Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha ka thuso hodima thuso e se ntse e le teng
Na o phela ka thuso ya tjhelete empa ha o kgone ho itlhokomela? O ka fumana thuso ya tlatsetso e tla lefa motho ya o hlokomelang ka dinako tsohle.
Na o tseba jwang hore o tshwanetswe ke thuso ena?
O tlamehile hore e be:
- o ntse o fumana thuso ya ditjhelete tsa boqhwala, thuso ya mekaubere ya ntwa kapa thuso ya ditjhelete tsa batsofe
- ha o kgone ho itlhokomela ka lebaka la boqhwala mmeleng kapa kelellong mme ha ho le jwalo o hloka tlhokomelo ka motho e mong ka dinako tsohle
- o se be tlasa tlhokomelo ya mokgatlo o fumanang ditheolelo ho hlaha mmusong bakeng sa tlhokomelo ya hao kapa bakeng sa bodulo.
Na o tla fumana bokae?
Thuso eo o tla e fumanang ke R560 ka kgwedi.
Na o tla lefuwa jwang?
Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba ba Aforika Borwa (SASSA) bo tla o lefa thuso ka mokgwa o mong wa e latelang:
- tjhelete letsohong setsing sa ditefello ka letsatsi le hlwauweng
- ho kenya tjhelete akhaontong ya hao bankeng ka mokgwa wa eleketeroniki kapa akhaontong ya banka posong (banka e tla o lefisa tjhelete bakeng sa tshebeletso)
- mekgatlo e o emetseng jwaloka balaodi ba thuso (mohlala, mokgatlo wa thekolohelo).
Thuso eo ya tjhelete e tla lefuwa hammoho le thuso ya setjhaba.
Ela hloko: Haebe o sa kgone ho itatela tjhelete ya hao, o ka thonya motho ya tla e lata ofising ya SASSA kapa o fe motho e mong matla a boqwetha ho o latela thuso ya tjhelete boemong ba hao.
Na thuso ya hao ya tjhelete e tla lekolwa botjha neng?
Thuso ya hao e ka lekolwa botjha ha thuso ya setjhaba e hoketsweng ho yona e lekolwa botjha le yona.
O lokela ho etsang
- Leba ofising e haufinyane ya Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba Aforika Borwa (SASSA) le moo o phelang mme o tle le tse latelang:
- tokomane ya hao ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse13
- bopaki ba hao ba maemo a lenyalo le boitsebiso ba molekane moo ho tshwanetseng
- peho ya Bongaka kapa peho ya dihlahlobo (e ka tlase ho dikgwedi tse tharo) e hlakisang hore o hloka tlhokomelo ya dinako tsohle.
Ela hloko: Haebe o tsofetse kapa o a kula hore o ka ikisa ofising ho etsa kopo, setho sa lelapa kapa motswalle a ka etsa kopo eo boemong ba hao. Motho eo o lokela ho tla le lengolo le hlahang ho wena le/kapa lengolo la ngaka le hlakisang hore hobaneng o sa kgone ho etela ofisi.
- Tlatsa foromo ya kopo pontsheng ya mohlanka wa SASSA (ela hloko hore ke wena fela ya ka tlatsang foromo eo jwaloka ya tla fumana molemo kapa mohlanka wa SASSA). Mohlanka o tla o botsa dipotso mme a o hlalosetse haebe o tshwanetse ho fumana thuso ya tjhelete.
- O tla fuwa setlankana sa bopaki. Se boloke jwaloka bopaki ba hore o kentse kopo.
Na ho etsahalang haebe kopo ya hao e sa amohelwa?
Haebe kopo ya hao ha e amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka ho o ngolla hore hobaneng kopo ya hao e sa atleha.
Haebe o sa dumellwane le qeto, o ka ipelaetsa Letoneng la Ntshetsopele ya Setjhaba. O tlamehile ho ipelaetsa matsatsing a 90 kamora ho tsebiswa hore kopo ya hao ha e ya atleha.
Nako ya tshebetso
- Ho ka nkuwa ho isa dikgweding tse tharo ho ntse ho sebetsanwa le kopo ya hao.
- Haebe kopo ya hao e amohetswe, o tla lefuwa ho tloha mohla o neng o kenya kopo.
Ditjeo ke bokae
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo tse tlatswang
Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).
Dintlha tsa ho iteanya
SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email: GrantEnquiries@sassa.gov.za