Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 17 Hlakola 2016

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e ananetse Puo ya Maemo a Setjhaba ya Moporesidente Jacob Zuma eo a e entseng ka Labone, 11 Hlakola. Puo ena e tekile motjha wa lewa la ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la tshebetso la mmuso. Moporesidente o ipileditse ho mmuso, basebetsi le borakgwebo ho sebetsa mmoho bakeng sa ho fumana ditharollo bakeng sa kgolo ya moruo ya moshwelella. Kabinete e tshehetsa mekgwa ya ho fokotsa ditjeho e phatlaladitsweng ke Moporesidente, e tla hlaloswa ho ya pele ke Letona la Ditjhelete ka la 24 Hlakola.

Puo ya Ditekanyetso ya 2016/17 e tla boela e fana ka moralo wa ho abuwa ha mehlodi ho mananeo a fapafapaneng a mmuso jwaloka ha Moporesidente a tobokeditse.

1.2. Kabinete e ananetse Indaba ya Merafo e atlehileng, e neng e tshwaretswe Motse Kapa ho tloha ka la 8 ho isa ka la 11 Hlakola. Baemedi ba ka sehloohong ho tswa ho lekala la merafo le mebuso e seng mekae ho tswa Aforika ba ile ba arolelana mehopolo ya bona ya kamoo lekala lena le ka kgannang matsete le ho sebedisa lesoba la menyetla e teng ka hara Aforika. Kabinete e kgahlisitswe ke boitlamo bo entsweng ke mmuso wa Japane ba ho eketsa matsete ka hara Aforika Borwa.

Kabinete e tiiseditse botjha boitlamo ba yona ba lekala la merafo le tsitsitseng le ho atleha. Moralo wa Tumellano bakeng sa Indaseteri ya Merafo ya Moshwelella e tshehetsa indaseteri ya Merafo tikolohong ena ya hajwale e boima. Mmuso  o tswela pele ho fana ka bonnete ba taolo mme o tla netefatsa ho phethelwa ha Bili ya Ntshetsopele ya Taolo ya Mehlodi ya Diminerale le Peterole, e tekilweng ka pela Palamente.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la ho Kembola la ho qetela, le shebaneng le diphephetso tse sitisang bohlwahlwa ba Molao wa Naha wa ho Kembola, 2004 (Molao 7 wa 2004). Leano lena le se le ile la tekelwa setjhaba hore se tshwaele.

Leano lena le sisinya dihlomathiso ho meralo ya dibopeho tsa taolo ya diboto tsa ho kembola le ho matlafatsa mekgwa ya taolo bakeng sa ho fokotsa tshebediso e mpe ya ho kembola. E sebetsa ho dikhasino, bingo, metjhini e lekanyeditsweng tjhelete le ho dipetjho tsa mejaho ya dipere.  Leano le tla kena bakeng sa Boto ya Naha ya ho Kembola le Bolaodi ba Naha ba ho Kembola bo tla tlaleha ka ho otloloha ho Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya Tjhebo botjha ya Dilemo tsa ho Lokelwa ho Tshwarelwa Botlokotsebe ho Palamente, e batlehang ho ya ka Molao wa Toka wa Bana, 2008 (Molao 75 wa 2008). Tlaleho e kgothaletsa hore naha e amohele ditshwanelo tsa matjhaba le tsa lebatowa tse mabapi le dilemo tsa ho lokelwa ho tshwarelwa botlokotsebe ha bana ba tlolang molao.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa koranteng ya mmuso ha Dibaka tsa Ntshetsopele ya Eneji e ka Hlabollwang Botjha (REDZ). Tsena di tla tsamaisa mekgwa ya taolo ka motjha o le mong, ho hlwaya dibaka tsa tlhaho moo dithekenoloji tsa ho sebedisa matla a moya le a letsatsi bakeng sa motlakase di ka qalwang le moo katoloso ya marangrang a ‘tebileng’ a ka lebiswang teng.

DiREDZ di tla netefatsa ho fetohela ho moruo wa khabone e tlase, ho akofisa ntshetsopele ya meralo ya motheo, le ho nyehela ho moralo wa taolo o kopaneng le ho kgonahala o tla fokotsa bolaodi bo tomanyana bo amanang le ditjeho tsa boimatahanyo.

2.4. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphihlello tsa Tlaleho ya Ditshupane tsa 2014 tsa Saense, Thekenoloji le Dintjhafatso tsa Lekgotla la Naha la Boeletsi la Ntjhafatso. Tlaleho e fana ka diketsahalo ho tshebetso ya Tsamaiso ya Naha ya Dintlafatso (NSI). E hlahloba tshebetso le nyehelo ya NSI ho dintlha tsa bohlokwa tse ka sehloohong tse tekilweng ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana tshebediso ya basebeletsi ba mmuso ba behileng meja fatshe le ba ntseng ba sebetsa jwaloka barupelli ho Sekolothupello sa Naha sa Mmuso (NSG).

NSG e ile ya thakgolwa ka 2013, e nka sebaka sa Akhademi ya Boetapele ba Tsamaiso ya Setjhaba le Bolaodi (PALAMA), mme e romilwe ho hodisa temoho e tswetseng pele ya boleng le dipehelo tse laolang tsamaiso ya setjhaba le ho matlafatsa boleng, bophara le kgahlamelo ya ntshetsopele ya mehlodi ya bokgoni ba batho dikahong tsa mmuso.

Boikitlaetso bona bo tla lekwa ka ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo le Tlamang la ho Rutwa Mosebetsi bakeng sa basebeletsi ba mmuso.

Katamelo ena e thusa basebeletsi ba setjhaba ho eketsa boleng ho tshebeletso ya setjhaba. Ba tla fana ka boiphihlelo ba bona, botsebi, maitsebelo le tsebo ya ho tataisa le ho kwetlisa basebeletsi ba setjhaba.  Boikitlaetso bona bo tla ntlafatsa ho ya pele ka tsela e hlwahlwa e fokotsang ditjeho tsa boleng ba ditshebeletso tseo re di nehang setjhaba.

2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Qetelo ya Mokgahlelo 3 ya Aforika Borwa ya Naha ya ho Kenngwa Tshebetsong ya Mokgatlo wa Tshebedisano-mmoho le Ntshetsopele (OECD) (Khonvenshene e Kgahlanong le Tjotjo).

Tlaleho e lokela ho kenngwa ho Sehlopha sa Tshebetso sa OECD sa Tjotjo.

Tlaleho e hlakisa kgatelopele e entsweng ke mmuso boitshunyakong ba ona ba ho thibela tjotjo dinaheng tsa ka ntle ka ho e fokisa, ho e fuputsa le ho e tjhutjhisa. Tlaleho hape e hlakisa boikitlaetso bo nkuweng ho hlahisa temoso ka botlokotsebe bona.

2.7 Kabinete e tjhaelletse monwana hore Lefapha la Merero ya Lehae (DHA) le kenyeletswe ka tlasa Lepheo la Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Polokeho. 

Thomo ya Lefapha la Merero ya Lehae ke ho boloka rejisatara e tshireleditsweng, e nepahetseng ya boitsebiso le maemo a bohle ba ka hara meedi ya naha ya bo rona, e leng sethusi se hlokolosi sa mesebetsi e meng kaofela ya puso.  Hape le romilwe ho laola tsamaiso ya bofalli, bo nang le kgahlamelo e otlolohileng ho tshireletso ya naha, momahano ya kahisano le phihlello ya dipheo tsa ntshetsopele. 

Mehleng DHA e ne e nkuwa jwaloka tshehetso e akaretsang ya ditshebeletso tsa tsamaiso tlasa lepheo la Taolo le Tsamaiso. 

3. Dibili

3.1 Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Tshireletso, Kgothaletso, Ntshetsopele le Bolaodi ba Tsebo ya tsa Lapeng ho Palamente.

Bili ena, e reretswe ho tshireletsa, ho kgothaletsa ntshetsopele le bolaodi ba ditsamaiso tsa Tsebo ya ka Lapeng.
E fana ka ho thehwa le mesebetsi ya kantoro ya ditsamaiso tsa Naha tsa Tsebo ya ka Lapeng, bolaodi ba batshwari ba ditokelo tsa tsebo ya tsa lapeng, ho thehwa le mesebetsi ya moifo wa Boeletsi wa ditsamaiso tsa tsebo ya tsa lapeng.

Hape e dumella phumantsho le dipehelo tsa phumantsho ya tsebo ya tsa lapeng le ho badudi ba lehae, ho thehwa ha tsamaiso ya naha ya direkoto tsa setjhaba tsa ditsamaiso tsa tsebo ya tsa lapeng, boingodiso, ho dumellwa le phano ya ditifikeiti tsa ditsebi tsa ka lapeng, thuso le kgokahanyo ya tsebo ya tsa lapeng e itshetlehileng hodima ntjhafatso. Bili e tla tlatseletsa Sehlomathiso sa Molao wa Thuo ya Thepa, 2013 (Molao 28 wa 2013).

Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Dingodiso tsa Mangolo a Matlo ya 2015 bakeng sa ho tshwaela ha setjhaba. Bili e hlomathisa Molao wa Dingodiso tsa Mangolo a Matlo, 1937 (Molao 47 wa 1937). 

Bili e rerile ho hlomathisa Molao wa Dingodiso tsa Mangolo a Matlo, 1937 (Molao 47 wa 1937) bakeng sa ho falla ho tloha ho mekgwa ya pampiri ho ya ho ya elektroniki kantorong ya mangolo a matlo.  E shebana le dintlha tsa polokeho ka ho fana ka boingodiso ba boramolao ba matlo jwaloka basebedisi ba tsamaiso ya elektroniki ya boingodiso ba mangolo a matlo.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Tshireletso ya Dimela (Bophelo bo botle ba dimela) ya 2015 ho Palamente. Bili e matahanya molao wa Aforika Borwa le ditshwanelo le maemo a amehang ho thusa ka kgwebisano ya matjhaba e bolokehileng le e hlokang leeme ho tshireletsa kgwebo ya naha ya ka lapeng le ya matjhaba ya dimela le dihlahiswa tsa dimela.

Hang ha bili e se e pasitse, Aforika Borwa e tla kgona ho thibela ho kena ha dikokonyana le mafu a ka ntle a thibetsweng a ka hasanyang dikokonyana le mafu a kotsi ka hara naha. 

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Molao wa Makgotla a Dinyewe wa 2015 ho Palamente.

Bili e hlomathisa Molao wa Makgotla a Bomaseterata, 1944 (Molao 32 wa 1944) le Sehlomathiso sa Molao wa Makgotla a Maholo, 2013 (Molao 10 wa 2013).

Dihlomathiso di rerile ho fedisa bothata ba boradikoloto ba iphumanang ba le lehlakoreng la tshebediso e mpe tsamaisong ya ho bokella mekitlane makgotleng a bomaseterata le ho amohela porojeke ya Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri ho tlosa tlhahisoleseding e tlontlollang ya mekitlane ya bareki.  Bili e rerile ho hlomathisa dikarolo tsa Molao wa Makgotla a Bomaseterata, 1994 (Molao 32 wa 1994) (MCA), ho shebana le tshebediso e mpe ho Taelo ya Kgapo ya Thepa (EAO). 

Bili e rerile ho shebana le, le ho fedisa dikahlolo tse fanwang ka tsela e seng molaong, haholo ke ditlelereke tsa makgotla a dinyewe ntle le ho laelwa ke lekgotla, boholo ba nako ka lebaka la ho hloka boiphihlelo kapa ho sebetsa mmoho le ba kolotwang, babuelli ba bona kapa babokelli ba mekitlane.  Bili e tla netefatsa hore boradikoloto ba fuwa kahlolo e imatahanyang le taelo ya setolomente kapa Taelo ya Kgapo ya Thepa e ka hara sekepele se molaong sa setolomente. 

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Mafelo a beke a boingodiso ba pele ba bakgethi bakeng sa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa 2016 bo tla etsahala ho tloha ka la 5 ho isa ka la 6 Tlhakubele 2016. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho nka monyetla wa, le ho hlompha demokerasi ena e lwanetsweng ka thata ka ho tswa ho ya sebedisa tokelo ya bona ya demokerasi ya ho ingodisa le ho vouta dikgethong tse tlang.

4.2. Moporesidente Zuma o tla nka Leeto la Mmuso ho etela Rephaboliki ya MaIsilamo ya Iran ho tloha ka la 28 ho isa ka la 29 Hlakola 2016.

Leeto le tla matlafatsa dipuisano tsa rona tse ntseng di tswela pele tsa sepolotiki le moruo le Iran le ho matlafatsa dikamano tsa rona tsa Dinaha tse Borwa ba Ekhweita.

Jwaloka Molaodi-ya- ka-Sehloohong wa Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa (SANDF), Moporesidente Zuma e tla ba motshwara-marapo wa mekete ya karolo ya bohlano ya Letsatsi la Sesole Port Elizabeth, ho la Kapa Botjhabela, ka la 21 Hlakola 2016. Mokete ona wa selemo ka seng o bontsha tshehetso le teboho ho banna le basadi ba SANDF.

4.3. Moporesidente Zuma o tla tshetleha puo pulong ya Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso Palamenteng, Motse Kapa ka la 26 Hlakola 2016. Dikamano pakeng tsa mmuso le baetapele ba setso di hlokolosi kaha di sebetsa ho lebiseng ntlafatsong ya bophelo ba batho.

4.4. Ka Moqebelo, 20 Hlakola 2016, Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya Matona ho Dipontsho tsa Boporesidente tsa Ntshetsopele ya Batjha Kerekeng ya Grace Bible Pimville, ho la Soweto. Dipontsho di tshehetswa ke mafapha a Merero ya Lehae, Mesebetsi, Ntshetsopele ya Setjhaba le la Tshireletso.

Kabinete e ipiletsa ho batho ba batjha sebakeng sena ho kenela dipontsho tsena, tse tla fana ka tlhahisoleseding ya kamoo ba ka tswellisang dithuto tsa bona, ba ka iqallang dikgwebo kapa kamoo ba ka kgolang molemo boikitlaetsong ba tshehetso ya mmuso.

4.5. Kabinete tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Seminara ya Lebatowa la Aforika ya Tshireletso ya Batho e itshetlehileng ho Tshekamelo ya tsa Motabo, Boitsebiso ba Bong le ho Ipolela, ke Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Aforika Borwa, ho tloha ka la 3 ho isa la 5 March 2016.

Seminara e kgothaletsa dipuisano ho theha kutlwisiso e batlang e ba matla ya motso wa disosa le ho itjala ha diphephetso tsa hore ho tle ho fumanwe ditharollo tse kgonehang le mekgwa e meng e teng ho Puso ya ho sebetsana le ditlolo tsena tsa molao.

4.6. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle ba ngolang dihlahlobo tsa Tlatsetso tsa Materiki tse molemo ka ho fetisisa.  Baithuti ba kgothaletswa ho iphumanela Lenaneo la monyetla wa bobedi le sa tswa thakgolwa la tshehetso le fumanehang diporofenseng kaofela le ho thusa baithuti ka dithuto tsa bona ka mehlodi e fapafapaneng. 

Sepheo sa Lenaneo la Monyetla wa Bobedi ke ho fa batho ba batjha ba sa filellang ditlhoko tsa Lengolo la Naha la Materiki (NSC) monyetla wa bobedi wa ho fumana lengolo la materiki mme kahoo ba ntlafatsa boleng ba bophelo.

Dihlahlobo tsa Tlatsetso di etsa karolo ya Lenaneo la Tshehetso la Monyetla wa Bobedi la lefapha le ho thusa baithuti ba sa fihlellang matshwao a hlokahalang a ho pasa le ho thola setifikeiti, empa ba hloka palo ya dithuto tse pedi ho fumana lengolo la NSC monyetla wa ho etsa seo.

Kabinete e ananela phatlalatso ya Moporesidente ya mabitso a ditho tsa Khomishene ya Dipatlisiso ya Thuto e Phahameng. E ipiletsa ho bankakarolo bohle ba nang le kgahleho ho Thuto e Phahameng ho nyehela mosebetsing wa khomishene bakeng sa ho fumana ditharollo tsa moshwelella ho diphephetso tse tobileng Thuto e Phahameng.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Letona la Mehlodi ya Diminerale Mosebenzi Zwane, Letona Kantorong ya Moporesidente Susan Shabangu le Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba Bathabile Dlamini – ba thontsweng ke Moporesidente Zuma ho fana ka tshehetso ho mebuso ya diporofense, beng ba morafo le malapa a amehang ho latela koduwa ya Morafong wa Gauta wa Lily ho la Barberton – ba tsebisitse Kabinete ka diketsahalo tsa moraorao tjena. Kabinete e imatahantse le Moporesidente kgoeletsong ya setjhaba ya ho dula se behile basebeletsi ba bararo ba morafo ba ntseng ba tshwasehile mokoting le ba malapa a bona menahanong le dithapelong.

5.2. Kabinete e ntse e ngongorehile ka komello e ntseng e ama dikarolo tse ding tsa naha. E hlahisitse teboho ya yona ho maAforika Borwa kaofela, a tshehetsang mekutu ya pebofatso ya maemo a komello.

Kabinete e fetisetsa kananelo ya yona ho ba mametseng kgoeletso ya ho tlaleha ho dutla hofe kapa hofe bakeng sa tshehetso ya Letsholo la Ntwa Kgahlanong le ho Dutla le eteletsweng pele ke Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere Nomvula Mokonyane. Kabinete e kgahliswa ke moya wa Ubuntu o bontshitsweng ke boikitlaetso bo eteletsweng pele ke Operation Hydrate bo entseng phapang ho badudi ba mathateng.

5.3. Kabinete e kene dingangisanong le ho sekaseka kgahlamelo ka botlalo ya ho qala ha Sehlomathiso sa Molao wa Melao ya Lekgetho, 2014. Ho ya ka Molao oo, tefo ya kgwedi ka nngwe e tla etswa ho tswa ho letlole la basebetsi ho basebetsi ba behang meja fatshe ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2016. Seo se bolela hore hore ho tloha mohlang oo ditjhelete tsa letlole la basebetsi le letlole la pentjhene di tla sebetswa ka ho tshwana moo ditho tsa letlole la basebetsi di tla dumellwang ho nka nngwe-borarong ya ditjhelete tsa bona tsa letlole e le tjhelete e sekolokoto mme pedi-tharong e setseng e tla lefuwa e le tjhelete ya kgwedi ka nngwe. Pehelo yona ena e sebetsa ho ditho tsa letlole la pentjhene ya mmuso hajwale.

Diphethoho molaong ona di ama batho ba kgolang haholo le batho ba bang kaofela ba welang ho letlole la basebetsi.

Mekgatlo e mengata le batho ka bonngwe ba hlahisitse ngongoreho ya bona ka ho kenngwa tshebetsong ha diphethoho tse ntjha mme ba hlahisitse ditletlebo tsa bona ka ho kenngwa tshebetsong ha sena. Ho bonahala e ka ntle le dipuisano tse batsi tseo ho ileng ha kenwa ho tsona pele molao ona o fetiswa ho ntse ho na le dingongoreho mme dingongoreho tseo di lokelwa ho sekasekwa ka potlako ho netefatsa hore ha molao o qala ho sebetsa diphetho ho ditjhelete tsa letlole la basebetsi di tla kenngwa tshebetsong ha bobebe le ka bokgabane.

Ka lebaka leo, Kabinete e entse qeto ya ho teka ka molao phethoho ho Sehlomathiso sa Molao wa Melao ya Lekgetho jwaloka taba e potlakileng ho diehisa letsatsi la qalo ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2016 ho ya ka la 1 Tlhakubele 2018 ho fana ka sebaka bakeng sa ditherisano le bankakarolo kaofela. Ditherisano tseo di ka nna tsa baka hore ho be le diphethoho tse ding melaong. Bili ya Sehlomathiso e tla tekwa Palamenteng nakong ya matsatsi a mmalwa a tlang.

6. Matshediso

6.1. Kabinete e fetisa matshediso a yona ka ho hlokahala haufinyana tjena ha Motlotsuwa Bishopo Glayton Modise wa Kereke ya International Pentecostal Holiness. Bishopo Modise o eteletse pele phutheho ena e nang le ditho tse fetang dimilione tse tharo ho phatlalla le Aforika e borwa, ho latela lefu la ntatae le mothehi wa kereke, Motlotsuwa Moemedi Frederick Modise ka 1996.

6.2. Kabinete hape e fetisa kutlwelo bohloko ya yona e tebileng ka ho hlokahala haufinyana tjena ha Mongodi-Kakaretso wa mehleng wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) Morena Boutros Boutros-Ghali. O ile a nka marapo ka 1992 nakong eo kgahlamelo ya UN e neng e le matla bakeng sa karolo ya yona ho Ntwa ya Koung ya Persia, o sebeditse nako ya dilemo tse hlano. O hlokahaletse sepetleleng sa Cairo ka Labobedi a le dilemo tse 93. O tla hopolwa ka nyehelo ya hae ho tsa kgotso le demokerasi.

7. Ditakaletso tsa mahlohonolo

7.1. Kabinete e thoholetsa Monghadi Kevin Govender ho tswa Kantorong ya Thuto ya Dinaledi bakeng sa Ntshetsopele le Kopano ya Matjhaba ya Thuto ya Dinaledi e Motse Kapa ya tla abelwa ka kopanelo kgau ya maemo a hodimo ya Medale wa Edinburgh wa 2016 bakeng sa ho theha Kantoro ya Thuto ya Dinaledi bakeng sa Ntshetsopele ho la Motse Kapa. Govender ke moAforika Borwa wa pele wa ho amohela kgau ena ya maemo a hodimo bakeng sa diphihlello tsa saense le thekenoloji tse nyehelang kutlwisisong le ho pheleng hantle ha batho.

Kabinete e thoholetsa setantshi se dilemo di 16 sa ballet Leroy Mokgatle ya hapileng kgau ya Audience Favourite le moputso wa ho ithuta ho Tlhodisano ya Matjhaba ya Ballet ya Prix de Lausanne ho la Switzerland. Ke moAforika Borwa wa pele wa ho hapa moputso wa ho ithuta dilemong tse 28 mme ke wa bobedi nalaneng ya naha ena.

Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma bakeng sa ho thoholetsa bahlodi ba Dikgau tsa Bobedi tsa Selemo ka seng tsa Ubuntu. Dikgau tsena di ananela baetapele ba diindaseteri ba Aforika Borwa le batho ba hlahelletseng ka mahetla bakeng sa nyehelo ya bona bakeng sa ho hodisa dikgahlehelo tsa rona tsa naha le melemo ho phatlalla le lefatshe.

Kabinete e thoholetsa seletsi sa fulute Wouter Kellerman, sehlopha sa mmino wa setso sa Ladysmith Black Mambazo le sebini sa mmino wa bodumedi Neville D bakeng sa ho kgethwa bakeng sa dikgau tsa 2016 tsa Grammy. Dikgalala tsena ke kgothatso mme di fofisetsa folakga ya Aforika Borwa hodimo.

8. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

8.1. Boto ya Metsi ya Lepelle Leboya:
a) Motlotlehi Thovhele Tshivhase (Modulasetulo);
b) Monghadi Matsebe Ivor Phasha (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Mofumahadi Thandeka Thembekile Celiwe Hlongwa (setho);
d) Monghadi Boxing Phillemon Sebola (setho);
e) Monghadi Ntale Herold Matsepe (setho);
f) Mofumahadi Mankone Mabataung Ntsaba (setho);
g) Mofumahadi L Malamba (setho);
h) Mofumahadi Josephine Mampheri Letsoalo (setho); le
i) Mofumahadi Makgetsi Annabelle Mphahlele (setho).

8.2. Moatefokate JB Skosana o thontswe ho ba Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Ditshebeletso tsa Makgotla a Dinyewe ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo (DoJ&CD).

8.3. Mofumahadi GB La Foy o thontswe ho ba DDG: Ntshetsopele ya Molaotheo ho DoJ&CD.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
(Sebueledi sa Kabinete se tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore