Kopo ya ngodiso ya tshireletso ya seqatjwa/tlhahiso

Ngodisa tokelo ya semmuso le Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) ho thibela batho ba bang ho etsa, ho sebedisa, lahla kapa ho rekisetsa kantle ho naha seetswa sa hao ntle le tumello ya hao.

Tokelo ya semmuso ke tokelo e ikgethileng e fanwang bakeg sa ho hlahisa seetswa. Seetswa se jwalo se lokela ho ba sehlahiswa kapa mokgwa o fanang ka tsela e ntjha ya ho etsa ho hong, kapa tsela e fanang ka tharollo e ntjha ya setekginiki bothateng. Tshireletso ya tokelo ya semmuso e bolela hore motho e mong a ke ke a etsa, a sebedisa, a aba kapa a rekisa seetswa sa hao ntle le tumello ya hao nakong ya dilemo tse 20 bonyane.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le tokelo ya semmuso ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) kapa letsetsa CIPC ho 086 100 2472.

 

Share this page