e ba karolo ya tharollo phareleng ena e tobaneng le setjhaba.

Batho bohle bao ke buileng le bona ba boletse ntho e le nngwe ya hore setjhaba se tlameha ho kopana ho rarolla pharela ena.

Ke ena e meng ya mehato eo ke tlo e phatlalatsa phirimaneng ena:

Wa pele, re tlo ntlafatsa tshebetso ya letoto la diteishene tse fehlang motlakase tsa Eskom;

Wa bobedi, re tlo potlakisa tsela e latelwang mabapi le theko ya phepelo e ntjha ya motlakase;

Wa boraro, re tlo eketsa phepelo ya motlakase o fehlwang ke dikhamphane tse ikemetseng;

Wa bone, re tlo thusa dikgwebo le malapa hore a ikenyetse matlapa a fehlang motlakase wa letsatsi marulelong a ona; mme

Wa ho qetela, re ikemiseditse ho fetola lekala lena la motlakase hore le sebetse ka tsela e nepahetseng nakong e tlang.

Maafrika Borwa a heso,

Hore mehato ena ya rona e sebetse hantle, re tlameha ho utlwisisa hore bothata ke eng.

Afrika Borwa e kgona ho fehla motlakasa o ballwang ho 46 000 MW, mme ka nakong eo motlakase o sebediswang haholo ka yona, re sebedisa 32 000 MW.

Leha ho le jwalo, ke dipersente tse 60 feela tsa motlakase ona o dutseng o le teng ka dinako tsohle ka lebaka la metjhini e meng e tlamehang ho lokiswa, ha e meng yona e ithobehela feela e sa rerisa.

Bongata ba diteishene tsa rona tsa motlakase di ahilwe dilemong tse ngata tse fetileng.

Hantlentle, diteishene tsa motlakase tsa Eskom di na le dilemo tse ballwang ho tse 35. Ka tlwaelo, ha seteishene sa motlakase se ntse se tsofala, le ho sebetsa ha sona ho qala ho thekesela.

Ho ahwa ha diteishene tse ntjha tse fehlang motlakase e leng sa Medupi le Kusile, ho qadile ka mora nako, mme hape ha ba le ditiehiso tse itseng mmoho le mathata a meralo ya tsona.

Mathata ana kaofela a rarollotswe jwale.

Ka lebaka lena, Eskom e diehisitse ho lokiswa ha diteishene tsa yona ho qoba ho tingwa ha motlakase, e leng se etsang hore jwale e tsamaye e robeha tjena.

Tshebetso ya tse ding tsa diteishene tsena e thefutswe haholo ke boshodu, bobodu le tshenyo ya ka boomo.

Ka mora dilemo tse ngata tsa ho hatjwa ha puso le tsamaiso e bohlaswa, jwale re na le sehlopha se setjha sa batsamaisi ba nang le bokgoni, ba ikemiseditseng ho fetola maemo ana a mabe a dilemolemo.

Leha ho le jwalo, ha jwale motlakase wa rona o sa ntsane o haella ka 6 000 MW.

Dibekeng tsa ho feta, ho bile le mathata a bakilweng ke dintho tse ngata a entseng hore re lahlehelwe ke 18 000 MW mme seo sa qobella Eskom ho fihlella boemong ba botshelela ba ho tingwa ha motlakase.

Eskom e sebedisitse mokgwa ona wa ho tima motlakase ho qoba hore phepelo e kgaohe ka ho phethahala hohle naheng ena.

A mang a mabaka a bakileng ho tingwa hona ha nako e telele, e bileng ho robeha ha dikarolo tse ngatanyana diteisheneng tsa ho fehla motlakase.

Ho boetse hape ha ba le mathata phepelong ya rona e tlohang Cahora Bassa, Mozambique mme ha ba teng le tshenyo ya ka boomo ya disebediswa.

Basebeletsi ba ha Eskom ba sebeditse ka thata ho kgutlisetsa phepelo ya motlakase tshebetsong.

Ka lebaka la boiteko bona ba bona, dintho di bonahala di setletse ho tloha bekeng e fetileng.

Tumellano e fihletsweng ke Eskom le mekgatlo ya basebeletsi ba yona e entse hore basebetsi ba yona ba kgutlele mosebetsing mme ho lokiswe dikarolo tse robehileng e le hore phepelo ya motlakase e kgutlele setlwaeding.

Ho na le kgatelo pele e bonahalang lehlakoreng la ba qobellang molao mabapi le ho lwantsha taba ena ya tshenyo ya ka boomo, bobodu le boshodu diteisheneng tsa Eskom.

Leha mehato ena e nkilweng e tlisitse botsitso phepelong ya motlakase, empa e ntse e so fihlele maemo a kgotsofatsang le a amohelehileng.

Leqeme lena la motlakase ke mathata a maholo kgolong ya moruo le ho theheng menyetla ya mesebetsi.

Le leleka boramatsete mme le thefula le ho sebetsa ha moruo ka nepo.

Jwalo ka mmuso, re se re nkile mehato ya bohlokwa ho eketsa phepelo ya motlakase le ho fumana mekgwa e meng ya ho fumana motlakase o mong.

O mong wa mehato eo re ileng ra e nka ho tobana le ho fokotseha hona ha motlakase, e bile ho tsoseletsa lenaneo la ho rekwa ha motlakase la selemo sa 2018.

Ho tloha nakong eo, re se re kgonne ho fumana motlakase o ka bang 2 000 MW wa matla a letsatsi le moya oo re o fumaneng ho latela lenaneo la Bid Window 4.

Ho boetse hape ha rekwa 2 600 MW ka lenaneo la Bid Window 5, mme ona o tla qala ho fumaneha mathwasong a selemo sa 2024.

Re qadile le mekgwa e meng ya ho fumana phepelo ya motlakase ka ho dumella dikgwebo tse ikemetseng hore le tsona di hlahise motlakase.

Ho tloha ka Phuptjane ngwahola, re ile ra nyolla tekanyetso eo bahlahisi ba ikemetseng ba ka e hlahisang ya ho tloha ho 1 MW ya ya ho 100 MW.

Sena se thusitse hore ho fumanehe motlakase o fihlellang ho 100 MW oo le ona o kenellang phepelong ya setjhaba.

Sena se thusa le hore dikhamphane tsena di kgone ho rekisetsa le bareki ba bang ba kang difektri, merafo le ditsi tsa dipalopalo tsa tlhahisoleseding.

Re nyehlisitse le dipehelo e le ho dumella bommasepala hore ba ithekele motlakase ka bobona.

Bommasepala ba bangata ba se ba qadile ho etsa sena.

Ho se ho na le ditsha tseo Eskom e di hlwahileng haufi le diteishene tsa yona tse Mpumalanga bakeng sa diprojeke tsa tlhahiso ya motlakase ka mokgwa wa tlhaho, e leng se tla eketsa phepelo ya rona ka 1 800 MW.

Eskom e boetse e fumane se seng setsha bakeng sa mosebetsi o tshwanang.

Mehato ena kaofela e bohlokwa mme e tla tlisa phapang dikgweding le dilemong tse tlang.

Seo re se boneng nakong ena ya ho tingwa ha motlakase, ke hore mehato eo re e nkang ha e a lekana.

Re kenya mekgwa e meng tshebetsong e le ho fumana phepelo e tsitsitseng ya motlakase le ho fedisa ho tingwa hona ha motlakase ka ho phethahala.

Wa pele, re lokisa Eskom le ho ntlafatsa tshebetso ya diteishene tsa yona tse fehlang motlakase.

Ha nako e tsamaya tlhokomelo ya phepelo ya motlakase e ile ya putlama ha Eskom.

Qeto e se e nkilwe ya hore dikgweding tse 12 tse tlang, Eskom e tla eketsa tjhelete e e behellang ka thoko bakeng sa tokiso ya metjhini ya yona bakeng sa phepelo e otlolohileng.

Re nyehlisitse le dipehelo tse diehisang Eskom hore e reke dikarolwana tse hlokahalang bakeng sa ho lokisa metjhini ya yona.

A mang a mathata ao Eskom e neng e shebane le ona ke leqeme la basebeletsi le dienjiniere tse nang le boiphihlelo.

Jwale khamphane ena e kgonne ho hira basebeletsi ba nang le boiphihlelo ho kenyeletsa le batsamaisi ba ka sehloohong le dienjiniere ho tswa dikhamphaneng tse ikemetseng.

Basebeletsi bana ba tla thusa ho netefatsa hore Eskom e ba le tshebetso mmoho le yona tokiso e nepahetseng ya metjhini ya yona.

Dikgweding tse tharo tse tlang, Eskom e tla nka mehato e meng e potlakang ho eketsa phepelo ya yona.

O mong wa mehato e tla ba ho reka motlakase ho dikhamphaneng tse ikemetseng tse rekisang motlakase.

Tsena ke diteishene tse neng di ahilwe ho eketsa phepelo ya motlakase mme jwale di se di tlo thusa Eskom ho fumana phepelo e hlokahalang.

O mong mokgwa oo Eskom e tlang ho eketsa phepelo ya yona ka ona ke ho reka motlakase ho bahlahisi ba ikemetseng ba kang merafo, difektri tse hlahisang pampiri, ditsi tsa mabenkele le bahlahisi ba bang.

Dinaha tsa boahisane tse kang Botswana le Zambia, di na le motlakase o mongata o fetang oo di o sebedisang.

Eskom jwale e tla reka motlakase dinaheng tsena e latela Lenaneo la Theko ya Motlakase la Dinaha tse ka Borwa ho Afrika.

Eskom e tla boela e sebedisa le mekgwa e meng e kang ho sebedisa dijenereitha ho eketsa phepelo nakwana e seng kae.

Eskom e tla kenya tshebetsong lenaneo le kgothaletsang setjhaba ho sebedisa motlakase ka nepo ho fokotsa ho imelwa ha ona nakong eo o sebediswang haholo.

Re kile ra bua ka sekoloto se seholo sa Eskom, se batlang se fihla ho dibilione tse R400.

Sekoloto sena, e ntse e le tshita e kgolo ho Eskom ho kgoneng ho rarolla mathata a yona.

Lefapha la Matlotlo le lohotha tharollo ya moshwelella mabapi le sekoloto sena sa Eskom.

Letona la Matlotlo le tla bolela ka moo pharela ena e tlang ho rarollwa ka teng Puong ya lona ya Tshebediso ya Ditjhelete ya Nakong ya Bohareng.

Re tla sebedisa le tjhelete e fumanehang ho latela Lenaneo la Tshebedisano la Ntlafatso ya Tlhahiso ya Motlakase ka maikemisetso a ho ntjhafatsa metjhini e fehlang motlakase e seng e tsofetse.

Eskom e tla aha diteishene tsa pele tse fehlang motlakase ka letsatsi diteisheneng tsa Komati, Majuba, Lethabo le ho tse ding tse ngata. Tsena kaofela di tla thusa ho eketsa phepelo e fetang 500 MW.

Sepolesa sa Afrika Borwa se kopantse sehlopha se ikgethang se tla thusa Eskom ho lwantsha botlokotsebe le bobodu.

Batho ba bangata ba sa tswa tshwarwa mme ba bang bona ba se ba qositswe ka lebaka la bobodu le bonyofonyofo dikonterakeng tse kenyeletsang Eskom.

Ka dintlafatso tsena tse mabapi le taolo ha mmoho le tshebedisano le setjhaba, Eskom jwale e tla kgona ho tswela pele le ditokiso tsa yona ha mmoho le mananeo a matsete.

Nako ya ho beha mabaka a sa utlwahaleng jwale e tla fela.

Mehato ena e tla thusa ho fokotsa ho tingwa hona ha motlakase le ho qoba ho tingwa ha ona nako e telele nakong e tlang.

Ho fedisa ho tingwa hona ha motlakase teng, re tlameha ho eketsa phepelo ka matla.

Mohato wa bobedi o potlakileng ke wa ho potlakisa diprojeke tsa tlhahiso ya motlakase wa kgase le wa letsatsi.

Mafapha a mmuso a amehang a sebetsa mmoho ho netefatsa hore diprojeke kaofela tsa

Bid Window 5, tsa ho fehla motlakase ka mokgwa wa tlhaho, di qala ka nako.

Sena se kenyeletsa ho potlakisa dipehelo tse hlokahalang bakeng sa diprojeke tsena, le ho potlakisa ho eketsa phepelo ya motlakase.

Lefapha la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano ha mmoho le Mokgatlo wa Bahlahisi ba Ikemetseng ba Motlakase, ba tla fana ka dintlha tse eketsehileng tabeng ena.

Phepelo e tla fumaneha lenaneong la Bid Window 6 la ho fehla motlakase ka moya le letsatsi, e tla ipheta habedi ho tloha ho 2 600 MW ho ya ho 5 200 MW.

Dikopo mabapi le tlhahiso ya motlakase o fehlwang ka letsatsi di tla qala ho fumaneha ka Lwetse selemong sena, mme tsa wa kgase tsona di latele nakong e sa fediseng pelo.

Letona la Dirashwa le Eneji le tla phatlalatsa dintlha tse ding mabapi le tse ding diprojeke Lenaneong la Kopanelo la Disebediswa la 2019 le tla kengwa tshebetsong dikgaokgao.

Ho netefatsa hore re ba le moralo o nepahetseng, re lekotse botjha Moralo wa Naha wa Kopanelo wa Disebediswa hore o tsamaisane hantle le tlhokeho ya keketso ya phepelo ya motlakase le maemo a rona a lehodimo.

Wa boraro, re potlakisa taba ya ho eketsa theko ya motlakase dikhamphaneng tse ikemetseng.

Ngwahola re phatlaladitse hore jwale ba se ba ka hlahisa motlakase o fihlang ho 100 MW.

Mohato ona o ne o amohelwe ke bohle, mme wa etsa hore ho qale diprojeke tse fetang tse 80 tse tla hlahisa motlakase o fetang 6 000 MW.

Re sebetsa mmoho le indasteri ena ho potlakisa diprojeke tsena mme bongata ba tsona di se ntse di qala.

Diphetoho tsena di tlisitse diphetoho tsa moshwelella tlhahisong ya motlakase.

Ho latela diphetoho tsena, le morolo o bontshitsweng ke dikhamphane tsena tse ikemetseng, re tla qetella re fedisitse dipehelo tsena tse dilaesenseng ka ho phethahala.

Sena se tla eketsa tlhahiso ya motlakase ho tswa dikhamphaneng tsena tse ikemetseng.

Leha re tla qeta taba ya dilaesense, empa bahlahisi ba batjha ba ntse ba tla tlameha ho ingodisa pele, mme ba ipapise le dipehelo tse hlokahalang tsa setekginiki le tsa melao ya paballo ya tikoloho.

A mang mathata a maholo a ho fumana motlakase, ke nako e telele eo dikhamphane di e emang pele diprojeke tsa tsona di tjhaelwa monwana hore di qale.

Projeke e nka nako e ka bang dilemo tse tharo ho tloha moralong wa yona ho ya tshebetsong ya yona ka lebaka la dipehelo tse ngata.

Leha melao e teng e nepahetse maemong a tlwaelehileng, empa maemong a tshohanyetso a kang ao re leng ho ona, teng re tlameha ho potlakisa dintho.

Re tla tlisa tshisinyo Palamenteng ya ho etsa diphetoho melaong ena e laolaong tlhahiso ya motlakase.

Re buile ka taba ena ho seng ha kajeno le baetapele ba mekga ya dipolotiki ba nang le kemedi Palamenteng.

Re dumellane ka hore taba ena e tlameha ho potlakiswa, mme le tshisinyo e ikgethang ya molao e se e hlahisitswe Palamenteng.

Ha jwale, re tla nyehlisa dipehelo moo molao o teng ha jwale o re dumellang teng.

Sena se kenyeletsa ho nyehlisa dipehelo tlhahisong ya motlakase wa letsatsi dibakeng tseo maemo a tlhekefetso ya tlhaho a leng tlase ho tsona.

Sena se bolela hore Eskom jwale e ka tsamaisa dithapo tsa yona tsa motlakase le diteishene tse nyane tsa yona dibakeng tseo tlhekefetso ya tikoloho e leng tlase ho latelwa lenaneo la maano a tlhahiso ya motlakase.

Re tlo theha kantoro e le nngwe e tla amohela dikopo tsa tlhahiso ya motlakase ho netefatsa hore tshebetso ya dikopo tseo e latellana hantle mafapheng ohle a mmuso.

Ke laetse mafapha ohle le dikhamphane tsa mmuso hore di lekole botjha nako eo di e nkang ho sebetsana le dikopo e le ho netefatsa hore dikopo kaofela di sebetswa ka nako.

Ho molemo ho nka mehato ena ho ena le ho phatlalatsa maemo a tshohanyetso kapa a koduwa naheng jwalo ka ha ba bang ba ne ba sisinya.

Mehato ena, e tla re thusa ho potlakisa keketso ya phepelo ya motlakase re ntse re hlomphile molao le ditokelo tsa Maafrika Borwa kaofela.

Re hloka fela ho sheba tsela e napehetseng ya ho sebedisa melao ena ya tlhahiso ya motlakase ho ena le ho phatlalatsa maemo a tshohanyetso kapa a koduwa naheng.

Wa bone, re ikemiseditse ho dumella dikgwebo ho iphehlela motlakase wa letsatsi ka ho beha matlapa a teng marulelong a bona.

Letsatsi le le ngata Afrika Borwa mme re ka le sebedisetsa tlhahisong ya motlakase.

Ho na le kgonahalo ya hore malapa le dikgwebo di hlahise motlakase ona wa letsatsi mme di o rekisetse Eskom.

Tabeng ena ya ho rekisetsa Eskom motlakase ona, ha mmoho le hona ho o kenya – Eskom e tla etsa meralo ya melawana le lenane la thekiso bakeng sa setjhaba le dikgwebo.

Sena se bolela hore malapa ohle le dikgwebo tse ka kgonang ho itlhahisetsa motlakase wa letsatsi, di ka kgona ho rekisetsa Eskom oo di sa o sebediseng.

Jwalo ka ha re ikemiseditse ho qeta ho tingwa hona ha motlakase, le ho eketse phepelo ya ona, re etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho sebedisa motlakase ka nepo.

Wa ho qetela, re fetola maemo lekaleng lena la tlhahiso ya motlakase hore le kgone ho sebetsa hantle nakong e tlang.

Re ile ra bolela peleng ka taba ya ho lokisa Eskom, re e arole hararo. Ho tla ba le karolo e fehlang motlakase, ya phepelo ya ona mmoho le ya kabo ya ona.

Eskom e se e thehile khamphane e ikemetseng ya phepelo ya motlakase mme ho ya mafelong a selemo sena sa 2022, e tlo arohanya tlhahiso ya ona le kabo ya ona.

Haufinyane re tlo kgetha diboto tsa dikhamphane tsena tse pedi tsa phepelo le tlhahiso ya motlakase.

E meng mehato ya ho eketsa tlhahiso ena ya motlakase, ke ho potlakisa Tshisinyo ya Molao o Laolang Tlhahiso ya Motlakase ke dikhamphane tse ikemetseng.

Diphetoho tsena kaofela di tla tlisa diphetoho tsa nako e tlang lekaleng lena la motlakase.

Dinaha tse ngata tse nkileng mehato e kang ena di kgonne ho tsitsisa tlhahiso ya tsona ya motlakase.

Diphetoho tsena di tla eketsa le hona ho ntlafatsa tlhahiso ya motlakase.

Diphetoho tsena di tla etsa hore mmuso le dikhamphane tse ikemetseng di hlahise motlakase ka ho lekana.

Phepelo ya motlakase setjhabeng yona e tla nne e be ya mmuso.

Eskom e tla tswela pele le ho ba sitsi sa tlhahiso ya motlakase naheng mme jwale re ntlafatsa tshebetso ya yona re tsitsise le maemo a yona a ditjhelete.

Ho netefatsa hore mehato ena e kengwa tshebetsong ka tsela e nepahetseng, ke thehile Komiti ya Naha ya Mathata a Motlakase.

Modulasetulo wa komiti ena ke Molaodi Kakaretso Kantorong ya Mopresidente mme yona e kenyeletsa mafapha ohle a amehang tabeng ya motlakase.

Komiti ena ya Naha ya Mathata a Motlakase, e tlo ba le kemedi ho tswa ho ditsebi dikgwebong, mekgatlong ya basebetsi, dikhamphaneng tsa dienjiniere ha mmoho le mekgatlong ya setjhaba.

Matona a ikarabellang tabeng tsena, ona a tla ithipota ho nna kgafetsa ho netefatsa hore mehato ena e kengwa tshebetsong ka potlako.

Maafrika Borwa a heso,

Mehato eo ke sa tswa bua ka yona, ha se ya nako ena ya mathata feela.

Maikemisetso a rona a maholo ke ho tsitsisa tlhahiso ya rona ya motlakase e le hore re se be le leqeme la motlakase nakong e tlang.

Re tlo etsa sena ka ho ntlafatsa tshebetso ya diteishene tse fehlang motlakase tsa Eskom, re dumelle theko le tlhahiso ya motlakase dikhamphaneng tse ikemetseng le ho eketsa tlhahiso ya ona ka tsela ya tlhaho.

Mehato ena e bohlokwa ntlafatsong ya moruo le ho theheng menyetla ya mesebetsi.

Matsapa ana a rona, a tla fetola maemo a naha a tlhahiso ya motlakase e be e tsitsitseng mme re e fetole hore re se be le mathata nakong e tlang.

Jwalo ka ha mmuso e le karolo ya sena, ke etsa kgoeletso ho dikgwebo, mekgatlo ya basebetsi le ho setjhaba ka kakaretso ho ba karolo ya mohato ona.

Sena se kenyeletsa ho kengwa tshebetsong ha Tumellano ya Tshebedisano ya Setjhaba le Eskom ha mmoho le ho matlafatsa mehato le boiteko bo bontshitsweng ke banka karolo bana.

Jwalo ka ha re ile ra tshwarisana ho lwantshana le COVID-19, le nakong ya jwale re tlameha ho etsa jwalo.

Jwalo ka malapa, re ka nka karolo ka ho sebedisa motlakase ka nepo.

Re tlameha ho lefella motlakase mme re tlohele ho o hokela ka tsela tse seng molaong.

Re ka nka karolo hape ka ho iphehlela ona ka letsatsi.

Dikgwebo le tsona di tlameha ho tla le tsela ya ho fokotsa tshebediso ya tsona ya motlakase.

Dikgwebo di tlameha ho sebedisa monyetla ona wa ho una molemo tlhahisong ya motlakase.

Mekgatlo ya basebetsi e tlameha ho nka karolo paballong ya motlakase ka sepheo sa ho baballa mesebetsi eo re nang le yona le ho theha e meng e metjha.

Mafelong a fetileng a beke, ke etetse seteishene sa motlakase sa Tutuka se Mpumalanga se aparetsweng ke diketso tsa ditlolo tsa molao.

Re utlwile ka ho utsuwa ha dikarolwana tsa metjhini mme di boele di rekisetswe sona seteishene sa Tutuka le tse ding.

Re boetse ra utlwa hape ka ho utsuwa ha oli ka bongata le tshenyo ya metjhini e le hore Eskom e tle e hire e meng dikhamphaneng tse ikemetseng.

Se etsahalang Tutuka, le diteisheneng tse ding, ke tshenyo ya ka boomo ke ditsebi tsa dinokwane ka maikemisetso a ho senya Eskom le moruo wa rona.

Ka mora ho etela Tutuka, ke ile ka kopana le batsamaisi ba diteishene tsohle tse fehlang motlakase.

Ke ile ka kgahlwa ke morolo oo banna le basadi bana ba nang le ona, le boinehelo ba bona ba o hira batho ba nang le boiphihlelo le ho ipapisa le tsela e nepahetso tokisong ya metjhini e fehlang motlakase.

Re tlameha ho leboha basebeletsi bana ka boinehelo ba bona.

Ba ikentse mohlala o motle ho rona bohle.

Mehato eo ke e phatlalatsang phirimaneng ena, ha mmoho le eo re seng re e nkile, e tla potlakisa letsholo la rona la ho qeta ho tingwa ha motlakase.

Ba tla etsa hore naha ena e be le botsitsi tlhahisong le phepelong ya motlakase.

Ha re sebedisana, re netefatsa hore bohle re nka boikarabelo, re etsa dintho ka nako, re phethisa ditshepiso, re tla kgona ho qeta mathata ana a motlakase mme re kgone ho ntlafatsa le hona ho theha menyetla ya mesebetsi.

Ho feta moo, re boetse hape re tobane le mathata a ho aha naha ya rona eo re e ratang botjha.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore