Pehelo ya Kopano e Kgethehileng ya Kabinete ya la 15 Mmesa 2020

Pehelo ya Kopano e Kgethehileng ya Kabinete ya ka Laboraro, mohla la 15 Mmesa 2020

Kopano e Kgethehileng ya Kabinete e neng e tsamaiswa ka marangrang a dikgokahanyo tsa sejwalejwale tsa theknoloji e ne e tshwerwe kajeno, mohla la 15 Mmesa 2020, ho tshetshetha ka morero wa tsosoloso ya moruo wa kahisano ha ho se ho kginollotswe naha yohle ka metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ka baka la COVID-19.

Sena se latela tsebiso e entsweng ke Moporesidente Cyril Ramaphosa dibekeng tse pedi tse fetileng, ya hore Kabinete e tla ba le motshetshetho o phethahetseng moo e tla tla le morero wa tsosoloso ya moruo wa naha.

Ho ile ha amohelwa ditekelo tse hlano tse tswang dihlopheng tse latelang: (1) Makala a Moruo, Botsetedi, Kgiro le Kaho ya Meralo ya Motheo; (2) Puso, Bokgoni ba Mmuso le Ntshetsopele ya Ditheo; (3) Tshireletso ya Kahisano, Ntshetsopele ya Dibaka le Batho; (4) Tshebedisanommoho ya Matjhaba, Kgwebisano le Tshireletso; le (5) Toka, Thibelo ya Ditlolo tsa Molao le Tshireletso.

Ditekelo tsena ke sephetho sa mosebetsi o entsweng ke dihlopha tsohle tsa Kabinete, di tsepamisitse maikutlo tsosolosong ya moruo wa naha ka lebaka la sewa sena sa COVID-19 esita le ho nyotobetswa ha moraorao ha maemo a moruo wa Afrika Borwa ho entsweng ke diakgente tse kalang maemo a moruo wa dinaha, e leng Moody’s le Fitch ka tatelano.

Kabinete e qetile ka hore metshetshetho e meng hammoho le dipontshano, di ntse di hlokeha pele morero wa moshwelella o kopantsweng o ananellwa hore o abelanwe le setjhaba.

Dihlopha tsohle tsa Kabinete di kopilwe hore di sebedisane mmoho e le ho hlahisa tokomane e le nngwe e momahantsweng e mabapi le dintlha tse ka sehloohong tsa morero wa tsosoloso ya moruo wa naha, e tla tlameha ho phethelwa pele ho Kopano e latelang ya Kabinete e reretsweng ho tshwarwa ka Mantaha wa la 20 Mmesa 2020.

Kabinete e ile ya boela ya laela Letona la Dikgwebo tsa Setjhaba Pravin Gordhan hore a hlophise tlaleho e nang le tsa moraorao tse mabapi le tshebeletso ya Difofane ya Afrika Borwa, hore e ilo tshetshethwa Kopang e tlang. Kamorao ho moo, Kabinete e tla phethela morero wa tsosoloso ya moruo wa naha.

Kabinete e leboha setjhaba sohle ka hore se dule malapeng nakong ena ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete ya Tshwereng Molepo
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore