Ngodisa pheko ya diruwa

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ngodisa pheko ya diruwa

Ho tsamaisa, ho hlahisa, ho etsa kapa ho rekisa pheko ya diruwa Aforika Borwa, o tlameha ho ngodisa le Mongodisi wa Molao 36 wa 1947.

Pheko tsa diruwa di sebedisetswa diphoofolo tsa lapeng, leruo, dinonyana, ditlhapi kapa diphoofolo tse hlaha bakeng sa:

  • Ho thibela, ho phekola mahloko/maemo a bophelo bo bobe
  • Ho tswellisa, kgolo, ho hlahisa le ho ntlafatsa bophelo

Khampani e sebelletsang mose e ka se kgone ho etsa kopo ya ngodiso Aforika Borwa. O ka etsa kopo feela ha khampani ya hao e ngodisitswe Aforika Borwa kapa o le motho wa molao ya ngodiisitsweng Aforika Borwa.
O tlameha ho ba le ditlhoko tse latelang:

  • Raporoto ya tsa saense e bontshang hore Pheko ya Diruwa eo o batlang ho e ngodisa e entswe diteko mme e a sebetsa. Ha o batla ho ngodisa Pheko tsa Diruwa tse fapaneng, o tlameha ho fana ka raporoto ya pheko ka nngwe. Raporoto ya tsa saense e tlameha ho hlalosa polokeho, boleng, bokgoni ba tshebetso ba pheko le kameho e ka bang teng kgwebisanong ka lebaka la tshebediso ya Pheko ya Diruwa diphoofolo tse hlahisang dijo (mohlala,Pehelo ya Bongata ba Tshebediso (MRL). Raporoto e tlameha ho saenwa labodatring e dumelletsweng.
  • Lengolo le etellang ditaba pele le nang le letshwao la khampani le hlalosang pheko eo o batlang ho e ngodisa.
  • Leibole e thontsweng (ebang e hlokahala).

Ha o batla ho ngodisa Pheko ya Diruwa e seng e le teng/e ngodisitsweng lebitsong la khampani e nngwe kapa motho e mong, o tlameha ho fana ka lengolo la tumello ho tswa ho motho eo e ngodisitsweng ka ena pele o ngodiswa.

O lokela ho etsang

  1. Ngola Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947 lengolo le etellang ditaba pele. Lengolo ha le a tshwanela:
    • Ho ngolwa ka letsoho, letshwanela ho thaepuwa mme o behe letshwao la khampini. 
    • Le bewe letsatsi kapa letsatsi le atametseng letsatsing la ho fumantshwa Tsamaiso ya Bongodisi. Le tekenwe ke motho ya nang le matla mme eo ho tla ikopangwang le ena ho tswa khampaning.
    • Dintlha tsa ho ikopanya le motho eo di tlameha ho hlahella letshwaong la khampaniFana ka mabaka a ho etsa kopo, mohlala.
    • Ngodiso ya Sehlahiswa se Setjha
    • O hlalose pheko ka bokgutshwanyane (nomoro ya tlhahiso).
  2. Etsa kopi ya lengolo le etellang ditaba pele mme o fana ka tse pedi (lengolo leo le kopi ya lona).
  3. Hula mme o tlatse foromo e tlase. O etse dikopi tse pedi tsa foromo.
  4. Patala tjhelete e behilweng ka tjheke, order ya poso, order ya tjhelete ho Molaodi-Kakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi. Ebang o tlo ikisetsa foromo ya kopo le tjhelete y ateng, o tlameha ho netefatsa hore o fumana bopaki ba tefello eo o e entseng. Ha o patala tjhelete ka tshebediso ya Akhaonto ya Teransefere ya Elektroniki, o tlameha ho e patella akhaonotong e latelang: Dintlha tsa Banka tsa Lefapha ho kenyelletswa le Referense ho ya ka ditlhoko tsa nehelano tse latelang:
    Lebitso la akhaonto: NDA-ACT36 of 1947
    Nomoro ya akhaonto: 011203102
    NB Referense: 15ST1
    Khoutu ya Branch: 010845
    Lebitso la Branch: Arcadia
    Lebitso la banka: Standard Bank
  5. Fana ka foromo tse tharo tsa kopo (foromo ya kopo le dikopi tsa yona tse pedi). Hlomathisa lengolo le etellang ditaba pele le bopaki ba tefello. O ka romella foromo tsa kopo le ditokomane tse hlomathisitsweng ka poso ho: The Registrar Act 36 of 1947, Private Bag X343, Pretoria 0001 kapa ikisetse tsona ka bowena ho: The Registrar Act 36 of 1947, Agriculture Place , 20 Steve Biko Street, Pretoria.

Nako ya tshebetso

Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo a ntjhafatso le mabapi le diforomo tsa dikopo ho bohle ba ngodisitsweng.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Registration of a Stock Remedy

Dintlha tsa ho iteanya
 

 

Directorate Agriculture Inputs Control

Tel: 012 319 7103/7847
E-mail address: AICHelpdesk@daff.gov.za
Physical address: 20 Steve Biko Street, Arcadia, Pretoria
Postal address:  Department of Agriculture, Forestry and Fisheries, Private Bag X343, Pretoria

 

Share this page