Mokgwa wa ho tlaleha mangolo a bolotsana a phumantsho ya ditjhelete le lothari ya bolotsana

Haeba o amohela mangolo a phumantsho ya bolotsana ya ditjhelete le lothari ya bolotsana, o tlameha ho fetisetsa ditokomane tseo tsohle esita le puisano ho Sepolesa sa Matjhaba (Interpol).

Sepolesa sa Matjhaba se tla fetisetsa dintho tsohle tse amanang le bolotsana boo Yuniting ya Ditlolo tsa Molao tsa Kgwebisano Tshebeletsong ya Sepolesa sa Aforika Borwa.

Dintlha tsa ho ikopanya le Sepolesa sa Matjhaba ke tse latelang:

Nomoro ya Mohala: (+27) 12 309 3866
Nomoro ya Fekese: (+27) 12 309 3003/4
Imeile : vdventera@saps.org.za

Bolotsana bona bo boela bo tsejwa ka hore ke ‘bolotsana ba 419’ mme bo sebediswa ke molotsana e mong, hangata ke setho sa lequlwana la batlodi ba molao. Mohlodi wa bolotsana o Nigeria empa maqulwana a dinaheng tse ding a kenakene bolotsaneng ba phumantsho ya bohata ya ditjhelete. Hangata bo tla ka lengolo, emeile kapa SMS mme bo tla ka tshisinyo ya kgwebo moo phofu e kotjwang ho kenya tjhelete akhaonteng ya banka.

Bolotsana ba lothari bo tla ka emeile kapa SMS moo phofu e bolellwang hore e hapile moputso wa lothari.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho tlaleha phumantsho ya bohata ya ditjhelete le lothari ya bolotsana.

 

Share this page