Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha ka dithuso tsa ditjhelete tsa batsofe
O ka fumana thuso ya ditjhelete ho o thusa dilemong tsa hao tsa botsofadi. Thuso ya ditjhelete tsa batsofe e lefuwa basadi ba dilemo tse 60 kapa ho feta hammoho le banna ba dilemo tse 60 kapa ho feta. Thuso ena ya tjhelete e bitswa Thuso ya ditjhelete tsa batsofe.
O tseba jwang hore o tshwanelwa ke thuso ena?
O tlamehile hore o:
- be moahi wa Aforika Borwa kapa wa dinako tsohle
- dule Aforika Borwa
- se fumane thuso efe kapa efe e nngwe e lebang ho wena
- se be tlasa tlhokomelo mokgatlong wa mmuso
- se amohele ho feta R86 280 ka selemo kapa letlotlo la hao le se fete R 172 560 haebe o sa nyala.
- Haebe o nyetse, lekeno la lona ka kopanelo ha le a tlameha ho feta R1 227 600 ka selemo mme wena le molekane wa hao ha le a tlameha ho ba le letlotlo le fetang R R2 455 200.
Na o tla fumana bokae?
O tla fumana tjhelete e fellang ho R 2 310 ka kgwedi. Haeba o na le dilemo tse fetang 75, o tla fumana R2 330.
O tla lefuwa jwang?
Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba ba Aforika Borwa (SASSA) bo tla lefa thuso ya hao ka o mong wa mokgwa o latelang:
- tjhelete letsohong setsing sa ditefello se hlwauweng ka letsatsi le hlwauweng
- ho kenya tjhelete bankeng ya hao ka mokgwa wa eleketeroniki kapa akhaontong ya banka posong (banka e ka o lefisa bakeng sa tshebeletso)
- mokgatlong (mohlala, lehaeng la batsofe).
Ela hloko: Haebe o sa kgone ho itatela tjhelete ya hao, o ka thonya moemedi ofising ya SASSA kapa o fe motho e mong matla a boqwetha hore a o late tjhelete boemong ba hao.
Na thuso ya hao e ka lekolwa botjha neng?
SASSA e ka etsa qeto haebe thuso ya hao e tlamehile ho lekolwa botjha. Lekeno la hao le o le hlahisitseng ha o ne o etsa kopo bakeng sa thuso e tla ba lona motheo wa qeto ena. O tla tsebiswa dikgwedi tse tharo pele ho letsatsi la ho lekola botjha kapa mohla ho lokelwang ho tliswa setefikeite sa bophelo. Haebe o fumanela tjhelete ya hao bankeng, mokgatlong kapa boemeding, o ka nna wa kopuwa ho tlatsa setefikeite sa bophelo ofising ya SASSA selemo se seng le se seng.
Na thuso ya hao e ka fanyehwa neng?
Dintlha tse latelang di ka baka hore thuso ya hao e fanyehwe:
- ha maemo a hao a fetoha
- sephetho sa ho lekolwa botjha
- haebe o hloleha ho sebedisana le ofisi nakong eo thuso ya hao e lekolwang botjha
- ha o kenela bothetsi kapa o fana ka dintlha tse fosahetseng ka wena
- haebe ho etsahetse phoso nakong eo ho neng ho amohelwa thuso ya hao.
Na thuso ya hao e ka emiswa neng?
Thuso e tla emiswa ha:
- o hlokahetse
- o amohetswe mokgatlong wa mmuso
- o sa late thuso ya hao dikgwedi tse tharo tse latelanang
- o le siyo naheng.
Ha motho ya amohelang thuso a ka amohelwa institjhusheneng e nang le konteraka le mmuso bakeng sa tlhokomelo le ho fetjwa, thuso ya setjhaba e tla fokotswa ho ya ho 25% ya boholo ba palo ya thuso ya setjhaba ho tloha kgweding ya bo-4 ka mora ho ba motho eo ya amohelang thuso a kene institjhusheneng eo. Thuso eo e fokoditsweng e tla boela palong e felletseng hape ka potlako ho tloha letsatsing leo motho eo ya amohelang thuso a ntshwa institjhusheneng.
Dithuso tsa ditjhelete tsa batsofe
O lokela ho etsang
Tshebeletso ena ke mahala.
Nako ya tshebetso
Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).
Ditjeo ke bokae
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo tse tlatswang
Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).
Dintlha tsa ho iteanya
SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email: GrantEnquiries@sassa.gov.za