Kopo ya ho ngodisolla koloi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho tlosa koloi lenaneng la ngodiso ya makoloi

O tlameha ho etsa kopo ya ho tlosa koloi ya hao lenaneng la ngodiso ya makoli ebang:

  • ebonwe e sa lokela tsela
  • e utsutswe
  • e senyehile ho o e sa lokiseheng
  • ebang e lokollotswe ngodisong.

Basebakeng sa ngodiso ya makoloi ba tla o fa lengolo la bopaki ba ho tloswa ha koloi ya hao lenaneng la ngodiso ya makoloi. Koloi e sa ngodisetswang laesense dilemo tse nne etla tloswa lenaneng la ngodiso ya makoloi.

O lokela ho etsang

  1. E ya sebakeng sa ngodiso ya makoloi se haufi le wena mme o nehelana ka tse latelang:
    • kopi e netefaditsweng ya bukana ya boitsibiso (pasa)
    • kopi e netefaditsweng e bontshang hore o monga koloi (lengolo la koloi le mabitsong a hao) 
    • ditokomane tsa tlatsetse ebang di hlokahala 
    • lengolo la bopaki ba ngodiso ya koloi.
  2. Tlatsa foromo ya ADV (Kopo ya tlosa koloi lenaneng la ngodiso ya makoloi).

Nako ya tshebetso

Ho kanna ha nka matsatsi a mabedi ho phethela kopo ya hao.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke mahala, empa dikotlo le ditjeo tsa ho fana ka laesense ya koloi di kanna tsa patalwa ebang kopo e entswe kamora nako.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ADV (Kopo ya ho tlosa koloi lenaneng la ngodiso ya makoloi)

Diforom di fumaneha sebakeng sa ngodiso ya makoloi kapa o ka di fumana websieteng ya eNaTIS.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact your local department of transport

Share this page