Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 18 Loetse 2013

23 Sep 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1 Tlasa boetapele ba Mopresidente Jacob Zuma, mmuso o sebetsa ka lenaneo la naha la meralo ya motheo ya setjhaba la ditrilione tse ngata ngata tsa diranta le reretsweng ho utolla menyetla ya mesebetsi le ho tlisa ditshebeletso ho maAforika Borwa ohle.

Ka mananeo ana, mmuso o tsitlallela boikitlaetsong ba wona ba ho thea mesebetsi e mengata le ho feta. Haesale ho tloha kananelong ya Mokgwa o Motjha wa Kgolo mesebetsi e eketsehile ka 750 000, mme katlasenyana ho halofo ya mesebetsi ena e hlahisitswe tshebeletsong ya setjhaba, haholoholo basebetsing ba tsa bophelo bo botle, matitjhere le mapolesa.

Mananeo ana a bea ntshetsopele ya dikgwebo tse nyenyane ka sehloohong, e leng ntho ya bohlokwa ya ho utolla menyetla ya moruo. Kabinete e leboha makala ao a ikamahanyang le mmuso ho kenya tshebetsong lenaneo lena le leholohadi la ntshetsopele ya meralo ya motheo mme e etsa kgoeletso tshebedisanong ya ho potlakisa matsapa a ho thea mesebetsi le ho fetola moruo esita le setjhaba sa habo rona.

Mopresidente Jacob Zuma o tla bula Seteishene sa Motlakase sa Grootvlei ka la 20 Loetse 2013 a be a hlahlobe le setsha sa kaho ya seporo sa terene kwana Mpumalanga, e le karolo ya boikitlaetso ba neelano ya meralo ya motheo ya setjhaba.

Kabinete e ananetse kaho ya Yunivesithi e ntjha ya Sol Plaatjie Kimberly, Kapa Leboya, e lebeletsweng ho qala pele ho mafelo a Loetse 2013. Ena ke katleho e kgolo kgolong le ntshetsopeleng ya lekala la thuto e phahameng Aforika Borwa. Ketsahalo ya ho phethelwa ha mobu e bile sesupo sa ho thakgolwa ha kaho ya khamphase semmuso.

Kaho ya yunivesithi e ntjha e ile ya hlwauwa yaba ya bewa ka sehloohong kahara Diprojeke tsa Lewa le Momahantsweng (SIP 14) ke Khomishene ya Mopresidente e Hlophisang Dikaho tsa Motheo (PICC).

1.2 Mopresidente Jacob Zuma hammoho le Kabinete ya hae ba tla be ba tlotla metsofe ya Aforika Borwa Tlung ya Baeti ya Mopresidente ya Sefako M. Makgatho e Pretoria ka la 29 Loetse 2013. Sena se bopa karolo ya ho keteka seabo sa metsofe ya rona ntshetsopeleng ya setjhaba sa habo rona esita le ya naha. Sena e tla be e le sesupo sa qalo ya Beke ya Batho ba Baholo, e tla fela ka la 6 Mphalane, e leng Letsatsi la Bonkgono le Bontatemoholo.

1.3 Mopresidente Jacob Zuma o tla tshetleha puo Ngangisanong e Akaretsang ya Phutheo ya bo68 ya Sebokakakaretso sa Matjhaba a Kopaneng (UNGA68) New York ka la 24 Loetse 2013. Mookotaba wa monongwaha ke: “Lenanetsamaiso la Ntshetsopele la Kamora 2015: Ho Bula Sebaya!” mme o habile nakong e beilweng ya 2015 ya Maikemisetso a Ntshetsopele ya Dilemokete (MDGs), esita le Lenanetsamaiso la Ntshetsopele kamorao ho moo, ho ya pele.

UNAG68 e fa Aforika Borwa lepatlelo la ho ntshetsapele mokgwa wa lewa la rona la ho fihlella di-MDG le Lenanetsamaiso la Ntshetsopele la Kamora 2015. Seabo sa rona se tla boela se susumetswa ke ditabatabelo le dintho tse ka sehloohong tsa Aforika Borwa, esita le boikitlaetso ba rona ba lebatowa le ba kontinente.

1.4 Kabinete e seolla kahohlehohle ditshitiso tsa marangrang a motlakase, tse entsweng ke batho ba neng ba le seteraekeng se seng molaong, tse ileng tsa baka ho kgaoha ha phepelo ya motlakase dikarolong tsa Johannesburg. Diketso tse jwalo di ke ke tsa tlodiswa mahlo hodimo nakong ena eo naha e hahamallang botsitsong ba phepelo ya yona ya motlakase, mme di tlameha ho thibelwa kahohlehohle ka tshebediso ya molao.

1.5 Ho ntshuwa ha Dipalopalo tsa selemo le selemo tsa 2012/13 tsa Ditlolo tsa Molao Aforika Borwa ho boela ho thasisetsa boitshepo ba rona ba hore ha re sebetsa mmoho re tla fihlella sepheo sa rona sa setjhaba se sa angweng ke ditlolo tsa molao, se hohelang matsete a netefatsang kgotso le botsitso dibakeng tsa rona.

Kabinete e etsa kgoeletso ho bohle ba amehang ho tshohla ka botebo diphumano tsena ka moya o motle. Mmuso o ntsha dipalopalo tsena hang ka selemo ka sepheo sa ho fa setjhaba lesedi la moraorao twantshong ya ditlolo tsa molao, esita le ho sheba botjha mawa a jwale a ho lwantsha ditlolo tsa molao. Dipalopalo tsa ditlolo tsa molao di boela di sebediswa kamehla e le sesebediswa sa ho tataisa merero ya ho sebetsa ya Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS).

Kabinete e thoholetsa matsapa a matla a SAPS le mekgatlo yohle e ipopileng esita le setjhaba ka ho sebedisana le mmuso twantshong ya ditlolo tsa molao. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ikamahanya le twantsho ya ditlolo tsa molao. Ha re sebetsa mmoho re tla netefatsa boteng ba Aforika Borwa moo moAforika Borwa a tla ikutlwa a bolokehile a bile a tshireletsehile.

1.6 Kabinete e bontshitse ho ngongoreha ho hoholo ka dikotsi tsa moraorao tsa mebileng tse mpempe. Dikotsi tse jwalo di siile malapa a mang a saretswe ebile di thefula moruo haholo. Kabinete e ipiletsa ho beng bohle ba makoloi ho netefatsa hore makoloi a bona a boemong bo amohelehileng ba ho tsamaya mebileng ba be ba kganne ka boikarabelo.

Kahoo Kabinete e ipiletsa ho balaola sephethephethe ho tswelapele ka ho se amohele ho hang makoloi a seng boemong bo amohelehileng ba ho tsamaya mebileng esita le ba kgannang ba tahilwe. Kabinete e boela e ipiletsa ho ditaaso ho hlompha melao ya tsela.

1.7 Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho keteka Letsatsi la Letlotlo la Botjhaba, 24 Loetse 2013, ka ho etela dibaka tse fupereng letlotlo la botjhaba bo sa tshwaneng naha ka bophara e le ho keteka Dilemo tse 20 tsa Tokoloho ya rona. Ho kopjwa maAforika Borwa ohle, dikolo, dikgwebo le dibaka tsohle ho phahamisa folakga ya rona e le sesupo sa rona sa ho keteka Dilemo tse 20 tsa Tokoloho esita le ho tshehetsa letsholo la ‘Bolabohlano ba Tokoloho’ le kgakolwang ka la 20 Lwetse 2013.

1.8 Kabinete e thoholetsa Lucas Sithole ka ho hapa papadi e bapalwang ka bonngwe ke ba sebedisang dituloteti ya Thonamente ya Tenese ya Amerika New York. Maemo a Sithole a lefatshe a nyolohile ka kgato e le nngwe hore e be wa bobedi kamora tlholo ena, eo e neng e le ya pele ya maemo a hodimo ya Setlamo sa Tenese ya Matjhaba bakeng sa moAforika ebile e le moAforika Borwa.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho tshehetse baatlelete ba rona ba holofetseng, ba tswelang pele ho etsa hore naha ya rona e be motlotlo ka ho intsha sehlabelo le ho re kgothatsa bohle hore re fihlelle ditabatabelo tsa rona.

1.9 Kabinete e ananela Seboka sa Naha sa Motheo o Batsi wa Matlafatso ya ba Batsho Moruong (BBBEE) se tla tshwarwa ho tloha ka la 3 ho ya ho la 5 Mphalane tlasa mookotaba o reng: “Selemoshome sa Matlafatso Moruong”.
Sesebediswa sa leano la Matlafatso ya ba Batsho Moruong hantlentle ke lewa la kgolo le reretsweng ho etsa hore motheo wa moruo wa naha o be batsi ka ho tsepamisa maikutlo tlhokehong ya tekano, e leng bofokodi bo boholo ba moruo wa Aforika Borwa.

Seboka se tla sekaseka kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha BBBEE kamora ho ketekwa ha dilemo tse 10 haesale ha na ho kgakolwa Molao wa BBBEE ka 2003. Setlamo sa ba amehang, baemedi ba mekgatlo ya basebetsi, mekga ya dipolotiki le mekgatlo ya setjhabeng ba tla ba le seabo ho kutlweng ha thasisetso ya boraro ya matlafatso ya ba batsho moruong ya Aforika Borwa, ka Molao wa BBBEE o hlomathisitsweng le Mekgwa e ntlafaditsweng ya Tshebetso e Ntle.

1.10 Kabinete e thoholetsa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba leanong la lona le letjha le ntlafaditsweng la phano ya ditshebeletso le bitswang Projeke ya Mikondzo, le tla atolla phihlello ya ditshebeletso tsa setjhaba ho ya bafutsaneng esita le bao ba kotsing dikgutlwaneng tsohle tsa Aforika Borwa.

Nakong ya Kgwedi ya Ntshetsopele ya Setjhaba, Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba hammoho le ditheo tsa yona, Ejensi ya Tshireletso ya Setjhaba ya Aforika Borwa le Eiensi ya Ntshetsopele ya Naha, di tla tswelapele ho neelana ka ditshebeletso tsa Projeke ya Mikondzo mabatoweng a 1 300 a futsanehileng ka ho fetisisa ho Bomasepala ba Ditereke ba 23 jwaloka ha ba hlwailwe ba bile ba beilwe ka sehloohong ke Kabinete.

1.11  Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho ba le seabo Bekeng ya Tsepamiso ya Maikutlo ya Imbizo e tla ba dipakeng tsa la 7 le la 13 Mphalane 2013.

Kamora katleho ya Beke ya Tsepamiso ya Maikutlo ya Imbizo e neng e le ka Phuptjane, Beke ya bobedi ya Tsepamiso ya Maikutlo e tla fana ka sebaya ho Dikokonono tsa Dipolotiki hore di boele di bontshane le setjhaba.

Nako ena e fana ka monyetla o mong ho baahi hore ba buisane ba shebane mahlong le Ditho tsa Phethahatso, ho keteka dikatleho esita le ho rarolla diphephetso tsa ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a mmuso. Dibaka tseo ho tla kopanelwa ho tsona esita le lenaneo la beke di tla tsebiswa ha nako e atamela.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1 Kabinete e ananetse ho kena dipakeng ha Leano la Naha Tshireletsong ya Dijo le Phepo, Lewa la Tshireletso ya Dijo le Phepo ya Malapeng esita le ho kena dipakeng ha Tlhahiso ya Dijo ya Fetsa Tlala.

Leano la Naha le habile ho arabela diphephetsong tse ngata tse amanang le ho se be teng ha tshireletso ya dijo Aforika Borwa. Le tsheheditswe ke mawa a totobetseng a ho kena dipakeng e le ho rarolla diphephetso tsa dikgaello tsa dijo malapeng hammoho le ho eketsa tlhahiso ya dijo, ka sepheo sa ho fedisa tlala ka 2030. Lewa mmoho le Tlhahiso ya Fetsa Tlala ke mananeo a ho matlafatsa Leano a Kopanetsweng ke Mafapha. Kgakolo e tla etsuwa ho qhoqholla Leano le Mananeo.

2.2 Kabinete e ananetse Moralo wa dipuisano tsa Aforika Borwa le Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Tshebedisanommoho Moruong (OECD) bakeng sa nako ya 2013/14-2016/17.

Aforika Borwa e habile ho sebedisa selekane sena ho fihlella dipheo tse tharo tsa bohlokwa:

i) kgolo ya moruo e phahameng e kenyeletsang bohle, e leng tlhokeho e kgolo ya ho rarolla tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho hloka tekatekano;
ii) basebetsi ba nang le boqhetseke le bokgoni, ho tshehetsa neelano ya dipehelo tsa ntshetsopele ya naha; le
iii) ho Ntshetsapele lenanetsamaiso la Aforika moo meruo ya Aforika e ka folang molemo.

Dinaha tsa OECD di dula e le tsona balekane ba bohlokwa ba kgwebisano le matsete ho Aforika Borwa. Ho hakanngwa hore dinaha tsa OECD di kentse letsoho ka sekgahla se fetang 65% ho Motjha wa Ntshetsopele ya Kgolo ka 2011 lefatsheng.

Mokgwa ona o fana ka moralo bakeng sa mafapaha a mmuso ho laola dipuisano tsa wona le OECD. Tlhophiso ena e ntlafaditsweng mmusong, e tla thusa hore ho folwe melemo e metle ka ho fetisisa selekaneng sena.

3. Dibili

3.1 Kabinete e ananetse Bili ya Meropotso ya Lekgetho la Mesebetsi e tla ntshwa hore setjhaba se tshwaele ka yona.

Bili e teka meropotso haholoholo ka sepheo sa ho kgothaletsa bahiri ho hira batjha ba tsomang mesebetsi ba bile ba se na boiphihlelo bo bokaalo. Moropotso ke enngwe ya dintho tse ngata tse welang tlasa bonamelo ba lewa la Mmuso la mesebetsi ya batjha mme le tla thusa ho tshehetsa maano a mmuso.

Meropotso ya lekgetho la mesebetsi ya batjha e tobile batho ba batjha ba qalang ho sebetsa mme ba amohela meputso e katlase ho sekepele sa lekeno la motho ka mong le pukutlwang lekgetho. Ka ho etsa jwalo, e tobile ba nang le tsebo e fokolang, ba amohelang meputso e tlase ba bile ba na le menyetla e fokolang ya ho fumana mesebetsi. Meropotso e tla thea maemo a matle a ho hlahisa mesebetsi le ho ntlafatsa menyetla ya mesebetsi bakeng sa basebetsi bao ba kotetsweng. Ho tla tshwarwa pontshano e reretsweng ho qhaqholla Bili.

3.2   Kabinete e ananetse Bili ya Moralo wa Khomishene ya Bolaodi ba Mobu, 2013, e tla ntshuwa bakeng sa hore setjhaba se tshwaele ka yona.

Ho tse ding, Bili ya Khomishene ya Bolaodi ba Mobu, 2013, e habile ho thea Khomishene ya Bolaodi ba Mobu. Khomishene ya Bolaodi ba Mobu e tla lebellwa ho diya kahlolo qhwebeshanong ya boithuelo ba mobu moo e ka nnang ya ba mangolo a mabedi kapa a fetang bobedi a boithuelo ba thepa a ntshitswe bakeng sa setsha se le seng.

Khomishene e tla boela e lebellwa ho thea le ho boloka lesedi la motheo le batsi la mmuso la mobu ohle o ngodisitsweng e le wa mmuso lebitsong la lefapha, ho akga le mobu ofe kapa ofe o hlahlobilweng wa mmuso mme o sa ngodiswa.

3.3 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Dithuso tsa Molao, 2013, Palamenteng.

Bili e reretswe ho hlakola Molao wa Dithuso tsa Molao, 1969 (Molao wa 22 wa 1969) ho ya ka maemo a renang, haholoholo tshebetso e ntjha ya molaotheo, esita le ho ntlafatsa tshebediso ya wona e ntle.

Bili e reretswe ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya Dithuso tsa Molao Aforika Borwa, moo kgabareng e tla ba le ditlamorao tse ntle setjhabeng ka kakaretso. E ka nna ya amanngwa le dipehelo tsa mokgwa wa tshireletso ya setjhaba ka kakaretso le tshireletso ya setjhaba bakeng sa bafutsana le dihlophana tse ding tse e hlokang ka sebele, le kelohloko ya naha e ntseng e thuthua, e nang le bokgoni le boitshwaro bo botle ebile e tshwara baahi ba yona ka seriti.

3.4  Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Ditaolo tsa Matjhaba ho tsa Bophelo bo Botle, 2013, Koranteng ya Mmuso bakeng sa hore setjhaba se tshwaele ka yona.

Bili e habile ho hlakola Molao wa Ditaolo tsa Matjhaba ho tsa Bophelo bo Botle, 1974 (Molao wa 28 wa 1974) esita le ho kenyeletsa Ditaolo tsa Matjhaba ho tsa Bophelo bo Botle, 2005, ketsong ya melao ya naha.

Ditaolo tsa Matjhaba ho tsa Bophelo bo Botle (2005) ke molao wa matjhaba o thusang dinaha ho sebedisana e le ho pholosa maphelo le boiphediso kgahlanong le diketsahalo tse bakwang ke ho phasalla ha malwetse le dikotsi tse ding tsa bophelo bo botle matjhabeng.

3.5 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Meriana le Meriana e Meng e Jwalo ka Yona, 2012, Palamenteng.

Bili ya Sehlomathiso e hlomathisa Molao wa Meriana le Meriana e Meng e Jwalo ka Yona, 1965 (Molao wa 101 wa 1965) jwaloka ha o hlomathisitswe ke Molao wa 72 wa 2008.

Phihlello merianeng ya boleng, e fihlellehang ebile e bolokehile mmoho le disebediswa tse thusang ho ntlafatsa bophelo bo botle ke tshiya ya bohlokwa bophelong bo botle ba setjhaba, mme e thusa ka ho kenya letsoho phihlellong ya maikemisetso a Mmuso a ho eketsa tebello ya ho phela halelele ha maAforika Borwa.

3.6 Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili ya Taolo ya Thekiso ya Dino tse Tahang, 2013, Koranteng ya Mmuso bakeng sa hore setjhaba se tshwaele ka yona.

Jwala ke tshita e kgolo phihlellong ya sephetho sa mmuso sa bophelo bo bolelele bo bile bo le botle bakeng sa bohle. Bili e habile ho fokotsa thefuleho e amanang le jwala ka taolo ya thekiso ya dino tse tahang.

Leha e le hore mmuso o ke ke wa kwala thekiso ya jwala, o boela o ke ke wa dumella kgothaletso ya ho nowa ha jwala ka ho dumella setjhaba, haholoholo batjha, ho dumela hore maphelo a bona a ka ntlafala haele hore bonneteng ho tla ba le ditlamorao tse mpe ho ba bangata.

Ho kena dipakeng hona ha ho a tlameha ho bonwa e le pudumo ya seemanosi, empa e le karolo ya mekgwa e momahantsweng ke mmuso ho fokotsa thefuleho e amanang le jwala. Ho tla tshwarwa pontshano e reretsweng ho qhaqholla Bili

3.7 Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Dibili tse pedi, tseo ka bobedi ba tsona di hlomathisang Molao wa Bana, 2005 (Molao wa 38 wa 2005) jwaloka ha o hlomathisitswe ke Molao wa 41 wa 2007 ho ya ka Karolo ya 75 ya Molaotheo le Karolo ya 76, hore setjhaba se tshwaele ka tsona.

Bili e habile ho kenya tlhaloso ya tlolo ya molao ya motabo ho netefatsa hore motho ofe kapa ofe ya tshwaretsweng tlolo efe kapa efe ya molao ya motabo jwaloka ha e hlalositswe Sehlomathisong sa Molao wa Ditlolo tsa Molao (Ditlolo tsa Molao tsa Motabo le dintho tse Amanang le tsona), wa 32 wa 2007, o nkuwa a sa tshwaneleha ho sebetsa le bana.

Bili e boetse e amanya Molao le kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e le ho fana ka tjhebobotjha ya molao ya qeto ya ho tlosa le ho bea ngwana tlhokomelong e bolokehileng ya nakwana ho le teng kapa ho le siyo taelo ya lekgotla la dinyewe ka nakwana e totobaditsweng.

Bili ya Sehlomathiso ya Bobedi ya Bana, 2013, e reretswe ho netefatsa hore bana bohle ba fumana ditshebeletso le melemo e reretsweng ho nolofatsa phihlello tlhokomelong le polokeho setjhabeng, esita le ho thea mokgwa o sebetsang hantle wa thekolohelo ya setjhaba. E boetse e habile ho fana ka tikoloho e nang le tshireletso bakeng sa ho bewa ha bana ba fumanwang ba hloka tlhokomelo le tshireletso.

4. Dithonyo

4.1 Kabinete e ananetse dikgiro tse latelang Lefapheng la Merero ya Metsi:
a) Ntate Johannes David Mahlangu sekgeong sa Motlatsi wa Molaodikakaretso: Ditshebeletso tsa Tumellano
b) Ntate Anil Bijman Singh sekgeong sa Motlatsi wa Molaodikakaretso: Melawana le Boikamahanyo
c) Mme Deborah Gabaakelwe Mochotlhi Motlatsi wa Molaodikakaretso: Merero le Lesedi

4.2 Kabinete e ananetse dikgiro tse latelang Lefapheng la Mesebetsi:
a) Mme Agnes Moiloa sekgeong sa Mohlanka e Moholo wa Tshebetso.
b) Ntate Thobile Maxin Lamati sekgeong sa Motlatsi wa Molaodikakaretso: Ditshebeletso tsa Qobello le Bohlahlobi

4.3 Kabinete e ananetse thonyo ya batho ba latelang Botong ya Balaodi ba Ejensi ya Theknoloji ya Lesedi la Naha (SITA):

a) Ngaka Anna Mokgokong
b) Moadvokheiti Mantshare Beatrice Matlejoane
c) Moadvokheiti Thabani Masuku
d) Ntate Zukile Nomvete
e) Mme Seadimo Chaba
f) Ntate Ganelang Zeth Malele
g) Ntate Graeme Alvan Victor
h) Mme Nozipho January-Bardill
i) Mme Sindi Mabaso-Koyana
j) Mme Vuyokazi Felicity Mahlati
k) Ntate Stadi Mngomezulu
l) Mme Michelle Oddette Williams
m) Ntate David  Clephane Niddrie  (Moemedi ya tswang ho tsa Dikgokahanyo)
n) Ntate Nkhangweleni Walter Mudau (Moemedi wa Lefapha la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba)
o) Ntate Geoffrey Rothschild.

4.4 Kabenete e ananetse ho kgethwabotjha ha ditho tse latelang Botong ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete.

a) Mme Jabu Mogadime
b) Mme Hilary Wilton (Motlatsi wa Modulasetulo)
c) Moprofesara Phillip J Sutherland
d) Mme Zarina Bassa
e) Mme Di Turpin
f) Ntate Ismail Momoniat
g) Ntate Olano Makhubela (wa Phapanyetsano)
h) Mme Dudu Msomi
i) Ntate Abel Sithole (Modulasetulo).

4.5 Kabinete e tsebile ka ho kgethwabotjha ha Mme Hlonela Lupuwana e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Eiensi ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane bakeng sa nako ya dilemo tse hlano.

4.6 Kabinete e tsebile ka ho kgethwabotjha ha Ngaka Prins Nevhutalu e le Modulasetulo wa Boto Setheong sa Naha sa Meteroloji sa Aforika Borwa.

4.7 Kabinete e ananetse thonyo ya batho ba latelang Khomisheneng ya Tshebeletso ya Lebotho la Tshireletso ka nakwana e kgutshwane, nakong ya dilemo tse sa feteng tse tharo:

a) Mme Magirly Rebecca Mokoape
b) Mme Lindiwe Daphney Zulu
c) Mme Dipuo Mvelase.

Dipotso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Issued by: Government Communications

Share this page

Similar categories to explore