Boingodiso ba Maafrika Borwa a mose ho mawatle

Lefapha la Dikamano tsa Matjhabeng le Tshebedisano (DIRCO) ha le sa fana ka foromo ya Inthanethe ya boingodiso bakeng sa Maafrika Borwa a Dinaheng tsa Matjhaba (ROSA).

Maafrika Borwa a etelang dinaheng tse ding kapa a dulang teng a kgothaletswa ho ingodisa e le hore a dule a kgokahane le naha ka metjha e latelang: 

  • Ikopanye le kantoro ya bonqosa ba Afrika Borwa e naheng eo o leng ho yona mme o ingodise teng ka seqo.
  • Romela imeili ho: Rosahelp@dirco.gov.za
  • Ingodise o sebedisa DIRCO Travel Smart App, eo o ka e fumanang ho disebediswa tsa iOS le tsa Android.
  • Etela leqephe la Consular Services websaeteng ya DIRCO bakeng sa dintlha tse hlokahalang le thuso bakeng sa Maafrika Borwa a dulang dinaheng tse kantle. 

Sepheo sa ditshebeletso tsena ke ho sireletsa le hona ho baballa Maafrika Borwa a dulang dinaheng tse kantle ho etsetsa hore Lefapha le kgone ho a tshehetsa dinakong tse kang dikoduwa, merusu kapa maemo a tshohanyetso lapeng. 
 

Share this page