Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe ka tshebediso ya marangrang ka Labone, mohla la 4 Phuptjane 2020

Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe ka tshebediso ya marangrang ka Labone, mohla la 4 Phuptjane 2020
 

1. Kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la North Gauteng ya ka Labobedi, mohla la 2 Phuptjane 2020

1.1. Kopano e kgethehileng ya Kabinete e ne e tshwerwe ka tshebediso ya marangrang kajeno, ka Labone mohla la 4 Phuptjane 2020, e le ho tshetshetha ka dikgatelopele tsa mekutu ya Afrika Borwa ya ho pholosa maphelo le ho tshireletsa mesebetsi nakong ena ya sewa sa COVID-19. E le karolo ya motshetshetho ona, kabinete e lekotse kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la North Gauteng e diilweng ke Moahlodi Norman Davis ka Labobedi, mohla la 2 Phuptjane 2020, e tsebahaditseng hore melawana ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ya COVID-19 boemong ba 3 le ba 4, ha e tsamaisane le molaotheo ebile ha e molaong.

1.1.1 Kamora ho fumana keletso ya molao le ho mamela maikutlo a mangata a fanweng ke ditsebi mapatlelong a molao mabapi le kahlolo ena, Kabinete e dumela hore lekgotla le leng la dinyewe le ka nna la fihlella qeto e fapaneng tabeng ena.

1.2.  Kahoo, Kabinete e qetile ka ho ipiletsa kgahlanong le qeto ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la North Gauteng.

1.3. Mmuso o tla kopa hore ho akofiswe ho mamelwa ha maipiletso ana ho etsetsa hore o tle o fumane kananelo mabapi le melawana ena. Letona la Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso, Ngaka Nkosazana Dlamini-Zuma, o tla dikanela maipiletso ana le Moporesidente Cyril Ramaphosa hammoho le Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize.

1.4. Kabinete e batla ho netefaletsa setjhaba hore bokenadipakeng bohle bo entsweng haesale ho tloha ha Moporesidente Ramaphosa a ne a tsebahatsa ka Boemo ba Koduwa ya Naha ka Tlhakubele 2020, bo ne bo tobisitswe ho pholoseng maphelo feela.

1.5. Ho tloha ho kenngweng tshebetsong ha bokenadipakeng bona, haesale mmuso o ntse o dula majwana le makala ohle a setjhaba, jwaloka ha twantsho ya COVID-19 e le mekutu ya naha yohle e hlokang momahano dipakeng tsa mmuso le Maafrika Borwa ohle.

1.6. Leha mmuso o ipiletsa kgahlanong le kahlolo ya lekgotla la dinyewe, melawana e renang jwale e tla dula e ntse e sebetsa, mme re ipiletsa setjhabeng sohle sa habo rona hore se ikobele ditsamaiso tsohle tse kentsweng tsa bophelo bo botle, ho akga le ho hatlela matsoho kgafetsa, ho qaqolohana ha batho, ho kenngwa ha dikwahelanko le molomo ha batho ba le bathong, esita le ditlhahlobo le ho fetisetswa ditekong, moo ho hlokehang.

2. Katoloso ya Boemo ba Koduwa ya Naha

2.1. Kabinete e ananetse katoloso ya Boemo ba Koduwa ya Naha ka nako e kahodimo ka kgwedi, ho tloha mohla la 15 Phuptjane 2020 ho ya ho la 15 Phupu 2020. Molao o dumella hore Boemo ba Koduwa ya Naha bo nke matsatsi a 90.

3. Ditshwaetso tsa COVID-19 Kapa Bophirimela

3.1. Kabinete e dula e ngongorehile ka sekgahla le keketseho ya ditshwaetso tsa COVID-19 Kapa Bophirimela. Ntlheng ena, Moporesidente Ramaphosa o tla etela provense ena ka Labohlano, mohla la 5 Phuptjane 2020, ho ya tshetshetha maemo ana le Tonakgolo Alan Winde hammoho le phethahatso ya provense, le ho sekaseka boitlhophiso ba provense ba ho lokela taolo e tswelang pele ya sewa sena.

3.2. Moporesidente Ramaphosa o tla felehetswa ke Letona la Bophelo bo Botle Zweli Mkhize, le Letona la Lebotho la Tshireletso le Mekaubere ya Sesole, Nosiviwe Mapisa-Nqakula; le Letona la Thuto ya Motheo Angie Motshekga; le Letona la Sepolesa Bheki Cele; le Letona la Bodulo ba Batho, Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere Lindiwe Sisulu esita le Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo, Patricia de Lille.

4.  Beke ya Tshireletso ya Bana

4.1. Kabinete e hopotsa setjhaba hore beke ena ke Beke ya Tshireletso ya Bana mme e qadile ka Sontaha sa la 31 Motsheanong 2020, e tla fela ka Sontaha sa la 7 Phuptjane 2020. Beke ya Tshireletso ya Bana e habile ho phahamisa dintho tse amanang le tshireletso ya bana selemo ho pota. Mookotaba wa monongwaha o re: “Bohle ha re Tshireletseng Bana, Nakong ya COVID-19 le ka Nqane ho yona”.

5. Kgaello ya metsi

5.1. Kabinete e elelletswe ka ho theoha ha mothamo wa matamo, haholoholo Kapa Bophirimela. Jwaloka naha e nang le kgaello ya metsi, mothamo wa matamo o thefula ditlhoko tsa rona tsa metsi. Kahoo, Kabinete e etsa boipiletso ho rona bohle hore re baballe metsi.

Dipotso: Mme Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore