Netefatso ya mangolo a thuto a fumanweng

O ka netefatsa mangolo a hao a thuto Lenaneng la Naha la Poloko ya Direkoto tsa Baithuti (NLRD) Bookameding ba Mangolo a Thuto ba Aforika Borwa (SAQA) ka ho sebedisa SAQA VeriSearch. Haeba o le mohiri, le wena o ka netefatsa mangolo a thuto a bahiruwa ba hao lenaneng leo la poloko ya direkoto. Haeba o batla lesedi leo e leng la hao, o tla fumana rekoto e phethahetseng ka seo NLRD e se fupereng ka wena.

Ha mekgatlo e meng e netefatsa lesedi la hao jwaloka moithuti, e tlameha ho fana ka patlisiso e totobetseng (ke mangolo afe a thuto, setheo seo o neng o ithuta ho sona le selemo). Karabo ya SAQA e ka ba “a fumanwe” kapa “ha a fumanwa” mabapi le lesedi leo feela.

Leba ho SAQA VeriSearch ha o batla ho tseba haholwanyane ka mokgwa oo o ka netefatsang mangolo a hao a thuto kateng.

 

Share this page